Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsoalo e Khōlōhali ea Ngoana Lefatšeng e Etella Pele Tšireletseho ea Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa—1987 | April 1
    • Tsoalo e Khōlōhali ea Ngoana Lefatšeng e Etella Pele Tšireletseho ea Lefatše Lohle

      “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena ba beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.”—ESAIA 9:6.

      1. Tšireletseho lefatšeng lohle e tla hle e be ntho ea sebele tlas’a mang, hona re tseba see joang?

      TŠIRELETSEHO lefatšeng lohle! Tlas’a “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose, ke toro e ke keng ea etsahala. (Johanne 12:31) Empa tšireletseho lefatšeng lohle tlas’a “Morena oa khotso,” Jesu Kreste, ke ntho e tla hle e etsahale. Jehova o re tiisetsa sena boprofeteng bo buang ka ho tsoaloa le mosebetsi tsa “Morena oa khotso.” Ho Esaia 9:6, 7, rea bala: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”

      2. (a) Boprofeta ba Esaia 9:6, 7 bo fanoe tlas’a maemo afe? (b) Re tseba joang hore Jehova o tla tšoarella a sa hlolehe selekaneng seo a se entseng le Davida bakeng sa ’muso o sa feleng lesikeng la hae?

      2 Ke boprofeta bo babatsehang hakaakang! E tla ba ho thabisang ho hlahloba boprofeta bona bo buang ka tsoalo e khōlōhali ea ngoana lefatšeng. Empa pele re ka bo ananela ka botlalo, ho hlokahala re lebise tlhokomelo maemong ao bo ileng ba fanoa tlas’a oona. E ne e le nakong ea ha ho reroa bolotsana ba machaba mehleng ea ’muso oa Juda tlas’a Morena Akaze. Le hoja a ne a sa tšepahale ho Jehova, morena eo o ile a lumelloa ho lula teroneng ea Jehova. O bontšitsoe mamello ena ka lebaka la selekane seo Jehova a neng a se entse le Davida bakeng sa ’muso oa ka ho sa feleng lesikeng la hae. Le hoja Davida a ile a tingoa monyetla oa ho hahela Jehova tempele, Molimo o ile oa mo hlohonolofatsa ka tsela e ’ngoe. Ena e ile ea beoa ka mantsoe a moprofeta Nathane: “Hape Jehova oa u bolella hore Jehova o tla u etsetsa ntlo. Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:11, 16) Tšepiso eo ea bomolimo e ipakile e le e khotsofatsang ho Morena Davida hoo a neng a lebelletse ho phethahala ha eona ho khanyang.

      3. (a) Selekane seo le Davida se phethahala ho bo-mang, ’me selekane seo se ne se ikhetha joang? (b) Diabolose o ile a etsa eng pakane ea hae mabapi le selekane sa ’Muso?

      3 Selekane seo se entsoeng le Davida se phethahatsoa ho Mora e moholo oa Davida, Jesu Kreste, “Morena oa khotso.” Ha ho lelapa le leng la borena lefatšeng lena le kileng la thabela selekane se joalo sa ’muso, seo khotso ea sona ea puso ea borena e ke keng ea fela le khotso e ke keng ea fela. Empa selekane seo sa ’Muso se ne se tšoere phephetso ho mebuso eohle ea lefatše leo Satane e leng morena oa lona kapa ’musi oa lona. Ka hona Diabolose le bademona ba hae ba ho etsa pakane ea bona ho leka ho senya ntlo ea Davida ’me ka hona ba felise litebello tsa hore e ka ba le mojalefa oa ka ho sa feleng. Satane a fumana likofuto tse ntle ho Morena Retsine oa Syria, Morena Peka oa meloko e leshome ea Iseraele, le ho morena oa Assyria.

      Bolotsana Khahlanong le Selekane sa ’Muso

      4. Diabolose o ile a tsoela pele joang boitekong ba hae ba ho emisa tšebetso ea selekane sa ’Muso sa Jehova se ileng sa etsoa le Davida?

      4 Leano la Diabolose e ne e le lefe? Sepheo sa hae e ne e le ho qobella Morena Akaze oa Juda hore ka lebaka la tšabo, a kene selekaneng se sa lokelang le morena oa Assyria. Diabolose o ne a ka etsa hoo joang? Ha e le hantle, a etsa hore Morena Peka oa Iseraele le Morena Retsine oa Syria ba rerele ntlo ea Davida bolotsana. Ba rera bolotsana ba ho tlosa Morena Akaze teroneng ea Juda e le hore ba ka bea motho oa bona, mor’a Tabeele e le morena eo ba mo laolang. Mora eo oa Tabeele e ne e le mang? Ke habohlokoa hore e ne e se setloholo sa ntlo ea Davida. Kahoo e ne e se motho eo selekane sa Molimo bakeng sa ’Muso se neng se ka fetisoa ka eena ho fihlela se fumana Mojalefa oa sona oa kamehla ho “Morena oa khotso.” E ne e tla ba motho oa bona, e seng motho oa Molimo, teroneng ea Juda. Ka hona Bibele e senola boiteko ba Satane ba ho felisa tšebetso ea selekane sa ’Muso oa Jehova se neng se entsoe le Davida.

      5, 6. Morena Akaze o ile a itšoara joang ka bolotsana bo neng bo reretsoe ntlo ea Davida, hona ke molaetsa ofe o khothatsang oo Jehova a ileng a mo fa oona?

      5 Morena Akaze o ile a arabela joang tšosong ee? Eena le batho ba hae ba thothomela ke tšabo. Ka hona Jehova a mo fa boitsebiso bo khothatsang bo mo thibelang hore a ka thea selekane sa tšireletso le morena oa ’muso oa lefatše o hōlang, oa Assyria. Jehova a romela moprofeta oa hae Esaia ho ea kopana le Akaze le ho mo nea molaetsa ona o fumanoang ho Esaia 7:4-9:

      6 “Se tšabe . . . Leha Syria le Efraime [setho se ka sehloohong sa ’muso oa Iseraele] le mor’a Remalia [Peka] ba rerile ho u etsa hampe, ba re: A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikhapele motse, re bee mor’a Tabeele morena oa teng; Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ea etsahala, e ke ke ea hlaha. . . . Ha le sa lumele, ruri le ke ke la tiea.”

      Pontšo ea Ho Hlōleha ha Bolotsana

      7. (a) Ke eng e isitseng boprofeteng bo tsotehang ba Esaia 7:14? (b) Tsoalo ea Emmanuele e ne e le pontšo e tšepahalang ea eng, hona bara ba Esaia ba ne ba tla sebeletsa e le eng?

      7 Kahoo, Jehova a profeta hore ba rerang bolotsana ba tla lihuoa. Ka motsotso oo ha tla nako ea boprofeta ba bomolimo ba bohlokoa haholo lefatšeng, hobane bo ile ba supa ho Mojalefa oa borena oa selekane sa ’Muso le Davida. Empa ke eng e entseng hore ho etsoe boprofeta boo bo tsotehang? Ha e le hantle, Jehova o ne a bua le Morena Akaze. A bolella Akaze hore a kōpe pontšo leha e le efe ea mohlolo eo a ka nahanang ka eona, ’me Jehova o ne a tla e etsa e le tiiso e tiileng ea hore Molimo o tla qhala bolotsana bo rereloang ntlo ea Davida. Empa Akaze a hana ho kōpa pontšo e joalo. Joale ha etsahala’ng? Esaia 7:14 ea re bolella: “Ka baka leo, Morena o tla le fa pontšo, e le eena: Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me o tla mo rea lebitso la Emmanuele.” Lebitso leo le bolela “Molimo o na le rōna.” Kaha Emmanuele le bara ba bang ba babeli ba Esaia ba ne ba tla sebeletsa e le lipontšo, moprofeta a re ho Esaia 8:18: “Bonang, ke ’na enoa le bana bao Jehova a ’neileng bona, hore re be lipontšo le litšoantšo Iseraeleng, ka taelo ea Jehova oa makhotla.” Ka hona ho tsoaloa ha Emmanuele e ne e le pontšo e tiileng ea hore bohle ba rerang bolotsana le bolotsana ba bona boo ba bo rerelang selekane sa ’Muso oa Molimo le Mojalefa oa oona e ne e tla ba lefeela!

      8. (a) Boprofeta bo ho Esaia 7:15, 16 bo boletse eng ka moshanyana Emmanuele, hona phello e bile efe? (b) Ke hobane’ng ha ho tsebahala ha Emmanuele mehleng ea Esaia ho lutse ho sa tsejoe hantle?

      8 Tlaleho ea Bibele ha e bolele hore na ke mang ea ileng a beleha mora ea ileng a bitsoa Emmanuele. Mohlomong e ka ’na eaba ke moroetsana oa Mojode ea ileng a fetoha mosali oa bobeli oa moprofeta Esaia. Ho sa tsotellehe hore na ’nete e bile efe, boprofeta ba tsoela pele ho bolela hore pele moshemane a hōla ka ho lekaneng hore a ka khetha pakeng tsa botle le bobe, marena a mabeli a neng a rerela ntlo ea Davida bolotsana a ne a tla fela habohloko. (Esaia 7:15, 16) Hona ha ipaka hore ke ’nete. ’Nete ea hore ha re tsebe hantle hore na Emmanuele e ne e le mang mehleng ea Esaia ke e loketseng e le hore meloko e neng e tla tla hamorao e se ke ea hlokomoloha Emmanuele e Moholoanyane mohla a neng a tla hlaha e le pontšo ea mohlolo e tsoang leholimong.

      9. (a) Ho phethahala ha pontšo le ho hlōleha ha bolotsana khahlanong le selekane sa ’Muso ho ne ho tiisa eng? (b) Bolotsana bo boholohali ba lefatše ke bofe?

      9 Ha e le hantle, mehleng ea Akaze, pontšo le ho qhaloa ha bolotsana bo reroang ke lefatše khahlanong le selekane sa ’Muso oa Molimo, li ile tsa phethahatsoa hanyenyane feela. Empa phethahatso eo ea pele ea tiisa hore pontšo le ho qhaloa ha bolotsana bo reroang ke lefatše li tla phethahatsoa ka kutloisiso e khōloanyane mehleng ea rōna e thata. Kajeno re talimane le bolotsana bo boholohali ho feta bo kileng ba reroa lefatšeng. Ka kutloisiso efe? Ka hore lichaba ka ho feletseng li hlokomoloha tokisetso ea Jehova ea ho tlisa khotso ea kamehla, li bile li hanyetsa le baemeli ba “Morena oa khotso.” Bolotsana bo hlile bo khahlanong le Mojalefa oa selekane sa ’Muso, “Morena oa khotso.” Joale, ho thoe’ng ka phethahatso e feletseng ea boprofeta boo? Haeba re lemoha pontšo eo, joale re tla ananela hore qetello ea bolotsana bona ba lefatše ke qeto ea khale.

      Tsoalo ea “Morena oa Khotso”

      10. (a) Phethahatsong e feletseng ea Esaia 7:14, ke mang ea belehileng ngoana e le pontšo le Mojalefa oa selekane sa ’Muso? (b) Rahistori Mattheu o amahanya pontšo ea Emmanuele le ntlo ea Davida joang?

      10 Phethahatsong e feletseng ea boprofeta, moroetsana ea belehileng ngoana e le pontšo le Mojalefa oa selekane sa ’Muso e ne e le Maria, moroetsana oa Mojode ea tsoileng lesikeng la Morena Davida. Lengeloi Gabriele la mo bolella hore o ne a tla beleha mora ea neng a tla bitsoa Jesu, eo Jehova Molimo a neng a tla “mo nea terone ea Davida ntat’ae,” le hore “borena [’Muso] ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:26-33) Rahistori ea bululetsoeng Mattheu o amahanya pontšo ea Emmanuele le ntlo ea Davida. Rea bala ho Mattheu 1:20-23: “Lengeloi la Morena la mo [Josefa] hlahela ka toro, la re: Josefa, mor’a Davida, u se ke ua tšaba ho inkela Maria, mosali oa hao, hobane se emotsoeng ke eena, ke sa Moea o Halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona. Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsoeng ke Morena, ka moprofeta ea itseng: Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me lebitso la hae o tla bitsoa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetoloa, Molimo o na le rōna.”

      11. Tsoalo e profetiloeng ea Emmanuele e etsahetse neng hona hokae?

      11 Tsoalo ee e profetiloeng ea Emmanuele e etsahetse neng hona hokae? Mahlo oohle a Bajode a ne a talimile ka lehlakoreng le nepahetseng ka mantsoe a Mikea 5:2 a qotsitsoeng ho Mattheu 2:6: “Uena Bethlehema, fatše la Juda, ha u monyenyane har’a metse e meholo ea Juda, hobane ho tla tsoa ho uena motsamaisi ea tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele.” E ne e le ka selemo sa 2 B.C.E., motseng oa Bethlehema moo “Morena oa khotso” a ileng a tsoaloa, ’me boprofeta bo hlollang ba Esaia 9:6, 7 ba qala ho phethahala.

      12, 13. Tsoalo ea “Morena oa khotso” e tliselitse mang tlhompho e khōlō, ’me ke litšobotsi life tse khanyang le tse phatsimang tse bileng teng tsoalong ee?

      12 Ke mang har’a rōna ea neng a ke ke a ho nka e le hlompho le thabo ho ba motsoali oa ea neng a tla ba le tlotla ea “Morena oa khotso”? Ka lebaka leo Ntate oa morena oa khosana ena o ile a tleloa ke khanya e khōlō. Ha e le hantle, le ka mohla, ha ho mohla tsoalo ea motho e kileng ea felehetsoa ke khanya le litšobotsi tse phatsimang joalo.

      13 Lengeloi le khanyang la Jehova la hlaha ho balisa ba neng ba alositse mehlape ea bona masimong bosiu kantle ho Bethlehema ’me “khanya ea Morena [Jehova] ea ba teela hare.” Joale lengeloi la tsebahatsa tsoalo phethahatsong ea boprofeta ba bomolimo, le re: “Kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena.” Joalokaha eka hoo e ne e se khanya e lekaneng, maholimong a holimo ha hlaha letšoele la mangeloi a rorisang Ntate oa ngoana ea sa tsoa tsoaloa ’me joalokaha eka ke ka lentsoe le le leng, a re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.” E bile ho loketseng hakaakang hore tsoalong ea ea neng a reretsoe hore e be “Morena oa khotso” mangeloi a tsebahatse hore ho ne ho tla ba le khotso ea bomolimo bakeng sa batho bohle bao Molimo o khahloang ke bona!—Luka 2:8-14.

      14, 15. (a) Bara ba leholimong ba Molimo ba ile ba rorisa Jehova ka liketsahalo life? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho ke ke ha e-ba le tsoalo e ’ngoe ea ngoana paleng eohle ea batho e ka bapisoang le ee?

      14 Khale pele ho tsoaloa eo e neng e tla ba “Morena oa khotso,” mangeloi a ne a ile a rorisa Molimo ka lekhetlo le leng le khethehileng. Hoo ho etsahetse nakong ea pōpo, ha Molimo o thea lefatše. (Jobo 38:4) Na u bone litšoantšo tsa lefatše la rōna tse nkiloeng ke ba fofang sebakeng ha ba le sepaka-pakeng se kantle? Joale u bone seo ho fihlela morao tjena se neng se bonoe ke mangeloi feela. ’Me mangeloi a ile a arabela joang ka nako eo? Jobo 38:7 ea re bolella: ‘Linaleli tsa meso tsa ntša mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo ba bina ka nyakallo.’

      15 Tsoalo e khōlōhali e kileng ea tlotla lefatše e ne e tla ba ketsahalo e khōlōhali joalo eo ka eona bara ba Molimo ba neng ba tla kopanya mantsoe a bona a monatehali pineng ea thoriso. Joalokaha ntate oa lefatše a leboheloa tsoalo ea mora oa hae oa letsibolo, ka hona Ntate oa leholimo ea ikarabellang bakeng sa tsoalo ena e khōlōhali e kileng ea etsahala lefatšeng, o lokeloa ke hore a hōlisoe ka pina ke litho tsa lelapa la hae la leholimo. Boleng bo halalelang bo tlameha e be bo ile ba thabela pina eo e monate haholo hakaakang e entsoeng ha bo fetoha ntate ka lekhetlo la pele maemong a macha ho hang. Historing eohle ea bokahohle ha ho mohla ho kileng ha e-ba le tsoalo ea ngoana e ka bapisoang le ea ea neng a reretsoe ho ba “Morena oa khotso.”

      “Leseli le Leholo” lea Khanya

      16. Phethahatso e tsoelang pele ea Esaia khaolo 9 e bile neng hona joang?

      16 Esaia khaolo ea 9 e phethahalitsoe ka ho tsoetseng pele ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ea pontšeng. Ena e ne e amana le litemana tsa eona tse peli tsa pele, tse neng li profetile hore “leseli le leholo” le ne le tla khanyetsa batho ba ‘tsamaeang lefifing.’ Re hlalosetsoa phethahatso ea litemana tseo ke rahistori ea bululetsoeng Mattheu khaolong ea 4 litemana 13 ho ea ho 17 : “[Jesu] a falla Nazaretha, a ea aha Kapernauma, motse o pel’a leoatle, naheng ea Zabulone le Nefthali; hore ho etsahale ho boletsoeng ke moprofeta Esaia, ha a re: Lefatše la Zabulone le lefatše la Nefthali, tseleng ea leoatle, mose oa Jordane, Galilea oa lichaba, sechaba se neng se lutse lefifing, se bone leseli le leholo; ’me leseli le chabetse ba neng ba lutse naheng ea lefu le moriting oa lona. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.”

      17. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka etsa hore leseli le khanyetse batho ba Zabulone le Nefthali, hona leseli lee le ne le tla bolela eng ho ba lutseng lefifing?

      17 Zabulone le Nefthali li ne li le ka leboea ho elella qetellong ea Iseraele ’me li ne li akarelletsa setereke sa Galilea. Nefthali e ne e le moeli oa lebōpo lohle le ka bophirimela la Leoatle la Galilea. Ka hona e bile ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo libakeng tseo, Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba etsa hore leseli le chabele batho ba moo ba neng ba lutse lefifing ka nako e telele. Jesu o itse ho Johanne 8:12: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” Kahoo, ka Jesu ‘ba lutseng khohlong ea moriti oa lefu’ ba nolofaletsoa ho ba le “leseli la bophelo” hobane a tetse bophelo ba hae “ho ba topollo ea ba bangata.” Ke eo Jehova a mo sebelisitseng ho khantša mokhoa oo ka oona batho ba neng ba ka fumana bophelo.—Mattheu 4:23; 20:28.

      18. (a) Ke hobane’ng ha “leseli le leholo” lee le ne le sa lebisoa feela ho batho ba Galilea? (b) Ho tla nahanoa eng sehloohong se hlahlamang?

      18 ‘Leseli lena le leholo’ le tšepisang topollo lefung le khatellong ha lea ka la fellisetsoa ho batho ba Galilea feela. Na Esaia o ne a sa profeta hore puso e ne e tla ba e se nang bofelo? Hona na Esaia o ne a sa profeta hore karolo ea “Morena oa khotso” e ne e tla ba e khōlō? E, hobane Esaia 9:6, 7 e re: “O tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” Sehloohong se latelang, re tla nahana ka mosebetsi oa Jesu Kreste e le “Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng,” hape e le “Morena oa khotso.”

  • Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”
    Molula-Qhooa—1987 | April 1
    • Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”

      “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—ESAIA 9:7.

      1, 2. (a) Ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo e ne e tla ba ketsahalo ea eng, ’me tsoalo eo e etsahetse neng? (b) Molao-motheo oa Machaba a Kopaneng o fa mokhatlo oo eng, empa ke eng seo selekane sa ’Muso se se fileng Jesu Kreste? (c) Re tseba joang hore Jehova o tla tšoarella a sa hlōlehe selekaneng sa ’Muso?

      JOALOKAHA ho tsoaloa ha Jesu, moshemane ea phethahetseng, e bile ketsahalo ea thabo e khōlōhali, ho joalo le ka ho tsoaloa ha ’Muso oa hae oo e neng e le khale o tšepisitsoe e ne e tla ba ketsahalo e thabisang haholo. (Pesaleme ea 96:10-12) Ho latela linnete tsa histori ea kajeno, ’muso oo o beiloe mahetleng a Jesu ea tlotlisitsoeng ka 1914. Boteng ba mokhatlo oa Machaba a Kopaneng kajeno ha bo shanofatse ’nete eo. Ha ho lea mong ho babusi ba litho tse 159 tsa Machaba a Kopaneng eo e leng oa ntlo ea Davida. Leha ho le joalo, molao oa motheo oa bolotsana boo bo reroang ke lefatše o li abela mosebetsi oa ho finyella khotso ea lefatše lohle le tšireletseho bakeng sa batho.

      2 Empa selekane sa Jehova bakeng sa ’Muso ha ho mohla se kileng sa hlakoloa. Ho Esaia 9:7 poleloana “teroneng ea Davida” e tiisa selekane seo Molimo o se entseng le Davida bakeng sa ’muso o sa feleng. Ho feta moo, Jehova o hlapantse hore se tla phethahala ka katleho. Hore Jehova o tla tšoarella selekaneng sena ho hlakisoa ho Pesaleme ea 89:3, 4, 35, 36: “Ke entse selekane le mokhethoa oa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka oa ka, ka re: Ke tla tiisa leloko la hao ka ho sa eeng kae, ke tiise terone ea hao ho isa melokong eohle. Ke hlapantse ho hong khalalelong ea ka, ka re: Nke ke ka iketsa ea leshano ho Davida! Moloko oa hae o tla ’ne o be teng ka ho sa feleng, terone ea hae e tla ’ne e be teng pel’a ka joale ka letsatsi.” Selekane seo, hammoho le tlotla “Morena oa khotso,” li abela Jesu Kreste mosebetsi oa ho tlisa tšireletseho ea lefatše lohle.

      3. Ke hobane’ng ha nako ea hore “Morena oa khotso” a qale puso ea hae e ne e se nako ea khotso bakeng sa leholimo kapa lefatše?

      3 Leha ho le joalo, nako ea hore Jehova Molimo a bee puso mahetleng a Morena oa hae ea roetseng moqhaka e ne e sa lokela ho ba ka selemo sa khotso e-bang ke leholimong le holimo kapa lefatšeng le tlaase. Ho latela Tšenolo khaolo ea 12, ho tsoaloa ha ’Muso oa hae ho ne ho tla lateloa ke ntoa leholimong. Satane Diabolose le bademona ba hae ba loantša ’muso o hlomiloeng bocha, ’me Morena ea beiloeng teroneng bocha le mangeloi a hae a halalelang ba loantša makhotla ao a bademona. Phello e bile hore Satane le bademona ba hae ba ntšoe maholimong ’me ba liheloe sebakeng sa lefatše la rōna. Ka baka leo, ha utloahala mohoo: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Ha e sa le Diabolose a theoloa maemong, lefatše la rōna ka masoabi le fetohile sebaka sa pefo le ntoa tseo ho seng tse tšoanang le tsona. Batho ba hloka puso ea “Morena oa khotso” hakaakang, hobane e tla fella ka tšireletseho ea lefatše lohle!

      4. Ke hobane’ng ha tlotla “Molimo o matla” e sa lokela ho ferekanngoa le Molimo o matla ’ohle?

      4 Ho latela Esaia 9:6, tlotla, “Morena oa khotso,” e ne e tla phaelloa ka litlotla tse ling lebitsong le khanyang la Jesu Kreste. E ’ngoe ea litlotla tsena e ne e tla ba “Molimo o matla.” O ne a sa tl’o bitsoa Molimo o Matla ’ohle, joalokaha eka ke setho sa melimo ea boraro-bo-bong se lekanang le tse ling. Esita le letsatsing leo a tsohileng ka lona, o ile a tsebahatsa hore o ntse a le ka tlaase ho Jehova. A itlhahisa ho Maria Magdalena ’me a mo roma ho barutuoa ba hae ba tsielehileng ho ea ba tsebisa hore o khutlela ho Ntate oa bona le Ntate oa hae, ho Molimo oa bona le Molimo oa hae. (Johanne 20:17) Ho tla fihlela kajeno, o ntse a etella pele pōpo eohle ho rapeleng “Molimo oa melimo,” Jehova. (Daniele 11:36) E, Jesu Kreste o na le Molimo ’me Molimo oo hase Jesu empa ke Ntate oa leholimo Jehova. “Morena oa khotso” o sebeletsa hantle hakaakang e le selelekela sa khotso le tšireletseho tsa kamehla bokahohleng!

      5. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e le eena ea tšoanelehang haholo ho etella libōpuoa tse bohlale pele borapeling ba Molimo oa ’nete le o phelang, Jehova?

      5 Ka ho sa feleng, Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo o tla tsoela pele ho etella pele libōpuoa tse bohlale borapeling ba Molimo ona o le mong le oa ’nete o phelang, Jehova. Mora ea phahamisitsoeng oa Molimo ka ho phahameng o tšoanelehela sena. Har’a libōpuoa tsohle tse leholimong le lefatšeng, Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo ke eena ea tsebileng Jehova halelele haholo hape a le haufi-ufi. Ho 1 Ba-Korinthe 2:11 moapostola Pauluse o re: “Hobane motho ke ofe ea tsebang tsa motho, ha e se moea oa motho o leng ka ho eena?” Ho joalo le tabeng ea Jesu Kreste. Le hoja a sebelisitsoe ke Jehova Molimo ho bōpa motho, e bile taba e ’ngoe ho eena hore a hle a fetohe motho ka boeena, a potolohuoe ke maemo oohle a lefatše ’me a be a latsoe boikutlo ba motho. Ke kahoo ho ngotsoeng hore “leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng” joaloka motho mona lefatšeng. (Ba-Heberu 5:8) Ruri o ipakile a tšoaneleha hore a ka tšepeloa “borena bohle leholimong le lefatšeng” le hore a be le tlotla “Molimo o matla.”—Mattheu 28:18; bapisa Ba-Filippi 2:5-11.

      “Moeletsi ea Makatsang” le “Ra-bo-sa-feleng”

      6. Jesu Kreste o ’nile a sebeletsa e le “Moeletsi ea makatsang” joang, hona “bongata bo boholo ba batho” bo ruile molemo joang keletsong ea hae e makatsang?

      6 Ka mabaka ana oohle a utloahalang, Morena oa leholimo oa Molimo a ka khona ka ho feletseng ho sebeletsa batho e le “Moeletsi ea makatsang.” (Esaia 9:6) Kamehla keletso ea hae ke e bohlale, e phethahetseng le e sa foseng. Joaloka ’Muelli pakeng tsa Jehova Molimo le ba nketsoeng selekaneng se secha, ka sebele o sebelelitse e le moeletsi ea makatsang ka lilemo tsena tse fetileng tse makholo a 19. Hona joale, ho tloha ka 1935, “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” tsa hae bo ’nile ba habola boeletsi ba hae bo makatsang ’me bo fumana taeo le tataiso tse ntle ka ho fetisisa. (Tšenolo 7:9-17; Johanne 10:16) Bakeng sa boemeli mosebetsing ona oa ho eletsa, ‘mehleng ena ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho’ o hlahisitse sehlopha se tšepisitsoeng sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ’me o se entse moalosi oa thepa eohle ea hae ea lefatše kapa lithahasello tsa borena. (Mattheu 24:3, 45-47; Luka 12:42-44) “Bongata bo boholo ba batho” hona joale bo amohela keletso ea moea eo ka sebele e leng e makatsang le e tšepahalang hobane e theiloe Lentsoeng la Molimo le senotsoeng.

      7. Ke hobane’ng ha Satane Diabolose e se e se molimo o matla ho batho ba Jehova?

      7 Ka lebaka la ho arabela ha bona keletsong eo, Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena,” ha e sa le molimo o matla holim’a rōna joaloka batho ba Jehova. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka kutlo re tsoile Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me ha re sa kopanela libeng tsa eona tse sisimosang. Re eme re tiile ka lehlakoreng la Eo Jehova Molimo a beileng ’muso oa hae mahetleng a hae.

      8. (a) Ke hobane’ng ha tlotla “Ra-bo-sa-feleng” e ipiletsa haholo ho “bongata bo boholo ba batho”? (b) Ho tla etsahala’ng ka ba lumellang Satane Diabolose hore e be ntate oa bona oa moea?

      8 Tlotla “Ra-bo-sa-feleng” e mo etsa ea ratehang haholo. “Bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” bo hlile bo ananela lentsoe lena haholo. Bontate ba Satane Diabolose ha boa ipiletsa ho bona. Baa thothomela ha ba hopola baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ileng ba hanyetsa Jesu ’me a re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) “Bongata bo boholo ba batho” bo tsoile har’a bana bao ba moea ba Satane Diabolose, eo bontate ba hae holim’a batho ba oeleng e ke keng ea e-ba ba ka ho sa feleng. Ba mo lumellang hore e be ntate oa bona oa moea ba tla timela le eena. Timetso e feletseng, e tšoantšetsoang ka “mollo o sa feleng” oa Mattheu 25:41, e emetse Diabolose le batho bohle ba sa baleheng tlas’a bontate ba hae.—Mattheu 25:41-46.

      9. “Bongata bo boholo ba batho” bo latsoa esale pele joang bontate ba “Ra-bo-sa-feleng”?

      9 Ka lehlakoreng le leng, “bongata bo boholo ba batho” bo latsoa e sa le pele bontate ba “Ra-bo-sa-feleng.”a Joang? Ka ho mamela lentsoe la hae le ka ho ba “linku tse ling” tsa hae le ka ho kopanela le masala a Iseraele oa moea. Kamano ena e mofuthu ea lelapa e bolela khotso. Ha a ngola tlas’a pululelo, moapostola Pauluse o buile ka Jehova ho Ba-Roma 16:20 e le “Molimo oa khotso.” Ke ho loketseng hakaakang, he, hore Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae a bitsoe “Morena oa khotso”! Ha a ntse a khutlisetsa khotso bokahohleng bohle, “Morena oa khotso,” a ke ke a hlōleha ho phelela bohlokoa ba tlotla ea hae e khōlō.

      Puso ea Borena ea “Morena oa Khotso”

      10, 11. Hoba a profete tsoalo ea ngoana e fetang tsohle, Esaia o ile a tsoela pele ho re’ng, hona mantsoe a hae a bolela eng?

      10 Hoba Esaia a profete ka tsoalo ea ngoana e khōlōhali e kileng ea etsahala—e, ea Mora oa Molimo ea neng a tla hlomphuoa ka tlotla “Morena oa khotso”—moprofeta a susumetsoa ka moea oa Jehova hore a re: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:7.

      11 Ka hore “a holise ’muso,” boprofeta bo bontša hore sebaka sa “Morena oa khotso” se ke ke sa haelloa ke ho akaretsa lefatše lohle. Ho ke ke ha e-ba le meeli lefatšeng e tla lekanyetsa puso ea hae. E tla aparela qitikoe eohle. Ho feta moo, lefatšeng la Paradeise le tlang, khotso e ke ke ea fela. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mefere-fere kae kapa kae. Khotso e tla atolohela lefatšeng lohle ’me kamehla e tla ’ne e ate. (Pesaleme ea 72:7) Khotso tabeng ena e bolela ho hoholo ho feta bosieo ba pefo le ntoa. E akarelletsa toka le ho loka, hobane Esaia o boletse hore puso ea morena e tla tšehetsoa “ka toka le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng.” Ho tla ba le mahlohonolo a mangata bakeng sa batho. ’Me cheseho e sa khathaleng ea Jehova Molimo e tla a finyella nakong ea rōna.

      12. Puso e mahetleng a “Morena oa khotso” e emeloa joang lefatšeng lohle?

      12 Le hona joale, puso ena e mahetleng a “Morena oa khotso” e na le baemeli lefatšeng lohle. Ho amohela puso ea hae ea borena ea leholimo ho ata ka potlako. Masala a barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu Kreste a bokeletsoe ka botlalo ho tsoa lichabeng. Ho phaella moo, “bongata bo boholo ba batho” bo bokelloa linaheng tse fapaneng tse fetang 200. Hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse 3 229 022 ’me mosebetsi o thabisang oa ho bokella o sa ntsane o tla phethoa. ‘Bongata bona bo boholo ba batho’ bo hooa ’Muso o mahetleng a “Morena oa khotso.” Litho tsa bona li leboha ka ho fetisisa hore e be ke bafo ba puso eo le ho ba baemeli ba eona lefatšeng lohle, kamanong le “manģosa a Kreste,” masala a tlotsitsoeng.—2 Ba-Korinthe 5:20.

      Bolotsana ba Kajeno bo Tla Senngoa

      13. (a) Baemeli ba ’Muso ba leka ho etsa eng har’a bona? (b) Molimo o talima Machaba a Kopaneng joang?

      13 Baemeli bana ba ’Muso ba boetse ba boloka khotso har’a bona. Ba ‘tiile matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’ (Ba-Efese 4:3) Hona ba ho etsa ho sa tsotellehe morusu oohle o ntseng o biloha lefatšeng ka kakaretso. Puso ea lichaba kahare le kantle ho mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ha e le hantle e khahlanong le puso ea “Morena oa khotso.” Kamoo Molimo o o talimang kateng, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ke morero o moholo oa bolotsana oa lefatše. Hobane’ng? Hobane o ipolela hore o itlhomeletse ho finyella lipakane tseo Molimo o li beileng hore li finyelloe feela ke “Morena oa khotso” oa oona. ’Me o biletsa batho ba lichaba tsohle hore ba o tšehetse ho thea tšireletseho ea lefatše lohle ka boiteko ba motho. O bile oa phatlalatsa selemo sa 1986 hore ke “Selemo sa Machaba sa Khotso.” Kahoo a ipaka hore ke bolotsana bo ntseng bo reroa khahlanong le “Morena oa khotso” le khahlanong le selekane sa Jehova le eena bakeng sa ’Muso o sa feleng.

      14. Moprofeta Esaia o ile a lemosa bohle ba hanyetsang Jehova le selekane sa ’Muso sa hae joang?

      14 Ka lebaka le kang leo, morao koo moprofeta Esaia o ile a hlokomelisa Morena Akaze le bafo ba hae ka ho se batle khotso le tšireletseho ka ho kena selekaneng le ’Muso oa Lefatše oa Assyria. Temoso eo e fumanoa ho Esaia 8:9, 10. Ka puo ea bokheleke, moprofeta o hlokomelisa bohle ba hanyetsang Jehova le selekane sa hae sa ’Muso: “Hlabang mokhosi, lōna lichaba; le tla robakoa likoto. Sekehang litsebe, lōna bohle ba ahileng linaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakoa likoto; itlameng matheka, le tla robakoa likoto. Rerang taba, e tla fetoha lefeela: laelang taba, e ke ke ea hlaha, hobane Molimo o na le rōna.”

      15. Ho tla etsahala eng ka bolotsana bo khahlanong le selekane sa ’Muso kajeno, joalokaha bo bontšitsoe ke bolotsana ba mehleng ea Morena Akaze?

      15 Kahoo lichaba tse tlas’a morena oa lefatše lena, Satane Diabolose, a li ke li rere bolotsana khahlanong le selekane sa ’Muso le Mojalefa le ’Musi oa sona oa bohosana. Bolotsana bo reroang bo tla robakoa likoto, joalokaha ho bile joalo ka bolotsana bo ileng ba reroa mehleng ea Morena Akaze. Morena Retsine oa Syria le Morena Peka oa Iseraele ha baa ka ba tšaba Jehova oa makhotla empa ba rera bolotsana khahlanong le selekane sa hae bakeng sa ’Muso. Ha e le hantle, bolotsana boo ba ileng ba bo rera bo ile ba robakoa likoto. Ka ho tšoanang, Morena Akaze oa Juda ha a ka a tšaba Jehova empa a kena morerong oa bolotsana le ’muso oa lefatše oa Assyria. Hona ha hoa ka ha thusa Akaze hakaalo le ho mo tlisetsa khotso le tšireletseho. Ha tlisa mahlomola le litlamo. Ho hobe ka ho fetisisa, ha ntša Akaze mohaung oa Jehova.

      16. Jehova o ile a utolla bolotsana ba Assyria khahlanong le selekane sa ’Muso joang, ’me hoo ho ne ho tšoantšetsa eng bakeng sa mehla ea rōna?

      16 Kamorao ho lefu la Akaze le mehleng ea mora oa hae Ezekiase, Jehova oa makhotla a qhala bolotsana bo reriloeng ke Baassyria khahlanong le selekane sa ’Muso. Morena oa Assyria a tlameha ho checha naheng ea Juda kamor’a hore lengeloi la Jehova le timetse masole a hae a 185 000. Sera ha sea ka sa fumana le monyetla oa ho phosa motsu leha o le mong feela khahlanong le Jerusalema. (Esaia 37:33-36) Bolotsana ba lefatše bo reroang kajeno khahlanong le selekane sa Jehova sa ’Muso le “Morena oa khotso” bo tla hlōloa joalo, hobane Molimo o na le Morena Emmanuele oa hae le bohle ba mo rokang.

      Ho Emela Borena ba Bokahohleng ba Jehova ka Sebete

      17. (a) Haufinyane litho tsa bopolotiki li tla tloha li etsa eng ho Babylona e Moholo, ’me batho ba Jehova ba tla hloka eng ’me ba e amohele? (b) Kamor’a ho felisa Babylona e Moholo, babusi ba sa lumeleng boteng ba Molimo joale ba tla etsa eng, ba susumetsa Jehova hore a nke bohato bofe?

      17 Haufinyane mekha ea bopolotiki e ke ke ea lebisa tlhokomelo ea eona khahlanong le Bokreste-’mōtoana feela empa le khahlanong le Babylona eohle e Moholo, ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho o felisa ho hang. Ntlheng eo e thata, tšireletso ea bomolimo ea batho ba Jehova e tla tlameha hore e kenelle ka tekanyo e sa tloaelehang. Babusi ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba susumelitsoe ke tlhōlo e tšollang mali holim’a Babylona e Moholo, ka mabifi ba tla retelehela ho ba ka lehlakoreng la Molimo ka Jesu Kreste. Joale Jehova o tla sebelisa “Morena oa khotso” oa hae ho loana “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14) Jesu Kreste o tla ipaka ho ba Mohlabani ea sa hlōloeng eo puso ea hae e ke keng ea kokobela. O tla ipaka ho ba “Molimo o matla” tlas’a Molimo o Matla ’Ohle o hlōlang, Jehova. ‘Molimo ona o matla’ o tla phethahatsa mosebetsi oa oona o khanyang ka tlhōlo ea Harmagedone e tla utloahala ka ho sa feleng le kamehla. Thoriso eohle e lebisoa tlhōlong eo ho seng e tšoanang le eona!

      18. Li tobane le bolotsana ba kajeno khahlanong le selekane sa ’Muso, Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho etsa eng, hona ka phello efe?

      18 Ka hona, he, e se eka lōna Lipaki tsohle tsa Jehova le ka tsoela pele ho ea botumong bo boholoanyane ba lefatše ho feta neng kapa neng ka tšepo e feletseng ho Molimo oa lōna le Morena oa oona ea busang, “Morena oa khotso”! Bontšang hore ho hang ha le tšabe bolotsana bo reroang lefatšeng hona joale. Ka ho bolela ha lōna hohle molaetsa oa ’Muso le tlhōlo ea oona e tlang holim’a bolotsana bohle bo reroang ba lefatše ka Harmagedone, bohle le be lipontšo le mehlolo tlotlisong ea Jehova. Ha Diabolose a etsa hore babusi ba lefatše ba retelehele ho rōna, hopolang, tlhōlo e tla ba ka lehlakoreng la ba emelang ’Muso oa Emmanuele, “Morena oa khotso,” kannete le ka botšepehi, hobane “Molimo o Na le Rōna.” (Mattheu 1:23; bapisa Esaia 8:10.) ’Me e se eka mangeloi ’ohle a leholimo le batho bohle ba tšepahalang ba lefatšeng ba ka re “Amen” ho tumisoeng ha borena ba Jehova holim’a lintho tsohle tse bōpiloeng tse leholimong le tse lefatšeng, ka tšireletseho e ke keng ea hlola e fela.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela