Ho Thoe’ng ka “Litemana Tse Pakang” Boraro-bo-bong?
HO THOE litemana tse ling tsa Bibele li fana ka bopaki bo tšehetsang Boraro-bo-bong. Leha ho le joalo, ha re bala litemana tse joalo, re lokela ho hopola hore bopaki ba Bibele le ba histori ha bo tšehetse Boraro-bo-bong.
Tšupiso leha e le efe ea Bibele e fanoang e le bopaki e tlameha ho utloisisoa ho latela moelelo oa thuto e tsitsitseng ea Bibele eohle. Hangata haholo ’nete ea se boleloang ke temana e joalo e hlakisoa ke moelelo oa litemana tse pota-potileng.
Ba Bararo ho a le Mong
NEW CATHOLIC ENCYCLOPEDIA e fana ka tse tharo tsa ‘litemana tse joalo tsa bopaki’ empa e boetse ea lumela: “thuto ea Boraro-bo-bong bo Halalelang ha e rutoe Testamenteng ea Khale. Testamenteng e Ncha bopaki ba khale ka ho fetisisa bo ho liepistola tsa Pauluse, haholo-holo 2 Ba-Kor 13.:13 [temana ea 14 Libibeleng tse ling], le 1 Ba-Kor 12:4-6. Melaetseng e Molemo bopaki ba Boraro-bo-bong bo fumanoa ka ho hlakileng feela moralong oa kolobetso oa Matt 28.19.”
Litemaneng tseo “batho” ba bararo ba thathamisitsoe ka tsela e latelang ho The New Jerusalem Bible. Ba-Korinthe ba bobeli 13:13 (14) e beha ba bararo bana hammoho ka tsela ena: “Mohau oa Morena Jesu Kreste, lerato la Molimo le botsoalle ba Moea o Halalelang li be le lōna bohle.” Ba-Korinthe ba Pele 12:4-6 e re: “Ho na le limpho tse ngata tse sa tšoaneng, empa ka mehla Moea oa tšoana; ho na le litsela tse ngata tse sa tšoaneng tsa ho sebeletsa, empa ka mehla Morena oa tšoana. Ho na le mefuta e mengata e sa tšoaneng ea tšebeletso, empa ho e mong le e mong ke Molimo o tšoanang o sebetsang ka ho bona bohle.” ’Me Mattheu 28:19 (NW) e baleha tjena: “Ka baka leo, tsamaeang, le etse barutuoa ba lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”
Na litemana tsee li re Molimo, Kreste le moea o halalelang ba bōpa Molimo oa Boraro-bo-bong, hore ba bararo baa lekana ka boleng, matla, le ho hloka qalo le qetello? Che, ha ho joalo, leha e le hore ho thathamisa batho ba bararo, ba kang Tom, Dick, le Harry, ho bolela hore ba bararo ho a le mong.
Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea McClintock le Strong e-ea lumela hore tšupiso ea mofuta ona, “e paka feela hore ho na le litho tse tharo tse bitsoang ka mabitso, . . . empa ha e pake, ka boeona, hore tseo tse tharo kaofela e hlile ke tsa boleng ba bomolimo, ’me li na le tlhompho e lekanang ea bomolimo.”
Le hoja o tšehetsa Boraro-bo-bong, mohloli oo o re ka 2 Ba-Korinthe 13:13 (14): “Ka nepo re ke ke ra be re se re fihlela qeto ea hore ba ne ba e-na le matla a lekanang, kapa sebōpeho se tšoanang.” ’Me ka Mattheu 28:18-20 e re: “Leha ho le joalo, temana ena ha e nkoa ka boeona, e ke ke ea paka ka mokhoa o khaolang khang botho ba litho tse tharo tse boletsoeng, kapa ho lekana ha tsona kapa bomolimo ba tsona.”
Ha Jesu a ne a kolobetsoa, Molimo, Jesu, le moea o halalelang ba ile ba boetse ba boleloa moelelong o tšoanang. Jesu “a bona Moea oa Molimo o theoha o ka leeba, o tla holim’a hae.” (Mattheu 3:16) Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore ba bararo ke ntho e le ’ngoe. Abrahama, Isaaka, le Jakobo ba boleloa hammoho ka makhetlo a mangata, empa hoo ha ho ba etse ntho e le ’ngoe. Petrose, Jakobo, le Johanne ba bitsoa hammoho, empa le bona hoo ha ho ba etse ntho e le ’ngoe. Ho feta moo, moea oa Molimo o ile oa theohela holim’a Jesu ha a kolobetsoa, ho bontša hore Jesu o ne a sa tlotsoa ka moea ho fihlela ka nako eo. Ho le joalo, e ne e ka ba karolo ea Boraro-bo-bong joang haeba ka mehla e ne e ntse e le ntho e le ’ngoe le moea o halalelang?
Tšupiso e ’ngoe e buang ka tse tharo tseo hammoho e fumanoa liphetolelong tse ling tsa khale tsa Bibele ho 1 Johanne 5:7. Leha ho le joalo, liithuti lia lumela hore mantsoe ana a ne a le sieo qalong ka Bibeleng empa a ile a eketsoa morao haholo. Liphetolelo tsa kajeno boholo li siea temana ena e fosahetseng ka nepo.
‘Litemana tse ling tsa bopaki’ li sebetsana feela le kamano pakeng tsa ba babeli—Ntate le Jesu. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.
“’Na le Ntate re Ntho e le ’Ngoe”
TEMANA eo, ho Johanne 10:30 (NW), hangata e-ea qotsoa ho tšehetsa Boraro-bo-bong, le hoja ho se na motho oa boraro ea boleloang mono. Empa Jesu ka boeena o bontšitse seo a neng a se bolela ka ho re ke “ntho e le ’ngoe” le Ntate. Ho Johanne 17:21, 22 (NW), o ile a rapela Molimo hore balateli ba hae “e ka bohle e ka ba ntho e le ’ngoe, joalokaha uena, Ntate, u le kamanong le ’na ’me ’na ke le kamanong le uena, hore le bona ba ka ba kamanong le rōna, . . . hore e ka ba ntho e le ’ngoe joalokaha re le ntho e le ’ngoe.” Na Jesu o ne a rapela hore barutuoa bohle ba hae ba fetohe boleng bo le bong? Che, ka ho totobetseng Jesu o ne a rapella hore ba kopane mohopolong le morerong, joalokaha eena le Molimo ba ne ba kopane.—Bona le 1 Ba-Korinthe 1:10.
Ho 1 Ba-Korinthe 3:6, 8, Pauluse o re: “Ke hlomile, Apollose eena o noselitse, . . . ea hlomang le ea nosetsang ke ntho e le ’ngoe.” Pauluse o ne a sa bolele hore eena le Apollose e ne e le batho ba babeli ho a le mong; o ne a bolela hore ba ne ba kopane morerong. Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng mona bakeng sa “’ngoe” (hen) ha le nke lehlakore ka botoneng kapa botšehaling, ha e le hantle le bolela “(ntho) e le ’ngoe,” ho bontša bonngoe tšebelisanong. Ke lentsoe le tšoanang leo Jesu a le sebelisitseng ho Johanne 10:30 (NW) ho hlalosa kamano ea hae le Ntate oa hae. E boetse ke lentsoe le tšoanang leo Jesu a le sebelisitseng ho Johanne 17:21, 22, NW. Kahoo ha a ne a sebelisa lentsoe “’ngoe” (hen) litabeng tsena, o ne a bua ka bonngoe ba mohopolo le morero.
Mabapi le Johanne 10:30, John Calvin (eo e neng e le molumeli oa thuto ea Boraro-bo-bong) o itse bukeng Commentary on the Gospel According to John: “Baholo-holo ba sebelisitse serapa sena hampe ho paka hore Kreste ke . . . oa boleng bo tšoanang le Ntate. Hobane Kreste ha a phehe khang ka bonngoe ba boleng, empa ka tumellano eo a nang le eona le Ntate.”
Hona ka hare ho moelelo oa litemana tse tlang ka mor’a Johanne 10:30, Jesu ka matla o ile a pheha khang ea hore mantsoe a hae e ne e se boipolelo ba hore ke Molimo. O ile a botsa Bajode ba neng ba entse qeto eo ka phoso ’me ba batla ho mo tlepetsa ka majoe: “Ha e le ’na ea halalelitsoeng, ea romiloeng lefatšeng ke Ntate, le ka bolela joang, la re, kea nyefola, ha ke itse, ke Mora oa Molimo?” (Johanne 10:31-36) Che, Jesu o ile a bolela hore e ne e se Molimo Mora, empa Mora oa Molimo.
“O Iketsa ea Lekanang le Molimo”?
LENGOLO le leng le fanoang e le le tšehetsang Boraro-bo-bong ke Johanne 5:18. Le bolela hore Bajode (joaloka ho Johanne 10:31-36) ba ne ba rata ho bolaea Jesu hobane “o re, Molimo ke Ntat’ae ka sebele, ’me o iketsa ea lekanang le Molimo.”
Empa ke mang ea itseng Jesu o ne a iketsa ea lekanang le Molimo? Hase Jesu. O ile a ikarabella qosong ena ea bohata temaneng e hlahlamang feela (19): “Qosong ena Jesu a arabela: . . . ‘Mora a ke ke a etsa letho ka boeena; a ka etsa feela seo a se bonang se etsoa ke Ntate.’”—JB.
Ka sena, Jesu o ile a bontša Bajode hore o ne a sa lekane le Molimo ’me ka baka leo o ne a ke ke a nka bohato ka ho iqalla. Na re ka nahana ka e mong ea lekanang le Molimo o Matla ’Ohle a re “a ke ke a etsa letho ka boeena”? (Bapisa le Daniele 4:34, 35.) Ka ho thahasellisang, moelelo oa Johanne 5:18 le 10:30 o bontša hore Jesu o ne a ikarabella khahlanong le liqoso tsa bohata tse tsoang ho Bajode bao, joaloka Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong, ba neng ba etsa liqeto tse fosahetseng!
“O lekana le Molimo”?
HO BA-FILIPPI 2:6 Douay Version (Dy) ea K’hatholike ea 1609 e re ka Jesu: “Eo ka ho ba sebōpehong sa Molimo, o ile a nahana hore ha se ho utsoa ho lekana le Molimo.” King James Version (KJ) ea 1611 e batla e baleha ka tsela e tšoanang. Liphetolelo tse ngata tse joalo li ntse li sebelisoa ke ba bang ho tšehetsa khopolo ea hore Jesu o lekana le Molimo. Empa hlokomela hore na liphetolelo tse ling li ngola temana ena joang:
1869: “eo, a le ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a ho nka e le ntho e ka utloisisoang ho ba ea lekanang le Molimo.” The New Testament, ea G. R. Noyes.
1965: “Eena—ka sebele e le oa sebōpeho sa bomolimo!—ha ho mohla ka ho itšepa a ileng a iketsa ea lekanang le Molimo.” Das Neue Testament, phetolelo e ntlafalitsoeng, ea Friedrich Pfäfflin.
1968: “eo, le hoja a le ka sebōpeho sa Molimo, ha aa ka a nahana hore ho lekana le Molimo ke ntho eo a ka e etsang ea hae ka meharo.” La Bibbia Concordata.
1976: “Ka mehla o ne a e-na le sebōpeho sa Molimo, empa ha aa ka a nahana hore ka khang o lokela ho leka ho ba ea lekanang le Molimo.” Today’s English Version.
1984: “eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, ha aa ka a nahana ho iphamolela, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.” New World Translation of the Holy Scriptures.
1985: “Eo, a le ka sebōpeho sa Molimo, ha aa ka a nka ho lekana le Molimo e le ntho e ka utloisisoang.” The New Jerusalem Bible.
Leha ho le joalo, ba bang ba bolela hore esita le liphetolelo tsena tse nepahetseng haholoanyane li fana ka maikutlo a hore (1) Jesu o ne a se a ntse a e-na le ho lekana hoo empa ha aa ka a rata ho khomarela ho hona kapa hore (2) ho ne ho sa hlokahale hore a utloisise ho lekana hoo hobane o ne a se a ntse a e-na le hona.
Tabeng ena, Ralph Martin, ho The Epistle of Paul to the Philippians, o re ka Segerike sa pele: “Leha ho le joalo, hoa belaetsa hore na kutloisiso ea ketso eo e ka sutha moelelong oa eona oa pele oa ‘ho phamola,’ ‘ho hlotha ka mabifi’ ho ea ho oa ‘ho khomarela.’” The Expositor’s Greek Testament le eona e re: “Re ke ke ra fumana serapa leha e le sefe moo ἁρπάζω [har·paʹzo] kapa mantsoe leha e le afe a tsoang ho lona a nang le kutloisiso ea ‘ho tšoara,’ ‘ho boloka.’ Ho bonahala ka mehla le bolela ‘ho phamola,’ ‘ho hlotha ka mabifi.’ Kahoo ha ho lumellehe ho sutha kutloisisong ea ’nete ea ‘ho phamola’ ho ea ho e ’ngoe e fapaneng ka ho felletseng, ‘ho khomarela.’”
Ho latela se ka holimo ho totobetse hore bafetoleli ba liphetolelo tse kang Douay le King James ba sotha melao ho tšehetsa lipheo tsa Boraro-bo-bong. Ho e-na le ho bolela hore Jesu o ne a nahana hore ho loketse ho lekana le Molimo, Segerike sa Ba-Filippi 2:6, ha se baloa ka sepheo se setle, se bontša se fapaneng, hore Jesu ha aa ka a nahana hore ho ne ho loketse.
Moelelo oa litemana tse potolohileng (3-5, 7, 8, Dy) o hlakisa kamoo temana ea 6 e lokelang ho utloisisoa kateng. Bafilippi ba ile ba khothalletsoa: “Ka boikokobetso, e mong le e mong a ke a lekanye hore ba bang ba molemo ho feta bona.” Joale Pauluse o sebelisa Kreste e le mohlala o totobetseng oa boikutlo bona: “Khopolo ena e ke e be ho lōna, e neng e le le ho Kreste Jesu.” “Khopolo” efe? Ho ‘nahana hore hase ho utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo’? Che, hoo e ne e tla ba feela se fapaneng le ntlha e hatisoang! Ho e-na le hoo, Jesu, ea ‘neng a lekanya hore Molimo o molemo ho mo feta,’ le ka mohla o ne a ke ke a ‘iphamolela ho lekana le Molimo,’ empa ho e-na le hoo “o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung.”
Ka sebele, hoo e ke ke ea e-ba ho bua ka karolo leha e le efe ea Molimo o Matla ’Ohle. E ne e le ho bua ka Jesu Kreste, ea hlakisitseng ntlha ea Pauluse ka ho phethahetseng—e leng bohlokoa ba boikokobetso le kutlo ho Ea Phahametseng e mong le ’Mōpi, Jehova Molimo.
“Ke ’Na”
HO JOHANNE 8:58 liphetolelo tse ’maloa, ka mohlala The Jerusalem Bible, li re Jesu o itse: “Pele Abrahama a e-ba teng, Ke ’Na.” Na moo Jesu o ne a ruta hore o ne a tsejoa ka tlotla “Ke ’Na,” joalokaha Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong ba tiisa? ’Me joalokaha ba bolela, na hoo ho ne ho bolela hore ke Jehova oa Mangolo a Seheberu, kaha King James Version ho Exoda 3:14 e re: “Molimo oa re ho Moshe, KE ’NA EO E LENG ’NA”?
Ho Exoda 3:14 (KJ) poleloana “KE ’NA” e sebelisoa e le tlotla bakeng sa Molimo ho bontša hore ka sebele o ne o le teng le hore o ne o tla etsa seo o se tšepisitseng. The Pentateuch and Haftorahs, e hlophisitsoeng ke Dr. J. H. Hertz, e re ka poleloana eo: “Ho Baiseraele ba botlamuoeng, se boleloang ke hoo e ne e tla ba, ‘Le hoja O e-s’o ka o bontša matla a Oona ho lōna, O tla etsa joalo; ha O na qalo le qetello ’me O tla fela o le lopolle.’ Ba bangata kajeno ba latela Rashi [Mofora eo e leng mohlalosi oa Bibele le Talmud] ha e ngola [Exoda 3:14] ‘Ke tla ba seo ke tla ba sona.’”
Polelo e ho Johanne 8:58 e fapane haholo le e sebelisitsoeng ho Exoda 3:14. Jesu ha aa ka a e sebelisa e le lebitso kapa tlotla empa e le mokhoa oa ho hlalosa ho ba teng ha hae pele e e-ba motho oa nama. Kahoo, hlokomela kamoo liphetolelo tse ling tsa Bibele li ngolang Johanne 8:58:
1869: “Ho tloha pele Abrahama a e-ba teng, ke ne ke se ke le teng.” The New Testament, ea G. R. Noyes.
1935: “Ke bile teng pele Abrahama a tsoaloa!” The Bible—An American Translation, ea J. M. P. Smith le E. J. Goodspeed.
1965: “Pele Abrahama a tsoaloa, ke ne ke se ke ntse ke le eo ke leng eena.” Das Neue Testament, ea Jörg Zink.
1981: “Ke ne ke phela pele Abrahama a tsoaloa!” The Simple English Bible.
1984: “Pele Abrahama a e-ba teng, ke ne ke se ke ntse ke le teng.” New World Translation of the Holy Scriptures.
Ka hona, mohopolo oa sebele oa Segerike se sebelisitsoeng mona ke hore “letsibolo” la Molimo le bōpiloeng, Jesu, e ne e le khale le le teng pele Abrahama a tsoaloa.—Ba-Kolosse 1:15; Liproverbia 8:22, 23, 30; Tšenolo 3:14.
Hape, moelelo o bontša hore ena ke eona kutloisiso e nepahetseng. Lekhetlong lena Bajode ba ne ba batla ho tlepetsa Jesu ka majoe bakeng sa ho ipolela hore o “bone Abrahama” le hoja, joalokaha ba boletse, a ne a e-s’o be lilemo li 50. (Temana ea 57) Karabelo ea tlhaho ea Jesu e ne e le ho bolela ’nete ka lilemo tsa hae. Ka hona ka tlhaho o ile a ba bolella hore “o ne a se a ntse a phela pele Abrahama a tsoaloa!”—The Simple English Bible.
“Lentsoe e ne e le Molimo”
HO JOHANNE 1:1 King James Version e baleha tjena: “Tšimolohong Lentsoe le ne le le teng, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong ba bolela hore hona ho bolela hore “Lentsoe” (ho loʹgos, ka Segerike) le tlileng lefatšeng e le Jesu Kreste e ne e le Molimo o Matla ’Ohle ka booona.
Leha ho le joalo, hlokomela hore le mona moelelo o rala motheo bakeng sa kutloisiso e nepahetseng. Esita le King James Version e re, “Lentsoe le ne le e-na le Molimo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Motho ea ‘nang le’ motho e mong e ke ke ea e-ba eena motho eo e mong. Tumellanong le sena, Journal of Biblical Literature, e hlophisitsoeng ke Mojesuti Joseph A. Fitzmyer, e hlokometse hore haeba karolo ea bobeli ea Johanne 1:1 e ne e hlalosoa hore e bolela Molimo o Matla ’Ohle, sena “joale se ne se tla hanyetsana le karolo e tlang pele ho eo,” e reng Lentsoe le ne le e-na le Molimo.
Hape, hlokomela kamoo liphetolelo tse ling li ngolang karolo ea temana ena kateng:
1808: “’me lentsoe e ne e le molimo [“a god,” ka Senyesemane].” The New Testament in an Improved Version, Upon the Basis of Archbishop Newcome’s New Translation: With a Corrected Text.
1864: “’me molimo [“a god”] e ne e le lentsoe.” The Emphatic Diaglott, phetolelo e nang le lipuo tse peli, ea Benjamin Wilson.
1928: “’me Lentsoe e ne e le boleng ba bomolimo.” La Bible du Centenaire, L’Evangile selon Jean, ea Maurice Goguel.
1935: “’me Lentsoe le ne le le bomolimo.” The Bible—An American Translation, ea J. M. P. Smith le E. J. Goodspeed.
1946: “’me Lentsoe e ne e le la mofuta oa bomolimo.” Das Neue Testament, ea Ludwig Thimme.
1950: “’me Lentsoe e ne e le molimo [“a god”].” New World Translation of the Christian Greek Scriptures.
1958: “’me Lentsoe e ne e le Molimo [“a God”].” The New Testament, ea James L. Tomanek.
1975: “’me molimo (kapa, oa mofuta oa bomolimo) e ne e le Lentsoe.” Das Evangelium nach Johannes, ea Siegfried Schulz.
1978: “’me mofuta o kang molimo e ne e le Logos.” Das Evangelium nach Johannes, ea Johannes Schneider.
Ho Johanne 1:1 lereho la Segerike the·osʹ (molimo) le hlaha ka makhetlo a mabeli. Lekhetlo la pele le bua ka Molimo o Matla ’Ohle, oo Lentsoe le neng le e-na le oona (“’me Lentsoe [loʹgos] le ne le e-na le Molimo [mofuta oa the·osʹ]”). The·osʹ ena ea pele e etelletsoe pele ke lentsoe ton (the, ka Senyesemane), mofuta oa lebōpi-khetho la Segerike le supang boleng bo ikhethang, tabeng ena Molimo o Matla ’Ohle (“’me Lentsoe le ne le e-na le [the, ka Senyesemane] Molimo”).a
Ka lehlakoreng le leng, ha ho na lebōpi pele ho the·osʹ ea bobeli ho Johanne 1:1. Kahoo phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e ne e tla baleha tjena, “’me molimo e ne e le Lentsoe” (and god was the Word). Empa re bone hore liphetolelo tse ngata li ngola the·osʹ (ketso-lereho) ena ea bobeli e le “bomolimo,” “ea kang molimo,” kapa “molimo” (a god). Li na le matla afe a ho etsa see?
Puo ea Segerike sa Koine e ne e e-na le lebopi-khetho (“the,” ka Senyesemane), empa e ne e se na lebopi-kakaretso (“a” kapa “an,” ka Senyesemane). Ka hona ha ketso-lereho e sa etelloe pele ke lebōpi-khetho, e ka ’na ea e-ba kakaretso, ho itšetlehile ka moelelo.
Journal of Biblical Literature e bolela hore lipolelo “tse nang le leetsi le se nang lebōpi le etellang ketso pele, haholo-holo li na le moelelo o hlalosang tšobotsi.” Joalokaha Journal e hlokomela, hona ho bontša hore loʹgos e ka tšoantšoa le molimo (a god). E boetse e re ka Johanne 1:1: “Matla a hlalosang tšobotsi a leetsi a hlahelletse haholo hoo lereho [the·osʹ] le ke keng la nkoa e le le khethollang.”
Kahoo Johanne 1:1 e totobatsa tšobotsi ea Lentsoe, hore le ne le le “bomolimo,” e le “ea kang molimo,” e le “molimo [a god],” empa e seng Molimo o Matla ’Ohle. Hona ho lumellana le Bibele eohle, e bontšang hore Jesu, eo mona a bitsoang “Lentsoe” mosebetsing oa hae e le ’Muelli oa Molimo, e ne e le ea ka tlaase ea utloang ea rometsoeng lefatšeng ke Ea mo Phahametseng, Molimo o Matla ’Ohle.
Ho na le litemana tse ling tse ngata tsa Bibele tseo ho tsona hoo e ka bang bafetoleli bohle ba lipuo tse ling tse sebelisang mabōpi-khetho le mabōpi-kakaretso ka mokhoa o sa fetoheng ba kenyang lebōpi-kakaretso (“a”) ha ba fetolela lipolelo tsa Segerike tse nang le sebōpeho se tšoanang. Ka mohlala, ho Mareka 6:49, ha barutuoa ba bona Jesu a tsamaea holim’a metsi, King James Version e re: “Ba ile ba nahana hore e ne e le moea [“a spirit,” ka Senyesemane].” Ka Segerike sa Koine, ha ho na lebōpi-kakaretso (“a”) pele ho “moea.” Empa e batla e le liphetolelo tsohle tsa lipuo tse ling tse sebelisang mabōpi-khetho le mabōpi-kakaretso tse eketsang lebōpi-kakaretso (“a”) e le hore se ngotsoeng se ka nyalana le moelelo. Ka tsela e tšoanang, kaha Johanne 1:1 e bontša hore Lentsoe le ne le e-na le Molimo, e ne e ke ke ea e-ba Molimo o Matla ’Ohle empa e ne e le “molimo, (“a god”),” kapa “bomolimo.”
Joseph Henry Thayer, moruti oa thuto ea bolumeli le seithuti ea ileng a sebetsa ha ho hlahisoa American Standard Version, o boletse tjena feela: “Logos e ne e le bomolimo, e seng Boleng ba bomolimo ka bobona.” ’Me Mojesuti John L. McKenzie o ile a ngola tjena ho Dictionary of the Bible ea hae: “Hantle-ntle Jn 1:1 e lokela ho fetoleloa e le . . . ‘lentsoe e ne e le boleng ba bomolimo.’”
Na ke ho Tlōla Molao?
LEHA ho le joalo, ba bang ba bolela hore liphetolelo tse joalo li tlōla molao oa ho ngoloa ha puo ea Segerike sa Koine o phatlalalitsoeng ke seithuti sa Segerike E. C. Colwell morao koana ka 1933. O ile a tiisa hore ka Segerike ketso-lereho “e na le lebōpi [khetho] ha e latela ketso; ha e na lebōpi [khetho] ha e etella ketso pele.” Ka sena o ne a bolela hore ketso-lereho e tlang pele ho ketso e lokela ho utloisisoa joalokaha eka e ne e e-na le lebōpi-khetho (“the”) ka pele ho eona. Ho Johanne 1:1 lereho la bobeli (the·osʹ), leetsi, le tla pele ho ketso—“’me [the·osʹ] e ne e le Lentsoe.” Kahoo, Colwell o ile a bolela hore Johanne 1:1 e lokela ho baleha tjena “’me [the] Molimo e ne e le Lentsoe.”
Empa nahana ka mehlala e ’meli feela e fumanoang ho Johanne 8:44 (TLP). Mono Jesu o re ka Diabolose: “Eena e bile ’molai [“a manslayer,” ka Senyesemane]” ’me “ke raleshano [“a liar,” ka Senyesemane].” Feela joaloka ho Johanne 1:1, liketso-mareho (“’molai” le “raleshano”) li etelletse pele liketso (“e bile” le “ke”) Segerikeng. Ha ho na lebōpi-kakaretso ka pele ho lereho leha e le lefe hobane ho ne ho se na lebōpi-kakaretso Segerikeng sa Koine. Empa liphetolelo lipuong tse ling tse ngata tse sebelisang mabōpi-khetho le mabōpi-kakaretso li kenya lebōpi-kakaretso (“a”) hobane ho ngoloa ha puo ea Segerike le moelelo li le hloka.—Bona le Mareka 11:32; Johanne 4:19; 6:70; 9:17; 10:1; 12:6.
Colwell o ile a lokela ho lumela sena mabapi le ketso-lereho, hobane o itse: “Ke [“a” kapa “an”] tse akaretsang boemong bona feela ha moelelo o li hloka.” Ka hona le eena oa lumela hore ha moelelo o li hloka, bafetoleli ba ka kenya lebōpi-kakaretso ka pele ho lereho polelong e bōpehileng ka tsela ena.
Na moelelo o hloka lebōpi-kakaretso ho Johanne 1:1? E, hobane bopaki ba Bibele eohle ke hore Jesu hase Molimo o Matla ’Ohle. Kahoo, hase molao oa ho ngoloa ha puo o belaetsang oa Colwell, empa ke moelelo o lokelang ho tataisa mofetoleli litabeng tse joalo. ’Me ho totobetse ho tsoa liphetolelong tse ngata tse kenyang lebōpi-kakaretso (“a”) ho Johanne 1:1 le libakeng tse ling hore liithuti tse ngata li hanana le molao o joalo oa maiketsetso, ’me ho joalo le ka Lentsoe la Molimo.
Ha ho Khohlano
NA HO bolela hore Jesu Kreste ke “molimo” ho hanana le thuto ea Bibele ea hore ho na le Molimo o le mong feela? Che, hobane ka linako tse ling Bibele e sebelisa lentsoe leo ho bua ka libōpuoa tse matla. Pesaleme ea 8:5 (NW) e baleha tjena: “U ile ua boela ua tsoela pele ho mo etsa [motho] ea tlaasana ho ba kang melimo [ʼelo·himʹ],” ke hore, mangeloi. Boikarabellong ba Jesu khahlanong le qoso ea Bajode, ea hore o ne a ipolela hore ke Molimo, o ile a hlokomela hore “Molao o sebelisa lentsoe melimo ho bao lentsoe la Molimo le neng le lebisitsoe ho bona,” ke hore, baahloli ba batho. (Johanne 10:34, 35, JB; Pesaleme ea 82:1-6) Esita le Satane o bitsoa “molimo oa lefatše lena” ho 2 Ba-Korinthe 4:4.
Jesu o na le boemo bo phahametseng mangeloi, batho ba sa phethahalang, kapa Satane hōle. Kaha bana ho buuoa ka bona e le “melimo,” ba matla, ka sebele Jesu e ka ba “molimo” ’me ke oona. Ka lebaka la boemo ba hae bo ikhethang kamanong le Jehova, Jesu ke “Molimo o matla.”—Johanne 1:1, NW; Esaia 9:6.
Empa na “Molimo o matla” ka tlhaku ea eona e khōlō ha e bontše hore ka tsela e ’ngoe Jesu o lekana le Jehova Molimo? Le hanyenyane. Esaia o mpile a profeta lena e le le leng la mabitso a mane ao Jesu a neng a tla bitsoa ka ’ona, ’me ka puo ea Sesotho mabitso a joalo a ngoloa ka litlhaku tse khōlō. Ho ntse ho le joalo, le hoja Jesu a ne a bitsoa ea “matla,” ho ka ba le a le mong feela “Ea Matla ’Ohle.” Ho bitsa Jehova Molimo “Ea Matla ’Ohle” ho ne ho ke ke ha bolela letho ntle leha ho ne ho le teng ba bang ba neng ba boetse ba bitsoa melimo empa ba le boemong bo fokolang kapa bo tlaasana.
Bulletin of the John Rylands Library Engelane e hlokomela hore ho latela moruti oa thuto ea bolumeli oa K’hatholike Karl Rahner, le hoja the·osʹ e sebelisoa mangolong a kang Johanne 1:1 ha ho buuoa ka Kreste, “ha ho le le leng la makhetlo ana moo ‘theos’ e sebelisoang ka mokhoa oa ho khetholla Jesu e le ntho e le ’ngoe le eena eo kae-kae Testamenteng e Ncha a tšoantšetsoang e le ‘ho Theos,’ ke hore, Molimo o Phahameng.” ’Me Bulletin e-ea phaella: “Haeba bangoli ba Testamente e Ncha ba ne ba lumela hore ke habohlokoa hore ba tšepahalang ba lokela ho lumela hore Jesu ke ‘Molimo’, na hoo e batlang e le ho ba sieo ka ho felletseng ha mokhoa oo oa tumelo Testamenteng e Ncha ho ka hlalosoa?”
Empa ho thoe’ng ka moapostola Thomase ea reng, “Morena oa ka le Molimo oa ka!” ho Jesu ho Johanne 20:28? Ho Thomase, Jesu o ne a tšoana le “molimo,” haholo-holo maemong a mohlolo a ileng a etsa hore a khotse joalo. Liithuti tse ling li hlahisa hore Thomase e ka ’na eaba o mpile a khotsa ka boikutlo ba ho makala feela, a bua le Jesu empa a ne a ho lebisitse ho Molimo. Ho sa tsotellehe hore na taba ke efe, Thomase ha aa ka a nahana hore Jesu ke Molimo o Matla ’Ohle, hobane eena le baapostola ba bang kaofela ba ne ba tseba hore ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela e le Molimo empa o ile a ruta hore Jehova ke eena feela “Molimo o ’notši oa ’nete.”—Johanne 17:3.
Hape, moelelo o re thusa ho utloisisa sena. Matsatsing a seng makae pejana Jesu ea tsositsoeng o ne a ile a bolella Maria Magdalena hore a bolelle barutuoa hore: “Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:17) Esita le ha Jesu a ne a se a tsositsoe e le moea o matla, Jehova e ne e ntse e le Molimo oa hae. ’Me Jesu o ’nile a tsoela pele ho bua ka Eena a le joalo esita le bukeng ea ho qetela ea Bibele, ka mor’a hore a tlotlisoe.—Tšenolo 1:5, 6; 3:2, 12.
Litemana tse tharo feela ka mor’a ho khotsa ha Thomase, ho Johanne 20:31, Bibele e tsoela pele ho hlakisa taba ka ho re: “E ngoliloe hore le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo,” e seng hore e ne e le Molimo o Matla ’Ohle. ’Me ho ne ho bolela “Mora” ka tsela ea sebele, joaloka ntate le mora, e seng karolo e ’ngoe ea mohlolo ea Molimo oa Boraro-bo-bong.
E Tlameha ho Lumellana le Bibele
HO BOLELOA hore mangolo a mang a mangata a tšehetsa Boraro-bo-bong. Empa ana a tšoana le ao ho buisanoeng ka ’ona ka holimo ka hore, ha a hlahlobisisoa ka hloko, ha a fane ka tšehetso ea ’nete. Litemana tse joalo li bontša feela hore ha ho nahanoa ka tšehetso leha e le efe eo ho boleloang hore e teng bakeng sa Boraro-bo-bong, motho o tlameha ho botsa: Na tlhaloso eo e lumellana le thuto e tsitsitseng ea Bibele eohle—hore Jehova Molimo ke eena feela ea Phahameng ka ho Fetisisa? Haeba ho se joalo, joale e tlameha e be tlhaloso eo e phoso.
Hape ho hlokahala hore re hopole hore ha ho le e ’ngoe ea ‘litemana tseo tsa bopaki’ e bolelang hore Molimo, Jesu, le moea o halalelang ke ntho e le ’ngoe ho Molimo o mong oa mohlolo. Ha ho lengolo le le leng hohle ka Bibeleng le bolelang hore ba bararo kaofela ke ba boleng bo tšoanang, matla, le ho hloka qalo le qetello. Bibele e tsitsitse ha e senola Molimo o Matla ’Ohle, Jehova, e le eena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jesu e le Mora oa hae ea bōpiloeng, ’me moea o halalelang e le matla a sebetsang a Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sesotho ha se sebelise lebōpi-khetho joalokaha ho etsoa Segerikeng, ’me ha se sebelise leha e le lebōpi-kakaretso. Lipuo tse ling tse ngata, joaloka Senyesemane, li sebelisa lebōpi-khetho (the) le mabōpi-kakaretso (a, an) haufi le mareho, ho bontša ho toba kapa ho se tobe ha lereo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
“Baholo-holo ba sebelisitse serapa sena hampe ho paka hore Kreste ke . . . oa boleng bo tšoanang le Ntate.”—Commentary on the Gospel According to John, ea John Calvin
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Motho ea ‘nang le’ e mong e ke ke ea boela ea e-ba motho eo e mong
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
“Logos e ne e le bomolimo, e seng Boleng ba bomolimo ka bobona.”—Joseph Henry Thayer, seithuti sa Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Jesu o ile a rapela Molimo hore barutuoa ba hae “kaofela e be ntho e le ’ngoe,” feela joalokaha eena le Ntat’ae “e le ntho e le ’ngoe”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Jesu o ile a bontša Bajode hore o ne a sa lekane le Molimo, a bolela hore o ne a ‘ke ke a etsa letho a ’notši haese leo a le bonang le etsoa ke Ntate’
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Kaha Bibele e bitsa batho, mangeloi, esita le Satane, “melimo,” kapa ba matla, ka nepo Jesu ea phahameng leholimong a ka bitsoa “molimo”