-
Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli KajenoMolula-Qhooa—2013 | November 15
-
-
3 Esaia o ile a re: “Bonang! Ruri moroetsana o tla ima, ’me o tla tsoala mora, ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele. . . . Pele moshanyana eo a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo, naha ea marena a mabeli ao le ikutloang le e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la ’ona [e leng Syria le Iseraele] e tla tloheloa ka ho feletseng.” (Esa. 7:14, 16) Karolo e qalang ea boprofeta boo e atisa ho sebelisoa ha ho buuoa ka ho tsoaloa ha Mesia, ’me seo hase phoso. (Mat. 1:23) Empa kaha “marena a mabeli,” e leng morena oa Syria le morena oa Iseraele, a ne a se a sa sokele Juda lekholong la pele la lilemo C.E., boprofeta bo buang ka Emanuele e tlameha ebe bo qalile ho phethahala mehleng ea Esaia.
4 Nakoana ka mor’a hore Esaia a etse phatlalatso eo e ikhethang, mosali oa hae o ile a ima ’me a mo tsoalla mora ea bitsoang Mahere-shalale-hashe-baze. Ho ka etsahala hore ebe ngoana eo e ne e le “Emanuele” eo Esaia a neng a buile ka eena.a Mehleng ea Bibele, ngoana o ne a ka ’na a rehoa lebitso le itseng ha a hlaha, mohlomong e le ho ikhopotsa ketsahalo e itseng ea bohlokoa, empa batsoali ba hae le beng ka eena ba mo bitsa ka lebitso le leng. (2 Sam. 12:24, 25) Ha ho bopaki ba hore Jesu o kile a bitsoa Emanuele.—Bala Esaia 7:14; 8:3, 4.
-
-
Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli KajenoMolula-Qhooa—2013 | November 15
-
-
a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moroetsana” ho Esaia 7:14 le ka bolela mosali ea nyetsoeng kapa ea sa nyaloang. Kahoo, lentsoe leo le ka sebelisoa ho mosali oa Esaia le ho Maria, moroetsana oa Mojuda.
-