Buka ea Bibele ea 23—Esaia
Mongoli: Esaia
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Ka mor’a 732 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 778 ho fihlela ka mor’a 732 B.C.E.
1. Boemo e ne e le bofe Bochabela bo Hare, haholo-holo Iseraele le Juda, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.?
MORITI o tšosang oa morena ea sehlōhō oa Assyria o ne o feta butle holim’a lipuso tse ling le mebuso e meng e tlaasana ea Bochabela bo Hare. Sebaka seo sohle se ne se luma-luma ke puo ea morero oa bolotsana le ho thea selekane. (Esa. 8:9-13) Iseraele ea bokoenehi e ka leboea haufinyane e ne e tla hlaseloa ke leqheka lena la machaba, ha marena a Juda ka boroa a ne a ntse a busa ka letheke-theke. (2 Mar., likhao. 15-21) Ho ne ho ntse ho hlahisoa libetsa tse ncha tsa ntoa ’me li sebelisoa, li eketsa tšabo e neng e se e ntse e le teng nakong eo. (2 Likron. 26:14, 15) Ke hokae moo motho leha e le ofe a neng a ka talima teng bakeng sa tšireletso le polokeho? Le hoja batho le baprista ba ne ba ntse ba bua ka lebitso la Jehova ’musong o monyenyane oa Juda, lipelo tsa bona li ile tsa retelehela hosele, pele li ile tsa retelehela Assyria eaba li retelehela Egepeta. (2 Mar. 16:7; 18:21) Tumelo matleng a Jehova e ile ea qepha. Moo ho neng ho se na borapeli bo tobileng ba litšoantšo, ho ne ho atile tsela ea boikaketsi ea borapeli, e theiloeng boikutlong ba ho phetha molao eseng tšabong ea ’nete ea Molimo.
2. (a) Ke mang ea ileng a arabela pitso ea ho bua bakeng sa Jehova, hona neng? (b) Lebitso la moprofeta enoa ke la bohlokoa ka eng?
2 Joale, ke mang ea neng a tla bua bakeng sa Jehova? Ke mang ea neng a tla phatlalatsa matla a hae a pholosang? Ho ile ha hlaha karabelo e itokiselitseng e reng, “Ke ’na enoa, roma ’na!” Sebui e ne e le Esaia, ea neng a se a ntse a qalile ho profeta pele ho mona. Ke selemo seo Morena Oziase ea neng a tšoeroe ke lepera a shoeleng ka sona, hoo e ka bang ka 778 B.C.E. (Esa. 6:1, 8) Lebitso Esaia le bolela “Poloko ea Jehova,” le bolelang ntho e le ’ngoe le lebitso Jesu (“Jehova Ke Poloko”), le hoja le ngotsoe ho qaloa ka morao. Ho tloha qalong ho ea qetellong, boprofeta ba Esaia bo totobatsa ’nete ena, ’nete ea hore Jehova ke poloko.
3. (a) Ho tsejoa eng mabapi le Esaia? (b) O ile a profeta nakong efe, hona baprofeta ba bang ba mehleng ea hae e ne e le bo-mang?
3 Esaia e ne e le mora oa Amotse (ho se ke ha nkoa hore lebitso lena le tšoana le la Amose, moprofeta e mong ea tsoang Juda). (1:1) Mangolo ha a bolele letho mabapi le tsoalo ea hae le lefu la hae, le hoja ho latela neano ea Bajode a ile a sakhoa likoto ke Morena Manasse ea khopo. (Bapisa le Ba-Heberu 11:37.) Mengolo ea hae e bontša a eme Jerusalema le mosali oa hae oa moprofeta le bonyane bara ba babeli ba nang le mabitso a boprofeta. (Esa. 7:3; 8:1, 3) O ne a sebeletsa bonyane nakong ea marena a mane a Juda: Oziase, Jothame, Akase, le Ezekiase; ka ho hlakileng ho qala ka hoo e ka bang ka 778 B.C.E. (ha Oziase a e-shoa, kapa mohlomong pejana) le ho tsoela pele bonyane ho fihlela ka mor’a 732 B.C.E. (selemong sa bo14 sa Ezekiase), kapa eseng ka tlaase ho lilemo tse 46. Ntle ho pelaelo hape o ile a ngola tlaleho ea boprofeta ba hae nakong ena e qetellang. (1:1; 6:1; 36:1) Baprofeta ba bang ba mehleng ea hae e ne e le Mikea oa Juda, le Hosea le Odede, ho ea ka leboea.—Mik. 1:1; Hos. 1:1; 2 Likron. 28:6-9.
4. Ke eng se bontšang hore Esaia e ne e le eena mongoli oa buka eo?
4 Hore Jehova o ile a laela Esaia ho ngola likahlolo tsa boprofeta ho tiisoa ke Esaia 30:8: “E-ea joale, taba tseo u li ngole holim’a lematjana pel’a bona, u li ngole bukeng, li tle li bolokeloe mehla e tlang ho tla, e be pontšo ka ho sa eeng kae.” Bo-rabbi ba boholo-holo ba Bajode ba ne ba hlokomela Esaia e le mongoli oa buka ena ’me ba ile ba e akarelletsa e le buka ea pele ea baprofeta ba baholo (Esaia, Jeremia, le Ezekiele).
5. Ke eng se tiisang ho momahana ha buka ea Esaia?
5 Le hoja ba bang ba bontša ho fetoha ha mokhoa oa ho ngola ho tloha ho khaolo 40 ho ea pele bukeng eo e le ho bontšang mongoli ea fapaneng, kapa “Esaia oa Bobeli,” ho fetoha ha ’moko-taba ho lekane ho hlalosa taba ena. Ho na le bopaki bo bongata ba hore Esaia o ngotse buka eo eohle e nang le lebitso la hae. Ka mohlala, bonngoe ba buka ena bo bontšoa ke poleloana, “Mohalaleli oa Iseraele,” e hlahang ka makhetlo a 12 likhaolong 1 ho ea ho 39, le ka makhetlo a 13 likhaolong 40 ho ea ho 66, kakaretso ea makhetlo a 25; athe e hlaha ka makhetlo a 6 feela Mangolong ’ohle a Seheberu. Moapostola Pauluse le eena o tiisa ho momahana ha buka ena ka ho qotsa likarolong tsohle tsa boprofeta ’me o re mosebetsi kaofela o entsoe ke mongoli a le mong, Esaia.—Bapisa Ba-Roma 10:16, 20; 15:12 le Esaia 53:1; 65:1; 11:1.
6. Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia o fana ka bopaki bo kholisang joang (a) hore Libibele tsa rōna kajeno li emela mongolo oa pele o bululetsoeng le (b) hore buka eohle e ngotsoe ke Esaia a le mong?
6 Ka ho thahasellisang, ho qala ka selemo sa 1947, ho ile ha ntšoa litokomane tse ling tsa boholo-holo lefifing la mahaha haufi le Khirbet Qumran, pel’a lebōpo le ka leboea-bophirimela la Leoatle le Shoeleng. Ena e ne e le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, e neng e akarelletsa boprofeta ba Esaia. Boprofeta bona bo ngotsoe ka Seheberu sa pele ho Masora se bolokiloeng hantle ’me ke ba khale ka lilemo tse ka bang 2 000, ho tloha qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Ka hona taba ea bona e ngotsoeng ke ea khale ka lilemo tse ka bang sekete ho feta buka e ngotsoeng ka letsoho ea khale ka ho fetisisa e teng ea taba e ngotsoeng ea Masora, eo liphetolelo tsa morao-rao tsa Mangolo a Seheberu li theiloeng ho eona. Ho na le liphetoho tse nyenyane tsa ho ngoloa ha mantsoe le ho fapana ho itseng mokhoeng oa ho bōpa mantsoe ka ho momahana, empa ha oa fapana tabeng ea thuto le tabeng e ngotsoeng lingoliloeng tsa Masora. Hona ke bopaki bo kholisang ba hore Libibele tsa rōna kajeno li fupere molaetsa oa Esaia o bululetsoeng oa pele-pele. Ho feta moo, meqolo ena ea boholo-holo e shanofatsa lipolelo tsa batho ba tšoaea-tšoaeang liphoso tsa hore ho na le “bo-Esaia” ba babeli, kaha khaolo 40 e qala moleng oa ho qetela oa karolo eo ho ngotsoeng khaolo 39 ho eona, athe polelo e qalang e qetelloa karolong e latelang. Ka hona, ho hlakile hore mokopitsi o ne a sa hlokomele eng kapa eng eo ho lumeloang hore ke ho fetoha ha mongoli kapa ho aroloa hofe kapa hofe ha buka ena ntlheng ena.a
7. Ho na le bopaki bofe bo eketsehileng mabapi le bonnete ba Esaia?
7 Ho na le bopaki bo eketsehileng ba ho nepahala ha buka ea Esaia. Ka ntle ho Moshe, ha ho moprofeta e mong ea qotsoang khafetsa ke bangoli ba Bibele ba Bakreste joaloka eena. Ka ho tšoanang ho na le bopaki bo bongata ba histori le ba lintho tsa khale tse epollotsoeng bo e pakang e le ’nete, bo kang litlaleho tsa histori tsa marena a Assyria, ho akarelletsa le setšoantšo sa Sankeribe se mahlakore a tšeletseng le likhutlo tse tšeletseng seo ho sona a faneng ka tlaleho ea hae ea ho lika-liketsoa ha Jerusalema.b (Esa., likhao. 36, 37) Qubu ea lithako tseo e kileng ea e-ba Babylona e ntse e paka ho phethahala ha Esaia 13:17-22.c Ho ne ho e-na le bopaki bo matla ho e mong le e mong oa Bajode ba likete ba ileng ba khutla Babylona ba entse mokoloko, ba lokollotsoe ke morena eo lebitso la hae, Cyruse, le neng le ngotsoe ke Esaia hoo e ka bang lilemo tse 200 pejana. E ka ’na eaba hamorao Cyruse o ile a bontšoa mongolo ona oa boprofeta, hobane, ha a lokolla masala a Bajode, o ile a bolela hore o fuoe thōmo ea ho etsa joalo ke Jehova.—Esa. 44:28; 45:1; Esdr. 1:1-3.
8. Ho phethahala ha boprofeta ba Messia ho paka joang hore bo bululetsoe?
8 Boprofeta ba Messia ke bona bo hlahelletseng bukeng ea Esaia. Esaia o ’nile a bitsoa “moprofeta oa Moevangeli,” lintho tse ngata tse boletsoeng esale pele li phethahala liketsahalong tsa bophelo ba Jesu. Khaolo 53, eo ka nako e telele e neng e le “khaolo e nang le sephiri,” eseng feela ho leqhalaha la Moethiopia leo ho builoeng ka lona ho Liketso khaolo 8 empa le ho batho ba Bajode ka kakaretso, e bolela ka matla esale pele tšoaro eo Jesu a neng a tla tšoaroa ka eona hoo e kang ke tlaleho ea paki e boneng ka mahlo. Mangolo a Segerike a Bakreste a tlaleha ho phethahala ha boprofeta ba khaolo ena ea Esaia e tsotehang, joalokaha lipapiso tse latelang mona li bontša: tem. 1—Johanne 12:37, 38; tem. 2—Johanne 19:5-7; tem. 3—Mareka 9:12; tem. 4—Mattheu 8:16, 17; tem. 5 1 Petrose 2:24; tem. 6 1 Petrose 2:25; tem. 7—Liketso 8:32, 35; tem. 8—Liketso 8:33; tem. 9—Mattheu 27:57-60; tem. 10—Ba-Heberu 7:27; tem. 11—Ba-Roma 5:18; tem. 12—Luka 22:37. Ke mang haese Molimo eo e neng e ka ba mohloli oa ponelo-pele e nepahetseng joalo?
LITABA TSE KA HARE TSA ESAIA
9. Litaba tse ka hare tsa Esaia li oela likarolong life?
9 Likhaolo tsa pele tse tšeletseng li fana ka boemo ba litaba Juda le Jerusalema ’me li pheta ka molato oa Juda pel’a Jehova le ka ho rongoa ha Esaia. Likhaolo 7 ho ea ho 12 li tšohla liphutuho tsa sera se sokelang le tšepiso ea ho lopolloa ka Morena oa Khotso ea rometsoeng ke Jehova. Likhaolo 13 ho ea ho 35 li fupere letoto la liphatlalatso tse khahlanong le lichaba tse ngata le ponelo-pele ea poloko e tla fanoa ke Jehova. Liketsahalo tsa histori tsa puso ea Ezekiase li hlalosoa ho likhaolo 36 ho ea ho 39. Likhaolo tse setseng, 40 ho ea ho 66, sehlooho sa tsona ke ho lokolloa Babylona, ho khutla ha masala a Bajode, le ho tsosolosoa ha Sione.
10. (a) Ke hobane’ng ha Esaia a biletsa sechaba hore se lokise litaba? (b) O profeta eng ka mehla ea bofelo?
10 Molaetsa oa Esaia “holim’a Juda le Jerusalema” (1:1–6:13). ’Mone ke eo a apere lesela le mahoashe ’me a roetse meqathatso ha a ema Jerusalema ’me a hooa: Bahatelli! Sechaba! Mamelang! Sechaba sa lōna sea kula ho tloha hloohong ho ea monoaneng oa leoto, ’me le khathalitse Jehova ka matsoho a lōna a khenathetseng mali ao le a otlollotseng ka thapelo. Tloong, lokisang litaba le eena, e le hore libe tse kang sekarelata li ka soeufatsoa joaloka lehloa. Mehleng ea bofelo, thaba ea ntlo ea Jehova e tla phahamisetsoa holimo, ’me lichaba tsohle li tla phallela ho eona hore li rutoe. Ha li sa tla hlola li ithuta ntoa. Jehova o tla phahamisetsoa holimo ’me a halaletsoe. Empa hona joale Iseraele le Juda, le hoja li jetsoe e le sefate sa merara e khethiloeng, li hlahisa merara ea ho hloka molao. Li fetola botle bobe le bobe li bo fetola botle, hobane li inka li lokile.
11. Esaia o fumana thōmo ea hae hammoho le pono efe?
11 Esaia o re: “Ka bona Jehova a lutse teroneng e kholo.” Pono ena e tla hammoho le thōmo ea Jehova: “E-ea, u bolelle sechaba seno, u re: Le tla mamela, empa le ke ke la utloisisa.” Halelele hakae? “Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi.”—6:1, 9, 11.
12. (a) Esaia le bara ba hae ba sebelisoa joang e le lipontšo tsa boprofeta? (b) Ho fanoa ka tšepiso efe e ikhethang ho Esaia khaolo 9?
12 Liphutuho tsa sera se sokelang le tšepiso ea topollo (7:1–12:6). Jehova o sebelisa Esaia le bara ba hae e le “lipontšo le litšoantšo” tsa boprofeta ho bontša hore qalong sehlopha se ikopantseng khahlanong le Juda sa Syria le Iseraele se tla hlōleha empa ka mor’a nako Juda e tla ea botlamuoeng ’me ho khutle masala feela. Moroetsana o tla ima ’me a tsoale mora. Lebitso la hae e tla ba mang? Emmanuele (le bolelang, “Molimo o na le rōna”). Lira tse ikopantseng khahlanong le Juda a li ke li hlokomele! “Itlameng matheka, le tla robakoa likoto.” Ho tla ba le linako tse thata, empa joale leseli le leholo le tla khanyetsa batho ba Molimo. Hobane re tsoaletsoe ngoana, “’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.”—7:14; 8:9, 18; 9:6.
13. (a) Moassyria ea ikhohomosang o letetsoe ke phello efe? (b) Puso ea “lekala” le tsoang ho Jese e tla fella ka eng?
13 Jehova oa hooa: “Ho malimabe Assyria, thupa ea bohale ba ka.” Ka mor’a ho sebelisa thupa eo khahlanong le “sechaba sa bokoenehi,” (NW) Molimo o tla felisa Moassyria eo ea ikhohomosang. Hamorao, “ho tla khutla masala feela.” (NW) (10:5, 6, 21) Joale bona lehlomela, lekala le tsoang kutung ea Jese (ntat’a Davida)! “Lekala” lena le tla busa ka ho loka, ’me ka lona pōpo eohle e tla thaba, ho se na kotsi kapa tšenyo, “hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” (11:1, 9) E le pontšo ho lichaba, ho na le ’mila o tsoang Assyria bakeng sa masala a khutlang. Ho tla ba le nyakallo ha ho khuoa metsi lilibeng tsa poloko le ha ho etsetsoa Jehova litlatse.
14. Ke ho kokobetsoa hofe ho boleloang esale pele bakeng sa Babylona?
14 Ho phatlalatsa kahlolo ea Babylona (13:1–14:27). Joale Esaia o talima ka ’nģane ho letsatsi la Assyria ho ea fihla nakong ea sehlohlolo sa Babylona. Mamela! Molumo oa batho ba bangata, mofere-fere oa mebuso, oa lichaba tse bokaneng hammoho! Jehova ke eena ea khobokantseng lebotho la ntoa! Ke letsatsi le letšo ho Babylona. Lifahleho tse maketseng li tuka malakabe, ’me lipelo lia qhibiliha. Bamede ba hlokang mohau ba tla tsekolla Babylona, “mokhabiso oa mebuso.” (NW) E lokela ho fetoha lesupi le hlokang baahi le letsaba la libōpuoa tse hlaha “mefuteng le mefuta.” (13:19, 20) Bafu ba Sheol baa fulueha ho amohela morena oa Babylona. Tšenyane e fetoha malao a hae ’me o apesitsoe ke libōkō. Ke ho kokobetsoa ho hoholo hakaakang bakeng sa enoa ea ‘phatsimang, mor’a mafube’! (14:12) O ne a laba-labela ho phahamisa terone ea hae empa o fetohile setopo se lahletsoeng ka ntle, ha Jehova a fiela Babylona ka lefielo la timetso. Ha ho lebitso, masala, leloko, litloholo tse tla sala!
15. Esaia o profeta eng mabapi le ho etsoa ha lichaba lesupi?
15 Ho etsoa ha lichaba lesupi (14:28–23:18). Joale Esaia o supa morao Filistia ho sika le Leoatle la Mediterranean le Moabe, ka boroa-bochabela ho Leoatle le Shoeleng. O lebisa boprofeta ba hae ka mose oane ho moeli o ka leboea oa Iseraele Damaseka ea Syria, o theohela tlaase ka boroa Ethiopia, ’me o nyolosa le Nile ho ea Egepeta, likahlolo tsa Molimo li ntse li hlahisa masupi hohle moo a fetang teng. O bua ka morena oa Assyria Sargone, eo Sankeribe a mo hlahlamang, ha a romela molaoli Tharthane khahlanong le motse oa Bafilista oa Ashdode, ka bophirimela ho Jerusalema. Nakong ena Esaia o bolelloa hore a hlobole ’me a tsamaee a le feela a bile a sa roala lieta ka lilemo tse tharo. Ka hona o tšoantša ka matla bosaoana ba ho tšepa Egepeta le Ethiopia, tse tla isoa botlamuoeng ke Moassyria, ‘li hlobotse.’—20:4.
16. Ho bonoa litlokotsi life tse tlelang batho ba morusu ba Babylona, Edomo, le Jerusalema, hammoho le tse tlelang Sidone le Tyre?
16 Seboholi se bona ho oa ha Babylona le melimo ea eona se le holim’a tora ea sona ea ho lebela, ’me se bona bomalimabe bo tlelang Edomo. Jehova o bua le batho ba Jerusalema ba morusu ba reng, “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.” Jehova o re: ‘Ha e le ho shoa teng le tla shoa.’ (22:13, 14) Likepe tsa Tarshishe le tsona li tla bokolla, ’me Sidone e tla hlajoa ke lihlong, hobane Jehova o fane ka keletso khahlanong le Tyre, ho “apesa bohle ba hlomphuoang lefatšeng ka nyatso.”—23:9.
17. Ke kahlolo efe le tsosoloso efe tse boleloang esale pele bakeng sa Juda?
17 Kahlolo le poloko tsa Jehova (24:1–27:13). Empa joale talima Juda! Jehova o hlobolisa lefatše leo. Sechaba le moprista, mohlanka le monghali, moreki le morekisi—kaofela ba tlameha ho phahloa, hobane ba tlōtse melao ea Molimo ’me ba tlōtse selekane se sa feleng. Empa ka mor’a nako o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho batšoaruoa ’me a ba bokelle. Ke qhobosheane le setšabelo. O tla etsa mokete oa lijo tse hlabosang thabeng ea hae ’me a felise lefu ka ho sa eeng kae, a hlakole meokho lifahlehong tsohle. Ho tla thoe: “Ke oona Molimo oa rōna.” “Ke eena Jehova.” (25:9) Juda e na le motse o nang le marako bakeng sa polokeho. Khotso e tsoelang pele ke ea ba tšepang Jehova, “hobane Jehova, Jehova, ke lefika la ka mehla eohle.” Empa ea khopo “a ke ke a ithuta ho loka.” (26:4, 10) Jehova o tla bolaea lira tsa hae, empa o tla tsosolosa Jakobo.
18, 19. (a) Ho phatlalatsoa bomalimabe bofe bo fapanang le thabo bakeng sa Efraime le Sione? (b) Jehova o tla pholosa batho ba hae le ho ba busa ka tekanyo efe?
18 Khalefo ea Molimo le mahlohonolo (28:1–35:10). Ho malimabe matahoa a Efraime, ao ‘mokhabiso oa ’ona oa botle’ o tlamehang ho pona! Empa Jehova “e tla ba eena moqhaka oa mokhabo, le moqhaka o khanyang” ho masala a sechaba sa hae. (28:1, 5) Leha ho le joalo, basomi ba Jerusalema ba talimile motseng o se nang boitšireletso bakeng sa setšabelo, ho e-na le ho talima lejoeng la motheo le fumanoeng le tšepahala le la bohlokoa Sione. Sekhohola se tla ba hohola kaofela. Baprofeta ba Jerusalema ba robetse, ’me ba koahelletsoe buka ea Molimo. Melomo e atamela haufi, empa lipelo li hōle. Leha ho le joalo ho tla tla letsatsi leo ka lona lithōlo li tla utloa mantsoe a buka eo. Lifofu li tla bona ’me baikokobetsi ba tla thaba.
19 Ho malimabe ba theohelang Egepeta bakeng sa setšabelo! Sechaba sena se manganga se batla lipono tse khahlisang le tse thetsang. Se tla felisoa, empa Jehova o tla tsosolosa masala. Masala ana a tla bona Morupeli e Moholo oa ’ona, ’me a tla lahla litšoantšo tsa ’ona, a li bitse “matlakala feela!” (30:22, NW) Jehova ke Mosireletsi oa ’nete oa Jerusalema. Morena o tla busa ka ho loka, hammoho le mahosana a hae. O tla tlisa khotso, khutso, le tšireletseho ka ho sa eeng kae. Bohlaba-phio bo tla etsa hore manģosa a khotso a lle habohloko, empa ho batho ba hae Ea Phahameng, Jehova, ke Moahloli, Monehi-Molao, le Morena, ’me ke eena ea tla ba sireletsa. Ka nako eo ha ho na moahi ea tla re: “Kea kula.”—33:24, NW.
20. Ke khalefo efe e tla oela lichaba, empa masala a tsosolositsoeng a letetsoe ke tlhohonolofatso efe?
20 Khalefo ea Jehova e tlameha ho oela lichaba. Litopo li tla nkha, ’me lithaba li tla qhibiliha ke mali. Edomo e tlameha ho etsoa lesupi. Empa ho ba lopollotsoeng ke Jehova, lefeella la lehoatata le tla nyakalla, ’me ho tla hlaha “khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” (35:2) Lifofu, lithōlo, le limumu li tla phekoloa, ’me ba lopollotsoeng ke Jehova ba tla buleloa Tsela ea Khalalelo ha ba khutlela Sione ka thabo.
21. Moassyria o rohaka Jerusalema ka lipolelo life tse somang?
21 Jehova o khutlisa Assyria mehleng ea Ezekiase (36:1–39:8). Na khothatso ea Esaia ea ho itšetleha ka Jehova ea sebetsa? Na e ka mamella teko? Selemong sa bo14 sa ho busa ha Ezekiase, Sankeribe oa Assyria o ile a putula Palestina ’me a khelosa a mang a mabotho a hae ho leka ho tšosa Jerusalema. ’Muelli oa hae ea buang Seheberu, Rabshake, o rohaka batho ba lika-likelitseng marako a motse ka lipolelo tse somang: ‘Le tšepile eng? Egepeta? Lehlaka le hataketsoeng! Jehova? Ha ho na molimo o ka lopollang ho morena oa Assyria!’ (36:4, 6, 18, 20) Batho ha ba arabele hobane ba utloa morena.
22. Jehova o arabela thapelo ea Ezekiase joang, hona O phethahatsa boprofeta ba Esaia joang?
22 Ezekiase o rapela Jehova bakeng sa poloko molemong oa lebitso la Hae, ’me Jehova o arabela ka Esaia hore O tla kenya haka ea hae nkong ea Moassyria ’me a mo khutlise ka tsela eo a tlileng ka eona. Lengeloi le bolaea Baassyria ba 185 000, ’me Sankeribe o khutlela hae a jajatheha, moo hamorao a bolaoang ke bara ba hae tempeleng ea hae ea bohetene.
23. (a) Ke eng se bakang hore Ezekiase a qapele Jehova pesaleme? (b) Ke booatla bofe boo a bo etsang, bo fellang ka boprofeta bofe ba Esaia?
23 Ezekiase o kulela lefu. Leha ho le joalo, ka mohlolo Jehova o etsa hore moriti o hlahisitsoeng ke letsatsi o likele, e le letšoao la hore Ezekiase o tla fola, ’me bophelo ba Ezekiase bo eketseha ka lilemo tse 15. Ha a leboha o qapa pesaleme e monate ea thoriso e eang ho Jehova. Ha morena oa Babylona a romela manģosa, ka boikaketsi a mo lebohela ka ho fola ha hae, Ezekiase ka booatla o a bontša matlotlo a borena. Ka baka leo, Esaia o profeta hore ka letsatsi le leng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ea Ezekiase e tla isoa Babylona.
24. (a) Jehova o phatlalatsa litaba life tse tšelisang? (b) Na melimo ea lichaba e ka bapisoa le Jehova ka boholo, hona o biletsa hore ho pakoe eng?
24 Jehova o tšelisa lipaki tsa hae (40:1–44:28). Lentsoe le qalang la khaolo 40, “Tšelisang,” le hlalosa Esaia eohle hantle. Lentsoe le hooa le le feelleng: “Hlekang tsela ea Jehova.” (40:1, 3) Ho na le litaba tse molemo bakeng sa Sione. Jehova o alosa mohlape oa hae, o beha likonyana sefubeng sa hae. O talima tlaase phikolohong ea lefatše a le maholimong a phahameng. A ka tšoantšoa le eng ka boholo? O fa ba mo tšepang ba khathetseng le ba tepelletseng matla a felletseng le bonatla. O bolela litšoantšo tse qhibilihileng tsa lichaba e le lerōle le lintho tseo eseng tsa sebele. Mokhethoa oa hae o tla ba joaloka selekane ho batho le leseli ho lichaba hore a bule mahlo a foufetseng. Jehova o re ho Jakobo, “Ke u ratile,” ’me o re ho bochabela, bophirimela, leboea, le boroa: ‘Busetsa, khutlisa bara ba ka le barali ba ka.’ (43:4, 6) Ha lekhotla le ntse le tsoela pele, o phephetsa melimo ea lichaba ho hlahisa lipaki hore li pake bomolimo ba eona. Batho ba Iseraele ke lipaki tsa Jehova, mohlanka oa hae, tse pakang hore ke Molimo le Molopolli. O tšepisa Jeshurune (“Ea Lokileng,” Iseraele) moea oa hae ’me o hlabisa lihlong baetsi ba litšoantšo tse sa boneng letho, tse sa tsebeng letho. Jehova ke Molopolli oa batho ba hae; Jerusalema e tla boela e ahoa hape le tempele ea eona e tsosolosoe.
25. Batho ba lokela ho tseba eng ka likahlolo tsa Jehova holim’a Babylona le melimo ea eona ea bohata?
25 Phetetso holim’a Babylona (45:1–48:22). Molemong oa Iseraele, Jehova o khetha Cyruse hore a hlōle Babylona. Batho ba tla tsebisoa hore Jehova ke eena feela Molimo, ’Mōpi oa maholimo, lefatše, le motho ea holim’a lona. O soma melimo ea Babylona Bele le Nebo, hobane ke Eena feela ea ka bolelang tse tlang ho tla li e-s’o hlahe. Morali oa Babylona oa moroetsana o tla lula lerōleng, a theotsoe teroneng ’me a le feela, ’me letšoele la baeletsi ba hae le tla chesoa joaloka lirite. Jehova o bolella barapeli ba litšoantšo ba Iseraele ba ‘melala ea tšepe, ba liphatla tsa koporo’ hore ba ne ba ka ba le khotso, ho loka, le nala ka ho mo mamela, empa ‘ha ho khotso bakeng sa ba khopo.’—48:4, 22.
26. Sione e tla tšelisoa joang?
26 Sione ea tšelisoa (49:1–59:21). Ha a fana ka mohlanka oa hae e le leseli la lichaba, Jehova o hoeletsa ba lefifing: “Hlahang!” (49:9) Sione e tla tšelisoa, ’me nahathothe ea eona e tla ba joaloka Edene, tšimo ea Jehova, e khaphatsehe ke nyakallo, thabo, liteboho, le litlatse. Jehova o tla etsa hore maholimo a nyolohe joaloka mosi, lefatše le tsofale joaloka seaparo, ’me baahi ba lona ba shoe joaloka ntsintsi. Kahoo ke hobane’ng ha e tšaba nyeliso ea batho ba shoang? Litšifa tse babang tseo Jerusalema e li noeleng joale li lokela ho fetela ho lichaba tse e hataketseng.
27. Sione e bolelloa litaba life tse molemo, hona ho profetoa eng ka ‘mohlanka oa Jehova’?
27 ‘Tsoha, uena Sione, ’me u phahame lerōleng!’ Bona lenģosa, le tlōlang holim’a lithaba ka litaba tse molemo ’me le hoeletsa Sione, “Molimo oa hao oa busa!” (52:1, 2, 7) Tsoang sebakeng se litšila ’me le ipoloke le hloekile, lōna ba tšebeletsong ea Jehova. Joale moprofeta o hlalosa ‘mohlanka oa Jehova.’ (53:11) Ke monna ea nyefoloang, ea furalloang, ea jereng mahlomola a rōna leha ho le joalo ho nahanoa hore o otliloe ke Molimo. O ile a hlajoa ka baka la litlōlo tsa rōna, empa o ile a re phekola ka maqeba a hae. Joaloka nku e tlisitsoeng hlabong, ho hang ha aa ka a etsa pefo ’me ho hang ha aa ka a bua thetso. O ile a fana ka sephefumolohi sa hae e le sehlabelo sa libe hore a jare liphoso tsa batho ba bangata.
28. Tlhohonolofatso ea Sione e tlang e hlalosoa joang, hona e le mabapi le selekane sefe?
28 Joaloka monna oa eona, Jehova o bolella Sione hore e hooe ka thabo ka baka la nako ea eona e tlang ea ho ngatafala. Le hoja e le mahlomoleng ’me e otliloe ke lifefo, e tla fetoha motse oa metheo ea safire, litora tsa rubise, le likhoro tsa majoe a bofubelu ba malakabe. Bara ba eona, ba rutoang ke Jehova, ba tla thabela khotso e khaphatsehang, ’me ha ho sebetsa se reretsoeng ho ba loantša se tla atleha. Jehova oa hooa: “Helang! lōna kaofela ba nyoriloeng.” Ha ba ka tla, o tla thea ‘selekane sa hae sa mehau e tiileng e baletsoeng Davida’ le bona; o tla fana ka moeta-pele le molaoli e le paki ho lichaba. (55:1-4) Mehopolo ea Molimo e phahametse ea motho ka ho se nang moeli, ’me ruri lentsoe la oona le tla atleha. Maqhalaha a bolokang molao oa oona, ho sa tsotellehe hore na ke a bochaba bofe, a tla fumana lebitso le molemonyana ho feta la bara le barali. Ntlo ea Jehova e tla bitsoa ntlo ea thapelo ho batho bohle.
29. Jehova o bolella barapeli ba litšoantšo eng, empa o fa batho ba hae tiiso efe?
29 E le Mookameli ea Holimo-limo, eo lebitso la hae le halalelang, Jehova o bolella barapeli ba litšoantšo ba hlanyetsang likamano tsa botona le botšehali hore a ke ke a tseka le Iseraele ka ho sa eeng kae. Ho itima lijo ha bona ha bolumeli ke ho koahela bokhopo. Letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le ka pholosa, le litsebe tsa hae ha lia thibana hore li ka utloa, Esaia o re, empa “ke litlōlo tsa lōna tse entseng lerako le le arohantseng le Molimo oa lōna.” (59:2) Ke ka baka leo e reng ha ba tšepile ho fumana leseli ba phopholetsang lefifing. Ka lehlakoreng le leng, moea oa Jehova holim’a batho ba hae ba selekane ba tšepahalang o tiisa hore lentsoe la hae le tla lula melomong ea bona ho isa melokong eohle e tlang, ha le sa tla tloha.
30. Jehova o etsa Sione botle joang, joalokaha ho bontšoa ke mabitso afe a macha?
30 Jehova o etsa Sione botle (60:1–64:12). “Tsoha, Jerusalema, u bonesoe, hobane . . . khanya ea Jehova e u chabetse.” Ka ho fapaneng, lefatše le aparetsoe ke lefifi le letšo. (60:1, 2) Ka nako eo Sione e tla phahamisa mahlo a eona ’me e thabe, ’me pelo ea eona e tla uba ha e bona maruo a lichaba a tlang ho eona a belesitsoeng holim’a boieane ba likamele. Joaloka lesuti la maeba a fofang, a tla phallela ho eona. Balichaba ba tla haha marako a eona, marena a tla e sebeletsa, ’me ha ho mohla likhoro tsa eona li tla koaloa. Molimo oa eona o tla fetoha mokhabo oa eona, ’me o tla akofa o atise a le mong hore e be sekete le e monyenyane hore e be sechaba se matla. Mohlanka oa Molimo o phatlalatsa hore moea oa Jehova o holim’a hae, o mo tlotsetsa ho bolela litaba tsena tse molemo. Sione e fumana lebitso le lecha, Thabo ea Ka e ho Eena (Hephzibah), ’me naha ea eona e bitsoa Ea Ruiloeng e le Mosali (Beulah). (62:4, NW; mongolo o botlaaseng ba leqephe, NW) Ho tsoa taelo ea hore ho batalatsoe tsela e tsoang Babylona le hore ho hlongoe folaga Sione.
31. Ke mang ea tsoang Edomo, hona batho ba Molimo ba hooa thapelo efe?
31 E mong ea apereng liaparo tse bofubelu ba mali o tsoa Botsra Edomo. Ka khalefo ea hae o hataketse batho sehatelong sa veine, o ba hatakela hore ba tšolle mali. Batho ba Jehova ba utloa boemo ba bona bo litšila ka matla ’me ba etsa thapelo e amang pelo, ba re, ‘Jehova, u ntat’a rōna; re letsopa, ’me uena u ’Mōpi oa rōna. Oho Jehova, u se ke ua halefa ka ho fetisisa. Kaofela re sechaba sa hao.’—64:8, 9.
32. Ho fapana le ba lahlang Jehova, batho ba Jehova ba ka nyakallela eng?
32 “Maholimo a macha le lefatše le lecha”! (65:1–66:24). Batho ba lahlileng Jehova hore ba latele molimo “Tosa” le molimo “Sefala-bohoho” ba tla lapa ’me ba soabe. (65:11) Bahlanka ba Molimo ba tla thabela khaphatseho. Bona! Jehova o bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha. Ke thabo le nyakallo tse kaakang tse tla fumanoa Jerusalema le ho batho ba eona! Ho tla ahoa matlo ’me ho hlongoe merara, athe phiri le konyana li tla fula hammoho. Ha ho na ho ba le kotsi kapa tšenyo.
33. Ke thabo efe, khanya, le ho lula ba le teng ka mehla tse boletsoeng esale pele bakeng sa barati ba Jerusalema?
33 Maholimo ke terone ea hae ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a hae, kahoo ke ntlo efe eo batho ba ka e hahelang Jehova? Ho tla tsoaloa sechaba ka letsatsi le le leng, ’me barati bohle ba Jerusalema ba memeloa ho thaba ha Jehova a e tlisetsa khotso e phallang joaloka nōka. O tla tla khahlanong le lira tsa hae joaloka mollo—sefefo sa makoloi a ntoa a buseletsang khalefo ea hae ho nama eohle e sa utloeng, ka khalemelo e mabifi le malakabe a mollo. Manģosa a tla tsoela lichabeng tsohle le lihleke-hlekeng tse hōle ho bolela ka khanya ea hae. Maholimo a hae a macha le lefatše le lecha e tla ba tsa ka mehla. Ka ho tšoanang, ba mo sebeletsang le bana ba bona ba tla lula ba le teng. Ke ho lula ba le teng kapa lefu la ka ho sa feleng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
34. Lipapiso tse ling tse matla tse eketsang matla molaetseng oa Esaia ke life?
34 Ha e talingoa ka mahlakoreng ’ohle, buka ea boprofeta ea Esaia ke mpho e ruisang molemo ka ho fetisisa e tsoang ho Jehova Molimo. E hlakisa mehopolo e phahameng ea Molimo. (Esa. 55:8-11) Libui tsa phatlalatsa tsa linnete tsa Bibele li ka fumana boitsebiso ho Esaia joaloka pōkello ea lipapiso tse matla tse hlakisang taba ka matla joaloka litšoantšo tsa Jesu. Esaia o re kholisa ka booatla ba motho ea sebelisang sefate se le seng bakeng sa libeso le ho etsa setšoantšo sa borapeli. O re etsa hore re utloe ho kukuneloa ha motho ea robetseng malaong a makhutšoanyane haholo a nang le lilakane tse nyenyane haholo, ’me o etsa hore re utloe boroko bo boholo ba baprofeta ba tšoanang le lintja tse limumu, tse botsoa ho bohola. Joalokaha Esaia a khothalletsa, haeba rōna re ‘batlisisa bukeng ea Jehova le ho bala,’ re ka utloisisa molaetsa o matla oo Esaia a o bolelang bakeng sa mehla ena.—44:14-20; 28:20; 56:10-12; 34:16.
35. Esaia o lebisa tlhokomelo ’Musong o matsohong a Messia joang, le ho lenģosa, Johanne Mokolobetsi?
35 Boprofeta bo lebisa tlhokomelo haholo-holo ’Musong oa Molimo o matsohong a Messia. Jehova ke eena Morena ea phahameng, ’me ke eena ea re pholosang. (33:22) Empa ho thoe’ng ka Messia? Tsebiso ea lengeloi ho Maria mabapi le ngoana ea neng a tla tsoaloa e ile ea bontša hore Esaia 9:6, 7 e ne e tla phethahala ho amoheleng ha hae terone ea Davida; “o tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Mattheu 1:22, 23 e bontša hore ha Jesu a tsoaloa ke moroetsana e ne e le phethahatso ea Esaia 7:14 ’me e ne e mo khetholla e le “Emmanuele.” Lilemo tse ka bang 30 hamorao, Johanne Mokolobetsi o ile a tla a bolela hore “’muso oa maholimo o atametse.” Kaofela bangoli ba bane ba Likosepele ba qotsa Esaia 40:3 ho bontša hore Johanne enoa ke eena ea neng a ‘hoeletsa feelleng.’ (Matt. 3:1-3; Mar. 1:2-4; Luka 3:3-6; Joh. 1:23) Ha Jesu a ne a kolobetsoa o ile a fetoha Messia—Motlotsuoa oa Jehova, lekala kapa lehlomela la Jese—hore a buse lichaba. Li tlameha ho beha tšepo ea tsona ho eena, phethahatsong ea Esaia 11:1, 10.—Ba-Roma 15:8, 12.
36. Ke phethahatso efe ea bohlokoa ea boprofeta e tsebahatsang Messia Morena ka ho hlaka?
36 Bona kamoo Esaia a tsoelang pele ho tsebahatsa Messia Morena ka teng! Jesu o ile a bala thōmo ea hae moqolong oa Esaia ho bontša hore e ne e le Motlotsuoa oa Jehova, a ba a tsoela pele ho ‘bolela evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane,’ joalokaha a ne a bolela, “ke rometsoe hona.” (Luka 4:17-19, 43; Esa. 61:1, 2) Litlaleho tse ’nè tsa Likosepele li tletse boitsebiso bo qaqileng mabapi le tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng le mokhoa oo a ileng a shoa ka oona joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia khaolo 53. Le hoja ba ile ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba bone mesebetsi e tsotehang ea Jesu, Bajode ha baa ka ba utloisisa ka baka la lipelo tsa bona tse sa lumeleng, phethahatsong ea Esaia 6:9, 10; 29:13; le 53:1. (Matt. 13:14, 15; Joh. 12:38-40; Lik. 28:24-27; Ba-Roma 10:16; Matt. 15:7-9; Mar. 7:6, 7) Jesu e ne e le lejoe la khopiso ho bona, empa o ile a fetoha lejoe la ntlha la motheo leo Jehova a ileng a le beha Sione le leo A hahang ntlo ea hae ea moea ho lona phethahatsong ea Esaia 8:14 le 28:16.—Luka 20:17; Ba-Roma 9:32, 33; 10:11; 1 Pet. 2:4-10.
37. Baapostola ba Jesu ba ile ba qotsa le ho sebelisa Esaia joang?
37 Baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba tsoela pele ho sebelisa boprofeta ba Esaia hamolemo, ba bo sebelisa tšebeletsong. Ka mohlala, ha Pauluse a bontša hore baboleli baa hlokahala e le hore ba ka haha tumelo, o qotsa Esaia ha a re: “Maoto a ba bolelang Evangeli ea khotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ea taba tse molemo!” (Ba-Roma 10:15; Esa. 52:7; bona le Ba-Roma 10:11, 16, 20, 21.) Petrose le eena o qotsa Esaia ha a bontša hore litaba tse molemo ke tsa ka mehla: “Hobane nama eohle e joale ka joang, ’me khanya eohle ea motho e joale ka palesa ea joang. Joang bo ee bo omelle, ’me palesa ea jona e oe; empa lentsoe la Jehova le hlola ka ho sa feleng. ’Me ke lona lentsoe leo le le bolelloang.”—1 Pet. 1:24, 25; Esa. 40:6-8.
38. Ke sehlooho sefe se hlollang sa ’Muso se hlalosoang ka matla ho Esaia, se ka ntšetsoang pele ke bangoli ba bang ba Bibele hamorao?
38 Esaia o ile a hlalosa tšepo ea ’Muso bakeng sa bokamoso ka matla a hlollang! Bona! Ke “maholimo a macha le lefatše le lecha,” moo ‘morena a tla busa ka ho loka’ le mahosana a buse ka toka. Ke lebaka le letle hakaakang la ho thaba le ho nyakalla! (65:17, 18; 32:1, 2) Hape, Petrose o ntšetsa pele molaetsa o thabisang oa Esaia: “Empa re lebeletse, ka pallo [ea Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Pet. 3:13) Sehlooho sena se tsotehang sa ’Muso se khanya ka botlalo likhaolong tse qetellang tsa Tšenolo.—Esa. 66:22, 23; 25:8; Tšen. 21:1-5.
39. Esaia e supa tšepong efe e hlollang?
39 Ka hona, buka ea Esaia, le hoja e fupere lipolelo tse boima habohloko tse nyatsang lira tsa Jehova le tsa ba ipolelang ka boikaketsi hore ke bahlanka ba hae, e supa tšepong e hlollang ea ’Muso oa Messia ka mokhoa o phahameng oo ho oona lebitso le leholo la Jehova le tla halaletsoa. E etsa ho hongata ho hlalosa linnete tse tsotehang tsa ’Muso oa Jehova le ho futhumatsa lipelo tsa rōna ka tebello e thabisang ea “topollo ea hae.”—Esa. 25:9; 40:28-31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 1221-3.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 957; Moq. 2, maqephe 894-5.
c Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 324.