-
Tšepo ea Sebele Bakeng sa BanaTsoha!—1994 | May 8
-
-
Ho Esaia 65:17, Molimo o re: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Ho hlokahala “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” bakeng sa ho hlokomela bana ba lefatše ka ho loketseng.
‘Lefatše lena le lecha’ ke mokhatlo o mocha oa batho ba khomarelang melao-motheo eo Jesu Kreste a e rutileng. O mong oa melao-motheo eo, joalokaha Jesu a hlalositse, ke hore “leha e le mang ea amohelang e mong oa bana ba banyenyane joalo motheong oa lebitso la ka, o amohela ’na.” (Mareka 9:37, NW) Ka sebele sechaba se tšoarang ngoana e mong le e mong e monyenyane joalokaha eka ke Kreste ka boeena e tla ba “lefatše le lecha”! Hona joale, batho ba limilione ba ikitlaetsa ka matla ho etsa joalo, ’me ba atlehile ho neha ba bang ba bana ba lefatše tšepo.
-
-
Tšepo ea Sebele Bakeng sa BanaTsoha!—1994 | May 8
-
-
“Maholimo a Macha” Bakeng sa Lefatše le Molemo
Ke Molimo feela ea ka fanang ka tharollo e feletseng. Ke ka lebaka lena boprofeta ba Esaia bo hlalosang hore “lefatše le lecha” le tla tsamaisana le “maholimo a macha.” Ka makhetlo a mangata Bibele e tšepisa hore “leholimo le lecha” kapa “maholimo a macha” a tla thehoa. (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1) Lekhetlo ka leng ho thehoa ha ‘maholimo ana a macha’ ho tšoantšoa e le mohato oa bohlokoa o lebisang ho feliseng bohloko le ho tliseng ho loka lefatšeng. ‘Maholimo ana a macha’ ha e le hantle ke’ng?
Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “maholimo” joaloka tlhaloso e ’ngoe ea puso, ebang ke ea Molimo kapa ea batho. (Bapisa le Daniele 4:25, 26.) Puso ena e ncha ke ’Muso oa leholimo, ’Muso oa Molimo—ona oo Jesu a rutileng balateli ba hae ho o rapella. (Mattheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla ba le matla a ho felisa bomalimabe leha e le bofe bo ka sokelang bana ba lefatše ’me o tla etsa joalo.
Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka seo? Hobane puso e bonahatsa botho ba babusi ba eona. Ka hona, ’Muso oa Molimo o tla busa tumellanong le litekanyetso tsa Molimo le tsa Mor’a hae, Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ka bobeli ba bonahalitse thahasello e mofuthu boiketlong ba bana.—Pesaleme ea 10:14; 68:5; Mareka 10:14.
Ha re ntse re lebeletse ka cheseho ’Muso ona o tšepisitsoeng kapa “maholimo a macha,” re ka sebeletsa ho ntlafatsa maemo a bana tulong ea habo rōna. Ka ho loketseng Seboka sa Lefatše Bakeng sa Bana se fihletse qeto ena: “Ha ho mosebetsi o molemo haholo ho feta ho neha ngoana e mong le e mong bokamoso bo molemonyana.”
-