-
Khabisa Paradeise ea MoeaMolula-Qhooa—2015 | July 15
-
-
1, 2. Lentsoe “setuloana” le bolela’ng ka Mangolong a Seheberu?
JEHOVA MOLIMO o ile a re: “Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto.” (Esaia 66:1) Molimo o ne a boetse a bua ka ‘setuloana sa hae sa maoto’ ha a re: “Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.” (Esaia 60:13) O tlotlisa setuloana sa hae sa maoto joang? See se bolela’ng ho ba lulang setuloaneng sa maoto a hae, e leng lefatše?
2 Ka Mangolong a Seheberu lentsoe “setuloana” le boetse le sebelisetsoa ho hlalosa tempele ea boholo-holo ea Iseraele. (1 Likronike 28:2; Pesaleme ea 132:7) Tempele ena e ne e le ntle haholo ho Jehova hobane e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Hape e ne e sebelisetsoa ho tlotlisa Jehova lefatšeng.
3. Setsi sa borapeli ba ’nete ke sefe kajeno, hona se qalile ho sebetsa neng?
3 Setsi sa borapeli ba ’nete ke sefe kajeno? Hase mohaho o kang tempele. Empa ke tempele ea moea ’me e tlotlisa Jehova ho feta mohaho leha e le ofe. Tempele ea moea ke’ng? Ke tokisetso eo Molimo a e sebelisang, ho nolofalletsa batho hore e be metsoalle ea hae le ho mo rapela. Sena se etsahala feela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo. E qalile ho sebetsa ka selemo sa 29 C.E. ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ho ba Moprista ea Phahameng tempeleng ea moea ea Jehova.—Baheberu 9:11, 12.
Bahlanka ba Jehova ba lokela ho mo rorisa hona joale ha ba sa phela
4, 5. (a) Ho latela Pesaleme ea 99, barapeli ba ’nete ba Jehova ba batla ho etsa’ng? (b) Re lokela ho ipotsa potso efe?
4 Ka sebele re ananela tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. Re bontša hore re ananela tokisetso ena ka ho bolella ba bang ka Jehova le ka mpho e babatsehang ea thekollo. Rea thaba hore ebe ho na le Bakreste ba ’nete ba fetang limilione tse robeli ba rorisang Jehova letsatsi le letsatsi! Le hoja batho ba malumeli a mangata ka phoso ba nahana hore ba tla rorisa Molimo ha ba se ba shoele ba le leholimong, bahlanka ba Jehova baa tseba hore ke habohlokoa ho mo rorisa hona joale ba sa phela.
5 Ha re rorisa Jehova, re etsisa mohlala oa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo bao ho buuoang ka bona ho Pesaleme ea 99:1-3, 5. (E bale.) Nakong e fetileng, banna ba tšepahalang ba kang Moshe, Arone le Samuele ba ile ba tšehetsa ka botlalo tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. (Pesaleme ea 99:6, 7) Kajeno, batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi karolong e lefatšeng ea tempele ea moea, pele ba ea leholimong ho ea sebetsa e le baprista hammoho le Jesu. “Linku tse ling” tse baloang ka limilione li ba tšehetsa ka botšepehi. (Johanne 10:16) Lihlopha tsena ka bobeli li rapela Jehova li momahane. Kahoo re lokela ho ipotsa, ‘Na ke tšehetsa tokisetso ea Jehova ea borapeli ba ’nete ka botlalo?’
-
-
Khabisa Paradeise ea MoeaMolula-Qhooa—2015 | July 15
-
-
7 Ka 1919, batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea hae ea moea le bao a ba amohelang ba ile ba khetholleha ka ho hlaka. Ba ile ba etsa liphetoho e le hore Jehova a amohele borapeli ba bona. (Esaia 4:2, 3; Malakia 3:1-4) Kahoo, pono eo moapostola Pauluse a bileng le eona lilemo tse makholo pele ho moo, e ile ea phethahala.
8, 9. “Paradeise” eo Pauluse a e boneng ponong ke eng?
8 Pono eo Pauluse a bileng le eona e hlalosoa ho 2 Bakorinthe 12:1-4. (E bale.) Ponong eo, Jehova o ile a bontša Pauluse se neng se tla etsahala nakong e tlang. “Paradeise” eo Pauluse a e boneng ke eng? E ka bolela Paradeise ea sebele e tla ba teng mona lefatšeng. (Luka 23:43) E ka boetse ea bolela paradeise ea moea e phethahetseng e tla ba teng lefatšeng le lecha. Hape e ka bolela maemo a babatsehang a tla ba teng leholimong ‘paradeiseng ea Molimo.’—Tšenolo 2:7.
9 Joale ke hobane’ng ha Pauluse a re o ile “a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue”? Ke hobane e ne e e-s’o be nako ea hore a hlalose lintho tse babatsehang tseo a li boneng ponong eo. Empa hona joale Jehova o re lumella ho bolella ba bang litlhohonolofatso tseo batho ba hae ba li thabelang!
10. Ke hobane’ng ha paradeise ea moea le tempele ea moea e se ntho e le ’ngoe?
10 Re atisa ho bua ka paradeise ea moea, empa ha e le hantle ke eng? Ke khotso eo Molimo a e fang bahlanka ba hae. Kahoo paradeise ea moea le tempele ea moea hase ntho e le ’ngoe. Tempele ea moea ke tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. Athe paradeise ea moea e khetholla ka ho hlaka batho bao Molimo a ba amohelang, ba mo rapelang tempeleng ea hae ea moea.—Malakia 3:18.
11. Re na le tlotla efe kajeno?
11 Hoa thabisa ho tseba hore ho tloha ka 1919, Jehova o ’nile a lumella batho ba sa phethahalang ho matlafatsa le ho atolosa paradeise ea moea. Na u kenya letsoho mosebetsing oo o babatsehang? Na u ananela tlotla ea ho sebetsa le Jehova ho tlotliseng lebitso la hae lefatšeng?
-