Khaolo ea Leshome le Metso e Mene
Jehova o Phahamisa Mohlanka oa Hae Mesia
1, 2. (a) Hlalosa boemo boo Bajuda ba bangata ba neng ba tobane le bona mathoasong a lekholo la pele la lilemo C.E. (b) Jehova o ne a entse tokisetso efe ho thusa Bajuda ba tšepahalang hore ba tsebe Mesia?
AK’U nahane u il’o kopana le mohlomphehi e mong oa bohlokoa. Ho behiloe nako le sebaka seo le tla ho kopana ho sona. Empa bothata ke ho re: Ha u tsebe hore na o shebahala joang, ’me o tla be a e-tla ka mokhoa o khutsitseng, ho sa etsoe mponeng. U tla mo tseba joang? U ne u tla thusoa ke haeba u mo hlaloselitsoe ka tsela e qaqileng.
2 Mathoasong a lekholo la pele la lilemo C.E., Bajuda ba bangata ba ne ba tobane le boemo bo kang bona. Ba ne ba lebeletse Mesia—motho oa bohlokoa ka ho fetisisa ea neng a tla ke a phele. (Daniele 9:24-27; Luka 3:15) Empa Bajuda ba tšepahalang ba ne ba tla mo tseba joang? A sebelisa baprofeta ba hae ba Baheberu, Jehova o ne a fane ka tlhaloso e qaqileng e ngotsoeng ea liketsahalo tse amang Mesia tse neng li tla thusa ba nang le temoho hore ba khone ho mo khetholla ba sa fanye.
3. Ho fanoe ka tlhaloso efe ea Mesia ho Esaia 52:13–53:12?
3 Har’a boprofeta ba Seheberu bo mabapi le Mesia, mohlomong ha ho bo fanang ka tlhaloso e qaqileng haholoanyane ho feta bo tlalehiloeng ho Esaia 52:13–53:12. Lilemo tse fetang 700 esale pele, Esaia ha aa ka a hlalosa chebahalo ea Mesia, empa o ile a hlalosa lintlha tsa bohlokoa le ho feta—morero oa hore a utloe bohloko le kamoo a neng a tla utloa bohloko kateng le lintlha tse tobileng mabapi le lefu la hae, ho patoa ha hae le ho phahamisoa ha hae. Ho hlahloba boprofeta bona le phethahatso ea bona ho tla re thabisa le ho matlafatsa tumelo ea rōna.
“Mohlanka oa ka”—Ke Mang?
4. Litsebi tse ling tsa Bajuda li ’nile tsa hlahisa maikutlo afe ka hore na “mohlanka” ke mang, empa ke hobane’ng ha a sa lumellane le boprofeta ba Esaia?
4 Esaia o sa tsoa bua ka ho lokolloa ha Bajuda botlamuoeng Babylona. Joale, ha a talima pele ketsahalong e khōlō le ho feta, o tlaleha mantsoe a Jehova: “Bonang! Mohlanka oa ka o tla etsa ka temohisiso. O tla ba boemong bo phahameng ’me ka sebele o tla phahamisoa ’me a hōlisoe haholo.” (Esaia 52:13) Ha e le hantle “mohlanka” enoa ke mang? Ka lilemo tse makholo, litsebi tsa Bajuda li ’nile tsa hlahisa maikutlo a sa tšoaneng. Tse ling li ’nile tsa bolela hore o ne a emela sechaba sohle sa Iseraele nakong ea ha se le botlamuoeng Babylona. Empa tlhaloso e joalo ha e lumellane le boprofeta. Ka boithatelo Mohlanka oa Molimo o utloa bohloko. Le hoja a se na molato, o utloa bohloko ka lebaka la libe tsa ba bang. Ho hang sena hase tlhaloso ea sechaba sa Bajuda, se ileng sa isoa botlamuoeng ka lebaka la litsela tsa sona tsa boetsalibe. (2 Marena 21:11-15; Jeremia 25:8-11) Tse ling li ’nile tsa bolela hore Mohlanka o emela bo-matoetoe ba Iseraele ba iponang ba lokile le hore ba ile ba utloa bohloko molemong oa Baiseraele ba baetsalibe. Leha ho le joalo, linakong tsa tlokotsi tsa Iseraele, ha ho sehlopha se itseng se ileng sa utloa bohloko molemong oa se seng.
5. (a) Litsebi tse ling tsa Bajuda li ’nile tsa hlalosa hore boprofeta ba Esaia bo sebetsa joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Mohlanka o khetholloa ka ho hlaka joang bukeng ea Bibele ea Liketso?
5 Pele ho qaleha mehla ea Bokreste, ’me ka tekanyo e itseng, le makholong a qalang a lilemo a Mehla e Tloaelehileng, litsebi tse seng kae tsa Bajuda li ile tsa sebelisa boprofeta bona ho Mesia. Hore ena ke eona tšebeliso e nepahetseng ho bontšoa ke Mangolo a Segerike a Bakreste. Buka ea Liketso e tlaleha hore ha leqhalaha la Ethiopia le re ha le tsebe hore na Mohlanka ea boprofeteng ba Esaia ke mang, Filipi o ile a le “bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu.” (Liketso 8:26-40; Esaia 53:7, 8) Libuka tse ling tsa Bibele le tsona li khetholla Jesu Kreste e le eena Mohlanka eo e leng Mesia ea boprofeteng ba Esaia.a Ha re ntse re tšohla boprofeta bona, re tla bona ho tšoana ho ke keng ha latoloa pakeng tsa eo Jehova a mo bitsang “mohlanka oa ka” le Jesu oa Nazaretha.
6. Boprofeta ba Esaia bo bontša joang hore Mesia o tla phetha thato ea Molimo ka katleho?
6 Boprofeta bona bo qala ka ho hlalosa katleho e feletseng ea Mesia ha a phetha thato ea Molimo. Lentsoe “mohlanka” le bontša hore o tla ikokobelletsa thato ea Molimo, joalokaha mohlanka a ikokobelletsa thato ea mong’a hae. Ka ho etsa joalo, “o tla etsa ka temohisiso.” Temohisiso ke bokhoni ba ho lemoha boemo. Ho etsa ka temohisiso ke ho etsa lintho ka masene. Mabapi le leetsi la Seheberu le sebelisitsoeng mona, buka e ’ngoe ea boitsebiso e re: “Khubung ea lona ho na le khopolo ea ho sebetsa ka masene le ka bohlale. Ea sebetsang ka bohlale o tla atleha.” Hore Mesia o tla fela a atlehe ho bontšoa ke ha boprofeta bo re o tla “phahamisoa ’me a hōlisoe haholo.”
7. Jesu Kreste o ile a “etsa ka temohisiso” joang, hona o ile a ‘phahamisoa ’me a hōlisoa haholo’ joang?
7 Jesu o ile a fela a “etsa ka temohisiso,” a bontša hore o utloisisa boprofeta ba Bibele bo neng bo sebetsa ho eena le hore o tataisoa ke bona bakeng sa ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Johanne 17:4; 19:30) Ka phello efe? Ka mor’a ho tsoha ha Jesu bafung le ho nyolohela leholimong, ‘Molimo o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.’ (Bafilipi 2:9; Liketso 2:34-36) Joale, ka 1914 Jesu ea tlotlisitsoeng o ile a phahamisetsoa boemong bo phahameng le ho feta. Jehova o ile a mo phahamisetsa teroneng ea ’Muso oa Bomesia. (Tšenolo 12:1-5) E, o ile a ‘phahamisoa ’me a hōlisoa haholo.’
‘Ho mo Sheba ka ho Makala’
8, 9. Ha Jesu ea phahamisitsoeng a tla ho tla liha kahlolo, babusi ba lefatše ba tla itšoara joang, hona hobane’ng?
8 Lichaba le babusi ba tsona li tla itšoara joang mabapi le Mesia ea phahamisitsoeng? Haeba ka motsotsoana re tlōla mantsoe a tlhaloso a tlatsetsang a karolong ea bobeli ea temana ea 14, boprofeta boo bo baleha tjena: “Ho isa tekanyong eo ka eona ba bangata ba mo shebileng ka ho makala . . . ka ho tšoanang o tla tšosa lichaba tse ngata. Marena a tla koala melomo ka lebaka la hae, kahobane a tla bona seo a sa se pheteloang, ’me a tla nahana ka seo a sa kang a se utloa.” (Esaia 52:14a, 15) Ka mantsoe ana Esaia ha a hlalose ho bonahala ha Mesia qalong, empa o hlalosa ntoa ea hae ea ho qetela le babusi ba lefatše.
9 Ha Jesu ea phahamisitsoeng a tla ho tla liha kahlolo tsamaisong ena ea lintho e sa tšabeng Molimo, babusi ba lefatše ba tla ‘mo sheba ka ho makala.’ Ke ’nete hore babusi ba batho ha ba na ho bona Jesu ea tlotlisitsoeng ka mahlo a sebele. Empa ba tla bona bopaki bo totobetseng ba matla a hae e le Mohlabani oa Jehova oa leholimo. (Matheu 24:30) Ba tla qobelloa ho lebisa tlhokomelo ea bona ho seo ba e-s’o utloe se phetoa ke baeta-pele ba bolumeli—hore Jesu ke Mophethahatsi oa likahlolo tsa Molimo! Mohlanka ea phahamisitsoeng eo ba tla loana le eena o tla nka khato ka tsela eo ba sa e lebellang.
10, 11. Ke joang ho ka thoeng Jesu o ile a senngoa sebōpeho lekholong la pele la lilemo, hona see se ’nile sa etsoa joang mehleng ea kajeno?
10 Ho latela mantsoe a tlhaloso a tlatsetsang temaneng ea 14, Esaia o re: “Ho senyeha ha sebōpeho sa hae ho bile hoholo joalo mabapi le ponahalo ea hae ho feta ha motho leha e le ofe e mong le mabapi le sebōpeho sa hae se nang le seriti ho feta sa bara ba moloko oa batho.” (Esaia 52:14b) Na Jesu o ne a senyehile sebōpeho sa ’mele ka tsela e itseng? Che. Le hoja Bibele e sa qaqise hore na Jesu o ne a shebahala joang, ha ho pelaelo hore Mora oa Molimo ea phethahetseng o ne a e-na le ponahalo le sebōpeho se khahlehang. Kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a Esaia a bolela ho tlotlolloa hoo Jesu a ileng a ho mamella. Ka sebete o ile a pepesa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae e le baikaketsi, ba leshano le babolai; ’me bona ba ile ba arabela ka ho mo hlapaola. (1 Petrose 2:22, 23) Ba ile ba mo qosa ka hore ke motlōli oa molao, monyefoli, mothetsi le ea hlohlelletsang bofetoheli khahlanong le Roma. Ka tsela ena, baqosi bana ba bohata ba ile ba senya sebōpeho sa Jesu ka ho feletseng.
11 Le kajeno Jesu o ntse a hlalosoa hampe. Batho ba bangata ba nka Jesu e le lesea le ka sejelong kapa e le motho ea bohlokong ea khokhothetsoeng sefapanong, ea tlenneng sefahlehong ka lebaka la bohloko ba moqhaka oa meutloa. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba khothalletsa maikutlo a joalo. Ba hlōlehile ho hlahisa Jesu e le Morena ea matla oa leholimo eo lichaba li tlang ho ikarabella ho eena. Ha babusi ba batho ba tobana le Jesu ea phahamisitsoeng nakong e tlang e haufinyane, ba tla tlameha ho tobana le Mesia ea nang le “matla ’ohle leholimong le lefatšeng”!—Matheu 28:18.
Ke Mang ea Tla Beha Tumelo Litabeng Tsee Tse Molemo?
12. Mantsoe a ho Esaia 53:1 a hlahisa lipotso life tse thahasellisang?
12 Ka mor’a ho hlalosa ho fetoha ho hlollang ha ponahalo ea Mesia—ho tloha ho ea ‘senyehileng sebōpeho’ ho isa ho ea ‘hōlisitsoeng haholo’—Esaia oa botsa: “Ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng? Ha e le letsoho la Jehova, le senoletsoe mang?” (Esaia 53:1) Mantsoe ana a Esaia a hlahisa lipotso tse thahasellisang: Na boprofeta boo bo tla phethahala? Na “letsoho la Jehova,” le emelang bokhoni ba hae ba ho sebelisa matla, le tla itšenola ’me le phethahatse mantsoe aa?
13. Pauluse o ile a bontša joang hore boprofeta ba Esaia bo phethahetse ho Jesu, hona ho bile le karabelo efe?
13 Ha ho pelaelo hore karabo ke e! Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o qotsa mantsoe a Esaia ho bontša hore boprofeta boo Esaia a bo utloileng le ho bo tlaleha bo phethahetse ho Jesu. Ho tlotlisoa ha Jesu ka mor’a hore a utloe bohloko lefatšeng e ile ea e-ba litaba tse molemo. Ha a bua ka Bajuda ba sa lumelang, Pauluse o re: “Leha ho le joalo, hase bona bohle ba ileng ba mamela litaba tse molemo. Etsoe Esaia o re: ‘Jehova, ke mang ea behileng tumelo nthong e utloiloeng ho rōna?’ Kahoo tumelo e latela ntho e utloiloeng. Ntho e utloiloeng le eona e teng ka lentsoe le mabapi le Kreste.” (Baroma 10:16, 17) Leha ho le joalo, ka masoabi ke ba seng bakae feela mehleng ea Pauluse ba ileng ba beha tumelo litabeng tse molemo tse mabapi le Mohlanka oa Molimo. Hobane’ng?
14, 15. Mesia o lokela ho hlahella lefatšeng tlas’a maemo afe?
14 Boprofeta bo tsoela pele ho hlalosetsa Baiseraele mabaka ao ka ’ona ho botsoang lipotso tse tlalehiloeng temaneng ea 1, ’me ka tsela eo, bo fana ka leseli tabeng ea hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba ke ke ba amohela Mesia: “O tla hlaha joaloka lekala ka pel’a [moshebelli], le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane; ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.” (Esaia 53:2) Mona re bona boemo boo Mesia a tla hlahela ho bona lefatšeng. O lokela ho hlaha e le oa boemo bo tlaase, ’me ho bashebelli o tla bonahala e le eo mohlomong a sa reng letho. Ho feta moo, o lokela ho ba joaloka lekala le pala, lehlōmela le tetemang, le hlahang kutung kapa lekaleng le leholo la sefate. Hape o lokela ho tšoana le motso o hlokang metsi a mangata o metseng mobung o omeletseng, o sa tšepiseng. ’Me ha aa lokela ho tla ka mokhoa oa borena oa mponeng le ka khanya—ea liaparo tsa borena kapa meqhaka e benyang. Ho e-na le hoo, o lokela ho hlaha e le ea ikokobelitseng le ea inyenyefatsang.
15 Seo se hlalosa hantle hakaakang qaleho e tletseng boikokobetso ea bophelo ba Jesu e le motho! Moroetsana oa Mojuda, Maria, o ile a mo belehela setaleng motsaneng o bitsoang Bethlehema.b (Luka 2:7; Johanne 7:42) Maria le monna oa hae, Josefa, ba ne ba futsanehile. Matsatsi a ka bang 40 ka mor’a tsoalo ea Jesu, ba ile ba tlisa nyehelo ea sebe eo mafutsana a lumeletsoeng ho e tlisa, e leng “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” (Luka 2:24; Levitike 12:6-8) Hamorao, Maria le Josefa ba ile ba lula Nazaretha, moo Jesu a ileng a hōlela teng lelapeng le leholo, mohlomong la maemo a itekanetseng.—Matheu 13:55, 56.
16. Ke ’nete joang hore Jesu o ne a se na “sebōpeho se nang le seriti” kapa “bokhabane”?
16 Ho ne ho bonahala eka Jesu ha aa ka a ba le motheo o loketseng e le motho oa nama. (Johanne 1:46; 7:41, 52) Le hoja e ne e le motho ea phethahetseng ebile e le setloholo sa Morena Davida, maemo a hae a tlaase a ne a sa mo fe “sebōpeho se nang le seriti” kapa “bokhabane”—bonyane mahlong a ba neng ba lebeletse hore Mesia o tla tsoa lelapeng le tsebahalang haholoanyane. Ba hlohlelelitsoe ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, ba bangata ba ile ba mo hlokomoloha le ho mo khesa. Qetellong matšoele a ile a bona ho se letho le ratehang ho Mora ea phethahetseng oa Molimo.—Matheu 27:11-26.
‘Oa Nyelisoa ’me o Qojoa ke Batho’
17. (a) Esaia o qala ho hlalosa eng, hona ke hobane’ng ha a ngola seo e le se etsahetseng khale? (b) Ke bo-mang ba ileng ba ‘nyelisa’ le ho ‘qoba’ Jesu, hona ba ile ba ho etsa joang?
17 Joale Esaia o qala ho hlalosa ka ho qaqileng kamoo Mesia a tla talingoa le ho tšoaroa kateng: “O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho, motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse. E ne eka re pateloa sefahleho sa hae. O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.” (Esaia 53:3) A kholisehile hore mantsoe a hae a tla phethahala, Esaia o a ngola e le se etsahetseng khale, joalokaha eka a se a ntse a phethahetse. Na Jesu Kreste o hlile a nyelisoa le ho qojoa ke batho? Ka sebele, ho ile ha e-ba joalo! Baeta-pele ba bolumeli ba itokafatsang le balateli ba bona ba ne ba mo talima e le motho ea khesehang ka ho fetisisa. Ba ile ba mo bitsa motsoalle oa babokelli ba lekhetho le liotsoa. (Luka 7:34, 37-39) Ba ile ba mo tšoela ka mathe mahlong. Ba mo otla ka lifeise le ho mo hlapaola. Ba mo soma le ho mo phoqa. (Matheu 26:67) Ba susumelitsoe ke lira tsena tsa ’nete, “batho ba habo [Jesu] ha baa ka ba mo amohela.”—Johanne 1:10, 11.
18. Kaha ha ho mohla Jesu a kileng a kula, ke joang e neng e le “motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse”?
18 E le motho ea phethahetseng, Jesu ha aa ka a kula. Leha ho le joalo, e ne e le “motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse.” Bohloko le boloetse boo e ne e se ba hae. Jesu o ne a tsoa leholimong a tlile lefatšeng le kulang. O ne a phela har’a mahlomola le bohloko, empa o ne a sa qobe ba kulang, ebang ba kula nameng kapa moeeng. Joaloka ngaka e tsotellang, o ile a tloaelana haholo le mahlomola a ba mo pota-potileng. Ho feta moo, o ne a khona ho etsa seo ho seng ngaka ea motho feela tjee e ka se etsang.—Luka 5:27-32.
19. Ke mang eo sefahleho sa hae se neng se ‘patiloe,’ hona lira tsa Jesu li ile tsa bontša joang hore li “mo nka e se oa bohlokoa”?
19 Leha ho le joalo, lira tsa Jesu li ile tsa mo nka e le ea kulang ’me tsa hana ho mo amohela. Sefahleho sa hae se ne se ‘patiloe’ e le hore se se ke sa bonoa, empa eseng hobane a ne a patetse ba bang sefahleho sa hae. Ha e fetolela Esaia 53:3, Bibele—Phetolelo e Ncha e sebelisa poleloana e reng “eo batho ba tšabang le ho mo talima.” Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo nka a nyatseha hoo, ha e le hantle, ba neng ba tšaba ho mo talima joalokaha eka ke ea nyonyehang hoo a ke keng a shejoa. Ba ile ba lekanya hore theko ea hae e lekana le ea lekhoba le pala. (Exoda 21:32; Matheu 26:14-16) Ba ile ba mo khella fatše ho feta ’molai Barabase. (Luka 23:18-25) Ke’ng hape eo ba neng ba ka e etsa ho bontša maikutlo a bona a ho eisa Jesu?
20. Mantsoe a Esaia a fana ka matšeliso afe ho batho ba Jehova kajeno?
20 Bahlanka ba Jehova kajeno ba ka fumana matšeliso a maholo mantsoeng a Esaia. Ka linako tse ling, bahanyetsi ba ka ’na ba khesa barapeli ba tšepahalang ba Jehova kapa ba ba tšoara joalokaha eka hase ba bohlokoa. Leha ho le joalo, joalokaha ho bile joalo ka Jesu, ntho eo e hlileng e leng ea bohlokoa ke hore na Jehova Molimo o re talima joang. Etsoe, le hoja batho ba ne ba ‘nka Jesu e se oa bohlokoa,’ ka sebele sena ha sea ka sa fetola ’nete ea hore ke oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo!
“A Hlajoa ka Lebaka la Litlōlo Tsa Rōna”
21, 22. (a) Mesia o ile a jarela ba bang eng? (b) Ba bangata ba ne ba nka Mesia joang, hona mahlomola a hae a ile a fihla sehlohlolong sefe?
21 Ke hobane’ng ha Mesia a ne a lokela ho utloa bohloko le ho shoa? Esaia oa hlalosa: “Kannete o ile a jara maloetse a rōna; ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara. Empa ra lekanya hore oa otloa, o hlokofatsoa ke Molimo ’me oa hlorisoa. Empa o ne a hlajoa ka lebaka la litlōlo tsa rōna; o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna. Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim’a hae, ’me re fumane pholiso ka lebaka la maqeba a hae. Re lelerile kaofela joaloka linku; e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.”—Esaia 53:4-6.
22 Mesia o ile a jara maloetse a ba bang le ho jara mahloko a bona. Ka puo ea tšoantšetso, o ile a nka meroalo ea bona, a e beha mahetleng a hae, ’me a e jara. ’Me kaha boloetse le bohloko ke liphello tsa boemo ba moloko oa batho ba boetsalibe, Mesia o ile a jara libe tsa ba bang. Ba bangata ba ne ba sa utloisise lebaka la hore a utloe bohloko ’me ba ne ba lumela hore Molimo oa mo otla, o mo otla ka boloetse bo nyonyehang.c Mahlomola a Mesia a ile a fihla sehlohlolong ka hore a hlajoe, a hatelloe le ho ntšoa maqeba—mantsoe a matla a hlalosang lefu le mabifi le le bohloko. Empa lefu la hae le na le matla a ho koahela libe; le fana ka motheo oa ho khutlisa ba lelerang phosong le sebeng le ho ba thusa ho fumana khotso le Molimo.
23. Jesu o ile a jara mahlomola a ba bang joang?
23 Jesu o ile a jara mahlomola a ba bang joang? Kosepele ea Matheu, ha e qotsa Esaia 53:4, e re: “Batho ba mo tlisetsa batho ba bangata ba nang le bademona; a leleka meea ka lentsoe, ’me a phekola bohle ba neng ba ea hampe; e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Esaia, ha a re: ‘O ile a nka maloetse a rōna ’me a jara mafu a rōna.’” (Matheu 8:16, 17) Ka ho folisa ba tlang ho eena ba e-na le maloetse a sa tšoaneng, ha e le hantle Jesu o ile a jara mahlomola a bona. ’Me lipholiso tse joalo li ne li nka matla a mang a hae. (Luka 8:43-48) Bokhoni ba hae ba ho folisa ho kula ha mefuta eohle—nameng le moeeng—e bile bopaki ba hore o fuoe matla a ho hloekisa batho sebeng.—Matheu 9:2-8.
24. (a) Ke hobane’ng ha ba bangata ba ne ba bona eka Jesu o “otloa” ke Molimo? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a utloa bohloko a ba a shoa?
24 Leha ho le joalo, ho ba bangata ho ile ha bonahala eka Jesu o “otloa” ke Molimo. Etsoe o ile a utloa bohloko ka tlhohlelletso ea baeta-pele ba bolumeli ba hlomphehang. Leha ho le joalo, hopola hore o ne a sa utloe bohloko ka lebaka la libe leha e le life tseo a li entseng. Petrose o re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi. Ha aa ka a etsa sebe, leha e le hore thetso e ile ea fumanoa molomong oa hae. O ile a jara libe tsa rōna ’meleng oa hae thupeng, e le hore re ka qeta ka libe ’me ra phelela ho loka. ‘Le ile la folisoa ka metopa ea hae.’” (1 Petrose 2:21, 22, 24) Kaofela ha rōna re ne re lahlehile sebeng, “joaloka linku, tse hlahlathelang.” (1 Petrose 2:25) Leha ho le joalo, Jehova o ile a lokisetsa ho re lopolla boemong ba rōna ba boetsalibe, a sebelisa Jesu. O ile a etsa hore phoso ea rōna e “tobane le” Jesu, e be ho eena. Ka boithatelo Jesu ea se nang sebe o ile a jara kotlo ea libe tsa rōna. Ka ho shoa lefu le sa mo tšoaneleng le hlabisang lihlong thupeng, o ile a etsa hore re khone ho boelana le Molimo.
‘O Ile a Itumella Hore a Hlorisoe’
25. Re tseba joang hore Mesia o ile a utloa bohloko le ho shoa ka boithatelo?
25 Na Mesia o ne a ikemiselitse ho utloa bohloko le ho shoa? Esaia o re: “O ile a ba tsietsing, ’me a itumella hore a hlorisoe; leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong; ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.” (Esaia 53:7) Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae, Jesu o ne a ka bitsa “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi” ho tla mo thusa. Empa o ile a re: “Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho tla etsahala ka tsela ee?” (Matheu 26:53, 54) Ho e-na le hoo, “Konyana ea Molimo” ha ea ka ea hana. (Johanne 1:29) Ha baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba mo qosa ka bohata ka pel’a Pilato, Jesu “ha aa ka a araba.” (Matheu 27:11-14) Ha aa ka a batla ho bua letho le neng le ka ’na la sitisa ho phethahala ha thato ea Molimo ka eena. Jesu o ne a ikemiselitse ho shoa e le Konyana ea sehlabelo, a tseba hantle hore lefu la hae le ne le tla lopolla moloko oa batho o bontšang kutlo sebeng, ho kuleng le lefung.
26. Bahanyetsi ba Jesu ba ile ba sebelisa “thibelo” ka tsela efe?
26 Joale Esaia o fana ka boitsebiso bo qaqileng bo eketsehileng mabapi le ho utloa bohloko ha Mesia le ho tlotlolloa ha hae. Moprofeta oa ngola: “O ile a tlosoa ka lebaka la thibelo le kahlolo; ’me ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae? Etsoe o ile a tlosoa naheng ea ba phelang. O ile a fumana chapo ka lebaka la tlōlo ea sechaba sa ka.” (Esaia 53:8) Qetellong ha Jesu a nkoa ke lira tsa hae, bahanyetsi bana ba bolumeli ba ile ba sebelisa “thibelo” tseleng eo ba ileng ba mo tšoara ka eona. Hase hore ba ile ba ithiba ho bonahatseng lehloeo la bona empa ba ile ba thibela toka, kapa ba e khina. Ha e fetolela Esaia 53:8, Septuagint ea Segerike e sebelisa “tlotlollo” sebakeng sa “thibelo.” Lira tsa Jesu li ile tsa mo tlotlolla ka ho se mo tšoare ka tsela e nang le toka eo esita le motlōli oa molao ea pala a neng a e-na le tokelo ea ho tšoaroa ka eona. Nyeoe ea Jesu e ne e le moritaoke oa ho phetha toka. Joang?
27. Nakong ea ha baeta-pele ba Bajuda ba bolumeli ba tsamaisa nyeoe ea Jesu, ba ile ba hlokomoloha melao efe, hona ba ile ba tlōla Molao oa Molimo ka litsela life?
27 Boikemisetsong ba bona ba ho hleka Jesu tseleng, baeta-pele ba Bajuda ba bolumeli ba ile ba roba melao ea bona ka bobona. Ho latela neano, Sanhedrine e ne e ka mamela nyeoe e lokeloang ke kahlolo ea lefu ka holong ea majoe a betliloeng e ka har’a meeli ea tempele feela, eseng ka tlung ea moprista e moholo. Nyeoe e joalo e ne e lokela ho buuoa motšehare, eseng ka mor’a hore letsatsi le likele. ’Me nyeoeng e lokeloang ke kahlolo ea lefu, lekhotla le ne le lokela ho phatlalatsa kahlolo ea hore motho o molato letsatsing le hlahlamang la ho phethoa ha nyeoe. Kahoo, ho ne ho se linyeoe tse lokelang ho buuoa letsatsing le etellang pele la Sabatha kapa la mokete o itseng. Melao ena kaofela e ile ea hlokomolohuoa nyeoeng ea Jesu. (Matheu 26:57-68) Ho hobe le ho feta, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba tlōla Molao oa Molimo pepenene ha ba bua nyeoe ena. Ka mohlala, ba ile ba ntša tjotjo e le hore ba tšoare Jesu. (Deuteronoma 16:19; Luka 22:2-6) Ba ile ba mamela ba behang bopaki ba bohata. (Exoda 20:16; Mareka 14:55, 56) ’Me ba ile ba etsa ’momori oa hore ba lokolle ’molai, kahoo ba itjarisa molato oa mali ba ba ba o jarisa naha ea habo bona. (Numere 35:31-34; Deuteronoma 19:11-13; Luka 23:16-25) Kahoo, ho ne ho se “kahlolo,” ho ne ho sa etsoa nyeoe e nang le toka, e fellang ka qeto e hlokang leeme.
28. Ke eng seo lira tsa Jesu li ileng tsa hlōleha ho se ela hloko?
28 Na lira tsa Jesu li ile tsa hlahlobisisa hore na ha e le hantle motho ea qosoang ea ka pel’a tsona ke mang? Esaia o botsa potso e tšoanang: “Ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?” Lentsoe “moloko” le ka ’na la bolela leloko la motho, kapa semelo sa hae. Ha Jesu a ne a qosoa ka pel’a Sanhedrine, litho tsa eona ha lia ka tsa ela hloko semelo sa hae—hore o finyella se hlokahalang ho Mesia ea tšepisitsoeng. Ho e-na le hoo, li ile tsa mo qosa ka hore ke monyefoli ’me tsa re o lokeloa ke lefu. (Mareka 14:64) Hamorao, ’musisi oa Roma, Ponse Pilato, o ile a inehela khatellong ’me a ahlolela Jesu ho khokhotheloa thupeng. (Luka 23:13-25) Kahoo, ha Jesu a le lilemo li 33 1/2 feela, “o ile a tlosoa,” kapa a khaoloa, khubung ea bophelo ba hae.
29. Ke joang Jesu a bileng har’a “ba khopo” le “sehlopha sa barui” lepatong?
29 Mabapi le lefu le ho patoa ha Mesia, Esaia o tsoela pele ho ngola: “O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo, le sehlopha sa barui lefung la hae, ho sa tsotellehe hore o ne a sa etsa pefo ’me ho se na thetso molomong oa hae.” (Esaia 53:9) Ke joang Jesu a ileng a ba le ba khopo hammoho le barui lefung la hae le lepatong la hae? Ka la 14 Nisane 33 C.E., o ile a shoela thupeng ea polao ka ntle ho marako a Jerusalema. Kaha o ne a khokhothetsoe thupeng pakeng tsa baetsi ba bobe ba babeli, ka kutloisiso e ’ngoe sebaka sa hae sa lepato se ne se le har’a ba khopo. (Luka 23:33) Leha ho le joalo, ha Jesu a se a shoele, Josefa, morui e mong ea tsoang Arimathea, o ile a iteta sefuba ho kōpa Pilato hore a mo lumelle a nke setopo sa Jesu ’me a se pate. Josefa hammoho le Nikodemase, ba ile ba lokisetsa ho pata setopo eaba ba se beha ka lebitleng la Josefa le neng le sa tsoa chekoa. (Matheu 27:57-60; Johanne 19:38-42) Kahoo sebaka sa Jesu sa lepato se ne se boetse se le har’a sehlopha sa barui.
“Jehova o Ile a Thabela ho mo Sithabetsa”
30. Ke ka kutloisiso efe Jehova a ileng a thabela ho sithabetsa Jesu?
30 Ka mor’a moo Esaia o bua ho hong ho makatsang: “Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa; o ile a mo kulisa. Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo ea molato, o tla bona bana ba hae, o tla lelefatsa matsatsi a hae, ’me se thabeloang ke Jehova se tla atleha letsohong la hae. Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona, a khotsofale. Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka, o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata; ’me o tla jara liphoso tsa bona.” (Esaia 53:10, 11) Ke joang Jehova a neng a ka thabela ho bona mohlanka eo ea tšepahalang a sithabetse? Ho hlakile hore hase Jehova ea ileng a bakela Mora oa hae ea ratoang mahlomola. Lira tsa Jesu li ne li ikarabella ka ho feletseng ka seo li ileng tsa mo etsa sona. Empa Jehova o ile a li lumella hore li etse ketso e sehlōhō. (Johanne 19:11) Ka lebaka lefe? Ka sebele Molimo oa kutloelo-bohloko le qenehelo e mofuthu o ile a hlabeha ha a bona Mora oa hae ea se nang molato a utloa bohloko. (Esaia 63:9; Luka 1:77, 78) Ka sebele Jehova o ne a sa halefela Jesu ka letho. Leha ho le joalo, Jehova o ile a thabisoa ke hore ebe Mora oa hae o ne a ikemiselitse ho utloa bohloko ka lebaka la litlhohonolofatso tsohle tse neng li tla tlisoa ke seo.
31. (a) Jehova o ile a fana ka bophelo ba Jesu e le “nyehelo ea molato” ka tsela efe? (b) Ka mor’a likhathatso tsohle tseo Jesu a fetileng ho tsona e le motho, e tlameha ebe o khotsofatsoa ke eng ka ho khetheha?
31 Tlhohonolofatso e ’ngoe ke hore Jehova o ile a fana ka moea oa Jesu e le “nyehelo ea molato.” Kahoo, ha Jesu a nyolohela leholimong, o ile a kena moo Jehova a leng teng a tšoere molemo oa bophelo ba hae ba botho bo entsoeng sehlabelo e le nyehelo ea molato, ’me Jehova o ile a o amohela ka thabo lebitsong la moloko oohle oa batho. (Baheberu 9:24; 10:5-14) Ka nyehelo ea hae ea molato, Jesu o ile a fumana “bana.” E le “Ntate oa ka ho sa Feleng,” o khona ho fana ka bophelo—bophelo bo sa feleng—ho ba bontšang tumelo maling a hae a tšolotsoeng. (Esaia 9:6) Ka mor’a likhathatso tsohle tseo Jesu a fetileng ho tsona e le motho oa nama, e tlameha ebe ho mo khotsofatsa hakaakang ho ba le tebello ea ho lopolla moloko oa batho sebeng le lefung! Ka sebele, e tlameha ebe o khotsofatsoa le ho feta ke ho tseba hore botšepehi ba hae bo file Ntate oa hae oa leholimo karabo ho Sera sa Hae se mo nyelisang, e leng Satane Diabolose.—Liproverbia 27:11.
32. Jesu o “tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata” ka “tsebo” efe, hona boemo boo bo tlela bo-mang?
32 Tlhohonolofatso e ’ngoe e tlisoang ke lefu la Jesu ke hore o “tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata,” esita le hona joale. Esaia o re o etsa seo, “ka lebaka la tsebo ea hae.” Kamoo ho bonahalang kateng, tsebo ena ke eo Jesu a bileng le eona ka ho ba motho oa nama le ho utloa bohloko ka leeme ka lebaka la ho mamela ha hae Molimo. (Baheberu 4:15) Ka mor’a ho utloa bohloko ho isa lefung, Jesu o ile a khona ho nehelana ka sehlabelo se hlokahalang e le hore a thuse ba bang hore ba be le boemo bo lokileng. Boemo boo bo lokileng bo tlela bo-mang? Ba pele, ke balateli ba hae ba tlotsitsoeng. Kaha ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu, Jehova o ba phatlalatsa ba lokile ka tebello ea ho ba amohela e le bara le ho ba etsa majalefa-’moho le Jesu. (Baroma 5:19; 8:16, 17) Ho ntan’o latela “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo bontšang tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu le bo thabelang boemo bo lokileng ka tebello ea ho ba metsoalle ea Molimo le baphonyohi ba Armagedone.—Tšenolo 7:9; 16:14, 16; Johanne 10:16; Jakobo 2:23, 25.
33, 34. (a) Ke eng seo re ithutang sona ka Jehova se re thabisang? (b) “Ba bangata” bao Mohlanka eo e leng Mesia a fuoang “kabelo” har’a bona ke bo-mang?
33 Qetellong, Esaia o hlalosa ho hlōla ha Mesia: “Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata, ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla, ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung, ’me o ile a balelloa le batlōli; o jere libe tsa batho ba bangata, ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.”—Esaia 53:12.
34 Mantsoe a qetellang a karolo ena ea boprofeta ba Esaia a ruta thuto e ’ngoe e amang maikutlo ka Jehova: O nka ba lulang ba tšepahala ho eena e le ba bohlokoa. Sena se bontšoa ke tšepiso ea hore o tla “fa” Mohlanka eo e leng Mesia “kabelo har’a ba bangata.” Ho bonahala eka mantsoe ana a nkiloe tloaelong ea ho arola thepa e hapuoeng ntoeng. Jehova o ananela botšepehi bo sa sekisetseng ba batho “ba bangata” ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo, ba akarelletsang Noe, Abrahama le Jobo, ’me o ba behetse “kabelo” lefatšeng la hae le lecha le tlang. (Baheberu 11:13-16) Ka ho tšoanang, o tla fa Mohlanka oa hae Mesia kabelo. Ka sebele, Jehova o tla mo putsa bakeng sa botšepehi ba hae. Le rōna ka ho tšoanang re ka kholiseha hore Jehova ha a na ho ‘lebala mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšang bakeng sa lebitso la hae.’—Baheberu 6:10.
35. “Ba matla” bao Jesu a arolelanang khapo le bona ke bo-mang, hona khapo ke eng?
35 Mohlanka oa Molimo le eena o tla fumana khapo ntoeng ka ho hlōla lira tsa hae. O tla arolelana khapo ena le “ba matla.” Ha ho tluoa phethahatsong, “ba matla” ke bo-mang? Ke barutuoa ba pele ba Jesu ba hlōtseng lefatše joaloka eena—baahi ba “Iseraele ea Molimo” ba 144 000. (Bagalata 6:16; Johanne 16:33; Tšenolo 3:21; 14:1) Joale, khapo ke eng? Ho bonahala eka khapo ena e akarelletsa “limpho tseo e leng banna,” tseo ka tsela ea tšoantšetso Jesu a li hloibilang taolong ea Satane, ’me a li fa phutheho ea Bokreste. (Baefese 4:8-12) Bana “ba matla” ba 144 000 ba boetse ba fuoa kabelo khapong e ’ngoe. Ka ho hlōla ha bona lefatše, ba amoha Satane motheo leha e le ofe oo a ka nyelisang Molimo ka oona. Boinehelo ba bona bo sa sekisetseng ho Jehova boa mo phahamisa, bo mo thabisa pelo.
36. Na Jesu o ne a tseba hore o phethahatsa boprofeta bo mabapi le Mohlanka oa Molimo? Hlalosa.
36 Jesu o ne a tseba hore o phethahatsa boprofeta bo mabapi le Mohlanka oa Molimo. Bosiung boo a ileng a tšoaroa ka bona, o ile a qotsa mantsoe a tlalehiloeng ho Esaia 53:12 ’me a bontša hore a sebetsa ho eena: “Kea le bolella hore sena se ngotsoeng se tla phethahala ho ’na, e leng, ‘O ile a balelloa le ba sa eeng ka molao.’ Kaha se nkamang sea phethahala.” (Luka 22:36, 37) Ka masoabi, Jesu o ile a fela a tšoaroa joaloka ea sa eeng ka molao. O ile a ahloleloa lefu joaloka motlōli oa molao, a khokhotheloa thupeng pakeng tsa masholu a mabeli. (Mareka 15:27) Leha ho le joalo, ka boithatelo o ile a jara sekhobo sena, a tseba hantle hore ke mokena-lipakeng bakeng sa rōna. Ha e le hantle, o ile a ema pakeng tsa baetsalibe le tlokotsi ea kahlolo ea lefu, ’me tlokotsi eo ea fetela ho eena.
37. (a) Tlaleho ea histori ea bophelo ba Jesu le lefu la hae e re nolofalletsa ho tseba eng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Jehova Molimo le Mohlanka oa hae ea phahamisitsoeng, Jesu Kreste?
37 Tlaleho ea histori ea bophelo ba Jesu le lefu la hae e re nolofalletsa ho tseba ka ho hlaka ho re: Jesu Kreste ke eena Mohlanka eo e leng Mesia ea boprofeteng ba Esaia. Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a ikemisetsa ho lumella Mora oa hae ea ratoang ho phethahatsa karolo ea boprofeta ea Mohlanka, hore a utloe bohloko a be a shoe e le hore re ka lopolloa sebeng le lefung! Ka tsela eo Jehova o re bontšitse lerato le leholo. Baroma 5:8 e re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” Hape re lokela ho leboha Jesu Kreste hakaakang, eo e leng Mohlanka ea phahamisitsoeng, eo ka boithatelo a ileng a tšolla moea oa hae lefung!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha e fetolela Esaia 52:13, Targum ea Jonathan ben Uzziel (oa lekholong la pele la lilemo C.E.), e fetoletsoeng ke J. F. Stenning, e re: “Bonang, mohlanka oa ka, Motlotsuoa (kapa, Mesia), o tla atleha.” Ka ho tšoanang, Talmud ea Babylona (ea hoo e ka bang lekholong la boraro la lilemo C.E.) e re: “Mesia—lebitso la hae ke mang? . . . [; bao] ba ntlo ea Rabi [mohlomong, Ea kulang], joalokaha ho itsoe, ‘Ka sebele o jere maloetse a rōna.’”—Sanhedrin 98b; Esaia 53:4.
b Moprofeta Mikea o ile a bua ka Bethlehema e le “e monyenyane haholo hore [e] ka ba har’a likete tsa Juda.” (Mikea 5:2) Leha ho le joalo, Bethlehema e nyenyane e ile ea tlotloa ka tlhompho e khethehileng ea ho ba motse oo Mesia a ileng a tsoalloa ho oona.
c Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “otloa” le boetse le sebelisitsoe tabeng ea lepera. (2 Marena 15:5) Ho ea ka litsebi tse ling, Esaia 53:4 e ile ea fa Bajuda ba bang maikutlo a hore Mesia e ne e tla ba molepera. Talmud ea Babylona e sebelisa temana ena ho Mesia, e mo bitsa “setsebi sa molepera.” Douay Version ea K’hatholike, e nkiloeng ho Vulgate ea Selatine, e fetolela temana ena tjena: “Re ne re nahana hore ke molepera.”
[Chate e leqepheng la 212]
MOHLANKA OA JEHOVA
Kamoo Jesu a Phethahalitseng Karolo eo Kateng
BOPROFETA KETSAHALO PHETHAHATSO
Esa. 52:13 Oa phahamisoa Lik. 2:34-36; le ho hōlisoa Bafil. 2:8-11;
Esa. 52:15 O tšosa lichaba Mat. 24:30; tsengata 2 Bathes. 1:6-10;
Esa. 53:1 Batho ha ba Joh. 12:37, 38; lumele ho eena Bar. 10:11, 16, 17
Esa. 53:2 O qala e le motho Luka 2:7; oa nama ea Joh. 1:46 ikokobelitseng le ea inyenyefatsang
Esa. 53:3 Oa nyelisoa le Mat. 26:67; ho lahloa Luka 23:18-25;
Esa. 53:4 O jara maloetse Mat. 8:16,
a rōna 17;Luka 8:43-48
Esa. 53:5 Oa hlajoa Joh. 19:34
Esa. 53:6 O utloa bohloko 1 Pet. 2:21-25 ka lebaka la liphoso tsa ba bang
Esa. 53:7 Oa khutsa ’me Mat. 27:11-14; ha a belaele ka Mar. 14:60, 61; pel’a baqosi ba hae Lik. 8:32, 35
Esa. 53:8 O qosoa ka tsela e Mat. 26:57-68; hlokang toka ’me oa ahloloa 27:1, 2,
11-26; Joh. 18:12-14, 19-24, 28-40
Esa. 53:9 O patoa le barui Mat. 27:57-60;Joh. 19:38-42
Esa. 53:10 O fana ka bophelo Baheb. 9:24; e le nyehelo ea molato 10:5-14
Esa. 53:11 O bulela ba bangatatsela Bar. 5:18, 19;
ea ho fumana boemo bo lokileng 1 Pet. 2:24; Tšen. 7:14
Esa. 53:12 O balelloa har’a baetsalibe Mat. 26:55, 56; 27:38; Luka 22:36, 37
[Setšoantšo se leqepheng la 203]
‘O ile a nyelisoa ke batho’
[Setšoantšo se leqepheng la 206]
O ne a sa ahlamise molomo”
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Karolo ea setšoantšo sa “Ecce Homo” sa Antonio Ciseri
[Setšoantšo se leqepheng la 211]
“O tšolotse moea oa hae lefung”