U ka Thabela Mpho ea Bosoha Joang?
“BA ILE ba nyalana eaba ka mor’a moo ba phela ka thabo ho ea ho ile.” Mantsoe a kang ana, a phethela libuka tse ngata tsa lipale. Hangata lifilimi le libuka tse buang ka litaba tsa lerato li fa batho maikutlo a hore lenyalo ke lona le ka etsang hore motho a thabe e le kannete! Ho feta moo, lichabeng tse ngata bahlankana le baroetsana ba ba tlas’a tšusumetso e matla ea hore ba kene lenyalong. Ha a ne a ka ba lilemo li 25, ngoanana e mong ea bitsoang Debby o ile a re: “Batho ba etsa hore u nahane hore sepheo sa ngoanana e mong le e mong se seng feela, ke hore a nyaloe. Ba fana ka maikutlo a hore motho o qala ho thabela bophelo ka mor’a hore a kene lenyalong.”
Motho ea butsoitseng moeeng ha a shebe litaba ka tsela eo. Le hoja lenyalo e ne e le ntho e tloaelehileng har’a Baiseraele, Bibele e bua ka banna le basali ba masoha ba ileng ba phela bophelo bo khotsofatsang haholo. Kajeno, Bakreste ba bang ba khetha ho lula e le masoha, athe ba bang ba bangata ba tlangoa ke maemo. Ho sa tsotellehe hore na motho o lula e le lesoha hobane’ng, potso ea bohlokoa ke ena: Mokreste a ka etsa joang hore bosoha ba hae bo mo tsoele molemo?
Jesu o ne a sa nyala, ’me e le ka lebaka le utloahalang ho latela hore na o ne a filoe mosebetsi oa mofuta ofe. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba bang ba balateli ba hae le bona ba ne ba tla ‘etsetsa bosoha sebaka.’ (Mat. 19:10-12) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore, e le hore re atlehe ha re le masoha, lipelo tsa rōna le likelello tsa rōna li lokela ho amohela ho phela ka tsela eo kapa ho etsetsa tsela eo ea ho phela sebaka.
Na keletso ea Jesu e sebetsa feela ho batho ba ikhethetseng ho lula e le masoha e le hore ba tsebe ho tsepamisa likelello tšebeletsong ea Molimo? (1 Bakor. 7:34, 35) Hase hore ho joalo kamehla. Nahana ka boemo ba Mokreste eo e ka ’nang eaba o rata ho kena lenyalong empa hona joale a sa fumane motho ea loketseng eo a ka nyalanang le eena. Ana, e leng morali’abo rōna ea lilemo li ka holimo ho 30, o ile a re: “Haufinyane tjena, mosebetsi-’moho le ’na eo e seng Paki o ile a mphereha. Ke ile ka utloa ke le motlotlonyana, empa ke ile ka ikhalemela kapele kaha ke batla ho nyalana feela le motho ea tla etsa hore ke be le kamano e haufi le Jehova.”
Ho batla ho nyaloa “Moreneng” ho thusa baralib’abo rōna ba bangata ba kang Ana ho qoba ho nyaloa ke motho ea sa lumelang.a (1 Bakor. 7:39; 2 Bakor. 6:14) Kaha ba hlompha keletso eo Molimo a fanang ka eona, ba etsetsa bosoha sebaka ka nakoana. Ba ka atleha ho etsa see joang?
Ithute ho Ananela Lintho Tse Molemo
Tsela eo re nahanang ka eona e ka re thusa ho amohela boemo, esita le haeba e se boo re neng re bo lebeletse. Carmen, e leng morali’abo rōna ea lilemo li ka holimo ho 40 o re: “Ke khotsofalla seo ke nang le sona, ’me ha ke tšoenyehe ka seo ke se nang sona.” Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona re jeoang ke bolutu kapa re utloang re nyahame. Empa ho tseba hore lintho tse tšoanang li hlahela batho ba bang ba bangata mokhatlong oohle oa barab’abo rōna lefatšeng, ho ka re khothalletsa hore re tsoele pele ka sebete. Jehova o thusitse ba bangata hore ba atlehe ha e le masoha le hore ba hlōle mathata a mang ao ba thulanang le ’ona.—1 Pet. 5:9, 10.
Bara le barali babo rōna ba bangata ba Bakreste ba hlokometse melemo ea bosoha. Ester, e leng morali’abo rōna oa lesoha ea ka bang lilemo li 35 o re: “Ke nahana hore ntho e thusang hore motho a thabe ha e le lesoha ke hore a thabele melemo ea boemo bo bong le bo bong boo a thulanang le bona.” Carmen le eena o re: “Ke lumela hore ho sa tsotellehe hore na ke nyetsoe kapa che, haeba ke etsa hore lintho tse amanang le ’Muso e be tsona tse tlang pele, Jehova a ke ke a nkhanela ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pes. 84:11) O phaella ka ho re: “Ho ka etsahala hore ebe bophelo ba ka ha boa tsamaea ka tsela eo ke neng ke e rerile, empa ke thabile ’me ke tla lula ke ntse ke thabile.”
Mehlala ea Masoha e ka Bibeleng
Morali oa Jafeta o ne a sa rera ho lula e le lesoha. Empa kano ea ntate oa hae ke eona e ileng ea mo tlama hore a sebeletse sehalalelong ho tloha bocheng ba hae. Ha ho pelaelo hore mosebetsi ona oo a neng a sa o lebella o ile oa fetola merero ea hae eaba o etsa ntho eo ka tloaelo a neng a ke ke a e etsa. O ile a lla ka likhoeli tse peli ha a hlokomela hore a ke ke a nyaloa ’me a ba le lelapa. Leha ho le joalo, o ile a amohela boemo ba hae bo bocha ’me a sebeletsa Molimo ka boithatelo bophelo bohle ba hae. Basali ba bang ba Baiseraele ba ne ba mo babatsa selemo le selemo ka lebaka la boitelo ba hae.—Baahl. 11:36-40.
E ka ’na eaba ba bang bao e neng e le maqhalaha mehleng ea Esaia ba ne ba utloisoa bohloko ke maemo a bona. Bibele ha e bolele hore na ho ne ho tlile joang hore e be maqhalaha. Ka lebaka leo, e ne e ke ke ea e-ba litho tse feletseng tsa phutheho ea Iseraele, ebile ba ne ba ke ke ba nyala eaba ba ba le bana. (Deut. 23:1) Ho sa tsotellehe seo, Jehova o ne a utloisisa hore na ba ikutloa joang, ’me o ile a ba babatsa ka lebaka la ho boloka selekane sa hae ka pelo eohle. O ile a ba bolella hore ba ne ba tla ba le “sefika” le “lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang” ka tlung ea hae. Ka mantsoe a mang, maqhalaha ana a tšepahalang a ne a tla ba le tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng pusong ea Jesu ea Bomesia. Jehova o ne a ke ke a ba lebala le ka mohla.—Esa. 56:3-5.
Maemo a Jeremia a ne a fapane le ao haholo. Ka mor’a hore Molimo a rome Jeremia hore e be moprofeta, o ile a mo laela hore a lule e le lesoha ka lebaka la linako tse mahlonoko tseo a neng a phela ho tsona le ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa. Jehova o ile a re: “U se ke ua inkela mosali, ’me u se ke ua ba le bara le barali sebakeng sena.” (Jer. 16:1-4) Bibele ha e bolele hore na Jeremia o ile a ikutloa joang ka litaelo tsena, empa e re tiisetsa hore o ne a thabela lentsoe la Jehova. (Jer. 15:16) Lilemo hamorao, ha Jeremia a ne a mameletse nako e mahlonoko ea ha Jerusalema e ne e thibeletsoe ka likhoeli tse 18, ha ho pelaelo hore o ile a bona molemo oa ho mamela taelo ea Jehova ea hore a lule e le lesoha.—Lillo 4:4, 10.
Litsela Tseo U ka Ntlafatsang Bophelo ba Hao ka Tsona
Batho ba boletsoeng ka Bibeleng bao ho builoeng ka bona ka holimo e ne e le masoha, empa Jehova o ile a ba tšehetsa ’me ba ile ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea hae. Ka tsela e tšoanang, le kajeno bophelo ba rōna bo ka ntlafala haholo haeba re etsa mosebetsi oa bohlokoa. Bibele e ile ea bolela esale pele hore basali ba bolelang litaba tse molemo e ne e tla ba lebotho le leholo. (Pes. 68:11) Baralib’abo rōna ba masoha ba likete ke karolo ea letšoele lena. Ha boboleli ba bona bo ntse bo beha litholoana, ba bangata ba hlohonolofalitsoe ka bara le barali ba moea.—Mar. 10:29, 30; 1 Bathes. 2:7, 8.
Loli ea qetileng lilemo tse 14 tšebeletsong ea bopula-maliboho, o re: “Bopula-maliboho bo etsa hore ke tsebe hore na ke phelela eng. Kaha ke le lesoha, ke lula ke le maphatha-phathe, e leng se nthusang hore ke qobe ho jeoa ke bolutu. Qetellong ea letsatsi ka leng ke ikutloa ke hlatsoehile pelo hobane ke bona kamoo tšebeletso ea ka e thusang batho kateng. Sena se nthabisa haholo.”
Baralib’abo rōna ba bangata ba ithutile lipuo tse ncha, ’me ba ekelitse tšebeletso ea bona ka ho pakela batho ba buang lipuo lisele. Ana, eo ho builoeng ka eena ka holimo, o re: “Motseng oo ke lulang ho oona ho na le melata e likete.” O rata ho bolella batho ba buang Sefora litaba tse molemo. “Ho ithuta puo eo nka tsebang ho e sebelisa ha ke bua le batho ba bangata ho mpuletse tšimo e ncha ’me ho entse hore mosebetsi oa ka oa boboleli e be o thabisang.”
Kaha hangata masoha ha a na boikarabelo bo bongata ba lelapa, a mang a sebelisitse monyetla oo a nang le oona e le hore a sebeletse moo ho hlokahalang baboleli ba bangata. Lidiana, e leng morali’abo rōna oa lesoha ea ka bang lilemo li 35, ea ’nileng a sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba bangata linaheng tse ling, o re: “Kannete ke lumela hore ha u sebeletsa Jehova haholo, ho ba bonolo hore u etse metsoalle ea hlooho ea khomo le hore u utloe hore ua ratoa. Ke na le metsoalle e mengata ea hlooho ea khomo ea litso le lichaba tse fapaneng, ’me metsoalle ena e ntlafalitse bophelo ba ka haholo.”
Bibele e bua ka moevangeli Filipi ea neng a e-na le barali ba bane ba sa nyaloang ba neng ba profeta. (Lik. 21:8, 9) E tlameha ebe ba ne ba cheseha joaloka ntate oa bona. Na ebe ba ile ba sebelisa mpho ea bona ea ho profeta molemong oa Bakreste-’moho le bona ba Cesarea? (1 Bakor. 14:1, 3) Ka tsela e tšoanang, le kajeno baralib’abo rōna ba bangata ba masoha ba khothatsa ba bang ka hore ba be teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ka hore ba fane ka litlhaloso.
Ka lehlakoreng le leng, Lydia e ne e le Mokreste oa lekholong la pele la lilemo oa Filipi, eo Bibele e mo babatsang ka lebaka la ho amohela baeti ka mofuthu. (Lik. 16:14, 15, 40) Lydia—eo mohlomong e neng e le lesoha kapa mohlolohali—e ne e le motho ea fanang ’me seo se ile sa etsa hore a thabele setsoalle se molemo le balebeli ba tsamaeang, ba kang Pauluse, Silase le Luka. Le kajeno ha re fana joaloka eena, re tla hlohonolofatsoa ka tsela e tšoanang.
Ho Thiba Sekheo sa ho Batla ho Ratoa
Ho phaella mosebetsing oa bohlokoa o re khotsofatsang bophelong, kaofela ha rōna re hloka hore re ratoe. Masoha a ka thiba sekheo sa ho batla ho ratoa joang? Tabeng ea pele, ka linako tsohle Jehova o tla lula a re rata, a re matlafatsa ’me a re mamela. Ka linako tse ling Morena Davida o ne a ikutloa a le “’notši ’me [a] hlorile,” leha ho le joalo o ne a tseba hore kamehla o ne a ka kōpa hore Jehova a mo thuse. (Pes. 25:16; 55:22) O ile a ngola a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pes. 27:10) Molimo o mema bahlanka bohle ba hae hore ba atamele ho eena, e be metsoalle ea hae e haufi.—Pes. 25:14; Jak. 2:23; 4:8.
Ho feta moo, mokhatlong oa lefatše lohle oa barab’abo rōna, re ka boela ra fumana bo-ntate, bo-’mè, bara le barali babo rōna ba moea bao lerato la bona le tla ntlafatsa bophelo ba rōna. (Mat. 19:29; 1 Pet. 2:17) Bakreste ba bangata ba masoha ba khotsofala haholo ha ba latela mohlala oa Dorkase, ea neng a “tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36, 39) Loli o re: “Kae kapa kae moo ke eang teng, ke batla metsoalle ea ’nete ka phuthehong, e tla nthata e be e ntšehetse ha ke sithabetse maikutlo. E le ho tiisa setsoalle se joalo, ke leka ho bontša batho ba bang hore kea ba rata ebile kea ba thahasella. Ke ’nile ka sebeletsa liphuthehong tse robeli tse fapaneng, ’me kamehla ke ’nile ka fumana metsoalle ea ’nete. Hangata hase lithaka tsa ka—ka linako tse ling ke bo-nkhono kapa bacha.” Phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le batho ba hlokang ho ratoa le ba hlokang ho ba le metsoalle. Ho thahasella batho ba joalo e le kannete ho ka ba thusa haholo ’me ho ka thiba sekheo seo re nang le sona sa ho batla ho ratoa le ho rata ba bang.—Luka 6:38.
Molimo a ke ke a Lebala
Bibele e bontša hore Bakreste kaofela ba tlameha ho itela ka tsela e itseng kaha re phela linakong tse thata. (1 Bakor. 7:29-31) Ka sebele, ka tsela e ikhethang re lokela ho hlompha le ho nahanela ba lulang e le masoha hobane ba ikemiselitse ho mamela molao oa Molimo oa hore ba nyale kapa ba nyaloe feela Moreneng. (Mat. 19:12) Leha ho le joalo, boitelo bona bo babatsehang ha bo bolele hore ba ke ke ba thaba e le kannete.
Lidiana o re: “Ka lebaka la kamano ea ka le Jehova le tšebeletso eo ke mo etsetsang eona, ke phela bophelo bo khotsofatsang. Ho na le banyalani bao ke ba tsebang ba thabileng le ba sa thabang. Sena se nkholisa hore taba ea hore na ke tla lula ke thabile ha ea itšetleha ka hore na ke tla nyaloa kapa che.” Joalokaha Jesu a boletse, motho o tla thaba haholo-holo ha a fana a bile a sebeletsa ba bang, e leng seo Bakreste bohle ba ka se etsang.—Joh. 13:14-17; Lik. 20:35.
Ha ho pelaelo hore ntho e re thabisang ka ho fetisisa ke ho tseba hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ka lebaka la boitelo bofe kapa bofe boo re bo etsang e le hore re mo mamele. Bibele e re tiisetsa sena: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheb. 6:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja mona re bua ka baralib’abo rōna ba Bakreste, melao-motheo e tšoanang e sebetsa le ho barab’abo rōna.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Ke khotsofalla seo ke nang le sona, ’me ha ke tšoenyehe ka seo ke se nang sona.”—Carmen
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Loli le Lidiana ba thabela ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba bangata
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Molimo o mema bahlanka bohle ba hae hore ba atamele ho eena