Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Supileng
Jehova o Hlohonolofatsa Borapeli bo Hloekileng
1. Ke lintlha life tse totobatsoang khaolong ea ho qetela ea Esaia, hona e araba lipotso life?
KHAOLO ea ho qetela ea Esaia e tlisa lihlooho tse ling tse khōlō tsa buka ena ea boprofeta sehlohlolong se hlollang le ho araba lipotso tse ’maloa tsa bohlokoa. Tse ling tsa lihlooho tse totobatsoang ke bophahamo ba Jehova, ho hloea ha hae boikaketsi, ho ikemisetsa ha hae ho otla ba khopo le ho rata le ho ameha ha hae ka ba tšepahalang. Ho feta moo, e arabela lipotso tse latelang: Ke eng e khethollang borapeli ba ’nete ho ba bohata? Ke eng e ka re kholisang hore Jehova o tla tlisa phetetso ho baikaketsi ba iketsang eka baa halalela empa ba hatella batho ba Molimo? Jehova o tla hlohonolofatsa ba lulang ba tšepahala ho eena joang?
Senotlolo sa Borapeli bo Hloekileng
2. Jehova o phatlalatsa eng mabapi le bophahamo ba hae bo hlollang, hona phatlalatso ee ha e fane ka maikutlo afe?
2 Boprofeta bo qala ka ho hatisa boholo bo hlollang ba Jehova: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto. Joale, e hokae ntlo eo le ka nkahelang eona, ’me joale, se hokae sebaka seo e leng sebaka sa ka sa phomolo?’” (Esaia 66:1) Ba bang ba lekanya hore moprofeta ha a khothalletse Bajuda hore ba boele ba hahele Jehova tempele ha sechaba se khutlisetsoa naheng ea habo sona. Empa ha ho joalo; Jehova ka boeena o tla laela hore tempele e hahuoe bocha. (Esdrase 1:1-6; Esaia 60:13; Hagai 1:7, 8) Joale, temana ee e bolela’ng?
3. Ke hobane’ng ha ho loketse ho hlalosa lefatše e le ‘setuloana sa Jehova sa maoto’?
3 Ntlha ea pele, mohlomong re ka hlahloba hore na ke hobane’ng ha lefatše le hlalosoa e le ‘setuloana sa Jehova sa maoto.’ Ena hase polelo e nyenyefatsang. Har’a lihloliloeng tsohle tse limilione tse likete tse teng bokahohleng, ke lefatše feela le fuoang tlotla ena e ikhethang. Lefatše la rōna e tla ’ne e be le ikhethang ka ho sa feleng, kaha ke ho lona moo Mora oa Jehova ea tsoetsoeng a ’notši a lefileng thekollo teng, ’me ke ho lona moo Jehova a tlang ho tlosa qoso bobusing ba hae a sebelisa ’Muso oa Bomesia. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe lefatše le bitsoa setuloana sa Jehova sa maoto! Morena a ka ’na a sebelisa setuloana se joalo ho hloella teroneng ea hae e phahameng ’me ka mor’a moo a se sebelisetsa ho phomotsa maoto a hae.
4. (a) Ke hobane’ng ha lefatšeng ho se mohaho oo e ka bang sebaka sa Jehova Molimo sa phomolo? (b) Poleloana “lintho tsena tsohle” e bolela’ng, hona re lokela ho etsa qeto efe ka borapeli ba Jehova?
4 Ke ’nete hore morena ha a lule setuloaneng sa hae sa maoto, le Jehova ha a lule lefatšeng. Esita le maholimo a sebele a sabaletseng a ke ke a mo lekana! Kahoo mohaho leha e le ofe o teng lefatšeng o fokola haholo ho lekana hore Jehova a ka lula ka ho oona e le ntlo ea hae ea sebele. (1 Marena 8:27) Terone ea Jehova le sebaka sa hae sa phomolo li sebakeng sa moea, e leng khopolo eo “maholimo” a sebelisitsoeng ka eona ho Esaia 66:1. Temana e latelang e toboketsa taba: “‘Joale letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle, hoo lintho tsena tsohle li bileng teng,’ ho bolela Jehova.” (Esaia 66:2a) Ak’u inahanele ha Jehova a ala letsoho a supa “lintho tsena tsohle”—tsohle tse leholimong le lefatšeng. (Esaia 40:26; Tšenolo 10:6) Joaloka ’Mōpi e Moholo oa bokahohle bohle, ha aa lokela ho nehoa mohaho feela tjee. Ha aa lokeloa ke mofuta oa borapeli bo nang le ponahalo ea ka ntle feela.
5. Re bontša joang hore re ‘hlorile ’me re soabile moeeng’?
5 ’Musi oa Bokahohle o lokeloa ke borapeli ba mofuta ofe? Eena ka boeena oa re bolella: “Joale, ke tla talima enoa ea hlorileng le ea soabileng moeeng le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.” (Esaia 66:2b) E, habohlokoa borapeling bo hloekileng ke hore morapeli a be le boikutlo bo nepahetseng ba pelo. (Tšenolo 4:11) Morapeli oa Jehova e lokela ho ba “ea hlorileng le ea soabileng moeeng.” Na see se bolela hore Jehova o batla hore re hloname? Che, ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore barapeli ba hae le bona ba thabe. (1 Timothea 1:11; Bafilipi 4:4) Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re etsa sebe nako le nako, ’me ha rea lokela ho nka libe tsa rōna habobebe. Li lokela ho re ‘hlorisa,’ ho re soabisa hobane re fositse pakane ea ho finyella litekanyetso tsa Jehova tse lokileng. (Pesaleme ea 51:17) Re lokela ho bontša hore re ‘soabile moeeng’ ka hore re bake, re loantše litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe ’me re rapele Jehova hore a re tšoarele.—Luka 11:4; 1 Johanne 1:8-10.
6. Barapeli ba ’nete ba lokela ho ‘thothometsoa ke lentsoe la Molimo’ ka kutloisiso efe?
6 Ho feta moo, Jehova o talima ba ‘thothometsoang ke lentsoe la hae.’ Na see se bolela hore o batla hore nako le nako ha re bala liphatlalatso tsa hae re thothomele ke letsoalo? Che, ho e-na le hoo, o batla hore re nke seo a se buang ka tlhompho e tebileng. Re batla keletso ea hae ka tieo, re e sebelisa e le tataiso litabeng tsohle tsa bophelo. (Pesaleme ea 119:105) Re ka ’na ra ‘thothometsoa’ le ho tšosoa ke khopolo ea ho se mamele Molimo, ho silafatsa ’nete ea hae ka lineano tsa batho, kapa ho e khella fatše. Ho hlokahala boikutlo bo joalo ba boikokobetso borapeling bo hloekileng—empa, ka masoabi, bo fumaneha ka seoelo lefatšeng kajeno.
Jehova o Hloile Borapeli ba Boikaketsi
7, 8. Jehova o talima borapeli bo hlomamisitsoeng ba balumeli ba baikaketsi joang?
7 Ha Esaia a ntse a nahana ka batho ba mehleng ea hae, oa hlokomela hore ke ba seng bakae ba nang le boikutlo boo Jehova a bo batlang ho barapeli ba hae. Ka hona, Jerusalema ea bokoenehi e lokeloa ke kahlolo ea eona e seng e atametse. Hlokomela kamoo Jehova a talimang borapeli bo etsoang ho eona kateng: “Ea hlabang poho o tšoana le ea bolaeang motho. Ea etsang sehlabelo ka nku o tšoana le ea robang molala oa ntja. Ea nyehelang mpho—o tšoana le ea nyehelang mali a kolobe! Ea nyehelang libano tse tšoeu tsa sehopotso o tšoana le ea kōpang tlhohonolofatso ka mantsoe a boselamose. Hape ke bona ba ikhethetseng litsela, meea ea bona e khahliloe ke lintho tsa bona tse nyonyehang.”—Esaia 66:3.
8 Mantsoe ana a re hopotsa mantsoe a Jehova a tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea pele. Moo Jehova o ile a bolella batho ba hae ba khelohileng hore hase feela hore liketso tsa bona tse hlomamisitsoeng tsa borapeli ha li mo khahlise empa ha e le hantle li totisa khalefo ea hae e lokileng kaha barapeli bao ke baikaketsi. (Esaia 1:11-17) Ka ho tšoanang, joale Jehova o tšoantša linyehelo tsa bona le liketso tse kotsi tsa tlōlo ea molao. Sehlabelo sa bona sa poho e theko e boima ha se khahlise Jehova feela joalokaha ho bolaea ha bona motho ho sa mo khahlise! Mahlabelo a mang a tšoantšoa le ho nyehela ntja kapa kolobe, e leng liphoofolo tse sa hloekang tlas’a Molao oa Moshe tseo ha e le hantle li sa lokelang ho etsoa sehlabelo. (Levitike 11:7, 27) Na Jehova o lumella boikaketsi boo ba bolumeli ho tsoela pele ho sa fanoe ka kotlo?
9. Bajuda ba bangata ba ’nile ba arabela joang likhopotsong tseo Jehova a faneng ka tsona ka Esaia, hona ho tla ba le phello efe e ke keng ea qojoa?
9 Joale Jehova o re: “Ke tla khetha litsela tsa ho ba tšoara hampe; ’me ke tla ba tlisetsa lintho tse ba tšosang; ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ho ne ho se ea arabang; ke buile, empa ho ne ho se ea mamelang; ba ’na ba etsa se sebe mahlong a ka, ’me ba khetha ntho e sa nkhahliseng.” (Esaia 66:4) Ha ho pelaelo hore Esaia a ka bua mantsoe ana a kholisehile ka ho feletseng. E bile kofuto ea Jehova ka lilemo-lemo, a ‘bitsa’ a bile a ‘bua’ le batho ba Hae. Moprofeta oa tseba hore ka kakaretso ha ho ea ileng a mamela. Kaha ba ’nile ba etsa bobe, ba ke ke ba qoba phetetso. Ka sebele Jehova o tla khetha kotlo eo a tlang ho otla batho ba hae ba bakoenehi ka eona ’me o tla ba tlisetsa liketsahalo tse tšosang.
10. Litšebelisano tsa Jehova le Juda li re ruta’ng ka tsela eo a talimang Bokreste-’mōtoana ka eona?
10 Bokreste-’mōtoana ba kajeno le bona ka ho tšoanang bo ’nile ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Ka likerekeng tsa bona ho tletse borapeli ba litšoantšo, lifalaneng tsa bona ho tlotlisoa lifilosofi le lineano tseo e seng tsa Mangolo, ’me bo kene tloara! bofebeng ba moea le lichaba tsa lefatše ka lebaka la ho nyoreloa ha bona matla a lipolotiki. (Mareka 7:13; Tšenolo 18:4, 5, 9) Joaloka Jerusalema ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana le bona bo tleloa ke phetetso e lokileng—e leng ntho e “tšosang”—e ke keng ea qojoa. A mang a mabaka a etsang hore joang kapa joang bo tleloe ke kotlo ke tsela eo bo ’nileng ba tšoara batho ba Molimo ka eona.
11. (a) Ke’ng se phaellang sebeng sa bakoenehi ba mehleng ea Esaia? (b) Batho ba mehleng ea Esaia ba khesa ba tšepahalang ‘ka lebaka la lebitso la Molimo’ ka kutloisiso efe?
11 Esaia o tsoela pele: “Utloang lentsoe la Jehova, lōna ba thothometsoang ke lentsoe la hae: ‘Barab’abo lōna ba le hloileng, ba le khethollang ka lebaka la lebitso la ka, ba itse, “E se eka Jehova a ka tlotlisoa!” O tla boela a hlahe ka thabo ho lōna, ’me ke bona ba tla hlabisoa lihlong.’” (Esaia 66:5) “Barab’abo” Esaia, batho ba habo, ba na le boikarabelo boo ba bo filoeng ke Molimo ba ho emela Jehova Molimo le ho ikokobelletsa bobusi ba hae. Ka sebele sebe sa bona sa ho hlōleha ho etsa seo ke se tebileng. Empa ho phaella sebeng sa bona ba hloile batho ba tšepahalang le ba ikokobelitseng, ba joaloka Esaia. Bakoenehi bana ba hloile ba tšepahalang ebile baa ba khesa hobane ba emela Jehova Molimo e le kannete. Ka kutloisiso eo ba ba khesa ‘ka lebaka la lebitso la Molimo.’ Ka nako e tšoanang, bahlanka bana ba Jehova ba bohata ba ipolela hore baa mo emela, ba sebelisa lipolelo tse utloahalang eka ke tsa bolumeli tse kang “E se eka Jehova a ka tlotlisoa!”a
12. Mehlala e meng ea ho hlorisoa ha bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ke baikaketsi ba bolumeli ke efe?
12 Lehloeo leo bolumeli ba bohata bo hloileng batšehetsi ba borapeli bo hloekileng ka lona ha le qale hona joale. Le phethahatsa boprofeta bo ho Genese 3:15 ka ho tsoelang pele, bo boletseng esale pele ka bora bo neng bo tla ba teng ka nako e telele pakeng tsa peō ea Satane le Peō ea mosali oa Molimo. Jesu o ile a bolella balateli ba hae ba tlotsitsoeng lekholong la pele la lilemo hore le bona ba ne ba tla hlokofatsoa ke batho ba habo bona—ba lelekoe lisynagogeng esita le ho hlorisoa ho isa lefung. (Johanne 16:2) ’Me ho thoe’ng ka mehla ea kajeno? Qalong ea ‘matsatsi a ho qetela,’ batho ba Molimo ba ile ba bonela pele mahloriso a tšoanang a larileng ka pele. (2 Timothea 3:1) Morao koana ka 1914, Molula-Qhooa o ile oa qotsa Esaia 66:5, oa re: “Hoo e batlang e le mahloriso ’ohle a ’nileng a tlela batho ba Molimo a ne a tsoa ho ba ipolelang hore ke Bakreste.” Sehlooho sona seo se ile sa boela sa re: “Ha re tsebe haeba ba ka ba ba fetella mehleng ena ea rōna—ba re khesa sechabeng, ba emisa tsamaiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng, mohlomong ba re bolaea ka ho toba.” Mantsoe ao a ipakile e le ’nete hakaakang! Nakoana ka mor’a hore mantsoe ao a hatisoe, mahloriso a hlohlelletsoang ke baruti a ile a mpefala le ho feta nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Empa Bokreste-’mōtoana bo ile ba hlabisoa lihlong, feela joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. Joang?
Tsosoloso e Potlakileng le ea Tšohanyetso
13. Phethahatsong ea pele, “molumo oa moferefere motseng” ke eng?
13 Esaia oa profeta: “Ho na le molumo oa moferefere motseng, molumo tempeleng! Ke molumo oa Jehova ha a buseletsa se tšoanelang lira tsa hae.” (Esaia 66:6) Phethahatsong ea pele ea mantsoe ana, ‘motse’ ke Jerusalema, moo tempele ea Jehova e leng hona teng. “Molumo oa moferefere” o fana ka maikutlo a morusu oa ntoa, o utloahalang motseng ha mabotho a hlaselang a Babylona a o futuhela ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka phethahatso ea kajeno?
14. (a) Ke eng seo Malakia a ileng a se bolela esale pele ka ho tla ha Jehova tempeleng ea Hae? (b) Ho latela boprofeta ba Ezekiele, ho etsahetse’ng ha Jehova a tla tempeleng ea hae? (c) Jehova le Jesu ba ile ba hlahloba tempele ea moea neng, hona ba ipolelang hore ba emela borapeli bo hloekileng ba ile ba ameha joang?
14 Mantsoe ana a ho Esaia a lumellana le lipolelo tse ling tse peli tsa boprofeta, e tlalehiloeng ho Ezekiele 43:4, 6-9 le e ’ngoe e ho Malakia 3:1-5. Ezekiele le Malakia ba bolela esale pele nako eo ka eona Jehova Molimo a tlang tempeleng ea hae. Boprofeta ba Malakia bo bontša hore Jehova o tlela ho tla hlahloba ntlo ea hae ea borapeli bo hloekileng le ho etsa mosebetsi oa Mohloekisi, ho lahla ba mo emelang hampe. Pono ea Ezekiele e hlalosa Jehova a kena tempeleng ’me a laela hore ho tlosoe mesaletsa eohle ea boitšoaro bo litšila le ea borapeli ba litšoantšo.b Phethahatsong ea kajeno ea boprofeta bona, ho ile ha e-ba le ketsahalo ea bohlokoa ea moea ka 1918 e mabapi le borapeli ba Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng Jehova le Jesu ba ile ba hlahloba bohle ba ipolelang hore ba emela borapeli bo hloekileng. Tlhahlobo eo e ile ea lebisa ho lahloeng ka ho feletseng ha Bokreste-’mōtoana bo bolileng. Ho balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng, tlhahlobo eo e ile ea bolela nako e khutšoanyane ea tlhoekiso e ileng ea lateloa ke tsosoloso ea moea e potlakileng ka 1919.—1 Petrose 4:17.
15. Ke ho tsoaloa hofe ho boletsoeng esale pele, hona ho phethahala joang ka 537 B.C.E.?
15 Tsosoloso ena e tšoantšitsoe hantle litemaneng tse latelang tsa Esaia: “O belehile pele a e-ba bohlokong ba pelehi. Pele a tšoaroa ke bohloko ba pelehi, o hlahisitse ngoana e motona. Ke mang ea utloileng ntho e tjee? Ke mang ea boneng lintho tse tjee? Na naha e ka hlahisoa ka bohloko ba pelehi ka letsatsi le le leng? Kapa na sechaba se ka tsoaloa ka nako e le ’ngoe? Etsoe Sione e bile bohlokong ba pelehi ’me e tsoetse bara ba eona.” (Esaia 66:7, 8) Ho Bajuda ba botlamuoeng Babylona, mantsoe ana a phethahala ka lekhetlo la pele ka tsela e hlollang. Sione, kapa Jerusalema, e boetse e hlalosoa e le mosali ea belehang, empa ke pelehi e sa tloaelehang hakaakang! O beleha ka potlako, hang-hang, le pele bohloko ba pelehi bo ka qala! Ena ke papiso e loketseng. Ho tsoaloa bocha ha batho ba Molimo e le sechaba se ikemetseng ka 537 B.C.E. ho etsahala ka nako le motsotso hoo ho bonahalang eka ke mohlolo. Ho feta likhoeli tse seng kae feela ho tloha ha Cyruse a lokolla Bajuda botlamuoeng ho isa ha masala a tšepahalang a khutlela naheng ea habo ’ona! Ho fapane hakaakang le liketsahalo tse lebisang ho tsoaloeng ha sechaba sa Iseraele qalong! Ka 537 B.C.E., ha ho hlokahale hore ba itlatlarietse ho ’musi ea manganga hore a fane ka tokoloho, ha ho hlokahale hore ba balehe lebotho le soro, ha ho hlokahale hore ba haole lefeelleng ka lilemo tse 40.
16. Phethahatsong ea kajeno ea Esaia 66:7, 8, Sione e emela eng, hona bana ba eona ba tsoetsoe bocha joang?
16 Phethahatsong ea kajeno, Sione e emela “mosali” oa Jehova oa leholimo, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo oa libōpuoa tsa moea. Ka 1919 “mosali” enoa o ile a thaba ha a bona bara ba hae ba tlotsitsoeng ba tsoaloa lefatšeng e le batho ba hlophisitsoeng, e le “sechaba.” Ho tsoaloa bocha ho joalo ho ile ha etsahala ka nako le motsotso.c Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, sehlopha sa batlotsuoa se ile sa tloha boemong ba ho se sebetse bo kang ba lefu sa fetela boemong ba ho ba sehlahlo le ho ba mafolofolo ‘naheng’ ea habo sona, sebakeng seo Molimo a se fileng sona sa tšebetso ea moea. (Tšenolo 11:8-12) Ka hoetla ea 1919, ba bile ba phatlalatsa ho hatisoa ha koranta e ncha e tlatsetsang ho Molula-Qhooa. Khatiso eo e ncha e neng e bitsoa The Golden Age (eo hona joale e bitsoang Tsoha!), e bile bopaki ba hore batho ba Molimo ba ne ba boetse ba le sehlahlo ’me ba boetse ba hlophisehile bakeng sa tšebeletso.
17. Jehova o tiisetsa batho ba hae joang hore ha ho letho le ka mo sitisang ho phethahatsa morero oa hae mabapi le Iseraele ea moea?
17 Ha ho matla a teng bokahohleng a neng a ka thibela tsoalo ena e ncha ea moea. Temana e latelang e hlalosa sena ka ho hlaka: “‘Ha e le ’na, na ke tla etsa hore ho be le ho phunyeha ’me ke se ke ka etsa hore ho be le pelehi?’ ho bolela Jehova. ‘Kapa na ke etsa hore ho be le pelehi ebe ke etsa hore ho koalehe?’ ho boletse Molimo oa hao.” (Esaia 66:9) Feela joalokaha pelehi e ke ke ea emisoa hang ha e se e qalile, ho joalo le ka ho tsoaloa bocha ha Iseraele ea moea, hang ha ho qalile ho ne ho ke ke ha emisoa. Ke ’nete hore ho ’nile ha e-ba le khanyetso, ebile khanyetso eo e ka ’na ea tota nakong e tlang. Empa ke Jehova feela ea ka emisang seo a se qalang, ’me ha ho mohla a se emisang! Leha ho le joalo, Jehova o tšoara batho ba hae ba tsositsoeng molota joang?
Tlhokomelo e Lerato ea Jehova
18, 19. (a) Jehova o sebelisa papiso efe e amang maikutlo, hona e sebetsa joang ho batho ba hae ba botlamuoeng? (b) Masala a tlotsitsoeng a ruile molemo joang phepong le tlhokomelong e lerato kajeno?
18 Litemana tse ’nè tse latelang li hlalosa tlhokomelo e lerato ea Jehova ka tsela e amang maikutlo. Esaia o qala ka ho re: “Thabang le Jerusalema ’me le nyakalle le eona, lōna bohle baratuoa ba eona. Ithabeleng haholo le eona, lōna bohle ba ipolokang ba e siametse; ka lebaka la hore le tla anya ’me ka sebele le khotsofale letsoeleng la matšeliso a eona a feletseng; ka lebaka la hore le tla noa ’me le be le thabo e phethehileng tlhōkōng ea khanya ea eona.” (Esaia 66:10, 11) Mona Jehova o sebelisa papiso ea mosali ea anyesang lesea la hae. Ha lesea le utloa bohloko ba tlala, le lla seboko se hlabang. Empa ha le atametsoa sefubeng sa ’m’a lona ho tla anya, mesarelo ea lona e fetoha thabo le khotsofalo. Ka ho tšoanang, masala a Bajuda ba tšepahalang a Babylona ka potlako a tla tlosoa boemong ba ho siama a tlisoe boemong ba thabo le ba khotsofalo ha nako ea topollo le tsosoloso e fihla. A tla thaba. Khanya ea Jerusalema e tla tsosolosoa ha e hahuoa bocha ’me e boetse e e-ba le baahi. Ka lehlakoreng le leng, khanya ea motse e tla khantšetsa baahi ba eona ba tšepahalang. Ba tla boela ba matlafatsoa moeeng ke baprista ba mafolofolo.—Ezekiele 44:15, 23.
19 Iseraele ea moea le eona e ile ea hlohonolofatsoa ka nala ka mor’a hore e tsosolosoe ka 1919. Ho tloha nakong eo phepelo ea lijo tsa moea tse ajoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” e ’nile ea e-ba e tsitsitseng. (Matheu 24:45-47) Ka sebele ena e bile nako ea matšeliso le nyakallo ho masala a tlotsitsoeng. Empa ho bile le litlhohonolofatso tse eketsehileng.
20. Jerusalema e hlohonolofalitsoe joang ka “molapo o phoroselang,” mehleng ea boholo-holo le ea kajeno?
20 Boprofeta bo tsoela pele: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Bonang! ke e fa khotso e joaloka nōka le khanya ea lichaba e joaloka molapo o phoroselang, ’me ka sebele le tla anya. Le tla sikoa lehlakoreng, ’me le phaphathoe mangoleng.’” (Esaia 66:12) Mona setšoantšo sa ho anyesa se kopanngoa le sa litlhohonolofatso tse phallang ka bongata—“nōka” le “molapo o phoroselang.” Jerusalema ha e na ho hlohonolofatsoa ka khotso e khaphatsehang feela e tsoang ho Jehova, empa e tla boela e hlohonolofatsoe ka “khanya ea lichaba,” e eang ho batho ba Molimo e bileng e ba hlohonolofatsang. Sena se bolela hore batho ba lichaba ba tla phallela ho batho ba Jehova. (Hagai 2:7) Phethahatsong ea boholo-holo, batho ba ’maloa ba tsoang lichabeng tse fapaneng ba ile ba fela ba ikamahanya le Iseraele, ea e-ba basokolohi ba Bajuda. Leha ho le joalo, bo phethahetse ka tsela e khōloanyane mehleng ena ea rōna ha ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’—ha e le hantle molapo o phoroselang oa batho—bo ikopanya le masala a Bajuda ba moea.—Tšenolo 7:9; Zakaria 8:23.
21. Ho sebelisoa setšoantšo se ipiletsang, ho buuoa ka matšeliso afe esale pele?
21 Esaia 66:12 e boetse e bua ka lintho tseo ’mè a li etsang ho bontša lerato la bo-’mè—ho bapalisa ngoana mangoleng le ho mo sika lehlakoreng. Temana e latelang e hlahisa khopolo e tšoanang ka tsela e ’ngoe e thahasellisang. “Joaloka motho eo ’m’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise; le tabeng ea Jerusalema le tla tšelisoa.” (Esaia 66:13) Joale ngoana e se e le “motho” e moholo. Empa ’mè oa hae o ntse a labalabela ho mo tšelisa nakong ea tsieleho.
22. Jehova o bontša mofuthu oa lerato la hae le matla a lona joang?
22 Jehova o bontša matla a lerato la hae le mofuthu oa lona ho batho ba hae ka tsela ena e ipiletsang. Esita le lerato le matla ka ho fetisisa la ’mè ke tlhasenyana feela ha le bapisoa le lerato le tebileng la Jehova ho batho ba hae ba tšepahalang. (Esaia 49:15) Ke habohlokoa hakaakang hore Bakreste bohle ba bonahatse tšobotsi ee ea Ntate oa bona oa leholimo! Moapostola Pauluse o ile a ho etsa, ’me kahoo a siela baholo ka phuthehong ea Bokreste mohlala o motle. (1 Bathesalonika 2:7) Jesu o ile a re lerato la bara ba motho e ne e lokela ho ba letšoao la sehlooho le khethollang balateli ba hae.—Johanne 13:34, 35.
23. Hlalosa boemo ba thabo ba batho ba Jehova ba tsosolositsoeng.
23 Jehova o bonahatsa lerato la hae ketsong. Kahoo, o tsoela pele: “Ka sebele le tla bona, ’me lipelo tsa lōna li tla thaba, ’me masapo a lōna a tla hlōmela joaloka joang bo bonolo. Ka sebele letsoho la Jehova le tla tsebahatsoa ho bahlanka ba hae, empa o tla nyatsa lira tsa hae.” (Esaia 66:14) Setsebi se seng sa puo ea Seheberu se hlalosa hore poleloana “ka sebele le tla bona” e fana ka maikutlo a hore kae le kae moo batlamuoa ba khutlang ba shebang teng naheng ea habo bona e tsosolositsoeng, “ba tla bona thabo feela.” Ka sebele ba tla ba le thabo e khaphatsehang ha ba khutliselitsoe naheng ea habo bona e ratoang. Ba tla ikutloa ba nchafetse, joalokaha eka masapo a bona a boetse aa tiea, ba tlokoma joaloka joang ba selemo. Bohle ba tla tseba hore boemo bona bo hlohonolofalitsoeng ha boa tlisoa ke boiteko ba motho leha e le ofe, empa bo tlisitsoe ke “letsoho la Jehova.”
24. (a) Qeto ea hao ke efe ha u hlahloba liketsahalo tse amang batho ba Jehova kajeno? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
24 Na u hlokomela ho sebetsa ha letsoho la Jehova har’a batho ba hae kajeno? Ha ho motho ea neng a ka khona ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Ka ho utloahalang, ha ho motho ea neng a ka etsa hore batho ba bohlokoa ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba phallele ho ea ikopanya le masala a tšepahalang naheng ea ’ona ea moea. Ke Jehova Molimo feela ea ka etsang lintho tse joalo. Lipontšo tsena tsa lerato la Jehova li re fa lebaka la ho ba le thabo e tebileng. E se eka le ka mohla re ke ke ra nka lerato la hae habobebe. A re tsoeleng pele ho ‘thothometsoa ke lentsoe la hae.’ A re ikemisetseng ho phela ka melao-motheo ea Bibele le ho fumana thabo ka ho sebeletsa Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kajeno ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba hana ho sebelisa lebitso la Jehova, ba bile ba le tlosa liphetolelong tse ngata tsa Bibele. Ba bang ba soma batho ba Molimo ka ho sebelisa lebitso la hae. Leha ho le joalo, ba bangata ba batho bana ba sebelisa poleloana ea borapeli “Halleluja,” e bolelang “Rorisang Jah.”
b Poleloana “litopo tsa marena a bona,” e sebelisitsoeng ho Ezekiele 43:7, 9, e bolela melimo ea litšoantšo. Baeta-pele ba Jerusalema le sechaba sa eona sa marabele ba ne ba silafalitse tempele ea Molimo ka melimo ea litšoantšo, ’me ha e le hantle, ba e entse marena.
c Ho tsoaloa ho profetiloeng mona ha ho tšoane le ho hlalositsoeng ho Tšenolo 12:1, 2, 5. Khaolong eo ea Tšenolo, “mora, e motona” o emela ’Muso oa Bomesia, o qalileng ho busa ka 1914. Leha ho le joalo, “mosali” oa tšoana likarolong tsena tse peli tsa boprofeta.
[Setšoantšo se leqepheng la 395]
“Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle”
[Setšoantšo se leqepheng la 402]
Jehova o tla fa Sione “khanya ea lichaba”