Khaolo ea Leshome
Ho Tšepisoa Khosana ea Khotso
1. Ke eng seo moloko oa batho o ’nileng oa thulana le sona ho tloha nakong ea Kaine?
LILEMONG tse ka bang likete tse tšeletseng tse fetileng, lesea la pele le ile la tsoaloa. Lebitso la lona e ne e le Kaine, ’me tsoalo ea lona e ile ea e-ba e ikhethang haholo. Batsoali ba lona, mangeloi esita le ’Mōpi ba ne ba e-s’o ka ba bona lesea pele ho moo. Lesea lena le sa tsoa tsoaloa le ka be le ile la tlisetsa moloko oa batho o ahlotsoeng tšepo. E ile ea e-ba ho soabisang hakaakang hore ha le se le hōlile le fetohe ’molai! (1 Johanne 3:12) Ho tloha ka nako eo moloko oa batho o ’nile oa bona lipolao tse ling tse se nang palo. Kaha batho ba na le tšekamelo ea ho etsa se sebe, ha ho khotso pakeng tsa bona kapa pakeng tsa bona le Molimo.—Genese 6:5; Esaia 48:22.
2, 3. Jesu Kreste o ile a fana ka tebello efe, hona re lokela ho etsa eng hore re fumane litlhohonolofatso tse joalo?
2 Lilemo tse ka bang likete tse ’nè ka mor’a hore Kaine a tsoaloe, ho ile ha tsoaloa lesea le leng. Lebitso la lona e ne e le Jesu, ’me le lona tsoalo ea lona e ile ea e-ba e khethehileng haholo. Le ile la tsoaloa ke moroetsana, ka matla a moea o halalelang—e leng eona feela tsoalo e joalo historing. Nakong ea ho tsoaloa ha lona, letšoele la mangeloi a thabileng le ile la binela Molimo lithoriso, le re: “Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.” (Luka 2:13, 14) Ho fapana le ho ba ’molai, Jesu o ile a bulela batho tsela ea ho ba khotsong le Molimo le ho fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16; 1 Bakorinthe 15:55.
3 Esaia o ile a profeta hore Jesu o ne a tla bitsoa “Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6) O ne a tla nehelana ka bophelo ba hae molemong oa moloko oa batho, kahoo a etse hore tšoarelo ea libe e be teng. (Esaia 53:11) Kajeno, ho ba khotsong le Molimo le tšoarelo ea libe li ka finyelloa motheong oa ho ba le tumelo ho Jesu Kreste. Empa litlhohonolofatso tse joalo ha li itlele feela tjee. (Bakolose 1:21-23) Ba li batlang ba lokela ho ithuta ho mamela Jehova Molimo. (1 Petrose 3:11; bapisa le Baheberu 5:8, 9.) Mehleng ea Esaia, Iseraele le Juda li etsa se fapaneng le seo ka ho feletseng.
Ho Retelehela ho Bademona
4, 5. Boemo ba litaba ke bofe mehleng ea Esaia, hona ba bang ba retelehela ho mang?
4 Ka lebaka la ho se mamele ha bona, batho ba mehleng ea Esaia ba boemong bo bobe ba boitšoaro, e leng sekoti sa lefifi la moea ka ho feletseng. Esita le ’muso o ka boroa oa Juda, moo tempele ea Molimo e leng hona teng, ha o na khotso. Ka lebaka la ho se tšepahale ha bona, batho ba Juda ba sokeloa ke tlhaselo ea Baassyria, ’me ba letetsoe ke linako tse boima. Ba retelehela ho mang ho batla thuso? Ka masoabi, ba bangata ba retelehela ho Satane, eseng ho Jehova. Che, ha ba ipiletse ho Satane ka ho mo bitsa ka lebitso. Ho e-na le hoo, joaloka Morena Saule oa khale, ba kopanela tšebelisanong le meea, ba batla tharollo ea mathata a bona ka ho leka ho buisana le bafu.—1 Samuele 28:1-20.
5 Ba bang ba bile ba khothalletsa mokhoa ona. Esaia o bua ka bokoenehi bo joalo ha a re: “Haeba ba ka re ho lōna: ‘Botsang ba buisanang le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,’ na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona? Na ho tla botsoa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?” (Esaia 8:19) Batho ba buisanang le meea ba ka qhekella batho, ‘ba lla joaloka linonyana le ho bua ka mantsoe a tlaase.’ Melumo e joalo e reretsoeng ho hlahisa se itseng, eo ho thoeng e hlaha ho meea ea bafu, e ka hlahisoa ka tsela ea boikhakanyo ke motho ea phelang ea buisanang le meea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling bademona ba ka kenella ka ho toba ’me ba iketsa eka ke batho ba shoeleng, joalokaha ho hlakile hore ho ile ha etsahala joalo ha Saule a ne a botsa moloi oa Ene-dore.—1 Samuele 28:8-19.
6. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba retelehetseng tšebelisanong le meea ba le molato ka ho khetheha?
6 Sena sohle se ntse se tsoela pele Juda ho sa tsotellehe taba ea hore ebe Jehova o thibetse tšebelisano le meea. Tlas’a Molao oa Moshe, ke phoso e hlokang kahlolo ea lefu. (Levitike 19:31; 20:6, 27; Deuteronoma 18:9-12) Ke hobane’ng ha batho bao e leng letlotlo le khethehileng la Jehova ba etsa phoso e tebileng hakaalo? Hobane ba furaletse Molao oa Jehova le keletso ea hae ’me ba ‘thatafalitsoe ke matla a thetsang a sebe.’ (Baheberu 3:13) “Lipelo tsa bona li fetohile tse hlokang boikutlo feela joaloka mafura,” ’me ba suthetse hōle le Molimo oa bona.—Pesaleme ea 119:70.a
7. Kajeno ba bangata ba etsisa Baiseraele ba mehleng ea Esaia joang, ’me bokamoso ba ba joalo e tla ba bofe haeba ba sa bake?
7 Mohlomong ba beha lebaka la hore, ‘Molao oa Jehova o na le molemo ofe ha e le moo re talimane le tlhaselo ea Baassyria e seng e le haufi?’ Ba batla tharollo e potlakileng le e bonolo tsietsing eo ba leng ho eona ’me ha baa ikemisetsa ho emela hore Jehova a phethe thato ea hae. Mehleng ea rōna, ba bangata ba hlokomoloha molao oa Jehova ’me ba batla ba buisanang le meea, ba hlahloba litšoantšo tsa linaleli, ’me ba retelehela mekhoeng e meng ea tšebelisano le matla a phahametseng a tlhaho bakeng sa ho rarolla mathata a bona. Leha ho le joalo, hore ba phelang ba batle tharollo ho bafu kajeno ke ntho e se nang kelello feela joalokaha ho ne ho le joalo morao koo. Bokamoso ba batho leha e le bafe bao ka ho se bake ba tloaelang ho etsa lintho tse joalo e tla ba bo tšoanang le ba “babolai le lihlola . . . le barapeli ba litšoantšo le bohle ba leshano.” Ha ba na tebello ea bophelo nakong e tlang.—Tšenolo 21:8.
‘Molao oa Molimo le Bopaki’
8. ‘Molao’ le ‘bopaki’ tseo re lokelang ho leba ho tsona bakeng sa ho fumana tataiso kajeno ke eng?
8 Molao oa Jehova o thibelang tšebelisano le meea, hammoho le litaelo tsa hae tse ling, ha oa patoa Juda. O bolokiloe ka hore o ngoloe fatše. Kajeno Lentsoe la hae le fumaneha le feletse le ngotsoe fatše. Ke Bibele, e sa akarelletseng feela pokello ea melao le litaelo tsa bomolimo empa e akarelletsang le tlaleho ea litšebelisano tsa Molimo le batho ba hae. Tlaleho ea Bibele ea litšebelisano tsa Jehova ke bopaki, kapa tiiso, e re rutang ka botho ba Jehova le litšoaneleho tsa hae. Ho e-na le hore ba botse bafu, Baiseraele ba lokela ho leba kae bakeng sa ho fumana tataiso? Esaia oa araba: “Molaong le bopaking!” (Esaia 8:20a) E, ba batlang ho behoa leseling e le kannete ba lokela ho leba Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng.
9. Na ho qotsa Bibele nako le nako ho na le molemo oa letho ho baetsalibe ba sa bakeng?
9 Baiseraele ba bang ba ntseng ba kopanela tšebelisanong le meea ba ka ’na ba ipolela hore ba hlompha Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Empa boipolelo bo joalo ke ba lefeela le ba boikaketsi. Esaia o re: “Ka sebele ba tla ’ne ba bue se malebana le polelo ena se ke keng sa e-ba le khanya ea mafube.” (Esaia 8:20b) Esaia o bua ka polelo efe moo? Mohlomong o bua ka polelo e reng: “Molaong le bopaking!” E ka ’na eaba Baiseraele ba bang ba bakoenehi ba bua ka Lentsoe la Molimo, feela joalokaha kajeno bakoenehi le ba bang ba ka qotsa Mangolo. Empa ana ke mantsoe a sa reng letho. Ho qotsa Mangolo ho ke ke ha lebisa ‘khanyeng leha e le efe ea mafube,’ kapa ho chabisetsoeng leseli ke Jehova, haeba ho sa tsamaisane le ho etsa thato ea Jehova le ho nena mekhoa e sa hloekang.b
“Tlala, Eseng Bakeng sa Bohobe”
10. Batho ba Juda ba utloa bohloko joang ka lebaka la ho lahla Jehova?
10 Ho se mamele Jehova ho fella ka lefifi kelellong. (Baefese 4:17, 18) Ka kutloisiso ea moea, batho ba Juda ba fetohile lifofu, ha ba na kutloisiso. (1 Bakorinthe 2:14) Esaia o hlalosa boemo ba bona: “Ka sebele e mong le e mong o tla feta naheng a le tsietsing ’me a lapile.” (Esaia 8:21a) Ka lebaka la ho se tšepahale ha sechaba—haholo-holo nakong ea puso ea Morena Akaze—ho pholoha ha Juda e le ’muso o ikemetseng hoa sokeloa. Sechaba se pota-potiloe ke lira. Lebotho la Assyria le hlasela metse ea Juda ka ho latellana. Sera se senya naha e behang, se etsa hore lijo li haelle. Ba bangata ‘ba tsietsing ’me ba lapile.’ Empa naha e boetse e hlaseloa ke mofuta o mong oa tlala. Mashome a lilemo pejana, Amose o ile a profeta: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.’” (Amose 8:11) Joale Juda e hlaseloa ke eona tlala eo ea moea!
11. Na ho na le seo Juda e tla ithuta sona taeong eo e e fumanang?
11 Na ho na le seo Juda e tla ithuta sona ebe e khutlela ho Jehova? Na batho ba eona ba tla tlohela tšebelisano le meea le borapeli ba litšoantšo ’me ba khutlele “molaong le bopaking”? Jehova o bona esale pele hore na ba tla arabela joang: “Kahobane a lapile ’me a ikentse hore a ikutloe a halefile, o tla rohaka morena oa hae le Molimo oa hae ’me ka sebele a talime holimo.” (Esaia 8:21b) E, ba bangata ba tla beha morena oa bona oa motho molato ka ho ba lebisa boemong bona. Ba bang ka booatla ba tla be ba behe Jehova molato bakeng sa litlokotsi tsa bona! (Bapisa le Jeremia 44:15-18.) Kajeno, ba bangata ba arabela ka tsela e tšoanang, ba beha Molimo molato ka likoluoa tse bakoang ke bokhopo ba batho.
12. (a) Ho furalla Molimo ho lebisitse Juda ho eng? (b) Ho botsoa lipotso life tsa bohlokoa?
12 Na ho rohaka Molimo ho tla tlisetsa baahi ba Juda khotso? Che. Esaia o bolela esale pele: “O tla talima lefatšeng, ’me, bonang! mahlomola le lefifi, ho fifala, linako tse thata le botšo bo se nang khanya.” (Esaia 8:22) Ka mor’a hore ba talime leholimong ho beha Molimo molato, ba boetse ba talima lefatšeng, ba khutlela litebellong tsa bona tse se nang thuso. Ho furalla ha bona Molimo ho lebisitse tlokotsing. (Liproverbia 19:3) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litšepiso tseo Molimo a ileng a li etsa ho Abrahama, Isaka le Jakobo? (Genese 22:15-18; 28:14, 15) Na Jehova o tla hlōleha ho li phethahatsa? Na Baassyria kapa lebotho le leng le matla la sesole ba tla felisa lesika la borena le tšepisitsoeng Juda le Davida? (Genese 49:8-10; 2 Samuele 7:11-16) Na Baiseraele ba tla ahloleloa ho ba lefifing ka ho sa feleng?
Naha e ‘Eisehang’
13. “Galilea ea lichaba” ke eng, hona e ‘eisoa’ ka tsela efe?
13 Joale Esaia o bua ka e ’ngoe ea liketsahalo tse mpe ka ho fetisisa tsa tlokotsi tse hlahelang litloholo tsa Abrahama: “Ho fifala ho ke ke ha tšoana le ha naha e ne e le khatellong, joaloka pele ha motho a ne a eisa naha ea Zabulone le naha ea Nefthali le ha a ne a etsa hore e hlomphuoe hamorao—tseleng e leoatleng, sebakeng sa Jordane, Galilea ea lichaba.” (Esaia 9:1) Galilea ke sebaka se ’musong o ka leboea oa Iseraele. Boprofeteng ba Esaia e kopanyelletsa “naha ea Zabulone le naha ea Nefthali” hammoho le ‘tsela e leoatleng,’ e leng tsela ea boholo-holo e neng e tsamaea pel’a Leoatle la Galilea e leba Leoatleng la Mediterranean. Mehleng ea Esaia, tikoloho eo e bitsoa “Galilea ea lichaba,” mohlomong hobane baahi ba metse ea eona e mengata e le batho bao e seng Baiseraele.c Naha ee e ‘eisoa’ ka tsela efe? Baassyria ba bahetene baa e hlōla, ba isa Baiseraele botlamuoeng, ’me ba boela ba tlatsa tikoloho eo kaofela ka bahetene, bao e seng litloholo tsa Abrahama. Kahoo ’muso o ka leboea oa meloko e leshome oa nyamela historing e le sechaba se ikemetseng!—2 Marena 17:5, 6, 18, 23, 24.
14. Ke ka kutloisiso efe ‘lefifi’ la Juda le tlang ho ba lenyenyane ho feta la ’muso oa meloko e leshome?
14 Juda le eona e tlas’a khatello ea Baassyria. Na e tla tetebela ‘lefifing’ la ka ho sa feleng joalokaha ho etsahetse ka ’muso oa meloko e leshome o emeloang ke Zabulone le Nefthali? Che. “Hamorao,” Jehova o tla tlisa litlhohonolofatso tikolohong ea ’muso o ka boroa oa Juda esita le naheng eo pele e neng e busoa ke ’muso o ka leboea. Joang?
15, 16. (a) Ke ‘nakong efe hamorao’ moo boemo bo tlang ho fetoha bakeng sa ‘litereke tsa Zabulone le Nefthali’? (b) Naha e neng e eiseha e hlomphuoa joang?
15 Moapostola Matheu o araba potso ena tlalehong ea hae e bululetsoeng ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng. Ha a hlalosa matsatsi a qalang a tšebeletso eo, Matheu o re: “Ka mor’a hore a tlohe Nazaretha, [Jesu] a tla ’me a lula Kapernauma ka thōko ho leoatle literekeng tsa Zabulone le Nefthali, e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Esaia, ha a re: ‘Lōna naha ea Zabulone le naha ea Nefthali, pel’a tsela ea leoatle, ka lehlakoreng le leng la Jordane, Galilea ea lichaba! batho ba lutseng lefifing ba ile ba bona leseli le leholo, ’me ha e le ba lutseng sebakeng sa moriti oa lefu, leseli le ile la ba chabela.’”—Matheu 4:13-16.
16 E, “hamorao” e boletsoeng esale pele ke Esaia ke nako ea tšebeletso ea Kreste ea lefatšeng. Jesu o ile a qeta boholo ba bophelo ba hae ba lefatšeng a le Galilea. Ke hona seterekeng sa Galilea moo a ileng a simolla tšebeletso ea hae teng ’me a qala ho phatlalatsa: “’Muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:17) Ha a le Galilea, o ile a fana ka Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng, a khetha baapostola ba hae, a etsa mohlolo oa hae oa pele ’me a bonahala ho balateli ba ka bang 500 ka mor’a tsoho ea hae. (Matheu 5:1–7:27; 28:16-20; Mareka 3:13, 14; Johanne 2:8-11; 1 Bakorinthe 15:6) Ka tsela ena Jesu o ile a phethahatsa boprofeta ba Esaia ka ho hlompha “naha ea Zabulone le naha ea Nefthali.” Ho hlakile hore Jesu ha aa ka a etsa hore tšebeletso ea hae e felle ho batho ba Galilea feela. Ka ho bolela litaba tse molemo ho pholletsa le naha, Jesu o ile a ‘etsa hore ho hlomphuoe’ sechaba sohle sa Iseraele, ho akarelletsa le Juda.
“Leseli le Leholo”
17. “Leseli le leholo” le khanya joang Galilea?
17 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka hore ebe Matheu o bua ka “leseli le leholo” Galilea? Ana le ’ona e ne e le mantsoe a qotsitsoeng boprofeteng ba Esaia. Esaia o ile a ngola: “Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo. Ha e le ba lulang naheng ea moriti o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.” (Esaia 9:2) Lekholong la pele la lilemo C.E., leseli la ’nete le ne le patiloe ke mashano a bohetene. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ekelitse bothata ka ho tšoarella neanong ea bona ea bolumeli eo ka eona ba neng ba “entse lentsoe la Molimo lefeela.” (Matheu 15:6) Batho ba ikokobelitseng ba ne ba hateletsoe ebile ba ferekane, ba latela “batataisi ba foufetseng.” (Matheu 23:2-4, 16) Ha Jesu Mesia a hlaha, batho ba bangata ba ikokobelitseng ba ile ba tutuboloha mahlo ka tsela e hlollang. (Johanne 1:9, 12) Mosebetsi oa Jesu ha a ntse a le lefatšeng le litlhohonolofatso tse tlisoang ke sehlabelo sa hae ka tšoanelo li khetholloa e le “leseli le leholo” boprofeteng ba Esaia.—Johanne 8:12.
18, 19. Ba ileng ba arabela leseling ba ne ba e-na le lebaka lefe la ho thaba haholo?
18 Ba ileng ba arabela leseling leo ba ne ba e-na le lebaka le leholo la ho thaba. Esaia o ile a tsoela pele: “U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata; u entse hore se thabe haholo. Ba thabile ka pel’a hao joalokaha ho thajoa nakong ea kotulo, joaloka ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng.” (Esaia 9:3) Ka lebaka la mosebetsi oa boboleli oa Jesu le balateli ba hae, batho ba lipelo li tšepahalang ba ile ba hlahella, ba iponahatsa e le ba lakatsang ho rapela Jehova ka moea le ka ’nete. (Johanne 4:24) Ka lilemo tse ka tlaase ho tse ’nè, matšoele a ile a amohela Bokreste. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha kolobetsoa ba likete tse tharo. Nakoana ka mor’a moo, “palo ea banna [e ile] ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.” (Liketso 2:41; 4:4) Ha barutuoa ba ntse ba bonahatsa leseli ka cheseho, “palo ea barutuoa [e ile] ea ’na ea ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.”—Liketso 6:7.
19 Joaloka batho ba thabelang kotulo e khōlō kapa ba thabetseng ho aroloa ha lintho tsa bohlokoa tse hapuoeng ka mor’a tlhōlo e khōlō ea sesole, balateli ba Jesu ba ile ba thabela keketseho eo. (Liketso 2:46, 47) Ka mor’a nako, Jehova o ile a etsa hore leseli le khanye har’a lichaba. (Liketso 14:27) Kahoo batho ba merabe eohle ba ile ba thabela hore ebe ba ne ba buletsoe tsela ea ho atamela Jehova.—Liketso 13:48.
“Joaloka Letsatsing la Midiane”
20. (a) Bamidiane ba ile ba ipaka e le lira tsa Iseraele ka litsela life, hona Jehova o ile a felisa tšokelo ea bona joang? (b) Jesu o tla felisa tšokelo ea lira tsa batho ba Molimo joang “letsatsing la Midiane” le tlang?
20 Liphello tsa mosebetsi oa Mesia ke tsa ka ho sa feleng, joalokaha re bona mantsoeng a latelang a Esaia: “Joko ea mojaro oa bona le molamu o mahetleng a bona, lere la ea ba qobellang ho sebetsa, u li robile likoto joaloka letsatsing la Midiane.” (Esaia 9:4) Makholo a lilemo pele ho mehla ea Esaia, Bamidiane ba ile ba etsa morero oa bolotsana le Bamoabe hore ba hohelle Iseraele sebeng. (Numere 25:1-9, 14-18; 31:15, 16) Hamorao, Bamidiane ba ile ba tšosa Baiseraele ka ho hlasela metse ea bona le mapolasi a bona le ho ikhapela thepa ea bona ka lilemo tse supileng. (Baahloli 6:1-6) Empa joale Jehova o ile a phalalisa mabotho a Bamidiane a sebelisa mohlanka oa hae Gideone. Ka mor’a ‘letsatsi leo la Midiane,’ ha ho bopaki ba hore Bamidiane ba kile ba boela ba jesetsa batho ba Jehova khoebeleng. (Baahloli 6:7-16; 8:28) Haufinyane nakong e tlang, Jesu Kreste, Gideone e moholoanyane, o tla bolaea lira tsa kajeno tsa batho ba Jehova. (Tšenolo 17:14; 19:11-21) Nakong eo, “joaloka letsatsing la Midiane,” ho tla finyelloa tlhōlo e feletseng le e tšoarellang ka matla a Jehova, eseng ka bokhoni ba batho. (Baahloli 7:2-22) Le ka mohla batho ba Molimo ba ke ke ba hlola ba hlokofatsoa tlas’a joko ea khatello!
21. Boprofeta ba Esaia bo bontša eng mabapi le bokamoso ba ntoa?
21 Ho bonahatsa matla a Molimo hase ho tlotlisa ntoa. Jesu ea tsositsoeng ke Khosana ea Khotso, ’me ka hore a timetse lira tsa hae, o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng. Joale Esaia o bua ka hore thepa ea sesole e chesoa ka ho feletseng ka mollo: “Khohlopo e ’ngoe le e ’ngoe ea ea hatakelang ka mokhoa o thothometsang le seaparo sa ka holimo se pitikisitsoeng maling li chesitsoe joaloka lijo tsa mollo.” (Esaia 9:5) Ho thothomela ho bakoang ke likhohlopo tse hatakelang tsa masole a machang ho ke ke ha hlola ho utloahala. Ho ke ke ha hlola ho bonoa liaparo tse khenathetseng mali tsa bahlabani ba seng ba tiile lipelo ke ntoa. Ntoa e ke ke ea hlola e e-ba teng!—Pesaleme ea 46:9.
“Moeletsi ea Hlollang”
22. Ke lebitso lefe le nang le litšobotsi tse ngata tsa boprofeta leo Jesu a le rehoang bukeng ea Esaia?
22 Nakong ea tsoalo ea hae ea mohlolo, ea ileng a tsoalloa ho ba Mesia o ile a rehoa lebitso la Jesu, le bolelang hore “Jehova ke Poloko.” Empa o na le mabitso a mang, mabitso a boprofeta a bontšang karolo ea hae e ka sehloohong le boemo ba hae bo phahameng. Lebitso le leng le joalo ke Emanuele, le bolelang hore “Molimo o na le Rōna.” (Esaia 7:14, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Joale Esaia o bolela lebitso le leng la boprofeta: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6) Nahana ka moelelo o feletseng oa lebitso lena le nang le litšobotsi tse ngata tsa boprofeta.
23, 24. (a) Jesu ke “Moeletsi ea Hlollang” ka tsela efe? (b) Baeletsi ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang kajeno?
23 Moeletsi ke motho ea fanang ka keletso, kapa temoso. Ha a le lefatšeng mona, Jesu Kreste o ile a fana ka keletso e hlollang. Ka Bibeleng re bala hore “bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 7:28) Ke Moeletsi ea bohlale le ea nang le kutloelo-bohloko, ea utloisisang sebōpeho sa motho ka ho fetisisa. Keletso ea hae ha ea lekanyetsoa khalemelong kapa kotlong feela. Hangata, e fanoa e le thuto le keletso e lerato. Keletso ea Jesu ea hlolla hobane kamehla ke e bohlale, e phethahetseng le e ke keng ea fosa. Ha e lateloa, e lebisa bophelong bo sa feleng.—Johanne 6:68.
24 Keletso ea Jesu ha e itlhahele feela kelellong ea hae e bohlale. Ho e-na le hoo, o re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Joaloka tabeng ea Solomone, Jehova Molimo ke eena Mohloli oa bohlale ba Jesu. (1 Marena 3:7-14; Matheu 12:42) Mohlala oa Jesu o lokela ho susumetsa mesuoe le baeletsi ka phuthehong ea Bokreste hore kamehla ba thehe thuto ea bona Lentsoeng la Molimo.—Liproverbia 21:30.
“Molimo ea Matla” le “Ntate oa ka ho sa Feleng”
25. Lebitso “Molimo ea Matla” le re bolella eng ka Jesu ea leholimong?
25 Hape Jesu ke “Molimo ea Matla” le “Ntate oa ka ho sa Feleng.” Sena ha se bolele hore o inkela ka likhoka matla a ho laela le boemo ba Jehova, eo e leng eena “Molimo Ntate.” (2 Bakorinthe 1:2) “[Jesu ha aa ka] a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.” (Bafilippi 2:6) O bitsoa Molimo ea Matla, eseng Molimo ea Matla ’Ohle. Ha ho mohla Jesu a kileng a inahana e le Molimo ea Matla ’Ohle, kaha o ne a bua ka Ntate oa hae e le “Molimo a le mong feela oa ’nete,” ke hore, Molimo a le mong feela ea lokelang ho rapeloa. (Johanne 17:3; Tšenolo 4:11) Ka Mangolong, lentsoe “molimo” le ka bolela “ea matla” kapa “ea nang le bonatla.” (Exoda 12:12; Pesaleme ea 8:5; 2 Bakorinthe 4:4) Pele Jesu a e-tla lefatšeng, e ne e le “molimo,” “a le teng ka sebōpeho sa Molimo.” Ka mor’a tsoho ea hae, o ile a khutlela boemong bo phahameng le ho feta maholimong. (Johanne 1:1; Bafilippi 2:6-11) Ho feta moo, tlotla “molimo” e na le moelelo o eketsehileng. Iseraeleng baahloli ba ne ba bitsoa “melimo”—ka lekhetlo le leng Jesu ka boeena o ile a ba bitsa joalo. (Pesaleme ea 82:6; Johanne 10:35) Jesu ke eena Moahloli ea khethiloeng ke Jehova, “ea reretsoeng ho ahlola ba phelang le bafu.” (2 Timothea 4:1; Johanne 5:30) Ka ho hlakileng, ka tšoanelo o bitsoa Molimo ea Matla.
26. Ke hobane’ng ha Jesu a ka bitsoa “Ntate oa ka ho sa Feleng”?
26 Tlotla “Ntate oa ka ho sa Feleng” e bolela matla a puso le matla a ho laela a Morena oa Bomesia a ho fa batho tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Johanne 11:25, 26) Lefa leo re le fumaneng ho motsoali oa rōna oa pele, Adama, ke lefu. Adama oa ho qetela, Jesu, e ile “ea e-ba moea o fanang ka bophelo.” (1 Bakorinthe 15:22, 45; Baroma 5:12, 18) Feela joalokaha Jesu, Ntate oa ka ho sa Feleng, a tla phela ka ho sa feleng, kahoo batho ba tšepahalang ba tla thabela melemo ea hore e be ntat’a bona ka ho sa feleng.—Baroma 6:9.
“Khosana ea Khotso”
27, 28. Ke melemo efe e babatsehang e tlelang bafo ba “Khosana ea Khotso” hona joale le nakong e tlang?
27 Ntle le bophelo bo sa feleng, motho o boetse o hloka ho ba khotsong le Molimo hammoho le batho ba bang. Esita le kajeno, ba ikokobeletsang puso ea “Khosana ea Khotso” ba ‘teile lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.’ (Esaia 2:2-4) Ha ba khothalletse lehloeo ka lebaka la liphapang tsa lipolotiki, tsa libaka, tsa merabe kapa tsa moruo. Ba kopane borapeling ba Molimo a le mong oa ’nete, Jehova, ’me ba sebeletsa ho boloka likamano tsa khotso le baahisani ba bona, ka phuthehong esita le ka ntle ho eona.—Bagalata 6:10; Baefese 4:2, 3; 2 Timothea 2:24.
28 Ka nako e loketseng ea Molimo, Kreste o tla tlisa khotso lefatšeng lohle, e tiileng ka ho sa sisinyeheng le ea ka ho sa feleng. (Liketso 1:7) “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso, teroneng ea Davida le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata le ho o tšehetsa ka toka le ka ho loka, ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 9:7a) Ha a sebelisa matla a hae a ho laela joaloka Khosana ea Khotso, Jesu a ke ke a sebelisa mekhoa ea bohatelli. Bafo ba hae ba ke ke ba amohuoa bolokolohi ba ho ikhethela le ho hatelloa ka likhoka. Ho e-na le hoo, sohle seo a tla se finyella se tla ba teng “ka toka le ka ho loka.” Ke phetoho e khathollang hakaakang!
29. Ke eng seo re lokelang ho se etsa haeba re lakatsa ho thabela tlhohonolofatso ea khotso ea ka ho sa feleng?
29 Ka lebaka la litšobotsi tse hlollang tsa moelelo oa lebitso la Jesu la boprofeta, tsela eo Esaia a qetellang karolo ena ea boprofeta ba hae ka eona ruri ke e susumetsang. Oa ngola: “Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” (Esaia 9:7b) E, Jehova o etsa lintho ka cheseho. Ha ho letho leo a le etsang ka monyebe. Re ka kholiseha hore eng kapa eng eo a e tšepisang, o tla e phetha ka botlalo. Kahoo, haeba motho leha e le ofe, a lakatsa ho thabela khotso ea ka ho sa feleng, a ke a sebeletse Jehova ka pelo eohle. Joaloka Jehova Molimo le Jesu, Khosana ea Khotso, e se eka bahlanka bohle ba Molimo ba ka ‘chesehela mesebetsi e metle.’—Tite 2:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bangata ba lumela hore Pesaleme ea 119 e ngotsoe ke Ezekiase pele e e-ba morena. Haeba ho joalo, ho ka etsahala hore ebe e ngotsoe nakong ea ha Esaia a sa ntse a profeta.
b E ka ’na eaba poleloana e reng “polelo ena” e ho Esaia 8:20 e bolela polelo e mabapi le tšebelisano le meea, e qotsitsoeng ho Esaia 8:19. Haeba ho joalo, Esaia o bolela hore ba khothalletsang tšebelisano le meea Juda ba tla tsoela pele ho khothalletsa ba bang hore ba lebe ho ba buisanang le meea ’me ka tsela eo ba se ke ba chabisetsoa leseli ke Jehova.
c Ba bang ba fane ka maikutlo a hore mohlomong baahi ba metse e 20 ea Galilea eo Morena Solomone a ileng a e fa Hirame morena oa Tyre e ne e se Baiseraele.—1 Marena 9:10-13.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 122]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Korazine
Bethsaida
Kapernauma
Thota ea Genesarete
Leoatle la Galilea
Magadane
Tiberiase
Nōka ea Jordane
GADARA
Gadara
[Litšoantšo tse leqepheng la 119]
Tsoalo ea Kaine le ea Jesu e ile ea e-ba tse ikhethang haholo. Ke ea Jesu feela e bileng le phello e thabisang
[Setšoantšo se leqepheng la 121]
Ho tla ba le tlala e mpe haholo ho feta ea ho lapela bohobe le ho nyoreloa metsi
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
Jesu e ne e le leseli naheng