Jeremane
JEREMANE ke khubung ea tšebetso ea machaba. Ka karolelano batho ba ka bang 15 000 000 ba tsoang linaheng tsa mose ba tla e le bahahlauli selemo le selemo. Boholo ba bona bo qeta nako ea bona ea phomolo Lithabeng tsa Bavaria, Black Forest, mosikong oa Nōka ea Rhine e nang le ponahalo e ntle, kapa ba etela litsi tsa setso tse metseng e meholo. Ba bang ba etelang Jeremane e ka ’na eaba ba ea moo ka mabaka a khoebo. Jeremane ke se seng sa lichaba tse khōlō tsa khoebo tsa lefatše, tse nang le maqhama a khoebo lefatšeng lohle. Ka lilemo tse ngata, moruo oa naha eo o hōlang o ile oa hohela basebetsi ba bangata haholo ba tsoang linaheng tse ling hoo sena se ileng sa e-ba le phello e bonahalang kahehong ea baahi ba metseng e meholo. Sena se boetse se amme le tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova Jeremane.
Tšebeletso ea tsona e ’nile ea angoa hape ke liketsahalo tse etsahetseng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le qetellong ea eona. Tlas’a puso ea khatello ea Adolf Hitler, Lipaki e ne e le liphofu tsa tlhaselo e sehlōhō le ea nako e telele. Ka tumello ea baruti ba K’hatholike le ba Prostanta, Hitler o ile a ikana hore o tla felisa Ernste Bibelforscher (Liithuti tse Tiileng tsa Bibele), kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala kateng Jeremane ka nako eo. Empa Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa sekisetsa tumelo ea tsona. Li ile tsa ema li tiile khahlanong le tlhaselo e se nang mohau.
Lilemo tse 12 ka mor’a hore Lipaki li thibeloe Jeremane, Hitler le mokha oa hae oa lipolotiki ba ne ba felile. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile li bolella batho ka ’Muso oa Molimo le hore na o bolela’ng bakeng sa moloko oa batho. Tlaleho ea seo li fetileng ho sona mehleng ea Bonazi le kamoo li ileng tsa sebetsana kateng le sona e ntse e tsoela pele ho fana ka bopaki—hona joale lefatšeng lohle.
Ke eng e ileng ea etsa hore Lipaki li hlōle? E ne e se ka lebaka la hobane li le bohlale ka tsela e itseng. Ho hang, e ne e se ka lebaka la bongata ba tsona. Li ne li le ka tlaase ho 20 000 Jeremane eohle qalong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha ho bapisoa le puso e khōlōhali ea Manazi. Tlhaloso e fumaneha ho seo Gamaliele, mosuoe ea bohlale, a ileng a se bolela khale, joalokaha se tlalehiloe ka Bibeleng: “Hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, ha le na ho khona ho ba liha.” (Lik. 5:34-39) Lipaki tsa Jehova Jeremane li ile tsa ipaka li tšepahala ho Molimo, esita le tlas’a tšokelo ea lefu, ’me Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hore o ne a ‘ke ke a tlohela ba hae ba tšepahalang.’—Pes. 37:28, NW.
Ho Sebelisa Hamolemo Menyetla ea Bona ea ka Mor’a Ntoa
Ba neng ba pholohile lilemong tsa ntoa ba ne ba bona hore ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa. Ba ne ba sa tsoa feta har’a liketsahalo tseo e neng e le karolo ea ho phethahala ka ho feletseng ha seo Jesu Kreste a se boletseng esale pele hore se ne se tla tšoaea pontšo ea ho ba teng ha hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho. Ba ne ba le har’a ntoa eo ho seng e kileng ea lekana le eona historing. Ba ne ba utloile hore na ho bolela’ng ho ba matšoenyehong, ho ekoa, ho hlouoa ke lichaba le ho bolaoa. Ba ne ba le har’a khaello ea lijo e boletsoeng esale pele. Batho ba ne ba hloka ho bolelloa hore na liketsahalo tsena li bolela’ng. Esita le ka likampong tsa mahloriso, ha ho mohla Lipaki tsa Jehova li kileng tsa tlohela ho bolela. Empa li ne li tseba hore Jesu o boletse esale pele: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:3-14) Ho ne ho sa ntse ho lokela ho etsoa ho eketsehileng, ’me li ne li labalabela ho tsoela pele ka mosebetsi.
Hang-hang ka mor’a ntoa, Lipaki tse Jeremane li ile tsa hlophisa bocha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Erich Frost, ea ileng a lokolloa ka mor’a lilemo tse robong, kapele-pele o ile a lokisetsa hore barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba etele liphutheho, ba li hlophise bocha le ho li matlafatsa. Lipaki tse ling li ne li fokola ka lebaka la tlala hoo li ileng tsa ilibana nakong ea liboka, empa li ne li ikemiselitse ho ba teng hore li rue molemo lijong tsa moea. Letsatsing la pele ka mor’a hore a lokolloe, Gertrud Poetzinger o ile a tsamaea letsatsi lohle a lebile Munich, a e-na le tšepo ea hore o tla fumana monna oa hae moo. Empa phirimaneng eo ha batho ba mosa ba mo fa lijo le moo a ka robalang teng, o ile a lula ho fihlela ka mor’a khitla, a ntse a ba pakela ka merero ea Jehova. Konrad Franke, hoba a lokolloe, o ile a qalella hang-hang ka tšebeletso ea bopula-maliboho, le hoja qalong a ne a e-na le seaparo se le seng feela sa teronko se metsero.
Ka 1947 ho ne ho e-na le Lipaki tse 15 856 Jeremane tse neng li boetse li kopanela phatlalatsa tšebeletsong ea tšimo, ka sebete li tsebahatsa hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa khotso le tšireletseho tse sa feleng. Jehova o ile a hlohonolofatsa cheseho ea tsona tšebeletsong, ’me ka May 1975, lilemo tse 30 ka mor’a hore ntoa e lale, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 100 351 ba tšoarehileng Jeremane Bophirimela.
Lilemong tseo, e ne e se tšimo ea Jeremane feela e fumanang bopaki. Lipaki tse chesehang Jeremane li ile tsa fumana hore tšebeletso ea tsona e ne e ama batho ba lichaba tse ngata. Ka tsela efe?
Tšimo ea Boromuoa Naheng ea Habo Bona
E le ho khahlametsa litlhoko tsa moruo oa eona o hōlang, Jeremane e ile ea qala ho thaotha Gastarbeiter, kapa “basebetsi ba baeti” ba tsoang linaheng tse ling, bohareng ba bo-1950. Palo e khōlō e ile ea kena naheng eo e tsoa Greece, Italy, Portugal, Spain, Turkey le moo e neng e le Yugoslavia ka nako eo. Ka 1972 basebetsi ba tsoang ka ntle ho naha ba ne ba se ba feta limilione tse 2,1.
Ka mor’a leru le leholo la basebetsi ba tsoang linaheng lisele ho tloha ka bo-1950 ho ea ho bo-1970, Jeremane e ile ea fieloa ke leqhubu la baphaphathehi ba tsoang Afrika le Asia ka bo-1980. Ka bo-1990, ba ile ba kopana le baphaphathehi ba tsoang Europe Bochabela le Linaheng tsa Balkan. Ka lebaka la melao ea nako eo e neng e bulehetse ho fana ka setšabelo sa lipolotiki, Jeremane e ile ea e-ba le palo e phahameng ea baahi ba tsoaletsoeng linaheng lisele ho feta sechaba leha e le sefe sa Europe.
Lipaki tsa Jehova li ile tsa bona sena e le tšimo e ntle ea boromuoa e itlisitseng ha habo tsona. Kaha “Molimo ha a leeme” le hore kaha batho ba ntšitsoeng ha habo bona ka sebele ba hloka matšeliso ao e leng Lentsoe la Molimo feela le ka fanang ka ’ona, ka cheseho Lipaki tsa Jehova li ile tsa ikutloa li tlameha hore li bolelle batho bana litaba tse molemo. (Lik. 10:34, 35; 2 Bakor. 1:3, 4) Empa ho finyella batho ba 7 500 000 ba tsoang linaheng lisele Jeremane ka puo ea habo bona e ne e se mosebetsi o monyenyane.
E le hore li ka arolelana ’nete ea Bibele ka tsela e atlehileng haholoanyane le batho bana ba tsoang linaheng lisele, Lipaki tse ngata tsa Jeremane li ile tsa ithuta puo e ncha. Ke bopaki bo botle hakaakang ba hore li hlile li rata baahelani ba tsona, tumellanong le seo Jesu a se rutileng balateli ba hae! (Mat. 22:39) Le hoja boholo ba Lipaki tsena bo ne bo sa khone ho ba baromuoa linaheng lisele, bo ile ba chesehela ho sebelisa monyetla o ka hare ho naha ea habo tsona. Kahoo, ka August 1998, bahoeletsi ba fetang 23 600 ba ne ba bolela litaba tse molemo liphuthehong tse 371 tsa lipuo lisele le lihlopha tse 219 tsa bahoeletsi. Ke ’nete hore liphutheho tsa lipuo lisele ha lia thehoa ka morero oa ho arola batho, empa ho e-na le hoo, ke ho nolofalletsa batho ba sa tsebeng Sejeremane hantle hore ba ithute ’nete ka puo ea habo bona. Bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore puo ea bobeli e ka ’na ea finyella kelello empa hangata ho hlokahala puo ea habo motho ho finyella pelo.
Le hoja batho ba tsoang linaheng lisele ba nyelisoa le ho tšoaroa hampe ke lihlopha tse ling Jeremane, har’a batho ba Jehova ba amoheloa ka lerato la sebele la Bokreste. Har’a lipuo tse 24 ho phaella Sejeremaneng tseo hona joale Lipaki tsa Jehova li tšoarang liboka ka tsona mona ke Sealbania, Seamharike, Searabia, Sechaena, Sehindi, Sehungari, Sejapane, Sepersia, Seromania, Setamile, Setigrinya le Sevietnam. Likopanong tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo” tsa 1993 tse neng li tšoaretsoe Jeremane, hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea batho ba 194 751 ba neng ba le teng e ne e le likopanong tsa lipuo lisele. ’Me palo ea ba ileng ba kolobetsoa ho tsona e ne e ka ba karolo ea 14 lekholong ea kakaretso.
Har’a ba ileng ba arabela molaetsa oa ’Muso ka kananelo ke lelapa la Mahindu le ileng la falla Sri Lanka ka 1983 ka lebaka la ntoa moo, le neng le e-na le tšepo ea ho fumanela mora oa lona ea lilemo li tšeletseng phekolo ea meriana. Ka masoabi, moshemane eo o ile a shoa. Empa lelapa leo le ile la tseba Jehova, ea tlang ho tsosa bafu le ho ba fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (Lik. 24:15) Ho boetse ho na le Monigeria eo ha e sa le ngoanana ea lilemong tsa bocha a ileng a loana ntoeng ea Biafra. Ka mor’a hore a fallele Jeremane, bophelo ba hae bo ile ba fetoha ha a ithuta seo Jehova a se rutang batho mabapi le ho phela hammoho ka khotso.—Esa. 2:3, 4.
Har’a Mataliana a ileng a fetoha Lipaki tsa Jehova ha a le Jeremane, ke ntho e tloaelehileng ho utloa maele ana, “Non tutti i mali vengono per nuocere” (“Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe e fellang ka bomalimabe”). Ke a loketseng hakaakang! Ba bangata ho Mataliana ao, hammoho le batho ba tsoang linaheng tse ling, ba tlile Jeremane ba baleha mathata a moruo, empa ba fumana ho hong ho molemo ho feta thepa ea lintho tse bonahalang—’nete ka Molimo le morero oa hae.
Cheseho ea Lipaki tšebeletsong har’a batho bana e ’nile ea hlokomeloa ke ba bang. Phutheho ea Halberstadt e ile ea fumana lengolo lena: “Re batho ba liahelo tsa nakoana tse bohareng bakeng sa ba batlang botšabelo, ’me kamehla, re hlokomela batho ba tsoang lichabeng tse fetang 40. . . . Batho bana, ba tsoang meetlong e mengata e sa tšoaneng, ba ile ba tlameha ho siea litho tsa malapa a bona, naha ea habo bona, puo ea habo bona le meetlo ea bona. Hangata ba bile le liphihlelo tse sisimosang, ’me ba tobana le bokamoso bo sa tsitsang. . . . Ke ka lebaka leo ba bangata ba bona ba talimang bolumeling bakeng sa tšehetso le tšepo. Rea le leboha ka mpho ea lōna ea seatla se bulehileng [ea Libibele ka lipuo tse sa tšoaneng] e nolofalletsang batho bana ho fumana matšeliso le tšepo ka ho bala Bibele ka puo ea habo bona.”
Lihlopha Tse Seng Kae Tsa Lipuo Lisele
SENYESEMANE: Baphaphathehi ba tsoang Nigeria, Ghana, Sri Lanka, India, le libakeng tse ling ba rua molemo ka mosebetsi oa liphutheho tsa Senyesemane. Steven Kwakye, ea tsoang Ghana, ke e mong oa ba ruileng molemo. Jeremane, ha mohlankana e mong ea tsoang Bangladesh a bolella Steven hore o ne a leka ho qoba Lipaki, Steven o ile a etsa tlhahiso ea hore a li romele ho eena. Ha Steven e sa ntse e le mohlankana, Paki e ’ngoe e ne e ile ea bua le eena Ghana. Joale, a le hōle le khatello ea beng ka eena, Steven o ne a batla ho ithuta ho eketsehileng. Kajeno ke moholo oa Mokreste, ’me lelapa la hae le kopanela le eena ho sebeletseng Jehova.
SETURKEY: Mosali oa Rasim le bara ba hae e ne e bile Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse fetang leshome, le hoja Rasim eena a ile a tsoela pele ka tumelo ea Islamo. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore tlhaloso ea Koran e fapana ho ea ka limoske hoo Mamosleme a mang a neng a ke ke a ea moskeng o mong ntle ho oa habo ’ona. Ha a etetse Turkey, o ile a ea moskeng le libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ha a le moskeng, o ile a utloa litlhaloso tsa Islamo tse sa tšoaneng le tse rutoang Jeremane. Bonngoe bo ne bo le sieo. Empa ha a khutlela Jeremane, o ile a re: “Lerato le tšoanang le lenaneo le tšoanang li ka fumanoa mona Holong ea ’Muso ka tsela e tšoanang le Holong ea ’Muso e Turkey. Ena ke ’nete.”
SEHINDI: Ka 1985 Lipaki tse peli li ile tsa kokota ha Sharda Aggarwal hang ka mor’a hore a rapelle ho fumana molimo eo a ka tšollelang pelo ea hae ho eena. Monna oa hae o ne a e-na le kankere ea matšoafo. O ne a nyahame, a e-na le boikutlo ba hore melimo ea Hindu e ne e hlokomoloha lithapelo tsa hae. O ile a botsa Lipaki hore na Jesu ke Molimo. Tlhaloso ea tsona e ile ea mo kholisa hore thapelo ea hae e ne e arabetsoe. Ho ne ho utloahala eka Jehova ke eena mofuta oa molimo eo a batlang ho ithuta ka eena. Le hoja qalong a ne a le leqe ho furalla melimo ea Bohindu ka ho tšaba ho e khopisa, o ile a lahla litšoantšo tsa eona ’me a amohela Jehova e le Molimo oa ’nete. O ile a kolobetsoa ka 1987. Kajeno ke pula-maliboho oa kamehla, oa leboha hore ebe o sebeletsa Molimo ea nang le botho eo a ka tšollelang sefuba sa hae ho eena. Monna oa hae le mora oa hae ke bahlanka ba sebeletsang.—Pes. 62:8.
SEPOLISHE: Ka 1992 ho ile ha thehoa phutheho ea Sepolishe, Berlin, ’me hona selemong seo, ho ile ha tšoaroa letsatsi le khethehileng la kopano ka Sepolishe. Le hoja e ne e tšoaretsoe karolong ea Jeremane eo ho eona batho ba bangata ba nang le semelo sa Sepolishe, ho ne ho se na ea lebeletseng ho bona Holo ea Kopano, Holo ea ’Muso e haufi le eona le moo ho jelloang li tletse tsoete! Hoo e ka bang batho ba 2 523 ba ile ba tla! Tse ling tsa Lipaki tsena e ne e le tsa Mapolishe tse neng li kopanela liphuthehong tsa Sejeremane, empa li ile tsa thabela ho bona mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o buleha tšimong ea Sepolishe, ’me tsona ka botsona li ile tsa thabela ho utloa linnete tsa Bibele li buuoa ka puo ea habo tsona.
Esita le Serussia, Secroatia sa Serbia le Sechaena!
SERUSSIA: Ka mor’a hore Ntoa ea Mantsoe e lale, batho ba bangata ba hōletseng Russia ’me ba bua Serussia empa baholo-holo ba bona e ne e le Majeremane ba ile ba khutlela naheng ea baholo-holo ba bona. Ho ne ho boetse ho e-na le litho tsa mabotho a Soviet tse neng li sebeletsa ho se neng se bitsoa Jeremane Bochabela ka nako eo, hammoho le bana ba tsona. Batho bohle ba tsoetsoe ba e-na le tlhoko ea moea, ’me tlhoko ea bona e ne e e-s’o khotsofatsoe.
Lelapa la Schlegel ke la morabe oa Majeremane a ileng a falla Hloahloeng ea Crimea, Ukraine ka 1992 ho leba naheng ea baholo-holo ba bona. Ha ba le moo ba ile ba kopana le e mong oa Lipaki tsa Jehova eo haele hantle a neng a e-tsoa Uzbekistan eo e neng e bile Paki ha a le Jeremane. Ka mor’a ho ithuta Bibele, lelapa lohle le ile la kolobetsoa.
Sergej le mosali oa hae, Zhenya, ba ne ba latola boteng ba Molimo. Empa ha ba bontšoa likarabo tsa Bibele lipotsong tsa bona, haholo-holo mabapi le bokamoso, ba ile ba hlolloa. Ka boikokobetso, ba ile ba hlaolela tumelo ho Jehova ’me ba etsa liphetoho bophelong ba bona, le hoja hoo ho ile ha bolela hore Sergej a fetole mosebetsi oa hae le ho tela penshene eo a neng a se a le haufi le ho e fumana.
Marina, mooki sepetleleng sa sesole, o ne a ntse a batla moelelo oa bophelo. Ha a fumana buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, o ile a e bala hang-hang ’me kapele a hlokomela hore o ne a fumane seo a neng a se batla. Ka mor’a hore a khutlele Russia, o ile a etela ba bang ba neng ba ithutile le Lipaki tsa Jehova Jeremane, ho ea ba khothatsa. Kapele a qala ho phehella morero oa hae bophelong e le pula-maliboho.
Ho fihlela ka August 1998, ho ne ho e-na le liphutheho tse 31 tsa Serussia le lihlopha tse nyenyane tse 63, tse nang le kakaretso ea bahoeletsi ba 2 119—keketseho ea karolo ea 27 lekholong ho feta selemong se ka pele.
SECROATIA SA SERBIA: Johann Strecker, molebeli ea tsamaeang tšimong ea Secroatia sa Serbia, o bolela hore bonyane lichaba tse sa tšoaneng tse 16 li ne li phela ho seo e kileng ea e-ba Yugoslavia. O re: “Ke ntho e babatsehang ho bona kamoo ’nete e li kopanyang kateng hona joale.” Ha Munib, Momosleme ea neng a sebelelitse lebothong la Yugoslavia ka lilemo tse robeli, a memeloa sebokeng sa Lipaki tsa Jehova Jeremane, o ile a fumana Macroatia, Maserbia le batho ba nang le semelo sa Bomosleme ba bokane hammoho ka khotso. Ho eena, ho ne ho le thata ho lumela sena! Ka khoeli e le ’ngoe o ile a ba teng libokeng a shebelletse feela. Ha a kholisehile hore khotso le bonngoe tse teng har’a Lipaki ke tsa sebele, o ile a lumela ho qala ho ithuta Bibele. O ile a kolobetsoa ka 1994.
Rosanda, Mok’hatholike oa Roma ea tsoang Croatia ea neng a qetile lilemo tse ’maloa a le boitlaming, o ile a etela beng ka eena bao e neng e se e le Lipaki Jeremane. Ka mor’a hore a be teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso le bona, o ile a lumela: “Le na le ’nete. Kamehla ke ne ke ipotsa hore na Bakreste ba pele ba ne ba bolela kosepele joang. Ha ke bona baralib’abo rōna ba babeli sethaleng, kamoo e mong a neng a bolella e mong kateng, ke ile ka tleloa ke monahano kelellong ea ka: ‘E tlameha ebe ke ka tsela eo Bakreste ba pele ba neng ba ho etsa ka eona.’” Kajeno ke pula-maliboho, a latela mohlala oa Bakreste ba pele.
Tse ling tsa Lipaki tsa Jeremane tse ileng tsa ithuta lipuo tsa lihlopha tsena e le hore li ka li pakela, hamorao li hlile tsa fallela linaheng tseo ho ea sebeletsa teng ha ho khoneha.
SECHAENA: Mosebetsi tšimong ea Sechaena Jeremane o sa tsoa buleha morao tjena. Egidius Rühle, eo e kileng ea e-ba moromuoa Taiwan, oa hlalosa: “Boholo ba batho ba tsoang Chaena ha ho mohla ba kileng ba utloela ka rōna, re se re sa re letho ka ho bala Bibele.” Oa phaella: “Kaha boholo ba Machaena bo chesehela ho ithuta, ba monya tsebo joaloka seponche se ommeng ha se monya metsi.”
Ha sehlopha sa bo12 sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se ne se tsebisoa Lelapa la Bethele le Selters ka October 1996, e bile ho thabisang hakaakang ho kopana le seithuti sa pele sa Lechaena sa ho ea sekolong seo Jeremane. Se ne se ithutile ’nete Jeremane. ’Me eena o ne a ile a pakela moprofesa oa Lechaena oa jioloji ’me o ne a ile a mo fa buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? O ile a bala buka eo kaofela ka beke e le ’ngoe. Joale, ho e-na le ho ruta thuto ea ho iphetola ha lintho, o khanna lithuto tsa Bibele tsa lehae—tse 16 tsa tsona qetellong ea 1996.
Ba Chesehela ho Arolelana Seo ba Ithutileng Sona
Ha e le hantle, baahi ba tsoang linaheng lisele ba baloang ka makholo ba ithutile ’nete Jeremane lilemong tse fetileng ’me ba khutlela ha habo bona ho ea ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo. Hona joale ba bangata ba sebeletsa e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang kapa maemong a mang a boikarabelo. Petros Karakaris ke setho sa lelapa la Bethele Greece; Mamadou Keita o sebeletsa e le moromuoa Mali; ’me Paulin Kangala—ea tsejoang ke ba bangata e le Pepe—ke moromuoa Central African Republic, hammoho le mosali oa hae, Anke.
Ho tloha qalong ea bo-1990, bahoeletsi ba buang Segerike ba fetang 1 500 ba khutletse Greece, ba bang ba bona e le baholo ba tšoanelehang. Ba bang ba falletse Sweden, Belgium, Engelane le Canada ho ea ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela har’a batho ba buang Segerike moo. ’Me mohlomong ha ho naha e ’ngoe lefatšeng, ka ntle ho Greece, e nang le bahoeletsi ba bangata ba buang Segerike joaloka Jeremane.
Ho ne ho Etsahala’ng Jeremane Bochabela?
Qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Jeremane e ne e hapiloe ke mabotho a Brithani, Fora, Soviet Union le United States. Sechaba se hlōtsoeng se ne se arotsoe ka libaka tse ’nè; o mong le o mong oa mebuso ena e mene e hlōtseng o ile oa fumana sebaka seo o se laolang. (Berlin, e leng motse-moholo, le oona o ile oa aroloa likarolo tse ’nè.) Kaha sebaka se hapiloeng ke Soviet e ne e le karolo e ka bochabela ea naha, kapelenyana se ile sa tsebahala e le Sebaka se ka Bochabela. Ka 1949, bobusi bo ile ba tsosolosoa karolong ena ea Jeremane, ’me e ile ea fetoha German Democratic Republic. Empa ha e le hantle, poleloana “Sebaka se ka Bochabela” e ile ea nkeloa sebaka ke lebitso la Jeremane Bochabela. Ha libaka tse tharo tse setseng tse hapiloeng li fetoha Federal Republic of Germany ka 1955, joale, tumellanong le tšebeliso e tloaelehileng, e ile ea tsejoa e le Jeremane Bophirimela.
Ka mor’a ho oa ha puso ea Bonazi, Lipaki tsa Jehova tse phelang Sebakeng se ka Bochabela, kapelenyana li ile tsa sebelisa monyetla oo ho tšoara liboka phatlalatsa le ho kopanela ka cheseho tšebeletsong ea tšimo. Bohareng ba 1949, ho ne ho tlaleha ba fetang 17 000 tšebeletsong ea tšimo Jeremane Bochabela. Empa tokoloho eo ba bileng le eona ka mor’a ho oa ha puso ea Bonazi e bile ea nakoana. Liboka tsa phutheho li ile tsa boela tsa senngoa ke sepolesa. Libuka li ile tsa nkuoa ka mahahapa. Ho ile ha koaloa litsela ho thibela Lipaki hore li ka ea kopanong. Barab’abo rōna ba ile ba tšoaroa. Ka la 31 August, 1950, ho ile ha etsoa thibelo ea molao. Lipaki tse Jeremane Bochabela li ile tsa qobelleha ho sebetsa ka sekhukhu hape, lekhetlong lena e le ka lebaka la puso ea Bokomonisi, ho fihlela li hlahella hoo e ka bang lilemo tse 40 hamorao.
Mahloriso Jeremane Bochabela a ne a le mabe haholo qalong ea thibelo. Ka 1990 koranta ea Jeremane Berliner Morgenpost e ile ea tlaleha: “Pakeng tsa 1950 le 1961 [ha ho hahuoa Lerako], bahlanka ba ’muso ba Jeremane Bochabela ba ile ba tšoara Lipaki tsa Jehova tse 2 891; ba 2 202 ba tsona, ho akarelletsa le basali ba 674, ba ile ba qosoa ’me ba ahloleloa lilemo tse 12 013 kaofela teronkong. Nakong eo ba ntseng ba le teronkong ka eona, banna ba 37 le basali ba 13 ba ile ba shoa ebang ke ka ho tšoaroa hampe, ho kula, khaello ea phepo e ntle, kapa botsofali. Makhotla a ile a ahlolela banna ba 12 bophelo bohle teronkong empa hamorao kahlolo ea bona e ile ea fokoletsoa lilemong tse 15.”
Ke ’nete hore hoo e ne e le qalo feela. Thibelo eo ile ea nka lilemo tse mashome a mane. Ho bile le linako tseo ho neng ho bonahala khatello e fokotseha holim’a Lipaki. Joale ebe ho hlaseloa malapa ’me ho tšoaroe ba eketsehileng. Le hoja ho sa tsebahale lipalo tse nepahetseng hantle, tlaleho ea Mokhatlo ea histori e bontša hore nakong ea lilemo tsa thibelo, Lipaki tse 4 940 Jeremane Bochabela li ile tsa kenngoa teronkong libakeng tse 231 tse sa tšoaneng.
Ho Kopana ka Masene
Esita le tlas’a maemo a joalo a thata, ka kakaretso Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana tsela ea ho fumana lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa ho ithuta. Bara le barali babo rōna ba makholo-kholo ba sebete ba ile ba beha bolokolohi ba bona kotsing ’me ka linako tse ling le bophelo ba bona bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa moea. Hangata baralib’abo rōna ba ne ba phetha karolo e ka sehloohong. Pele ho emisoa Lerako la Berlin ka 1961, ba ne ba ee ba ee karolong e ka Bophirimela ea Berlin, ba fumane lingoliloeng ofising ea Mokhatlo moo, ’me ba khutle ba li nkile. Ha lihloela tsa Jeremane Bochabela li qala ho lebela ofisi ho bona hore na ke bo-mang ba fumanang lingoliloeng, ba bang ba tsamaisang lingoliloeng ba ile ba tšoaroa. Kahoo ho ile ha sebelisoa maqheka a mang. Baralib’abo rōna ba etsang eka ke batsamaisi ba melaetsa ba ne ba ee ba nke lingoliloeng malapeng a Lipaki tse ling Berlin ebe ba leba hae ka tsona. Ho sa tsotellehe taba ea hore ba bang ba ile ba tšoaroa, ba hulanyetsoa lekhotleng, ’me ba ahloleloa ho ea teronkong, ho phalla ha phepelo ea lintho tsa moea ha ho mohla ho kileng ha fela ka ho feletseng.
Na ba ne ba khona ho tšoara liboka tsa Bokreste tlas’a maemo a joalo? Ka ho utloahalang, ba bang ba ile ba ikutloa ba e-na le tšabo qalong. Empa ba ile ba hlokomela hore ho bokana le Bakreste-’moho e ne e le habohlokoa hore ba tle ba lule ba le matla moeeng. (Baheb. 10:23-25) Ba ile ba lokisetsa ho li tšoara ka bohlale, ka lihlotšoana. Ka mabaka a tšireletso, ba ne ba bitsana ka mabitso a pele feela. Ka kakaretso liboka li ne li tšoaroa bosiu, li tšoareloa libakeng tse sa tšoaneng le ka matsatsi a sa tšoaneng. Hlabula, liboka li ne li sa qale pele ho 10:00 bosiu. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba li amohela ba sa ngongorehe.
Le hoja ho ne ho ke ke ha sebelisoa Liholo tsa ’Muso, molemi e mong ea nang le botsoalle Saxony o ile a lumela hore ho sebelisoe moliko oa hae. O ne o e-na le monyako o ka morao o bulehelang tselaneng e siriloeng ke lihlahla. Bakeng sa mariha ’ohle, moliko oo o ile oa sebelisoa ke batho ba ka bang 20, ba neng ba kopana ba khantšitse ka kerese. Kapelenyana, molemi eo le eena o ile a fetoha Paki.
Ka holim’a tsohle, ba ile ba lokisetsa ho keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena. Manfred Tamme o hopola ketsahalo e ’ngoe eo a ileng a fa barab’abo rōna ba neng ba le teronkong litšoantšetso tsa Sehopotso: “Ke ile ka tlatsa botlolo ea setlolo sa moriri ka veine ’me ka kōpa hore e fetisetsoe ho mor’abo rōna ea teronkong. Ofisiri e ile ea bula botlolo eo, ea nkha se tšetsoeng ka hare, ’me ea re: ‘Ho thoe see se tla thibela hore moriri oa hao o hlothehe?’ Ke ile ka arabela, ‘Bonyane ke seo e se bolelang.’ E ile ea boela ea e koahela ’me ea e fa mor’abo rōna eo botlolo e neng e ea ho eena!”
Ho Ithuta ho Paka Tlas’a Thibelo
Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ha oa ka oa khaotsa Jeremane Bochabela. Bibele e ne e sa thibeloa, kahoo hangata barab’abo rōna ba ne ba qala moqoqo ka hore feela ba bue ka Bibele. Kaha ba ne e-na le ho honyenyane kapa ba se na letho leo ba ka fanang ka lona, ba ne ba qapa lipuisano tsa Bibele tse thehiloeng letotong la mangolo a lokiselitsoeng a buang ka lihlooho tse sa tšoaneng. Ke ’nete hore ho bolela ho ne ho le kotsi. Letsatsi le leng le le leng tšebeletsong e ne e ka ba la ho qetela la bolokolohi. Lipaki li ile tsa etsa thapelo ‘motsoalle oa tsona oa nako eohle,’ kamoo e ’ngoe ea tsona e ileng ea hlalosa kateng, ’me ea phaella: “E ile ea re etsa hore re ikutloe re khatholohile ’me ea re fa seriti. Ha ho mohla re kileng ra ikutloa re le bang. Leha ho le joalo, re ne re tlameha ho ba seli kamehla.”
Ho sa tsotellehe boiteko ba ho ba seli, ho ne ho e-ba le linako tseo ba tobanang le sepolesa. Ketsahalong e ’ngoe ha Hermann le Margit Laube ba ne ba etela malapa a buelletsoeng ke batho bao ba seng ba ntse ba a tseba, ba ile ba bona junifomo ea sepolesa e fanyehiloe leboteng ka mor’a monna ea ileng a ba bulela monyako. Sefahleho sa Margit se ile sa pulufala; pelo ea Hermann e ile ea uba. Ba ile ba rapela ba khutsitse. Ka sebele sena se ne se tla bolela teronko! Monna eo o ile a botsa ka ho toba: “Le bo-mang?” E ile ea e-ba Margit ea arabelang: “Kannete ke u tsebella kae-kae, empa ha ke hopole hore na ke hokae. Eke, u lepolesa. E tlameha ebe ke u bone ha u le mosebetsing.” Ka lentsoe le batlang le e-na le botsoalle, o ile a arabela: “Na le tsa Jehova?” Hermann o ile a araba: “E, re tsona, ’me u tla lumela hore ho hloka sebete hore re tl’o kokota ha hao. Re thahasella uena u le motho.” Ba ile ba memeloa ho kena ka tlung. Ka mor’a hore ba etele moo ka makhetlo, ho ile ha qaloa thuto ea Bibele. Ka mor’a nako, o ile a fetoha mor’abo rōna oa Mokreste.
Ba bang ba ne ba paka hona literonkong. Wolfgang Meise o ne a le teronkong Waldheim. Ka letsatsi le leng o ile a fumana lengolo le tsoang ho mosali oa hae a bolela hore o ne a le “Berlin ’me o ile a thabela sopho ea Knorr.” (Knorr ke lebitso la sopho e ratoang haholo Jeremane.) Wolfgang o ile a sebelisa monyetla oo ho hlalosetsa motšoaruoa ’moho le eena hore sena se bolela hore ho ne ho e-na le kopano Berlin le hore N. H. Knorr, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, e ne e le sebui moo. Monna eo ha a e-s’o lebale mahlo a phatsimang a Wolfgang, a bontšang thabo eo a neng a e-na le eona, ha a ntse a hlalosa lengolo la mosali oa hae. Lilemo tse ka bang 14 hamorao, ka mor’a hore a fallele Jeremane Bophirimela, monna eo o ile a qala ho ithuta Bibele, ’me lilemo tse peli hamorao o ile a kolobetsoa Würzburg.
Hildegard Seliger, ea neng a se a qetile lilemo tse ngata likampong tsa mahloriso tsa Manazi, o ile a ahloleloa lilemo tse ling tse leshome teronkong ke lekhotla la Bokomonisi Leipzig. Hamorao, molebeli e mong oa mosali teronkong e Halle o ile a bolella Hildegard hore o ne a talingoa a le kotsi ka ho khethehileng hobane ‘o ne a bua ka Bibele letsatsi lohle.’
Keketseho e sa Khaotseng ho sa Tsotellehe Thibelo
Cheseho e bontšitsoeng ke barab’abo rōna e ile ea hlahisa litholoana tse ntle. Horst Schramm o tlaleha hore qalong ea bo-1950, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 25 Phuthehong ea Königs Wusterhausen, empa ha Lerako la Berlin le oa, ba ne ba le 161. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba 43 ba ne ba falletse ka Bophirimela, ’me ba ’maloa ba shoele. Ha e le hantle, liphuthehong tse ling karolo e fetang 70 lekholong ea Lipaki tse mafolofolo hona joale e ithutile ’nete tlas’a thibelo.
Ka mohlala, nka lelapa la Chemnitz. Bernd le Waltraud ba ile ba ithuta ’nete ’me ba kolobetsoa ba sa ntse ba le banyenyane, matsatsing a qalang a thibelo. Ka mor’a hore ba nyalane ’me ba qale ho hōlisa lelapa, ha baa ka ba lumella thibelo ho ba sitisa ho hōlisa bana ba bona hore e be bahlanka ba Jehova. Ka bo-1980, ha mosebetsi o ntse o thibetsoe, Andrea, Gabriela, Ruben le Esther, ba latela ketello-pele ea batsoali ba bona, ba ile ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Ke Matthias feela, oa ho fela ea ileng a kolobetsoa ka mor’a hore thibelo e tlosoe. Jehova o ile a hlohonolofatsa boikemisetso ba banyalani bana ka ho enneng ha ba tobane le khanyetso. Ke moputso o mokaakang ho bona ho tseba hore kajeno bana ba bona ba bahlano kaofela ke litho tsa lelapa la Bethele la Selters!
Moholo e mong ea neng a thusa ho bokella litlaleho tsa khoeli le khoeli tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa Mokhatlo o re: “Lilemong tsohle tse 40 tsa thibelo, ha ho khoeli le e ’ngoe e kileng ea feta ho se ea kolobetsoang.” Joale oa qaqisa: “Ka kakaretso kolobetso e ne e le ntho e nyenyane ’me e etsetsoa malapeng a batho. Ka mor’a puo, bakolobetsuoa ba ne ba qoelisoa ka bateng. Hangata bothata e ne e e-ba ho ba qoelisa ka ho feletseng. Ho sa tsotellehe mathata a joalo a manyenyane, e mong le e mong oa bona o ntse a hopola ka thabo letsatsi leo a kolobelitsoeng ka lona.”
Ha ho boetse ho khoneha hore ho phatlalatsoe litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa Jeremane Bochabela, e bile thabo e kaakang ho tseba hore ka bo-1980 ho ’nile ha e-ba le bahoeletsi ba ka bang 20 704 ba mafolofolo sebakeng seo! Ke ’nete hore hona joale litlaleho tse arohaneng ha li sa hlokahala. Ka 1990, palo ea bahoeletsi bakeng sa Jeremane e kopaneng hape e ile ea phahamela ho 154 108.
Tlhophiso e Ncha ho Matlafatsa Mokhatlo oa Bara ba Motho
Nakong eo babusi ba Bokomonisi ba neng ba ikemiselitse ho boloka Lipaki karolong eo ea lefatše li arohile ho barab’abo bona ba Bakreste ba linaheng tse ling, ho ne ho ntse ho etsoa liphetoho tsa bohlokoa lefatšeng ka bophara mokhatlong o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova ka booona. Liphetoho tsena, tse entsoeng ka boiteko ba ho lumellana haufi-ufi le seo Bibele e se buang ka phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, li ile tsa sebeletsa ho matlafatsa mokhatlo oa machaba oa bara ba motho le ho lokisetsa mokhatlo o hlophisitsoeng bakeng sa khōlo e potlakileng nakong ea lilemo tse tlang.—Bapisa le Liketso 20:17, 28.
Kahoo, ho qala ka October 1972, liphutheho li ne li se li sa tsamaisoe ke motho a le mong feela, ea neng a tsejoa e le mohlanka oa phutheho, ea neng a hlokomela mosebetsi o hlokahalang ka thuso ea batlatsi. Ho e-na le hoo, ho ile ha khethoa sehlopha sa baholo bakeng sa ho tsamaisa phutheho ka ’ngoe. Ka bo-1975, ho ne ho se ho ntse ho bonahala liphello tse ntle tsa phetoho ena.
Leha ho le joalo, molebeli e mong ea tsamaeang oa khale, Erwin Herzig, o hopola hore phetoho eo ha ea ka ea amoheloa ke bohle. O re e ile ea sebeletsa ho senola “boemo ba pelo ba bahlanka ba bang ba phutheho.” Le hoja karolo e khōlō e ne e e-na le lipelo tse tšepahalang, phetoho eo e ile ea hleka ba seng ba kae ba neng ba lakatsa le ho labalabela hore e be “ba pele” ho feta ho sebeletsa barab’abo bona.
Liphetoho tse eketsehileng li ne li boneloa haufi. Ka bo-1970, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa atolosoa eaba joale se hlophisoa bocha, mosebetsi oa sona oa aroloa ka likomiti tse tšeletseng tse ileng tsa qala ho sebetsa ka la 1 January, 1976. Khoeli hamorao, ho tloha ka la 1 February, 1976, bolebeli ba liofisi tsa makala lefatšeng ka bophara bo ile ba lokisoa. Lekala le ne le se le sa sebetse tlas’a taolo ea mohlanka a le mong oa lekala. Ho e-na le hoo, lekala le leng le le leng le ne le tsamaisoa ke Komiti ea Lekala e khethiloeng ke Sehlopha se Busang.
Barab’abo rōna Frost, Franke le Kelsey, e mong le e mong o ne a kile a sebeletsa e le mohlanka oa lekala ka linako tse sa tšoaneng Jeremane. Mor’abo rōna Frost o ile a fumana ho hlokahala hore a tlohe Bethele ka mabaka a bophelo. (O ile a shoa ka 1987 a le lilemo li 86. Pale ea bophelo ba hae e ho Molula-Qhooa [oa Senyesemane] oa April 15, 1961.) Ha ho thehoa Komiti ea Lekala ea litho tse hlano Jeremane ka 1976, e ne e akarelletsa Konrad Franke (ea ileng a kenngoa teronkong ka makhetlo nakong ea Bonazi) le Richard Kelsey (seithuti sa Gileade seo ka nako ena se neng se sebelelitse Jeremane ka lilemo tse 25). Ho ne ho boetse ho akarelletsoa le Willi Pohl (ea pholohileng likampong tsa mahloriso tsa Bonazi le ea ileng a ba teng sehlopheng sa bo15 sa Gileade), Günter Künz (seithuti sa sehlopha sa bo37 sa Gileade) le Werner Rudtke (eo e kileng ea e-ba molebeli ea tsamaeang).
Litho tsena tsa pele, kantle ho Mor’abo rōna Franke, ea ileng a shoa ka 1983, li ntse li sebeletsa Komiting ea Lekala. (Pale ea bophelo ba Konrad Franke e hlaha ho Molula-Qhooa [oa Senyesemane] oa March 15, 1963.) Barab’abo rōna ba bang ba babeli ba ile ba sebeletsa ka nakoana pele ba e-shoa: Egon Peter, ho tloha ka 1978 ho fihlela ka 1989 le Wolfgang Krolop, ho tloha ka 1989 ho fihlela ka 1992.
Hona joale Komiti ea Lekala e na le litho tse robeli. Ho phaella ho ba seng ba boletsoe, ho na le Edmund Anstadt (ho tloha ka 1978), Peter Mitrega (ho tloha ka 1989), le Eberhard Fabian le Ramon Templeton (ho tloha ka 1992).
Ha tokisetso e fetotsoeng ea bolebeli ba lekala e ne e qaloa ka 1976, ho ne ho e-na le ba 187 feela lelapeng la Bethele Wiesbaden, Jeremane Bophirimela. Haesale ho tloha ka nako eo basebetsi ba eketsehile ho fihla ho ba 1 134, ho akarelletsoa le batho ba tsoang lichabeng tse 30. Ho isa bohōleng bo itseng, sena se bontša litšobotsi tsa machaba tsa mosebetsi oo lekala le nang le tokelo ea ho kopanela ho oona.
Mehaho ea Khatiso ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Katoloso
Bohareng ba bo-1970, mehaho ea lekala Jeremane e ne e le karolong ea Wiesbaden e tsejoang e le Kohlheck, eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba motse o pel’a toropo o khutsitseng o moeling oa moru empa hona joale ke karolo e hōlang ka potlako ea motse. Mokhatlo o ne o se o ile oa atolosa mehaho ea oona sebakeng sena ka makhetlo a 13. Empa palo ea baboleli ba ’Muso Jeremane Bophirimela e ne e se e hōlile ho fihla ho ba ka bang 100 000. Ho ne ho hlokahala ofisi e khōloanyane bakeng sa ho hlokomela tšimo. Ho ne ho hlokahala sebaka sa khatiso se seholoanyane bakeng sa ho lokisetsa lingoliloeng tsa Bibele. Ho fumana setša se seng bakeng sa katoloso ho ne ho ntse ho thatafala haholo. Bothata boo bo ne bo tla rarolloa joang? Komiti ea Lekala e ile ea rapella tataiso ea Jehova.
Bofelong ba 1977 litho tsa Komiti ea Lekala e sa tsoa khethoa li ile tsa qala ho nahanela monyetla oa ho haha lehae le lecha la Bethele sebakeng sesele. Empa na see se ne se hlile se hlokahala? Boikutlo bo akaretsang e ne e le hore e tlameha ebe bofelo ba tsamaiso ena ea khale bo haufi haholo. Leha ho le joalo, ntlha e ’ngoe e ne e hloka ho hlahlojoa. Mekhoa ea khatiso e ne e fetoha, ’me Mokhatlo o ne o le tlas’a khatello ea hore o e amohele hore khatiso e khōlō e tle e tsoele pele nakong leha e le efe e ka ’nang eaba e sa saletse tsamaiso ena ea khale. Ho thahasellisang ke hore phihlelo e fumanoeng ho sebetsaneng le boemo bona ba Jeremane Bochabela nakong ea ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova moo, e ile ea nolofalletsa barab’abo rōna ba Wiesbaden hore ba etse liphetoho, hang ha sena se hlokahala. Hoo ho bile joalo joang?
Qeto ea ho Hatisa ka Mochine oa Offset
Ho fepela Lipaki tsa Jehova tse Jeremane Bochabela ka lingoliloeng ho ile ha thatafala le ho feta ka mor’a hore Lerako la Berlin le emisoe ka 1961. E le ho nolofatsa sena, ba ile ba lokisetsoa khatiso e khethehileng ea Molula-Qhooa ka sebōpeho se senyenyane. O ne o e-na le lihlooho tse ithutoang feela. Ho hlahisa khatiso ena ho ne ho akarelletsa ho hlophisa lihlooho tseo lekhetlo la bobeli bakeng sa khatiso. Ho hatisa holim’a pampiri e bobebe haholo ho ne ho le thata, le ho mena pampiri eo ho hatisitsoeng ho eona e ne e boetse e le phephetso. Ha barab’abo rōna ba fumana mochine o itšebetsang o menang o ka khonang ho etsa mosebetsi oo, ba ile ba fumana hore o entsoe Leipzig, Jeremane Bochabela—ka tsela e makatsang, hona moo Lipaki tsa Jehova li neng li thibetsoe teng ’me e le hona naheng eo khatiso ena e sa tloaelehang ea Molula-Qhooa e neng e qapiloe teng.
E le ho nolofatsa mosebetsi, mor’abo rōna ea neng a ithutile ho hatisa ka mochine oa offset pele a tla Bethele o ile a etsa tlhahiso ea hore ho boele ho hlahisoe limakasine ka mokhoa oo. Lihlooho tse ithutoang li ne li ka fotoa, tsa fokotsoa boholo, ’me tsa behoa holim’a poleiti ea khatiso ea mochine oa offset. Mochine o monyenyane oa offset o fepeloang pampiri o ne o fuoe lekala e le mpho. Ka mor’a nako, ho ile ha khoneha ho hatisa makasine kaofela, eseng lihlooho tse ithutoang feela, qalong e le ka ’mala o motšo le o mosoeu empa qetellong ka mebala e feletseng. Le libuka tse nyenyane li ile tsa hlahisoa ka tsela e tšoanang.
Ha Nathan Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, a etetse Wiesbaden ka 1975, o ile a shebella tšebetso eo ka thahasello. Ka mor’a hore a hlahlobe boitsebiso bo hatisitsoeng o ile a re: “O motle haholo.” Ha ho hlalosoa hore ena e ne e le khatiso e khethehileng bakeng sa Jeremane Bochabela le hore re ne re thabetse mokhoa o mocha oa ho e hlahisa, Mor’abo rōna Knorr o ile a arabela: “Barab’abo rōna ba fetang har’a mathata a makaalo ba tšoaneloa ke se molemohali seo re ka ba fang sona.” Hang-hang o ile a fana ka tumello ea ho reka mechine e eketsehileng bakeng sa ho tla etsa mosebetsi oo.
Kahoo, ha Grant Suiter, setho sa Sehlopha se Busang, a ne a etetse Jeremane ka 1977 ’me a bolela hore ke khale Mokhatlo o nahana ka ho teba ka taba ea ho fetohela khatisong ea mochine oa offset le hore joale ho fihletsoe qeto ea ho etsa joalo ka tekanyo e khōlō, barab’abo rōna ba Wiesbaden ba ne ba se ba ntse ba e-na le phihlelo ka hona. Ka tsela e sa tobang, thibelo ea Jeremane Bochabela e ne e ba lokiselitse phetoho ena.
Leha ho le joalo, ho ne ho ameha ho eketsehileng, ho feta feela ho amohela khopolo ea hore ho hlokahala phetoho mekhoeng ea khatiso. Mor’abo rōna Suiter o ile a hlalosa hore ho ne ho tla hlokahala mechine e meholo le e boima ea khatiso. Empa e ne e tla behoa hokae? Ho nahana ka mechine ea web offset ea khatiso ka mebala e feletseng e ne e le ntho e ’ngoe, le ho etsa hore monahano oo o fetohe ntho ea sebele ke ho hong. Ho ile ha fuputsoa menyetla e ’maloa bakeng sa katoloso e tsoelang pele Kohlheck, empa kaofela e ile ea fumanoa e e-na le mathata. Ho ne ho tla etsoa joang?
Mehaho e Mecha ea Lekala
Ho ile ha qaloa ka ho batla setša sebakeng se seng. Ka la 30 July, 1978, Lipaki tse ka bang 50 000 li ile tsa bokana kopanong e Düsseldorf le letšoele la ba ka bang 60 000 le Munich, ’me le ile la makala ha le tsebisoa hore ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho reka setša seo ho sona ho tla ahoa mehaho eohle ea lekala le lecha.
Ka nako e ka etsang selemo, ho ile ha fuputsoa litša tse 123. Qetellong, ho ile ha khethoa setša se leralleng le okametseng motse oa Selters. Ka tumello ea Sehlopha se Busang, se ile sa rekoa ka la 9 March, 1979. Lipuisano tse tsoelang pele le beng ba litša ba 18 li ile tsa re nolofalletsa ho fumana litša tse ling tse 65 tse bapelaneng le setša seo, kahoo ho ile ha fana ka lihekthere tse 30 bakeng sa kaho. Kaha e lik’hilomithara tse 40 ka leboea ho Wiesbaden, ho ne ho le bonolo ho fihla Selters ka teraka. Boema-fofane ba Machaba ba Rhein-Main bo Frankfurt bo ne bo le bohōle ba lik’hilomithara tse ka tlaase ho 65.
Morero o moholo ka ho fetisisa oa kaho historing ea Lipaki tsa Jehova Jeremane o ne o le haufi le ho qala. Na re ne re hlile re loketse mosebetsi oo? Rolf Neufert, setho sa Komiti ea Kaho, oa hopola: “Ha ho ea neng a kile a sebetsa morerong o moholo hakaalo ntle le mor’abo rōna eo e neng e le setsebi sa rōna sa meralo ea ho haha. Ho ne ho le thata ho nahana hore na mosebetsi oo e tla ba o boima hakae. Ka tloaelo, morero o moholo le o rarahaneng hakaalo o ne o tla etsoa ke ofisi e nang le phihlelo ea lilemo le litsebi tsohle tse hlokahalang.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba beha mabaka ka hore haeba Jehova a ne a batla hore ba hahe, o ne a tla boetse a hlohonolofatse phello ea seo.
Ho ne ho tlameha hore ho fumanoe mangolo a tumello a sa tšoaneng a 40 a ho haha, empa bahlanka ba ’muso sebakeng seo ba ile ba sebelisana le rōna hantle ’me sena se ile sa ananeloa haholo. Be! ho ne ho e-na le khanyetso e itseng qalong, empa haholo-holo e ne e e-tsoa ho baruti, ba neng ba lokisetsa liboka tseo ba fehlang khanyetso ho tsona empa ba hlōleha.
Lipaki ho pholletsa le naha li ile tsa ithaopela ho tla thusa ka mosebetsi. Moea oo li ileng tsa o bontša e bile o ikhethang. Ka karolelano, ho ne ho e-na le basebetsi ba 400 ba kamehla setšeng letsatsi le letsatsi, hammoho le basebetsi ba baithaopi “ba phomolong” ba ka bang 200 ka nako e ’ngoe e itseng. Nakong ea lilemo tse ’nè tsa kaho, Lipaki tse sa tšoaneng tse ka fetang 15 000 li ile tsa ithaopela tšebeletso eo.
Mor’abo rōna e mong oa hopola: “Ho sa tsotellehe boemo ba leholimo, ho sa tsotellehe mathata, hore na ho ne ho futhumetse kapa ho pholile kapa serame e le se kenang masapong, lintho li ile tsa tsoela pele. Ka linako tse ling ha ba bang ba ne ba koala mesebetsi ea bona, rōna e ne e le hona re qalang.”
Thuso e ’ngoe e ile ea tsoa le linaheng tse ling. Esita le ho tsamaea lik’hilomithara tse likete-kete ho ne ho se hōle ho Jack le Nora Smith, hammoho le morali oa bona ea lilemo li 15, Becky, ba tsoang Oregon, United States. Ba ne ba le kopanong ea machaba Munich ha ho ne ho tsebisoa hore Mokhatlo o rera ho haha mehaho ea lekala e mecha Jeremane. Ba ile ba re: “E tla ba tokelo e kaakang ho sebetsa kahong ea Bethele e ncha!” Ba ile ba tsebisa hore baa fumaneha. Jack oa hopola: “Ha re ntse re etsa mosebetsi oa pele ho kopano ka 1979, re ile ra fumana foromo ea kōpo le memo ea ho tla hang-hang. Re ne re thabile hoo re neng re se re sa khone ho tsepamisa mohopolo mosebetsing oa rōna kapa kopanong.”
Bakeng sa bolulo ba basebetsi ba kaho, mehaho e neng e se e ntse e le setšeng seo e ile ea tlameha ho nchafatsoa. Mariheng a 1979/80, ntlo ea pele e ne e qetiloe. Ka September 1980 ho ne ho se ho raliloe motheo bakeng sa lehae la Bethele le lecha. Mosebetsi o ile oa qala le sebakeng sa khatiso, ’me e batla e le ka nako. Mochine oa web offset o bolelele ba limithara tse 27 o neng o odariloe ka January 1978 o ne o loketse ho fihla mathoasong a 1982. Ka nako eo, khatiso e ne e lokela hore e be e felile kapa bonyane karolo ea eona.
Ho ne ho le bonolo ho iketsetsa boholo ba mosebetsi ka borōna. Mora e mong oabo rōna o ntse a re ka ho makala: “Ho ne ho se le ea mong ho rōna ea nang le phihlelo ea ho sebetsa morerong o moholo hakaalo ka basebetsi ba ntseng ba fetoha nako le nako. Hangata re ne re ee re nahane hore likarolong tse ling se tla khitla lejoe, hobane ho ne ho se na litsebi tse hlokahalang bakeng sa mesebetsi e meng. Empa ka makhetlo a mangata motsotsong oa ho qetela feela, foromo ea kōpo e tsoang ho mor’abo rōna ea tšoanelehang e ne e ee e hlahe ka tšohanyetso. Ha barab’abo rōna ba ne ba hlokahala, ba ne ba hlaha.” Ba ne ba leboha Jehova bakeng sa tataiso ea hae le tlhohonolofatso ea hae.
Ho Fallela Selters
Ho ne ho ameha mosebetsi o mongata ho tsamaisa thepa ea ka tlung le lintho tsa botho tsa litho tsa Bethele tse ka bang 200, re se re sa re letho ka mechine eohle le thepa e hlokahalang bakeng sa mosebetsi oa tsona. E ne e le mosebetsi o moholo haholo hore o ka etsoa ka nako e le ’ngoe. Butle-butle, ka ho ea ka mafapha ha mosebetsi oa kaho o ntse o tsoela pele, lelapa la Bethele le ile la fallela Selters.
Ho ba pele ba ileng ba falla e bile ba sebetsang khatisong, kaha ke eona karolo ea pele ea mohaho e ileng ea phethoa. Hanyane ka hanyane mechine e Wiesbaden e ile ea qhaqhoa ’me ea fallisetsoa Selters. Ho sa le joalo, ka la 19 February, 1982, ho hatisa ka ’mala o feletseng mochineng o mocha oa rotary offset ho ile ha qala Selters. Ke lebaka le letle hakaakang la ho keteka! Ka May, khatiso ea Wiesbaden e ile ea khaotsa ho sebetsa. Ka mor’a lilemo tse 34, khatiso ea rōna e Wiesbaden e ne e fihlile pheletsong.
Mosebetsi oa pele o moholo bakeng sa mochine o mocha oa offset e ne e le ho hatisa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Buka ena e ncha e ne e reretsoe ho lokolloa likopanong tsa setereke tsa 1982, ’me Jeremane e ile ea kōptjoa ho e hlahisa ka lipuo tse supileng. Bothata e ne e le hore sebaka seo ho kopanngoang libuka ho sona se ne se ntse se le Wiesbaden. Ha e le hantle, ha sea ka sa fallisetsoa Selters ho fihlela selemo hamorao. Kahoo ka mor’a hore likarolo tsa buka ena li hatisoe mochineng Selters, li ne li potlakisetsoa Wiesbaden ka teraka ea Mokhatlo bakeng sa ho ea kopanngoa. Ho sa tsotellehe mosebetsi o eketsehileng o amehang, barab’abo rōna ba ile ba atleha ho qeta likopi tse 485 365 ho tse 1 348 582 khatisong ea pele, ho nolofalletsa letšoele la machaba le likopanong tse linaheng tse ’maloa hore le thabele tokollo ena e ncha.
Ka ho utloahalang, ho ile ha e-ba le ho ferekana maikutlo ka ho falla. Ho litho tse ling tsa lelapa la Bethele, Wiesbaden e ne e bile lehae la tsona ka lilemo tse ka bang 35. Empa kapelenyana mehaho ea Bethele e Wiesbaden e ile ea aroloa ’me ea rekisetsoa batho ba fapaneng. Ke karolo e nyenyane feela ea moo ho kopanngoang libuka e ileng ea bolokoa ’me ea nchafatsoa hore e be Holo ea ’Muso. E le ho bontša bonngoe ba machaba ba batho ba Jehova, holo ena kajeno e sebelisoa ke liphutheho tse ’nè—tsa Sejeremane tse peli, e le ’ngoe ea Senyesemane le e le ’ngoe ea Serussia.
Letsatsi la Nehelo
Ka mor’a hore ho etsoe mesebetsi e phethelang mehahong ea Bethele Selters, ho ile ha tšoaroa lenaneo la nehelo ka la 21 April, 1984. Bohle ba ileng ba kopanela morerong ona ba bile le maikutlo a matla a hore letsoho la Jehova le ne le e-na le bona. Ba ile ba talima ho eena bakeng sa tataiso ’me ba mo leboha kaha litšitiso tseo ho bonahalang li ne li ke ke tsa hlōloa li ile tsa tlosoa tseleng. Joale ba ile ba bona bopaki ba tlhohonolofatso ea hae mehahong ena e phethiloeng, e neng e se e ntse e sebelisetsoa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. (Pes. 127:1) Ka sebele, ena e ne e le nako ea ho thaba ka ho khethehileng.
Mathoasong a beke, mehaho e ile ea buleloa baeti. Batho ba bang ba boholong bao Mokhatlo o ileng oa sebelisana le bona ba ile ba memeloa ho tla bona mehaho eo. Baahelani le bona ba ile ba amoheloa. Moeti e mong o ile a tsebisa hore o tlile ka lebaka la moruti oa hae. O ile a hlalosa hore moruti eo o ne a ile a belaela ka Lipaki hangata haholo lilemong tsa morao tjena hoo phutheho eohle e neng e se e khathetse ke ho mo mamela. Sontaheng sona seo se fetileng, o ne a ile a bua hampe ka Lipaki, a lemosa mohlape oa hae hore o se amohele memo ea Lipaki ea ho ba teng matsatsing a khethiloeng a ho tla bona mehaho. Moeti eo o ile a hlalosa: “Ke ne ke tseba ka memo ea lōna, empa ke ne ke lebetse letsatsi. Hoja moruti a se ke a bua ka lona Sontaheng se fetileng, ka sebele nka be ke le hlokomolohile.”
Ka mor’a maeto a selelekela a ho bona mehaho, letsatsi la lenaneo la nehelo le ile la qetella le fihlile. Ha lenaneo le qala ka ’mino ka 9:20 hoseng, e bile thabo e kaakang ho tseba hore ho litho tse 14 tsa Sehlopha se Busang, tse 13 li ile tsa khona ho amohela memo ea ho ba teng! Kaha ho ne ho ke ke ha etsahala hore e mong le e mong ea ileng a kenya letsoho hore morero ona o atlehe a be teng ka seqo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ho hokahanngoe libaka tse ling tse 11 ka thelefono ho pholletsa le naha. Ka tsela ena letšoele la batho ba 97 562 le ile la khona ho thabela lenaneo le letle.
Har’a ba neng ba le teng Selters letsatsing leo le hopolehang e ne e le ba bangata ba ileng ba paka tumelo ea bona ha ba ne ba kentsoe literonkong likampong tsa mahloriso tsa Bonazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, hammoho le ba seng bakae bao haufinyane ba neng ba sa tsoa lokolloa teronkong Jeremane Bochabela. Har’a bona ho ne ho le teng Ernst le Hildegard Seliger. Mor’abo rōna Seliger o ne a qalile mosebetsi oa hae tšebeletsong ea nako e tletseng lilemo tse 60 feela pejana, ’me pakeng tsa hae le mosali oa hae, ba qetile lilemo tse fetang 40 literonkong le likampong tsa mahloriso tlas’a puso ea Bonazi le ea Bokomonisi. Ka mor’a ho ba teng lenaneong la nehelo, ba ile ba ngola: “Na le ka inahanela hore na re ile ra ikutloa joang ha re lumelloa ho ba teng moketeng ona oa lijo tsa moea o babatsehang paradeiseng ea rōna ea moea? Ho tloha qalong ho ea qetellong, ho mamela lenaneo le babatsehang ho ne ho tšoana le ho utloa sehlopha sa ’mino se binang hamonate sa bonngoe ba puso ea Molimo le kutloano.” (Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng ba liteko tsa tumelo tseo ba fetileng ho tsona, bona Molula-Qhooa oa January 1, 1976.)
‘Matlo Bakeng sa Lebitso la Jehova’
Hangata batho baa makala ha ba bona Lipaki tsa Jehova li haha Liholo tsa ’Muso ka libeke tse seng kae—kapa mohlomong ka matsatsi a seng makae feela—li haha Liholo tse khōlō tsa Kopano ka basebetsi ba baithaopi, hape li tšehetsa mehaho ea liranta tse limilione ea Bethele ka menehelo ea boithaopo. Baahi ba Jeremane ba bile le menyetla e mengata ea ho bona mesebetsi ena kaofela ka lekhetlo la pele.
Holo ea pele ea Kopano Jeremane Bophirimela e ile ea neheloa Berlin Bophirimela mathoasong a bo-1970. Tse ling li ile tsa latela, hoo ka 1986 likopano tsohle tsa potoloho Jeremane Bophirimela li neng li tšoareloa liholong tsa Lipaki.
Tlhohonolofatso ea Jehova e ’nile ea totobala ha barab’abo rōna ba ne ba sebetsa mererong ena. Munich, ka lebaka la tšebelisano-’moho ea bahlanka ba ’muso motseng oo, setša sa Holo ea Kopano se ile sa fumanoa ka theko e itekanetseng haholo ka mose ho ’mila o moholo ho tloha Olympic Stadium e khōlōhali, moeling oa Olympic Park e lokisitsoeng ka tsela e babatsehang.
Ho ile ha etsoa boiteko bo matla ho boloka litšenyehelo tsa thepa le kaho li le tlaase. Kaha seteishene sa ho fehla motlakase se ne se isoa sebakeng se seng ’me se rekisa soichi ea motlakase le switchboard ea thelefono, barab’abo rōna ba ile ba khona ho li reka ka theko e ka tlaase ho karolo ea 5 lekholong ea theko ea tsona ea pele. Ho heletsoa ha mohaho oo ka nako e nepahetseng ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho fumana lisinki tse hlokahalang tsa ho hlatsoetsa, matloana, mamati, lifensetere le lipeipi tsa metsi tse limithara li makholo, tsa khase le tsa moea ka theko e itekanetseng. Ba ile ba boloka chelete le ho feta ka lebaka la ho iketsetsa litulo le litafole. Ka ho iphaphatha le leano la motse la ho lokisa serapa, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho lema lifate tsa ho khabisa tse 27 setšeng sa Holo ea Kopano. Sebaka se seng sa sethopo sa limela se neng se khaotsa khoebo ea sona se ne se e-na le palo e hlokahalang hantle, se seng le seng sa lifate tseo se le bolelele bo hlokahalang, ’me li ile tsa rekoa ka theko ea karolo e le ’ngoe ho tse leshome. Ka mor’a hore Munich e qete ho kata literata tsa eona ka majoe a machitja, lithane tsa majoe ao a machitja li ile tsa fumaneha ka theko e tlaase ka ho fetisisa, ’me ana a ile a sebelisoa ho kata litselana tsa maoto ho pota-pota holo le litsela tse hokahanyang moo ho pakoang makoloi.
Ho ka phetoa lipale tse tšoanang ka Liholo tse ling tsa Likopano Jeremane, e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe ka tsela ea eona e ikhethang ’me e le ntle. Joalokaha Morena Solomone a ile a hlalosa tempele e Jerusalema lilemong tse fetileng tse fetang 3 000, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ka sebele ke ‘ntlo e hahetsoeng lebitso la Jehova.’—1 Mar. 5:5.
Ho phaella moo, kaho ea Liholo tsa ’Muso e tsoela pele ka potlako bakeng sa ho hlokomela liphutheho tse 2 083 Jeremane. Hona joale ho na le Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 17. Pele ho thehoa ea pele ho tsena ka 1984, Lipaki li ne li e-na le Liholo tsa ’Muso tse 230 feela Jeremane eohle. Ho tloha ka nako eo, ho fihlela bofelong ba August 1998, ka karolelano ho hahiloe liholo tse ncha tse 58 selemo le selemo—tse fetang e le ’ngoe ka beke ka lilemo tse 12 tse fetileng!
Le litabeng tsa kaho, Lipaki tsa Jehova tse Jeremane li talima ka nģ’ane ho meeli ea bochaba. Ke karolo ea lelapa la lefatše lohle. Ba ka holimo ho 40 ba tsoang Jeremane ba sebelelitse e le bahlanka ba machaba, ba ithaopela ho kopanela mosebetsing oa kaho hohle moo Mokhatlo o neng o ka ba romela teng le hona hafeela ba ntse ba hlokahala. Ba bang ba 242 ba sebelelitse ka linako tse sa tšoaneng mererong e joalo linaheng tse ling.
Balebeli ba Tsamaeang ba Lisa Mohlape
Ntlha ea bohlokoa boemong ba moea ba mokhatlo o hlophisitsoeng e ’nile ea e-ba mosebetsi o etsoang ke balebeli ba tsamaeang. Banna ba joalo, ka ’nete ke balisa ba mohlape oa Molimo. (1 Pet. 5:1-3) Joalokaha moapostola Pauluse a ba hlalositse, ke “limpho tseo e leng banna.”—Baef. 4:8.
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, balebeli ba tsamaeang ba ile ba etela liphutheho, ba li haha le ho sebetsa le tsona tšebeletsong ea tšimo. Ho ne ho akarelletsoa barab’abo rōna ba kang Gerhard Oltmanns, Josef Scharner le Paul Wrobel, bao kaofela ha bona ba kolobelitsoeng ka 1925. Ho ne ho boetse ho e-na le Otto Wulle le Max Sandner, bao ka bobeli ba kolobelitsoeng ka bo-1930.
Ha tlhokahalo e e-ba teng, barab’abo rōna ba bang ba ile ba eketsoa lethathamong la balebeli ba tsamaeang. Ho tloha ha ntoa ea lefatše e lala ho fihlela hona joale, barab’abo rōna ba fetang 290 ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho tsamaea Jeremane Bophirimela le ba bang ba fetang 40 Jeremane Bochabela. Ka sebele ba iteletse ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele. Ho ba bang, sena se bolela hore ha baa ka ba bona bana ba bona ba hōlileng kapa litloholo tsa bona hangata. Ba bang, ha ba ntse ba hlokomela likabelo tsa bona, ba ne ba boetse ba lokisetsa hore kamehla ba qete nako le batsoali ba bona ba hōlileng kapa ba kulang.
Ba bang ba basebeletsi bana ba tsamaeang ba sebelelitse mosebetsing ona o boima empa e le o putsang ka lilemo tse mashome-shome. Ka mohlala, Horst le Gertrud Kretschmer ba ’nile ba e-ba mosebetsing oa ho tsamaea ho pholletsa le Jeremane ho tloha bohareng ba bo-1950. Mor’abo rōna Kretschmer o sa ntse a hopola hore ha a ne a le Bethele Wiesbaden ka nakoana ka 1950, Erich Frost ka lerato o ile a mo tšoara lehetleng ’me a re: “Horst, le ka mohla u se ke ua khathatseha. Haeba u lula u tšepahala ho Jehova, o tla u hlokomela. Ke fetile ho sena; le uena u tla feta ho sona. Uena lula u tšepahala feela.”
Ho fihlela ka 1998, ho na le barab’abo rōna ba 125 Jeremane ba sebeletsang e le balebeli ba potoloho kapa ba setereke. Bana ke banna ba hōlileng tsebong, ba nang le lilemo tse 30 ka karolelano tšebeletsong ea nako e tletseng ho Jehova. Basali ba bona le bona baa cheseha tšebeletsong ’me ke khothatso e khethehileng ho baralib’abo rōna liphuthehong tseo ba li etelang.
Molebeli ea Tsamaeang o ea Brooklyn
Martin le Gertrud Poetzinger ba ne ba tsebahala haholo har’a batho ba Jehova Jeremane. Ka bobeli ba sebelelitse Jehova ka botšepehi pele, nakong ea Puso ea Bonazi ea Hitler le ka mor’a eona. Ka mor’a hore ba lokolloe teronkong ea Bonazi, kapele-pele ba ile ba qalisa bocha tšebeletso ea nako e tletseng. Ka lilemo tse fetang 30, ba ne ba bile mosebetsing oa ho tsamaea, ba sebeletsa lipotoloho Jeremane eohle. Lipaki tse likete li ne li ba rata le ho ba hlompha.
Ka 1959, Mor’abo rōna Poetzinger o ile a ba sehlopheng sa bo32 sa Gileade. Gertrud, ea neng a sa tsebe Senyesemane, o ne a sa tsamaea le eena empa leha ho le joalo o ile a thaba le eena tokelong ea hae. Ho arohanngoa le monna oa hae e ne e se ntho e ncha. Mahloriso a Manazi a ne a ile a ba qobella ho arohana ka lilemo tse robong ’me sena e bile ka mor’a likhoeli tse seng kae feela ba nyalane. Joale, ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ba kōpa hore ba arohane ka boithaopo ka lebaka la tšebeletso ea puso ea Molimo, ha baa ka ba qeaqea, re se re sa re letho ka ho belaela.
Ha ho le ea mong oa bona ea kileng a sebeletsa Jehova molemong oa botho. Kamehla ba ne ba ba amohela likabelo tsa puso ea Molimo ka boithaopo. Leha ho le joalo, ho ile ha ba makatsa ha, ka 1977, ba ne ba memeloa ho ea ba litho tsa lelapa la Bethele ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York, U.S.A. Mor’abo rōna Poetzinger e ne e lokela ho ba setho sa Sehlopha se Busang!
Ba ile ba laeloa hore ba lule Bethele Wiesbaden ho fihlela ba ka fumana lipampiri tsa bolulo tsa United States. Ba ile ba leta ho feta kamoo ba neng ba lebeletse, nako ea atoloha ho ba likhoeli tse ’maloa. Ha Martin a ne a ntse a ntlafatsa Senyesemane sa hae, mosali oa hae ea mafolofolo, Gertrud, le eena o ne a ntse a ithuta sona. Ho ithuta puo e ncha ho mosali ea bohareng ba lilemo tse 60 hase mosebetsi o bonolo. Empa ba ne ba ikemiselitse ho etsa boiteko leha e le bofe ka lebaka la tšebeletso ea Jehova!
Litho tse ’maloa tse buang Senyesemane tsa lelapa la Bethele la Wiesbaden li ile tsa fumana thabo e khōlō ho thuseng Martin le Gertrud ka puo eo. Nako le nako ha Gertrud a ne a teneha haholo ha a ntse a ithuta Senyesemane, monna oa hae ka mosa o ne a mo eletsa: “Iketlele eona Gertrud, iketlele eona.” Empa Gertrud ha ho mohla a kileng a ba motle tabeng ea ho ‘iketlela eona.’ Bophelo bohle ba hae tšebeletsong ea Jehova bo ’nile ba khetholloa ka ho tšoareha ka moea oohle le boikemisetso. Ka oona moea oo, o ile a ikitlaelletsa ho ithuta puo eo, ’me ka November 1978, hang ha ba fumane tokomane ea kamehla ea ho kena naheng, o ile a tsamaea le monna oa hae ho ea Brooklyn.
Le hoja ba ne ba ferekane maikutlo ha ba tloha, barab’abo rōna ba Jeremane ba ile ba thaba le bona ka litokelo tsa bona tse ncha tsa tšebeletso. Ba ile ba ameha haholo hape ha, ka mor’a lilemo tse ka bang leshome, ba utloa hore ka la 16 June, 1988, Martin o ne a qetile tsela ea hae ea lefatšeng a le lilemo li 83.
Ka mor’a lefu la monna oa hae, Gertrud o ile a khutlela Jeremane, moo a sebeletsang e le setho sa lelapa la Bethele. O ntse a sa “iketlele eona.” ’Me ha ho bonahale eka ho na le mohla a tla ho etsa. Ho phaella ho hlokomeleng kabelo ea hae ea Bethele, hangata Gertrud o qeta nako ea hae ea phomolo e le pula-maliboho ea thusang. (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ba ha Poetzinger, bona Molula-Qhooa oa December 1, 1969; August 1, 1984 [oa Senyesemane]; le September 15, 1988.)
Likolo Tse Khethehileng li Thusa ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Machaba
Ho tloha ka 1978, pejana feela ba ha Poetzinger ba tloha ho ea Brooklyn, Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, thupelo ea matsatsi a leshome ea ho koetlisa, se ile sa sebeletsa ho matlafatsa bo-pula-maliboho Jeremane. Selemo le selemo, ho tšoaroa sekolo lipotolohong ho pholletsa le naha. Bo-pula-maliboho bohle ba bileng lenaneng bonyane selemo ’me ba e-s’o be teng pele baa menngoa. Mathoasong a 1998, ho ne ho e-na le ba 16 812 ba bileng teng sekolong seo. Ho phaella Sejeremaneng, mananeo a lihlopha a ’nile a tšoaroa ka Secroatia sa Serbia, Sefora, Segerike, Senyesemane, Sepanishe, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Setaliana le Seturkey.
Ba bang ba bileng teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, ba ile ba tla ho sa tsotellehe maemo a thata haholo. Ka nako e fetang beke hanyenyane pele Christine Amos a ea sekolong, mora oa hae o ile a shoa kotsing ea koloi ha a le tseleng e eang hae a e-tsoa sebokeng. Tlas’a maemo aa, na o ne a tla rua molemo sekolong? Monna oa hae o ne a tla ba joang ha a setse a le mong nakong ee? Ba ile ba etsa qeto ea hore a ee sekolong; hore kelello ea hae e tšoarehe ka ho feletseng litabeng tsa moea e ne e tla ba tlhohonolofatso. Monna oa hae o ile a memeloa ho ea sebetsa Bethele nakong eo. Nakoana ka mor’a moo, ka bobeli ba ile ba memeloa Selters ho ea kopanela mosebetsing oa kaho. Ha mosebetsi oo o phethiloe, ba ile ba thabela ho kopanela mererong ea kaho Greece, Spain le Zimbabwe. ’Me hona joale ba boetse ba bula maliboho Jeremane.
Har’a ba bileng teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ke ba bang ba ’nileng ba khona ho etsa bopula-maliboho mosebetsi oa bona—oo kamehla ba o fumanang e le o phephetsang hape e le o khotsofatsang ka ho feletseng. Inge Korth, eo e bileng pula-maliboho ho tloha ka 1958, o re: “Tšebeletso ea nako e tletseng e fana ka monyetla o khethehileng oa ho bontša lerato la ka le tebileng le teboho ho Jehova letsatsi le letsatsi.” Waldtraut Gann, ea qalileng ho bula maliboho ka 1959, oa phaella: “Tšebeletso ea bopula-maliboho ke tšireletso tsamaisong ena e khopo. Ho latsoa thuso ea Jehova ho tlisa thabo ea sebele le khotsofalo ea ka hare. Melemo ea lintho tse bonahalang e ke ke ea bapisoa le eona.” Martina Schaks, ea bulang maliboho le monna oa hae, oa phaella: “Tšebeletso ea bopula-maliboho e ‘nthuta mokhoa oa ho phela,’ kaha e nthusa ho hōlisa litšoaneleho tse itseng, tse kang boitšoaro le mamello. Joaloka pula-maliboho ke ikutloa ke le haufi-ufi le Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.” Ho ba bang, tšebeletso ea bopula-maliboho e ipakile e le bohato ba ho ea tšebeletsong ea Bethele, mosebetsing oa boromuoa, kapa mosebetsing oa potoloho.
E le ho thusa ho tlatsa tlhokahalo e potlakileng bakeng sa baromuoa ba eketsehileng, ho ile ha thehoa Katoloso ea Sekolo sa Gileade Jeremane ka 1981, ho etsa hore thupelo ena e ntle e fumanoe ke bo-pula-maliboho ba buang Sejeremane. Kaha mohaho o mocha oa Bethele o Selters o ne o e-s’o fele, lihlopha tse peli tsa pele li ile tsa tšoareloa Wiesbaden. Ka mor’a hore ho falleloe Selters, ho ile ha tšoareloa lihlopha tse tharo moo. Liithuti tse buang Sejeremane tse tsoang Luxembourg, Switzerland le Netherlands, ntle le tse 100 tsa Jeremane, li ile tsa e-ba teng lihlopheng tsena tse hlano. Ka mor’a ho amohela mangolo, liithuti li ile tsa isoa linaheng tse 24 ka kakaretso, ho akarelletsa le libaka tse Afrika, Latin America, Europe Bochabela le Pacific.
Bohareng ba bo-1970, ho ne ho e-na le bahlanka ba nako e tletseng ba 183 ba Jeremane ba bileng teng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ho ea bofelong ba 1996, ka thuso ea Katoloso ea Sekolo sa Gileade, palo ena e ne e nyolohetse ho 368. Ke ho thabisang hakaakang ho tseba hore ho tloha ka January 1997, hoo e ka bang halofo ea liithuti tsena e ne e ntse e sebeletsa e le baromuoa likabelong tsa linaha lisele! Har’a bana ke Paul Engler, ea bileng Thailand ho tloha ka 1954; Günter Buschbeck, ea sebelelitseng Spain ho tloha ka 1962 ho fihlela a abeloa ho ea Austria ka 1980; Karl Sömisch ea ileng a sebeletsa Indonesia le Bochabela bo Hare pele a isoa Kenya; Manfred Tonak, eo ka mor’a ho sebeletsa Kenya a ileng a kōptjoa ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo lekaleng la Ethiopia; le Margarita Königer, eo tšebeletso ea hae ea boromuoa nakong ea lilemo tse fetileng tse 32 e ileng ea mo isa Madagascar, Kenya, Benin le Burkina Faso.
Sekolo se seng hape, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se fana ka thupelo ho baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sa nyalang ’me e bile tšobotsi ea kamehla Jeremane ho tloha ka 1991. Barab’abo rōna ba buang Sejeremane ba tsoang Austria, Belgium, Czech Republic, Denmark, Hungary, Luxembourg, Netherlands le Switzerland ba ikopantse le ba Jeremane ho thabela koetliso e hloahloa eo sekolo seo se fanang ka eona. ’Me ka mor’a ho fumana mangolo tse ling tsa liithuti tseo li nkile boikarabelo bo eketsehileng, ba ho romeloa Afrika, Europe Bochabela le libakeng tse ling moo ho nang le tlhokahalo e khethehileng.
Lehae la Bethele le khatiso tse Selters ka botsona, ha e le hantle li ipakile e le “sekolo,” moo barab’abo rōna ba ileng ba hlomelloa bakeng sa ho tlatsa likheo ha mosebetsi oa ho bolela o buleha Europe Bochabela. Bophelo ba Bethele bo ba rutile ho sebetsa le batho ba mefuta eohle le ho hlokomela hore Jehova a ka sebelisa batho ba mefuta eohle hore mosebetsi oa hae o phethoe, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha botho. Barab’abo rōna ba sebelelitseng Lefapheng la Tšebeletso ba ile ba utloisisa hore mathata a ka rarolloa ka hore kamehla ho sebelisoe melao-motheo ea Bibele le hore ka hloko ho lateloe litataiso tsa Sehlopha se Busang. Ba ne ba rutiloe ke barab’abo rōna bao, esita le tlas’a khatello e khōlō, ba ileng ba tsoela pele ho bonahatsa litholoana tsa moea, ho bontša boikutlo bo leka-lekaneng le ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Ke thuto ea bohlokoa hakaakang hore e ka arolelanoa le barab’abo rōna ba makaleng a mang!
Ho Hlōla Tšitiso ka Thuto le Lerato
Lilemong tse leshome tse fetileng, lenaneo la lefatše ka bophara la thuto le ’nile la ntšetsoa pele ho tiisa boemo ba Lipaki tsa Jehova boikemisetsong ba tsona ba ho utloa thibelo ea Bibele mabapi le ho sebelisa mali. (Lik. 15:28, 29) Sena se akarellelitse ho hlōla tšitiso ea leeme le ho fuoa boitsebiso bo fosahetseng. Mabapi le lenaneo lena, Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele le ile la qaloa Jeremane ka 1990. Ka November hona selemong seo, seminaring e neng e le Jeremane ho bile teng barab’abo rōna ba 427, ba bangata e le ba Jeremane empa ba bang ba tsoa linaheng tse ling tse robong. Hona ho ile ha matlafatsa maqhaama a machaba. Baholo ba ile ba ananela thuso eo ba e fumaneng haholo. Moholo e mong ea tsoang Mannheim o ile a hlokomela: “Re ne re hlomelletsoe hore re hlakise maikutlo a rōna ka tieo le tlhompho e loketseng empa le teng re sa apareloa ke tšabo.” Moholo e mong ea neng a le teng, ea tsoang Austria o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka ba seminaring eo ho eona ho neng ho tšohloa boitsebiso bo bongata hakaalo ka tsela e hlakileng le e bonolo joalo.”
Ho tloha ka nako eo ho ’nile ha tšoaroa liseminare tse ’maloa bakeng sa ho rupela Likomiti tse 55 tsa Bohokahanyi le Lipetlele tse seng li thehiloe Jeremane hore li sebeletse litlhoko tsa Lipaki mabapi le phekolo ea bongaka kantle ho mali. Mosebetsi o entsoeng ke likomiti tsena o behile litholoana tse ntle. Ho ea bofelong ba August 1998, lingaka tse fetang 3 560 ho pholletsa le Jeremane li ne li bontšitse boikemisetso ba ho sebetsana le ho phekola Lipaki kantle ho mali. Ba akarelletsoang palong ena ke karolo ea bone ea lingaka tseo makasine ea Focus e ileng ea re ke “lingaka tse molemohali tse 1 000 Jeremane” lilemong tse seng kae tse fetileng.
Ka January 1996, Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele li ile tsa qala ho aba buka e entsoeng ka ho khetheha ea Family Care and Medical Management for Jehovah’s Witnesses. (Buka ena e ntle, e reretsoeng hore e sebelisoe ke basebetsi ba bongaka le ba boholong, e na le boitsebiso ka lintho tse ka sebelisoang tsa bongaka ntle ho mali. Ho entsoe boiteko bo boholo ba ho e isa ho baahloli, basebeletsi ba sechaba, litsebi tsa mafu a bana ba sa tsoa tsoaloa le lingaka tsa bana.) Baahloli ba bangata ba ile ba bontša kananelo, hangata ba bua ka boleng bo phahameng ba buka ena le ho sebetsa ha eona. Ba bangata ba ne ba makalitsoe ke ho tseba hore ho na liphekolo tse ngata tse ka sebelisoang ntle ho mali ho batho ba sa batleng tšelo ea mali. Moahloli e mong oa Nördlingen o itse: “Sena ke sona seo ke hlileng ke se hlokang.” Moprofesa e mong Univesithing ea Saarland o ile a sebelisa boitsebiso bo bukeng eo e le motheo oa puisano le tlhahlobo e ngoloang bakeng sa sehlopha se etsang thupelo e tsoetseng pele molaong oa litokelo tsa botho.
Kaha hona joale Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele li sebetsa ho pholletsa le lefatše, tšebelisano ea machaba maemong a tšohanyetso ke ntho e teng. Maemong ao meriana e itseng e ileng ea laeloa ke ngaka empa e le sieo naheng eo mokuli a leng ho eona, tšebelisano ea rōna ea machaba e ile ea etsa hore ho fumanoe meriana ena ’me e romeloe e e-tsoa Jeremane. Ho phaella moo, ho ’nile ha etsoa litokisetso tsa hore bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse fetang 12 ba kopanngoe le lingaka tse nang le tšebelisano le rōna Jeremane, ka tebello ea ho etsa litokisetso tsa phekolo e joalo eo ba ka e khonang.
Ke ’nete hore le barab’abo rōna ba lulang Jeremane ba rua molemo tšebelisanong ena ea machaba. Ka 1995, ha a le leetong a e-ea Norway, morali e mong oabo rōna o ile a hlaheloa ke kotsi ’me a amoheloa sepetlele. Hoba a tsebisoe ka seo, mora oa hae ea Jeremane kapele-pele o ile a kōpa thuso ho ba Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele. Ba ile ba tsebisa ofisi ea lekala ea Norway. Letsatsing le hlahlamang morali eo oabo rōna o ile a eteloa ke Paki ea Norway e ileng ea khanna lik’hilomithara tse 130 ho ea lata motho e mong ea thahasellang ea buang Sejeremane, e le hore e ka fana ka thuso e khōloanyane. Hamorao, mora o ile a bolela kananelo ea hae, ka ho ngola: “Ke mokhatlo o ikhethang hakaakang! Ke lerato le lekaakang! . . . Hangata mantsoe a hlalosang kamoo motho a ikutloang kateng aa haella. Ntho e tšoanang le ena ka sebele ea ikhetha.”
Kahoo ka thuto le lerato, ho entsoe tsoelo-pele e khōlō mabapi le ho hlōla mekoallo eo pele e neng e le e meholohali. Pejana feela ho mona, ho ile ha tlosoa mokoallo o mong.
Ka Tšohanyetso—Lerako la Berlin Lea Oa!
Ketsahalo ena ea tšohanyetso e ile ea makatsa lefatše! Batho lefatšeng ho pota ba ile ba e shebella thelevisheneng. Berlin ba likete ba ile ba keteka ka lerata. Mokoallo o pakeng tsa Bochabela le Bophirimela o ne o tlositsoe. E ne e le ka la 9 November, 1989.
Lilemong tse fetang 25 pele ho moo, lihoreng tsa hoseng ha la 13 August, 1961, baahi ba Berlin ba ne ba hloletsoe ha ba bona bahlanka ba ’muso ba Berlin Bochabela ba haha lerako le arolang karolo e laoloang ke Makomonisi ho ea motse kaofela. Berlin e ne e hlile e aroloa hore e be bochabela le bophirimela, kahoo e bontša lichaba tsa Jeremane Bochabela le Bophirimela. Mohlomong ka tsela e tšosang le ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe, Lerako la Berlin le ne le tšoantšetsa ntoa pakeng tsa mebuso e meholo e ’meli nakong ea Ntoa ea Mantsoe.
Joale, ka la 12 June, 1987, lilemo tse fetang tse peli feela pele ho liketsahalo tse makatsang tsa 1989, Mopresidente oa United States Ronald Reagan, a bua a bonela Keiti ea Brandenburg haufi ’me a furalletse Lerako la Berlin, o ile a laela: “Monghali Gorbachev, bula keiti ena. Monghali Gorbachev, heletsa Lerako lena.” Empa na ho bile le pontšo ea hore taelo ea hae e ne e tla mameloa? Na e ne e e-na le moelelo ho feta mokhabo-puo oa Ntoa ea Mantsoe? Eseng joalo. Hamorao mathoasong a 1989, Erich Honecker, hlooho ea puso ea Jeremane Bochabela, o ile a re, joalokaha eka oa araba, Lerako lena “le tla tsoela pele le ntse le le teng ka lilemo tse 50 le tse 100.”
Leha ho le joalo, ka tšohanyetso ho sa lebelloa Keiti ea Brandenburg e ile ea buloa ’me Lerako la Berlin la putlama. Setho se seng sa lelapa la Bethele ea Selters se hopola ha se ne se ile sebokeng sa phutheho mantsiboeeng ao a Labone, la 9 November, ’me ha se khutlela hae sa bulela TV hore se shebelle litaba tsa ho qetela tsa mantsiboea. Se sa kholoe, se ile sa mamela ka hloko litlaleho tsa hore moeli o pakeng tsa Berlin Bochabela le Berlin Bophirimela o butsoe. Baahi ba Berlin Bochabela ba ne ba kena Berlin Bophirimela ka bolokolohi ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 27! O ne a batla a sa kholoe seo a se bonang: likoloi li tšela moeli, li letsa lihutara, li ketekela seo ha ba bangata ba Berlin Bophirimela—ba bang ba tsositsoe liphateng—ba lebile moeling ho ea koloka tseleng le ho ea khahlametsa baeti ba bona ba sa lebelloang le ho ba haka. Meokho e ne e tšoloha feela. Lerako le ne le oele—ka bosiu bo le bong feela!
Ka lihora tse latelang tse 24, batho lefatšeng lohle ba ile ba ho fumana ho le thata ho tloha lithelevisheneng tsa bona. Ho ne ho entsoe histori. Ho ne ho tla bolela’ng ho Lipaki tsa Jehova Jeremane? Ho ne ho tla bolela’ng ho Lipaki ho pholletsa le lefatše?
Trabi e Tlil’o re Etela
Moqebelong o latelang hoseng pejana ho hora ea borobeli, ha mor’abo rōna oa Bethele a leba mosebetsing Selters, o ile a kopana le setho se seng sa lelapa la Bethele, Karlheinz Hartkopf, eo hona joale a sebeletsang Hungary. A thabile, mora eo oabo rōna o ile a re: “Kea tiisa hore e ke ke ea e-ba nako e telele pele barab’abo rōna ba tsoang Jeremane Bochabela ba fihla mona Selters!” Mor’abo rōna Hartkopf, ka mokhoa oa hae o bonolo le o tobileng, o ile a arabela: “Ba se ba le teng.” Ha e le hantle, lihoreng tsa hoseng, barab’abo rōna ba babeli ba ne ba fihlile ka koloi ea bona ea Trabi ea Jeremane Bochabela e lipistone li peli ’me ba ne ba pakile ka ntle ho keiti ea Bethele, ba emetse hore mosebetsi oa letsatsi o qale.
Litaba li ile tsa hasana kapele ho pholletsa le Bethele. Leha ho le joalo, le pele e mong le e mong a ka ba le monyetla oa ho bona le ho lumelisa baeti bana ba sa lebelloang empa ba amohelehile, ba ne ba se ba le tseleng ho khutlela Jeremane Bochabela, koloi ea bona e tletse libuka. Le hoja libuka li ne li ntse li thibetsoe ka molao moo, joalokaha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o ntse o thibetsoe, thabo ea nakoana e ile ea fa barab’abo rōna sebete se nchafalitsoeng. Ba ile ba hlalosa, “Re tlameha re be re le sebokeng hosane hoseng.” U ka inahanela thabo eo phutheho e bileng le eona ha e bona bara bana babo rōna ba fihla le mabokose a libuka tse neng li haella hakana ka nako e telele!
Libekeng tse seng kae tse latelang, Majeremane a ka Bochabela a likete a ile a tšolohela Jeremane Bophirimela, ba bangata ba bona e le ka lekhetlo la pele bophelong ba bona. Ka ho hlakileng ba ne ba thabela bolokolohi ba ho tsamaea boo ka nako e telele ba neng ba se na bona. Moeling ba ne ba kopana le Majeremane a Bophirimela a ba tsokelang matsoho. Lipaki tsa Jehova le tsona li ne li le teng, li lumelisa baeti bana—leha ho le joalo, ka ho hong ho molemo ho feta feela ho bontša maikutlo. Ba ile ba abela baeti bana ba tsoang Bochabela libuka tsa Bibele ntle ho tefo.
Metseng e meng e meeling, liphutheho li ile tsa etsa boiteko bo khethehileng ho finyella Majeremane a Bochabela a etileng. Kaha libuka tsa Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ka mashome a lilemo, ba bangata ba ne ba tseba ho fokolang kapa ba sa tsebe letho ka tsona. Ho e-na le tšebeletso ea ho ea ka ntlo le ntlo, tšebeletso ea ho “tloha Trabing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe” e ile ea e-ba mokhoa o tloaelehileng. Batho ba ne ba labalabela ho fuputsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha, ho akarelletsa le bolumeli. Maemong a mang bahoeletsi ba ne ba re feela: “Mohlomong ha u e-s’o bale limakasine tsena tse peli, hobane li ne li thibetsoe naheng ea heno ka lilemo tse ka bang 40.” Hangata karabelo e neng e utluoa e ne e le: “Haeba li ne li thibetsoe, e tlameha ebe li molemo. Mphe tsona.” Bahoeletsi ba babeli ba motseng o moeling oa Hof e mong le e mong o ile a tsamaisa limakasine tse fihlang ho 1 000 ka khoeli. Joalokaha ho ne ho ka lebelloa, liphutheho tsa moo le tsa boahelani kapele li ile tsa hleka setoko sa tsona sa limakasine tse phaellaneng.
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Jeremane Bochabela ba ne ba thabela bolokolohi ba bona boo ba bo fumaneng bocha, le hoja qalong ba ne ba batla ba le seli. Wilfried Schröter, ea ithutileng ’nete tlas’a thibelo ka 1972, oa hopola: “Matsatsing a seng makae a pele ka mor’a hore lerako le oe, re ne re batla re tšohile hore ho ka ’na ha etsahala hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khutlele morao ka tšohanyetso.” Nakong e ka tlaase ho likhoeli tse peli hamorao, o ile a ba teng kopanong Holong ea Kopano ea Berlin. Mabapi le kopano eo hamorao o ile a tlaleha: “Ke ne ke hloletsoe feela ke ho khona ho kopana le bara beso ba bangata hakana. Mahlo a ka a ne a tletse meokho ha re bina lipina tsa ’Muso, joaloka ba bang ba bangata. Thabo ea ho latsoa ‘ho ba teng kopanong ka seqo’ e ne e le e hlollang.”
Mantsoe a tšoanang a kananelo a tsoa ho Manfred Tamme. Nakong ea thibelo, liboka li ne li le nyenyane, ’me ho se thepa ea molumo e hlokahalang. Empa joale o re: “Le hoja ke bile pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse fetang 30, ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ne ke bua ka microphone. Ke sa ntse ke hopola kamoo ke ileng ka tšoha kateng ha ke utloa lentsoe la ka le tsoa libuela-hōleng.” Leha ho le joalo, o re, “e bile ntho e babatsehang hore ebe ka tšohanyetso re lutse re le phutheho kaofela holong e hiriloeng.”
Hape e bile ho putsang ho utloa mantsoe a mang, le kang leo Manfred a ileng a le utloa likhoeli tse seng kae hamorao. Oa tlaleha: “Ka January 1990, ke ne ke kene ka soneng bakeng sa phekolo ea meriana. Ha ke le moo ke ile ka kopana le eo e kileng ea e-ba lehlahana la Lebotho la Sepolesa la Sechaba. Nakong ea puisano e nang le botsoalle, o ile a re: ‘Manfred, joale kea hlokomela hore re ne re loantša batho basele.’”
Lijo Tsa Moea ka Bongata!
“Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” Hohle Lipaki tsa Jehova li tloaelane le ’nete eo ea motheo e qotsitsoeng ke Jesu Kreste Mangolong a bululetsoeng a Seheberu. (Mat. 4:4; Deut. 8:3) Ka thuso e lerato ea mokhatlo oa bara ba motho ba machaba, esita le nakong ea lilemo tsa thibelo, Lipaki tse Jeremane Bochabela li ile tsa amohela lijo tsa moea, empa e le tse fokolang. Li ne li labalabela hakaakang ho fumana lijo tse ngata tsa moea tse neng li thabeloa ke barab’abo tsona linaheng tse ling!
Hang ha Lerako la Berlin le e-oa, Lipaki ka bomong li ile tsa qala ho nka libuka tsa ea le tsona ka Bochabela. Hoo e ka bang likhoeli tse ’nè hamorao, ka la 14 March, 1990, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomeloa ka molao German Democratic Republic. Joale Mokhatlo o ne o ka romela libuka tseo ka ho toba. Ka la 30 March, teraka e nkileng lithane tse 25 tsa lijo tsa moea e ile ea tsoa Selters e lebile bochabela. Ka mor’a moo, 1991 Britannica Book of the Year e ile ea hlokomela: “Nakong ea likhoeli tse peli feela, ofisi ea lekala la Jeremane Bophirimela ea Mokhatlo oa Watchtower e ile ea romela lithane tse 275 tsa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ho akarelletsa le Libibele tse 115 000, ho ea Jeremane Bochabela feela.”
Hoo e ka bang ka nako eo, mor’abo rōna e mong oa Leipzig o ile a ngolla Paki e ’ngoe Jeremane Bophirimela: “Bekeng e fetileng re ne re ntse re kenya lijo ka sekhukhu ka tekanyo e nyenyane; haufinyane re tla be re laolla teraka e nang le lithane tse ’nè!”
Heinz Görlach oa Chemnitz, oa hopola: “Thomello ea pele ea libuka e ile ea tla kapele, hoo re neng re sa itokisetsa ho hang. Ka mor’a hore thomello ea pele e fihle, ke ne ke fihla betheng ka thata—kamore eohle ea ka ea ho robala e ne e tletse mabokose. Ke ne ke ikutloa joalokaha eka ke robetse ka polokelong ea matlotlo.”
Barab’abo rōna ba Selters ba ne ba boetse ba latsoa ka tsela e fokolang seo boemo bo bocha bo se bolelang ho ba neng ba arohantsoe ka nako e telele le lintho tseo Lipaki tse lokolohileng hangata li neng li li nka habobebe. Molebeli e mong sebakeng sa khatiso oa tlaleha: “Mor’abo rōna e mong ea hōlileng, ea apareng ka ho itekanela o ile a ema a shebeletse o mong oa mechine ea rōna e hatisang. Sehlopha sa habo se bonang mohaho se ne se se se ile, empa o ile a ’na a lika-lika, a ntse a nahanisisa ka ho teba, a shebeletse ha limakasine li phalla li e-tsoa mochineng ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa. Mahlo a hae a tletse likhapha, o ile a atamela e mong oa barab’abo rōna; ho ne ho totobetse hore o ne a susumetsehile ka ho teba. Eitse ha a leka ho bua ho hong ka Sejeremane se sa qaqang, lentsoe la hae le ile la kokotletsa. Empa re ile ra utloisisa ho bososela ha hae ha a ntša lipampiri tse seng kae ka pokothong ea baki ea hae, a re fa tsona ’me a tsamaea ka potlako. O ne a re file eng? Molula-Qhooa o neng o se o batla o sa balehe oa Serussia o neng o ile oa kopiletsoa lipampiring tsa libuka tsa ho ngolla tsa sekolo. Ho ne ho nkile nako e kae ho etsa kopi ee ea makasine? Ha re na tsela eo re ka tsebang ka eona, empa re na le bonnete ba hore ke ka makhetlo a makholo ho feta ka ho panya ha leihlo hoo re ho hlokang ho hlahisa makasine mochineng.”
Ho ne ho se ho sa hlokahale hore Lipaki tse sehlopheng se seng le se seng sa thuto se tsoelle feela ka limakasine tse seng kae tsa mochine o monyenyane kapa tse ngotsoeng ka letsoho tseo li neng li ka li boloka feela ka matsatsi a seng makae. Joale e mong le e mong o ne a e-na le kopi ea hae—e nang le mebala e feletseng—le likopi tse eketsehileng tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo.
Phetoho Mabapi le ho Rapela Phatlalatsa
Ho ba le bolokolohi bo eketsehileng ho ile ha hlahisa liphephetso tsa hona. Ho bolela tlas’a thibelo ea ’muso ho ne ho hloka sebete. Ho ile ha boela ha ruta ba neng ba ho etsa hore ba itšetlehe ka ho feletseng ka Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a hore thibelo e tlosoe, Ralf Schwarz, moholo oa Mokreste Limbach-Oberfrohna, o ile a re: “Re lokela ho ba hlokolosi haholoanyane hore re se ke ra khelosoa ke ho rata lintho tse bonahalang le matšoenyeho a bophelo.” Mabakeng a mang, ka mor’a hore Jeremane Bochabela e kopanngoe le Rephablike e Kopaneng, ka October 1990, malapa a Lipaki ka Bochabela a ile a fallela matlong a itekanetseng e le hore a ka lefa rente ho sa hlokahale hore a sebetse nako e eketsehileng ebe a lahleheloa ke liboka ha rente e eketseha.—Mat. 6:22, 24.
Esita le lilemong tse thata tlas’a puso ea Bokomonisi, barab’abo rōna ba ne ba tsoetse pele ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ba ne ba bile ba e-ea ka ntlo le ntlo—empa ka bohlale, mohlomong ba e-ea ntlong e le ’ngoe sebakeng seo ebe joale ba ea sebakeng se seng ho ea sebetsa ntlo e ’ngoe. Ba bang ba ile ba ho etsa esita leha kotsi ea ho kenngoa teronkong e ne e le khōlōhali. Martin Jahn, ea neng a le lilemo li 11 feela ha thibelo e qala ho sebetsa, o ile a hlalosa tse ling tsa liphetoho tseo joale ba neng ba tobane le tsona: “Tšimo eohle e ile ea tlameha ho hlophisoa bocha e le hore bahoeletsi ba ka sebetsa likarolo tseo kaofela tsa matlo. Re ne re tloaetse mokhoa oa khale oa ho sebetsa linomoro tse itseng feela tsa matlo kapa mekato e itseng. Ena e ’nile ea e-ba tsela e tloaelehileng ka nako e telele hoo re ileng ra tlameha ho ba le mamello ho ba fumanang ho le thata ho fetoha. Ho se hlole re alimana ka libuka empa, ho e-na le hoo, ho fana ka tsona e ne e le ntho e ncha ho bahoeletsi le ho batho ba thahasellang. Kaha re ne re tloaetse ho etsa lintho ka hosele, ka linako tse ling bahoeletsi ba ne ba qetella ba e-na le libuka tse ngata mekotlaneng ea bona ho feta tseo ba neng ba e-na le tsona ha ba qala tšebeletso ea tšimo.”
Ho ne ho boetse ho e-na le liphetoho tseleng eo batho ba ikutloang ka eona. Nakong ea lilemo tsa thibelo, batho ba bangata ba ne ba talima Lipaki tsa Jehova e le bahale hobane Lipaki li ne li e-na le sebete sa ho emela litumelo tsa tsona. Sena se ile sa ba tlisetsa tlhompho. Kaha ho ne ho e-na le bolokolohi bo eketsehileng, ba bangata ba ile ba amohela Lipaki ka cheseho e itseng. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ’maloa lintho li ile tsa fetoha. Batho ba ile ba ameha ka ho feletseng ka tsela ea bophelo e tloaelehileng tsamaisong ea moruo e lokolohileng. Ba bang ba bona ba ile ba qala ho talima ho eteloa ke Lipaki e le ntho e tšoenyang khotso le khutso ea bona, ba bang ba bile ba li talima e le tse khathatsang.
Ho paka tlas’a thibelo ho ne ho hloka sebete. Ho fetohela boemong bo bocha ho ne ho hloka boikemisetso bo tšoanang. Ha e le hantle, Lipaki tse ngata li lumellana le se ileng sa buuoa ke molebeli e mong naheng e ’ngoe ea Europe Bophirimela moo mosebetsi e neng e le khale o thibetsoe, o ne a ile a re: “Ho sebetsa tlas’a thibelo ho bonolo ho feta ho sebetsa ka bolokolohi.”
Khanyetso e Hlōleha ho Thefula Mosebetsi
Le hoja ho boleloa ha litaba tse molemo Jeremane Bochabela ho ile ha qala ka matla a macha, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba sa bontše kameho ea letho qalong. Leha ho le joalo, eitse ha ho totobala hore batho ba ne ba hlile ba mamela Lipaki tsa Jehova, ho kukuneloa ha baruti ho ile ha hōla. Ho latela Deutsches Allgemeines Sonntagsblatt, moruti e mong ea tsoang Dresden ea neng a italima e le setsebi sa bolumeli o ile a bolela hore “Lipaki tsa Jehova li tšoana le Mokha oa Bokomonisi.” Kahoo, joale ho e-na le ho bolela hore Lipaki e ne e le lihloela tsa Maamerika a khahlanong le Bokomonisi, joalokaha baruti ba ne ba entse joalo ka bo-1950, baruti ba ne ba leka ho amahanya Lipaki le Makomonisi. Ke ’nete hore batho ba neng ba tseba hore Lipaki li ne li thibetsoe ke puso ea Makomonisi ka lilemo tse 40 ba ile ba hlokomela hore hona e ne e le ho li emela hampe ka tsela e tebileng.
Sepheo e ne e le sefe? Baruti ba ne ba lebeletse hore Lipaki tsa Jehova li tla thibeloa hape, feela joaloka mehleng ea Bonazi le tlas’a puso ea Bokomonisi. Le hoja batšehetsi le lihlopha tse ling tsa bolumeli, ba neng ba tšehelitsoe ke bakoenehi, ba ile ba leka ho thibela Lipaki tsa Jehova hore li thabele bolokolohi bo sirelelitsoeng ke molao oa motheo, Lipaki li ne li sebelisa menyetla e teng ka botlalo ho fana ka bopaki joalokaha Jesu Kreste a laetse.—Mar. 13:10.
Ba Bang ba Ileng ba Amohela ’Nete
Har’a ba ileng ba arabela molaetseng oa ’Muso e ne e le ba bang ba neng ba amehile ka ho teba tsamaisong ea khale. Egon e ne e bile lepolesa la Jeremane Bochabela ka lilemo tse 38. O ne a sa thaba ho hang ha mosali oa hae a qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ile a khahloa ke boitšoaro ba bona bo nang le botsoalle, lerato le taeo, hammoho le lihlooho tsa Tsoha! tse nakong tseo ba neng ba atisa ho li tlisa ntlong ea hae. Ha a le letsatsing le khethehileng la kopano le mosali oa hae, o ile a tšoha ha a kopana le mor’abo rōna e mong ea neng a kile a mo tšoara. Ha ho thata ho nahana hore o ile a ikutloa a sa phutholoha, e, a bile a le molato. Empa ho sa tsotellehe tse fetileng, botsoalle bo ile ba qala ho ba teng pakeng tsa bona ka bobeli. Hona joale Egon le mosali oa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng.
Ka lilemo tse 19 Günter e ne e bile setho sa Tšebeletso ea Tšireletso ea Naha, ’me o ne a se a le boemong ba majoro. A halefile a bile a ferekane ka mor’a hore tsamaiso eo a e sebelelitseng ka nako e telele e oe, o ile a kopana le Lipaki ka lekhetlo la pele ka 1991. O ile a khahloa haholo ke boitšoaro ba tsona le ho mo utloisisa ha tsona le mathata a hae. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele ’me, le hoja a ne a sa lumele boteng ba Molimo, o ile a qetella a kholisehile hore Molimo o fela a le teng. Ka 1993 o ne a loketse ho kolobetsoa. Kajeno o thabile hore ebe o sebetsa a tšehetsa ’Muso oa Molimo.
Monna e mong ea haelloang ke tumelo ho Molimo ’me a kholisehile ka ho feletseng hore Bokomonisi e ne e le bona feela tšepo ea moloko oa motho, ha aa ka a qeaqea ho kena ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka sekhukhu e le hore a ka fetisetsa boitsebiso bo buang ka mesebetsi ea oona Tšebeletsong ea Tšireletso ea Naha. Ka mor’a hore a “kolobetsoe” ka 1978, o ile a phelela leshano ka lilemo tse leshome. Empa hona joale oa lumela: “Boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova, boo ke iponetseng bona ka mahlo, le ho ithuta buka ea Creation le ea Tlhōrō ea Tšenolo li ile tsa nkholisa hore boholo ba lintho tseo lira li li buang ka Lipaki ke leshano. Bopaki ba hore ’Mōpi o teng ke bo hlollang.” Nakoana pele Lerako la Berlin le e-oa, o ile a tobana le qeto e boima: ebang ke ho fumana lebaka la ho ikhula bathong ba Jehova le ho tsoela pele a tšehetsa tsamaiso eo a neng a se a sa e lumele kapa a lumele hore ke lehlaba-phieo ’me a hahamalle ho ba mohlanka oa ’nete oa Jehova. O ile a khetha ho ba mohlanka oa Jehova. Ho baka ha hae e le kannete ho ile ha lebisa thutong ea Bibele le kolobetsong ea bobeli, lekhetlong lena e le e thehiloeng tsebong e nepahetseng le boinehelong ba ’nete.
Joale ba ne ba ka Pheta Tsa Eona
Ka mor’a hore thibelo e tlosoe, Lipaki tsa ka Bochabela li ne li ka bua ka bolokolohi haholoanyane ka liphihlelo tsa tsona tlas’a puso ea Bokomonisi. Nakong ea litšebeletso tsa ho nehelanoa ha mohaho oa tsamaiso oa Lipaki tsa Jehova Berlin ka la 7 December, 1996, baholo ba ’maloa ba neng ba phethile karolo ea bohlokoa ho bolokeng mohlape o le matla moeeng Jeremane Bochabela ba ile ba hopola tse fetileng.
Wolfgang Meise, eo e bileng Paki ka lilemo tse 50, o ile a hopola se ileng sa etsahala ka June 1951, ha a ne a le lilemo li 20. Nyeoeng e neng e tšoeroe phatlalatsa, o ile a ahloleloa lilemo tse ’nè teronkong. Ha eena le bara ba bang babo rōna ba ne ba tsoa ka lekhotleng, Lipaki tse ka bang 150 tse neng li le teng nyeoeng eo li ile tsa ba teela hare, tsa ba tšoara ka matsoho ’me tsa qala ho bina pina ea ’Muso. Lihlooho li ile tsa hlahela ka lifensetere tsa lekhotla ha batho ba leka ho bona se etsahalang. Ao e ne e se mofuta oa maikutlo ao ba boholong ba neng ba batla hore a sale likelellong tsa sechaba. Sena se ile sa felisa linyeoe tse joalo tse tšoaroang phatlalatsa tsa Lipaki.
Egon Ringk o ile a hopola hore matsatsing a pele a thibelo, lihlooho tsa Molula-Qhooa ka bonngoe li ne li thaepuoa ka likopi tsa k’habone tse tšeletseng ho ea ho tse robong. “E le hore ho ka lokisetsoa liphutheho lijo tsa moea, mora e mong oabo rōna oa Berlin Bophirimela, ea neng a khanna teraka pakeng tsa Berlin Bophirimela le Jeremane Bochabela, o ile a etsa hore re mo sebelise. ‘Lijo’ li ne li fetisoa ka potlako—ka metsotsoana e meraro feela kapa e mene—e leng nako eo ka eona ho neng ho boetse ho fetisoa li-teddy bear tse peli tse khōlō tse lekanang, li tloha koloing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ka mor’a hore li fihle hae, limpa tsa tsona li ne li ‘khokhothoa’ ho hlahisa melaetsa ea bohlokoa le boitsebiso bo buang ka litaetsano tse ncha.”—Bapisa le Ezekiele 3:3.
Ho ile ha phetoa liphihlelo tse buang ka sebete se bontšitsoeng ke ba neng ba sebelisoa ho tsamaisa lingoliloeng tseo ba li fumaneng Berlin Bophirimela pele ho hahoa lerako ’me ba li tlisa Jeremane Bochabela ka sekhukhu. Ke ’nete hore ho ne ho e-na le monyetla oa hore ho kena Berlin Bophirimela ho koaloe ka letsatsi le leng. E ne e le ho tla buisana ka monyetla o joalo ha palo e itseng ea barab’abo rōna ba Jeremane Bochabela e ne e memeloa sebokeng ka la 25 December, 1960. Mor’abo rōna Meise o ile a bolela hore: “Ka ho hlakileng ena e ne e le tataiso ea Jehova, hobane ka la 13 August, 1961, ha lerako le hahuoa ka tšohanyetso, mokhatlo oa rōna o ne o itokisitse.”
Hermann Laube o ile a pheta hore o fumane ’nete ka lekhetlo la pele e le motšoaruoa oa ntoa Scotland. Ha a le hae Jeremane Bochabela, hang ha thibelo e qala ho sebetsa, o ile a bona tlhokahalo ea ho fepela barab’abo rōna ka lijo tse ngata tsa moea ka hohle kamoo ho ka khonehang. Kahoo Lipaki li ile tsa hloma tšebetso ea tsona ea khatiso, li sebelisa mochine oa khatiso oa nakoana. Mor’abo rōna Laube o ile a hlokomela hore “ha pampiri e le sieo, mochine o molemohali ha o be le thuso e kaalo,” a hopola letsatsing leo a ileng a bolelloa hore ho ne ho e-na le pampiri e lekaneng feela bakeng sa litokollo tse tharo tse eketsehileng. Ebe joale ho ne ho tla etsahala’ng?
Mor’abo rōna Laube o ile a tsoela pele: “Matsatsi a seng makae hamorao, re ile ra utloa motho a kokota nthong e khakeletsang metsi ntlong. E ne e le mor’abo rōna ea tsoang Bautzen ea ileng a re: ‘U mohatisi. Ho na le lirolo tse ’maloa tsa pampiri e hatisang tse lutseng feela moo ho qhalloang lithōle Bautzen, lirolo tsa lipampiri tse setseng sebakeng sa khatiso ea likoranta, tseo ba rerang ho li tsetela. Na le ka li sebelisa?’”
Barab’abo rōna ha baa ka ba senya nako. “Hona bosiung boo re ile ra bokana hammoho re le sehlopha, eaba re leba Bautzen. Che, e ne e se lirolo tse seng kae feela empa e ne e batla e le lithane tse peli tsa pampiri! E batla e le ntho e sa kholoeheng hore likoloi tsa rōna tsa mekeretlana li ile tsa khona ho nka pampiri eo, empa ka nako e khutšoanyane, re ne re e thothile kaofela. Joale re ne re e-na le pampiri e lekaneng hore re ’ne re tsoele pele ho fihlela Mokhatlo o lokisetsa ho re fepela ka pampiri e tšesaane, ea libuka tsa khatiso e nyenyane.”
Maemo a ne a hloka hore re be hlokolosi haholo hore re boloke ho tsebahala ha litho ka bomong tsa mohlape e le lekunutu. Rolf Hintermeyer oa hopola: “Ka nako e ’ngoe, ka mor’a hore re kopane le barab’abo rōna, ke ile ka tšoaroa ’me ka isoa mohahong o mong ho ea hlongoa lipotso. Ke ne ke e-na le litlankane tse ’maloa tsa lipampiri tse nang le liaterese le boitsebiso bo bong. Ha re fihla re ile ra tlameha ho hloa litepisi tse potolohang. Hona ho ile ha mpha monyetla oa ho koenya litlankane tseo. Empa kaha li ne li le ngata haholo, ho ile ha nka nako e teletsana. Qetellong ea litepisi, bahlanka ba ’muso ba ile ba hlokomela seo ke neng ke se etsa eaba baa nkhama. Eaba le ’na ke itšoara ’metsong ’me kea kokotletsa, ‘Eke, ke qetelletse ke li koentse.’ Ha ba utloa sena ba ntokolla, e leng ho ileng ha hla ha mpha monyetla oa hore ke hle ke li koenye, kaha joale li ne li se li le nyenyane ebile li le mongobo.”
Horst Schleussner o ile a kena ’neteng bohareng ba bo-1950 ha mahloriso a ne a le sehlohlolong, kahoo o ne a tseba hore na o bua ka’ng ha a ne a re: “Ha e le hantle, Jehova Molimo ka lerato o ile a sireletsa bahlanka ba hae nakong ea lilemo tse 40 tseo ba neng ba le tlas’a thibelo ka tsona.”
Ho Ketekela Tlhōlo Berlin
Kaha ba ne ba fetile mehla eo ea khatello ea Bokomonisi, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho keteka. Ka holim’a tsohle, ba ne ba labalabela ho bolella Jehova kopanong ea phatlalatsa hore baa leboha bakeng sa monyetla oo joale o neng o ba bulehetse oa hore ba mo sebeletse ba e-na le bolokolohi bo boholoanyane.
Hang ha Lerako la Berlin le oa ka November 1989, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka litaelo tsa hore ho qaloe ho etsa litokisetso tsa ho tšoara kopano ea machaba Berlin. Tlhophiso ea kopano e ile ea qalisoa ka potlako. Mantsiboeeng a la 14 March, 1990, ho ne ho lokiselitsoe hore sehlopha se kopane ho tla tšohla litokisetso tsa kopano. Helmut Martin o sa ntse a hopola ha molebeli oa kopano ea khethiloeng, Dietrich Förster, a ne a mo kōpa hore a tsebise barab’abo rōna ba bokaneng hore pejana letsatsing leo, Lipaki tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao Jeremane Bochabela. E, thibelo e ne e tlositsoe ka molao!
Kaha kopano e ne e reroa nako e se e ile haholo, Olympic Stadium e ne e se e sa fumanehe bofelong ba beke. Kahoo kopano e ile ea lokisetsoa hore e be ka Labobeli ho isa ho Labohlano, la 24 ho isa ho la 27 July. Ha nako ea hore ho kenoe e fihla, barab’abo rōna ba ne ba e-na le letsatsi le le leng feela ho lokisa sebaka seo le lihora tse seng kae feela ho qhaqha ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mor’a moo.
Kahoo, ka Mantaha oa la 23 July, baithaopi ba makholo-kholo ba ne ba se ba ntse ba le ka lebaleng ka hora ea bohlano hoseng. Gregor Reichart, setho sa lelapa la Bethele ea Selters, oa hopola hore “ba neng ba tsoa Jeremane Bochabela ba ile ba ikitlaetsa mosebetsing ka mafolofolo, joalokaha eka ba ’nile ba ho etsa ka lilemo.” Hamorao mohlokomeli oa lebala leo o ile a bolela hore o thabile hore ebe “ka lekhetlo la pele, lebala leo le hloekisitsoe ka ho feletseng.”
Majeremane a Bochabela a ka bang 9 500 a ile a ea kopanong a palame literene tse hiriloeng tse 13. A mang a ile a tla ka libese tse 200 tse hiriloeng. Moholo e mong o tlaleha hore ha a etsa litokisetso bakeng sa e ’ngoe ea literene tse hiriloeng, o ile a bolella mosebetsi e mong oa literene hore ho ne ho ntse ho lokisetsoa tse tharo sebakeng seo sa Dresden feela. Mosebeletsi eo o ile a tona mahlo ka ho makala ha a botsa: “Na ehlile ho na le Lipaki tsa Jehova tse ngata hakaalo Jeremane Bochabela?”
Ho ba neng ba tsamaea ka terene e hiriloeng, kopano e ile ea qala le pele ba fihla Berlin. Harald Pässler, moholo oa Limbach-Oberfrohna, oa hopola: “Re ile ra kopana seteisheneng sa terene sa Chemnitz ho ea palama terene eo re e boloketsoeng. Leeto la ho ea Berlin le ne le sa lebalehe. Ka mor’a lilemo tse telele tsa thibelo, e leng nakong eo re neng re ntšetsa pele tšebeletso ea rōna ka lihlopha tse nyenyane ka sekhukhu, ka tšohanyetso ho ne ho le bonolo ho bona barab’abo rōna ba bangata ka nako e le ’ngoe. Leetong leo lohle, re ile ra tsoakana makarecheng a sa tšoaneng a terene, re bua le barab’abo rōna bao re qetetseng ho ba bona ka lilemo, e, esita le mashome a lilemo. E ne e le thabo e ke keng ea hlalosoa ea ho kopana hape. E mong le e mong litšiu li ne li se li ile, empa o ne a mameletse ka botšepehi. Re ile ra khahlametsoa seteisheneng Berlin-Lichtenberg ’me ra laeloa ka libuela-hōle ho ea libakeng tse sa tšoaneng moo barab’abo rōna ba Berlin ba neng ba re emetse teng ka matšoao a maholo. E bile phihlelo e ncha ka ho feletseng—ho hlaha ha rōna boemong boo ho bona re neng re sa tsejoe! Re ile ra latsoa seo re ’nileng ra bala kapa ra utloela feela ka sona ho fihlela ka nako eo: Ka sebele re mokhatlo o moholo oa machaba oa bara ba motho!”
Ka sebele, ho Lipaki tse ngata ena e ne e le kopano ea tsona ea pele. Wilfried Schröter oa hopola: “Kaofela ha rōna re ne re hloletsoe ha re fumana memo eo.” Kahobane o inehetse ka 1972 tlas’a thibelo, re ka utloisisa maikutlo a hae. “Libeke pele ho moo, maikutlo a ne a phahame ka lebaka la tebello. Ha ke e-s’o utloe ntho e tjena, ho joalo le ka bara ba bang babo rōna ba bangata. E ne e le ntho eo re sa e nahaneng ea hore re tla bona mokhatlo oa machaba oa bara ba motho ba bokane hammoho lebaleng le leholo la lipapali.”
Ke hangata hakaakang barab’abo rōna ba phelang Berlin Bochabela ba ileng ba labalabela ho tsamaea lik’hilomithara tse seng kae ho leba ka nģ’ane ho motse ho ea moo barab’abo bona ba neng ba bokane teng kopanong! ’Me joale qetellong ba ne ba ka kopana.
Ho ne ho le teng ba ka bang 45 000 ba tsoang linaheng tse 64. Har’a bona ho ne ho le teng litho tse supileng tsa Sehlopha se Busang. Li ne li tlile ho tla thaba le barab’abo tsona ba Bakreste ba Jeremane Bochabela ketsahalong ena ea bohlokoahali. E ne e le hona lebaleng lena moo Puso ea Bonazi e neng e ikemiselitse ho sebelisa Lipapali tsa Liolimpiki ka 1936 ho khahla lefatše ka seo e se finyelletseng. Joale lebala lena le boetse le hlasimolloa ke litlatse tse khōlō, le hoja lekhetlong lena ho sa tlotlisoe baatlelete kapa ka lebaka la ho ba motlotlo ha sechaba. Bana e ne e le litho tsa lelapa le thabileng e le kannete la machaba la batho ba Jehova, ’me litlatse tsa bona e ne e le tsa teboho ho Jehova le tsa ho ananela linnete tsa bohlokoa tse Lentsoeng la hae. Ketsahalong ena, ba 1 018 ba ile ba itlhahisa bakeng sa ho qoelisoa metsing, boholo ba bona e le batho ba neng ba ithutile ’nete tlas’a thibelo Jeremane Bochabela.
Mohlomong ba neng ba le teng ba neng ba ka utloisisa hamolemo maikutlo a barab’abo rōna ba Jeremane Bochabela e ne e le baeti ba mafolofolo ba ka bang 4 500 ba tsoang Poland, moahelani oa Jeremane Bochabela. Le bona ba ne ba mameletse ka lilemo tse ngata tlas’a thibelo ’me ba ne ba sa tsoa latsoa kopano ea bona ea pele e khōlō ka mor’a lilemo tse ngata. Paki e ’ngoe ea Lepolishe hamorao e ile ea ngola: “Barab’abo rōna ba Poland ba ananela haholo moea oa boitelo oa baahelani ba bona ba ka bophirimela, ba ileng ba ba amohela ntle ho tefo, ba ba fepa ntle ho tefo le ka lipalangoang tse sa lefelloeng ho ea le ho khutla mabaleng a kopano, tseo hoja e se ka tsona ba bangata ba rōna re neng re tla thatafalloa ke ho tla.”
Ka lehlakoreng le leng, barab’abo rōna ba Jeremane Bophirimela, ba neng ba tloaetse ho thabela likopano ka bolokolohi, le bona ba ne ba amehile haholo. Klaus Feige oa lelapa la Bethele ea Selters, o ile a hlalosa: “E bile ho thabisang ho bona barab’abo rōna ba tšepahalang ba khale ba bangata—bao ba bang ba bona ba sa kang ba hlorisoa feela nakong ea lilemo tse 40 tsa puso ea Bokomonisi empa le nakong ea Puso ea Bonazi—ba lutse sebakeng seo ba se boloketsoeng moo Adolf Hitler le maqoqolo a mang a Manazi a kileng a lula teng.” Karolo ena e botleng ea lebala, ka lerato e ne e boloketsoe ba hōlileng le ba holofetseng. E bile pontšo e hlollang hakaakang ea ’Muso oa Molimo, oo hona joale o hlōlang makhotla a lipolotiki a neng a rerile ho thibela ho macha ha oona ho fihlela tlhōlong!
Ho Lokisetsa Libaka Tsa ho Bokana
Hang ka mor’a hore thibelo e tlosoe Jeremane Bochabela, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa barab’abo rōna tsa hore ba rue molemo lenaneong la kamehla la likopano le thabeloang ke bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara. Esita le pele lipotoloho li hlophisoa bocha ka ho feletseng, liphutheho li ile tsa memeloa ho ba teng matsatsing a khethehileng a likopano le likopanong tsa potoloho Jeremane Bophirimela. Qalong, bahoeletsi ba neng ba le teng ba ne ba aroloa ka ho lekana pakeng tsa ba Jeremane Bophirimela le ba Jeremane Bochabela. Sena se ile sa matlafatsa litlamo tsa kutloano ea bara ba motho, hape ha fa barab’abo rōna ba Jeremane Bochabela monyetla oa ho ithuta tsamaiso ea likopano ka ho sebetsa le banab’abo bona ba Jeremane Bophirimela.
Ha ho thehoa lipotoloho, ba ka Bochabela ba ile ba memeloa ho sebelisa Liholo tsa Likopano tse seng li ntse li le teng Jeremane Bophirimela. Tse hlano—tse Berlin, Munich, Büchenbach, Möllbergen le Trappenkamp—li ne li le haufinyane le meeli ea pele ka ho lekaneng ho etsa hore sena se be bonolo. Leha ho le joalo, kapele kamoo ho ka khonehang, mosebetsi o ile oa qala Holong ea Kopano Jeremane Bochabela. Holo eo e Glauchau, haufi le Dresden, e ile ea neheloa ka la 13 August, 1994, ’me hona joale ke Holo e khōlō ka ho fetisisa ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova Jeremane, eo ho lulang batho ba 4 000.
Tlhokomelo e boetse ea lebisoa kahong ea Liholo tsa ’Muso. Liholo tsena li ne li sa lumelloa German Democratic Republic, empa joale li ne li hlokahala e le hore ho ka hlokomeloa Lipaki tse fetang 20 000 sebakeng seo. Tsela eo mosebetsi oa ho haha o neng o etsoa ka eona e ile ea etsa hore ba bang ba shebelle ka ho makala.
Mabapi le ho hahuoa ha Holo ea ’Muso Stavenhagen, koranta e ’ngoe e ile ea ngola: “Tsela eo mohaho oo o hahoang ka eona le lebelo leo o hahoang ka lona, li se li ntse li siile ba bangata ba shebelletseng ba maketse. . . . Mohaho oo o ile oa emisoa ke lihahi tse koetlisitsoeng tse ka bang 240 tsa mafapha a botsebi a 35, kaofela e le baithaopi ’me kaofela ha bona e le Lipaki tsa Jehova. Kaofela bofelong ba beke ba sa lefshoe.”
Koranta e ’ngoe e ile ea ngola ka holo e ’ngoe e hahiloeng sehlekehlekeng sa Rügen sa Leoatle la Baltic se Sagard: “Basali le banna ba ka bang 50, ba hlanasela joaloka linotši, ba lokisetsa moralo oa mohaho. Empa lintho ha li etsoe ka lepotlapotla. Moea ke o khatholohileng le o nang le botsoalle ka tsela e sa tloaelehang. Ho sa tsotellehe lebelo le bonahalang leo ba sebetsang ka lona, ha ho ea bonahalang a tšoenyehile hape ha ho ea hlabang basebetsi ba bang ka mantsoe joalokaha ho etsahala litšeng tse ngata tsa kaho.”
Ho ea qetellong ea 1992, ho ne ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse supileng ’me li ne li sebelisoa ke liphutheho tse 16. Tse ling tse 30 e ne e le hona li ntseng li raloa. Ka 1998, karolo e fetang 70 lekholong ea liphutheho tse neng li le ho seo e kileng ea e-ba Jeremane Bochabela li ne li se li ntse li kopanela Liholong tsa tsona tsa ’Muso.
Likopano Tsa Machaba Tse Susumetsang
Ha lithibelo tsa mebuso li ntse li tlosoa linaheng ka ho latellana Europe Bochabela, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore ho tšoaroe likopano linaheng tseo. Tsena e ne e le liketsahalo tsa ho hahana moeeng, liketsahalo tseo ho neng ho fanoa ka khothatso bakeng sa ho tsepamisa kelello mosebetsing oo Molimo a laetseng bahlanka ba hae hore ba o etse. (Mat. 6:19-24, 31-33; 24:14) Kaha Lipaki tse ngata linaheng tsena ka lilemo li ne li khona ho kopana feela ka lihlopha tse nyenyane, likopano tsena li ile tsa li nolofalletsa ho tseba Lipaki tsa habo tsona le ho khothatsoa ke bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova ho mamelleng ha tsona ka botšepehi. Ho ile ha boela ha mengoa baeti ba tsoang linaheng tse ling e le hore barab’abo rōna ba ka latsoa ka botlalo tekanyo ea mokhatlo oa machaba oa bara ba motho oo le bona e leng karolo ea oona. Har’a baeti bao, ba bangata ba ne ba e-tsoa Jeremane. Ba ne ba emetsoe hantle pakeng tsa 1989 le 1993 likopanong tsa machaba tse neng li tšoaretsoe Poland, Hungary, Czechoslovakia le moo e neng e le Soviet Union.
Letsatsi pele Kopano ea Machaba ea “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo” ea 1991 e qala Prague, ho seo hona joale e leng Czech Republic, koranta ea Lidové noviny e ile ea tlaleha ka mosebetsi o tsoileng matsoho o entsoeng ke sehlopha sa Lipaki tse ka bang 40 oa ho kenya “thepa ea molumo eo ba e alimiloeng ke ‘barab’abo bona ba Jeremane.’” Barab’abo rōna ba Majeremane ha baa ka ba alimana ka thepa ea molumo feela empa e ne e boetse e le karolo ea sehlopha se ileng sa e kenya. Ba ile ba thabela ho khona ho kopanela ka tsela ena le barab’abo bona ba Maczech o mong oa melemo ea mashome a lilemo a phihlelo ea likopano. Le hoja palo ea baeti ba Majeremane likopanong tsa machaba e ne e lekanyelitsoe haholo makholong a ’maloa, ho ne ho memetsoe baeti ba 30 000 kopanong ena e Prague. E bile kopano e babatsehang hakaakang!
Dieter Kabus, ea neng a sebelelitse e le molebeli oa setereke Czechoslovakia ka 1955 ’me a le teng kopanong ena e le moeti ea tsoang Jeremane, o ile a ngola: “Ha New World Translation [eo hona joale e hatisoang mechineng ea Mokhatlo] e ne e lokolloa, e mong le e mong o ile a ema setulong sa hae, ’me lebala lohle la lipapali le ile la phasoloha ka litlatse ka nako e le ’ngoe, tse ileng tsa bonahala li sa khaotse. Kaofela ha rōna re ile ra kopana ka matsoho; ba likete ba ile ba itšela ka likhapha tsa thabo ba sa hlajoe ke lihlong. Re ile ra hopola nakong eo re neng re le teronkong ha re ne re e-na le Bibele e le ’ngoe feela re le 16. Ba bangata ba ile ba lula hora kapa ho feta ka mor’a hore lenaneo le fele, ba bina lipina le ho thabela botsoalle bo babatsehang.”
Selemong se latelang, ka 1992, baeti ba Jeremane ba ne ba boetse ba le teng kopanong ea machaba e St. Petersburg, Russia. Baeti ba bang ba tla hopola hore lintho ha lia ka tsa tsamaea phollatsi kaofela, bonyane mabapi le marobalo bakeng sa baeti ba tsoang Jeremane. Empa hoo le hona ho ile ha fana ka bopaki. Eitse ha ho hlokahala hore sehlopha se seng sa baeti se tlohe hoteleng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka tlhokomeliso e khutšoanyane, mofetoleli e mong oa Lerussia bakeng sa sehlopha seo, ea lilemo li 50, o ile a khahloa haholo ke boitšoaro ba Lipaki hoo a ileng a re: “Ha le batho ba tloaelehileng; ha le hoeletse hape ha le halefe!” Leha ho le joalo, ho neng ho thahasellisa le ho feta ho baeti bana, ke moea o neng o bontšoa ke bara le barali babo bona ba ratehang ba Marussia. Ka mor’a kopano eo, moeti e mong oa Jeremane o ile a ngola: “Ha ho na mantsoe a ho hlalosa kamoo barab’abo rōna ba ileng ba ananela lenaneo leo kateng. Ba se na Libibele, ba se na libuka tsa lipina [ka nako eo li ne li ntse li haella Russia], ba ile ba mamela ba lebeletse e bile e le ka hloko seo Jehova a neng a ba bolella sona.”
Selemong se latelang seo, Lipaki tsa Majeremane tse fetang 1 200 li ile tsa e-ba teng likopanong tsa machaba Moscow, Russia le Kiev, Ukraine. Ke litlaleho tse hlollang hakaakang tseo ba neng ba ka li pheta ha ba khutlela hae! Har’a baeti bana ho ne ho e-na le Titus Teubner, eo e bileng molebeli ea tsamaeang ho tloha ka 1950, ea ileng a re: “Ke ne ke ile ka tšepisa mosali oa ka hore haeba mosebetsi o ka buleha ka Bochabela, ke ne ke tla ba har’a ba tlang ho ba teng kopanong ea pele Moscow.” Ka mor’a hore a hle a etse joalo ka 1993, o ile a re: “E ne e batla eka ke mohlolo hore ke ne nka aba limakasine tse buang ka puso ea bomolimo Red Square.” Moeti e mong o ile a ngola: “Re ile ra ba teng kopanong ena ho tla khothatsa barab’abo rōna ba Marussia—’me ha ho pelaelo hore re entse joalo. Empa le bona ba re khothalitse. Barab’abo rōna ba Marussia ba ile ba re khothatsa ka tsela e babatsehang ka mohlala oa bona oa lerato, teboho, botšepehi le kananelo.”
Litho tsa lelapa la Bethele la Selters li ile tsa e-ba motlotlo ho ba le tokelo ea ho sebeletsa bara le barali babo rōna ba tšepahalang joalo. Kananelo ea tokelo eo e ile ea teba haholoanyane ha li utloa litlaleho tse tsoang ho bakhanni ba literaka ba Bethele ba neng ba tsoa isa thepa linaheng tse ling ’me ba pheta kamoo ba ileng ba amoheloa ka mofuthu kateng, le thabo ea barab’abo rōna ea ho ba le karolo ho laolleng thepa esita le bosiu, le lithapelo tse kopaneng tse entsoeng ke barab’abo rōna pele ba salisana hantle le ba neng ba tlisitse thepa.
Ho Haha ka ho Eketsehileng—Ho Khotsofatsa Tlhokahalo e Potlakileng
Lithibelo li ile tsa tlosoa likarolong tse ling tsa Europe Bochabela ka ho latellana. Ho ne ho tšoaroa likopano tse khōlō. Ho boleloa ha litaba tse molemo ho ile ha potlakisoa. Ho hlokoa ha lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko ea karolo eo ea tšimo ho ne ho hōla ka potlako. E ne e ka finyelloa joang? Lekala la Jeremane le ile la memeloa ho phetha karolo e eketsehileng.
Ka 1988, le pele Lerako la Berlin le heleha, Sehlopha se Busang se ne se se se fane ka tumello ea ho atolosoa ha mehaho ea lekala Jeremane ka karolo ea 50 lekholong. Qalong, Komiti ea Lekala e ne e ile ea ho fumana ho le thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha keketseho e kaalo e hlokahala. Mohaho o moholo, o mocha ka ho feletseng o ne o sa tsoa neheloa lilemo tse ’nè feela pejana ho moo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba etsa kōpo ho bahlanka ba ’muso sebakeng seo. Mor’abo rōna Rudtke oa hopola: “Ha re isa lipolane tsa rōna, mokomishenara oa mehaho Selters o ile a re ho ’na a batla a seba: ‘Ke le eletsa hore le hahe haholo kamoo le ka khonang hobane ba boholong ba ke ke ba hlola ba le fa tumello ea ho atolosa hape.’ Sena se ile sa etsa hore re nahane.” Ka mokhoa o tsotehang, ka likhoeli tse seng kae, ho ile ha fumanoa tumello e tsoang liofising tsohle tse sa tšoaneng tsa ’muso, ’me katoloso ea pele e neng e hlahisitsoe ea karolo ea 50 lekholong e ile ea nkeloa sebaka ke ea karolo ea 120 lekholong!
Kaho e ile ea qala ka January 1991. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka ke bara le barali babo rōna kaofela ba neng ba kholisehile hore ho na le tlhokahalo eo, joalokaha ho pakiloe ke karabelo e tlang butle litsebisong tse neng li etsoa mabapi le ho hlokahala ha basebetsi ba koetlisitsoeng hore ba kopanele morerong ona, hammoho le tšehetso e fokolang ea lichelete. Ho ne ho ka etsoa eng?
Ho bonahala ho ne ho hlokahala feela hore barab’abo rōna ba be le tsebo e batsi, kahoo ho ile ha tšoaroa liboka tse khethehileng le baholo ba khethiloeng Liholong tsohle tsa Likopano tse Jeremane ka la 3 October, 1991. Ho ile ha hlalosoa hore lilemong tse leshome tse fetileng, tlhahiso ea libuka lekaleng la Jeremane e ne e eketsehile hoo e ka bang hararo. Lithibelo li ne li tlositsoe Poland, Hungary, Jeremane Bochabela, Romania, Bulgaria, Ukraine le Soviet Union. Lingoliloeng li ne li isoa linaheng tse ka nģ’ane ho meeli ea Jeremane. Bahoeletsi linaheng tsena ba ne ba kōpa lingoliloeng ka tieo. Selters e ne e kōpuoa ho phetha karolo e khōlō ho faneng ka tsona. Hang ha barab’abo rōna ba bona tlhokahalo eo ka ho hlakileng, tšehetso ea bona e ne e le ea seatla se bulehileng.
Ha e le hantle, ho se arabele hantle qalong ho ile ha bonahala e le tlhohonolofatso. Joang? Ho e-na le ho itšetleha ka ho feletseng ka baithaopi ba Jeremane, lekala le ile la etsa qeto ea ho sebelisa tokisetso e entsoeng ke Sehlopha se Busang ka 1985. Ka nako eo, ho ne ho qaliloe lenaneo la kaho la baithaopi ba machaba. Pele ho phethoa mosebetsi lekaleng la Jeremane, baithaopi ba 331 ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng tse 19 ba ne ba ile ba sebeletsa le lelapa la Bethele.
Ho ne ho boetse ho e-na le Lipaki tse ngata tsa Jeremane tse ileng tsa thusa ka mosebetsi; boholo ba tsona li ile tsa o etsa linakong tsa tsona tsa phomolo. Li ne li akarelletsa bahoeletsi ba ka bang 2 000 ba moo e neng e le Jeremane Bochabela, bao boholo nakong ea thibelo ho seng mohla ba kileng ba nahana hore ka letsatsi le leng ba tla ke ba khone ho sebetsa Bethele.
Mafelo Beke a Nehelo
Ebang ke ka tšehetso e bonahalang kapa ea lichelete kapa ka lithapelo, Lipaki tsohle tsa Jehova Jeremane li ne li thusitse morerong ona oa kaho. Selters e ne e le Bethele ea tsona, mohaho o moholohali o atolositsoeng oo joale li neng li batla ho o nehela ho Jehova. Kahoo, nako e telele le pele mosebetsi oa kaho o fihla pheletsong, ho ne ho se ho ntse ho etsoa litokisetso tsa hore barab’abo rōna bohle Jeremane, hammoho le baeti ba bang ba bangata ba tsoang linaheng tse ling, ba kopane hammoho ba tl’o keteka.
Lenaneo le ile la qala ka Moqebelo hoseng, ka la 14 May, 1994, ho hatisoa haholo “monyako o moholo o isang tšebetsong” o bulehang Europe Bochabela. (1 Bakor. 16:9) E bile ho matlafatsang tumelo ho utloa barab’abo rōna ba tsoang linaheng tsena ba tlaleha ka bobona ka keketseho e ntle e seng e ntse e thabeloa le litebello tsa khōlo e tsoelang pele. Cheseho ea letsatsi leo, e ileng ea thabeloa ke ba 3 658 ba Selters, e ile ea fetela Sontaha. Lipaki tsa Jehova tsohle tse Jeremane li ile tsa memeloa ho bokana mabaleng a lipapali a tšeletseng a hiretsoeng ketsahalo eo—Bremen, Cologne, Gelsenkirchen, Leipzig, Nuremberg le Stuttgart.
Ha mashome a likete a khutsa ka tebello, lenaneo le ile la qala ka nako e le ’ngoe libakeng tseo kaofela tse tšeletseng. Ka mor’a tlhahlobo e khutšoanyane ea lenaneo la nehelo la Moqebelo Selters, ho ile ha e-ba le litlaleho tse thabisang tse tsoelang pele tsa baeti ba tsoang linaheng lisele. Lintlha tsa sehlooho e bile lipuo tse ileng tsa fanoa Gelsenkirchen, Leipzig le Stuttgart, e ’ngoe le e ’ngoe e fanoa ke setho sa Sehlopha se Busang se neng se le teng. Molemong oa bamameli ba libakeng tse ling tse tharo, lipuo tsena li ile tsa fetisoa ka khokahanyo ea thelefono. Kaofela ba 177 902 ba neng ba le teng ba ile ba khothalletsoa ho lula ba le matla tumelong le ho hanela teko leha e le efe e ka etsang hore ba khoehlise. Joale e ne e le nako ea ho nka bohato! Jehova o ne a butse monyako oa keketseho ho sa lebelloa Europe Bochabela, ’me ha ho letho le tlamehang ho lumelloa ho sitisa mosebetsi ona hore o phethoe. Pele ba inamisa lihlooho tsa bona ho leboha Jehova, ba ile ba kopanela ho bineng: “Likete tsa banab’eso/ Li hlakoreng la ka/ Li tšepeha haholo/ Tšebeletsong ea Jah.” Ke ka seoelo ho neng ho bile le pontšo e khōloanyane ho feta ea bonngoe le boikemisetso tse tšoaeang batho ba Jehova.
Le hoja bofelo ba beke bo thabisang ba nehelo bo ne bo fihlile qetellong, keketseho e ile ea tsoela pele. Esale ka matjeke hoseng ho latelang, basebetsi ba kaho ba ne ba boetse ba tšoarehile. Tokisetso e ncha ea ho boloka libuka ka maleme a sa tšoaneng, eo Mokhatlo o sa tsoa e theha haufinyane ho qoba ho pheta mosebetsi ho sa hlokahale le litšenyehelo, e ile ea hloka sebaka se eketsehileng sa thomello ea lintho Selters.
Ka 1975 lekala la Jeremane le ile la hatisa libuka tse 5 838 095 le limakasine tse 25 289 120. Lilemo tse mashome a mabeli hamorao, selemong sa tšebeletso sa 1998, tlhahiso ea libuka e ne e eketsehile ho fihlela ho tse 12 330 998, limakasine tse 199 668 630 le lik’hasete tse 2 656 184. Khōlo ena e hlollang e bile haholo-holo ka lebaka la tlhoko e tsoang linaheng tsa Europe Bochabela.
Ha lithibelo li ntse li tlosoa ka ho latellana, Selters e ile ea qala ho romela lingoliloeng linaheng tse eketsehileng tsa Europe Bochabela. Ha e le hantle, karolo ea 68 lekholong ea lingoliloeng tse hlahisitsoeng Selters pakeng tsa May 1989 le August 1998, ke hore lithane tse 58 793, e ile ea romeloa linaheng tse 21 tsa Europe Bochabela le linaheng tsa Asia. Sena se ka lekana le mokoloko oa literaka tse 2 529, e ’ngoe le e ’ngoe e nkile lithane tse 23 tsa lingoliloeng.
Ho Haha, le ho Bolela ka Nako e Tšoanang
Ho tloha ka 1975, Lipaki tsa Jehova li entse mosebetsi o moholo oa ho haha. ’Me joaloka Noe, eo ntle le hore ebe e ne e le sehahi e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka,” Lipaki li leka ho leka-lekanya boikarabelo ba tsona. (2 Pet. 2:5) Lia hlokomela hore tšebetso ea ho haha ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete kajeno. Ka nako e tšoanang, li boloka mahlo a tsona a tsepame tabeng ea bohlokoa le ho potlaka ha ho boleloa ha litaba tse molemo.
Ha e le hantle, Lefapha la Tšebeletso le hlokomela hore tšebeletso e eketsehileng mabapi le mosebetsi oa kaho Selters e hlile e entse hore nako e qetoang tšebeletsong ea tšimo e phahame. ’Me ha e le hantle, ho haha mehaho ea puso ea Molimo ka bohona e ne e le bopaki. Liholo tsa ’Muso tse hahiloeng ka potlako hammoho le Liholo tsa Kopano e ’nile ea e-ba ntho e makatsang e sa khaotse ho ba shebelletseng. Mosebetsi oa kaho o etsoang ke Lipaki tsa Jehova, o etsoang ka cheseho le ka boinehelo, o thusa ho lebisa tlhokomelo litabeng tse molemo tseo ba li bolelang. Batho ba tšepahalang ba labalabela ho fumana hore na ke matla afe a susumetsang Lipaki tsa Jehova ka tsela ena e e-song ho bonoe sehlopheng leha e le sefe sa bolumeli.
Ho sa Tsotellehe Hore na ho Etsahala’ng Magdeburg?
E ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso tse ileng tsa neheloa nakong ena e ne e le Magdeburg. Morao koana ka 1923 Mokhatlo o ne o ile oa fallisa ofisi ea oona e Jeremane ho e tlosa Barmen ho e isa Magdeburg. Ka 1927/28 ho ile ha hahuoa holo ea kopano e hlomphehang e nkang batho ba ka bang 800. Ka lebaka la ho ananela buka ea Mokhatlo oa Watch Tower ea The Harp of God, barab’abo rōna ba ile ba e reha Holo ea Harepa. Leboteng la eona le ka morao e ne e khabisitsoe ka setšoantšo sa Morena Davida a letsa harepa.
Ka June 1933, Manazi a ile a hapa setša sa Mokhatlo Magdeburg, a koala fektheri ’me a hloma setšoantšo sa swastika ka holim’a mehaho. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, setša seo se ile sa khutlisetsoa ho Lipaki, empa eseng ka nako e telele. Ka August 1950 se ile sa nkuoa ke ba boholong ba Makomonisi.
Ka 1993, ka mor’a hore Jeremane e kopane hape, karolo e khōlō ea setša seo e ile ea khutlisetsoa ho Mokhatlo, ’me boholo ba karolo e setseng bo ile ba lefshoa ka chelete. Karolo e ileng ea khutlisoa e ne e akarelletsa seo e kileng ea e-ba Holo ea Harepa. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa tsa ho nchafatsoa ha setša seo, Magdeburg e ne e e-na le Holo ea ’Muso e tšoanelehang le e hlokahalang.
Nakong ea litšebeletso tsa nehelo, Peter Konschak o ile a hlalosa hore: “Lena ke lekhetlo la boraro mehaho ena e neheloa—lekhetlo la pele e ne e le ka bo-1920, eaba e ba ka 1948 ’me joale ke ka 1995 hape.” Willi Pohl, a emetse Komiti ea Lekala la Jeremane, o ile a fana ka puo ea nehelo. Ha a sa le mocha, o ne a ile a sebeletsa Bethele ea Magdeburg. Ha e le hantle, ka 1947, ha Hayden Covington ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše a ne a etile ’me a bua le barab’abo rōna ka holong eona ena, Mor’abo rōna Pohl o ile a mo tolokela. O ile a ipolela ho baeti ba memiloeng ba 450, “Le ka inahanela hore na ke ikutloa joang ha ke fana ka puo ena.”
Kajeno, liphutheho tse ’maloa tsa Magdeburg tse kopanelang kamehla moo e neng e le Holo ea Harepa, ke bopaki bo phelang ba bonnete ba mantsoe a Jehova ho bahlanka ba hae, joalokaha a ngotsoe ke Esaia lilemo tse fetang 2 700 tse fetileng: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena ha se na ho atleha.” Kapa, joalokaha Morena Ezekiase a kile a hopotsa banna ba hae: “Ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa le ho loana lintoa tsa rōna.”—Esa. 54:17; 2 Likron. 32:8, NW.
Ofisi ea Phetolelo
Karolo e khōlō ea mosebetsi o etsoang lekaleng la Jeremane o akarelletsa phetolelo. Lefapha la Phetolelo la Sejeremane le ile la tlosoa Bern, Switzerland, la isoa Wiesbaden ka 1956. Ka nako eo le ne le e-na le batho ba bane feela. Alice Berner le Erika Surber, ba neng ba le sehlopheng seo, ba ile ba sebeletsa moo ka botšepehi ho fihlela lefung. Anny Surber, e mong oa ba bane ba pele, o ntse a sebeletsa lefapheng lena. Le ’nile la hōla ha lilemo li ntse li feta, hoo hona joale, mabakeng a mangata, eseng limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! feela tseo Lipaki tsa Majeremane li li fumanang, empa hape le libuka ka puo ea tsona ka nako e tšoanang le eo li lokolloang ka eona ka Senyesemane.
Ntle le phetolelo ea Sejeremane, mosebetsi o itseng oa phetolelo ea Serussia le Sepolishe le oona o ’nile oa etsoa Jeremane morao koo ka bo-1960. Mosebetsi ona o ’nile oa hlokomeloa ke Lefapha la Tšebeletso ea Linaha tse Ling, le hlokomelang mosebetsi linaheng tse ’maloa moo mosebetsi o neng o thibetsoe, ho akarelletsa Jeremane Bochabela, Poland le Soviet Union.
Hang ha ho khoneha, bafetoleli ba bang ba nang le phihlelo ba tsoang Poland le ba bang ba ’maloa ba lebeletsoeng ho ba bafetoleli ba tsoang Soviet Union ba ile ba memeloa ho ea Selters. Mono ba ne ba e-na le thepa e hlokahalang hammoho le tikoloho e ntle eo ho eona ba ka tsoelang pele ba koetlisetsoa mosebetsi oa bona. Hape, ba ne ba ka rua molemo phihlelong ea bafetoleli ba Sejeremane, ba ileng ba ba hlaha leseling ka mokhoa oa ho sebetsana le mathata a tloaelehileng ho bafetoleli bohle, ho sa tsotellehe puo ea bona. Kapele-pele, bafetoleli bao ba ile ba ratoa haholo ke litho tsa lelapa la Bethele la Selters.
Ha e le hantle, tokisetso ea koetliso e ne e le ea nakoana. Ka mor’a nako e itseng, bafetoleli ba ne ba tla khutlela linaheng tsa habo bona. Kahoo ka mor’a hore mohaho o mocha oa Bethele o haufi le Warsaw, Poland, o neheloe ka 1992 le ka mor’a hore bafetoleli ba phethe morero o moholo, bafetoleli ba Sepolishe ba Jeremane ba ile ba tla kopana le sehlopha sohle sa bafetoleli ba Sepolishe Poland.
Leha ho le joalo, pele ba tsamaea, ba eketsehileng ba lebeletsoeng ho ba bafetoleli—ba Marussia le Maukraine—ba ile ba qala ho fihla ba tlile koetlisong. Ba bahlano ba pele ba ile ba fihla ka la 27 September, 1991, ’me ba bang hamorao. Kaofela ha bona, ho tlile ba fetang 30.
Ka January 1994 bafetoleli ba Serussia ba ile ba tloha ho ea lula Bethele e neng e ntse e hahuoa ka nako eo e Solnechnoye, haufi le St. Petersburg. Ka lehlakoreng le leng, bafetoleli ba Seukraine, nakong eo ho neng ho ngoloa sena ka eona ba ne ba lebeletse ho fallela lehaeng le lecha la Bethele haufinyane le reretsoeng Ukraine. Nako le nako, lihlopha tse ling tsa bafetoleli le tsona li ’nile tsa sebetsa Selters ’me tsa rua molemo thusong eo li e filoeng. Sena sohle se sebeletsa e le khopotso ea kamehla ea morero oa Jehova oa ho bokella batho ba “tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle” ka tebello ea ho etsa “lefatše le lecha,” e leng motheo oa mokhatlo oa batho ba inehetseng ho sebeletsa Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, Jehova.—Tšen. 7:9, 10; 2 Pet. 3:13.
Sebaka sa Liseminare Tsa Machaba
Sebaka se botleng sa lekala la Jeremane se hapile baeti ba bangata. Frankfurt e bolela hore ke eona monyako o moholohali oa baeti ba kenang k’honthinenteng ea Europe ba sebelisa Boema-fofane ba Rhein-Main. Kaha Selters e lik’hilomithara tse ka tlaase ho 60 ho tloha boema-fofaneng ba Frankfurt, Lipaki tse ngata, le hoja li leba libakeng tse ling, li ho fumane e le ho khathollang ho etela hakhutšoanyane ho ea bona mehaho le ho thabela kamohelo e mofuthu ka nako e khutšoanyane ea lelapa la lekala leo.
Selters e boetse e ipakile e le sebaka se setle bakeng sa liseminare tsa machaba le bakeng sa liboka tseo ho tsona baemeli ba tsoang makaleng a sa tšoaneng ba rerisanang litaba ho sona. Ke kahoo Komiti e Hatisang ea Sehlopha se Busang e ileng ea lokisetsa hore baemeli ba tsoang makaleng a Europe a 16 ba kopane le barab’abo rōna ba tsoang Brooklyn ka matsatsi a mane ka 1992. Sepheo sa bona e ne e le ho hokahanya mosebetsi oa bona e le ho etsa bonnete ba hore ho tla ba le phepelo e ngata ea lijo tsa moea bakeng sa makala kaofela a Europe, ho akarelletsa le a linaheng tse neng li futsanehile moruong.
Esita le pele ho sena, Lipaki tsa Jehova Jeremane li ne li fana ka lingoliloeng tsa Bibele mahala ho batho bohle ba thahasellang ho li bala. Ka sebele sena se ile sa shanofatsa bahanyetsi ba qosang Mokhatlo oa Watch Tower ka hore o rekisa lingoliloeng e le tšebetso ea ho etsa chelete.
Ka mor’a seminare eo ea Selters, tokisetso ena e ile ea atolosetsoa Europe eohle. Sena se ipakile se le molemo ka ho khethehileng Europe Bochabela, moo batho ba bangata ba bontšang hore ba lapetse lintho tsa moea empa hangata ba hateletsoe tabeng ea moruo. Joale, litšenyehelo tsa mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara li koaheloa joang? Ka menehelo e sa qeloeng e fanoang ke Lipaki tsa Jehova le batho ba bang ba nang le kananelo. Ke hobane’ng ha ba fana ka menehelo e joalo? Ba bang ba etsa joalo hobane ba bona bohlokoa ba ho fa e mong le e mong monyetla oa ho ithuta mokhoa oa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ntlafatsa bophelo ba bona hona joale. (Esa. 48:17; 1 Tim. 4:8) Ba bang le bona ba susumetsoa ke takatso ea ho kopanela tseleng ena ka ho etsa hore ho be bonolo hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li fihle ho batho linaheng tsohle pele Molimo a felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho ea hona joale.—Mat. 24:14.
Seminare ea bobeli e neng e tšoeroe ka 1992 e ne e likoloha tlhahisong ea hore lekala la Jeremane le romelle lingoliloeng ka ho toba phuthehong ka ’ngoe ka hare ho linaha tsa Europe ho e-na le ho li romela liofising tsa makala bakeng sa hore li eo romeloa hape, kaha e ne e ntse e le eona tokisetso ho tla fihlela ka nako eo. Seminareng ea boraro, ka April 1993, ho ile ha nkuoa mehato ea ho akarelletsa linaha tse tšeletseng tse Bohareng ba Europe tokisetsong ena. Ka February 1994 ho ile ha tšoareloa seminare Vienna, Austria, bakeng sa linaha tsa Europe Bochabela, ’me ho ile ha etsoa tokisetso ea ho ruisa liphutheho molemo linaheng tse eketsehileng tse 19.
Melemo ea tokisetso ena e hlakile. Ho fokolitsoe litšenyehelo kahobane ha ho hlokahale hore ho bolokoe lingoliloeng lekaleng ka leng; kahoo mafapha a maholo a ikemetseng a thomello ea lintho naheng e ’ngoe le e ’ngoe ha a sa hlokahala. Linaheng tse ling tokisetso ena e entse hore ho se ke ha hlokahala hore ho atolosoe mehaho e teng ea Bethele. ’Me ha ho hahuoa mahae a macha a Bethele, ha ho sa hlokahala hore a be maholo hakaalo, kaha polokelo ea lingoliloeng, ho phutheloa le thomello li se li hlokomeloa Jeremane.
Le hoja ka 1989 lekala la Jeremane le ne le bolokile lintho tse 2 000 ka lipuo tse 59, ka 1998 le ne le e-na le lintho tse 8 900 ka lipuo tse 226. Ho tloha ka April 1998, lekala le Selters, Jeremane, le ne le fepela bahoeletsi ba 742 144 liphuthehong tse 8 857 linaheng tse 32 ka lingoliloeng tsa bona tseo ba li hlokang.
Ho Hlouoa ha Bakreste ba ’Nete—Hase Nakong e Fetileng Feela
Mantsiboeeng a ho qetela pele ho lefu la hae, Jesu Kreste o ile a bolella baapostola ba hae: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile ho tsoa lefatšeng, ka lebaka lena lefatše lea le hloea. . . . Haeba ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa ka ho tšoanang.” (Joh. 15:19, 20) Kahoo, ho ne ho ka lebelloa hore ka mor’a ho oa ha Puso ea Bonazi ea Hitler, ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova ho ne ho ke ke ha khaotsa ka ho feletseng Jeremane. Ka ho tšoanang, ha moo lithibelo tse ileng tsa etsoa ke puso ea Bokomonisi li ne li tlosoa, le hoja ka kakaretso ho ne ho e-na le bolokolohi bo boholoanyane bakeng sa batho, ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova ha hoa ka ha khaotsa. Ho mpile ha fetola sebōpeho feela.—2 Tim. 3:12.
Joale, ba nkile sebaka sa bao pele ba neng ba hlorisa batho ba Jehova, bakoenehi ba ile ba nka melangoana ba otla bao e kileng ea e-ba metsoalle ea bona ea Bakreste. (Mat. 24:48-51) Bofelong ba bo-1980 le mathoasong a bo-1990, bakoenehi bana ba ile ba qala ho utloahala haholoanyane, liqoso tsa bona tsa bohata li ne li eketseha haholoanyane li bile li le lonya. Bahlahisi ba bang ba lipontšo tsa TV ba ile ba bolela bakoenehi e le “litsebi” ka Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, batho ba bang ba tšepahalang ba ile ba belaella bohlale ba ho ahlola Lipaki motheong oa lipolelo tsa batho bao e kileng ea e-ba litho ba tletseng lipelaelo. Ka mor’a e ’ngoe ea lipontšo tse joalo tsa TV, mohlankana e mong o ile a founela ofisi ea Mokhatlo Selters ’me a hlalosa hore lilemong tse seng kae tse fetileng eo e kileng ea e-ba Paki eo ho neng ho buisanoe le eena ka lipotso o ne ithutile Bibele le eena. Ka mabaka a hae a botho mohlankana eo o ile a tlohela ho ithuta. Empa eitse ha a bona lenaneo la TV ’me a hlokomela enoa eo e kileng ea e-ba morupeli oa hae, mohlankana eo o ile a halefa haholo. O ile a botsa: “A ka bua lintho tse joalo joang? Oa tseba hore seo a se buang ka Lipaki hase ’nete.” Phello e bile hore mohlankana eo o ile a qalisa thuto ea hae ea Bibele, lekhetlong lena a ithuta le moholo e mong ka phuthehong ea sebaka seo.
Ke ’nete hore ho na le batho ba bangata ba amohelang seo ba se utloang thelevisheneng kapa ba se balang likoranteng ba sa belaele. Ka lebaka la ho ata ha litlhaselo tse etsoang ho Lipaki tsa Jehova ke ba litaba, Mokhatlo o ile oa lokisetsa bukana e maqephe a 32, ka ho khetheha e le ho thibela moroallo ona oa ho khelosa batho ka leshano. E na le sehlooho se reng Your Neighbors, Jehovah’s Witnesses—Who Are They?
Bukana eo e na le boitsebiso bo pakiloeng bo nkiloeng phuputsong ea 1994 eo ho eona Lipaki tse ka bang 146 000 Jeremane li bileng le karolo. Liphello tsa phuputso eo li ile tsa hanyetsa habonolo likhopolo tse fosahetseng tseo batho ba neng ba e-na le tsona ka Lipaki. Na ke bolumeli ba basali-baholo? Batho ba bang le ba bang ba bane ho Lipaki tse leshome Jeremane ke banna ’me ka karolelano lilemo tsa tlhaho tsa Lipaki ke 44. Na ke bolumeli ba batho ba qobelletsoeng ho ba balumeli ba sa le banyenyane? Karolo ea 52 lekholong ea Lipaki tsohle e bile Lipaki e le batho ba baholo. Na ke bolumeli bo qhalang malapa? Karolo ea 19 lekholong ea Lipaki ke masoha, karolo ea 68 lekholong e lenyalong, karolo ea 9 lekholong ke bahlolohali, ’me ke karolo ea 4 lekholong feela e hlalileng, ’me palo e khōlō ea karolo eo ea 4 lekholong ke ea ba hlalileng pele e e-ba Lipaki. Na ke bolumeli bo hanelang ho ba le bana? Hoo e ka bang karolo ea bone bohlanong ea Lipaki tse lenyalong ke batsoali. Na bo entsoe ka batho bao matla a bona a kelello a leng ka tlaase ho a tloaelehileng? Bonyane karolo ea boraro ea Lipaki e ka bua puo e ’ngoe esele, ’me karolo ea 69 lekholong kamehla e lula e le nakong ka liketsahalo tsa morao-rao. Na ke bolumeli bo thibelang litho tsa bona ho thabela bophelo? Ka beke, Paki e ’ngoe le e ’ngoe e qeta lihora tse 14,2 mefuteng e sa tšoaneng ea boikhathollo. Ka nako e tšoanang, e etelletsa lithahasello tsa moea pele, e qeta lihora tse 17,5 ka karolelano beke le beke litšebeletsong tsa bolumeli.
Taba e neng e le ka sehloohong ka ho khetheha bukaneng ena e ne e le e buang ka “Oliver e monyenyane.” Nakoana ka mor’a hore a hlahe ka 1991, lingaka li ile tsa fumana hore ho na le lesoba le lenyenyane pelong ea hae. Ka nako e loketseng, ’mè oa Oliver o ile a lokisetsa hore a buuoe, ’me tumellanong le litumelo tsa hae tsa bolumeli, o ile a fumana lingaka tse ikemiselitseng ho mo sebetsa ntle ho mali. Empa bahanyetsi ba ile ba sotha taba eo ka teko ea ho senya Lipaki tsa Jehova lebitso. Esita le ka mor’a ho buuoa ka katleho a sa tšeloa mali ho hang, koranta e ’ngoe e ile ea etsa taba eo sehlooho sa litaba, e fana ka maikutlo a hore Oliver, ho sa tsotellehe khanyetso ea ’mè oa hae “ea chesehang ka ho feteletseng,” hona joale o pholositsoe ka ho fuoa ‘mali a pholosang bophelo.’ Leshano leo le totobetseng le ile la hanyetsoa bukaneng ena.
Qalong, bukana ena e ne e reretsoe feela batho ba ileng ba botsa lipotso ka liqoso tsa bohata tse ntseng li etsoa khahlanong le Lipaki. Leha ho le joalo, ka 1996 sekoahelo se ile sa etsoa bocha, leqepheng le ka morao ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele ea lehae ea mahala, ’me ho ile ha abjoa likopi tse 1 800 000 ho pholletsa le Jeremane.
Ho fa ba Phatlalatso ea Litaba Boitsebiso bo Nepahetseng
Hona selemong seo, ho ile ha boela ha nkuoa bohato bo bong hape ba ho sebetsana le boiteko bo sa khaotseng ba bahanyetsi ba ho sebelisa ba phatlalatso ea litaba ho senya Lipaki tsa Jehova lebitso. Walter Köbe o ile a khethoa ho ba molula-setulo oa komiti e ikarabellang bakeng sa Litšebeletso tsa Boitsebiso. Oa hlalosa: “Phutuho e khōlōhali e ntšitsoeng ke bahanyetsi e re qobeletse ho fana ka karabelo e laolehileng ka ho etsa hore boitsebiso bo fumanehe habonolo haholoanyane.” Batho ba neng ba ka ba le likamano tse ntle le sechaba ba ile ba fumanoa. Ho ile ha tšoaroa liseminare bakeng sa ho ba koetlisa. Naha e ile ea aroloa ka mabatooa a loketseng a 22, ’me ka 1998 ho ne ho e-na le basebetsi ba koetlisitsoeng ba makholo ba tšebeletso ena ea boitsebiso bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa libaka tsena. Ba lebisa tlhokomelo ea botho tabeng ea ho kopana le bahlophisi le baqolotsi ba litaba.
Mabapi le mosebetsi oa lefapha lena, ho ile ha boela ha etsoa litokisetso tsa ho bontša sechaba video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault. Pontšo ea pele ea lefatše ea khatiso ena ea Sejeremane ea video ea Stand Firm e ne e le ka la 6 November, 1996, sehopotsong sa likampo tsa mahloriso Ravensbrück, moo Lipaki tsa Jehova tse ngata li neng li kentsoe teronkong teng. Litho tsa phatlalatso ea litaba le bo-rahistori ba ka sehloohong ba ne ba le teng.
Ka la 1 September, 1998, matšoele a batho ba ka bang 269 000 a ne a se a ile a bokana lipontšong tse 331 tsa sechaba tsa video ena. Ba neng ba le teng e ne e se Lipaki feela, empa le baemeli ba phatlalatso ea litaba, ba boholong pusong le sechaba. Likoranta tse makholo li ile tsa bua ka lipontšo tsena, lihloohong tseo kaofela li neng li bua hantle. Har’a linehelano tsena tsa video, tse 176 li ne li akarelletsa lipontšo tse sebetsanang le ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova ke Manazi.
Ka bongata bo ntseng bo eketseha, baemeli ba phatlalatso ea litaba ba na le maikutlo a tšoanang le a moqolotsi e mong oa litaba eo ka November 1993 a ileng a ngola ho Meissner Zeitung: “Bao ba nang le maikutlo a hore Lipaki tsa Jehova li latela thuto ea Bibele e se nang motheo ka bofofu le ka ho hloka mabaka ba tla makala ho fumana kamoo li tsebang ’Mehi-mohlala oa tsona Jesu Kreste kateng, le kamoo li fetoletseng tsebo ena bophelong bo nang le morero kateng.”
Ka Mor’a Lilemo Tse 50, li Ntse li Eme li Tiile
Ho se ho fetile lilemo tse fetang 50 esale Lipaki tsa Jehova Jeremane li lokolloa likampong tsa mahloriso. Empa tlaleho ea tsona ea botšepehi ha ea nyamella historing e lebetsoeng. Ka eona, ho ntse ho fanoa ka bopaki bo matla lefatšeng. Tse ling tse neng li le likampong tsa mahloriso ka lebaka la tumelo ea tsona e sa sekisetseng li ntse li phela nakong eo ho ngoloang taba ena, ’me li ntse li chesehela tšebeletso ea Jehova hona joale joaloka nakong eo. Ho ema ha tsona ka sebete ho paka hore Jehova a ka boloka batho ba hae. Mamela hore na ba bang ba baphonyohi ba likampo tseo tsa mahloriso, ha ba buella ba makholo ba tšoanang le bona, ba re’ng ’me u hlokomele lilemo tsa bona (ho tloha mathoasong a 1998), joalokaha li bontšitsoe ka masakaneng:
Heinrich Dickmann (95): “Sachsenhausen, ke ile ka qobelloa ho shebella ha moena oa ka August a bolaoa ka pel’a kampo eohle. Ke ne ke e-na le monyetla oa ho lokolloa kapele-pele ka ho latola tumelo ea ka. Kaha ke ile ka hana ho sekisetsa, molaoli oa kampo eo o ile a re: ‘Nahanisisa ka taba eo ’me u bone hore na u saletsoe ke nako e kae u ntse u phela.’ Likhoeli tse hlano hamorao o ne a shoele, eseng ’na. Lepetjo la ka e ne e le hore: ‘Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle.’ E ntse e le lona.”
Änne Dickmann (89): “Ke nka [phihlelo ea likampo tsa mahloriso] e le koetliso ho nthusa ho boloka botšepehi ho ’Mōpi e moholo le Monei-Bophelo, Jehova. Liphihlelo tsohle tsa ka li matlafalitse bophelo ba ka ’me li nkatamelitse haufi le Molimo. Tumelo le lerato ho Molimo ke tsona tse ntšusumelitseng ka lilemo tsena kaofela. Ha ho mohla nkileng ka qobelloa.”
Josef Rehwald (86): “Ke hetla morao ke khotsofetse nakong ena e thata ea teko hobane ho sa tsotellehe khatello le mahlomola, ke ile ka boloka tumelo ea Bokreste le ho se jele paate. Ke kholisehile hore ke ile ka pholoha feela ka thuso ea Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova! Kholiseho ea ka ea Bokreste hona joale e matla ho feta ka nako eo, ’me takatso ea ka ke ho tsoela pele ho ema ke tiile ke sa sekisetse ka lehlakoreng la Molimo.”
Elfriede Löhr (87): “Ha ke hopola lintho tseo ke fetileng ho tsona lilemong tse robeli tseo ke neng ke le teronkong tlas’a Hitler, nka bolela ka tieo hore ho ne ho ka lebelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ne ho hlakile hore, ka lehlakoreng le leng, tsela ea ’nete e bolela ntoa le mahloriso empa, ka lehlakoreng le leng, e le thabo le tlhōlo. Ha ke nke nako eo e le e sentsoeng kapa e se nang molemo.”
Maria Hombach (97): “Ke tletse thabo ea ho tseba hore ke bile le tokelo e ikhethang ea ho paka lerato la ka le teboho ea ka ho Jehova tlas’a maemo a sehlōhō ka ho fetisisa. Ha ho na motho ea nqobelletseng ho etsa sena! Ho fapana le hoo, ba neng ba leka ho re qobella e ne e le lira tsa rōna tse neng li leka ho re tšosa hore re utloe Hitler ho e-na le Molimo. Empa ha baa ka ba atleha! Ka ho ba le letsoalo le letle, ke ne ke thabile esita leha ke le ka har’a marako a teronko.”
Gertrud Poetzinger (86): “Ke ile ka ahloleloa lilemo tse tharo le halofo ke koaletsoe teronkong ke le mong. Ha ke khutlisetsoa seleng ea ka ka mor’a hore ke ahloloe, ofisiri e ’ngoe e ile ea re: ‘Kea leboha. U nkhothalitse hore ke boele ke lumele ho Molimo. Lula u ntse u le sebete, ’me u ke ke ua ba le bothata ba ho qeta lilemo tseo tse tharo le halofo.’ E bile ’nete hakaakang! E bile ha ke le teronkong ke le mong moo ka ho khetheha ke ileng ka latsoa lerato le matla tseo Jehova a fanang ka tsona.”
E, baphonyohi ba likampo tsa mahloriso ba tsoela pele ho ema ba tiile. Joale ka mor’a lilemo tse fetang 50 ba lokolotsoe, tsela ea botšepehi ea Lipaki tsena e ntse e sebeletsa e le bopaki ho lefatše ’me e rorisa Jehova. Ke khothatso e kaakang ho bahlanka bohle ba Molimo!
Ho boleloa ha litaba tse molemo ha ho e-s’o phethoe Jeremane. Ho tloha ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, lihora tse fetang 800 000 000 li ’nile tsa neheloa ho bolelleng batho ka ’Muso oa Molimo mona. Ka nako e tšoanang, tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova Jeremane e amme bophelo ba batho linaheng tse ling tse ngata. Ha li italime e le sehlopha se arohileng sa sechaba, empa e le karolo ea lelapa la lefatše lohle le entsoeng ka barapeli ba Jehova.
Bopaki bo totobetseng ba bonngoe bona ba machaba bo ile ba bonoa ka 1998 ha batho ba 217 472 ba ne ba e-ba teng Likopanong tsa Machaba tse hlano tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” tse neng li tšoaretsoe Jeremane. Baeti ba ne ba e-tsoa linaheng tse ngata; lenaneo lohle le ile la fanoa ka lipuo tse 13. Likopano tseo li ile tsa hatisa tlhokahalo ea ho tsoela pele ho tšepahala le ho phehella ho bolela litaba tse molemo. Ka thuso ea Jehova, Lipaki tsa Jehova Jeremane li ikemiselitse ho tsoela pele li tšepahala tseleng ea Molimo ea bophelo.
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
JEREMANE BOPHIRIMELA
Hamburg
Meckenheim
Selters
Frankfurt
Wiesbaden
Reutlingen
Munich
JEREMANE BOCHABELA
Berlin
Magdeburg
Glauchau
[Setšoantšo se leqepheng la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 69]
Kopano ea Machaba ea “’Muso o Hlōlang,” Nuremberg, 1955
[Setšoantšo se leqepheng la 73]
Lipaki tsa Jeremane li thusitse bajaki ba bangata hore ba rue molemo ’neteng ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 88]
Mohaho oa Bethele Wiesbaden ka 1980
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Komiti ea Lekala (ka ho le letšehali ho ea ho le letona). Moleng o ka pele: Günter Künz, Edmund Anstadt, Ramon Templeton, Willi Pohl. Ka morao: Eberhard Fabian, Richard Kelsey, Werner Rudtke, Peter Mitrega
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Tse ling tsa Liholo tse leshome tsa Kopano tse sebelisoang Jeremane
1. Glauchau
2. Reutlingen
3. Munich
4. Meckenheim
5. Berlin
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Martin le Gertrud Poetzinger
[Setšoantšo se leqepheng la 100, 101]
Mehaho ea lekala Selters
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Ba bang ba tsoang Jeremane ba leng tšebeletsong ea boromuoa linaheng lisele: (1) Manfred Tonak, (2) Margarita Königer, (3) Paul Engler, (4) Karl Sömisch, (5) Günter Buschbeck
[Setšoantšo se leqepheng la 110]
Ha lithibelo li tlosoa, ho ile ha romeloa libuka tse ngata haholo Europe Bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 118]
Kopano ea Berlin, ka 1990
[Setšoantšo se leqepheng la 124]
Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng moo pele e neng e le Jeremane Bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 132, 133]
Lenaneo la nehelo—Selters (e bontšitsoeng ka holimo), le mabaleng a tšeletseng a lipapali ho pholletsa le Jeremane
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Lisebelisoa tsa ho loantša moroallo oa boitsebiso bo fosahetseng
[Setšoantšo se leqepheng la 140, 141]
Le hoja ba ne ba koaletsoe likampong tsa mahloriso (moo Lipaki tsa Jehova li neng li khetholloa ka lelapi le likhutlo li tharo le pherese), Bakreste bana ba tšepahalang (mona ba bontšoa ba le Brandenburg ka 1995) ba ile ba lula ba tiile tumelong
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Leqepheng le ka mose, ho ea ka ho le letona: Heinrich Dickmann, Änne Dickmann, Gertrud Poetzinger, Maria Hombach, Josef Rehwald, Elfriede Löhr