-
Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
15. Mantsoe a ho Esaia 60:5, 22 a phethahetse joang? (Sheba lebokose le reng, “Jehova o Entse Hore ho Khonehe,” le le reng “Kamoo ‘Ea Fokolang’ a Fetohileng ‘Sechaba se Matla.’”)
15 Lilemo tse ka bang 800 pele Jesu a pheta lipapiso tseo, Jehova o ile a sebelisa Esaia ho bolela esale pele kamoo kotulo e tla ba khōlō kateng le thabo eo kotulo eo e tla e tlisa.c Jehova o hlalosa hore batho ba tla tla mokhatlong oa hae “ba tsoa hōle.” O itšoantša le “mosali” eo kajeno a emeloang ke masala a batlotsuoa ba lefatšeng ’me o re: “U tla bona ’me ka sebele u tlale thabo, ’me pelo ea hao e tla thothomela e kokomohe, hobane leruo la leoatle le tla leba ho uena; maruo a lichaba a tla tla ho uena.” (Esa. 60:1, 4, 5, 9) Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Ka sebele kajeno batho ba nang le nako e telele ba sebeletsa Jehova, ba thabile haholo ha ba hlokomela kamoo palo ea bahoeletsi ba ’Muso linaheng tsa bona e eketsehileng kateng, ho tloha ho ba ’maloa ho fihla ho ba likete tse ngata.
-
-
Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
c E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le boprofeta bona, sheba Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II, leqepheng la 303-320.
-