Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Jehova ha U Tobane le Tsietsi
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 26, 27. (a) Ke liketsahalo life tseo Esaia a li bolelang esale pele? (b) Mantsoe a Esaia a bontša eng bakeng sa bahlanka ba Jehova kajeno?

      26 Esaia o ntšetsa litemoso tsa hae pele: “Ka lebaka la hore batho bana ba hanne metsi a Siloe a phallang butle, ’me ho na le thabo e khaphatsehang bakeng sa Rezine le mora oa Remalia; ka hona, bonang! Jehova o tlisa khahlanong le bona metsi a matla le a mangata a Nōka, morena oa Assyria le khanya eohle ea hae. Ka sebele o tla nyolohela likotopong tsohle tsa hae le holim’a mabōpo ’ohle a hae ’me a fetele pele Juda. O tla phalla ’me a fete. O tla fihla molaleng. Mapheo a hae a phukalalitsoeng a tla tlala bophara ba naha ea hao, Uena Emanuele!”—Esaia 8:5-8.

      27 “Batho bana,” ’muso o ka leboea oa Iseraele, ba hana selekane sa Jehova le Davida. (2 Marena 17:16-18) Ho bona, se bonahala se fokola joaloka metsi a runyetsang tlaase a Siloe, e leng phepelo ea metsi ea Jerusalema. Ba thabetse ntoa ea bona khahlanong le Juda. Empa ba ke ke ba tloheloa ba sa otloe ka lebaka la nyeliso ena. Jehova o tla lumella Baasyria hore ba ‘phallele,’ kapa ba homele Syria le Iseraele, feela joalokaha haufinyane Jehova a tla lumella karolo ea hona joale ea lefatše ea lipolotiki ho phallela ’muso oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:16; bapisa le Daniele 9:26.) Ho latelang, Esaia o re “metsi” a entseng moroallo a tla ‘fetela pele Juda,’ a be a ‘fihle molaleng,’ ho ea fihla Jerusalema, moo ho busang hlooho (morena) ea Juda.b Mehleng ea rōna baphethahatsi ba kahlolo ho bolumeli ba bohata ka tsela e tšoanang ba tla lika-liketsa bahlanka ba Jehova, ba ba pota-pote ho ea “fihla molaleng.” (Ezekiele 38:2, 10-16) Phello e tla ba efe? Ha e le hantle, ho etsahala’ng mehleng ea Esaia? Na Baasyria ba phunyeletsa marako a motse ’me ba felisa batho ba Molimo? Che. Molimo o na le bona.

  • Tšepa Jehova ha U Tobane le Tsietsi
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • b Assyria e boetse e tšoantšoa le nonyana eo mapheo a eona a phukaletseng a ‘tlalang bophara ba naha ea hao.’ Kahoo, kae kapa kae moo naha eo e nammeng ho ea fihla teng, e tla koaheloa ke lebotho la Assyria.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela