Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Robeli
Leseli Lichabeng
1, 2. Ke hobane’ng ha leseli e le la bohlokoa, hona lefatše le aparetsoe ke lefifi la mofuta ofe kajeno?
JEHOVA ke eena Mohloli oa leseli, “Ea Fanang ka letsatsi bakeng sa leseli motšehare, litaelo tse hlomamisitsoeng tsa khoeli le linaleli bakeng sa leseli bosiu.” (Jeremia 31:35) Motheong oa sena feela, o lokela ho eloa hloko e le Mohloli oa bophelo, kaha leseli ke bophelo. Hoja lefatše le ne le lula le sa fumane mofuthu le leseli tse tsoang letsatsing, bophelo bo ne bo ke ke ba khona ho ba teng joalokaha re bo tseba. Lefatše la rōna le ne le sa tl’o ba le baahi.
2 Kahoo, ke taba e hlileng e re amang haholo hore ebe Jehova, a talimile pele mehleng ea rōna, o ile a bolela esale pele nako ea lefifi, eseng ea leseli. Esaia o ile a ngola tjena a le tlas’a pululelo: “Bona! lefifi le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba.” (Esaia 60:2) Ke ’nete hore mantsoe ana a ne a bolela lefifi la moea, eseng la sebele, empa ha rea lokela ho bebofatsa ho teba ha ’ona. Qetellong ba se nang leseli la moea ba sitoa ho phela, feela joalokaha ba sa fumaneng leseli le tsoang letsatsing le bona ba sitoa ho phela.
3. Linakong tsee tsa lefifi, re ka retelehela hokae bakeng sa ho fumana leseli?
3 Linakong tsena tsa lefifi, re ke ke ra khona ho hlokomoloha leseli la moea leo Jehova a re fang lona. Ho hlokahala hore re itšetlehe ka Lentsoe la Molimo e le hore le re khantšetse tsela, haeba ho khoneha re bale Bibele letsatsi le leng le le leng. (Pesaleme ea 119:105) Liboka tsa Bokreste li re fa menyetla ea ho khothatsana hore re lule ‘tseleng ea ba lokileng.’ (Liproverbia 4:18; Baheberu 10:23-25) Matla ao re a fumanang ka ho khothalla ho ithuta Bibele le ka ho ba le botsoalle bo hahang ba Bokreste a re thusa ho qoba ho metsoa ke lefifi le teng ‘matsatsing ana a ho qetela,’ a tlang ho fihla sehlohlolong sa ’ona ka ‘letsatsi le leholo la bohale ba Jehova.’ (2 Timothea 3:1; Sofonia 2:3) Letsatsi leo le atamela ka potlako! Ka sebele le tla fela le tle feela joalokaha letsatsi le leng le tšoanang le lona le ile la tlela baahi ba Jerusalema ea boholo-holo.
Jehova ‘o Kenela Tseko’
4, 5. (a) Jehova o futuhela Jerusalema ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore ke palo e seng kae feela e tla phonyoha timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E.? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
4 Litemaneng tse qetellang tsa boprofeta bo hlollang ba Esaia, Jehova o hlalosa ka ho hlaka liketsahalo tse lebisang letsatsing la bohale ba hae. Rea bala: “Jehova o tla joaloka mollo, ’me likoloi tsa hae li tšoana le moea oa sefefo, e le hore a phetetse bohale ba hae ka khalefo e feletseng le khalemelo ea hae e matla ka malakabe a mollo. Etsoe joaloka mollo kannete Jehova o tla kenela tseko, e, ka sabole ea hae, khahlanong le nama eohle; ’me ka sebele ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba bangata.”—Esaia 66:15, 16.
5 Mantsoe ana a lokela ho thusa batho ba mehleng ea Esaia ho hlokomela ho teba ha boemo boo ba leng ho bona. Nako ea atamela eo ka eona Bababylona, joaloka baphethahatsi ba kahlolo ea Jehova, ba tla futuhela Jerusalema, likoloi tsa bona li kubelelitse lerōle le kang la sefefo. Eo e tla ba pono e tšosang hakaakang! Jehova o tla sebelisa bahlaseli bana ho phethahatsa likahlolo tsa hae tse kang mollo khahlanong le “nama” eohle e sa tšepahaleng ea Juda. Ho tla ba joalokaha eka Jehova ka boeena o loantša batho ba hae. ‘Khalefo ea hae e feletseng’ ha e na ho thijoa. Bajuda ba bangata ba tla oa e le “ba bolailoeng ke Jehova.” Boprofeta bona bo phethahala ka 607 B.C.E.a
6. Ho etsahala mekhoa efe e nyatsehang Juda?
6 Na ho loketse hore Jehova a ‘kene tsekong’ le batho ba hae? E ho loketse! Ka makhetlo-khetlo ha re ntse re tšohla buka ea Esaia, re bone hore le hoja Bajuda ba ne ba nkoa ba inehetse ho Jehova, ba ne ba qoetse borapeling ba bohata—’me Jehova o ne a ntse a bona liketso tsa bona. Re bona sena hape mantsoeng a latelang a boprofeta: “‘Ba ikhalaletsang le ba itlhoekisang bakeng sa lirapa tse ka mor’a se leng bohareng, ba jang nama ea kolobe le ntho e nyonyehang, esita le tali e qothomang, kaofela ha bona ba tla fela,’ ho bolela Jehova.” (Esaia 66:17) Na Bajuda bao ‘baa ikhalaletsa le ho itlhoekisa’ ho itokisetsa borapeli bo hloekileng? Ka ho hlakileng ha ho joalo. Ho e-na le hoo, ba etsa litšebeletso tsa tlhoekiso tsa bohetene lirapeng tse khethehileng. Ka mor’a moo, ka meharo ba ja nama ea kolobe le liphoofolo tse ling tse nkoang li sa hloeka tlas’a Molao oa Moshe.—Levitike 11:7, 21-23.
7. Bokreste-’mōtoana bo tšoana joang le Juda e rapelang melimo ea litšoantšo?
7 Ke boemo bo nyonyehang hakaakang bakeng sa sechaba se leng kamanong ea selekane le Molimo a le mong feela oa ’nete! Empa ak’u nahane: Ho na le boemo bo nyonyehang joaloka boo malumeling a Bokreste-’mōtoana kajeno. Malumeli ana le ’ona a bolela hore a sebeletsa Molimo, ’me baeta-pele ba ’ona ba bangata ba ikhakanya ka hore ke barapeli. Empa ba itšilafatsa ka lithuto le lineano tsa bohetene, ho hlakile hore ba lefifing la moea. Lefifi leo ke le letšo hakaakang!—Matheu 6:23; Johanne 3:19, 20.
‘Ba Tla Lokela ho Bona Khanya ea Ka’
8. (a) Juda le Bokreste-’mōtoana li tla oeloa ke eng? (b) Lichaba li tla ‘bona khanya ea Jehova’ ka kutloisiso efe?
8 Na Jehova o ela hloko liketso tse nyatsehang tsa Bokreste-’mōtoana le lithuto tsa bona tsa bohata? Bala mantsoe a latelang a Jehova, joalokaha a tlalehiloe ke Esaia, ’me u bone hore na u fihlela qeto efe: “Ha e le mesebetsi ea bona le menahano ea bona, kea tla e le hore ke bokelle lichaba tsohle le lipuo tsohle; ’me ba tla lokela ho tla le ho bona khanya ea ka.” (Esaia 66:18) Jehova oa lemoha ebile o itokiselitse ho ahlola eseng feela mesebetsi ea ba ipolelang hore ke bahlanka ba hae empa le mehopolo ea bona. Juda e bolela hore e na le tumelo ho Jehova, empa mesebetsi ea eona ea borapeli ba melimo ea litšoantšo le litloaelo tsa eona tsa bohetene li shanofatsa boipolelo boo. Ha ho thuse letho hore ebe baahi ba eona ba ‘itlhoekisa’ ho latela lineano tsa bohetene. Sechaba se tlil’o ripitloa, ’me ha seo se etsahala, se tla be se bonoa pepenene ke baahelani ba sona ba rapelang melimo ea litšoantšo. Ba tla ‘bona khanya ea Jehova’ kaha ba tla bona ka mahlo ha seo se etsahala ’me ba tla tlameha ho lumela hore lentsoe la Jehova le phethahetse. See sohle se phethahala joang ho Bokreste-’mōtoana? Ha bo felisoa, ba bangata bao e neng e le metsoalle ea bona le bo-mphato ba bona ba khoebo ba tla tlameha ho emella thōko le ho beha matsoho liphatleng ha lentsoe la Jehova le phethahala.—Jeremia 25:31-33; Tšenolo 17:15-18; 18:9-19.
9. Jehova o phatlalatsa litaba life tse molemo?
9 Na ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. ho bolela hore Jehova ha a sa tla hlola a e-ba le lipaki lefatšeng? Che. Baboloki ba botšepehi ba hlaheletseng, ba kang Daniele le metsoalle ea hae e meraro, ba tla tsoela pele ba sebeletsa Jehova esita le ha ba le botlamuoeng Babylona. (Daniele 1:6, 7) E, letoto la lipaki tse tšepahalang tsa Jehova le tla ’ne le tsoele pele, ’me qetellong ea lilemo tse 70, banna le basali ba tšepahalang ba tla tloha Babylona ’me ba khutlele Juda ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng teng. Sena ke sona se latelang seo Jehova a se buang ka mokhoa o sa tobang: “Ke tla beha pontšo har’a bona, ’me ke tla romela ba bang ba ba phonyohetseng lichabeng, Tarshishe, Pule, le Lude, ba hulang seqha, Tubale le Javane, lihlekehleke tse hōle, ba sa kang ba utloa tlaleho ea ka kapa ba bona khanya ea ka; ’me ka sebele ba tla bolela khanya ea ka har’a lichaba.”—Esaia 66:19.
10. (a) Bajuda ba tšepahalang ba lokolotsoeng Babylona ba tla sebeletsa e le pontšo ka kutloisiso efe? (b) Ke bo-mang ba sebeletsang e le pontšo kajeno?
10 Letšoele la banna le basali ba tšepahalang ba khutlelang Jerusalema ka 537 B.C.E. e tla ba pontšo e hlollang, bopaki ba hore Jehova o lopolotse batho ba hae. Ke mang ea neng a ka nahana hore ka letsatsi le leng batlamuoa ba Bajuda ba tla ba le bolokolohi ba ho kopanela borapeling bo hloekileng tempeleng ea Jehova? Ka tsela e tšoanang, lekholong la pele la lilemo Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba sebeletsa “joaloka lipontšo le joaloka mehlolo,” e le bao batho ba bonolo ba batlang ho sebeletsa Jehova ba phallelang ho bona. (Esaia 8:18; Baheberu 2:13) Kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng, ba atlehileng naheng ea habo bona e tsosolositsoeng, ba sebeletsa e le pontšo e hlollang lefatšeng. (Esaia 66:8) Ke bopaki bo phelang ba matla a moea oa Jehova, ba hohela ba bonolo bao lipelo tsa bona li ba susumelletsang ho sebeletsa Jehova.
11. (a) Ka mor’a tsosoloso, batho ba lichaba ba tla ithuta ka Jehova joang? (b) Zakaria 8:23 e ile ea phethahala joang qalong?
11 Leha ho le joalo, batho ba lichaba ba sa kang ba utloa tlaleho ka Jehova ba tla mo tseba joang ka mor’a tsosoloso ea 537 B.C.E? Hase Bajuda bohle ba tšepahalang ba tlang ho khutlela Jerusalema qetellong ea nako ea botlamuoa Babylona. Ba bang, ba kang Daniele, ba tla sala Babylona. Ba bang ba tla hasana ho leba likhutlong tse ’nè tsa lefatše. Lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le Bajuda ba lulang likarolong tsohle tsa ’Muso oa Persia. (Esthere 1:1; 3:8) Ha ho pelaelo hore ba bang ba bona ba ile ba bolella baahelani ba bona ba bahetene ka Jehova, kaha ba bangata ba tsoang lichabeng tseo e ile ea e-ba basokolohi ba Bajuda. Ho bonahala eka ho bile joalo ka leqhalaha la Ethiopia, leo morutuoa oa Mokreste Filipi a ileng a le bolella molaetsa lekholong la pele la lilemo. (Liketso 8:26-40) Sena sohle se ile sa etsahala e le phethahatso e qalang ea mantsoe a moprofeta Zakaria: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) Ka sebele, Jehova o ile a romela leseli lichabeng!—Pesaleme ea 43:3.
Ho Tlisa “Mpho ho Jehova”
12, 13. ‘Bara ba motho’ ba tla tlisoa Jerusalema ka tsela efe ho qala ka 537 B.C.E.?
12 Ka mor’a hore Jerusalema e tsosolosoe, Bajuda ba hasaneng libakeng tse hōle le naha ea habo bona ba tla talima motse oo hammoho le boprista ba oona bo tsosolositsoeng e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Ba bangata ba bona ba tla tsamaea libaka tse telele ho ea moo mekete ea selemo le selemo e tšoareloang teng. Esaia o ngola tjena a le tlas’a pululelo: “‘Ba tla tlisa barab’abo lōna bohle lichabeng tsohle e le mpho ho Jehova, ka lipere le ka likoloi le ka likoloi tse khurumelitsoeng le ka limmoulo le ka likamele tse tšehali tse lebelo, ho nyolohela thabeng ea ka e halalelang, Jerusalema,’ ho boletse Jehova, ‘feela joalokaha bara ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova. Ho bona ke tla boela ke nke ba bang hore e be baprista, hore e be Balevi.’”—Esaia 66:20, 21.
13 Ba bang ba ‘bara bohle ba motho lichabeng tsohle’ ba ne ba le teng letsatsing la Pentekonta ha ho ne ho tšolleloa moea o halalelang ho barutuoa ba Jesu. Tlaleho e baleha tjena: “Jerusalema ho ne ho lula Bajuda, batho ba nang le tlhompho ea borapeli, ba tsoang sechabeng se seng le se seng sa tse tlas’a leholimo.” (Liketso 2:5) Ba ne ba e-tla Jerusalema ho tla rapela ho latela tloaelo ea Sejuda, empa eitse ha ba utloa litaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste, ba bangata ba bona ba bontša tumelo ho eena ’me ba kolobetsoa.
14, 15. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba bokella “barab’abo” bona ba moea ba eketsehileng joang ka morao ho Ntoa ea I ea Lefatše, hona ba ile ba tlisoa ho Jehova e le “mpho ka sejana se hloekileng” joang? (b) Jehova o ile a ‘nka ba bang hore e be baprista’ ka tsela efe? (c) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ileng ba kopanela ho bokelleng barab’abo bona ba moea ke bo-mang? (Bona lebokose le leqepheng lena.)
14 Na boprofeta boo bo phethahala ka tsela e itseng mehleng ea kajeno? E, ruri boa phethahala. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ile ba lemoha hore ho ea ka Mangolo, ’Muso oa Molimo o ne o se o hlonngoe leholimong ka 1914. Ka ho ithuta Bibele ka hloko, ba ile ba hlokomela hore ho ne ho lokela ho bokelloe majalefa a mang a ’Muso, kapa ‘bara ba motho.’ Basebeletsi ba sebete ba ile ba ea “karolong e hōle-hōle ea lefatše,” ba sebelisa lipalangoang tsa mefuta eohle, ho ea batla bao e ka bang litho tsa sehlopha sa masala a tlotsitsoeng, bao bongata ba bona ba tsoileng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Ha ba fumanoa ba ile ba tlisoa e le mpho ho Jehova.—Liketso 1:8.
15 Batlotsuoa ba ileng ba bokelloa lilemong tse qalang ba ne ba sa lebella hore Jehova a ba amohele kamoo ba neng ba le kateng pele ba tseba ’nete ea Bibele. Ba ile ba nka mehato ea ho itlhoekisa litšila tsa moea le tsa boitšoaro e le hore ba ka hlahisoa e le “mpho ka sejana se hloekileng,” kapa joalokaha moapostola Pauluse a bolela, e le “moroetsana ea hloekileng ho Kreste.” (2 Bakorinthe 11:2) Ho phaella ntlheng ea ho hana ho amohela thuto ea bolumeli e fosahetseng, batlotsuoa ba ile ba tlameha ho ithuta ho ema ba tiile tabeng ea ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Ka 1931, ha bahlanka ba hae ba se ba hloekisitsoe ka ho loketseng, ka mosa Jehova o ile a ba fa tokelo ea ho jara lebitso la hae e le Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Leha ho le joalo, Jehova o ile a ‘nka ba bang hore e be baprista’ ka tsela efe? E le sehlopha, batlotsuoa bana ba ile ba fetoha karolo ea “baprista ba marena, sechaba se halalelang,” ba nyehelang mahlabelo a thoriso ho Molimo.—1 Petrose 2:9; Esaia 54:1; Baheberu 13:15.
Ho Bokella ho Tsoela Pele
16, 17. “Bana ba lōna” ke bo-mang ka morao ho Ntoa ea I ea Lefatše?
16 Palo e feletseng ea “baprista [bao] ba marena” ke 144 000, ’me ho bokelloa ha bona ho ile ha phethoa ha nako e ntse e ea. (Tšenolo 7:1-8; 14:1) Na hoo e ile ea e-ba ho fela ha mosebetsi oa ho bokella? Che. Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele: “‘Feela joalokaha maholimo a macha le lefatše le lecha tseo ke li etsang li eme ka pel’a ka,’ ho bolela Jehova, ‘kahoo bana ba lōna le lebitso la lōna ba tla ’ne ba eme.’” (Esaia 66:22) Phethahatsong ea pele ea mantsoe ao, Bajuda ba khutlang botlamuoeng Babylona ba tla qala ho hōlisa bana. Kahoo, masala a Bajuda a tsosolositsoeng, e leng “lefatše le lecha,” a tla tiisoa tlas’a tsamaiso e ncha ea Sejuda, e leng “maholimo a macha.” Leha ho le joalo, boprofeta bona bo phethahetse ka tsela e hlollang ka ho fetisisa mehleng ea rōna.
17 “Bana” ba tsoaloang ke sechaba sa bara ba motho ba moea ke “bongata bo boholo,” bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Bo tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,” ’me bo eme “ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” Bana “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšenolo 7:9-14; 22:17) Kajeno ba “bongata bo boholo” ba tloha lefifing la moea ba ea leseling leo Jehova a fanang ka lona. Ba bontša tumelo ho Jesu Kreste, ’me joaloka bara le barali babo bona ba tlotsitsoeng, ba ikitlaelletsa ho lula ba hloekile moeeng le boitšoarong. Ba tsoela pele ho sebeletsa tlas’a tataiso ea Kreste e le sehlopha ’me ba tla “’ne ba eme” ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 37:11, 29.
18. (a) Litho tsa bongata bo boholo li itšoere joaloka barab’abo tsona ba tlotsitsoeng joang? (b) Batlotsuoa le metsoalle ea bona ba rapela Jehova “ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe” joang?
18 Banna le basali bana ba sebetsang ka thata ba nang le tšepo ea lefatšeng baa tseba hore le hoja e le habohlokoa hore ba lule ba hloekile boitšoarong le moeeng, ho ameha ho fetang hoo ho khahliseng Jehova. Mosebetsi oa ho bokella o iphile matla, ’me ba batla ho kopanela ho oona. Buka ea Tšenolo e profeta sena ka bona: “[Ba] ka pel’a terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae.” (Tšenolo 7:15) Mantsoe ao a re hopotsa temana e etellang ea ho qetela pele boprofeteng ba Esaia: “‘Ka sebele ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe nama eohle e tla tla hore e tl’o inama ka pel’a ka,’ ho boletse Jehova.” (Esaia 66:23) Sena sea etsahala kajeno. “Ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe”—ke hore, kamehla, beke e ’ngoe le e ’ngoe khoeli le khoeli—Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona, e leng bongata bo boholo, ba bokana hammoho ho rapela Jehova. Har’a tse ling, ba etsa sena ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ka ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa. Na u e mong oa ba ‘tlang ho tla inama ka pel’a Jehova’ kamehla? Batho ba Jehova ba fumana thabo e khaphatsehang ha ba etsa sena, ’me ba bongata bo boholo ba lebeletse nako eo ka eona “nama eohle”—batho bohle ba phelang—ba tlang ho sebeletsa Jehova “ho tloha ha khoeli e ’ngoe e thoasa ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe” ka ho sa feleng.
Pheliso ea ho Qetela ea Lira Tsa Molimo
19, 20. Gehena e ne e phetha morero ofe mehleng ea Bibele, hona e tšoantšetsa eng?
19 Ho setse temana e le ’ngoe thutong ea rōna ea boprofeta ba Esaia. Buka ena e qetella ka mantsoe ana: “Ba tla tsamaea ’me ba talime litopo tsa batho ba neng ba ntšiteloa; etsoe libōkō tse holim’a bona li ke ke tsa shoa le mollo oa bona o ke ke oa tima, ’me ba tla fetoha ho hong ho nyonyehang ho nama eohle.” (Esaia 66:24) Mohlomong Jesu Kreste o ne a hopotse boprofeta bona ha a ne a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba bebofatse bophelo ba bona ’me ba behe lithahasello tsa ’Muso pele. O ile a re: “Haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le lahlele hōle; ho molemo hore u kene ’musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena, u e-na le mahlo a mabeli, moo tšenyane ea bona e sa shoeng le mollo o sa tingoeng.”—Mareka 9:47, 48; Matheu 5:29, 30; 6:33.
20 Sebaka see se bitsoang Gehena ke eng? Lilemong tse makholo tse fetileng, setsebi sa Mojuda, David Kimhi, se ile sa ngola: “Ke sebaka . . . se hokahaneng le Jerusalema, ’me ke thotobolo eo ba akhelang lintho tse litšila le litopo ho eona. Hape se ne se e-na le mollo o sa timeng oo ho chesoang lintho tse litšila le masapo a litopo ho oona. Kahoo, kahlolo ea ba khopo ho thoe ke ea Gehinnom [kapa Gehena] ka mokhoa oa papiso.” Haeba, joalokaha setsebi sena sa Mojuda se hlalosa, Gehena e ne e sebelisetsoa ho lahla lithōle le litopo tsa ba nkoang ba sa tšoaneloe ke ho etsetsoa lepato, mollo e ne e tla ba mokhoa o loketseng oa ho tlosa lithōle tseo. Se neng se sala se sa chesoa ke mollo, se ne se tla qeteloa ke tšenyane. Ke papiso e loketseng hakaakang ea pheliso ea ho qetela ea lira tsohle tsa Molimo!b
21. Buka ea Esaia e qetella ka tsela e khothatsang ho bo-mang, hona hobane’ng?
21 Na hase ’nete hore boprofeta boo bo hlollang ba Esaia bo qetella ka tsela e tšosang, kaha bo bua ka litopo, mollo le libōkō? Ha ho pelaelo hore ba ikemiselitseng ho ba lira tsa Molimo ba ka nahana joalo. Empa ho metsoalle ea Molimo, tlhaloso ea Esaia ea ho timetsoa ha ba khopo ka ho sa feleng ke e khothatsang ka ho fetisisa. Batho ba Jehova ba hloka tiisetso ena ea hore lira tsa bona ha li sa tla hlola li ba hatella. Lira tseo, tse baketseng barapeli ba Molimo mahlomola a mangata le tse tlisitseng thohako e khōlō lebitsong la hae, li tla felisoa ka ho sa feleng. Joale, “mahlomola a ke ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli.”—Nahume 1:9.
22, 23. (a) Hlalosa litsela tse ling tseo u ruileng molemo ka tsona ka ho ithuta buka ea Esaia. (b) Ka mor’a ho ithuta buka ee ea Esaia, boikemisetso ba hao ke bofe, hona u na le tšepo efe?
22 Ha re qetella thuto ea rōna ea buka ea Esaia, ha ho tikatiko hore rea hlokomela hore buka ena ea Bibele hase histori feela tjee e shoeleng. Ho e-na le hoo, e re tšoaretse molaetsa kajeno. Ha re nahana ka linako tse mahlonoko tseo Esaia a phetseng ho tsona, re khona ho bona ho tšoana ho teng pakeng tsa mehla eo le mehla ea rōna. Mehla ea Esaia e ile ea tšoauoa ka merusu ea lipolotiki, boikaketsi ba bolumeli, bobolu tsamaisong ea toka le khatello ea ba tšepahalang le ba futsanehileng, ’me mehla ea rōna e ntse e tšoauoa ka lintho tseo. E tlameha ebe Bajuda ba tšepahalang ba lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ba ile ba ananela boprofeta bona ba Esaia, ’me le rōna kajeno rea tšeliseha ha re ntse re ithuta bona.
23 Linakong tsena tse mahlonoko tsa ha lefatše le aparetsoe ke lefifi ’me lichaba li le lefifing la bo-nka-ntjana, kaofela ha rōna re ananela ka ho teba hore ebe Jehova o file moloko oohle oa batho leseli, a sebelisa Esaia! Ha e le hantle leseli leo la moea le bolela bophelo bo sa feleng ho bohle ba le amohelang ka pelo eohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe kapa ba morabe ofe. (Liketso 10:34, 35) Kahoo, e se eka re ka tsoela pele ho tsamaea leseling la Lentsoe la Molimo, re le bale kamehla, re thuise ka lona ’me re ananele molaetsa oa lona. Sena se tla tlisa tlhohonolofatso ho rōna ka ho sa feleng le thoriso lebitsong la Jehova le halalelang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le boemo bo teng ka mor’a hore Jerusalema e oele ho Bababylona, Jeremia 52:15 e bua ka “ba bang ba batho ba tlaase sechabeng le batho ba bang kaofela ba neng ba siiloe motseng.” Ha e hlalosa sena, Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 415, e re: “Kamoo ho bonahalang kateng, poleloana ‘ba neng ba siiloe motseng’ e bontša hore palo e khōlō e ile ea bolaoa ke tlala, boloetse, kapa mollo, kapa ho seng joalo e ile ea bolaoa ntoeng.”
b Kaha Gehena ho ne ho chesoa litopo tsa batho ba shoeleng, eseng ba phelang, sebaka sena ha se tšoantšetse tlhokofatso ea ka ho sa feleng.
[Lebokose se leqepheng la 409]
Limpho Tse Tlotsitsoeng Tsa Jehova Tse Tsoang Lichabeng Tsohle
Ka 1920, Juan Muñiz o ile a tloha United States a leba Spain a ntan’o fetela Argentina, moo a ileng a hlophisa liphutheho tsa batlotsuoa. Ho tloha ka 1923, leseli la ’nete le ile la khanyetsa ba lipelo li tšepahalang Afrika Bophirimela ha moromuoa William R. Brown (ea neng a atisa ho bitsoa Bible Brown) a qala ho bolela molaetsa oa ’Muso libakeng tse kang Sierra Leone, Ghana, Liberia, The Gambia le Nigeria. Selemong sona seo George Young oa Canada o ile a leba Brazil a ntan’o fetela Argentina, Costa Rica, Panama, Venezuela le Soviet Union. Hoo e ka bang nakong eona eo, Edwin Skinner o ile a tloha Engelane ka sekepe a leba India, moo a ileng a itukubetsa mosebetsing oa kotulo ka lilemo-lemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 411]
Ka Pentekonta Bajuda ba bang e ne e le ‘bara ba motho ba tsoang lichabeng tsohle’
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 413]