Khaolo ea Leshome le Metso e Supileng
Basele ba Bokelleloa Ntlong ea Molimo ea Thapelo
1, 2. Ho ile ha etsoa phatlalatso efe e thabisang ka 1935, hona e ne e le karolo ea eng?
KA LABOHLANO la la 31 May, 1935, Joseph F. Rutherford o ile a fana ka puo ho letšoele le neng le le teng kopanong ea Washington, D.C. O ile a bua ka hore na “bongata bo boholo” kapa “letšoele le leholo,” boo moapostola Johanne a bo boneng ponong, ke bo-mang. Sehlohlolong sa puo ea hae, Mor’abo rōna Rutherford o ile a etsa kōpo e reng: “Na bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ka kōpo ba ka ema?” Ho ea ka e mong oa ba neng ba le teng moo, “ho ile ha ema ba fetang halofo ea bamameli ba neng ba le teng.” Eaba sebui se re: “Bonang! Letšoele le leholo!” E mong hape ea neng a le teng moo oa hopola: “Qalong ho ile ha thōla tu!, ha ntan’o latela mohoo oa thabo, ’me ho ile ha etsoa litlatse tse khōlō le hona ka nako e telele.”—Tšenolo 7:9; King James Version.
2 Eo e bile ketsahalo e ikhethang phethahatsong e tsoelang pele ea boprofeta bo ngotsoeng lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng boo hape bo hlahang Libibeleng tsa rōna ho Esaia khaolo ea 56. Joaloka likarolo tse ling tse ngata tsa boprofeta ba Esaia, bo jere litšepiso tse tšelisang le litemoso tse matla. Phethahatsong ea pele, bo lebisitsoe ho batho ba Molimo ba selekane ba mehleng ea Esaia, empa phethahatso ea bona e tsoela pele ka lilemo tse makholo ho tla fihla mehleng ena ea rōna.
Se Hlokahalang Bakeng sa Poloko
3. Haeba Bajuda ba batla poloko e tsoang ho Molimo, ba tlameha ho etsa eng?
3 Esaia khaolo ea 56 e qala ka ho lemosa Bajuda. Leha ho le joalo, barapeli bohle ba ’nete ba lokela ho ela hloko seo moprofeta a se ngolang. Rea bala: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Bolokang toka, ’me le etse se lokileng. Etsoe poloko ea ka e se e tla ba teng, le ho loka ha ka ho se ho tla senoloa. Ho thaba motho ea shoang ea etsang sena, le mora oa moloko oa batho ea tšoarellang ho sona, ea bolokang sabatha e le hore a se ke a e silafatsa, le ea thibang letsoho la hae e le hore a se ke a etsa bobe ba mofuta leha e le ofe.’” (Esaia 56:1, 2) Baahi ba Juda ba batlang poloko e tsoang ho Molimo ba tlameha ho mamela Molao oa Moshe, ba boloke toka ’me ba phele ka ho loka. Hobane’ng? Hobane Jehova ka boeena o lokile. Ba hahamallang ho loka ba fumana thabo e tlisoang ke ho amoheloa ke Jehova.—Pesaleme ea 144:15b.
4. Ke hobane’ng ha ho boloka Sabatha e le habohlokoa Iseraeleng?
4 Boprofeta bo totobatsa ho bolokoa ha Sabatha kahobane Sabatha ke tšobotsi ea bohlokoa ea Molao oa Moshe. Ha e le hantle, le leng la mabaka a etsang hore baahi ba Juda ba qetelle ba ea botlamuoeng ke ho hlokomoloha ha bona Sabatha. (Levitike 26:34, 35; 2 Likronike 36:20, 21) Sabatha ke pontšo ea kamano e khethehileng eo Jehova a nang le eona le Bajuda, ’me ba bolokang Sabatha ba bontša hore ba ananela kamano eo. (Exoda 31:13) Ho feta moo, ho boloka Sabatha ho ne ho tla hopotsa batho ba mehleng ea Esaia hore Jehova ke ’Mōpi. Ho e boloka hoo ho ne ho boetse ho tla ba hopotsa mohau oo a ba bontšitseng oona. (Exoda 20:8-11; Deuteronoma 5:12-15) Ntlha ea ho qetela, ho boloka Sabatha ho ne ho tla etsa hore ho be le tokisetso ea ho rapela Jehova kamehla le ka tsela e hlophisitsoeng. Ho phomola hanngoe ka beke mosebetsing oa bona o tloaelehileng ho ne ho tla fa baahi ba Juda monyetla oa ho rapela, ho ithuta le ho thuisa.
5. Ha e le hantle, Bakreste ba ka sebelisa keletso ea ho boloka Sabatha joang?
5 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bakreste? Na khothalletso ea ho boloka Sabatha ea sebetsa ho bona? Eseng ka ho toba, kaha Bakreste ha ba tlas’a Molao, ka hona ha baa laeloa ho boloka Sabatha. (Bakolose 2:16, 17) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ho na le “phomolo ea sabatha” bakeng sa Bakreste ba tšepahalang. “Phomolo [ena] ea sabatha” e akarelletsa ho lumela sehlabelong sa Jesu sa thekollo bakeng sa poloko le ho khaotsa ho itšetleha ka mesebetsi feela. (Baheberu 4:6-10) Kahoo, mantsoe a boprofeta ba Esaia mabapi le Sabatha a hopotsa bahlanka ba Jehova kajeno hore ke habohlokoa haholo ho ba le tumelo tokisetsong ea Molimo ea poloko. A boetse a fana ka khopotso e ntle ea hore ho hlokahala hore ba hlaolele kamano e haufi le Jehova le ho phehella ho rapela kamehla, ka tsela e tsitsitseng.
Matšeliso ho Osele le ho Leqhalaha
6. Ke lihlopha life tse peli tseo joale ho lebisoang tlhokomelo ho tsona?
6 Joale Jehova o buisana le lihlopha tse peli tse batlang ho mo sebeletsa empa tlas’a Molao oa Moshe li se na tokelo ea ho ba karolo ea phutheho ea Bajuda. Rea bala: “Motho osele ea ikopantseng le Jehova a se ke a re, ‘Ntle ho pelaelo Jehova o tla nkarola ho batho ba hae.’ Kapa leqhalaha le re, ‘Bonang! ’Na ke sefate se omeletseng.’” (Esaia 56:3) Osele o tšaba hore o tla felisoa Iseraeleng. Leqhalaha le tšoenyehile ka hore ha ho mohla le tla ba le bana ba tla ntšetsa pele lebitso la lona. Lihlopha tsena ka bobeli li lokela ho tiea matla. Pele re bona lebaka la seo, a re ke re hlahlobeng hore na boemo ba tsona ke bofe tlas’a Molao mabapi le kamano ea tsona le sechaba sa Iseraele.
7. Molao o behela basele ba Iseraele lithibelo life?
7 Basele ba sa bollang ba thibetsoe ho kopanela le Iseraele borapeling. Ka mohlala, ha baa lumelloa ho ja Paseka. (Exoda 12:43) Basele ba sa tlōleng melao ea naha pepenene ba tšoaroa ka toka ’me ba amoheloa ka mofuthu, empa ha ba na maqhama a sa feleng le sechaba. Ke ’nete hore ba bang ba amohela Molao ka ho feletseng, ’me e le pontšo ea sena, banna baa bolla. Joale e se e le basokolohi, ba na le tokelo ea ho rapela lebaleng la ntlo ea Jehova ’me ba nkoa e le karolo ea phutheho ea Iseraele. (Levitike 17:10-14; 20:2; 24:22) Leha ho le joalo, esita le basokolohi ha ba kopanele ka botlalo selekaneng seo Jehova a se entseng le Iseraele, ’me ha ba na kabelo ea lefa Naheng e Tšepisitsoeng. Basele ba bang ba ka ’na ba retelehela tempeleng ho ea rapela, ’me kamoo ho bonahalang kateng ba ka ’na ba nyehela mahlabelo ba sebelisa baprista hafeela mahlabelo ao a lumellana le Molao. (Levitike 22:25; 1 Marena 8:41-43) Empa Baiseraele ha baa lokela ho tloaelana le bona haufi-ufi.
Maqhalaha a Fuoa Lebitso ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang
8. (a) Maqhalaha a ne a talingoa joang tlas’a Molao? (b) Maqhalaha a ne a sebelisoa joang lichabeng tsa bohetene, hona lentsoe “leqhalaha” ka linako tse ling le ka bolela eng?
8 Maqhalaha, esita le haeba a tsoetsoe ke batsoali ba Bajuda, a haneloa ho ba litho tse feletseng tsa sechaba sa Iseraele.a (Deuteronoma 23:1) Lichabeng tse ling tsa bohetene tsa mehleng ea Bibele, maqhalaha a ne a etsa mosebetsi o khethehileng ’me e ne e le tloaelo ho faola bana ba bang ba batšoaruoa ba ntoa. Maqhalaha a ne a khetheloa ho ba balaoli ka makhotleng a borena. Leqhalaha e ne e ka ’na ea e-ba “mohlokomeli oa basali,” “mohlokomeli oa lirethe,” kapa mosebeletsi oa mofumahali. (Esthere 2:3, 12-15; 4:4-6, 9) Ha ho na bopaki ba hore Baiseraele ba ne ba latela litloaelo tse joalo kapa hore ba ne ba batla maqhalaha ka ho khetheha bakeng sa ho sebeletsa marena a Iseraele.b
9. Jehova o bua mantsoe afe a tšelisang ho bao e leng maqhalaha ka tsela ea sebele?
9 Ho phaella monyetleng oa ho kopanela borapeling ba Molimo oa ’nete ka tsela e lekanyelitsoeng feela, bao e leng maqhalaha ka tsela ea sebele Iseraeleng ba utloisoa bohloko ke sekhobo se seholo sa ho hlōleha ho ba le bana ba tla ntšetsa pele lesika la bona. Joale, mantsoe a latelang a boprofeta ke a tšelisang hakaakang! Rea bala: “Sena ke seo Jehova a se boletseng ho maqhalaha a bolokang lisabatha tsa ka le a khethileng seo ke se thabelang le a tšoarellang selekaneng sa ka: ‘Ke tla a fa sefika le lebitso ka tlung ea ka le ka har’a marako a ka, ntho e molemo ho feta bara le barali. Ke tla a fa lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le ke keng la felisoa.’”—Esaia 56:4, 5.
10. Boemo ba maqhalaha bo ile ba fetoha neng, hona a ’nile a buleheloa ke tokelo efe ho tloha nakong eo?
10 E, nako ea tla eo ka eona esita le ho ba leqhalaha ka tsela ea sebele ho ke keng ha hlola ho sitisa motho ho ba mohlanka oa Jehova ea amohelehang ka ho feletseng. Haeba a mamela, maqhalaha a tla ba le “sefika,” kapa sebaka, ka tlung ea Jehova le lebitso, tse molemo ho feta bara le barali. See se etsahala neng? Ka mor’a lefu la Jesu Kreste. Ka nako eo selekane sa khale sa Molao se ile sa nkeloa sebaka ke selekane se secha, ’me Iseraele ea nama ea nkeloa sebaka ke “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Ho tloha ka nako eo, bohle ba bontšang tumelo ba ’nile ba khona ho nehelana ka borapeli bo amohelehang ho Molimo. Khethollano ea sebōpeho le kaheho ea ’mele ha e sa sebetsa. Ba tiisetsang ka botšepehi, ho sa tsotellehe hore na kaheho ea bona ea ’mele ke efe, ba tla ba le “lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le ke keng la felisoa.” Jehova ha a na ho ba lebala. Mabitso a bona a tla ngoloa ‘bukeng ea hae ea khopotso,’ ’me ka nako ea Molimo e loketseng, ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Malakia 3:16; Liproverbia 22:1; 1 Johanne 2:17.
Basele ba Rapela le Batho ba Molimo
11. E le hore basele ba amohele litlhohonolofatso, ba khothalletsoa ho etsa eng?
11 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka basele? Joale boprofeta bo khutlela ho bana, ’me Jehova o ba tšoaretse mantsoe a tšelisang haholo. Esaia oa ngola: “Batho basele ba ikopantseng le Jehova hore ba mo sebeletse le hore ba rate lebitso la Jehova, e le hore e be bahlanka ba hae, bohle ba bolokang sabatha e le hore ba se ke ba e silafatsa le ba tšoarellang selekaneng sa ka, ke tla boela ke ba tlise thabeng ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo. Linyehelo tsa bona tsa secheso tse feletseng le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka. Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”—Esaia 56:6, 7.
12. Ho kile ha e-ba le kutloisiso efe mabapi le boprofeta ba Jesu ba “linku tse ling”?
12 Mehleng ena ea rōna “basele” ba ile ba hlahella butle-butle. Pele ho ntoa ea pele ea lefatše, ho ne ho utloisisoa hore palo ea batho ba tla pholoha e tla ba khōlō ho feta palo ea ba nang le tšepo ea ho ea busa le Jesu leholimong—bao kajeno re ba tsebang e le Iseraele ea Molimo. Liithuti tsa Bibele li ne li tseba mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 16:10: “Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.” Ho ile ha utloisisoa hore “linku [tsena] tse ling” ke sehlopha sa lefatšeng. Empa liithuti tse ngata tsa Bibele li ne li lumela hore linku tse ling li tla hlahella nakong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete.
13. Ke hobane’ng ha ho ile ha boleloa hore linku tsa Matheu khaolo ea 25 li lokela ho hlahella matsatsing a ho qetela a tsamaiso ee ea lintho?
13 Qetellong, ho ile ha e-ba le khatelo-pele kutloisisong ea lengolo le leng le amanang le leo, le buang ka linku. Ho Matheu khaolo ea 25, ho na le tlaleho ea setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli. Ho ea ka setšoantšo seo, linku li fumana bophelo bo sa feleng hobane li tšehetsa barab’abo Jesu. Kahoo, ke sehlopha se seng se fapaneng le sa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng. Ka 1923, kopanong e neng e le Los Angeles, California, U.S.A., ho ile ha hlalosoa hore linku tseo ha lia lokela ho hlahella nakong ea Lilemo tse Sekete, empa li lokela ho hlahella matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a fana ka papiso ena e le karolo ea karabo ea hae potsong e reng: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.
14, 15. Ho ile ha e-ba le khatelo-pele joang kutloisisong ea boemo ba linku tse ling nakong ea bofelo?
14 Lilemong tsa bo-1920, ba bang ba neng ba kopanela le Liithuti tsa Bibele ba ile ba utloa hore moea oa Jehova ha o ba pakele hore ba na le pitso ea leholimo. Leha ho le joalo, e ne e le bahlanka ba chesehang ba Molimo ea Holimo-limo. Boemo ba bona bo ile ba utloisisoa hamolemo ka 1931 ha ho hatisoa buka ea Vindication. E le karolo ea tlhaloso ea buka ea Bibele ea Ezekiele temana ka temana, Vindication e ile ea hlalosa pono ea “monna” ea nang le lenaka la enke la mongoli. (Ezekiele 9:1-11) “Monna” enoa o bonoa a pholletsa le Jerusalema ’me a tšoaea liphatla tsa ba feheloang le ba llang ka lebaka la manyala a etsoang moo. “Monna” enoa o emela barab’abo Jesu, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a phelang lefatšeng nakong ea kahlolo ea se neng se tšoantšetsoa ke Jerusalema, e leng Bokreste-’mōtoana. Ba tšoauoang ke linku tse ling tse phelang nakong eo. Ponong baa sireletsoa ha baphethahatsi ba kahlolo ea Jehova ba tlisa phetetso motseng oo oa bokoenehi.
15 Ka 1932 kutloisiso e tebileng haholoanyane ea tšoantšiso ea boprofeta ea Morena Jehu oa Iseraele le Jonadabe, eo e neng e le motšehetsi oa hae eo e seng Moiseraele, e ile ea bontša kamoo linku tsena tse ling li itšoarang kateng ha li tšehetsa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng—feela joalokaha Jonadabe a ile a tsamaea le Jehu le ho mo tšehetsa ha a timetsa borapeli ba Baale. Qetellong, ka 1935 linku tse ling tse phelang nakong ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho li ile tsa tsejoa e le bongata bo boholo bo bonoeng ponong ke moapostola Johanne. Sena se ile sa hlalosoa ka lekhetlo la pele kopanong e boletsoeng pejana e neng e le Washington, D.C., ha Joseph F. Rutherford a supa ba nang le tšepo ea lefatšeng e le “letšoele le leholo.”
16. “Basele” ba thabela litokelo life le boikarabelo bofe?
16 Kahoo butle-butle ho ile ha bonahala hore “basele” ba lokela ho phetha karolo e khōlō mererong ea Jehova matsatsing ana a ho qetela. Ba tla ho Iseraele ea Molimo ho tla rapela Jehova. (Zakaria 8:23) Hammoho le sechaba seo sa moea, ba nyehela mahlabelo a amohelehang ho Molimo ’me ba kena phomolong ea sabatha. (Baheberu 13:15, 16) Ho feta moo, ba rapela tempeleng ea Molimo ea moea, eo joaloka tempele e Jerusalema, e leng “ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.” (Mareka 11:17) Ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu Kreste sa thekollo, ‘ba hlatsoa liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufatsa maling a Konyana.’ Ba sebeletsa Jehova kamehla, “ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.”—Tšenolo 7:14, 15.
17. Basele ba kajeno ba tšoarella selekaneng se secha joang?
17 Basele bana ba kajeno ba tšoarella selekaneng se secha ka kutloisiso ea hore ka ho kopanela le Iseraele ea Molimo, ba thabela melemo le litlhohonolofatso tse tlisoang ke selekane se secha. Le hoja e se karolo ea selekane seo, ka pelo eohle ba ikokobelletsa melao e tsamaisanang le sona. Kahoo molao oa Jehova o lipelong tsa bona, ’me ba tseba Jehova e le Ntate oa bona oa leholimo le ’Musi ea phahameng ka ho fetisisa.—Jeremia 31:33, 34; Matheu 6:9; Johanne 17:3.
18. Ho finyelloa mosebetsi ofe oa ho bokella nakong ea bofelo?
18 Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele: “Se boleloang ke ’Musi Morena Jehova, ea bokellang batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele, ke sena: ‘Ke tla bokella ho eena ba bang ntle ho batho ba hae ba seng ba bokeletsoe.’” (Esaia 56:8) Nakong ea bofelo, Jehova o bokeletse “batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele,” e leng masala a batlotsuoa. Ho phaella moo, o bokella ba bang, ba bongata bo boholo. Ba rapela hammoho ka khotso le ka kutloano tlas’a tlhokomelo ea Jehova le Morena eo a mo behileng teroneng, Kreste Jesu. Ka lebaka la ho tšepahalla ha bona puso ea Jehova ka Kreste, Molisa ea Molemo o ba entse mohlape o momahaneng, o thabileng.
Balebeli ba Foufetseng, Lintja Tse se Nang Lentsoe
19. Liphoofolo tse hlaha tsa naha le tsa moru li memeloa eng?
19 Mantsoe a ka holimo a mofuthu le a hahang a lateloa ke a fapaneng ka tsela e makatsang, ao e batlang e le a nyarosang. Jehova o ikemiselitse ho tšoara basele le maqhalaha ka mosa. Empa ba bangata ba ipolelang hore ke litho tsa phutheho ea Molimo baa nyatsuoa ’me ba emetsoe ke kahlolo. Ho feta moo, ha ba tšoaneloe le ke ho patoa ka tsela e hlomphehang ’me ha bona feela ke hore ba rusolloe ke libata tse harolang. Kahoo, rea bala: “Lōna liphoofolo tsohle tse hlaha tsa naha e sabaletseng, tloong le tl’o ja, lōna liphoofolo tsohle tse hlaha tsa moru.” (Esaia 56:9) Liphoofolo tsee tse hlaha li tlil’o ja eng moketeng oo? Boprofeta bo tla hlalosa. Tlhalosong ea bona, mohlomong bo ka re hopotsa ka qetello e letetseng ba hanyetsang Molimo ntoeng e tlang ea Armagedone, bao litopo tsa bona li sallang linonyana tsa leholimo hore li li je.—Tšenolo 19:17, 18.
20, 21. Ke litšito life tse etsang hore baeta-pele ba bolumeli e be batataisi ba moea ba se nang thuso?
20 Boprofeta bo tsoela pele: “Balebeli ba hae ba foufetse. Ha ho le ea mong oa bona ea elang hloko. Kaofela ha bona ke lintja tse sa khoneng ho bua; ha ba khone ho bohola, baa hemesela, baa robala, ba rata ho re shoa! Ke lintja tse nang le takatso e matla ea moea; ha ba khotsofale. Hape ke balisa ba sa tsebeng ho utloisisa. Kaofela ha bona ba retelehetse tseleng ea bona, e mong le e mong bakeng sa phaello ea hae ea ho hloka toka moeling oa hae: ‘Tloong! A nke ke noe veine; ’me re ke re noeng joala bo tahang ka tekanyo e fetisisang. ’Me ka sebele hosasane ho tla tšoana le kajeno, ka tsela e khōlō haholo.’”—Esaia 56:10-12.
21 Baeta-pele ba bolumeli ba Juda ba bolela hore ba rapela Jehova. Ba ipolela hore ke “balebeli ba hae.” Empa ba foufetse moeeng, ha ba na lentsoe ebile baa otsela. Haeba ba sitoa ho lula ba lebetse le ho lemosa ka kotsi, ba na le molemo ofe? Balebeli ba joalo ba bolumeli ha ba na kutloisiso, ha ba boemong ba ho fa batho ba kang linku tataiso ea moea. Ho feta moo, ba bolile. Ba na le litakatso tse sa khotsofaleng tsa boithati. Ho e-na le ho latela tataiso ea Jehova, ba ipatlela tsela ea bona, ba hahamalla leruo le sa lokang, ba inehella joala bo tahang, ’me ba khothalletsa ba bang hore ba etse se tšoanang. Ha ba natse kahlolo ea Molimo e atamelang hoo ba bolellang batho hore lintho li tla khutlela malulong.
22. Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba tšoana le ba Juda ea boholo-holo joang?
22 Pejana boprofeteng ba hae, Esaia o ile a hlahisa khopolo e tšoanang ha a hlalosa baeta-pele ba bolumeli ba Juda ba sa tšepahaleng—ba tahiloe moeeng, ba otsela ba bile ba se na kutloisiso. Ba ne ba imetsa sechaba ka lineano tsa batho, ba se bolella mashano a bolumeli ’me ba tšepela ho Assyria hore e ba thuse ho fapana le ho tšepa Molimo. (2 Marena 16:5-9; Esaia 29:1, 9-14) Ho hlakile hore ha ho seo ba ithutileng sona. Ka masoabi, le lekholong la pele la lilemo ho ne ho ntse ho e-na le baeta-pele ba joalo. Ho fapana le ho amohela litaba tse molemo tseo ba li tlisetsoang ke Mora oa Molimo, ba ile ba qhelela Jesu thōko ’me ba etsa ’momori oa ho mo bolaea. Jesu o ile a ba bitsa “batataisi ba foufetseng” a sa tsilatsile, ’me a phaella ka hore haeba “sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.”—Matheu 15:14.
Balebeli Kajeno
23. Ke boprofeta bofe ba Petrose bo mabapi le baeta-pele ba bolumeli bo ’nileng ba phethahala?
23 Moapostola Petrose o ile a lemosa hore mesuoe ea bohata le eona e ne e tla hlaha bakeng sa ho khelosa Bakreste. O ile a ngola: “Ho ile ha boela ha e-ba le baprofeta ba bohata har’a batho [ba Iseraele], joalokaha ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna. E tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang ’me e tla latola esita le monghali ea e rekileng, e itlisetsa timetso e potlakileng.” (2 Petrose 2:1) Phello ea lithuto tsa bohata le maquloana a mesuoe eo ea bohata e bile life? E bile Bokreste-’mōtoana, boo kajeno baeta-pele ba bona ba bolumeli ba rapellang hore Molimo a hlohonolofatse metsoalle ea bona ea bopolotiki ebe ba tšepisa bokamoso bo khanyang. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ipakile e le ba foufetseng, ba se nang lentsoe ba bileng ba otselang ha ho tluoa linthong tsa moea.
24. Ke bonngoe bofe bo teng mahareng a Iseraele ea moea le basele?
24 Leha ho le joalo, Jehova o tlisa basele ba limilione ho tla rapela ntlong ea hae e khōlō ea moea ea thapelo hammoho le ba ho qetela ba Iseraele ea Molimo. Le hoja basele bana ba tsoa lichabeng, merabeng le lipuong tse ngata, ba na le bonngoe har’a bona esita le pakeng tsa bona le Iseraele ea Molimo. Ba kholisehile hore poloko e tsoa ho Jehova Molimo feela ka Jesu Kreste. Ba susumelitsoe ke lerato ho Jehova, ba kopanela le barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ho phatlalatseng tumelo ea bona. ’Me ba tšelisoa ka ho teba ke mantsoe a moapostola ea bululetsoeng ea ileng a ngola: “Haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha.”—Baroma 10:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “leqhalaha” le ile la boela la e-ba le moelelo oa molaoli oa lekhotla, empa le sa bolele ho holofala lithong tsa botona. Kaha ho bonahala Moethiopia ea ileng a kolobetsoa ke Filipi e ne e le mosokolohi—o ile a kolobetsoa pele batho ba sa bollang bao e seng Bajuda ba buleloa tsela—e tlameha ebe e ne e le leqhalaha ka kutloisiso ena.—Liketso 8:27-39.
b Ebede-meleke, ea ileng a thusa Jeremia le ea neng a kena ka ho toba ho Morena Tsedekia, o bitsoa leqhalaha. Ho bonahala sena se hlalosa hore e ne e le molaoli oa lekhotla ho fapana le hore o ne a holofetse litho.—Jeremia 38:7-13.
[Setšoantšo se leqepheng la 250]
Sabatha e ne e tla fana ka monyetla oa ho rapela, ho ithuta le ho thuisa
[Litšoantšo tse leqepheng la 256]
Boemo ba linku tse ling bo ile ba hlakisoa kopanong ea Washington, D.C., ka 1935 (ka tlaase ho bontšitsoe kolobetso, ka ho le letona ke lenaneo)
[Setšoantšo se leqepheng la 259]
Liphoofolo tse hlaha li memeloa ho tla moketeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 261]
Basele le Iseraele ea Molimo ba bonngoeng