Bakreste ba Thabisoa ke ho Sebeletsa
“Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—LIKETSO 20:35.
1.Kajeno ho atile boikutlo bofe bo fosahetseng, ’me ke hobane’ng ha bo le kotsi?
MASHOMENG a lilemo a ho qetela a bo-1900, lentsoe “boikhabi” le ne le utloahala khafetsa. Ha e le hantle, “boikhabi” bo bolela “ho iketelletsa pele” ’me bo bontša boikutlo bo kopantseng boithati le meharo hammoho le ho se nahanele ba bang. Ha ho pelaelo hore selemong sena sa 2000, boikhabi bo ntse bo le teng. Ke hangata hakae u eeng u utloe lipotso tse kang, “E tla nketsetsa’ng?” kapa “E tla ntsoela molemo oa eng?” Boikutlo bo joalo ba boithati ha bo thabise. Bo fapane ka ho feletseng le molao-motheo o ileng oa boleloa ke Jesu, ha a ne a re: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—Liketso 20:35.
2. Ke eng e bontšang hore ho fana hoa thabisa?
2 Na ke ’nete hore ho fana ho thabisa ho feta ho amohela? Ke ’nete. Nahana ka Jehova Molimo. “Mohloli oa bophelo” o ho eena. (Pesaleme ea 36:9, NW) O fana ka sohle seo re se hlokang hore re thabe ’me re behe litholoana. Ka sebele ke eena Mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Jehova, “Molimo ea thabileng,” o fana kamehla. (1 Timothea 1:11) O rata batho bao a ba bōpileng, bao a ba etsetsang ho hongata haholo. (Johanne 3:16) Nahana hape ka lelapa. Haeba u motsoali, ua tseba hore na ho hōlisa ngoana ho hloka boitelo bo bokae le ho fana ho hokae. Empa ka lilemo tse ngata ngoana ha a hlokomele boitelo boo u bo etsang. O nka feela hore u tlamehile. Ho ntse ho le joalo, ua thaba ha u bona ngoana oa hao a atleha ka lebaka la ho fana ha hao ho se nang boithati. Hobane’ng? Hobane ua mo rata.
3. Ke hobane’ng ha ho sebeletsa Jehova le balumeli-’moho le rōna ho thabisa?
3 Ka tsela e tšoanang, borapeli ba ’nete bo khetholloa ka ho fana ho thehiloeng leratong. Kaha re rata Jehova ebile re rata balumeli-’moho le rōna, re thabela ho ba sebeletsa, ho itella bona. (Matheu 22:37-39) Ba sebeletsang ka sepheo sa boithati ha ba thabe hakaalo. Empa ba sebeletsang ka sepheo seo e seng sa boithati, ba amehang haholo ka seo ba ka fanang ka sona ho feta seo ba tšepileng ho se fumana, ba thaba e le kannete. ’Nete ena e lemohuoa ka ho nahana hore na mantsoe a itseng a Bibele, a amanang le borapeli ba rōna, a sebelisitsoe joang ka Mangolong. Re tla buisana ka a mararo a ’ona sehloohong sena le se latelang.
Tšebeletso ea Phatlalatsa ea Jesu
4. “Tšebeletso ea phatlalatsa” ke ea mofuta ofe likerekeng?
4 Ka Segerike sa mathomo, lentsoe le leng la bohlokoa le amanang le borapeli ke lei·tour·giʹa, le fetoletsoeng e le “tšebeletso ea phatlalatsa” ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Likerekeng lei·tour·giʹa e tsoetse lentsoe “liturgy.”a Leha ho le joalo, li-liturgy tse tloaelehileng tsa likereke hase tšebeletso ea phatlalatsa e molemo e le kannete.
5, 6. (a) Ke tšebeletso efe ea phatlalatsa e neng e etsoa Iseraele, ka melemo efe? (b) Ke tšebeletso efe ea phatlalatsa e molemo ho feta e ileng ea nkela ea Iseraele sebaka, hona hobane’ng?
5 Moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe la Segerike le amanang le lei·tour·giʹa mabapi le baprista ba Iseraele. O ile a re: “Moprista e mong le e mong o ema letsatsi le letsatsi ho etsa tšebeletso ea phatlalatsa [sebōpeho se seng sa lei·tour·giʹa] le ho nyehela hangata mahlabelo a tšoanang.” (Baheberu 10:11) Baprista ba Balevi ba ne ba etsa tšebeletso ea phatlalatsa ea bohlokoa haholo Iseraeleng. Ba ne ba ruta Molao oa Molimo ba bile ba etsa mahlabelo a neng a koahela libe tsa batho. (2 Likronike 15:3; Malakia 2:7) Ha baprista le batho ba bang ba ne ba latela Molao oa Jehova, sechaba se ne se e-na le lebaka la ho nyakalla.—Deuteronoma 16:15.
6 Ho etsa tšebeletso ea phatlalatsa tsamaisong ea Molao e ne e le tokelo ea sebele ho baprista ba Baiseraele, empa tšebeletso ea bona ha ea ka ea hlola e e-ba ea bohlokoa ha Baiseraele ba lahloa ka lebaka la ho se tšepahale. (Matheu 21:43) Jehova o ile a lokisetsa ntho e molemo ho feta moo—e leng tšebeletso ea phatlalatsa e etsoang ke Jesu, Moprista ea Phahameng e Moholo. Mabapi le eena, rea bala: “Eena ka lebaka la ho tsoela pele a phela ka ho sa feleng o na le boprista ba hae ntle ho bahlahlami leha e le bafe. Ka lebaka leo o khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela ka mehla ho ba kōpela ka tieo.”—Baheberu 7:24, 25.
7. Ke hobane’ng ha tšebeletso ea phatlalatsa ea Jesu e tlisa melemo eo ho seng e tšoanang le eona?
7 Jesu o tsoela pele e le moprista oa ka ho sa feleng, ea se nang mohlahlami. Kahoo, ke eena feela ea ka pholosang batho ka ho feletseng. Tšebeletso eo e khethehileng ea phatlalatsa ha a e etsetse tempeleng e entsoeng ke batho, empa o e etsetsa tempeleng e neng e tšoantšetsoa ke ea khale, e leng tokisetso e khōlō ea Jehova ea borapeli e qalileng ho sebetsa ka 29 C.E. Hona joale Jesu o sebeletsa Sehalalelisisong sa tempele eo, leholimong. Ke “mohlanka oa sechaba [lei·tour·gosʹ] oa sebaka se halalelang le oa tente ea ’nete, eo Jehova a ileng a e hloma, eseng motho.” (Baheberu 8:2; 9:11, 12) Le hoja boemo ba Jesu e le bo phahameng, e ntse e le “mohlanka oa sechaba.” O sebelisa bolaoli bo phahameng ba hae ho fana, eseng ho nka. Ho fana ho joalo hoa mo thabisa. Ke karolo ea “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae” le e ileng ea mo matlafatsa hore a mamelle bophelong bohle ba hae lefatšeng.—Baheberu 12:2.
8. Jesu o ile a etsa tšebeletso ea phatlalatsa joang e le hore e nke sebaka sa selekane sa Molao?
8 Tšebeletso ea phatlalatsa ea Jesu e na le tšobotsi e ’ngoe. Pauluse o ile a ngola: “Jesu o fumane tšebeletso ea phatlalatsa e khabane haholoanyane, hoo hape e leng mokena-lipakeng oa selekane seo ka ho tšoanang se leng molemonyana, se thehiloeng ka molao holim’a litšepiso tse molemonyana.” (Baheberu 8:6) Moshe e ile ea e-ba mokena-lipakeng oa selekane seo e neng e le motheo oa kamano ea Baiseraele le Jehova. (Exoda 19:4, 5) Jesu e ile ea e-ba mokena-lipakeng oa selekane se secha, se ileng sa etsa hore ho be bonolo hore ho tsoaloe sechaba se secha, “Iseraele ea Molimo,” e entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba tsoang lichabeng tse ngata. (Bagalata 6:16; Baheberu 8:8, 13; Tšenolo 5:9, 10) Tšebeletso eo ea phatlalatsa e ne e le ea boemo bo phahameng hakaakang! Re thaba haholo hore ebe re tseba Jesu, mohlanka oa sechaba eo ka eena re ka rapelang Jehova ka mokhoa o amohelehang!—Johanne 14:6.
Bakreste le Bona ba Etsa Tšebeletso ea Phatlalatsa
9, 10 Bakreste ba etsa mefuta efe e meng ea tšebeletso ea phatlalatsa?
9 Ha ho motho ea etsang tšebeletso ea phatlalatsa e phahameng joaloka ea Jesu. Leha ho le joalo, ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba amohela moputso oa bona oa leholimo, ba lula litulong tsa bona pel’a Jesu ’me ba kopanela le eena tšebeletsong ea hae ea phatlalatsa e le marena a leholimo le baprista. (Tšenolo 20:6; 22:1-5) Leha ho le joalo, Bakreste ba lefatšeng le bona ba etsa tšebeletso ea phatlalatsa, ’me ba thaba haholo ha ba etsa joalo. Ka mohlala, ha ho ne ho e-na le khaello ea lijo Palestina, moapostola Pauluse o ile a isa menehelo e tsoang ho barab’abo Europe ho thusa ho fokotsa matšoenyeho a Bakreste ba Bajuda ba Judea. Seo e ne e le tšebeletso ea phatlalatsa. (Baroma 15:27; 2 Bakorinthe 9:12) Kajeno, Bakreste ba thabela ho etsa tšebeletso e tšoanang, ba potlakela ho thusa ha barab’abo bona ba le mahlomoleng, ba oetsoe ke likoluoa tsa tlhaho, kapa maqakabetsi a mang.—Liproverbia 14:21.
10 Pauluse o ile a bua ka tšebeletso e ’ngoe ea phatlalatsa ha a ngola, a re: “Esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno holim’a sehlabelo le tšebeletso ea phatlalatsa tseo tumelo e le isitseng ho tsona, kea nyakalla ’me ke thaba le lōna kaofela.” (Bafilippi 2:17) Mosebetsi o boima oo Pauluse a neng a o etselitse Bafilippi e ne e le tšebeletso ea phatlalatsa e etsoang ka lerato le khothalo. Kajeno ho ntse ho etsoa tšebeletso e tšoanang ea phatlalatsa, e etsoa haholo-holo ke Bakreste ba tlotsitsoeng, ba sebeletsang e le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le fanang ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng. (Matheu 24:45-47) Ho feta moo, e le sehlopha, ke “boprista ba borena,” bo laetsoeng “ho nyehela mahlabelo a moea a amohelehang ho Molimo ka Jesu Kreste” le ho “bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea [ba] bitsitseng . . . lefifing ho [ba] kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:5, 9) Joaloka Pauluse, ba thabela litokelo tse joalo esita leha ba ntse ba ikakhela ka setotsoana ha ba phetha boikarabelo ba bona. Metsoalle ea bona ea “linku tse ling” e ikopanya le bona le ho ba tšehetsa mosebetsing oa ho bolella moloko oa batho ka Jehova le merero ea hae.b (Johanne 10:16; Matheu 24:14) Ke tšebeletso ea phatlalatsa e molemo haholoanyane le e nyakallisang hakaakang!—Pesaleme ea 107:21, 22.
Etsa Tšebeletso e Halalelang
11. Moprofeta oa mosali Anna o behile mohlala o motle joang bakeng sa Bakreste bohle?
11 Lentsoe le leng la Segerike le amanang le borapeli ba rōna ke la·treiʹa, e fetoletsoeng e le “tšebeletso e halalelang” ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Tšebeletso e halalelang e amana le liketso tsa borapeli. Ka mohlala, ho hlalosoa hore Anna, mohlolohali ea lilemo li 84 eo e neng ebile e le moprofeta oa mosali “le ka mohla [o ne] a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang [e leng lentsoe la Segerike le amanang le la·treiʹa] bosiu le motšehare ka ho itima lijo le lithapeli.” (Luka 2:36, 37) Anna o ne a rapela Jehova a sa phetse. Ke mohlala o motle ho rōna kaofela—ba banyenyane le ba baholo, banna le basali. Joalokaha Anna a ne a rapela Jehova ka tieo a bile a mo rapela kamehla tempeleng, tšebeletso ea rōna e halalelang e akarelletsa thapelo le ho ba teng libokeng.—Baroma 12:12; Baheberu 10:24, 25.
12. Tšobotsi e ka sehloohong ea tšebeletso e halalelang ea rōna ke efe, ’me e boetse ke tšebeletso ea phatlalatsa joang?
12 Moapostola Pauluse o boletse tšobotsi e ka sehloohong ea tšebeletso e halalelang ea rōna ha a ne a ngola, a re: “Molimo, eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang ka moea oa ka mabapi le litaba tse molemo tse mabapi le Mora oa hae, ke paki ea ka ea kamoo ka ho se phetse ke le bolelang ka mehla lithapelong tsa ka.” (Baroma 1:9) Ha e le hantle, ho boleloa ha litaba tse molemo hase feela tšebeletso ea phatlalatsa e etsetsoang ba li utloang empa hape ke ketso ea borapeli bo etsetsoang Jehova Molimo. Ebang re fumana batho ba re mamelang kapa che, mosebetsi oa ho bolela ke tšebeletso e halalelang e etsetsoang Jehova. Re thaba haholo ha re leka ho bolella ba bang ka litšoaneleho tse ntle le merero e ruisang molemo ea Ntat’a rōna oa leholimo ea ratoang.—Pesaleme ea 71:23.
Re Etsa Tšebeletso e Halalelang Hokae?
13. Ba etsang tšebeletso e halalelang ka lebaleng le ka hare la tempele ea moea ea Jehova ba na le tšepo efe, ’me ke bo-mang ba thabang le bona?
13 Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng, a re: “Kaha re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona ka ho amohelehang re ka etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.” (Baheberu 12:28) Kaha batlotsuoa ba lebeletse ka kholiseho hore ba tla rua ’Muso, ha ba sisinyehe tumelong ea bona ha ba rapela Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Ke bona feela ba ka mo etsetsang tšebeletso e halalelang ka karolong e Halalelang le ka lebaleng le ka hare la tempele ea moea ea Jehova, ’me ba lebeletse ka cheseho ho ea sebeletsa le Jesu ka Sehalalelisisong, e leng leholimo ka bolona. Metsoalle ea bona, e leng sehlopha sa linku tse ling, e thaba le bona tšepong ea bona e babatsehang.—Baheberu 6:19, 20; 10:19-22.
14. Bongata bo boholo bo rua molemo joang tšebeletsong ea phatlalatsa ea Jesu?
14 Leha ho le joalo, linku tseo tse ling tsona li etsa tšebeletso e halalelang hokae? Joalokaha moapostola Johanne a ile a bona esale pele, bongata bo boholo ba tsona bo bonahetse matsatsing ana a ho qetela, ’me bo “hlatsoitse liaparo tse telele tsa ka holimo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana.” (Tšenolo 7:14) Sena se bolela hore, joaloka barapeli-’moho le tsona ba batlotsuoa, li lumela tšebeletsong ea phatlalatsa ea Jesu, e leng ho nyehela ha hae bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa moloko oa batho. Linku tse ling le tsona li rua molemo tšebeletsong ea phatlalatsa ea Jesu ka hore li ‘tšoarella selekaneng [sa Jehova].’ (Esaia 56:6, NW) Che, hase litho tsa selekane se secha, empa li tšoarelletse ho sona ka hore li mamela melao e amanang le sona le ho sebetsa tumellanong le litokisetso tse entsoeng ka sona. Li kopanela le Iseraele ea Molimo, li ja tafoleng e le ’ngoe ea moea li bile li sebetsa hammoho le litho tsa eona, li rorisa Molimo phatlalatsa le ho etsa mahlabelo a moea a mo khahlisang.—Baheberu 13:15.
15. Bongata bo boholo bo etsa tšebeletso e halalelang hokae, ’me tlhohonolofatso ee e bo ama joang?
15 Kahoo, bongata bo boholo bo bonoa “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu.” Ho feta moo, “ba . . . ka pel’a terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu ka tempeleng ea hae; ’me Ea lutseng teroneng o tla ala tente ea hae holim’a bona.” (Tšenolo 7:9, 15) Iseraeleng, basokolohi ba ne ba rapela lebaleng le ka ntle la tempele ea Solomone. Ka tsela e tšoanang, bongata bo boholo bo rapela Jehova lebaleng le ka ntle la tempele ea hae ea moea. Ho sebeletsa moo hoa bo nyakallisa. (Pesaleme ea 122:1) Esita le ka mor’a hore motsoalle oa bona oa ho qetela oa motlotsuoa a amohele lefa la hae la leholimo, bo tla tsoela pele e le batho ba Jehova ba mo etsetsang tšebeletso e halalelang.—Tšenolo 21:3.
Tšebeletso e Halalelang e sa Amoheleheng
16. Ho fanoa ka litemoso life mabapi le tšebeletso e halalelang?
16 Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, tšebeletso e halalelang e ne e lokela ho etsoa tumellanong le melao ea Jehova. (Exoda 30:9; Levitike 10:1, 2) Hoa tšoana le kajeno, ho na le lintho tse lokelang ho bolokoa e le hore Jehova a amohele tšebeletso ea rōna e halalelang. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a ngolla Bakolose, a re: ‘Ha rea khaotsa ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore re tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo ha re ntse re tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.’ (Bakolose 1:9, 10) Ha rea fuoa matla a ho etsa qeto ea hore na tsela e nepahetseng ea ho rapela Molimo ke efe. Tsebo e nepahetseng ea Mangolo, kutloisiso ea moea le bohlale ba bomolimo ke tsa bohlokoa. Ho seng joalo, ho ka senyeha hampe.
17. (a) Tšebeletso e halalelang e ne e khopamisitsoe joang mehleng ea Moshe? (b) Tšebeletso e halalelang e ka tobisoa hosele joang kajeno?
17 Hopola Baiseraele mehleng ea Moshe. Rea bala: “Molimo a reteleha ’me a nehelana ka bona hore ba etsetse lekhotla la leholimo tšebeletso e halalelang.” (Liketso 7:42) Baiseraele bao ba ne ba bone liketso tse matla tsa Jehova molemong oa bona. Empa, ba ile ba retelehela ho melimo e meng ha ba ne ba nahana hore sena se tla ba tsoela molemo. Ba ne ba sa tšepahale, ’me re tlameha ho tšepahala e le hore tšebeletso ea rōna e halalelang e tle e khahlise Molimo. (Pesaleme ea 18:25) Ke ’nete hore kajeno ke ba seng bakae ba ka furallang Jehova ebe ba rapela linaleli kapa manamane a khauta, empa ho na le mefuta e meng ea borapeli ba litšoantšo. Jesu o ile a hlokomelisa ka ho sebeletsa “Maruo,” ’me Pauluse o ile a re meharo ke borapeli ba litšoantšo. (Matheu 6:24; Bakolose 3:5) Satane o ipuella hore ke molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Mefuta e joalo ea borapeli ba litšoantšo e atile ’me ke leraba. Ka mohlala, nahana ka motho ea bolelang hore ke molateli oa Jesu empa eo pakane ea hae ea sebele bophelong e leng ho rua kapa eo ka sebele a itšepileng boeena le maikutlo a hae. Ha e le hantle o sebeletsa mang? O fapane joang le Bajuda ba mehleng ea Esaia ba neng ba hlapanya ka lebitso la Jehova empa ba bolela hore liketso tsa hae tse khōlō li etsoa ke litšoantšo tse sa hloekang?—Esaia 48:1, 5.
18. Tšebeletso e halalelang e ’nile ea etsoa ka mokhoa o fosahetseng joang nakong e fetileng le kajeno?
18 Jesu o ile a boela a lemosa, a re: “Hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.” (Johanne 16:2) Ha ho pelaelo hore Saule, eo e ileng ea e-ba moapostola Pauluse, o ne a nahana hore o sebeletsa Molimo ha “a amohela polao ea [Setefane]” leha “a phefumoloha tšokelo le polao e khahlanong le molao khahlanong le barutuoa ba Morena.” (Liketso 8:1; 9:1) Kajeno, bahlohlelletsi ba bang ba pheliso ea merabe e meng le bona ba bolela hore ba rapela Molimo. Ho na le batho ba bangata ba bolelang hore ba rapela Molimo, empa ha e le hantle borapeli ba bona bo tobisoa ho melimo ea bochaba, bomorabe, leruo, bobona, kapa molingoana o mong feela.
19. (a) Re talima tšebeletso ea rōna e halalelang joang? (b) Re tla thabisoa ke tšebeletso e halalelang ea mofuta ofe?
19 Jesu o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) O ne a bua le Satane, empa ke habohlokoa hakaakang hore kaofela re mamele mantsoe a hae! Ho etsetsa Morena ’Musi oa bokahohle tšebeletso e halalelang ke tokelo e khōlō, e tšosang. Hona ho ka thoe’ng ka ho etsa tšebeletso e halalelang e amanang le borapeli ba rōna? Ke mosebetsi o nyakallisang le o thabisang haholo ha re o etsetsa batho ba bang. (Pesaleme ea 41:1, 2; 59:16) Leha ho le joalo, tšebeletso e joalo e thabisa haholo hafeela e etsoa ka pelo eohle le ka tsela e nepahetseng. Ke bo-mang ba hlileng ba rapelang Molimo ka tsela e loketseng? Jehova o amohela tšebeletso e halalelang ea bo-mang? Re ka araba lipotso tse joalo haeba re hlahloba lentsoe la boraro la Bibele le amanang le borapeli ba rōna. Re tla etsa sena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li-liturgy tsa likereke li atisa hore e be litšebeletso tsa borapeli kapa lineano tse tobileng, tse kang Euchariste Kerekeng ea Roma e K’hatholike.
b Ho Liketso 13:2, ho tlalehoa hore baprofeta ba Antioke le mesuoe ba ne ba “sebeletsa Jehova phatlalatsa” (e leng phetolelo ea lentsoe la Segerike le amanang le lei·tour·giʹa). Mohlomong tšebeletso ena ea phatlalatsa e ne e akarelletsa ho ruta sechaba.
U ka Araba Joang?
• Jesu o ile a etsa tšebeletso efe e molemo haholoanyane ea phatlalatsa?
• Bakreste ba etsa tšebeletso efe ea phatlalatsa?
• Tšebeletso e halalelang ea Bokreste ke eng, ’me e etsetsoa hokae?
• Re lokela ho fumana’ng e le hore tšebeletso ea rōna e halalelang e tle e khahlise Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho fana ho thabisa batsoali haholo
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Bakreste ba etsa tšebeletso ea phatlalatsa ha ba thusa ba bang le ha ba bolela litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho hlokahala hore re be le tsebo e nepahetseng le kutloisiso ho tiisa hore tšebeletso ea rōna e halalelang ea amoheleha ho Molimo