Khaolo ea Mashome a Mabeli a Motso o Mong
Borapeli ba ’Nete Boa Ata Lefatšeng ka Bophara
1. Esaia khaolo ea 60 e fupere molaetsa ofe o khothatsang?
ESAIA khaolo ea 60 e ngotsoe e le tšoantšiso e susumetsang maikutlo. Re haptjoa ke pono e amang maikutlo, e litemaneng tse qalang tsa eona. Ho latela letoto la liketsahalo tse latellanang ka potlako, tse re lebisang sehlohlolong se susumetsang maikutlo. Khaolo ena e hlalosa ka tsela e hlakileng ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete Jerusalema ea boholo-holo le ho atolosoa ha borapeli ba ’nete lefatšeng ka bophara kajeno. Ho feta moo, e supa litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tse boloketsoeng barapeli bohle ba tšepahalang ba Molimo. E mong le e mong oa rōna a ka kopanela phethahatsong ea karolo ena e hlollang ea boprofeta ba Esaia. Ka hona, a re bo hlahlobeng ka hloko.
Leseli le Khanya Lefifing
2. Mosali ea rapaletseng lefifing o fuoa taelo efe, hona ke hobane’ng ha ho potlakile hore a mamele taelo eo?
2 Mantsoe a qalang khaolong ena ea Esaia a lebisitsoe ho mosali ea mahlomoleng. O bonahala a rapaletse fatše lefifing. Ka tšohanyetso, leseli le phunyelletsa lefifing ha Jehova, a sebelisa Esaia, a hooa: “Tsoha, Uena mosali, khantša leseli, etsoe leseli la hao le tlile ’me khanya ea Jehova e u chabetse.” (Esaia 60:1) E, “mosali” eo o lokela ho ema ’me a bonahatse khanya ea Molimo! Ke hobane’ng ha ee e le taba e potlakileng? Boprofeta bo tsoela pele: “Bona! lefifi le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba; empa Jehova o tla u chabela, ’me khanya ea hae e tla bonoa ho uena.” (Esaia 60:2) Molemong oa ba mo pota-potileng ba ntseng ba phopholetsa lefifing, “mosali” eo o lokela ho “khantša leseli.” Phello e tla ba efe? “Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao, le marena a ee khanyeng ea leseli la hao.” (Esaia 60:3) Mantsoe ana a qalang a fana ka moko-taba oa se tlang ho hlalosoa ka ho pharaletseng litemaneng tse latelang—borapeli ba ’nete bo lokela ho atolosoa lefatšeng ka bophara!
3. (a) “Mosali” ke mang? (b) Ke hobane’ng ha “mosali” eo a rapaletse lefifing?
3 Le hoja a bua ka liketsahalo tsa nakong e tlang, Jehova o bolella “mosali” eo hore leseli la hae le “tlile.” Sena se hatisa ’nete ea hore boprofeta boo bo tla phethahala. “Mosali” eo ho buuoang ka eena mona ke Sione, kapa Jerusalema, motse-moholo oa Juda. (Esaia 52:1, 2; 60:14) Motse o emela sechaba sohle. Nakong ea phethahatso ea pele ea boprofeta bona, “mosali” eo o fumanoa a rapaletse lefifing, e leng moo a ’nileng a rapalla teng ho tloha ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, ka 537 B.C.E. masala a tšepahalang a Bajuda ba botlamuoeng a khutlela Jerusalema ’me a tsosolosa borapeli bo hloekileng. Qetellong, Jehova o chabisetsa “mosali” oa hae leseli, ’me batho ba hae ba tsosolositsoeng e ba mohloli oa leseli lichabeng tse lefifing la moea.
Phethahatso e Khōloanyane
4. Ke bo-mang ba emelang “mosali” lefatšeng kajeno, hona mantsoe ao a boprofeta a boetse a sebetsa ho bo-mang?
4 Ha re thahaselle feela ho phethahala ha mantsoe ana a boprofeta ho Jerusalema ea boholo-holo. Kajeno “mosali” oa Jehova oa leholimo o emetsoe ke “Iseraele ea Molimo” lefatšeng. (Bagalata 6:16) Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ha sechaba sena sa moea se e-ba teng ho tla fihlela joale, se se se e-na le litho tse tlotsitsoeng ka moea tse 144 000 ka kakaretso, tse “rekiloeng lefatšeng” tse nang le tebello ea ho busa le Kreste leholimong. (Tšenolo 14:1, 3) Kajeno phethahatso ea Esaia khaolo ea 60 e likoloha ho karolo ea bao ba 144 000 ba ntseng ba phela lefatšeng “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Boprofeta bona bo boetse bo ama metsoalle ea Bakreste bana ba tlotsitsoeng, e leng “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.”—Tšenolo 7:9; Johanne 10:11, 16.
5. Litho tse setseng tsa Iseraele ea Molimo li ile tsa iphumana li rapaletse lefifing neng, hona leseli la Jehova le ile la li chabela neng?
5 Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, ka nakoana litho tsa Iseraele ea Molimo tse neng li ntse li le lefatšeng li ile tsa iphumana li rapaletse lefifing, ka puo ea tšoantšetso. Ntoa ea pele ea lefatše e ne e le haufi le ho lala empa tsona li le boemong bo hlalositsoeng ka tsela ea tšoantšetso bukeng ea Tšenolo—litopo tsa tsona li rapaletse “tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta.” (Tšenolo 11:8) Leha ho le joalo, ka 1919 Jehova o ile a li chabisetsa leseli la hae. Tumellanong le seo, li ile tsa ema ’me tsa bonahatsa leseli la Molimo, tsa phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li sa tšabe letho.—Matheu 5:14-16; 24:14.
6. Lefatše ka kakaretso le arabetse joang phatlalatsong ea hore Jesu o teng e le morena, empa ke bo-mang ba ’nileng ba huleloa leseling la Jehova?
6 Ka tšusumetso ea Satane, ea ka sehloohong ho “babusi ba lefatše ba lefifi lena,” moloko oa batho ka kakaretso o hanne ho amohela phatlalatso ea hore Jesu Kreste o teng e le morena, e le “leseli la lefatše.” (Baefese 6:12; Johanne 8:12; 2 Bakorinthe 4:3, 4) Leha ho le joalo, ba limilione ba ’nile ba huleloa leseling la Jehova, ho akarelletsa “marena” (ba fetohang majalefa a tlotsitsoeng a ’Muso oa leholimo) le “lichaba” (bongata bo boholo ba linku tse ling).
Katoloso e Tlisa Thabo e Tlohang Botebong ba Pelo
7. “Mosali” o bona pono efe e amang maikutlo?
7 Ha a ntšetsa pele taba e boletsoeng ho Esaia 60:3, Jehova o fa “mosali” eo taelo e ’ngoe: “Phahamisetsa mahlo a hao ka hohle ’me u bone!” Ha “mosali” a phahamisa mahlo, o bona pono e amang maikutlo—bana ba hae ba tla hae! “Kaofela ha bona ba phuthehile; ba tlile ho uena. Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hōle, le barali ba hao ba tlang ho hlokomeloa ba le lehlakoreng.” (Esaia 60:4) Ho phatlalatsoa ha ’Muso machabeng ho qalileng ka 1919 ho ile ha fella ka hore “bara” le “barali” ba bang ba tlotsitsoeng ba likete ba kopanngoe le Iseraele ea Molimo. Ka tsela ena, Jehova o ile a nka mehato ea ho phetha palo e boletsoeng esale pele ea ba 144 000, ba tla busa le Kreste.—Tšenolo 5:9, 10.
8. Iseraele ea Molimo e bile le lebaka lefe la thabo ho tloha ka 1919?
8 Keketseho ena e ile ea tlisa thabo. “Ka nako eo u tla bona ’me ka sebele u tlale thabo, ’me pelo ea hao e tla thothomela e kokomohe, hobane leruo la leoatle le tla leba ho uena; maruo a lichaba a tla tla ho uena.” (Esaia 60:5) Ho bokelloa ha batlotsuoa lilemong tsa bo-1920 le bo-1930 ho ile ha tlisetsa Iseraele ea Molimo thabo e khaphatsehang. Leha ho le joalo, e bile le lebaka le leng la ho thaba. Ho tloha lilemong tsa bo-1935 ka ho khetheha, batho bao e kileng ea e-ba karolo ea “leoatle” la moloko oa batho o arohileng ho Molimo ba ’nile ba tsoa lichabeng tsohle ho tla rapela le Iseraele ea Molimo. (Esaia 57:20; Hagai 2:7) Batho bana ha ba e’o sebeletsa Molimo, e mong le e mong ho ea ka tsela ea hae. Ho e-na le hoo, ba tla ho “mosali” oa Molimo ’me ba fetoha karolo ea mohlape o momahaneng oa Molimo. Ka lebaka leo, bahlanka bohle ba Molimo ba kopanela katolosong ea borapeli ba ’nete.
Lichaba li Khobokana Jerusalema
9, 10. Ke bo-mang ba bonoang ba khobokana Jerusalema, hona Jehova o ba amohela joang?
9 A sebelisa lipapiso tseo batho ba mehleng ea Esaia ba li tloaetseng, Jehova o hlalosa katoloso. A shebile a le tsullung Thabeng ea Sione, “mosali” o talima nģ’a bochabela pele. O bona eng? “Mohlape o nyolohang oa likamele o tla u koahela, likamele tse nyenyane tse tona tsa Midiane le tsa Efa. Bohle ba Sheba—ba tla tla. Ba tla nka khauta le libano tse tšoeu. Ba tla tsebahatsa lithoriso tsa Jehova.” (Esaia 60:6) Lihlopha tsa likamele tse sebelisoang ke bahoebi ba hahlaulang ba merabe e fapa-fapaneng li tsamaea litseleng tse eang Jerusalema. (Genese 37:25, 28; Baahloli 6:1, 5; 1 Marena 10:1, 2) Likamele li tletse hohle, joaloka moroallo o aparetseng naha! Lihlopha tsena li tlisa limpho tsa bohlokoa, ho bontša hore barekisi ba tlile ka khotso. Ba batla ho rapela Jehova le ho mo fa se molemo ka ho fetisisa seo ba ka se khonang.
10 Hase bahoebi bana feela ba leetong. “Mehlape eohle ea Kedare—e tla bokelloa ho uena. Lipheleu tsa Nebajothe—li tla u sebeletsa.” E, lihlopha tsa bo-ramehlape le tsona li leba Jerusalema. Li tlisa limpho tsa matlotlo a tsona a bohlokoa ka ho fetisisa—mehlape ea linku—li ithaopela ho ba basebeletsi. Jehova o tla li amohela joang? O re: “Ka tumello li tla nyolohela aletareng ea ka, ’me ke tla khabisa ntlo ea ka e ntle.” (Esaia 60:7) Jehova o amohela limpho tsa tsona, tse tlang ho sebelisoa borapeling bo hloekileng.—Esaia 56:7; Jeremia 49:28, 29.
11, 12. (a) “Mosali” o bona pono efe ha a talima nģ’a bophirimela? (b) Ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba potlaketse Jerusalema?
11 Joale Jehova o laela “mosali” ho sheba nģ’a bophirimela, ’me oa botsa: “Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka leru, le joaloka maeba a eang masobeng a matloana a ’ona?” Jehova ka boeena oa araba: “Lihlekehleke li tla lula li ntebeletse, le likepe tsa Tarshishe joaloka pele, e le hore li tlise bara ba hao ba tsoa hōle, ba e-na le silevera ea bona le khauta ea bona, lebitsong la Jehova Molimo oa hao le ho Mohalaleli oa Iseraele, etsoe o tla be a u khabisitse.”—Esaia 60:8, 9.
12 Ak’u inahane u eme le “mosali” eo, le shebile nģ’a bophirimela ka mose oane ho Leoatle le Leholo. Le bona eng? Ho hlahella leru thōkoana le itjalileng ka bosoeu le tsamaea holim’a metsi. Le shebahala joaloka linonyana, empa ha le ntse le atamela, lea elelloa hore ke likepe li phahamisitse liseile tsa tsona. Li “tsoa hōle.”a (Esaia 49:12) Likepe tse ngata li sesa ka lebelo le leholo li lebile Sione hoo e kang ke mohlape oa maeba a khutlelang hae. Ke hobane’ng ha sehlopha see sa likepe se potlakile hakaale? Li potlaketse ho fihlisa barapeli ba Jehova ba li palameng hae ba tsoang libakeng tse hōle haholo. Ha e le hantle, bana bohle ba sa tsoa fihla—Baiseraele hammoho le basele, ba tsoang bochabela kapa bophirimela le ba tsoang linaheng tse haufi kapa tse hōle—ba potlaketse Jerusalema ho ea nehelana ka sohle seo ba nang le sona lebitsong la Jehova, Molimo oa bona.—Esaia 55:5.
13. Mehleng ea kajeno, “bara” le “barali” ke bo-mang, hona “maruo a lichaba” ke bo-mang?
13 Esaia 60:4-9 e fana ka tlhaloso e qaqileng hakaakang ea katoloso e bileng teng lefatšeng ka bophara ho tloha ha “mosali” oa Jehova a qala ho khantšetsa lefatše lee le lefifing leseli! Pele ho ile ha tla “bara” le “barali” ba Sione oa leholimo, e leng ba ileng ba fetoha Bakreste ba tlotsitsoeng. Ka 1931 bana ba ile ba itsebahatsa phatlalatsa e le Lipaki tsa Jehova. Joale leru la ba bonolo, “maruo a lichaba” le “leruo la leoatle,” le ile la potlakela ho ikopanya le masala a barab’abo Kreste.b Kajeno bahlanka bana bohle ba Jehova ba tsoang likhutlong tse ’nè tsa lefatše le limelong tsohle tsa bophelo ba kopanela le Iseraele ea Molimo ho roriseng Morena ’Musi oa bona Jehova le ho phahamiseng lebitso la hae e le lona lebitso le phahameng ka ho fetisisa bokahohleng bohle.
14. Ke joang ba sa tsoa fihla ba ‘nyolohelang aletareng’ ea Molimo?
14 Leha ho le joalo, ho bolela’ng ho re bana ba sa tsoa fihla ba tsoang lichabeng ba “nyolohela aletareng” ea Molimo? Sehlabelo se behoa aletareng. Moapostola Pauluse o ile a sebelisa mantsoe a amanang le sehlabelo ha a ne a ngola: “Ke le kōpa ka tieo . . . hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Baroma 12:1) Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho ikitlaetsa ka matla. (Luka 9:23, 24) Ba nehelana ka nako ea bona, matla a bona, le litsebo tsa bona e le hore ba ntšetse pele borapeli bo hloekileng. (Baroma 6:13) Ka ho etsa seo, ba nehelana ka mahlabelo a amohelehang a thoriso ho Molimo. (Baheberu 13:15) Ke ho thabisang hakaakang hore ebe kajeno barapeli ba Jehova ba limilione, ba banyenyane le ba baholo, ba behile litakatso tsa bona tsa botho sebakeng sa bobeli ka mor’a lithahasello tsa ’Muso oa Molimo! Ba bonahatsa moea oa sebele oa boitelo.—Matheu 6:33; 2 Bakorinthe 5:15.
Ba sa Tsoa Fihla ba Kopanela Katolosong
15. (a) Mehleng ea boholo-holo, mohau oa Jehova o ile oa bonahatsoa ho basele joang? (b) Mehleng ea kajeno, “basele” ba kopanetse ho haheng borapeli ba ’nete joang?
15 Ba sa tsoa fihla ba nehelana ka matlotlo a bona le ka tšebeletso ea bona ho tšehetsa “mosali” oa Jehova. “Basele ba tla u hahela marako, marena a bona a u sebeletse; etsoe ke tla be ke u otlile khalefong ea ka, empa ka sebele kamohelong ea ka ke tla u hauhela.” (Esaia 60:10) Mohau oa Jehova o ile oa bonahatsoa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ha basele ba thusa mosebetsing oa kaho Jerusalema. (Esdrase 3:7; Nehemia 3:26) Phethahatsong ea kajeno e khōloanyane, “basele,” e leng bongata bo boholo, ba tšehetsa masala a batlotsuoa ho haheng borapeli ba ’nete. Ba thusa ho haha litšoaneleho tsa Bokreste ka ho liithuti tsa bona tsa Bibele ’me kahoo ba haha liphutheho tsa Bokreste le ho matlafatsa “marako” a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o kang motse. (1 Bakorinthe 3:10-15) Ba boetse ba haha ka tsela ea sebele, ba sebetsa ka thata kahong ea Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Likopano le mehaho ea Bethele. Kahoo ba ikopanya le barab’abo bona ba tlotsitsoeng ho hlokomeleng litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hōlang.—Esaia 61:5.
16, 17. (a) “Liheke” tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo li ’nile tsa lula li butsoe joang? (b) “Marena” a sebelelitse Sione joang? (c) Ho tla etsahala’ng ka ba lekang ho koala “liheke” tseo Jehova a lakatsang hore li lule li butsoe?
16 Ka lebaka la lenaneo la kaho ea moea, selemo le selemo “basele” ba likete tse makholo ba qala ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ’me monyetla o ntse o bulehetse ba bang ba eketsehileng. Jehova o re: “Liheke tsa hao li tla lula li butsoe kamehla; li ke ke tsa koaloa motšehare kapa bosiu, e le hore u tlisetsoe maruo a lichaba, ’me marena a tsona a tla etella pele.” (Esaia 60:11) Leha ho le joalo, “marena” a etellang pele ho tliseng maruo a lichaba Sione ke bo-mang? Mehleng ea boholo-holo Jehova o ile a susumetsa lipelo tsa babusi ba itseng hore ba “sebeletse” Sione. Ka mohlala, Cyruse o ile a nka bohato ba pele ba ho khutlisetsa Bajuda Jerusalema ho ea tsosolosa tempele. Hamorao, Artaxerxese o ile a fana ka maruo ’me a romela Nehemia ho ea tsosolosa marako a Jerusalema. (Esdrase 1:2, 3; Nehemia 2:1-8) Ka sebele “pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova.” (Liproverbia 21:1) Molimo oa rōna a ka susumelletsa esita le babusi ba matla ho etsa se tumellanong le thato ea hae.
17 Mehleng ea kajeno “marena” a mangata, kapa ba boholong lefatšeng, ba ’nile ba leka ho koala “liheke” tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Leha ho le joalo, ba bang ba sebelelitse Sione ka ho etsa liqeto tse ileng tsa thusa ho boloka “liheke” tseo li butsoe. (Baroma 13:4) Ka 1919, ba boholong lefatšeng ba ile ba lokolla Joseph F. Rutherford le metsoalle ea hae teronkong moo ba neng ba koaletsoe teng ka leeme. (Tšenolo 11:13) Mebuso ea batho e ile ea “metsa” moroallo oa mahloriso ao Satane a ileng a a tlisa ka mor’a hore a oe leholimong. (Tšenolo 12:16) Mebuso e meng e khothalelitse ho mamellana litabeng tsa bolumeli, ka linako tse ling e le molemong oa Lipaki tsa Jehova ka ho khetheha. Tšebeletso ea mofuta ona e nolofalelitse matšoele a ba bonolo ho kena mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka “liheke” tse butsoeng. Ho thoe’ng ka bahanyetsi ba lekang ho koala “liheke” tseo? Ba ke ke ba atleha le ka mohla. Ka bona, Jehova o re: “Sechaba leha e le sefe le ’muso leha e le ofe o ke keng oa u sebeletsa o tla timela; ’me ruri lichaba li tla ripitloa.” (Esaia 60:12) Bohle ba loantšang “mosali” oa Molimo—ebang ke batho ka bomong kapa ke mekhatlo—ba tla timetsoa qetellong ntoeng e tlang ea Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16.
18. (a) Tšepiso ea hore lifate li tla atleha Iseraele e bolela eng? (b) ‘Sebaka sa maoto a Jehova’ ke sefe kajeno?
18 Ka mor’a temoso ena ea kahlolo, boprofeta bo khutlela litšepisong tsa ho phahamisoa le ho ba naleng. Ha a bua le “mosali” oa hae, Jehova o re: “Khanya ea Lebanone e tla tla ho uena, sefate sa junipere, sefate se nang le makala a kang molora le kyprese ka nako e tšoanang, bakeng sa ho khabisa sebaka sa sehalalelo sa ka; ’me ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.” (Esaia 60:13) Lifate tse atlehileng li tšoantšetsa bokhabane le ho beha litholoana ka bongata. (Esaia 41:19; 55:13) Mantsoe “sehalalelo” le “sebaka sa maoto a ka” a temaneng ena a bolela tempele e Jerusalema. (1 Likronike 28:2; Pesaleme ea 99:5) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore tempele e Jerusalema e ne e le tšoantšetso ea tempele e khōloanyane ea moea, e leng tokisetso ea ho atamela Jehova ka borapeli motheong oa sehlabelo sa Kreste. (Baheberu 8:1-5; 9:2-10, 23) Kajeno Jehova o tlotlisa ‘sebaka sa maoto a hae,’ e leng mabala a lefatšeng a tempele ena e khōlō ea moea. A ipiletsa hoo a hohelang batho ba lichaba tsohle ho tla kopanela borapeling ba ’nete ho ’ona.—Esaia 2:1-4; Hagai 2:7.
19. Bahanyetsi ba tla qobelloa ho lumela eng, hona qetellong ba tla lumela see neng?
19 Joale ha a retelehela ho bahanyetsi, Jehova o re: “Bara ba ba u hlorisang ba tla ea ho uena, ba iname; ’me bohle ba u hlomphollang ba tla khumama bohatong ba maoto a hao, ’me ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova, Sione ea Mohalaleli oa Iseraele.” (Esaia 60:14) E, ho bona keketseho e hlollang le tsela e phahameng ea ho phela eo tlhohonolofatso ea Molimo e e tlisetsang batho ba hae ho tla susumelletsa bahanyetsi ba bang ho khumamela “mosali” le ho mo hoeletsa. Ka mantsoe a mang, ba tla qobelloa ho lumela—qetellong ka Armagedone—hore masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona a fela a emela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo, “motse oa Jehova, Sione ea Mohalaleli oa Iseraele.”
Ho Sebelisa Maruo a Fumanehang
20. Maemo a “mosali” a fetoha ka tsela e khōlō joang?
20 Maemo a “mosali” oa Jehova a fetoha hakaakang! Jehova o re: “Ho e-na le hore u be ea tlohetsoeng ka ho feletseng le ea hloiloeng, ho se ea fetang, ke tla u beha hore u be ntho eo ho ithorisoang ka eona ho isa nakong e sa lekanyetsoang, thabo e khaphatsehang molokong o mong ka mor’a o mong. U tla anya lebese la lichaba, ’me u tla anya matsoele a marena; ka sebele u tla tseba hore ’na, Jehova, ke Mopholosi oa hao, ’me Ea Matla oa Jakobo ke Morekolli oa hao.”—Esaia 60:15, 16.
21. (a) Jerusalema ea boholo-holo e fetoha “ntho eo ho ithorisoang ka eona” joang? (b) Bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba thabetse litlhohonolofatso life ho tloha ka 1919, hona ba antse “lebese la lichaba” joang?
21 Ka puo ea tšoantšetso, Jerusalema ea boholo-holo ha e hlahe ’mapeng ka lilemo tse 70, ‘ha ho ea fetang’ ho eona. Empa ho qala ka 537 B.C.E., Jehova o tlatsa motse hape ka baahi, o o etsa “ntho eo ho ithorisoang ka eona.” Ka ho tšoanang, ho elella qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše, Iseraele ea Molimo e ile ea feta nakong ea ho ba lesupi eo ka eona e ileng ea ikutloa e ‘tlohetsoe ka ho feletseng.’ Empa ka 1919, Jehova o ile a rekolla bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng botlamuoeng, ’me ho tloha nakong eo a ba hlohonolofatsa ka katoloso le nala ea moea tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng. Batho ba hae ba antse “lebese la lichaba,” ba sebelisitse maruo a lichaba ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ka mohlala, ho sebelisa theknoloji ea kajeno ka bohlale ho nolofalitse ho fetoleloa le ho hatisoa ha Libibele le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse makholo. Ka hona, selemo le selemo ba likete tse makholo ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me ba fumana tsebo ea hore Jehova, ka Kreste, ke Mopholosi le Morekolli oa bona.—Liketso 5:31; 1 Johanne 4:14.
Tsoelo-pele ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
22. Jehova o tšepisa tsoelo-pele ea mofuta ofe ka ho khetheha?
22 Ho eketseha ha palo ea batho ba Jehova ho tsamaisana le ho tsoela pele ha mokhatlo o hlophisitsoeng. Jehova o re: “Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” (Esaia 60:17) Ho nkela koporo sebaka ka khauta ke ntlafatso, ’me ho joalo le ka thepa e ’ngoe e boletsoeng mona. Tumellanong le sena, batho ba Jehova ba ’nile ba ntlafatsa litokisetso tsa mokhatlo o hlophisitsoeng ho theosa le matsatsi a ho qetela.
23, 24. Batho ba Jehova ba bone litokisetso life tse ntlafalitsoeng mokhatlong o hlophisitsoeng ho tloha ka 1919?
23 Ka 1919, liphutheho li ne li e-na le baholo le badiakone ba khethiloeng ka tsela ea demokrasi. Ho tloha selemong seo, ho ile ha khethoa motsamaisi oa tšebeletso ka tsela ea puso ea Molimo hore a okamele mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo ka phuthehong, empa maemong a mang baholo ba khethiloeng ka ho vouta ba ne ba hanyetsa motsamaisi oa tšebeletso. Ka 1932, lintho li ile tsa fetoha. Ho sebelisoa makasine ea Molula-Qhooa, liphutheho li ile tsa laeloa hore li khaotse ho khetha baholo le badiakone ka ho vouta. Ho e-na le hoo, li ne li lokela ho khetha komiti ea tšebeletso hore e sebetse le motsamaisi oa tšebeletso. Eo e bile ntlafatso e khōlō.
24 Ka 1938, ho ile ha tlisoa “khauta” e eketsehileng ha ho tiisoa hore bahlanka bohle ka phuthehong ba lokela ho khethoa ka tsela ea puso ea Molimo. Tsamaiso ea phutheho e ile ea behoa matsohong a mohlanka oa sehlopha (hamorao, mohlanka oa phutheho) le bahlanka ba fapa-fapaneng ba mo thusang, bohle ba khethoa ka tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.”c (Matheu 24:45-47) Leha ho le joalo, ka 1972 ho ile ha hlokomeloa hore tsela ea Mangolo ea ho okamela phutheho ke ea ho sebelisa sehlopha sa baholo ho fapana le ho sebelisa motho a le mong. (Bafilipi 1:1) Ho ile ha etsoa liphetoho tse ling tse amang phutheho le Sehlopha se Busang. Mohlala o amang Sehlopha se Busang o ile oa hlokomeloa ka la 7 October, 2000, ha ho ne ho phatlalatsoa hore litho tsa Sehlopha se Busang tse neng li sebeletsa e le batsamaisi ba Watch Tower Society of Pennsylvania le mekhatlo e meng e amanang haufi le eona li ithaopetse ho tlohela boemo ba tsona. Ka tsela ena, Sehlopha se Busang, se emelang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” se khona ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho lebeleng bomoea ba “phutheho ea Molimo” le metsoalle ea eona, e leng linku tse ling. (Liketso 20:28) Litokisetso tsena tsohle e bile lintlafatso. Li matlafalitse mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho hlohonolofatsa barapeli ba hae.
25. Ke mang ea susumelitseng tsoelo-pele ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba Jehova, hona ho kotutsoe melemo efe?
25 Ke mang ea susumelitseng lintlafatso tsee? Na ke bokhoni ba ho hlophisa kapa bohlale ba batho ba itseng? Che, kaha Jehova o itse: “Ke tla tlisa khauta.” Tsoelo-pele ena eohle ke phello ea tataiso ea Molimo. Ha batho ba Jehova ba ikokobelletsa tataiso ea hae ’me ba etsa liphetoho, ba kotula melemo. Ho rena khotso har’a bona, ’me lerato la se lokileng le ba susumelletsa ho mo sebeletsa.
26. Ke letšoao lefe le khethollang Bakreste ba ’nete leo esita le bahanyetsi ba le hlokomelang?
26 Khotso eo Molimo a fanang ka eona e na le phello e fetolang. Jehova oa tšepisa: “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno. Ka sebele u tla bitsa marako a hao Poloko le liheke tsa hao Thoriso.” (Esaia 60:18) Ena ke ’nete e tsoileng matsoho! Esita le bahanyetsi baa lumela hore khotso ke letšoao le hlahelletseng la Bakreste ba ’nete. (Mikea 4:3) Khotso ena e teng mahareng a Lipaki tsa Jehova le Molimo le har’a tsona ka botsona e etsa hore sebaka se seng le se seng sa pokano ea Bokreste e be se khathollang lefatšeng lena le mabifi. (1 Petrose 2:17) Ke tlhasenyana feela ea khotso e tla rena nakong eo ka eona baahi bohle ba lefatše e tla beng e le “batho ba rutoang ke Jehova.”—Esaia 11:9; 54:13.
Leseli le Khanyang la Kamohelo ea Molimo
27. “Mosali” oa Jehova o chabeloa ke leseli lefe le sa fetoheng?
27 Jehova o hlalosa matla a leseli le chabetseng Jerusalema ha a re: “Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare, ’me bakeng sa khanya khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli. Ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me Molimo oa hao e be botle ba hao. Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likela, kapa khoeli ea hao e fifale; etsoe ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me matsatsi a ho siama ha hao a tla be a phethehile.” (Esaia 60:19, 20) Jehova o tla lula e le “leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” ho “mosali” oa hae. Ha ho mohla a tla “likela” joaloka letsatsi kapa a “fifale” joaloka khoeli.d Leseli la hae le sa fetoheng la kamohelo le chabela Bakreste ba tlotsitsoeng, bao e leng baemeli ba “mosali” oa Molimo. Bona hammoho le bongata bo boholo ba thabela leseli lena la moea le khanyang hoo le ke keng la fifatsoa ke lefifi leha e le lefe le teng boemong ba lefatše ba lipolotiki kapa ba moruo. ’Me ba kholisehile ka bokamoso bo khanyang boo Jehova a bo behileng ka pele ho bona.—Baroma 2:7; Tšenolo 21:3-5.
28. (a) Baahi ba Jerusalema ba khutlang ba tšepisoa eng? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba rua eng ka 1919? (c) Ba lokileng ba tla rua naha ka nako e kae?
28 Mabapi le baahi ba Jerusalema, Jehova o tsoela pele ho re: “Ha e le batho ba hao, kaofela ha bona e tla ba ba lokileng; ba tla rua naha ho isa nakong e sa lekanyetsoang, lehlōmela la seo ke se lemileng, mosebetsi oa matsoho a ka, hore ke tlotlisoe.” (Esaia 60:21) Ha Baiseraele ba tlhaho ba khutla Babylona, ba ile ba “rua naha.” Empa boemong boo, “ho isa nakong e sa lekanyetsoang” e ile ea e-ba ho isa lekholong la pele la lilemo C.E. ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema le naha ea Juda. Ka 1919 masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a ile a tsoa botlamuoeng ba moea ’me a rua naha ea moea. (Esaia 66:8) Naha ena, kapa sebaka sena sa tšebetso, e tšoauoa ka nala e ke keng ea fela ea paradeise ea moea. Ho fapana le Iseraele ea boholo-holo, Iseraele ea moea e le sehlopha ha e na ho ipaka e sa tšepahale. Ho feta moo, boprofeta ba Esaia bo tla boela bo phethahala ka tsela ea sebele ha lefatše le fetoha paradeise ea sebele e tla tšoauoa ka ho ba “khotsong e ngata.” Nakong eo ba lokileng ba nang le tšepo ea lefatšeng ba tla rua naha ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:11, 29.
29, 30. “E monyenyane” o fetohile “ba sekete” joang?
29 Ha e lihela likhala Esaia khaolo ea 60 e fana ka tšepiso e tiileng, eo Jehova a e hlapanyetsang ka lebitso hae. O re: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Ha batlotsuoa ba qhalakantsoeng ba tsosolosetsoa tšebetsong ka 1919, e ne e le “e monyenyane.”e Empa palo ea bona e ile ea eketseha ha ho tlisoa Baiseraele ba moea ba setseng. ’Me keketseho e bile e babatsehang ha ho qaleha pokello ea bongata bo boholo.
30 Ka mor’a nakoana, khotso le ho loka tse teng har’a batho ba Molimo li ile tsa hohela ba bangata haholo ba lipelo tse tšepahalang hoo “ea fokolang” a ileng a fetoha “sechaba se matla” ka tsela ea sebele. Hona joale se na le baahi ba bangata ho feta linaha tse ngata tse ipusang tsa lefatše. Ho hlakile hore Jehova, a sebelisa Jesu Kreste, o ’nile a laola mosebetsi oa ’Muso le ho o potlakisa. Ke ho thabisang hakaakang ho bona borapeli ba ’nete bo ata lefatšeng ka bophara le ho kenya letsoho ho seo! E, hoa thabisa ho elelloa hore keketseho ena e tlotlisa Jehova, ea ileng a profeta lintho tsena esale khale.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong Tarshishe e ne e le sebakeng se tsejoang e le Spain hona joale. Leha ho le joalo, ho latela libuka tse ling tsa litšupiso, poleloana “likepe tsa Tarshishe” e bolela mofuta oa likepe—“likepe tse sesang leoatleng tse nang le lipalo tse phahameng tse tšehetsang liseile”—tse neng li “loketse ho sesetsa Tarshishe,” ka mantsoe a mang, likepe tse nkoang li loketse ho nka maeto a malelele a ho ea likoung tse hōle tsa likepe.—1 Marena 22:48.
b Le hoja ho ne ho e-na le Bakreste ba mafolofolo le ba chesehang ba nang le tšepo ea lefatšeng ba neng ba kopanela le Iseraele ea Molimo pele ho 1930, palo ea bona e ile ea qala ho eketseha ka tsela e hlokomelehang lilemong tsa bo-1930.
c Matsatsing ao, liphutheho tsa sebaka ka seng li ne li bitsoa lihlopha.
d Moapostola Johanne o bua se tšoanang ha a hlalosa “Jerusalema e mocha,” e leng ba 144 000 khanyeng ea bona ea leholimo. (Tšenolo 3:12; 21:10, 22-26) Sena se loketse, kaha “Jerusalema e mocha” e emela litho tsohle tsa Iseraele ea Molimo ha li se li amohetse moputso oa tsona oa leholimo, tseo hammoho le Jesu Kreste li fetohang karolo e ka sehloohong ea “mosali” oa Molimo, “Jerusalema oa holimo.”—Bagalata 4:26.
e Ka 1918 karolelano ea ba neng ba kopanela ho boleleng lentsoe khoeli le khoeli e ne e le ba ka tlaasana ho 4 000.
[Setšoantšo se leqepheng la 305]
“Mosali” o laeloa hore a ‘tsohe’
[Setšoantšo se leqepheng la 312, 313]
“Likepe tsa Tarshishe” li nkile barapeli ba Jehova