Khaolo ea Mashome a Mabeli
Letsoho la Jehova ha Lea Khutsufala
1. Boemo ke bofe Juda, hona ba bangata ba ipotsa eng?
SECHABA sa Juda se ipolela hore se kamanong ea selekane le Jehova. Leha ho le joalo, likhathatso li tletse hohle. Toka ea haella, tlōlo ea molao le khatello li jele setsi, ’me tšepo ea hore lintho li tla ntlafala ke lefeela. Ho na le ho hong ho hlileng ho leng phoso. Ba bangata baa ipotsa hore na ebe Jehova o tla ke a lokise litaba. Bona ke bona boemo ba mehleng ea Esaia. Empa tlaleho ea Esaia ea nako ena hase histori feela ea boholo-holo. Mantsoe a hae a tšoere litemoso tsa boprofeta bakeng sa batho leha e le bafe ba ipolelang hore ba rapela Molimo empa ba hlokomoloha melao ea Hae. Boprofeta bo bululetsoeng bo tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 59 bo fana ka khothatso e mosa ho bohle ba ikitlaelletsang ho sebeletsa Jehova le hoja ba phela linakong tse thata le tse kotsi.
Ba Arohile ho Molimo oa ’Nete
2, 3. Ke hobane’ng ha Jehova a sa sireletse Juda?
2 Ak’u nahane feela—batho ba Jehova ba selekane ba oetse bokoenehing! Ba furaletse Moetsi oa bona, kahoo ba ikhutse tlas’a letsoho la hae le sireletsang. Ka lebaka lena, ba tsielehile haholo. Na ebe mohlomong ba jarisa Jehova molato ka lebaka la mehla ea bona e thata? Esaia oa ba bolella: “Bonang! Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa, leha e le hore tsebe ea hae e thibane hoo e ke keng ea utloa. Che, empa liphoso tsa lōna ke lintho tse bakang karohano pakeng tsa lōna le Molimo oa lōna, ’me libe tsa lōna li entse hore a le patele sefahleho hore a se ke a utloa.”—Esaia 59:1, 2.
3 Mantsoe ao a hlakile empa ke ’nete. Jehova e ntse e le Molimo oa poloko. Joaloka “Ea Utloang thapelo,” o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Pesaleme ea 65:2) Leha ho le joalo, ha a hlohonolofatse bafosi. Ke batho ka bobona ba ikarabellang bakeng sa karohano ea bona le Jehova. Bokhopo ba bona bo entse hore a ba patele sefahleho sa hae.
4. Juda e qosoa ka eng?
4 Ha e le hantle, Juda e na le tlaleho e sisimosang. Boprofeta ba Esaia bo thathamisa tse ling tsa liqoso tseo e qosoang ka tsona: “Matsoho a lōna a silafalitsoe ke mali, le menoana ea lōna e silafalitsoe ke phoso. Melomo ea lōna e buile leshano. Maleme a lōna a ’nile a honotha ho se loke.” (Esaia 59:3) Batho ba bua leshano le lintho tse sa lokang. Ho re “matsoho . . . a silafalitsoe ke mali” ho bontša hore ba bang ba bile ba bolaile. Ke ho hlompholla Molimo hakaakang, eo Molao oa hae o sa thibeleng ho bolaea feela empa o hanelang le ho “hloea mor’eno ka pelong ea hao”! (Levitike 19:17) Boetsalibe bo se nang meeli ba baahi ba Juda le phello ea bona e ke keng ea qojoa li lokela ho hopotsa e mong le e mong oa rōna kajeno hore re lokela ho laola menahano le maikutlo a tletseng boetsalibe. Ho seng joalo, re ka ’na ra qetella re entse liketso tse khopo tse tla re arohanya le Molimo.—Baroma 12:9; Bagalata 5:15; Jakobo 1:14, 15.
5. Ho senyeha ha Juda ho fihlile bohōleng bofe?
5 Sechaba sohle se tšoaelitsoe boloetse ba sebe. Boprofeta bo re: “Ha ho ea hoeletsang ka ho loka, ’me ho hang ha ho ea ileng khotla ka botšepehi. Ho tšepiloe ntho eo e seng ea sebele, ’me ho buuoa se se nang thuso. Ho emotsoe khathatso, ’me ha tsoaloa se kotsi.” (Esaia 59:4) Ha ho ea buang se lokileng. Esita le makhotleng a molao, ke ka seoelo ho fumanoang motho ea ka tšeptjoang kapa ea tšepahalang. Juda e furaletse Jehova ’me e behile tšepo ea eona lilekaneng tseo e li entseng le lichaba, esita le melimong e sa pheleng ea litšoantšo. Sena sohle ke “ntho eo e seng ea sebele,” e se nang molemo oa letho. (Esaia 40:17, 23; 41:29) Ka hona, ho na le ho hongata ho buuoang, empa seo sohle ha se na thuso. Ho raloa meralo, empa e fella ka khathatso le se kotsi.
6. Tlaleho ea Bokreste-’mōtoana e tšoana le ea Juda joang?
6 Bokhopo ba Juda le mabifi a eona li tšoana le tsa Bokreste-’mōtoana ka tsela e hlollang. (Bona “Jerusalema ea Bokoenehi—E Tšoana le Bokreste-’mōtoana,” leqepheng la 294.) Lintoa tse peli tsa lefatše tse mahlo-mafubelu tse loannoeng li ne li tsoakeletsa lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste. Ho tla fihlela joale, bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo ipakile bo se na matla a ho emisa tlhoekiso ea merabe le ho bolaeana ha merabe har’a litho tsa bona. (2 Timothea 3:5) Le hoja Jesu a ile a ruta balateli ba hae ho tšepa ’Muso oa Molimo, lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li tsoela pele ho itšetleha ka pokello ea libetsa tsa sesole le lilekane tsa bopolotiki hore li li sireletse. (Matheu 6:10) Ha e le hantle, boholo ba bahlahisi ba ka sehloohong ba libetsa lefatšeng ba fumanoa lichabeng tsa Bokreste-’mōtoana! E, ha Bokreste-’mōtoana bo tšepa hore boiteko ba batho le mekhatlo ea batho ke tsona tse tla tlisa bokamoso bo sireletsehileng, le bona bo tšepa “ntho eo e seng ea sebele.”
Ho Kotula Litholoana Tse Babang
7. Ke hobane’ng ha maqheka a Juda a fella ka se kotsi feela?
7 Ho rapela litšoantšo le ho se tšepahale ho ke ke ha bōpa sechaba se atlehileng. Kaha ba retelehetse linthong tseo, joale Bajuda ba sa tšepahaleng ba kotula khathatso eo ba e jetseng. Rea bala: “Ba qhotsitse mahe a noha e chefo, ’me ba ’na ba loha tepo ea sekho. Mang kapa mang ea jang mahe a bona o tla shoa, ’me lehe le pshatliloeng le tla qhotsoa e be marabe.” (Esaia 59:5) Ho tloha qalong ho isa qetellong, maqheka a Juda ha a hlahise letho le molemo. Monahano oa eona o fosahetseng o fella ka se kotsi feela, feela joalokaha mahe a noha e chefo a hlahisa linoha tse chefo feela. ’Me sechaba se utloa bohloko.
8. Ke eng e bontšang monahano oa Juda o fosahetseng?
8 Baahi ba bang ba Juda ba ka ’na ba sebelisa pefo e le ha ba leka ho itšireletsa, empa ba tla hlōleha. Matla a potongoane a ke ke a nkela ho tšepa Jehova sebaka ’me mesebetsi ea ho loka e ke ke ea e-ba tšireletso feela joalokaha tepo ea sekho e ke ke ea nkela lesela la sebele sebaka ka ho ba tšireletso khahlanong le maemo a mabe a leholimo. Esaia oa phatlalatsa: “Tepo ea bona e ke ke ea e-ba seaparo, leha e le hore ba tla ikoahela ka mesebetsi ea bona. Mesebetsi ea bona ke mesebetsi e kotsi, ’me mosebetsi oa pefo o matsohong a bona. Maoto a bona a ntse a mathela bobeng, ’me ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato. Menahano ea bona ke menahano e kotsi; tlatlapo le thipitlo li litseleng tsa bona tse khōlō.” (Esaia 59:6, 7) Monahano oa Juda o fosahetse. Ka ho sebelisa pefo ho leka ho rarolla mathata a eona, e bontša boikutlo ba ho se tšabe Molimo. Ha ho re le ho re teke! ho eona hore ebe batho ba bangata bao e ba hlaselang ha ba na molato le hore ba bang ba bona ke bahlanka ba Molimo ba tšepahalang.
9. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ke ke ba finyella khotso ea sebele?
9 Mantsoe ana a bululetsoeng a re hopotsa tlaleho e tletseng tšollo ea mali ea Bokreste-’mōtoana. Ka sebele, Jehova o tla bo bitsa hore bo tl’o ikarabella ka tšenyo e sehlōhō ea lebitso la Bokreste! Ho tšoana le Bajuda ba mehleng ea Esaia, Bokreste-’mōtoana bo hahamaletse tsela ea boitšoaro bo litšila kahobane baeta-pele ba bona ba lumela hore ke eona feela e sebetsang. Le hoja ba bua ka khotso, ba etsa lintho tse hlokang toka. Ke boikaketsi bo bokaakang! Kaha baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ntse ba tsoela pele ho sebelisa leqheka lena, ba ke ke ba finyella khotso ea sebele. Ho joalokaha boprofeta bo tsoela pele ho re: “Ba hlokomolohile tsela ea khotso, ’me ha ho toka litseleng tsa bona. Ba khopamisitse litsela tsa bona. Ha ho ea hatang ho tsona ea tla tseba khotso.”—Esaia 59:8.
Ho Phaila Lefifing la Moea
10. Esaia o etsa boipolelo bofe lebitsong la Juda?
10 Jehova a ke ke a hlohonolofatsa litsela tsa Juda tse mano le tse senyang. (Pesaleme ea 11:5) Kahoo ha a bua lebitsong la sechaba sohle, Esaia o bolela molato oa Juda: “Toka e . . . hōle le rōna, le ho loka [ha ho re fumane]. Re ntse re lebeletse leseli, empa, bonang! lefifi; re lebeletse khanya, empa ra ’na ra tsamaea botšong bo sa khaotseng. Re ntse re phopholetsa lebota joaloka lifofu, ’me re ntse re phopholetsa joaloka ba se nang mahlo. Re khopiloe motšehare o moholo joalokaha eka ke shoalane; har’a linatla re joaloka batho ba shoeleng. Re ntse re bobola, kaofela ha rōna, joaloka libere; ’me re ntse re kuruetsa re siame joaloka maeba.” (Esaia 59:9-11a) Bajuda ha baa lumella Lentsoe la Molimo ho ba lebone la maoto a bona le leseli tseleng ea bona. (Pesaleme ea 119:105) Ka lebaka leo, lintho li bonahala li le lerootho. Esita le har’a motšehare oa lengeta, ba ntse ba phopholetsa joalokaha eka ke bosiu. Ho tšoana le ha ba shoele. Tabatabelong ea bona ea ho fumana khatholoho, ba lumaela joaloka libere tse lapileng kapa tse lemetseng. Ba bang ba kuruetsa ka mokhoa o otlang pelo, joaloka maeba a jeoang ke bolutu.
11. Ke hobane’ng ha tšepo ea Juda ea ho fumana toka le poloko e le ea lefeela?
11 Esaia o hlile o hlokomela hore lebaka leo Juda e leng maqakabetsing ka lona ke hore e fetohetse Molimo. O re: “Re ’nile ra lebella toka, empa e ne e le sieo; ra lebella poloko, empa e lutse hōle le rōna. Etsoe bofetoheli ba rōna bo ngatafetse ka pel’a hao; ha e le libe tsa rōna, se seng le se seng se pakile khahlanong le rōna. Etsoe bofetoheli ba rōna bo ho rōna; ha e le liphoso tsa rōna, re li tseba hantle. Ho bile le ho etsa tlōlo le ho latola Jehova; ho bile le ho tloha ho Molimo oa rōna, ho bua ka khatello le bofetoheli, ho nahana le ho honotha mantsoe a leshano ho tsoa ka pelong.” (Esaia 59:11b-13) Kaha baahi ba Juda ha baa baka, libe tsa bona ha li e-s’o tšoareloe. Toka e tlohile naheng kahobane batho ba furaletse Jehova. Ba ipakile ba sa tšepahale ka litsela tsohle, ba bile ba hatella barab’abo bona. Ba tšoana le ba leng Bokreste-’mōtoaneng hakaakang kajeno! Hase feela hore ba bangata ba iphapanyetsa toka empa ba boetse ba ikakhetse ka setotsoana ho hloriseng Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, tse batlang ho etsa thato ea Molimo.
Jehova o Liha Kahlolo
12. Ba ikarabellang bakeng sa ho aba toka Juda ba na le boikutlo bofe?
12 Ho bonahala toka, ho loka, kapa ’nete li le sieo Juda. “Toka e ile ea qobelloa ho boela morao, ’me ho loka ha ’na ha emella hōle. Etsoe ’nete e khopiloe lepatlelong, ’me se nepahetseng ha se khone ho kena.” (Esaia 59:14) Ka mor’a liheke tsa motse tse kenang Juda, ho na le mapatlelo ao banna ba hōlileng ba phuthehelang ho ’ona ho ahlola linyeoe. (Ruthe 4:1, 2, 11) Banna bana ba lokela ho ahlola ka ho loka ’me ba phehelle toka, ba se ke ba amohela tjotjo. (Deuteronoma 16:18-20) Ho e-na le hoo, ba ahlola ho ea ka likhopolo tsa bona tsa boithati. Ho hobe le ho feta, ba nka hore e mong le e mong ea ikitlaelletsang ho etsa se molemo ke phofu ea bona. Rea bala: “’Nete ea haella, ’me e mong le e mong ea furallang bobe oa tlatlapuoa.”—Esaia 59:15a.
13. Kaha baahloli ba Juda ba hlokomolohile mosebetsi oa bona, Jehova o tla etsa’ng?
13 Ba hlōlehang ho nyatsa ka tieo boitšoaro bo litšila baa lebala hore Molimo hase sefofu, ea sa tsebeng letho, kapa ea hlokang matla. Esaia oa ngola: “Jehova o bone, ’me ho bile hobe mahlong a hae hore ebe ha ho na toka. Ha a bona hore ho ne ho se na motho, a qala ho iponahatsa a maketse hore ebe ho ne ho se na ea kenang lipakeng. Eaba letsoho la hae le pholosa bakeng sa hae, ’me ho loka ha hae ke hona ho ileng ha mo tšehetsa.” (Esaia 59:15b, 16) Kaha baahloli ba khethiloeng ba hlokomolohile mosebetsi oa bona, Jehova o tla kena lipakeng. Ha a kena lipakeng, o tla etsa ka ho loka le ka matla.
14. (a) Ba bangata ba na le boikutlo bofe kajeno? (b) Jehova o itokisetsa ho nka khato joang?
14 Ho na le boemo bo kang boo kajeno. Re phela lefatšeng leo ho lona ba bangata ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baefese 4:19) Ke ba seng bakae ba lumelang hore Jehova o tla ke a kene lipakeng ho felisa bokhopo lefatšeng. Empa boprofeta ba Esaia bo bontša hore Jehova o shebile lintho tseo batho ba li etsang ka leihlo le nchocho. Oa ahlola, ’me ka nako ea hae e loketseng, o nka khato ho latela likahlolo tseo. Na likahlolo tsa hae li lokile? Esaia o bontša hore li lokile. Mabapi le sechaba sa Juda, oa ngola: “Joale [Jehova] a apara ho loka joaloka seaparo se makhakhapha a tšepe, ’me a roala helmete ea poloko hloohong. Ho feta moo, a apara liaparo tsa phetetso ’me a ikapesa cheseho joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.” (Esaia 59:17) Mantsoe ana a boprofeta a tšoantša Jehova le mohlabani ea itlhomelletseng ntoa. O ikemiselitse ho fumana poloko eo a e loanelang. O kholisehile hore ho loka ha hae ho phethahetse ’me ho ke ke ha hlōloa. O tla cheseha a sa tšabe letho liketsong tsa hae tsa kahlolo. Ha ho pelaelo hore ho loka ho tla hlōla.
15. (a) Bakreste ba ’nete ba tla itšoara joang ha Jehova a liha kahlolo? (b) Ho ka thoe’ng ka likahlolo tsa Jehova?
15 Linaheng tse ling kajeno, lira tsa ’nete li leka ho sitisa mosebetsi oa bahlanka ba Jehova ka ho jala liphatlalatso tsa leshano le tse senyang lebitso. Bakreste ba ’nete ha ba qeaqee ho emela ’nete, empa ha ho mohla ba batlang ho iphetetsa. (Baroma 12:19) Le nakong eo ka eona Jehova a lokisang litaba le Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi, barapeli ba hae ba lefatšeng ha ba na ho kenya letsoho timetsong ea bona. Baa tseba hore Jehova o re phetetso ke ea hae le hore o tla nka khato e loketseng ha nako ea teng e fihla. Boprofeta boa re tiisetsa: “O tla putsa ka ho lekanang tumellanong le mesebetsi, khalefo ho bahanyetsi ba hae, tšoaro e loketseng ho lira tsa hae. Ho lihlekehleke o tla buseletsa tšoaro e loketseng.” (Esaia 59:18) Joaloka mehleng ea Esaia, hase feela hore likahlolo tsa Molimo e tla ba tse lokileng empa hape e tla ba tse feletseng. Li tla fihla esita le ‘lihlekehlekeng,’ libakeng tse hōle. Ha ho ea tla beng a le hōle kapa a le thōko hoo liketso tsa Jehova tsa kahlolo li ke keng tsa fihla ho eena.
16. Ke bo-mang ba tla pholoha liketso tsa Jehova tsa kahlolo, hona ba tla ithuta eng ka ho pholoha ha bona?
16 Ba ikitlaelletsang ho etsa se lokileng Jehova o ba ahlola e le ba lokileng. Esaia o bolela esale pele hore ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa ho e ’ngoe—ho pholletsa le lefatše lohle—batho ba joalo ba tla pholoha. ’Me ho fumana ha bona tšireletso ea Jehova ho tla matlafatsa tšabo le tlhompho ea bona ho eena ka ho tebileng. (Malakia 1:11) Rea bala: “Ho tloha bophirima-tsatsi ba tla qala ho tšaba lebitso la Jehova, ’me ho tloha bochaba-tsatsi ba tšabe khanya ea hae, etsoe o tla tla joaloka nōka e bakang mahlomola, eo moea oa Jehova o entseng hore e phalle.” (Esaia 59:19) Joaloka moea o matla oa sefefo o sutumetsang metsi a mangata a timetsang ’me o hohola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea oona, moea oa Jehova o tla tlosa lithibelo tsohle tse sitisang ho phethahala ha thato ea hae. Moea oa hae o matla ho feta tšusumetso leha e le efe eo motho a nang le eona. Ha a o sebelisa ho liha kahlolo ho batho le ho lichaba, o tla atleha ntle ho potang le hona ka ho feletseng.
Tšepo le Tlhohonolofatso ho ba Bakileng
17. Morekolli oa Sione ke mang, hona o rekolla Sione neng?
17 Tlas’a Molao oa Moshe, Moiseraele ea ithekisitseng bokhobeng o ne a ka rekolloa bokhobeng ke morekolli. Pejana bukeng ea Esaia ea boprofeta, Jehova o tsebahalitsoe e le Morekolli oa batho ba bakileng. (Esaia 48:17) Joale o boetse o hlalosoa e le Morekolli oa ba bakileng. Esaia o tlaleha tšepiso ea Jehova: “‘Ka sebele Morekolli o tla tla Sione, ’me a tle le ho ba furallang tlōlo Jakobo,’ ho bolela Jehova.” (Esaia 59:20) Tšepiso ena e khothatsang e phethahala ka 537 B.C.E. Empa e boetse e phethahala ka mokhoa o eketsehileng. Moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe ana phetolelong ea Septuagint ’me a a sebelisa ho Bakreste. O ile a ngola: “Ka mokhoa ona Baiseraele bohle ba tla pholosoa. Feela joalokaha ho ngoliloe: ‘Molopolli o tla tsoa Sione ’me a tlose litloaelo tse se nang bomolimo ho Jakobo. Sena ke selekane sa ka le bona, ha ke tlosa libe tsa bona.’” (Baroma 11:26, 27) Ka sebele, boprofeta ba Esaia bo sebetsa ka tsela e pharaletseng haholo—e fihlang mehleng ea rōna le ho fetela ka nģ’ane ho eona. Joang?
18. Jehova o ile a theha “Iseraele ea Molimo” neng hona joang?
18 Lekholong la pele la lilemo, masala a seng makae a sechaba sa Iseraele a ile a amohela Jesu e le Mesia. (Baroma 9:27; 11:5) Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a tšollela moea oa hae o halalelang ho balumeli bao ba ka bang 120 ’me a ba kenya selekaneng sa hae se secha seo mokena-lipakeng oa sona e neng e le Jesu Kreste. (Jeremia 31:31-33; Baheberu 9:15) Letsatsing leo ho ile ha thehoa “Iseraele ea Molimo,” sechaba se secha seo litho tsa sona li khetholloang ka ho tsoaloa ka moea oa Molimo, eseng ka hore ke litloholo tsa Abrahama. (Bagalata 6:16) Ho qala ka Korneliase, sechaba seo se secha se ile sa akarelletsa Balichaba ba sa bollang. (Liketso 10:24-48; Tšenolo 5:9, 10) Kahoo Jehova Molimo o ile a inkela bona ’me ba fetoha bana ba hae ba moea, majalefa-’moho le Jesu.—Baroma 8:16, 17.
19. Jehova o etsa selekane sefe le Iseraele ea Molimo?
19 Joale Jehova o etsa selekane le Iseraele ea Molimo. Rea bala: “‘Ha e le ’na, sena ke selekane sa ka le bona,’ ho boletse Jehova. ‘Moea oa ka o leng ho uena le mantsoe a ka ao ke a kentseng molomong oa hao—a ke ke a tlosoa molomong oa hao kapa molomong oa bana ba hao kapa molomong oa bana ba bana ba hao,’ ho boletse Jehova, ‘ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’” (Esaia 59:21) Ebang mantsoe ana a ile a sebetsa ho Esaia kapa che, a ile a fela a phethahala ho Jesu, ea ileng a tiisetsoa hore “o tla bona bana ba hae.” (Esaia 53:10) Jesu o ne a bua mantsoe ao a ithutileng ’ona ho Jehova, ’me moea oa Jehova o ne o lutse ho eena. (Johanne 1:18; 7:16) Ka ho loketseng, barab’abo le majalefa-’moho le eena, litho tsa Iseraele ea Molimo, le bona ba amohela moea o halalelang oa Jehova ’me ba bolela molaetsa oo ba ithutileng oona ho Ntate oa bona oa leholimo. Kaofela ha bona ke “batho ba rutoang ke Jehova.” (Esaia 54:13; Luka 12:12; Liketso 2:38) A sebelisa Esaia kapa Jesu, eo Esaia a mo tšoantšetsang ka tsela ea boprofeta, joale Jehova o etsa tšepiso ea hore le ka mohla a ke ke a beha ba bang sebakeng sa bona empa hore o tla ba sebelisa e le lipaki tsa hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang. (Esaia 43:10) Leha ho le joalo, “bana” ba bona bao le bona ba ruang molemo selekaneng see ke bo-mang?
20. Tšepiso ea Jehova ho Abrahama e phethahetse joang lekholong la pele la lilemo?
20 Mehleng ea boholo-holo, Jehova o ile a tšepisa Abrahama: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 22:18) Tumellanong le sena, masala a seng makae a Baiseraele ba tlhaho a ileng a amohela Mesia a ile a ea lichabeng tse ngata, a bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste. Ho qala ka Korneliase, Balichaba ba bangata ba sa bollang ba ile ba “itlhohonolofatsa” ka Jesu, Peō ea Abrahama. Ba ile ba fetoha karolo ea Iseraele ea Molimo le karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. Ke karolo ea “sechaba se halalelang” sa Jehova, seo thōmo ea sona e leng ho “bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea [ba] bitsitseng ho [ba] ntša lefifing ho [ba] kenya leseling la hae le hlollang.”—1 Petrose 2:9; Bagalata 3:7-9, 14, 26-29.
21. (a) Iseraele ea Molimo e hlahisitse “bana” bafe mehleng ea kajeno? (b) “Bana” baa ba tšelisoa joang ke selekane, kapa tumellano, eo Jehova a e entseng le Iseraele ea Molimo?
21 Ho bonahala eka kajeno palo e feletseng ea Iseraele ea Molimo e se e bokeletsoe. Leha ho le joalo, lichaba li ntse li hlohonolofatsoa—le hona ka tekanyo e khōlō. Joang? Ka hore Iseraele ea Molimo e bile le “bana,” barutuoa ba Jesu ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:11, 29) “Bana” bana le bona ba rutoa ke Jehova ’me ba rupeloa ka litsela tsa hae. (Esaia 2:2-4) Le hoja ba sa kolobetsoa ka moea o halalelang kapa ba sa nkoe e le litho tsa selekane se secha, moea o halalelang oa Jehova o ba matlafaletsa ho hlōla litšitiso tsohle tseo Satane a ba behelang tsona mosebetsing oa bona oa boboleli. (Esaia 40:28-31) Hona joale palo ea bona e fihla ho limilione ’me e tsoela pele ho eketseha ha ba ntse ba hlahisa bana. Selekane sa Jehova, kapa tumellano ea hae le batlotsuoa e tiisetsa “bana” bana hore le bona Jehova o tla tsoela pele ho ba sebelisa e le babuelli ba hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Tšenolo 21:3, 4, 7.
22. Re ka kholiseha ka eng mabapi le Jehova, hona see se lokela ho re ama joang?
22 Kahoo, e se eka kaofela ha rōna re ka lula re e-na le tumelo ho Jehova. O ikemiselitse ho re sireletsa ebile o na le matla a ho re sireletsa! Ha ho mohla letsoho la hae le tlang ho khutsufala; kamehla o tla lopolla batho ba hae ba tšepahalang. Bohle ba mo tšepang ba tla ’ne ba bolele mantsoe a hae a molemo “ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
[Lebokose se leqepheng la 294]
Jerusalema ea Bokoenehi—E Tšoana le Bokreste-’mōtoana
Jerusalema, e leng motse-moholo oa sechaba sa Molimo se khethiloeng, e tšoantšetsa mokhatlo oa Molimo oa leholimo oa libōpuoa tsa moea le sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoselitsoeng leholimong e le monyaluoa oa Kreste. (Bagalata 4:25, 26; Tšenolo 21:2) Leha ho le joalo, baahi ba Jerusalema ba ne ba atisa ho se tšepahale ho Jehova, ’me motse oo o hlalosoa e le letekatse le mosali oa mofebi. (Ezekiele 16:3, 15, 30-42) Boemong boo, Jerusalema e ne e tšoantšetsa ka ho loketseng Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi.
Jesu o ile a bitsa Jerusalema “’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena.” (Luka 13:34; Matheu 16:21) Joaloka Jerusalema e sa tšepahaleng, Bokreste-’mōtoana bo bolela hore bo sebeletsa Molimo oa ’nete empa bo khelohile haholo litseleng tsa hae tse lokileng. Re ka kholiseha hore Jehova o tla ahlola Bokreste-’mōtoana ka litekanyetso tse lokileng tse kang tseo a ileng a ahlola Jerusalema ea bokoenehi ka tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 296]
Moahloli o lokela ho ahlola ka ho loka, a batle toka, ’me a se ke a amohela tjotjo
[Setšoantšo se leqepheng la 298]
Joaloka nōka e jang litlhokoa, likahlolo tsa Jehova li tla hohola lithibelo tsohle tse sitisang ho phethahala ha thato ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 302]
Jehova o tšepisa hore le ka mohla batho ba hae ba ke ke ba lahleheloa ke tokelo ea ho ba lipaki tsa hae