Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Meraro
“Lebitso le Lecha”
1. Ke tiisetso efe e tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 62?
KHOTHATSO, matšeliso le tšepo ea tsosoloso—ke sona seo Bajuda ba tepeletseng ba leng Babylona ba se hlokang. Ho se ho fetile lilemo tse mashome a ’maloa hoba Jerusalema le tempele ea eona li timetsoe. Lik’hilomithara tse ka bang 800 ho tloha Babylona, Juda e lutse e le lesupi, ’me ho bonahala eka Jehova o lebetse Bajuda. Ke eng e ka ntlafatsang boemo ba bona? Litšepiso tsa Jehova tsa hore o tla ba khutlisetsa hae le ho ba lumella ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Joale litlhaloso tse kang “ea tlohetsoeng ka ho feletseng” le “lesupi” li tla nkeloa sebaka ke mabitso a bontšang ho amoheloa ke Molimo. (Esaia 62:4; Zakaria 2:12) Khaolo ea 62 ea Esaia e tletse litšepiso tsena. Leha ho le joalo, joaloka boprofeta bo bong ba tsosoloso, khaolo ena ha e bue feela ka litaba tsa ho lokolloa ha Bajuda botlamuoeng Babylona. Phethahatsong ea eona e khōlō, Esaia khaolo ea 62 e re tiisetsa hore ka sebele sechaba sa Jehova sa moea, “Iseraele ea Molimo,” se tla bolokeha.—Bagalata 6:16.
Jehova ha a Lule a Khutsitse
2. Jehova o boetse o bontša mohau ho Sione ka tsela efe?
2 Babylona e timetsoa ka 539 B.C.E. Ka mor’a moo, Morena Cyruse oa Persia o ntša taelo e nolofaletsang Bajuda ba tšabang Molimo ho khutlela Jerusalema le ho tsosolosa borapeli ba Jehova. (Esdrase 1:2-4) Ka 537 B.C.E., Bajuda ba pele ba khutlang ba se ba boetse naheng ea habo bona. Jehova o boetse o bontša mohau ho Jerusalema, joalokaha ho bonahatsoa ke mofuthu oa phatlalatso ea hae ea boprofeta: “Ka lebaka la Sione nke ke ka khutsa, ’me ka lebaka la Jerusalema nke ke ka khutsa ho fihlela ho loka ha hae ho hlaha joaloka khanya, le poloko ea hae joaloka serumula se tukang.”—Esaia 62:1.
3. (a) Ke hobane’ng ha qetellong Jehova a lahla Sione ea lefatšeng, hona e nkeloa sebaka ke eng? (b) Ke ho koeneha hofe ho etsahalang, hona neng, ’me re phela nakong efe kajeno?
3 Ka 537 B.C.E., Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tsosolosa Sione, kapa Jerusalema. O ile a pholosa baahi ba eona, ’me ho loka ha bona ha khanya ka ho hlaka. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea ba ile ba boela ba kheloha borapeling bo hloekileng. Qetellong, ba ile ba hana ho amohela Jesu e le Mesia, ’me Jehova a qetella a ba lahlile joaloka sechaba sa hae se khethiloeng. (Matheu 21:43; 23:38; Johanne 1:9-13) Jehova o ile a etsa hore sechaba se secha, “Iseraele ea Molimo,” se tsoaloe. Sechaba sena se secha se ile sa fetoha batho ba hae ba khethehileng, ’me lekholong la pele la lilemo, litho tsa sona li ile tsa bolela litaba tse molemo ka cheseho ho pholletsa le lefatše le neng le tsejoa ka nako eo. (Bagalata 6:16; Bakolose 1:23) Ka masoabi, ka morao ho lefu la baapostola, ho ile ha e-ba le ho koenehela bolumeli ba ’nete. Ka hona, ho ile ha hlaha Bokreste ba bokoenehi, bo kang bo fumanoang Bokreste-’mōtoaneng kajeno. (Matheu 13:24-30, 36-43; Liketso 20:29, 30) Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba lumelloa ho phaella nyefolo e khōlō lebitsong la Jehova ka lilemo tse makholo-kholo. Leha ho le joalo, qetellong ka 1914, “selemo sa Jehova sa kamohelo” se ile sa qala, esita le phethahatso e khōlō ea karolo ena ea boprofeta ba Esaia.—Esaia 61:2.
4, 5. (a) Sione le bana ba eona ba tšoantšetsa bo-mang kajeno? (b) Jehova o sebelisitse Sione ka tsela efe ho etsa hore “poloko ea hae [e be] joaloka serumula se tukang”?
4 Kajeno tšepiso ea Jehova ea ho tsosolosa Sione e ’nile ea phethahatsoa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo, “Jerusalema oa holimo,” joalokaha e emeloa ke bana ba eona ba lefatšeng, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. (Bagalata 4:26) Mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo o sebeletsa e le mothusi ea itetseng—o seli, o lerato ebile o sebetsa ka thata. E bile ketsahalo e thabisang hakaakang ha o tsoala ’Muso oa Bomesia ka 1914! (Tšenolo 12:1-5) Ho tloha ka 1919 ka ho khetheha, bana ba eona ba lefatšeng ba ’nile ba bolella lichaba ka ho loka ha eona le poloko ea eona. Joalokaha Esaia a ile a bolela esale pele, bana bana ba ’nile ba khanya lefifing joaloka serumula, ba etsa hore leseli la bona le khanye.—Matheu 5:15, 16; Bafilipi 2:15.
5 Jehova o thahasella barapeli ba hae haholo ’me ha a na ho phomola kapa ho lula a khutsitse, ho fihlela a phethahalitse litšepiso tsohle tseo a li etselitseng Sione le bana ba eona. Masala a batlotsuoa hammoho le metsoalle ea ’ona ea “linku tse ling” le ’ona a hana ho lula a khutsitse. (Johanne 10:16) Ha e le hantle ba bua phatlalatsa ha ba ntse ba lebisa batho tseleng e le ’ngoe feela ea poloko.—Baroma 10:10.
“Lebitso le Lecha” Leo Jehova a Fanang ka Lona
6. Jehova o rerile’ng ka Sione?
6 Jehova o rerile’ng ka Sione, e leng “mosali” oa hae oa leholimo ea emeloang ke Jerusalema ea boholo-holo? O re: “Ka sebele lichaba li tla bona ho loka ha hao, Uena mosali, ’me marena ’ohle a bone khanya ea hao. U tla bitsoa ka lebitso le lecha, leo molomo oa Jehova o tla le khetha.” (Esaia 62:2) Kaha Baiseraele ba itšoara ka ho loka, lichaba li qobelloa ho talima ka hloko. Esita le marena a qobelloa ho lumela hore Jehova o sebelisa Jerusalema le hore bobusi leha e le bofe ba bona ke lefeela ha bo bapisoa le ’Muso oa Jehova.—Esaia 49:23.
7. Lebitso le lecha la Sione le bonahatsa eng?
7 Joale Jehova o tiisa boemo bo fetohileng ba Sione ka ho e fa lebitso le lecha. Lebitso leo le lecha le bonahatsa boemo bo hlohonolofalitsoeng le bo hlomphehang bo thabeloang ke bana ba Sione ba lefatšeng ho tloha ka 537 B.C.E.a Le bontša hore Jehova o amohela Sione e le ea hae. Kajeno, Iseraele ea Molimo e thabela ho ba kofuto e thabisang Jehova ka tsela ena, ’me linku tse ling li thaba le eona.
8. Jehova o hlomphile Sione ka litsela life?
8 Ha a se a rehile Sione lebitso le lecha, joale Jehova oa tšepisa: “U tla fetoha moqhaka oa botle letsohong la Jehova, le tuku ea borena letsohong la Molimo oa hao.” (Esaia 62:3) Jehova o phahamisa mosali oa hae oa tšoantšetso, e leng Sione ea leholimo, e le hore a tlotlisoe. (Pesaleme ea 48:2; 50:2) Moqhaka oa botle le “tuku ea borena” li bontša hore o apesitsoe tlhompho le matla a ho laela. (Zakaria 9:16) Iseraele ea Molimo e emelang Sione ea leholimo, kapa “Jerusalema oa holimo,” ke mosebetsi o babatsehang oa letsoho la Molimo—matla a hae—ha a sebetsa. (Bagalata 4:26) Ka thuso ea Jehova, sechaba seo sa moea se iketselitse tlaleho e ikhethang ea botšepehi le boinehelo. Ba limilione, ho akarelletsa batlotsuoa le linku tse ling, ba matlafatsoa hore ba bonahatse tumelo le lerato tse ikhethang. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, batlotsuoa, ha ba se ba fumane moputso oa bona o khanyang oa leholimo, e tla ba likofuto tse letsohong la Jehova tsa ho phahamisetsa pōpo e bobolang bophelong bo sa feleng.—Baroma 8:21, 22; Tšenolo 22:2.
‘Jehova o Ithabetse ho Uena’
9. Hlalosa ho fetoha ha Sione.
9 Ho fanoa ha lebitso le lecha ke karolo ea phetoho e thabisang ea Sione ea leholimo joalokaha e emeloa ke bana ba eona ba lefatšeng. Rea bala: “Ha ho sa tla hlola ho thoe u mosali ea tlohetsoeng ka ho feletseng; ’me ha ho sa tla hlola ho thoe naha ea hao ke lesupi; empa u tla bitsoa Thabo ea Ka e ho Eena, naha ea hao e bitsoe Ea Ruiloeng Joaloka Mosali. Etsoe Jehova o tla ithabela ho uena, ’me naha ea hao e tla ruuoa joaloka mosali.” (Esaia 62:4) Sione ea lefatšeng e ’nile ea e-ba lesupi ho tloha ha e timetsoa ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, mantsoe a Jehova a e tiisetsa hore e tla tsosolosoa ’me e boele e be le baahi naheng ea eona. Sione e kileng ea ripitloa ha e sa tla hlola e e-ba mosali ea tlohetsoeng ka ho feletseng, ’me naha ea eona ha e sa tla hlola e e-ba lesupi. Ho tsosolosoa ha Jerusalema ka 537 B.C.E. ho bolela boemo bo bocha ho eona, bo fapaneng ka ho feletseng le boo pele e neng e le ho bona ba ho ba lesupi. Jehova o phatlalatsa hore Sione e tla bitsoa “Thabo ea Ka e ho Eena,” ’me naha ea eona e bitsoe, “Ea Ruiloeng Joaloka Mosali.”—Esaia 54:1, 5, 6; 66:8; Jeremia 23:5-8; 30:17; Bagalata 4:27-31.
10. (a) Iseraele ea Molimo e ile ea fetoha joang? (b) “Naha” ea Iseraele ea Molimo ke eng?
10 Ho qala ka 1919, Iseraele ea Molimo e ile ea fetoha ka tsela e tšoanang. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ho ile ha bonahala eka Molimo o lahlile Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa ka 1919 boemo ba bona ba ho amoheleha bo ile ba tsosolosoa, ’me tsela ea bona ea borapeli ea hloekisoa. Sena se ile sa ama lithuto tsa bona, mokhatlo oa bona o hlophisitsoeng le mosebetsi oa bona. Iseraele ea Molimo e ile ea kena ‘naheng’ ea eona, lefeng la eona la moea, kapa sebakeng sa eona sa tšebetso.—Esaia 66:7, 8, 20-22.
11. Bajuda ba rua ’m’a bona joaloka mosali joang?
11 Ha a hatisa ka ho eketsehileng boemo bo bocha, bo amohelehang ba batho ba hae, Jehova oa phatlalatsa: “Feela joalokaha mohlankana a rua moroetsana joaloka mosali oa hae, bara ba hao ba tla u rua joaloka mosali oa bona. Ka thabo e khaphatsehang eo monyali a bang le eona ka monyaluoa, Molimo oa hao o tla ithabela ho uena.” (Esaia 62:5) Ke joang Bajuda, “bara” ba Sione, ba ka ruang ’m’a bona joaloka mosali? Ka hore bara ba Sione ba khutlang ba lokolotsoeng botlamuoeng Babylona ba rua motse-moholo oa bona oa khale ’me ba boetse ba lula ho oona. Ha sena se etsahala, Sione ha e sa le lesupi empa e se e tletse bara.—Jeremia 3:14.
12. (a) Jehova o hlakisitse ka tsela efe hore Bakreste ba tlotsitsoeng ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o ikamahantseng le eena ka lenyalo? (b) Litšebelisano tsa Jehova le batho ba hae li fana ka mohlala o phahameng joang oa lenyalo kajeno? (Bona lebokose le leqepheng la 342.)
12 Ka tsela e tšoanang, ho tloha ka 1919 bana ba Sione ea leholimo ba ruile naha ea bona, e leng lefa la bona la moea, e nang le lebitso la boprofeta le reng, “Ea Ruiloeng Joaloka Mosali.” Mosebetsi oa bona oa Bokreste naheng eo o totobalitse hore Bakreste bana ba tlotsitsoeng ke “batho bakeng sa lebitso la [Jehova].” (Liketso 15:14) Ho beha ha bona litholoana tsa ’Muso le ho phatlalatsa ha bona lebitso la Jehova ho totobalitse hore Jehova o thabela Bakreste bana. O hlakisitse hore ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o ikamahantseng le eena bonngoeng bo ke keng ba senyeha. Ka ho tlotsa Bakreste bana ka moea o halalelang, ho ba lokolla botlamuoeng ba moea le ho ba sebelisa ho bolella batho bohle ka tšepo ea ’Muso, Jehova o bonahalitse hore o ba thabela ka thabo eo monyali a thabelang monyaluoa ka eona.—Jeremia 32:41.
“Le se ke la Khutsa”
13, 14. (a) Jerusalema e fetoha motse o fanang ka tšireletso joang mehleng ea boholo-holo? (b) Sione e fetoha “thoriso lefatšeng” joang mehleng ea kajeno?
13 Lebitso le lecha la tšoantšetso leo Jehova a faneng ka lona le etsa hore batho ba hae ba ikutloe ba sireletsehile. Baa tseba hore oa ba amohela le hore ke ba hae. Joale a sebelisa papiso e fapaneng, Jehova o bua le batho ba hae joalokaha eka o bua le motse o lika-likelitsoeng ka marako: “Uena Jerusalema, ke behile balebeli marakong a hao. Motšehare oohle le bosiu bohle, kamehla, ba se ke ba lula ba tsitsitse. Lōna ba buang ka Jehova, le se ke la khutsa, ’me le se ke la mo fa khutso ho fihlela a tiisa, e, ho fihlela a tiisa Jerusalema joaloka thoriso lefatšeng.” (Esaia 62:6, 7) Ka nako ea Jehova e loketseng ka mor’a hore masala a tšepahalang a khutle Babylona, Jerusalema e ba “thoriso lefatšeng”—motse o lika-likelitsoeng ka marako o sirelelitseng baahi ba oona. Bosiu le motšehare, balebeli ba falimehile marakong ana ho tiisa hore motse o sireletsehile le hore ba fe baahi ba oona melaetsa ea temoso.—Nehemia 6:15; 7:3; Esaia 52:8.
14 Mehleng ea kajeno Jehova o sebelisitse balebeli ba hae ba tlotsitsoeng ho bontša ba bonolo tsela e isang tokolohong ho tsoa kholehong ea bolumeli ba bohata. Bana ba memetsoe ho kena ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, moo ba sireletsoang litšileng tsa moea, litšusumetsong tse khopo le ho se khahliseng Jehova. (Jeremia 33:9; Sofonia 3:19) Sehlopha sa molebeli, e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene,” se fanang ka “lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng,” se phetha karolo ea bohlokoa tšireletsong ena. (Matheu 24:45-47) “Bongata bo boholo” bo sebetsang le sehlopha sa molebeli le bona bo phetha karolo ea bohlokoa ho etseng hore Sione e be “thoriso lefatšeng.”—Tšenolo 7:9.
15. Sehlopha sa molebeli le metsoalle ea sona se sebeletsa Jehova kamehla joang?
15 Mosebetsi oa sehlopha sa molebeli le metsoalle ea sona o ntse o tsoela pele! Boikemisetso ba bona ba pelo eohle bo bontšoa ke tšebetso e chesehang ea batho ba limilione ba tšepahalang ba tšehelitsoeng ke balebeli ba tsamaeang le basali ba bona; baithaopi mahaeng a fapaneng a Bethele le libakeng tsa khatiso tsa Lipaki tsa Jehova; baromuoa; le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla le ba thusang. Ho feta moo, ba sebetsa ka thata ho haha Liholo tse ncha tsa ’Muso, ho etela ba kulang, ho thusa ba tobaneng le maemo a phephetsang a phekolo ea meriana le ho fana ka thuso e nakong ho ba hlahetsoeng ke likoluoa le litlokotsi. Ba bangata ba batho bana ba itetseng hangata ba hlile ba sebetsa “bosiu le motšehare”!—Tšenolo 7:14, 15.
16. Bahlanka ba Jehova ‘ha ba mo fe khutso’ ka tsela efe?
16 Bahlanka ba Jehova ba khothalletsoa ho rapela ba sa phetse, ho kōpa Molimo hore “thato ea [hae] e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10; 1 Bathesalonika 5:17) Ba phehelloa ka matla: ‘Le se ke la fa [Jehova] khutso’ ho fihlela le fuoa seo le se lakatsang le seo le tšepileng ho se fumana mabapi le ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Jesu o ile a hatisa tlhokahalo ea ho rapela kamehla, a phehella balateli ba hae hore ba ‘hoeletse ho [Molimo] bosiu le motšehare.’—Luka 18:1-8.
Ho Sebeletsa Molimo ho Tla Putsoa
17, 18. (a) Baahi ba Sione ba ka lebella ho thabela litholoana tsa mosebetsi oa bona ka tsela efe? (b) Kajeno batho ba Jehova ba thabela litholoana tsa mosebetsi oa bona joang?
17 Lebitso le lecha leo Jehova a le fang batho ba hae le ba tiisetsa hore mosebetsi oa bona hase oa lefeela. “Jehova o hlapantse ka letsoho la hae le letona le ka letsoho la hae le matla: ‘Ha ke sa tla hlola ke fana ka lijo-thollo tsa hao e le lijo ho lira tsa hao, kapa basele ba noe veine ea hao e ncha, eo u e sehletseng. Empa ba li bokellang ba tla li ja, ’me ka sebele ba rorise Jehova; ba e bokellang ba tla e noella mabaleng a ka a halalelang.’” (Esaia 62:8, 9) Letsoho la Jehova le letona le letsoho la hae le matla ke tšoantšetso ea matla a hae le bonatla ba hae. (Deuteronoma 32:40; Ezekiele 20:5) Ho hlapanya ha hae ka lona ho bontša hore o ikemiselitse ho fetola boemo ba litaba Sione. Ka 607 B.C.E., Jehova o lumella lira tsa Sione ho hapa thepa ea eona le ho e tlatlapa. (Deuteronoma 28:33, 51) Empa joale, matlotlo a Sione a tla thabeloa feela ke ba nang le tokelo ho ’ona.—Deuteronoma 14:22-27.
18 Phethahatsong ea tšepiso ena kajeno, batho ba Jehova ba tsosolositsoeng ba naleng e khōlō ea moea. Ba thabela ka ho feletseng litholoana tsa mosebetsi oa bona—palo e eketsehileng ea barutuoa ba Bakreste le nala ea lijo tsa moea. (Esaia 55:1, 2; 65:14) Kaha batho ba hae baa tšepahala, Jehova ha a lumelle lira tsa bona hore li kena-kenane le nala ea bona ea moea kapa hore li ba amohe litholoana tsa tšebeletso ea bona ea pelo eohle. Ha ho mosebetsi le o mong o etsoang tšebeletsong ea Jehova oo e leng oa lefeela.—Malakia 3:10-12; Baheberu 6:10.
19, 20. (a) Bajuda ba hlekeloa tsela joang e le hore ba khutlele Jerusalema? (b) Mehleng ea kajeno ba bonolo ba hleketsoe tsela joang e le hore ba kene mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?
19 Lebitso le lecha le boetse le etsa hore mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o ipiletse ho batho ba lipelo li tšepahalang. Matšoele a phallela ho oona, ’me tsela e lula e butsoe bakeng sa ’ona. Boprofeta ba Esaia bo re: “Tsoang, tsoang lihekeng. Hlekang tsela ea batho. Etsang tutulu, etsang tutulu tseleng e khōlō. Tlosang majoe ho eona. Phahamisang pontšo bakeng sa lichaba.” (Esaia 62:10) Ketsahalong ea pele, mohlomong mohoo ona o bolela ho tsoa ka liheke tsa metse ea Babylonia ho khutlela Jerusalema. Ba khutlang ba lokela ho hleka majoe tseleng ho bebofatsa leeto le ho emisa pontšo e supang tsela.—Esaia 11:12.
20 Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba khetheloa tšebeletso ea Molimo ’me ba tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ (Esaia 35:8) E bile bona ba pele ba ho tsamaea tseleng e khōlō ea moea ho tsoa Babylona e Moholo. (Esaia 40:3; 48:20) Molimo o ile a ba fa tokelo ea ho etella pele ho phatlalatseng mesebetsi ea hae e matla le ho bontšeng ba bang tsela e eang tseleng e khōlō. Ho tlosa majoe ho eona—ho tlosa litšitiso—ho ile ha ba tsoela molemo haholo. (Esaia 57:14) Ba ne ba lokela ho bona merero ea Molimo le lithuto tsa hae ka ho hlaka. Litumelo tsa bohata ke litšitiso tseleng ea bophelo, empa Lentsoe la Jehova le “joaloka hamore ea ho khoba e thuhakanyang lefika.” Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba le sebelisa ho thuhakanya majoe a khopang, a neng a ka khopa ba batlang ho sebeletsa Jehova.—Jeremia 23:29.
21, 22. Jehova o behetse ba tlohelang bolumeli ba bohata pontšo efe, hona re tseba joang?
21 Ka 537 B.C.E., Jerusalema e ile ea fetoha pontšo e ileng ea hohela masala a Bajuda hore a khutle ’me a tl’o tsosolosa tempele. (Esaia 49:22) Ha masala a tlotsitsoeng a lokolloa kholehong ea bolumeli ba bohata ka 1919, ha aa ka a lelera hohle a se na sepheo. A ne a tseba moo a habileng teng, kaha Jehova o ne a a behetse pontšo. Pontšo efe? Eona pontšo e boletsoeng pejana ho Esaia 11:10, e balehang tjena: “Letsatsing leo ho tla ba le motso oa Jese o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba.” Moapostola Pauluse o sebelisa mantsoe ana ho Jesu. (Baroma 15:8, 12) E, pontšo eo ke Kreste Jesu, ea busang e le Morena Thabeng ea Sione ea leholimo!—Baheberu 12:22; Tšenolo 14:1.
22 Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le linku tse ling ba bokelleloa ho Jesu Kreste hore ba kopanele borapeling bo momahanyang ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Bobusi ba hae bo sebeletsa ho tlosa qoso bobusing ba Jehova ba bokahohle le ho hlohonolofatsa ba lipelo li tšepahalang ba tsoang lichabeng tsohle tsa lefatše. Na lee hase lebaka la hore e mong le e mong oa rōna a kopanele ho mo phahamiseng ka thoriso?
“Poloko ea Hao ea Tla”!
23, 24. Ba lumelang ho Molimo ba tlisetsoa poloko joang?
23 Lebitso le lecha leo Jehova a le fang mokhatlo oa hae o kang mosali le amana le poloko ea ka ho sa feleng ea bana ba oona. Esaia oa ngola: “Bonang! Jehova o entse hore e utluoe karolong e hōle-hōle ea lefatše: ‘E-reng ho morali oa Sione, “Bona! Poloko ea hao ea tla. Bona! Moputso oo a fanang ka oona o ho eena, ’me moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.”’” (Esaia 62:11) Bajuda ba fumana poloko ha Babylona e oa ’me ba khutlela naheng ea habo bona. Empa mantsoe ana a supa ntho e ’ngoe e khōloanyane. Phatlalatso ena ea Jehova e re hopotsa boprofeta ba Zakaria mabapi le Jerusalema: “Thaba haholo, Uena morali oa Sione. Hooa ka tlhōlo, Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena oa hao o tla ho uena. O lokile, e, o pholositsoe; o ikokobelitse, ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.”—Zakaria 9:9.
24 Lilemo tse tharo le halofo hoba Jesu a kolobetsoe metsing ’me a tlotsoe ka moea oa Molimo, o ile a kena a kaletse Jerusalema ’me a hloekisa tempele ea teng. (Matheu 21:1-5; Johanne 12:14-16) Kajeno, Jesu Kreste ke eena ea tlisetsang bohle ba nang le tumelo ho Molimo poloko e tsoang ho Jehova. Ho tloha ha a behoa teroneng ka 1914, Jesu e boetse ke Moahloli le Mophethahatsi oa Kahlolo ea khethiloeng ke Jehova. Ka 1918, lilemo tse tharo le halofo ka mor’a hore a behoe teroneng, o ile a hloekisa tempele ea Jehova ea moea, joalokaha lefatšeng e emeloa ke phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Malakia 3:1-5) Ho emisoa ha hae e le pontšo ho ile ha tšoaea ho qaleha ha pokello e khōlō ea batho lefatšeng ka bophara, ba tšehetsang ’Muso oa Bomesia. Ho latela mohlala oa boholo-holo, Iseraele ea Molimo e ile ea fumana “poloko” ha e lokolloa Babylona e Moholo ka 1919. “Moputso” o boloketsoeng bakotuli ba itetseng ke bophelo ba ho se shoe leholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng. Bohle ba lulang ba tšepahala ba ka kholiseha hore “mosebetsi oa [bona] hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakorinthe 15:58.
25. Batho ba Jehova ba fuoa tiiso efe?
25 Baemeli ba tlotsitsoeng ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo ba mona lefatšeng le bohle ba kopanelang le bona ka mafolofolo ba na le tebello e ipiletsang hakaakang! (Deuteronoma 26:19) Esaia o ile a profeta: “Ka sebele batho ba tla ba bitsa sechaba se halalelang, se rekolotsoeng ke Jehova; ’me u tla bitsoa Ea Batloang, Motse o sa Tloheloang ka ho Feletseng.” (Esaia 62:12) Ka nako e ’ngoe, “Jerusalema oa holimo,” e emeloang ke Iseraele ea Molimo, e ne e ikutloa eka e furaletsoe. Ha e sa tla hlola e ikutloa ka tsela eo. Batho ba Jehova ba tla ba tlas’a tlhokomelo ea hae e sireletsang ka ho sa feleng, ba thabele ho lula ba amoheloa ke eena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boprofeteng ba Bibele, “lebitso le lecha” le ka bontša boemo bo bocha kapa tokelo e ncha.—Tšenolo 2:17; 3:12.
Mohlala o Phahameng oa Lenyalo
Ha batho ba kena lenyalong, ba kena kopanong eo ea lenyalo ba lebeletse ho itseng. Empa Molimo o lebeletse eng? Ke eena ea simolotseng tokisetso ea lenyalo. Morero oa hae e ne e le ofe ka lona?
Tsela e ’ngoe e bontšang kamoo Molimo a talimang taba ena kateng e senoloa ke kamano ea hae le sechaba sa Iseraele. Esaia o hlalosa kamano ena e le ea lenyalo. (Esaia 62:1-5) Hlokomela seo Jehova Molimo e le “monna” a se etsetsang “monyaluoa” oa hae. Oa mo sireletsa le ho mo halaletsa. (Esaia 62:6, 7, 12) Oa mo hlompha ebile oa mo ananela. (Esaia 62:3, 8, 9) Hape oa mo thabela, joalokaha ho bontšoa ke mabitso a macha ao a mo fang ’ona.—Esaia 62:4, 5, 12.
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, Pauluse o lumellana le tlhaloso ea Esaia ea kamano eo Jehova a nang le eona le Iseraele ha a bapisa kamano ea monna le mosali le kamano eo Kreste a nang le eona le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng.—Baefese 5:21-27.
Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ho etsisa kamano eo Jesu a nang le eona le phutheho manyalong a bona. Ha ho lerato le ka fetang leo Jehova a le bontšitseng Iseraele le leo Kreste a le bontšitseng phutheho. Likamano tseo tsa tšoantšetso li fana ka mohlala o phahameng oa lenyalo le atlehileng le le thabileng pakeng tsa Bakreste.—Baefese 5:28-33.
[Setšoantšo se leqepheng la 339]
Jehova o tla bitsa Sione ea leholimo ka lebitso le lecha
[Litšoantšo tse leqepheng la 347]
Sehlopha sa molebeli sa Jehova ha sea lula se khutsitse mehleng ea kajeno