Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e ’Meli
Ho Loka Hoa Mela Sione
1, 2. Ke phetoho efe e haufi le ho tlela Iseraele, hona e tla tlisoa ke mang?
TOKOLOHO a e ke e phatlalatsoe! Jehova o entse qeto ea ho lokolla batho ba hae le ho ba khutlisetsa naheng ea baholo-holo ba bona. Joaloka peō e melang ka mor’a pula ea molupe, borapeli ba ’nete bo tla boela bo hlahelle. Ha letsatsi leo le fihla, ho nyahama ho tla nkeloa sebaka ke thoriso e tletseng thabo, ’me lihlooho tse neng li tšetsoe ka molora ka lebaka la ho siama li tla roesoa moqhaka oa kamohelo ea Molimo.
2 Ke mang ea tla tlisa phetoho ee e babatsehang? Ke Jehova feela ea ka etsang seo. (Pesaleme ea 9:19, 20; Esaia 40:25) Moprofeta Sofonia o ile a fana ka taelo ena ka tsela ea boprofeta: “Hoeletsa ka thabo, Uena morali oa Sione! Tlerola ka nyakallo, Uena Iseraele! Nyakalla ’me u thabe ka pelo eohle, Uena morali oa Jerusalema! Jehova o tlositse likahlolo holim’a hao.” (Sofonia 3:14, 15) Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Ha Jehova a bokella masala a tsosolositsoeng ho a ntša Babylona ka 537 B.C.E., e tla ka toro ea phethahala.—Pesaleme ea 126:1.
3. Mantsoe a boprofeta a Esaia khaolo ea 61 a phethahala ka litsela life?
3 Tsosoloso ena e boletsoe esale pele ho Esaia khaolo ea 61. Leha ho le joalo, le hoja ho hlakile hore boprofeta boo bo ile ba phethahala ka 537 B.C.E., bo phethahala ka tsela e qaqileng le ho feta ka morao ho moo. Phethahatso ea bona e qaqileng haholoanyane e ama Jesu le balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo le batho ba Jehova mehleng ea kajeno. Kahoo, mantsoe aa a bululetsoeng a na le moelelo oa bohlokoa hakaakang!
‘Selemo sa Kamohelo’
4. Ke mang ea laetsoeng ho bolela litaba tse molemo phethahatsong ea pele ea Esaia 61:1, ’me ho ea bobeli ke mang?
4 Esaia oa ngola: “Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim’a ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batšoaruoa.” (Esaia 61:1) Ke mang ea laetsoeng ho bolela litaba tse molemo? Mohlomong phethahatsong ea pele ke Esaia, eo Molimo a mo bululetseng hore a tlalehele ba botlamuoeng Babylona litaba tse molemo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bua ka phethahatso ea bohlokoa ka ho fetisisa ha a bontša hore mantsoe ao a Esaia a sebetsa ho eena. (Luka 4:16-21) E, Jesu o ne a rometsoe ho tla bolella ba bonolo litaba tse molemo, ’me e le hore a finyelle seo o ile a tlotsoa ka moea o halalelang ha a kolobetsoa.—Matheu 3:16, 17.
5. Ke bo-mang ba ’nileng ba bolela litaba tse molemo ka lilemo tse ka bang 2 000?
5 Ho feta moo, Jesu o rutile balateli ba hae hore e be baevangeli, kapa baboleli ba litaba tse molemo. Ka Pentekonta ea 33 C.E., ba ka bang 120 ba bona ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang ’me ba fetoha bara ba Molimo ba moea. (Liketso 2:1-4, 14-42; Baroma 8:14-16) Le bona ba ile ba laeloa hore ba bolelle ba bonolo le ba robehileng lipelo litaba tse molemo. Bao ba 120 e bile ba pele ho litho tse 144 000 ba ileng ba tlotsoa ka tsela ena. Ba ho qetela ba sehlopha sena ba ntse ba sebetsa ka mafolofolo lefatšeng kajeno. Kahoo, ka lilemo tse ka bang 2 000, balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ’nile ba fana ka bopaki “mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.”—Liketso 20:21.
6. Ke bo-mang ba ileng ba fumana khatholoho ha ba utloa litaba tse molemo li boleloa mehleng ea boholo-holo, hona ho thoe’ng ka mehla ea kajeno?
6 Molaetsa oa Esaia o bululetsoeng o ile oa tlisetsa Bajuda ba bakileng ba Babylona khatholoho. Mehleng ea Jesu le barutuoa ba hae, o ile oa khatholla Bajuda ba neng ba robehile lipelo ke bokhopo bo neng bo le teng Iseraele le ba neng ba tepelletse litlamong tsa lineano tsa bolumeli ba bohata ba Bojuda ba lekholong la pele la lilemo. (Matheu 15:3-6) Kajeno ba limilione ba tšoasitsoeng ke lineano tsa bohetene tsa Bokreste-’mōtoana le ke litloaelo tse hlomphollang Molimo baa ‘feheloa le ho bobola’ ka lebaka la lintho tse manyala tse etsoang tsamaisong eo ea bolumeli. (Ezekiele 9:4) Ba arabelang litabeng tse molemo ba lokolloa boemong boo ba mahlomola. (Matheu 9:35-38) Mahlo a bona a kutloisiso a tutuboloha haholo ha ba ithuta ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.
7, 8. (a) ‘Lilemo’ tse peli ‘tsa kamohelo’ ke life? (b) ‘Matsatsi’ a Jehova ‘a phetetso’ ke afe?
7 Ho na le kemiso ea ho bolela litaba tse molemo. Jesu le balateli ba hae ba ile ba laeloa: “[Phatlalatsang] selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng.” (Esaia 61:2) Selemo ke nako e telele, empa se na le qalo le qetello. ‘Selemo sa Jehova sa kamohelo’ ke nako eo ka eona a fang ba bonolo monyetla oa hore ba arabele phatlalatsong ea hae ea tokoloho.
8 Lekholong la pele la lilemo, selemo sa kamohelo sa sechaba sa Bajuda se ile sa qala ka 29 C.E. ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ea lefatšeng. O ile a bolella Bajuda: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:17) Selemo seo sa kamohelo se ile sa tšoarella ho fihlela ‘letsatsing la phetetso’ la Jehova, le ileng la fihla sehlohlolong ka 70 C.E. ha Jehova a lumella mabotho a Roma ho timetsa Jerusalema le tempele ea eona. (Matheu 24:3-22) Le rōna kajeno re phela selemong se seng sa kamohelo, se qalileng ka 1914 ha ho hlongoa ’Muso oa Molimo maholimong. Selemo sena sa kamohelo se tla felella ka letsatsi le leng la phetetso e akaretsang ha Jehova a tlisetsa tsamaiso ena eohle ea lefatše ea lintho timetso ka “matšoenyeho a maholo.”—Matheu 24:21.
9. Ke bo-mang kajeno ba ruang molemo selemong sa Jehova sa kamohelo?
9 Ke bo-mang kajeno ba ruang molemo selemong sa Molimo sa kamohelo? Ke ba amohelang molaetsa, ba bontšang bonolo, ’me ka cheseho ba tšehetsa ho phatlalatsoa ha ’Muso oa Molimo “lichabeng tsohle.” (Mareka 13:10) Ba joalo ba elelloa hore litaba tse molemo li tlisa matšeliso a sebele. Leha ho le joalo, ba hanang molaetsa, ba hanang ho sebelisa hamolemo selemo sa Jehova sa kamohelo, haufinyane ba tla tobana le bonnete ba letsatsi la hae la phetetso.—2 Bathesalonika 1:6-9.
Litholoana Tsa Moea Tse Tlotlisang Molimo
10. Bajuda ba khutlang Babylona ba anngoe joang ke ketso e khōlō eo Jehova a ba etselitseng eona?
10 Bajuda ba khutlang Babylona baa hlokomela hore Jehova o ba etselitse ketso e khōlō. Tšiamo ea bona e le batlamuoa e fetoha thabo e khaphatsehang le thoriso kaha qetellong ba lokolohile. Kahoo, Esaia o phethahatsa thōmo ea hae ea boprofeta, ke hore, “ho abela ba siametseng Sione, ho ba fa se roaloang hloohong ho e-na le molora, oli ea thabo e khaphatsehang ho e-na le ho siama, seaparo sa ka holimo sa thoriso ho e-na le moea o nyahameng; ’me ba tla bitsoa lifate tse khōlō tsa ho loka, tse lemiloeng ke Jehova, hore a tlotlisoe.”—Esaia 61:3.
11. Lekholong la pele la lilemo ke bo-mang ba neng ba e-na le lebaka le utloahalang la ho rorisa Jehova ka ketso e khōlō eo a e entseng?
11 Lekholong la pele la lilemo, Bajuda ba ileng ba amohela ho lokolloa kholehong ea bolumeli ba bohata le bona ba ile ba rorisa Molimo ka ketso e khōlō eo a ba etselitseng eona. Moea oa bona o nyahameng o ile oa nkeloa sebaka ke “seaparo sa ka holimo sa thoriso” ha ba ne ba lokolloa sechabeng se shoeleng moeeng. Barutuoa ba Jesu ke bona ba pele ba ileng ba utloa phetoho e joalo ha ho siama ha bona ka lebaka la lefu la hae ho fetoha nyakallo ha Morena oa bona ea tsositsoeng bafung a ba tlotsa ka moea o halalelang. Hang ka mor’a moo, ba bonolo ba 3 000 ba ileng ba arabela boboleling ba Bakreste bao ba sa tsoa tlotsoa ’me ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E. le bona ba ile ba utloa phetoho e tšoanang. (Liketso 2:41) E ne e le ho khothatsang hakaakang ho kholiseha ka tlhohonolofatso ea Jehova! Ho e-na le ho ‘siamela Sione,’ ba ile ba amohela moea o halalelang ’me ba khatholloa ka “oli ea thabo e khaphatsehang,” e tšoantšetsang thabo e khaphatsehang ea bao Jehova a ba hlohonolofalitseng ka ho enneng.—Baheberu 1:9.
12, 13. (a) “Lifate tse khōlō tsa ho loka” e ne e le bo-mang har’a Bajuda ba khutlang ka 537 B.C.E.? (b) “Lifate tse khōlō tsa ho loka” e bile bo-mang ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E.?
12 Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae ka “lifate tse khōlō tsa ho loka.” Lifate tsee tse khōlō ke bo-mang? Lilemong tse latelang 537 B.C.E., e ne e le batho ba ileng ba ithuta Lentsoe la Molimo ’me ba thuisa ka lona eaba ba hlaolela litekanyetso tse lokileng tsa Jehova. (Pesaleme ea 1:1-3; Esaia 44:2-4; Jeremia 17:7, 8) Banna ba kang Esdrase, Hagai, Zakaria le Moprista ea Phahameng Joshua ba ile ba ipaka ho ba “lifate tse khōlō” tse hlaheletseng—batšehetsi ba ’nete le ba loantšang tšilafalo ea moea sechabeng.
13 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, Molimo o ile a lema “lifate [tse tšoanang] tse khōlō tsa ho loka”—Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebete—naheng ea moea ea sechaba sa hae se secha, “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Ha makholo a lilemo a ntse a feta, “lifate” tsena li ile tsa e-ba 144 000, ’me li hlahisa litholoana tsa ho loka ho khabisa, kapa ho tlotlisa Jehova Molimo. (Tšenolo 14:3) Ba ho qetela ba “lifate” tsena tse khōlō ba ’nile ba tlokoma lilemong tsa ka mor’a 1919, ha Jehova a ne a tsosolosa masala a Iseraele ea Molimo boemong ba ’ona ba ho se sebetse ka nakoana. Ka ho li fa metsi a mangata a moea, Jehova o hlahisitse moru o moholo oa lifate tsa ho loka, tse behang litholoana.—Esaia 27:6.
14, 15. Barapeli ba Jehova ba lokolotsoeng ba ile ba qalisa mesebetsi efe ka (a) 537 B.C.E.? (b) 33 C.E.? (c) 1919?
14 Ha a totobatsa mosebetsi oa “lifate” tsena, Esaia o tsoela pele: “Ba tla tsosolosa libaka tseo e leng khale li ripitliloe; ba tla tsosa masupi a linakong tsa khale, ’me ka sebele ba tla nchafatsa metse e ripitliloeng, libaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Esaia 61:4) Ka taelo ea Morena Cyruse oa Persia, Bajuda ba tšepahalang ba khutlileng Babylona ba ile ba tsosolosa Jerusalema le tempele ea eona, e neng e lutse e le lesupi ka nako e telele. Mesebetsi ea tsosoloso e ne e tla boela e tšoaee lilemo tse latelang 33 C.E. le 1919.
15 Ka 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba sareloa haholo ka lebaka la ho tšoaroa ha hae, ho qosoa ha hae le lefu la hae. (Matheu 26:31) Leha ho le joalo, pono ea bona e ile ea fetoha ha a hlaha ho bona ka mor’a tsoho ea hae. ’Me hang hoba moea o halalelang o tšolleloe ho bona, ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, “Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Kahoo ba ile ba qala ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Ka ho tšoanang, ho tloha ka 1919 ho ea pele Jesu Kreste o ile a etsa hore masala a barab’abo ba tlotsitsoeng a tsosolose “libaka tseo e bileng lesupi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” Ka lilemo tse makholo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba sitiloe ho fana ka tsebo ea Jehova, ba behile lineano tsa batho le lithuto tseo e seng tsa Mangolo sebakeng sa eona. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba tlosa litloaelo tse neng li silafalitsoe ke bolumeli ba bohata ka liphuthehong tsa habo bona e le hore borapeli ba ’nete bo ka tsoela pele ho tsosolosoa. ’Me ba ile ba qalisa letšolo le neng le tla ipaka e le le leholo ka ho fetisisa le kileng la tsejoa lefatšeng.—Mareka 13:10.
16. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba thusoa ke bo-mang mosebetsing oa bona oa tsosoloso, hona ba tšepetsoe mesebetsi efe?
16 Ena e ne e le thōmo e pharaletseng. Masala a seng makae a Iseraele ea Molimo a ne a ka finyella mosebetsi oo joang? Jehova o ile a bululela Esaia ho phatlalatsa: “Basele ba tla ema ’me ba lise mehlape ea lōna, basele e tla ba lihoai tsa lōna le balemi ba lōna ba morara.” (Esaia 61:5) Basele ba tšoantšetso ba ipakile ho ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Jesu.a (Tšenolo 7:9; Johanne 10:11, 16) Ha baa tlotsoa ka moea o halalelang ka tebello ea ho ja lefa la leholimo. Ho e-na le hoo, ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, ba rata Jehova ’me ba tšepetsoe ho hlokomela mosebetsi oa moea oa bolisa, ho lema le ho hlokomela merara. Mesebetsi eo hase e khelloang fatše. Tlas’a tataiso ea masala a Iseraele ea Molimo, basebetsi bana ba thusa ho lisa, ho fepa le ho kotula batho.—Luka 10:2; Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2; Tšenolo 14:15, 16.
17. (a) Litho tsa Iseraele ea Molimo li tla bitsoa eng? (b) Ho hlokahala sehlabelo sefe feela bakeng sa tšoarelo ea libe?
17 Ho thoe’ng ka Iseraele ea Molimo? A sebelisa Esaia, Jehova o re ho eona: “Ha e le lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova; ho tla thoe le basebeletsi ba Molimo oa rōna. Le tla ja maruo a lichaba, ’me khanyeng ea tsona le tla ipolela ka nyakallo.” (Esaia 61:6) Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova o ne a lokiselitse hore baprista ba leloko la Levi ba nyehele mahlabelo molemong oa baprista ka bobona le molemong oa Baiseraele-’moho le bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a khaotsa ho sebelisa boprista ba leloko la Levi ka 33 C.E., ’me a qala ho sebelisa tokisetso e molemo ho feta eo. O ile a amohela bophelo bo phethahetseng ba Jesu e le sehlabelo bakeng sa libe tsa moloko oa batho. Ho tloha nakong eo, ha hoa ka ha hlokahala sehlabelo se seng. Molemo oa sehlabelo sa Jesu ke oa ka ho sa feleng.—Johanne 14:6; Bakolose 2:13, 14; Baheberu 9:11-14, 24.
18. Iseraele ea Molimo e ba baprista ba mofuta ofe, hona e na le thōmo efe?
18 Joale, ke joang litho tsa Iseraele ea Molimo e leng “baprista ba Jehova”? Ha a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, moapostola Petrose o ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) Kahoo, e le sehlopha, Bakreste ba tlotsitsoeng e ba baprista ba nang le thōmo e khethehileng: ho bolella lichaba ka khanya ea Jehova. E lokela ho ba lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Ho theosa le matsatsi ana a ho qetela, Bakreste ba tlotsitsoeng ba phethahalitse thōmo ena ea bohlokoa ka botšepehi. Ka hona, hona joale ba limilione ba kopanela le bona mosebetsing oa ho paka ka ’Muso oa Jehova.
19. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla ba le tokelo ea ho etsa tšebeletso efe?
19 Ho feta moo, litho tsa Iseraele ea Molimo li na le tebello ea ho sebeletsa e le baprista ka tsela e ’ngoe hape. Ha li e-shoa, li tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe leholimong. Teng ha li sebeletse feela e le babusi-’moho le Jesu ’Musong oa hae empa li boetse li sebeletsa e le baprista ba Molimo. (Tšenolo 5:10; 20:6) Kahoo, li tla ba le tokelo ea ho sebelisa melemo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo ho moloko oa batho o tšepahalang lefatšeng. Ponong ea moapostola Johanne e tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 22,li boetse li hlalosoa e le “lifate.” “Lifate” tsena tse 144 000 ka kakaretso li bonoa leholimong, li hlahisa ‘chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, li beha litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Makhasi a lifate ke a ho phekola lichaba.’ (Tšenolo 22:1, 2) Ke tšebeletso e babatsehang hakaakang ea boprista!
Lihlong le Tlotlollo, e Ntan’o ba Thabo
20. Ho sa tsotellehe khanyetso, baprista ba marena ba letetse tlhohonolofatso efe?
20 Ho tloha ka 1914 ha selemo sa Jehova sa kamohelo se qala, baprista ba marena ba ’nile ba tobana le khanyetso e sa khaotseng ea baruti ba Bokreste-’mōtoana. (Tšenolo 12:17) Leha ho le joalo, boiteko bohle ba ho emisa boboleli ba litaba tse molemo bo hlōlehile qetellong. Boprofeta ba Esaia bo ile ba bolela sena esale pele, ba re: “Ho e-na le lihlong tsa lōna ho tla ba le kabelo e mennoeng habeli, ’me ho e-na le tlotlollo ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea bona. Ka hona naheng ea bona ba tla rua kabelo e mennoeng habeli. Ba tla thaba ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 61:7.
21. Ke joang Bakreste ba tlotsitsoeng ba ileng ba thabela kabelo e mennoeng habeli ea litlhohonolofatso?
21 Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, masala a tlotsitsoeng a ile a hlabisoa lihlong le ho tlotlolloa ke Bokreste-’mōtoana bo tletseng bochaba. Baruti ba ne ba le teng har’a bao ka bohata ba ileng ba qosa barab’abo rōna ba robeli ba tšepahalang ba tsoang ntlo-khōlō, Brooklyn, ka ho re ba hlohlelletsa bofetoheli. Bara bana babo rōna ba ile ba kenngoa chankaneng ka leeme ka likhoeli tse robong. Qetellong, ba ile ba lokolloa ka nako ea selemo ka 1919, ’me hamorao ha hlakoloa liqoso tsohle tseo ba neng ba qosoa ka tsona. Kahoo leqheka la ho emisa mosebetsi oa boboleli le ile la hlanohela beng ba lona. Ho e-na le ho lumella barapeli ba hae hore ba hlajoe ke lihlong ka ho sa feleng, Jehova o ile a ba lokolla ’me a ba tsosolosetsa lefeng la bona la moea, e leng ‘naha ea bona.’ Teng ba ile ba amohela kabelo e mennoeng habeli ea litlhohonolofatso. Ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova ho ile ha ba buseletsa ka ho enneng ho feta mahlomola ’ohle a neng a ba hlahetse. Ka sebele ba ne ba e-na le lebaka la ho hoeletsa ka thabo!
22, 23. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba etsisa Jehova joang, hona o ba putsitse joang?
22 Se latelang seo Jehova a se bolelang se fana ka lebaka le leng la hore Bakreste ba nyakalle kajeno: “’Na, Jehova, ke rata toka, ke hloile tlatlapo hammoho le ho se loke. Ke tla fana ka moputso oa bona ka ’nete, ’me ke hlabe selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang le bona.” (Esaia 61:8) Ka ho ithuta Bibele, masala a tlotsitsoeng a ile a ithuta ho rata toka le ho hloea bokhopo. (Liproverbia 6:12-19; 11:20) A ile a ithuta ho “tea lisabole tsa [’ona] hore e be mehoma,” a lula a sa nke lehlakore lintoeng tsa moloko oa batho le merusung ea lipolotiki. (Esaia 2:4) Hape a ile a furalla mekhoa e hlomphollang Molimo, e kang ho etselletsa, bofebe, bosholu le botahoa.—Bagalata 5:19-21.
23 Kaha Bakreste ba tlotsitsoeng ba rata toka joaloka ’Mōpi oa bona, Jehova o ba file “moputso oa bona ka ’nete.” “Moputso” o mong o joalo ke selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang—selekane se secha—seo Jesu a ileng a bolella balateli ba hae ka sona bosiung ba pele ho lefu la hae. Ke motheong oa selekane sena ba ileng ba fetoha sechaba sa moea, sechaba se khethehileng sa Molimo. (Jeremia 31:31-34; Luka 22:20) Ka sona, Jehova o tla sebelisa melemo eohle ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo, e akarelletsang tšoarelo ea libe tsa batlotsuoa le batho ba bang bohle ba tšepahalang.
Ho Ithabela Litlhohonolofatsong Tsa Jehova
24. Ke bo-mang ba tsoang har’a lichaba bao e leng “bana” ba hlohonolofatsoang, hona ba fetohile “bana” joang?
24 Ba bang har’a lichaba ba hlokometse tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae. Sena se ile sa boleloa esale pele ke tšepiso ea Jehova: “Bana ba bona ba tla tsejoa har’a lichaba, le litloholo tsa bona har’a lichaba. Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba, hore ke bana bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.” (Esaia 61:9) Litho tsa Iseraele ea Molimo, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng, li ’nile tsa sebetsa ka mafolofolo har’a lichaba nakong ea selemo sa Jehova sa kamohelo. Kajeno ba arabetseng tšebeletsong ea tsona ba baloa ka limilione. Ka ho sebetsa haufi le Iseraele ea Molimo, ba tsoang lichabeng ba ba le tokelo ea ho fetoha “bana bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.” Boemo ba bona bo tletseng thabo bo bonoa ke batho bohle.
25, 26. Bakreste bohle ba lumellana le mantsoe a ho Esaia 61:10 joang?
25 Bakreste bohle, batlotsuoa hammoho le linku tse ling, ba lebeletse ka thabo ho rorisa Jehova ka ho sa feleng. Ba lumellana ka pelo eohle le moprofeta Esaia, eo ka pululelo a reng: “Ruri ke tla ithabela ho Jehova. Moea oa ka o tla ithabela ho Molimo oa ka. Etsoe o nkapesitse liaparo tsa poloko; o nkapesitse seaparo se se nang matsoho sa ho loka, joaloka monyali eo, ka tsela ea boprista, a roalang se roaloang hloohong, le joaloka monyaluoa ea ikhabisang ka mekhabiso ea hae.”—Esaia 61:10.
26 Ba apere “seaparo se se nang matsoho sa ho loka,” Bakreste ba tlotsitsoeng ba ikemiselitse ho lula ba hloekile ba bile ba se na sekoli mahlong a Jehova. (2 Bakorinthe 11:1, 2) Kaha Jehova o ba boletse ba lokile ba e-na le tebello ea ho ja lefa la bophelo ba leholimo, ba ke ke ba hlola ba khutlela lesuping la Babylona e Moholo, eo ba lokolotsoeng ho eona. (Baroma 5:9; 8:30) Ho bona liaparo tsa poloko ke tsa bohlokoa haholo. Metsoalle ea bona ea linku tse ling le eona e ikemiselitse ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa Jehova Molimo tsa borapeli bo hloekileng. Kaha e “hlatsoitse liaparo tsa [eona] tse telele tsa ka holimo ’me [e] li soeufalitse maling a Konyana,” e boleloa e lokile ’me e tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšenolo 7:14; Jakobo 2:23, 25) Ho fihlela nakong eo, e etsisa metsoalle ea eona ea batlotsuoa ka ho qoba ho silafatsoa ke Babylona e Moholo ka ntho leha e le efe.
27. (a) Nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, ho tla ‘mela’ eng ka tsela e hlokomelehang? (b) Ke joang ho loka ho seng ho ntse ho mela har’a batho?
27 Kajeno barapeli ba Jehova ba thabela ho ba paradeiseng ea moea. Haufinyane ba tla thabela Paradeise ea sebele. Re lebeletse ka lipelo tsohle tsa rōna nako eo e hlalosoang ka ho hlaka mantsoeng a qetellang a Esaia khaolo ea 61: “Joalokaha lefatše le hlahisa lehlōmela la lona, le joalokaha serapa se etsa hore lintho tse jetsoeng ho sona li mele, ka mokhoa o tšoanang ’Musi Morena Jehova o tla etsa hore ho mele ho loka le thoriso ka pel’a lichaba tsohle.” (Esaia 61:11) Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, lefatše le tla ‘mela ho loka.’ Batho ba tla hoeletsa ka tlhōlo, ’me ho loka ho tla ata ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Esaia 26:9) Leha ho le joalo, rōna ha rea tlameha ho emela letsatsi leo le khanyang e le hore re fane ka thoriso ka pel’a lichaba tsohle. Ho loka ho se ho ntse ho mela har’a ba limilione ba tlotlisang Molimo oa leholimo le ba phatlalatsang litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. Esita le hona joale tumelo le tšepo ea rōna li re fa mabaka ’ohle a ho ithabela litlhohonolofatsong tsa Molimo oa rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ka ’na eaba Esaia 61:5 e phethahetse mehleng ea boholo-holo, kaha bao e seng Bajuda ba ile ba tsamaea le Bajuda ba tlhaho ha ba khutlela Jerusalema ’me mohlomong ba kenya letsoho tsosolosong ea naha. (Esdrase 2:43-58) Leha ho le joalo, ho bonahala eka ho tloha temaneng ea 6 ho ea pele boprofeta boo bo phethahala ho Iseraele ea Molimo feela.
[Setšoantšo se leqepheng la 323]
Esaia o tšoere litaba tse molemo tseo a lokelang ho li bolella batlamuoa ba Bajuda
[Setšoantšo se leqepheng la 331]
Ho qala ka 33 C.E., Jehova o lemme “lifate tse khōlō tsa ho loka” tse 144 000
[Setšoantšo se leqepheng la 334]
Lefatše le tla melisa ho loka