Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Basele ba Bokelleloa Ntlong ea Molimo ea Thapelo
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • Matšeliso ho Osele le ho Leqhalaha

      6. Ke lihlopha life tse peli tseo joale ho lebisoang tlhokomelo ho tsona?

      6 Joale Jehova o buisana le lihlopha tse peli tse batlang ho mo sebeletsa empa tlas’a Molao oa Moshe li se na tokelo ea ho ba karolo ea phutheho ea Bajuda. Rea bala: “Motho osele ea ikopantseng le Jehova a se ke a re, ‘Ntle ho pelaelo Jehova o tla nkarola ho batho ba hae.’ Kapa leqhalaha le re, ‘Bonang! ’Na ke sefate se omeletseng.’” (Esaia 56:3) Osele o tšaba hore o tla felisoa Iseraeleng. Leqhalaha le tšoenyehile ka hore ha ho mohla le tla ba le bana ba tla ntšetsa pele lebitso la lona. Lihlopha tsena ka bobeli li lokela ho tiea matla. Pele re bona lebaka la seo, a re ke re hlahlobeng hore na boemo ba tsona ke bofe tlas’a Molao mabapi le kamano ea tsona le sechaba sa Iseraele.

      7. Molao o behela basele ba Iseraele lithibelo life?

      7 Basele ba sa bollang ba thibetsoe ho kopanela le Iseraele borapeling. Ka mohlala, ha baa lumelloa ho ja Paseka. (Exoda 12:43) Basele ba sa tlōleng melao ea naha pepenene ba tšoaroa ka toka ’me ba amoheloa ka mofuthu, empa ha ba na maqhama a sa feleng le sechaba. Ke ’nete hore ba bang ba amohela Molao ka ho feletseng, ’me e le pontšo ea sena, banna baa bolla. Joale e se e le basokolohi, ba na le tokelo ea ho rapela lebaleng la ntlo ea Jehova ’me ba nkoa e le karolo ea phutheho ea Iseraele. (Levitike 17:10-14; 20:2; 24:22) Leha ho le joalo, esita le basokolohi ha ba kopanele ka botlalo selekaneng seo Jehova a se entseng le Iseraele, ’me ha ba na kabelo ea lefa Naheng e Tšepisitsoeng. Basele ba bang ba ka ’na ba retelehela tempeleng ho ea rapela, ’me kamoo ho bonahalang kateng ba ka ’na ba nyehela mahlabelo ba sebelisa baprista hafeela mahlabelo ao a lumellana le Molao. (Levitike 22:25; 1 Marena 8:41-43) Empa Baiseraele ha baa lokela ho tloaelana le bona haufi-ufi.

      Maqhalaha a Fuoa Lebitso ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang

      8. (a) Maqhalaha a ne a talingoa joang tlas’a Molao? (b) Maqhalaha a ne a sebelisoa joang lichabeng tsa bohetene, hona lentsoe “leqhalaha” ka linako tse ling le ka bolela eng?

      8 Maqhalaha, esita le haeba a tsoetsoe ke batsoali ba Bajuda, a haneloa ho ba litho tse feletseng tsa sechaba sa Iseraele.a (Deuteronoma 23:1) Lichabeng tse ling tsa bohetene tsa mehleng ea Bibele, maqhalaha a ne a etsa mosebetsi o khethehileng ’me e ne e le tloaelo ho faola bana ba bang ba batšoaruoa ba ntoa. Maqhalaha a ne a khetheloa ho ba balaoli ka makhotleng a borena. Leqhalaha e ne e ka ’na ea e-ba “mohlokomeli oa basali,” “mohlokomeli oa lirethe,” kapa mosebeletsi oa mofumahali. (Esthere 2:3, 12-15; 4:4-6, 9) Ha ho na bopaki ba hore Baiseraele ba ne ba latela litloaelo tse joalo kapa hore ba ne ba batla maqhalaha ka ho khetheha bakeng sa ho sebeletsa marena a Iseraele.b

      9. Jehova o bua mantsoe afe a tšelisang ho bao e leng maqhalaha ka tsela ea sebele?

      9 Ho phaella monyetleng oa ho kopanela borapeling ba Molimo oa ’nete ka tsela e lekanyelitsoeng feela, bao e leng maqhalaha ka tsela ea sebele Iseraeleng ba utloisoa bohloko ke sekhobo se seholo sa ho hlōleha ho ba le bana ba tla ntšetsa pele lesika la bona. Joale, mantsoe a latelang a boprofeta ke a tšelisang hakaakang! Rea bala: “Sena ke seo Jehova a se boletseng ho maqhalaha a bolokang lisabatha tsa ka le a khethileng seo ke se thabelang le a tšoarellang selekaneng sa ka: ‘Ke tla a fa sefika le lebitso ka tlung ea ka le ka har’a marako a ka, ntho e molemo ho feta bara le barali. Ke tla a fa lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le ke keng la felisoa.’”—Esaia 56:4, 5.

  • Basele ba Bokelleloa Ntlong ea Molimo ea Thapelo
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
    • a Lentsoe “leqhalaha” le ile la boela la e-ba le moelelo oa molaoli oa lekhotla, empa le sa bolele ho holofala lithong tsa botona. Kaha ho bonahala Moethiopia ea ileng a kolobetsoa ke Filipi e ne e le mosokolohi—o ile a kolobetsoa pele batho ba sa bollang bao e seng Bajuda ba buleloa tsela—e tlameha ebe e ne e le leqhalaha ka kutloisiso ena.—Liketso 8:27-39.

      b Ebede-meleke, ea ileng a thusa Jeremia le ea neng a kena ka ho toba ho Morena Tsedekia, o bitsoa leqhalaha. Ho bonahala sena se hlalosa hore e ne e le molaoli oa lekhotla ho fapana le hore o ne a holofetse litho.—Jeremia 38:7-13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela