Khaolo ea Leshome le Metso e Robeli
Jehova o Hlasimolla Moea oa ba Ikokobelitseng
1. Jehova o ile a etsa tšepiso efe, hona mantsoe a hae a hlahisa lipotso life?
“SENA ke seo Ea Holimo le Ea Phahameng, ea lulang ka ho sa feleng le eo lebitso la hae le halalelang, a se boletseng: ‘Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang, hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.’” (Esaia 57:15) Mantsoe ao a ngotsoe ke moprofeta Esaia lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Ho ne ho etsahala’ng Juda, e ileng ea etsa hore molaetsa oo e be o khothatsang hakaale? Mantsoe aa a bululetsoeng a thusa Bakreste joang kajeno? Ho hlahloba Esaia khaolo ea 57 ho tla re thusa ho araba lipotso tseo.
“Atamelang Mona”
2. (a) Ho bonahala eka mantsoe a Esaia khaolo ea 57 a phethahala neng? (b) Boemo ba ba lokileng ke bofe mehleng ea Esaia?
2 Ho bonahala eka karolo ena ea boprofeta ba Esaia e phethahala mehleng ea Esaia. Hlokomela kamoo joale bokhopo bo metseng ka metso kateng: “Ea lokileng o timetse, empa ha ho ea tebisetsang seo pelong. Batho ba nang le mosa o lerato ba nkeloa ho ba shoeleng, ’me ha ho ea lemohang hore ke ka lebaka la tlokotsi hore ebe ea lokileng o nkiloe. O kena khotsong; ba phomola libetheng tsa bona, e mong le e mong ea tsamaeang ka ho loka.” (Esaia 57:1, 2) Ha motho ea lokileng a oa, ha ho ea tsotellang. Lefu la hae le tlang pele ho nako ha le eloe hloko. Ho robala lefung ho mo tlisetsa khotso, ho mo lokolla mahlomoleng ao a a bakeloang ke ba khopo ’me ho mo phemisa tlokotsi. Sechaba sa Molimo se khethiloeng se tetebetse boemong bo sisimosang. Empa e tlameha e le ho khothatsang hakaakang ho ba lulang ba tšepahala ho tseba hore hase feela hore Jehova o bona se etsahalang empa hape o tla ba tšehetsa!
3. Jehova o bua joang le moloko o khopo oa Juda, hona hobane’ng?
3 Jehova o bitsa moloko o khopo oa Juda, o re: “Ha e le lōna, atamelang mona, lōna bara ba senohe sa mosali, peō ea motho ea febang le ea mosali ea etsang botekatse.” (Esaia 57:3) Ba tšoaneloa ke tlhaloso eo e hlabisang lihlong ea hore ke bara ba senohe le bana ba mofebi le ba letekatse. Borapeli ba bohata boo ba retelehetseng ho bona bo akarelletsa liketso tse manyala tsa borapeli ba litšoantšo le tšebelisano le meea hammoho le mekhoa e litšila ea ho kopanela liphate. Kahoo, Jehova o botsa baetsalibe bana: “Le ithabisa ka lebaka la mang? Ke mang eo le ntseng le mo ahlamisetsa melomo, le chalitsa maleme? Na ha le bana ba tlōlo, peō ea leshano, ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō, tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo, ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?”—Esaia 57:4, 5.
4. Batho ba khopo ba Juda ba na le molato ofe?
4 Batho ba khopo ba Juda ba tloaetse ho etsetsa borapeli ba bona ba bohetene bo nyarosang pepeneneng, baa “ithabisa.” Ka nyeliso ba soma baprofeta ba Molimo ba rometsoeng ho ea ba khalemela, ba ba chaliletsa maleme ka mokhoa o hlokang lihlong, o bontšang tello. Le hoja e le bana ba Abrahama, litsela tsa bona tsa borabele li ba etsa bana ba tlōlo le peō ea leshano. (Esaia 1:4; 30:9; Johanne 8:39, 44) Har’a lifate tse khōlō tsa naha, ba hlohlelletsa cheseho ea bolumeli borapeling ba bona ba litšoantšo. Borapeli boo ke bo sehlōhō hakaakang! Bo sehlōhō hoo ba bileng ba bolaeang bana ba bona, joaloka lichaba tseo litsela tsa tsona tse nyonyehang li ileng tsa etsa hore Jehova a li leleke naheng eo!—1 Marena 14:23; 2 Marena 16:3, 4; Esaia 1:29.
Ho Tšela Nyehelo ea Seno Majoeng
5, 6. (a) Baahi ba Juda ba khethile ho etsa eng ho e-na le ho rapela Jehova? (b) Borapeli ba Juda ba litšoantšo bo totobetse hakae hona bo sabaletse hakae?
5 Hlokomela kamoo baahi ba Juda ba keneletseng borapeling ba litšoantšo ka ho teba kateng: “Kabelo ea hao e bile majoe a boreleli a phula ea molapo o phoroselang. ’Ona—e bile kabelo ea hao. Ho feta moo, u ile ua a tšella nyehelo ea seno, ua nyehela mpho. Na nka itšelisa ka lebaka la lintho tsee?” (Esaia 57:6) Bajuda ke batho ba Molimo ba selekane, empa ho e-na le ho mo rapela, ba nka majoe ka nōkeng ’me ba a etsa melimo. Davida o ile a phatlalatsa hore Jehova ke kabelo ea hae, empa baetsalibe bana ba khethile litšoantšo tse sa pheleng tsa majoe ho ba kabelo ea bona ’me ba li tšella linyehelo tsa seno. (Pesaleme ea 16:5; Habakuke 2:19) Ke’ng e ka thabisang Jehova borapeling bo sothehileng joalo ba batho ba emelang lebitso la hae?
6 Kae le kae—tlas’a lifate tse khōlō, liphuleng tsa melapo e phoroselang, maralleng, metseng ea eona—Juda e rapela litšoantšo. Empa Jehova o bona tsohle, ’me a sebelisa Esaia, O pepesa ho silafala ha eona: “U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng. Hape u nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo. U behile sehopotso sa hao ka mor’a lemati le kosene ea monyako.” (Esaia 57:7, 8a) Juda e beha bethe ea eona ea ho se hloeke moeeng libakeng tse phahameng, ’me e etsetsa melimo esele mahlabelo ho eona.a Esita le matlo a batho ka bomong a na le melimo ea litšoantšo ka mor’a mamati le likosene tsa monyako.
7. Juda e kopanela borapeling ba boitšoaro bo litšila ka boikutlo bofe?
7 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Juda e keneletse hakana borapeling bo litšila. Na ho na le tšusumetso e ’ngoe e itseng e matla e e qobeletseng ho furalla Jehova? Karabo ke che. E etsa seo ka boikhethelo le ka mafolofolo. Jehova o re: “Kantle le ’na u ile ua hlobola ’me ua nyoloha; ua etsa hore bethe ea hao e be khōlō. Ua iketsetsa selekane le bona. U ratile ho ba betheng le bona. U ile ua bona setho sa botona.” (Esaia 57:8b) Juda e entse selekane le melimo ea eona ea bohata, ’me e rata ho ba le kamano e litšila le eona. Ka ho khetheha e rata mekhoa e litšila ea ho kopanela liphate—mohlomong e akarelletsang ho sebelisoa ha litšoantšo tsa setho sa botona—e khethollang borapeli ba melimo ena!
8. Ke morena ofe ka ho khetheha eo pusong ea hae borapeli ba litšoantšo bo ileng ba ata Juda?
8 Tlhaloso ea borapeli bo tletseng boitšoaro bo hlephileng, bo sehlōhō ba melimo ea litšoantšo e lumellana le seo re se tsebang ka marena a ’maloa a khopo a Juda. Ka mohlala, Manase o ile a haha libaka tse phahameng, a etsetsa Baale lialetare a ba a hloma lialetare tsa bolumeli ba bohata mabaleng a mabeli a tempele. O ile a fetisa bara ba hae mollong, a sebelisa boselamose le bonohe ’me a khothalletsa mekhoa ea tšebelisano le meea. Morena Manase o ile a boela a kenya setšoantšo se betliloeng sa palo e halalelang eo a e entseng ka tempeleng ea Jehova.b O ile a khelosa Juda hore e “etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse.” (2 Marena 21:2-9) Ba bang ba lumela hore Manase o ile a laela hore Esaia a bolaoe, le hoja lebitso la Manase le sa hlahe ho Esaia 1:1.
“Ua Tsoela Pele ho Romela Baromuoa ba Hao”
9. Ke hobane’ng ha Juda e romela baromuoa “hōle”?
9 Tlōlo ea Juda hase ea ho sebeletsa melimo ea bohata feela. A sebelisa Esaia e le ’muelli oa hae, Jehova o re: “Ua theohela Meleke ka oli, ’me ua ’na oa etsa hore mafura a hao a be mangata. Ua tsoela pele ho romela baromuoa ba hao hōle, hoo u ileng ua theolela litaba Sheole.” (Esaia 57:9) ’Muso o sa tšepahaleng oa Juda o theohela ho “Meleke,” e leng “morena” ka Seheberu—mohlomong morena oa ’muso osele—o mo fa limpho tse theko e boima le tse ipiletsang, tse tšoantšetsoang ke oli le mafura a nkhang hamonate. Juda e romela manģosa libakeng tse hōle. Hobane’ng? Ho ea kholisa lichaba tsa Balichaba hore li etse lilekane tsa bopolotiki le eona. Kaha e furaletse Jehova, e beha tšepo ea eona ho marena a basele.
10. (a) Morena Akaze o batla ho etsa selekane le morena oa Assyria joang? (b) Juda e “theolela litaba Sheole” ka tsela efe?
10 Mohlala o mong oa sena ke oa mehleng ea Morena Akaze. Ha a ikutloa a sokeloa ke selekane seo Iseraele e se entseng le Syria, morena eo ea sa tšepahaleng oa Juda o romela manģosa ho Tiglathe-pilesere III oa Assyria, o re: “Ke ’na mohlanka oa hao le mora oa hao. Nyoloha ’me u mpholose seatleng sa morena oa Syria le seatleng sa morena oa Iseraele, ba ntsohelang matla.” Akaze o romella morena oa Assyria silevera le khauta e le tjotjo, ’me morena eo oa arabela, o futuhela Syria ho e timetsa. (2 Marena 16:7-9) Litšebelisanong tsa eona le lichaba tsa Balichaba, Juda e itheolela “sekoting se tebileng sa Sheole.” (An American Translation) Ka lebaka la litšebelisano tseo, e tla shoa, kapa e khaotse ho ba teng e le sechaba se ipusang se nang le morena.
11. Juda e bonahatsa boikutlo bofe ba bohata ba ho sireletseha?
11 Jehova o tsoela pele ho bua le Juda: “U sehlile litseleng tsa hao tse ngata. Ha ua ka ua re, ‘Ha ho na thuso!’ U fumane ho tsosolosoa ha matla a hao. Ke ka lebaka leo u sa kang ua kula.” (Esaia 57:10) E, sechaba se sehlile ka thata litseleng tsa sona tsa bokoenehi, ’me se hlōleha ho bona kamoo boikitlaetso ba sona e leng bo se nang thuso kateng. Ho e-na le hoo, se ithetsa ka ho lumela hore se atlehisoa ke matla a sona. Se ikutloa se matlafetse ’me se phetse hantle. Boo ke bothoto bo bokaakang!
12. Ke maemo afe a teng ho Bokreste-’mōtoana a tšoanang le a Juda?
12 Kajeno ho na le mokhatlo oo boitšoaro ba oona bo re hopotsang ba Juda ea mehleng ea Esaia. Bokreste-’mōtoana bo sebelisa lebitso la Jesu, empa bo phehella ho etsa lilekane le lichaba ’me bo tlatsitse libaka tsa bona tsa borapeli ka melimo ea litšoantšo. Batšehetsi ba bona ba bile ba hlomme litšoantšo tsa borapeli malapeng a bona. Bokreste-’mōtoana bo entse bacha ba bona mahlabelo lintoeng tsa lichaba. E tlameha ebe see sohle se halefisa Molimo oa ’nete hakaakang, ea laelang Bakreste a re: “Le balehele borapeli ba litšoantšo”! (1 Bakorinthe 10:14) Ka ho itšunya-tšunya lipolotiking, Bokreste-’mōtoana bo ‘entse bohlola le marena a lefatše.’ (Tšenolo 17:1, 2) Ha e le hantle, ke motšehetsi ea ka sehloohong oa Machaba a Kopaneng. Seotsoa see sa bolumeli se letetsoe ke eng? Jehova o re’ng ho ’mate oa sona, Juda e sa tšepahaleng, e emeloang haholo-holo ke motse-moholo oa eona, Jerusalema?
“Lintho Tseo U li Bokeletseng li ke ke Tsa U Lopolla”
13. Juda e “bua leshano” lefe, hona e arabela joang mamellong ea Jehova?
13 Jehova oa botsa: “U tšohile mang ’me u tšaba mang, hoo u ileng ua bua leshano?” Eo ke potso e loketseng hakaakang! Ka sebele Juda ha e bontše tšabo e loketseng ea bomolimo ho Jehova. Ho seng joalo, e ka be e sa fetoha sechaba sa batho ba leshano, ba rapelang melimo ea bohata. Jehova o tsoela pele ho re: “Hase ’na eo u mo hopotseng. Ha ua tebisetsa letho pelong. Na ke ne ke sa khutsa ’me ke patile litaba? Kahoo u ne u sa tšabe esita le ’na.” (Esaia 57:11) Jehova o lutse a khutsitse, a sa fe Juda kotlo hang-hang. Na Juda e ananela see? Che, ho e-na le hoo e nka hore ho mamella ha Molimo ke ho se tsotelle. Ha e sa na tšabo ho eena ka ho feletseng.
14, 15. Jehova o re’ng ka mesebetsi ea Juda le “lintho tseo [e] li bokeletseng”?
14 Leha ho le joalo, nako ea mamello ea Molimo e tla fela. Ha a bua ka nako eo, Jehova oa phatlalatsa: “Ke tla bolela ho loka ha hao le mesebetsi ea hao, hore e ke ke ea u ruisa molemo. Ha u hoeletsa ho kōpa thuso lintho tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u lopolla, empa moea o tla li fefola kaofela. Pululo e tla li nka.” (Esaia 57:12, 13a) Jehova o tla pepesa ho loka ha Juda ha boikaketsi. Mesebetsi ea eona ea boikaketsi ha e na ho e ruisa molemo. “Lintho tseo [e] li bokeletseng,” melimo e mengata ea litšoantšo eo e nang le eona, ha e na ho e lopolla. Ha tlokotsi e fihla, melimo eo e e tšepileng e tla fefoleloa hōle ke setsokotsanenyana feela se sa reng letho.
15 Mantsoe a Jehova a phethahala ka 607 B.C.E. Ke nakong ea ha Morena Nebukadnezare oa Babylona a timetsa Jerusalema, a chesa tempele le ho isa batho ba bangata botlamuoeng. “Kahoo Bajuda ba ea kholehong ho tloha naheng ea bona.”—2 Marena 25:1-21.
16. Bokreste-’mōtoana le likarolo tse ling tsohle tsa “Babylona e Moholo” li letetsoe ke eng?
16 Ka ho tšoanang, melimo e mengata ea litšoantšo eo Bokreste-’mōtoana bo nang le eona ha e na ho bo lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova. (Esaia 2:19-22; 2 Bathesalonika 1:6-10) Hammoho le likarolo tse ling tsohle tsa “Babylona e Moholo”—’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—Bokreste-’mōtoana bo tla felisoa. Sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta le linaka tsa sona tse leshome se ‘tla ripitla [Babylona e Moholo] le ho e hlobolisa, se tla ja linama tsa eona ’me se tla e chesa ka ho feletseng ka mollo.’ (Tšenolo 17:3, 16, 17) Re thaba hakaakang hore ebe re mametse taelo e reng: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae”! (Tšenolo 18:4, 5) E se eka le ka mohla re ke ke ra khutlela ho eona kapa litseleng tsa eona.
“Ea Tšabelang ho ’na o Tla Rua Naha”
17. ‘Ea tšabelang ho Jehova’ o fuoa tšepiso efe, hona see se phethahala neng?
17 Joale, ho thoe’ng ka mantsoe a latelang a boprofeta ba Esaia? “Ea tšabelang ho ’na o tla rua naha ’me a rue thaba ea ka e halalelang.” (Esaia 57:13b) Joale Jehova o bua le bo-mang? O talimme ka nģ’ane ho tlokotsi e tlang ’me o bolela esale pele ka ho lokolloa ha batho ba hae Babylona le ho tsosolosoa ha borapeli bo hloekileng thabeng ea hae e halalelang, Jerusalema. (Esaia 66:20; Daniele 9:16) E tlameha ebe see ke mohloli o mokaakang oa khothatso ho Bajuda leha e le bafe ba ntseng ba tšepahala! Ho feta moo, Jehova o re: “Ka sebele e mong o tla re, ‘Etsang tutulu, etsang tutulu! Hlekang tsela. Tlosang tšitiso leha e le efe tseleng ea batho ba ka.’” (Esaia 57:14) Ha nako ea hore Molimo a lopolle batho ba hae e fihla, tsela e tla be e lokile, ’me litšitiso tsohle li tlositsoe.—2 Likronike 36:22, 23.
18. Bophahamo ba Jehova bo hlalosoa joang, leha ho le joalo o bontša kameho efe e lerato?
18 Ke mothating ona moo moprofeta Esaia a buang mantsoe a qotsitsoeng sethathong: “Sena ke seo Ea Holimo le Ea Phahameng, ea lulang ka ho sa feleng le eo lebitso la hae le halalelang, a se boletseng: ‘Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang, hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.’” (Esaia 57:15) Terone ea Jehova e maholimong a holimo-limo. Ha ho boemo bo ka holimo ho boo kapa bo phahameng ho bo feta. Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore o bona tsohle a le moo—eseng feela libe tsa ba khopo empa le liketso tse lokileng tsa ba lekang ho mo sebeletsa! (Pesaleme ea 102:19; 103:6) Ho feta moo, o utloa ho bobola ha ba tujoang ’me o hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng. E tlameha ebe mantsoe ana a ile a ama lipelo tsa Bajuda ba mehleng ea boholo-holo ba bakileng. Ka sebele a re ama lipelo kajeno.
19. Khalefo ea Jehova e khaotsa neng?
19 Ho hong ho tšelisang ke mantsoe a Jehova a tsoelang pele: “Nke ke ka loana ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka halefa ka ho sa feleng; etsoe ka lebaka la ka moea o tla tepella, esita le libōpuoa tse phefumolohang tseo ke li entseng.” (Esaia 57:16) Ha ho le se seng sa libōpuoa tsa Molimo se neng se ka phela haeba khalefo ea Jehova e ne e le e sa feleng, e se nang qetello. Empa, ho thabisang ke hore khalefo ea Molimo ke ea nako e lekanyelitsoeng feela. Ha e finyeletse morero oa eona, ea khaotsa. Temohisiso ena e bululetsoeng e re thusa ho hlaolela kananelo e tebileng bakeng sa lerato leo Jehova a ratang pōpo ea hae ka lona.
20. (a) Jehova o sebetsana le moetsalibe ea sa bakeng joang? (b) Jehova o tšelisa ea soabetseng sebe sa hae ka tsela efe?
20 Re fumana temohisiso e eketsehileng ha Jehova a tsoela pele. O qala ka ho re: “Ke ile ka halefela ho fosahala ha phaello ea hae ea ho hloka toka, eaba kea mo otla, ka pata sefahleho sa ka, ha ke ntse ke halefile. Empa a ’na a tsamaea joaloka mokoenehi tseleng ea pelo ea hae.” (Esaia 57:17) Ka sebele liphoso tse etsoang ka lebaka la meharo li phephetsa khalefo ea Molimo. Hafeela motho a tsoela pele e ntse e le mokoenehi pelong, Jehova o lula a halefile. Empa ho thoe’ng haeba mokoenehi a amohela taeo? Joale Jehova o bontša kamoo lerato la hae le kutloelo-bohloko ea hae li mo susumelletsang ho nka khato kateng: “Ke bone litsela tsa hae; ka qala ho mo folisa le ho mo tsamaisa le ho mo buseletsa ka matšeliso eena le batho ba hae ba siameng.” (Esaia 57:18) Ka mor’a ho amohela taeo, Jehova o folisa ea soabetseng sebe sa hae le ho mo tšelisa hammoho le ba siameng le eena. Ke kahoo ka 537 B.C.E., Bajuda ba ileng ba khona ho khutlela hae. Ke ’nete hore Juda ha ea ka ea hlola e e-ba ’muso o ipusang o tlas’a morena oa lesika la Davida. Leha ho le joalo, tempele e Jerusalema e ile ea hahuoa bocha, ’me borapeli ba ’nete ba tsosolosoa.
21. (a) Jehova o ile a hlasimolla moea oa Bakreste ba tlotsitsoeng joang ka 1919? (b) Ke tšobotsi efe eo re lokelang ho e hlaolela ka bomong?
21 Jehova, “Ea Holimo le Ea Phahameng,” o ile a boela a bontša ho ameha ka boiketlo ba masala a tlotsitsoeng ka 1919. Ka lebaka la ho soabela ha ’ona sebe sa ’ona le moea oa ’ona oa boikokobetso, Molimo e moholo, Jehova, ka mosa o ile a hlokomela mahlomola a ’ona ’me a a lopolla botlamuoeng Babylona. O ile a tlosa litšitiso tsohle ’me a a isa tokolohong e le hore a ka nehelana ka borapeli bo hloekileng ho eena. Kahoo mantsoe a Jehova ao a a buileng ka Esaia a ile a phethahala ka nako eo. ’Me mantsoe ao a fupere melao-motheo ea ka ho sa feleng e sebetsang ho e mong le e mong oa rōna. Jehova o amohela feela borapeli ba ba ikokobelitseng kelellong. ’Me haeba e mong oa bahlanka ba Molimo a oela sebeng, o lokela ho potlakela ho lumela phoso ea hae, ho amohela khalemelo le ho lokisa litsela tsa hae. E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala hore Jehova o folisa ba ikokobelitseng le ho ba tšelisa empa “o hanyetsa ba ikhohomosang.”—Jakobo 4:6.
‘Khotso ho ba Hōle le ba Haufi’
22. Jehova o bolela bokamoso bofe esale pele bakeng sa (a) ba bontšang pako? (b) ba khopo?
22 Ha a bapisa bokamoso ba ba bakang le ba ba tsoelang pele litseleng tsa bona tse khopo, Jehova oa phatlalatsa: “Ke bōpa litholoana tsa molomo. Ho tla ba le khotso e sa khaotseng ho ea leng hōle le ho ea leng haufi, ’me ke tla mo folisa. Empa ba khopo ba joaloka leoatle le ntseng le akhotsoa, ha le sa khone ho kokobela, leo metsi a lona a akhotsang litlama-tlama tsa leoatle le seretse. Ha ho na khotso bakeng sa ba khopo.”—Esaia 57:19-21.
23. Litholoana tsa molomo ke eng, hona Jehova o “bōpa” litholoana tsee ka tsela efe?
23 Litholoana tsa molomo ke sehlabelo sa thoriso se nyeheloang ho Molimo—e leng polelo ea phatlalatsa ea lebitso la hae. (Baheberu 13:15) Jehova o “bōpa” polelo eo ea phatlalatsa joang? E le hore motho a nyehele sehlabelo sa thoriso, o tlameha ho qala ka ho ithuta ka Molimo a ntan’o lumela ho eena. Tumelo—e leng tholoana ea moea oa Molimo—e susumelletsa motho ho bolella ba bang seo a se utloileng. Ka mantsoe a mang, o etsa polelo ea phatlalatsa. (Baroma 10:13-15; Bagalata 5:22) Hape ho hopoloe hore qetellong Jehova ke eena ea laelang bahlanka ba hae hore ba bolele thoriso ea hae. ’Me Jehova ke eena ea lokollang batho ba hae, ea etsang hore ba khone ho nyehela mahlabelo a joalo a thoriso. (1 Petrose 2:9) Kahoo, ho ka boleloa ka nepo hore Jehova o bōpa litholoana tsena tsa molomo.
24. (a) Ke bo-mang ba seng ba tseba khotso ea Molimo, hona ka phello efe? (b) Ke bo-mang ba sa tsebeng khotso, hona phello ke efe ho bona?
24 E tlameha ebe Bajuda ba nyehela litholoana tse hlasimollang hakaakang tsa molomo ha ba khutlela naheng ea habo bona ba binela Jehova lithoriso! E tlameha ebe ba thabela ho tseba khotso ea Molimo, ebang ba “hōle”—sebakeng se hōle le Juda, ba letetse ho khutla—kapa ba “haufi”—ba se ba ntse ba le naheng ea habo bona. Ka lehlakoreng le leng, lintho li fapane hakaakang ho ba khopo! Leha e le bafe ba hlōlehang ho amohela taeo ea Jehova, ho sa tsotellehe hore na bao ba khopo ke bo-mang le hore na ba hokae, ha ba na khotso ho hang. Ba akhotseha joaloka leoatle le befileng, ba lula ba sa hlahise litholoana tsa molomo, empa ba hlahisa “litlama-tlama tsa leoatle le seretse,” ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang.
25. Ke joang ba bangata libakeng tse hōle le haufi ba tsebang khotso?
25 Le kajeno, barapeli ba Jehova libakeng tsohle ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Libakeng tse hōle le haufi linaheng tse fetang 230, Bakreste ba nyehela litholoana tsa melomo ea bona, ba phatlalatsa thoriso ea Molimo a le mong feela oa ’nete. Lithoriso tseo ba li binang li utloahala “ho tloha pheletsong ea lefatše.” (Esaia 42:10-12) Ba utloang lipolelo tsa bona ’me ba itšoara tumellanong le tsona ba amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Ba joalo ba tseba khotso, e tlisoang ke ho sebeletsa “Molimo ea fanang ka khotso.”—Baroma 16:20.
26. (a) Ba khopo ba letetsoe ke eng? (b) Ba bonolo ba fuoa tšepiso efe e hlollang, hona re lokela ho ba le boikemisetso bofe?
26 Ke ’nete hore ba khopo ha ba ele hloko molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, haufinyane ha ba na ho lumelloa ho senya khotso ea ba lokileng. Jehova oa tšepisa: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Ba tšabelang ho Jehova ba tla ja lefa la naha ka tsela e babatsehang. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Ka nako eo lefatše la rōna e tla ba sebaka se ratehang hakaakang! E se eka kaofela ha rōna re ka ikemisetsa hore le ka mohla re se lahleheloe ke khotso ea Molimo, e le hore re ka bina thoriso ea Molimo ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong lentsoe “bethe” le bolela aletare kapa sebaka sa borapeli ba bohetene. Ho se bitsa bethe ke khopotso ea hore borapeli bo joalo ke botekatse ba moea.
b Mohlomong lipalo tse halalelang li ne li emela setho sa botšehali, ’me litšiea tse halalelang e le litšoantšo tsa setho sa botona. Ka bobeli li ne li sebelisoa ke baahi ba sa tšepahaleng ba Juda.—2 Marena 18:4; 23:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 263]
Juda e etsetsa mekhoa ea borapeli ba boitšoaro bo litšila tlas’a sefate se seng le se seng se atlehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 267]
Juda e haha lialetare hohle naheng
[Setšoantšo se leqepheng la 275]
“Ke bōpa litholoana tsa molomo”