Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Mene
Jehova o Iketsetsa Lebitso le Letle
1, 2. (a) Bakreste ba thahasella eng ka ho tla ha “letsatsi la Jehova”? (b) Ho ameha taba efe e tebileng ho tleng ha letsatsi la Jehova?
BAKRESTE ba ’nile ba ‘leta le ho lula ba hopotse ho ba teng ha letsatsi la Jehova’ ka lilemo tse ka bang likete tse peli. (2 Petrose 3:12; Tite 2:13) Ke ho utloahalang hore ebe ba labalabela ho tla ha letsatsi leo. Ho tla ha lona ho tla tšoaea ho qaleha ha topollo ea bona liphellong tse senyang tsa ho se phethahale. (Baroma 8:22) Hape ho tla bolela ho fela ha likhatello tseo ba fetang ho tsona ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’—2 Timothea 3:1.
2 Leha ho le joalo, le hoja letsatsi la Jehova le tla tlisetsa ba lokileng topollo, le tla boela le bolela timetso ho “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:7, 8) Ena ke taba e lokelang ho nahanisisoa ka ho teba. Na ka sebele Molimo o tla tlisa timetso ea ba khopo e le hore feela a pholose batho ba hae maemong a sithabetsang? Khaolo ea 63 ea Esaia e bontša hore ho ameha taba e tebileng haholo ho feta eo, e leng ho halaletsoa ha lebitso la Molimo.
Ho Tsamaea ha Mohlabani ea Hlōlang
3 Ho Esaia khaolo ea 62, re bala ka ho lokolloa ha Bajuda botlamuoeng Babylona le ho tsosolosetsoa ha bona naheng ea habo bona. Joalokaha ho ka lebelloa, ho hlaha potso: Na masala a khutlisitsoeng a Bajuda a lokela ho tšoha hore a tla boela a timetsoa ke lichaba tse ling tsa lira? Pono ea Esaia e kokobetsa tšabo ea bona haholo. Boprofeta boo bo qala ka ho re: “Ke mang enoa ea tsoang Edomo, ea apereng liaparo tse mebala e khanyang ea Bozra, enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang, ea tsamaeang matleng a hae a maholo?”—Esaia 63:1a.
4 Esaia o bona mohlabani, ea mahlahahlaha le ea hlōlang, a tla a lebile Jerusalema. Liaparo tsa hae tse khanyang li bontša hore ke oa boemo bo phahameng haholo. O hlaha nģ’a motse oa Edomo o hlahelletseng ka ho fetisisa, Bozra, e leng ho fanang ka maikutlo a hore o hlōtse naha eo ea sera ka tlhōlo e tsoileng matsoho. Ebe mohlabani eo ke mang? Litsebi tse ling li re ke Jesu Kreste. Tse ling li lumela hore ke molaoli oa sesole oa Mojuda, Judas Maccabaeus. Leha ho le joalo, mohlabani eo ka boeena oa itsebahatsa ha a araba potso e ka holimo ka ho re: “Ke ’na, Ea buang ka ho loka, Ea atetsoeng ke matla a ho pholosa.”—Esaia 63:1b.
5 Ha ho pelaelo hore mohlabani enoa ke Jehova Molimo ka boeena. Kae-kae, o hlalosoa e le ea nang le ‘bonatla bo boholo’ le “ea buang se lokileng.” (Esaia 40:26; 45:19, 23) Liaparo tse ntlehali tsa mohlabani enoa li re hopotsa mantsoe a mopesaleme: “Jehova Molimo oa ka, u moholo haholo. U apere ho hlompheha le bokhabane.” (Pesaleme ea 104:1) Le hoja Jehova e le Molimo ea lerato, Bibele e bontša hore ka puo ea tšoantšetso o apara seaparo sa mohlabani ha ho hlokahala.—Esaia 34:2; 1 Johanne 4:16.
6 Empa ke hobane’ng ha Jehova a khutla ntoeng Edomo? Baedomo, ba ntseng ba koetlile lehloeo le neng le qaloe ke ntat’a bona moholo, Esau, ke lira tsa khale tsa batho ba Molimo ba selekane. (Genese 25:24-34; Numere 20:14-21) Ho teba ha lehloeo la Edomo ho Juda ho ile ha totobala ka ho khetheha nakong ea ha Jerusalema e etsoa lesupi ’me Baedomo ba thoholetsa masole a Babylona. (Pesaleme ea 137:7) Jehova o nka lehloeo le joalo e le ho mo khoatha ka monoana ka leihlong. Hase feela a rerileng ho lokolla sabole ea hae ea phetetso ho loantša Edomo!—Esaia 34:5-15; Jeremia 49:7-22.
7 Kahoo pono ea Esaia ke khothatso e khōlō ho Bajuda ba khutlelang Jerusalema. E ba tiisetsa hore ba tla lula ba sireletsehile lehaeng la bona le lecha. Ha e le hantle, mehleng ea moprofeta Malakia, Molimo o ile a etsa ‘lithaba tsa Edomo lesupi ’me lefa la eona a le etsetsa liphokojoe tsa lefeella.’ (Malakia 1:3) Joale, na see se bolela hore boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ka ho feletseng mehleng ea Malakia? Che, hobane ho sa tsotellehe ho etsoa ha eona lesupi, Edomo e ne e ikemiselitse ho tsosolosa libaka tsa eona tse ripitliloeng, ’me Malakia o ile a tsoela pele ho bitsa Edomo “naha ea bokhopo” le “batho bao Jehova a ba nyatsitseng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”a (Malakia 1:4, 5) Leha ho le joalo, ka tsela ea boprofeta Edomo ha e akarelletse litloholo tsa Esau feela. E sebeletsa e le tšoantšetso ea lichaba tsohle tse ipakang e le lira tsa barapeli ba Jehova. Lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa itlhoma pele ka ho khetheha ntlheng ena. Ho tla etsahala’ng ka Edomo ee ea kajeno?
Sehatelo sa Veine
8 Esaia o botsa mohlabani ea khutlang: “Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu, le liphahlo tsa hao li tšoana le tsa ea hatakelang sehatelo sa veine?” Jehova oa araba: “Ke hataketse bate ea veine ke le mong, ha ho ne ho se na motho eo ke nang le eena ho lichaba. Ka ’na ka ba hatakela bohaleng ba ka, ka ’na ka ba hatakela khalefong ea ka. Mali a bona a tšikhunyang a ’na a qaphaletsa liaparo tsa ka, ’me ke silafalitse liphahlo tsohle tsa ka.”—Esaia 63:2, 3.
9 Mantsoe ana a qaqileng a hlalosa tšollo ea mali. Ke kahoo le liaparo tse ntle haholo tsa Molimo li silafetseng, li tšoanang le liaparo tsa motho ea hatakelang sehatelo sa veine! Sehatelo sa veine se tšoantšetsa ka nepo boemo ba ho qabelloa boo lira tsa Jehova Molimo li iphumanang li le ho bona ha a nka khato ea ho li timetsa. Sehatelo see sa tšoantšetso sa veine se tla hatakeloa neng? Boprofeta ba Joele le ba moapostola Johanne le bona bo bua ka sehatelo sa tšoantšetso sa veine. Sehatelo sa veine boprofeteng boo se lokela ho hatakeloa ha Jehova a hatakela lira tsa hae ho li timetsa ka Armagedone. (Joele 3:13; Tšenolo 14:18-20; 16:16) Sehatelo sa veine sa boprofeta ba Esaia le sona se supa nako eona eo.
10 Joale, ke hobane’ng ha Jehova a re o ile a hatakela sehatelo see sa veine a le mong, ha ho ne ho se na motho ea nang le eena ea tsoang lichabeng? Na Jesu Kreste, joaloka moemeli oa Molimo, ha a na ho etella pele ho hatakeleng sehatelo sa veine? (Tšenolo 19:11-16) E, o tla etella pele, empa Jehova o bua ka batho, eseng ka libōpuoa tsa moea. O bolela hore ha ho motho ea ka khonang ho felisa balateli ba Satane lefatšeng. (Esaia 59:15, 16) Ke Molimo ea Matla ’Ohle feela ea lokelang ho tsoela pele ho ba hatakela khalefong ea hae, ho fihlela ba silakantsoe ka ho feletseng.
11 Jehova o tsoela pele ho hlalosa lebaka leo ka lona a etsang mosebetsi ona ka boeena, o re: “Letsatsi la phetetso le pelong ea ka, ’me selemo sa batho ba ka ba rekolotsoeng se fihlile.” (Esaia 63:4)b Ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho tlisa phetetso ho ba ntšang batho ba hae kotsi. (Deuteronoma 32:35) Mehleng ea boholo-holo “ba rekolotsoeng” e ne e le Bajuda ba sotloang ke Bababylona. (Esaia 35:10; 43:1; 48:20) Mehleng ea kajeno ke masala a tlotsitsoeng. (Tšenolo 12:17) Joaloka a mang a habo ’ona a mehleng ea boholo-holo, a rekolotsoe botlamuoeng ba bolumeli. Joaloka Bajuda bao, batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ea “linku tse ling,” ba ’nile ba hlokofatsoa ka ho hlorisoa le ho hanyetsoa. (Johanne 10:16) Kahoo, boprofeta ba Esaia bo tiisetsa Bakreste kajeno hore Molimo o tla ba namolela, ka nako ea Hae eo a e behileng.
12 Jehova o tsoela pele: “Ka ’na ka talima, empa ho ne ho se na mothusi; eaba ke qala ho iponahatsa ke maketse, empa ho ne ho se na ea fanang ka tšehetso. Kahoo letsoho la ka la mpha poloko, ’me ka tšehetsoa ke khalefo ea ka. Ka ’na ka hatakela lichaba bohaleng ba ka, ka li tahisa ka khalefo ea ka ’me ka theolela lefatšeng mali a tsona a tšikhunyang.”—Esaia 63:5, 6.
13 Ha ho mothusi oa motho ea ka inkelang botumo ka letsatsi le leholo la Jehova la phetetso. Ebile Jehova ha a hloke tšehetso ea motho leha e le ofe ho phethahatsa thato ea hae.c Letsoho la hae le matla ka ho ke keng ha lekanngoa le lekane bakeng sa ho etsa seo. (Pesaleme ea 44:3; 98:1; Jeremia 27:5) Ho feta moo, khalefo ea hae ea mo tšehetsa. Joang? Ka hore khalefo ea Molimo hase maikutlo a sa laoleheng empa ke khalefo e lokileng. Kaha kamehla Jehova o nka khato ho latela melao-motheo e lokileng, khalefo ea hae ea mo tšehetsa ’me e mo susumelletsa ho “theolela lefatšeng mali [a lira tsa hae] a tšikhunyang,” ho li tlotlolla le ho li hlōla.—Pesaleme ea 75:8; Esaia 25:10; 26:5.
Mosa o Lerato oa Molimo
14 Mehleng e fetileng, kapele-pele Bajuda ba ile ba felloa ke kananelo bakeng sa lintho tseo Jehova a ba etselitseng tsona. Joale, ka ho loketseng Esaia o ba hopotsa lebaka leo Jehova a entseng lintho tseo ka lona. Esaia oa phatlalatsa: “Ke tla bolela mosa oa Jehova o lerato, lithoriso tsa Jehova, ho ea ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona, esita le molemo o mongata ho ntlo ea Iseraele oo a e fileng oona ho ea ka mehauhelo ea hae le ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato. Eaba o tsoela pele ho re: ‘Ka sebele ke batho ba ka, bara ba ke keng ba iponahatsa ba se na ’nete.’ Kahoo a fetoha Mopholosi oa bona. Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha. Lenģosa la hae le ile la ba pholosa. Leratong la hae le qenehelong ea hae o ile a ba rekolla, eaba oa ba phahamisa le ho ba jara ka matsatsi ’ohle a khale.”—Esaia 63:7-9.
15 Jehova o beha mohlala o ikhethang hakaakang oa ho bontša mosa o lerato, kapa lerato le tšepahalang! (Pesaleme ea 36:7; 62:12) Jehova o ile a theha kamano e lerato le Abrahama. (Mikea 7:20) O ile a tšepisa mopatriareka eo hore lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hae, kapa ka setloholo sa hae. (Genese 22:17, 18) Jehova o ile a khomarela tšepiso eo, a bontša ntlo ea Iseraele molemo o moholo. Ketso e ikhethang har’a liketso tsa hae tse tšepahalang e bile ho lokolla ha hae litloholo tsa Abrahama bokhobeng Egepeta.—Exoda 14:30.
16 Ka mor’a Ho Falla hoo, Jehova o ile a tlisa Iseraele Thabeng ea Sinai ’me a etsa tšepiso ena: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng . . . Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.” (Exoda 19:5, 6) Na Jehova o ne a ba thetsa ha a etsa tšepiso eo? Ka sebele ha ho joalo, kaha Esaia o bontša hore Jehova o ile a ipolella, a re: “Ka sebele ke batho ba ka, bara ba ke keng ba iponahatsa ba se na ’nete.” Setsebi se seng se re: “Poleloana ‘ka sebele’ hase taelo ea bobusi kapa e fanoang ka lebaka la ho ba le tsebo ea lintho esale pele: ke ho tšepa le ho kholiseha ka lerato.” E, Jehova o ile a etsa selekane sa hae ka sepheo se setle, a hlile a batla hore batho ba hae ba atlehe. Ho sa tsotellehe mefokolo ea bona e totobetseng, o ile a bontša ho ba tšepa. Ke ho babatsehang hakaakang ho rapela Molimo ea tšepang barapeli ba hae joalo! Baholo kajeno ba matlafatsa ba behiloeng tlhokomelong ea bona haholo ha ba bontša ho ba le kholiseho e tšoanang ea hore ha e le hantle batho ba Molimo ba molemo.—2 Bathesalonika 3:4; Baheberu 6:9, 10.
17 Leha ho le joalo, mopesaleme o re ka Baiseraele: “Ba lebala Molimo Mopholosi oa bona, Moetsi oa lintho tse khōlō Egepeta.” (Pesaleme ea 106:21) Boikutlo ba bona ba ho se mamele le ho satalatsa melala bo ne bo atisa ho ba kenya maqakabetsing. (Deuteronoma 9:6) Na Jehova o ile a khaotsa ho ba bontša mosa o lerato? Che, ho e-na le hoo Esaia o bolela hore “nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” Jehova o na le kutloelo-bohloko e kaakang! Joaloka ntate leha e le ofe ea lerato, Molimo o ne a utloisoa bohloko ke ho bona bana ba hae ba utloa bohloko, esita leha ba utloa bohloko ka lebaka la booatla ba bona. Joalokaha ho boletsoe esale pele hape e le pontšo ea lerato la hae, o ile a romela “lenģosa la hae,” mohlomong Jesu pele e e-ba motho oa nama, ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng. (Exoda 23:20) Kahoo Jehova o ile a phahamisa sechaba le ho se jara, “feela joalokaha motho a nka mora oa hae.” (Deuteronoma 1:31; Pesaleme ea 106:10) Kajeno re ka kholiseha hore Jehova o hlokomela matšoenyeho a rōna ka tsela e tšoanang le hore o re utloela bohloko ha re le maqakabetsing. Ka kholiseho re ka ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho eena, hobane oa re tsotella.’—1 Petrose 5:7.
Molimo o Fetoha Sera
18 Leha ho le joalo, ha ho mohla re lokelang ho fetola mosa o lerato oa Molimo lefeela. Esaia o tsoela pele: “Ba rabela ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko. Joale a fetoha sera sa bona; a ba loantša.” (Esaia 63:10) Jehova o ile a ba lemosa hore le hoja e le Molimo ea mohau le ea mosa, “ho hang a ke ke a [ba] lokolla kotlong.” (Exoda 34:6, 7) Baiseraele ba ile ba ipeha mocheng oa ho fuoa kotlo ka ho lula ba ntse ba mo fetohela. Moshe o ile a ba hopotsa: “Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lōna kateng lefeelleng. Ho tloha letsatsing leo le tsoileng naheng ea Egepeta ka lona ho fihlela ha le fihla sebakeng sena le fetohetse Jehova.” (Deuteronoma 9:7) Ka ho ba khahlanong le liphello tse hahang tsa moea oa Molimo, ba o utloisitse bohloko, kapa ba o soabisitse. (Baefese 4:30) Ba qobeletse Jehova ho fetoha sera sa bona.—Levitike 26:17; Deuteronoma 28:63.
19 Mahlomoleng a bona, Bajuda ba bang ba susumelletseha ho nahanisisa ka tsa nakong e fetileng. Esaia o re: “E mong [a] qala ho hopola matsatsi a khale, mohlanka oa hae Moshe: ‘O hokae Ea ba ntšitseng leoatleng hammoho le balisa ba mohlape oa hae? O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena? Ea isang letsoho la Hae le letle letsohong le letona la Moshe; Ea arolang metsi ka pel’a bona e le hore a iketsetse lebitso le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang; Ea etsang hore ba tsamaee har’a metsi a bilohang hoo, joaloka pere lefeelleng, ba sa kang ba khoptjoa? Feela joalokaha phoofolo e theohela thoteng, moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.’”—Esaia 63:11-14a.d
20 E, ka lebaka la liphello tse bohloko tsa ho se mamele, Bajuda ba labalabela matsatsi a ha Jehova e ne e le Molopolli oa bona ho e-na le ho ba sera sa bona. Ba hopola kamoo “balisa” ba bona, Moshe le Arone, ba ileng ba ba tšelisa Leoatle le Lefubelu ba sireletsehile kateng. (Pesaleme ea 77:20; Esaia 51:10) Ba hopola nako eo ka eona, ho e-na le ho utloisa moea oa Molimo bohloko, ba neng ba tsamaisoa ke oona ka tataiso ea Moshe le banna ba bang ba hōlileng ba khethiloeng ka moea. (Numere 11:16, 17) Ba boetse ba hopola ha ba ne ba bona ‘letsoho la Jehova le letle’ la matla le sebetsa ka Moshe molemong oa bona! Hamorao, Molimo o ile a ba ntša lehoatateng le leholo le tšosang ’me a ba kenya naheng e phallang lebese le mahe a linotši—sebakeng sa phomolo. (Deuteronoma 1:19; Joshua 5:6; 22:4) Empa hona joale Baiseraele ba utloa bohloko ka lebaka la hore ha ba sa na kamano e ntle le Molimo!
‘O Iketsetsa Lebitso le Letle’
21 Ho sa tsotellehe seo, ho lahleheloa ha Baiseraele ke lintho tse bonahalang hase letho ha ho bapisoa le ho lahleheloa ha bona ke tokelo eo ba bapetseng ka eona, e leng ea ho kopanela ho tlotliseng lebitso la Molimo. Moshe o ile a tšepisa Baiseraele: “Jehova o tla u tiisa joaloka sechaba sa hae se halalelang, feela joalokaha a u hlapanyelitse, kahobane u ntse u boloka litaelo tsa Jehova Molimo oa hao, ’me u tsamaile litseleng tsa hae. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla lokela ho bona hore u bitsitsoe ka lebitso la Jehova, ’me ruri li tla u tšaba.” (Deuteronoma 28:9, 10) Ha Jehova a ne a loanela litloholo tsa Abrahama, a li lokolla bokhobeng Egepeta, o ne a sa etse seo feela molemong oa ho li nolofalletsa bophelo kapa ho li natefisetsa bophelo. O ile a nka khato eo molemong oa ho hong habohlokoa ho feta—e leng lebitso la hae. E, o ile a netefatsa hore lebitso la hae le ‘boleloa lefatšeng lohle.’ (Exoda 9:15, 16) ’Me ha Molimo a bontša Iseraele mohau ka mor’a bofetoheli ba eona lefeelleng, o ne a sa etse seo feela ka lebaka la ho nkeha maikutlo. Jehova ka boeena o ile a re: “Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba.”—Ezekiele 20:8-10.
22 Joale Esaia o phethela boprofeta boo ka tsela e matla hakaakang! O re: “Ka hona ua etella batho ba hao pele e le hore u iketsetse lebitso le letle.” (Esaia 63:14b) Joale ho totobetse hore na ke hobane’ng ha Jehova a loanela batho ba hae ka matla hakana. Ke hore a iketsetse lebitso le letle. Kahoo boprofeta ba Esaia bo sebeletsa e le khopotso e matla ea hore ho jara lebitso la Jehova ke tokelo e hlollang ebile ke boikarabelo bo tebileng. Bakreste ba ’nete kajeno ba rata lebitso la Jehova ho feta bophelo ba bona. (Esaia 56:6; Baheberu 6:10) Ha ba batle ho etsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea tlisa thohako lebitsong leo le halalelang. Ba arabela leratong la Molimo le tšepahalang ka ho lula ba tšepahala ho eena. ’Me kaha ba rata lebitso la Jehova le letle, ba labalabela letsatsi leo ka lona a tlang ho hatakela lira tsa hae sehatelong sa veine ea bohale ba hae—eseng feela hobane ho tla ba tsoela molemo empa hobane ho tla lebisa ho tlotlisoeng ha lebitso la Molimo leo ba le ratang.—Matheu 6:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bo-Heroda ba lekholong la pele la lilemo C.E. e ne e le Baedomo.
b E ka ’na eaba poleloana “selemo sa batho ba ka ba rekolotsoeng” e bolela nako e le ’ngoe le “letsatsi la phetetso.” Hlokomela kamoo ho sebelisitsoeng lipoleloana tse kang tsena kateng ho Esaia 34:8.
c Jehova o bontša ho makala ka hore ebe ha ho ea faneng ka tšehetso. Ka sebele ho ka ’na ha nahanoa hore ke ho makatsang hore ebe lilemo tse ka bang 2 000 ka morao ho lefu la Jesu, ba matla ba moloko oa batho ba ntse ba hanyetsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 2:2-12; Esaia 59:16.
d Temana ena e ka boela ea qala ka ho re: “A qala ho hopola.” (Esaia 63:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Leha ho le joalo, sena ha se hlile ha se bolele hore Jehova ke eena ea hopolang. Mantsoe a latelang a hlalosa maikutlo a batho ba Molimo eseng a Jehova. Ke kahoo Soncino Books of the Bible e fetolelang mantsoe ana tjena: “Eaba batho ba Hae ba hopola matsatsi a khale.”
3, 4. (a) Boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 63 bo fanoe tlas’a boemo bofe? (b) Ke mang eo Esaia a mo bonang a tla a lebile Jerusalema, hona litsebi tse ling li ’nile tsa re ke mang?
5. Mohlabani eo Esaia a mo bonang ke mang, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
6. Ke hobane’ng ha Jehova a khutla ntoeng Edomo?
7. (a) Boprofeta bo khahlanong le Edomo bo ile ba phethahala joang qalong? (b) Edomo e tšoantšetsa eng?
8, 9. (a) Mohlabani eo Esaia a mo bonang o etsa mosebetsi ofe? (b) Sehatelo sa tšoantšetso sa veine se hatakeloa neng hona joang?
10. Ke hobane’ng ha Jehova a re o ile a hatakela sehatelo sa veine a le mong?
11. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a tlisa “letsatsi la phetetso”? (b) “Ba rekolotsoeng” e ne e le bo-mang mehleng ea boholo-holo, hona ke bo-mang mehleng ea kajeno?
12, 13. (a) Jehova ha a na mothusi ka tsela efe? (b) Letsoho la Jehova le fana ka poloko joang, hona khalefo ea hae e mo tšehetsa joang?
14. Joale Esaia o fana ka likhopotso life tse loketseng?
15. Jehova o ile a bontša litloholo tsa Abrahama mosa o lerato joang Egepeta hona hobane’ng?
16. (a) Jehova o ne a e-na le boikutlo bofe ha a etsa selekane le Iseraele? (b) Molimo o sebelisana le batho ba hae joang?
17. (a) Jehova o ile a fana ka bopaki bofe ba lerato la hae ho Baiseraele? (b) Re ka kholiseha ka eng kajeno?
18. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fetoha sera sa batho ba hae?
19, 20. Bajuda ba hopola lintho life, hona hobane’ng?
21. (a) Iseraele e ka be e bile le tokelo efe e khōlō mabapi le lebitso la Molimo? (b) Lebaka la Molimo le ka sehloohong la ho lokolla litloholo tsa Abrahama Egepeta e ne e le lefe?
22. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a tla boela a loanele batho ba hae nakong e tlang? (b) Ho rata ha rōna lebitso la Molimo ho ama liketso tsa rōna ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 359]
Jehova o ne a lebeletse se molemo ho batho ba hae