‘Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla’
1, 2. (a) Ke eng e tlisang liphetoho bophelong ba batho ba fetohang Bakreste? (b) Bibele e ka susumetsa motho ka ho tebileng hakae?
BOHARENG ba lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo le eang phuthehong ea Bakreste Roma. Ho lona o ile a totobatsa tlhokahalo ea hore Bakreste ba ’nete ba etse liphetoho. O itse: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:2) Ke eng e fetolang balateli ba Jesu, e fetolang tsela ea bona ea ho nahana ka boeona? Ha e le hantle, ke matla a Lentsoe la Molimo, Bibele.
2 Pauluse o ile a bontša hore na Bibele e ka re susumetsa ka ho teba hakae ha a ngola: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli; ’me lea hlaba, le ee ho kena le likhaohanong tsa pelo le tsa moea, le manonyellong le mokong; ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Ba-Heberu 4:12) Ka sebele, matla a sa tloaelehang a Bibele a ho hlahisa liphetoho tse joalo bathong ke bopaki bo kholisang hore hase lentsoe la motho feela.
3, 4. Botho ba Bakreste bo fetoloa ho isa bohōleng bofe?
3 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le fetohe” ho Ba-Roma 12:2 le tsoa ho me·ta·mor·phoʹo. Le bontša phetoho e felletseng, joaloka ho fetoha (metamorphosis) ha popane serurubele. Ke phetoho e felletseng hoo Bibele e buang ka eona e le phetoho ea botho. Temaneng e ’ngoe ea Bibele, rea bala: “Hlobolang botho ba khale le mekhoa ea bona, ’me le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho latela setšoantšo sa Ea bo bōpileng.”—Ba-Kolosse 3:9, 10, NW.
4 Ha a ngolla phutheho ea Korinthe, Pauluse o ile a bontša hore na liphetoho tsena tsa botho tse etsahetseng lekholong la pele la lilemo li ne li fihla bohōleng bofe. O itse: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe.” (1 Ba-Korinthe 6:10, 11) E, batho ba boitšoaro bo bobe le ba ratang likhang, masholu le matahoa, ba ne ba fetohile Bakreste ba behang mohlala.
Liphetoho Tsa Botho Kajeno
5, 6. Ke joang botho ba mohlankana e mong bo ileng ba fetoloa ka ho felletseng ke matla a Bibele?
5 Liphetoho tsa botho tse tšoanang lia bonoa kajeno. Ka mohlala, moshemane e mong oa Amerika Boroa o ile a fetoha khutsana ha a le lilemo li robong. O ile a hōla a se na tataiso ea batsoali ’me a ba le mathata a tebileng bothong ba hae. Oa tlaleha: “Ha ke le lilemo li 18, ke ne ke se ke lemalletse lithethefatsi ka ho felletseng ’me ke se ke qetile nako e itseng ke le teronkong ka baka la ho utsoa bakeng sa ho ntšetsa mokhoa ona pele.” Empa rakhali’ae e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me qetellong o ile a khona ho mo thusa.
6 Mohlankana eo oa hlalosa: “Rakhali o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka mor’a likhoeli tse supileng ke ile ka khona ho tlohela mokhoa oa lithethefatsi.” Hape o ile a tlohela metsoalle ea hae ea pele ’me a fumana metsoalle e mecha har’a Lipaki tsa Jehova. O tsoela pele: “Metsoalle ena e mecha, hammoho le ho ithuta ha ka Bibele ka mehla, e nthusitse ho etsa tsoelo-pele le hore qetellong ke nehele bophelo ba ka ho sebeletsa Molimo.” E, motho enoa eo pele a neng a lemalletse lithethefatsi e bile e le lesholu, hona joale ke Mokreste ea mafolo-folo, ea phelang bophelo bo hloekileng. Phetoho e khōlō joalo ea botho e bile teng joang? Ka matla a Bibele.
7, 8. Hlalosa kamoo bothata bo boima ba botho bo ileng ba rarolloa ka thuso ea Bibele.
7 Mohlala o mong ke o tsoang Europe e ka boroa. Mono, mohlankana e mong o ile a hōla a e-na le bothata bo boima ba botho: khalefo e mabifi. O ne a kena lintoeng ka mehla. Phehisanong e ’ngoe ea lelapa, o bile a otla ntat’ae, a ba a mo lahlela fatše! Empa qetellong o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a ela hloko taelo ea Molimo e hlahang bukeng ea Ba-Roma: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka.”—Ba-Roma 12:17-19.
8 Mantsoe ao a ile a mo thusa ho hlokomela hore na bofokoli ba hae bo ne bo le bobe hakae. Tsebo e hōlang ea Bibele e ile ea hloekisa letsoalo la hae, le ileng la mo thusa ho hlōla khalefo ea hae e hlahang ka potlako. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a hore a etse tsoelo-pele e itseng ho ithuteng ha hae, motho e mong eo a sa mo tsebeng o ile a mo tjolietsa ka mahlapa. Mohlankana enoa o ile a utloa khalefo eo a e tloaetseng e qala ho hōla ka hare ho eena. Joale a utloa ntho e ’ngoe: boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong; ’me sena se ile sa mo thibela ho inehela khalefong ea hae. O ne a hlaoletse boitšoaro, tholoana ea bohlokoa ea moea. (Ba-Galata 5:22) Joale botho ba hae e ne e se e le bo fapaneng, ka thuso ea matla a Lentsoe la Molimo.
9. Ho latela Pauluse, botho ba rōna bo fetoloa ka kofuto efe?
9 Empa, Bibele e hlahisa tšusumetso e matla joalo joang? Ho Ba-Kolosse 3:10 (NW), Pauluse o boletse hore botho ba rōna bo fetoloa ka tsebo e nepahetseng, e leng tsebo e fumanoang ka Bibeleng. Empa tsebo e fetola batho joang?
Karolo e Phethoang ke Tsebo e Nepahetseng
10, 11. (a) Ha re ithuta Bibele, re ithuta eng ka litšobotsi tsa botho tse lakatsehang le tse sa lakatseheng? (b) Ho phaella tsebong ho hlokahala eng ho hlahisa phetoho bothong ba rōna?
10 Pele, Bibele e tsebahatsa litšobotsi tse sa lakatseheng tsa botho tse lokelang ho tlosoa. Tsena li akarelletsa lintho tse kang ‘mahlo a boikhohomoso, leleme le mano, le matsoho a tšollang mali a se nang molato; pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng; paki e lehata, e bolelang mashano, le ea jalang liphapang bathong ba mofuta o le mong.’ (Liproverbia 6:16-19) Taba ea bobeli, Bibele e hlalosa litšobotsi tse lakatsehang tseo re lokelang ho li hlaolela, tse akarelletsang “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22.
11 Tsebo e nepahetseng joalo e thusa motho ea tiileng ho itlhahloba le ho bona litšobotsi tsa botho tseo a hlokang ho li hlaolela le tseo a tlamehang ho sebeletsa ho li felisa. (Jakobo 1:25) Leha ho le joalo, hoo ke qalo feela. Ho phaella tsebong, tšusumetso ea hlokahala, ntho e ’ngoe e tla mo susumelletsa hore a batle ho fetoha. Mona hape, o hloka tsebo e nepahetseng e tsoang Bibeleng.
Ho Susumelletsoa ho ba Molemo
12. Tsebo ea botho ba Molimo e re thusa joang ho fetoha?
12 Pauluse o boletse hore botho bo bocha bo lakatsehang bo fetoloa “ho latela setšoantšo sa Ea bo bōpileng.” (Ba-Kolosse 3:10, NW) Kahoo botho ba Bokreste bo tlameha ho tšoana le botho ba Molimo ka booona. (Ba-Efese 5:1) Re senoletsoe botho ba Molimo ka Bibeleng. Re bona litšebelisano tsa oona le batho ’me re bona litšoaneleho tsa oona tse ntle, tse kang lerato la oona, mosa, molemo, mohau, le ho loka. Tsebo e joalo e susumelletsa motho ea pelo e ntle ho rata Molimo le ho batla ho ba motho oa mofuta oo Molimo o o ananelang. (Mattheu 22:37) Joaloka bana ba lerato, re batla ho khahlisa Ntat’a rōna oa leholimo, kahoo re leka ho etsisa botho ba hae ka hohle kamoo re ka khonang boemong ba rōna ba bofokoli, ba ho se phethahale.—Ba-Efese 5:1.
13. Ke tsebo efe e re rutang ho ‘rata ho loka le ho hloea bokhopo’?
13 Tšusumetso e ka ho rōna e matlafatsoa ke tsebo eo Bibele e fanang ka eona mabapi le hore na litšobotsi tsa botho bo botle le tsa botho bo bobe li lebisa hokae. (Pesaleme ea 14:1-5; 15-1-5; 18:20, 24) Re ithuta hore Davida o ile a hlohonolofatsoa ka baka la boinehelo ba hae ba bomolimo le lerato la hae la ho loka empa hore o ile a utloa bohloko ha a lahleheloa ke boitšoaro. Re bona phello e soabisang ea ha litšoaneleho tse ntle tsa Salomone li silafatsoa botsofaling ba hae. Mahlohonolo a ileng a tlisoa ke ho loka ha Josiase le Ezekiase a bapisoa le liphello tsa tlokotsi tsa bofokoli ba Akabe le ho koeneha ha Manasse ka manganga. (Ba-Galata 6:7) Ka hona re ithuta ho ‘rata ho loka le ho hloea bokhopo.’—Ba-Heberu 1:9; Pesaleme ea 45:7; 97:10.
14. Merero ea Jehova bakeng sa lefatše le batho ba ho lona ke efe?
14 Tšusumetso ena e matlafatsoa ka ho eketsehileng ke tsebo e nepahetseng ea merero ea Molimo. Tsebo e joalo e thusa ho fetola ‘matla a susumetsang likelello tsa rōna’ ka booona, moea o susumetsang menahano le liketso tsa rōna. (Ba-Efese 4:23, 24, NW) Ha re ithuta Bibele, re ithuta hore Jehova a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng. Haufinyane o tla felisa lefatše lena le sa lokang ’me a tlise ‘maholimo a macha le lefatše le lecha, moo ho loka ho tla ikahela teng.’ (2 Petrose 3:8-10, 13) Ke bo-mang ba tla phela lefatšeng lee le lecha? “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.
15. Haeba kannete re lumela seo Bibele e se bolelang ka merero ea Jehova, see se tla re ama joang re le batho ka bomong?
15 Haeba kannete re lumela tšepiso ena, tsela eohle ea rōna ea ho nahana e tla ameha. Ka mor’a ho profeta ka ho felisoa ha bokhopo, moapostola Petrose o re: “Joale, ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli; le ntse le lebeletse ’me le akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo.” (2 Petrose 3:11, 12) Botho ba rōna bo lokela ho fetoloa ke takatso ea rōna e matla ea ho ba har’a ba lokileng ba tla sala ha ba khopo ba timetsoa.
16. Ke mefuta efe ea botho e ke keng ea fumana sebaka lefatšeng le lecha, ’me tsebo ee e lokela ho re ama joang?
16 Buka ea Tšenolo e tšepisa ba lokileng hore, ka mor’a ho fela ha lefatše lena, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Empa joale e lemosa hore “ba boi, le ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela” ba ke ke ba amoheloa. (Tšenolo 21:4, 8) Ho bohlale hakaakang ho qoba litšoaneleho tse sa lakatseheng tseo Molimo o tla hana ho li lumella ho kena lefatšeng le lecha!
Thuso e Hlahang ka Thōko
17. Bibele e re eletsa hore re batle thuso ea mofuta ofe?
17 Leha ho le joalo, batho baa fokola ’me hangata ba hloka ntho e ’ngoe ho phaella boitsebisong le tšusumetsong hore ba tle ba etse liphetoho tseo. Ba hloka thuso ea botho, ’me Bibele e bontša hore na ke hokae moo re ka fumanang thuso ena teng. Ka mohlala, e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Ka ho tšoanang, haeba re tloaelana le ba bonahatsang litšoaneleho tseo re batlang ho li hlaolela, re tla thusoa haholo ho tšoana le bona haholoanyane.—Genese 6:9; Liproverbia 2:20; 1 Ba-Korinthe 15:33.
18, 19. Ho hlokahala hore re etse eng ho phetlela menahano le lipelo tsa rōna tšebetso ea moea oa Molimo?
18 Ho phaella moo, Jehova ka boeena o fana ka thuso ka moea o halalelang—oona moea oo a ileng a o sebelisa ho etsa mehlolo mehleng ea pele. Ka sebele, litšoaneleho tse lakatsehang haholo tsa “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro” li bitsoa “tholoana ea Moea.” (Ba-Galata 5:22) Re ka fumana thuso ea moea o halalelang joang? Kaha Bibele e bululetsoe ka moea o halalelang, ha re e bala kapa re buisana le ba bang ka eona, re phetlela menahano le lipelo tsa rōna matla a kholisang a moea oo. (2 Timothea 3:16) Ka sebele, Jesu o tšepisitse hore ha re bua le ba bang ka tšepo ea rōna, re ka ’na ra latsoa tšebetso e tobileng ea moea oo.—Mattheu 10:18-20.
19 Ho phaella moo, Bibele ea laela: “Le tiee thapelong.” (Ba-Roma 12:12) Ka thapelo re bua le Jehova, rea mo rorisa, rea mo leboha, ’me re kōpa thuso ea hae. Haeba re kōpa thuso ea ho hlōla litšobotsi tse sa lakatseheng tsa botho, tse kang khalefo e mabifi, manganga, ho hloka mamello, kapa boikhohomoso, moea oa Molimo o tla tšehetsa boiteko leha e le bofe boo re bo etsang tumellanong le thapelo eo.—Johanne 14:13, 14; Jakobo 1:5; 1 Johanne 5:14.
20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho tsoela pele ho sebeletsa ho apara botho bo bocha?
20 Ha Pauluse a ne a ngola: “Le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna,” o ne a ngolla phutheho ea Bakreste ba kolobelitsoeng, ba tlotsitsoeng. (Ba-Roma 1:7; 12:2) ’Me Segerikeng sa pele, o sebelisitse mofuta oa leetsi le nang le moelelo oa ketso e tsoelang pele. Sena se bontša hore phetoho eo tsebo e nepahetseng ea Bibele e e entseng ho rōna ke e tsoelang pele. Rōna kajeno—joaloka Bakreste ba mehleng ea Pauluse—re pota-potiloe ke lefatše le tletseng litšusumetso tse silafatsang. ’Me rōna—joaloka bona—ha rea phethahala, re na le tšekamelo ea ho etsa se fosahetseng. (Genese 8:21, NW) Kahoo, ho hlokahala hore re tsoele pele ho sebeletsa ho hlōla botho ba khale, ba boikhabi le ho apara bo bocha, feela joalokaha ba ile ba ho etsa. Bakreste ba pele ba ile ba atleha ho isa bohōleng boo ho bona ba ileng ba hlahella e le ba fapaneng ka ho felletseng le lefatše le ba potolohileng. Bakreste ba etsa ho tšoanang kajeno.
Batho ba ‘Rutoang ke Jehova’
21. Bo bong ba boprofeta bo phethahalang holim’a batho ba Molimo mehleng ee ea qetello ke bofe?
21 Ka sebele, kajeno moea oa Molimo ha o sebetse holim’a batho ka bomong feela empa holim’a mokhatlo oohle o hlophisitsoeng oa Bakreste, ba baloang ka limillione. Mantsoe a Esaia a boprofeta a phethahala holim’a mokhatlo ona o hlophisitsoeng: “Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” (Esaia 2:3) Boprofeta ba Esaia bo tsoelang pele le bona bo phethahetse boemong ba bona: “Bara ba hao kaofela e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba e khaphatsehang.” (Esaia 54:13, NW) Ke bo-mang baa ba thabelang khotso ka baka la ho rutoa ke Jehova?
22. (a) Ke bo-mang ba rutoang ke Jehova kajeno? (b) Fana ka mehlala ho bontša hore batho ba ka ntle baa hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li fapane.
22 Hlokomela karolo ena e qotsitsoeng lengolong le neng le ngolletsoe New Haven Register, koranta ea Amerika Leboea: “Ho sa tsotellehe hore na u khopisitsoe kapa u hlabehisitsoe [u halefisitsoe], joaloka ’na, ke ho sokolla ha bona, u lokela ho khahloa ke boinehelo ba bona, boitlhompho ba bona, mohlala oa bona o hlahelletseng oa boitšoaro ba botho le ho phela bophelo bo molemo kelellong le ’meleng.” Sengoli see se ne se bua ka bo-mang? Ka sona sehlopha seo Herald ea Buenos Aires, Argentina, e neng e bua ka sona ha e re: “Ho theosa le lilemo Lipaki tsa Jehova li ipakile e le baahi ba sebetsang ka thata, ba imametseng, ba qobang ho senya le ba tšabang Molimo.” Ka ho tšoanang, koranta ea Italy La Stampa e itse: “Ha li balehe ho lefa makhetho kapa hona ho leka ho qoba melao e thata hore li fumane phaello. Lintho tse lakatsehang boitšoarong e leng lerato ho moahisani, ho hana matla, ho hloka pefo le botšepehi ba botho . . . li kena tseleng ea tsona ea bophelo ‘letsatsi le letsatsi.’”
23. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo o hlophisitsoeng li hlahella e le tse fapaneng?
23 Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova e le sehlopha—joaloka Bakreste ba pele—li hlahella e le tse fapaneng? Lintlheng tse ngata li tšoana le motho e mong le e mong. Li tsoetsoe li e-na le mefokolo ea botho e tšoanang, ’me li na le mathata a tšoanang a moruo le litlhoko tsa motheo. Leha ho le joalo, e le phutheho ea lefatše ka bophara, li lumella Lentsoe la Molimo hore le fane ka matla bophelong ba tsona. Phello ke mokhatlo oa baena oa machaba oa Bakreste ba ’nete oo e leng bopaki bo matla ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.—Pesaleme ea 133:1.
Bibele e Bululetsoe
24. Thapelo ea rōna lebitsong la batho ba bang ba bangata ke efe?
24 Lihloohong tsena tse peli, re buisane feela ka mahlakore a mabeli a bopaki bo bontšang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, eseng la motho. Ho sa tsotellehe hore na ba nahana ka bohlale ba Bibele boo ho seng bo tšoanang le bona kapa matla a eona a ho fetola batho—kapa lintho tse ling tse ngata tse tšoaeang hore ea ikhetha—ha ho kamoo batho ba tiileng ba ke keng ba hlokomela hore e tlameha e be e bululetsoe ke Molimo. Re le Bakreste, re rapella hore ba bang ba bangata ba hlokomele ’nete ena. Joale le bona ba tla pheta mantsoe a thabisang a mopesaleme: “Jehova, u elelloe hoba ke rata litemoso tsa hao; u mphelise ka mohau oa hao! Kakaretso ea lentsoe la hao ke ’nete, likahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.”—Pesaleme ea 119:159, 160.
Na u sa Hopola?
◻ Bibele e na le tšusumetso efe holim’a Bakreste ba ’nete?
◻ Ke joang tsebo e nepahetseng e thusang ho re fetola?
◻ Ke joang Bibele e re susumelletsang ho hlaolela litšoaneleho tse ntle le ho hlōla tse mpe?
◻ Ke thuso efe e fumanehang bakeng sa ho hlaolela litšoaneleho tsa bomolimo?
◻ Ke bopaki bofe ba hore Bibele e bululetsoe bo bonoang har’a batho ba Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Phello e soabisang ea ho se tšepahale ha Salomone botsofaling ba hae e lokela ho re susumelletsa ho rata ho loka le ho hloea bokhopo
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Haeba re kōpa thuso ho Jehova, moea oa hae o tla matlafatsa boiteko leha e le bofe boo re bo etsang ba ho hlōla litšobotsi tse mpe