Khaolo ea Leshome le Motso o Mong
Ho Malimabe Marabele!
1. Jeroboame o ile a etsa phoso efe e tšabehang?
HA BATHO ba Jehova ba keneng selekaneng le eena ba arohana ho ba mebuso e ’meli, ’muso o ka leboea oa meloko e leshome o ile oa busoa ke Jeroboame. Morena enoa e mocha e ne e le ’musi ea nang le bokhoni le ea matla. Empa o ne a se na tumelo ea sebele ho Jehova. Ka lebaka lena o ile a etsa phoso e tšabehang e ileng ea e-ba le phello e mpe historing eohle ea ’muso o ka leboea. Tlas’a Molao oa Moshe, Baiseraele ba ne ba laetsoe hore ka makhetlo a mararo ka selemo ba ee tempeleng e Jerusalema, eo joale e neng e se e le ’musong o ka boroa oa Juda. (Deuteronoma 16:16) A tšohile hore maeto a joalo a kamehla a tla etsa hore bafo ba hae ba nahane ka ho boelana le barab’abo bona ba ka boroa, Jeroboame o ile a “etsa manamane a mabeli a khauta ’me a re ho batho: ‘Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa, Uena Iseraele, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.’ Joale a beha e ’ngoe Bethele, ’me e ’ngoe a e beha Dane.”—1 Marena 12:28, 29.
2, 3. Phoso ea Jeroboame e ile ea e-ba le liphello life ho Iseraele?
2 Ka nakoana, ho ile ha bonahala eka leano la Jeroboame lea sebetsa. Butle-butle batho ba ile ba khaotsa ho ea Jerusalema ’me ba qala ho rapela ka pel’a manamane ao a mabeli. (1 Marena 12:30) Leha ho le joalo, mokhoa ona oa bolumeli ba bokoenehi o ile oa silafatsa ’muso oa meloko e leshome. Lilemo hamorao, esita le Jehu, ea neng a ile a bontša cheseho e babatsehang ka ho felisa borapeli ba Baale Iseraeleng, o ile a tsoela pele ho inamela manamane ao a khauta. (2 Marena 10:28, 29) Ho ile ha e-ba le phello efe hape ka lebaka la qeto ea Jeroboame e fosahetseng le e kotsi? Ha hoa ka ha e-ba le botsitso litabeng tsa puso ’me batho ba ile ba e-ba mahlomoleng.
3 Kahobane Jeroboame o ne a fetohile mokoenehi, Jehova o ile a bolela hore peō ea hae e ne e ke ke ea busa naheng eo le hore qetellong ’muso o ka leboea o ne o tla hlaheloa ke koluoa e tšabehang. (1 Marena 14:14, 15) Lentsoe la Jehova le ile la phethahala. Marena a supileng a Iseraele a ile a busa ka lilemo tse peli kapa ka nako e ka tlaase ho moo—a mang a busa ka matsatsi a seng makae feela. Morena e mong o ile a ipolaea, ’me a mang a tšeletseng a ile a bolaoa ke banna ba lakatsang bophahamo ba ileng ba inkela borena ka likhoka. Haholo-holo ka mor’a puso ea Jeroboame oa II, e ileng ea fela hoo e ka bang ka 804 B.C.E. ha Uzia a ne a busa Juda, Iseraele e ile ea hlaseloa ke ho hloka botsitso, pefo le lipolao. Ke tlas’a boemo bona moo Jehova, a sebelisa Esaia, a romelang temoso e tobileng, kapa “lentsoe,” ho ’muso o ka leboea. “Jehova o ile a romela lentsoe khahlanong le Jakobo, ’me la oela ho Iseraele.”—Esaia 9:8.a
Boikhohomoso le Nyeliso li Tlisa Khalefo ea Molimo
4. Jehova o romela “lentsoe” lefe khahlanong le Iseraele, hona hobane’ng?
4 “Lentsoe” la Jehova le ke ke la hlokomolohuoa. “Ka sebele batho ba tla le tseba, kaofela ha bona, Efraime le moahi oa Samaria, ka lebaka la boikhohomoso ba bona le ka lebaka la lipelo tsa bona tse nyelisang.” (Esaia 9:9) “Jakobo,” “Iseraele,” “Efraime” le “Samaria” kaofela li bolela ’muso o ka leboea oa Iseraele, oo moloko oa oona o ka sehloohong e leng oa Efraime ’me Samaria e le motse-moholo oa oona. Lentsoe la Jehova khahlanong le ’muso oo ke polelo e matla ea boahloli, kaha Efraime e thatafetse bokoenehing ba eona ’me e nyelisa Jehova pepenene. Molimo a ke ke a sireletsa batho bao liphellong tsa litsela tsa bona tse khopo. Ba tla qobelloa hore ba utloe, kapa hore ba ele hloko lentsoe la Molimo.—Bagalata 6:7.
5. Baiseraele ba iponahatsa joang hore ha ba angoe ke liketso tsa Jehova tsa kahlolo?
5 Ha maemo a ntse a mpefala, batho ba lahleheloa ke lintho tse ngata, ho akarelletsa le mahae a bona—ao ka tloaelo a hahiloeng ka makote le lehong la theko e tlaase. Na seo se nolofatsa lipelo tsa bona? Na ba tla mamela baprofeta ba Jehova ’me ba khutlele ho Molimo oa ’nete?b Esaia o tlaleha karabelo ea batho e nyelisang: “Litene li oele, empa re tla haha ka majoe a betliloeng. Lifate tsa sikamora li remiloe, empa re tla beha likedare sebakeng sa tsona.” (Esaia 9:10) Baiseraele ba hlompholla Jehova ’me ba khesa baprofeta ba hae, ba ba bolellang hore na ke hobane’ng ha ba thulana le mathata a joalo. Ha e le hantle, batho ba re: ‘Re ka ’na ra lahleheloa ke matlo a hahiloeng ka makote a senyehang feela le lehong la theko e tlaase, empa re tla haha a matle le ho feta ana a senyehileng ka hore re boele re hahe ka thepa ea boleng bo phahameng haholoanyane—lejoe le betliloeng le kedare!’ (Bapisa le Jobo 4:19.) Ba etsa hore Jehova a se ke a ba le boikhethelo haese ho ba laea ka ho eketsehileng.—Bapisa le Esaia 48:22.
6. Jehova o qhala mano a selekane sa Syria le Iseraele khahlanong le Juda joang?
6 Esaia o tsoela pele: “Jehova o tla beha bahanyetsi ba Rezine phahameng khahlanong le eena.” (Esaia 9:11a) Morena Peka oa Iseraele le Morena Rezine oa Syria ba entse selekane. Ba loha mano a ho hlōla ’muso oa meloko e ’meli oa Juda le a ho beha morena ea laoloang ke bona teroneng ea Jehova e Jerusalema—e leng “mora oa Tabiele.” (Esaia 7:6) Empa morero oo oa bolotsana o tla nyopa. Rezine o na le lira tse matla, ’me Jehova o ‘tla beha lira tsena phahameng’ khahlanong le “eena,” ke hore Iseraele. Polelo ‘beha phahameng’ e bolela ho li lumella ho loana ntoa e atlehang e tla felisa selekane seo le merero ea sona.
7, 8. Ho hlōloa ha Syria ke Assyria ho ba le phello efe ho Iseraele?
7 Ho felisoa ha selekane sena ho qala ha Assyria e hlasela Syria. “Morena oa Assyria a nyolohela Damaseka [motse-moholo oa Syria] a e hapa eaba o isa batho ba eona kholehong Kire, ’me a bolaea Rezine.” (2 Marena 16:9) Ha a se a lahlehetsoe ke mphato oa hae ea matla, Peka o hlokomela hore merero ea hae e mebe khahlanong le Juda e nyopile. Ha e le hantle, nakoana ka mor’a lefu la Rezine, Peka ka boeena o bolaoa ke Hoshea, eo ka mor’a moo a inkelang borena ba Samaria ka likhoka.—2 Marena 15:23-25, 30.
8 Syria, eo pele e neng e le selekaneng le Iseraele, joale e se e le tlas’a taolo ea Assyria, e leng ’muso o matla o busang tikolohong eo. Esaia o profeta kamoo Jehova a tlang ho sebelisa tokisetso ena e ncha ea lipolotiki kateng: “[Jehova] o tla khanna lira tsa hae [Iseraele], Syria ka bochabela le Bafilista ka morao, ’me ba tla ja Iseraele ka melomo e ahlameng. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.” (Esaia 9:11b, 12) E, joale Syria e se e le sera sa Iseraele, ’me Iseraele e lokela ho itokisetsa tlhaselo e tsoang ho Assyria le Syria. Tlhaselo eo ea atleha. Assyria e etsa Hoshea ea ikhapetseng puso ka likhoka mohlanka oa eona, e batla sethabathaba se sengata haholo. (Lilemong tse mashome a seng makae pejana, Assyria e ile ea amohela chelete e ngata e tsoang ho Morena Menaheme oa Iseraele.) Mantsoe a moprofeta Hosea ke ’nete hakaakang: “Basele ba jele matla a hae [Efraime]”!—Hosea 7:9; 2 Marena 15:19, 20; 17:1-3.
9. Ke hobane’ng re ka re Bafilista ba hlasela ba le “ka morao”?
9 Na hape Esaia ha a re Bafilista ba tla hlasela ba le “ka morao”? E. Pele ho mehla ea lisupa-tsela tsa makenete, Baheberu ba ne ba supa tsela ho latela boemo boo motho a leng ho bona ha a shebile bochaba-tsatsi. Kahoo, “bochabela” e ne e le ka pele, ha bophirimela, e leng lehae la Bafilista le mosikong oa lebōpo la leoatle, e ne e le “ka morao.” Mohlomong lekhetlong lena “Iseraele” eo ho buuoang ka eona ho Esaia 9:12 e akarelletsa Juda kaha Bafilista ba ile ba hlasela Juda nakong ea puso ea Akaze, ea neng a busa ka nako e tšoanang le Peka, ba hapa le ho lula metseng e mengata ea Judea le liqhobosheaneng. Joaloka Efraime e ka leboea, Juda e lokeloa ke kotlo ena e tsoang ho Jehova, kaha le eona e tletse bokoenehi.—2 Likronike 28:1-4, 18, 19.
Sechaba sa Marabele—Ho Tloha ‘Hloohong ho ea Mohatleng’
10, 11. Jehova o tla fana ka kotlo efe ho Iseraele ka lebaka la ho phehella ha eona ho bontša borabele?
10 Ho sa tsotellehe mahlomola ’ohle a oona—hape ho sa tsotellehe liphatlalatso tse matla tsa baprofeta ba Jehova—’muso o ka leboea o phehella ho etsa borabele khahlanong le Jehova. “Batho ha baa khutlela ho Ea ba otlang, ’me ha baa batla Jehova oa mabotho.” (Esaia 9:13) Ka lebaka leo, moprofeta o re: “Jehova o tla khaola hlooho le mohatla Iseraele, letlōbō le loli, ka letsatsi le le leng. Ea hōlileng le ea hlomphehang haholo ke hlooho, ’me moprofeta ea fanang ka thupelo ea bohata ke mohatla. Ba tsamaisang batho bana ke bona ba etsang hore ba hlahlathele; ’me ba tsamaisoang, ke bona ba ntseng ba ferekanngoa.”—Esaia 9:14-16.
11 “Hlooho” le “letlōbō” li emela “ea hōlileng le ea hlomphehang haholo”—baeta-pele ba sechaba. “Mohatla” le “loli” li bolela baprofeta ba bohata ba buang mantsoe a khahlang baeta-pele ba bona. Setsebi se seng sa Bibele sea ngola: “Baprofeta ba bohata ba bitsoa mohatla, hobane e ne e le batho ba boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa le hobane ba ne ba hulana ka mor’a babusi ba khopo le ho ba tšehetsa.” Moprofesa Edward J. Young o re ka baprofeta bana ba bohata: “Bona e ne e se baeta-pele, empa ba ne ba ea moo baeta-pele ba ba isang teng, ba ne ba mpa ba ba rorisa le ho ipatlela ho ratoa, ba tšoana le mohatla o tsokoang ke ntja.”—Bapisa le 2 Timothea 4:3.
Esita le ‘Bahlolohali le Bashanyana ba se Nang Bo-ntate’ ke Marabele
12. Bobolu bo keneletse hakae sechabeng sa Iseraele?
12 Jehova ke Mosireletsi oa bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate. (Exoda 22:22, 23) Leha ho le joalo, utloa seo Esaia a se bolelang joale: “Jehova a ke [ke] a thabela bahlankana ba bona, ’me a ke ke a hauhela bashanyana ba bona ba se nang bo-ntate le bahlolohali ba bona; hobane kaofela ha bona ke bakoenehi le baetsi ba bobe ’me molomo o mong le o mong o bua ka ho se be le kelello. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.” (Esaia 9:17) Bokoenehi bo silafalitse likarolo tsohle tsa sechaba, ho akarelletsa le bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate! Ka mamello, Jehova o romela baprofeta ba hae, a tšepile hore batho ba tla fetola litsela tsa bona. Ka mohlala, Hosea o kōpa ka tieo: “Lōna Baiseraele, le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, etsoe le khopiloe phosong ea lōna.” (Hosea 14:1) E tlameha ebe ke ho utloisang bohloko hakaakang ho Mosireletsi oa bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate hore ebe le bona o tlameha ho ba ahlola!
13. Re ka ithuta eng boemong ba mehleng ea Esaia?
13 Joaloka Esaia, re phela linakong tse mahlonoko, pele ho letsatsi la Jehova la ho ahlola ba khopo. (2 Timothea 3:1-5) Kahoo, ho sa tsotellehe boemo ba bona bophelong, ke habohlokoa hakaakang hore Bakreste ba ’nete ba lule ba hloekile moeeng, boitšoarong le kelellong e le hore ba ka lula ba amoheleha ho Molimo. E mong le e mong a ke a falimehele ho sireletsa kamano ea hae le Jehova. A ho se ke ha e-ba le ea mong ea balehileng “Babylona e Moholo” ea ka boelang a “kopanela le eena libeng tsa hae.”—Tšenolo 18:2, 4.
Borapeli ba Bohata bo Tsoala Pefo
14, 15. (a) Borapeli ba bademona bo hlahisa liphello life? (b) Esaia o profeta hore Iseraele e tla feta mahlomoleng afe a tsoelang pele?
14 Ha e le hantle, borapeli ba bohata ke borapeli ba bademona. (1 Bakorinthe 10:20) Joalokaha ho ile ha totobala pele ho Moroallo, tšusumetso ea bademona e lebisa pefong. (Genese 6:11, 12) Kahoo, ha ho makatse hore ha Iseraele e koeneha ’me e qala ho rapela bademona, pefo le bokhopo li tlala naha.—Deuteronoma 32:17; Pesaleme ea 106:35-38.
15 Esaia o hlalosa ho ata ha bokhopo le pefo Iseraele ka papiso e hlakileng: “Bokhopo bo tuka joaloka mollo; bo tla qeta lihlahla tse meutloa le litlama-tlama. Bo tla tuka moferong oa moru, ’me o tla nyoloha joaloka topallo ea mosi. Naha e chesitsoe khalefong ea Jehova oa mabotho, ’me batho ba tla ba joaloka lijo tsa mollo. Ha ho ea tla hauhela esita le mor’abo. Motho o tla seha ka ho le letona ’me ka sebele a lape; motho o tla ja ka ho le letšehali, ’me ka sebele ba ke ke ba khora. E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae, Manase a je Efraime, le Efraime a je Manase. Ba tla loantša Juda ba le hammoho. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.”—Esaia 9:18-21.
16. Mantsoe a Esaia 9:18-21 a phethahala joang?
16 Joaloka lelakabe le tlohang sehlahleng se seng se meutloa le laimela ho se seng, pefo e tsoa taolong joalo ’me e potlakela ho fihla “moferong oa moru,” e hlahisa khabo ea pefo. Bahlalosi ba Bibele Keil le Delitzsch ba hlalosa boemo ba pefo e le “ho itimetsa ho sehlōhō ka ho fetisisa nakong ea ntoa ea lehae e sa laoleheng. Ba se na boikutlo leha e le bofe bo mosa, ba ne ba felisana ba sa khotsofale.” Mohlomong mona ho qoolloa moloko oa Efraime le oa Manase hobane e le eona e ka sehloohong e emetseng ’muso o ka leboea, ’me kaha ke litloholo tsa bara ba babeli ba Josefa, ke eona e amanang haufi-ufi haholo le meloko e meng e leshome. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, ba khaotsa ho bolaeana ka mabifi e le bana ba motho feela ha ba loantša Juda e ka boroa.—2 Likronike 28:1-8.
Baahloli ba Bolileng ba Talimana le Moahloli oa Bona
17, 18. Ke bobolu bofe bo teng tsamaisong ea Iseraele ea molao le taolo?
17 Ho latelang, Jehova o talima baahloli le ba bang ba bolileng ba boholong Iseraele ka leihlo la hae la boahloli. Bana ba sebelisa matla a bona hampe ka ho tlatlapa batho ba tlaase le ba mahlomoleng ba tlang ho bona ho tla batla toka. Esaia o re: “Ho malimabe ba etsang melao e kotsi ea tsamaiso le ba ngolang kamehla, ’me ba ngotse khathatso feela, e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng ba sechaba sa ka toka, hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!”—Esaia 10:1, 2.
18 Molao oa Jehova o hanela mefuta eohle ea ho hloka toka: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka kahlolong. Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo.” (Levitike 19:15) Ba hlokomoloha molao oo, bana ba boholong ba hloma ‘melao ea bona e kotsi ea tsamaiso’ e le hore ba lokafatse seo e hlileng e leng bosholu bo sehlōhō ka ho fetisisa—ba ho nkela bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate thepa e seng kae eo ba nang le eona. Ke ’nete hore melimo ea bohata ea Iseraele ha e bone ho hloka toka hona, empa Jehova oa ho bona. A sebelisa Esaia, joale Jehova o lebisa tlhokomelo ho baahloli bana ba khopo.
19, 20. Boemo ba baahloli ba bolileng ba Iseraele bo tla fetoha joang, ’me ho tla etsahala’ng ka “khanya” ea bona?
19 “Le tla etsa’ng letsatsing leo le eloang hloko ka lona le la tšenyeho, ha e tsoa hōle? Le tla balehela ho mang bakeng sa thuso, ’me le tla siea khanya ea lōna hokae, haese hore motho o tla inama tlas’a batšoaruoa le hore batho ba ’ne ba oele tlas’a ba bolailoeng?” (Esaia 10:3, 4a) Bahlolohali le bashanyana ba se nang bo-ntate ha ba na baahloli ba tšepahalang bao ba ka ipiletsang ho bona. Kahoo, ke ho loketseng hakaakang hore ebe joale Jehova o botsa baahloli bao ba bolileng ba Iseraele hore na joale ba tla retelehela ho mang ha e le moo Jehova a re ba ikarabelle. E, ba mothating oa ho tseba hore “ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.”—Baheberu 10:31.
20 “Khanya” ea baahloli bana ba khopo—botumo, tlhompho le matla tsa lefatše tse tsamaeang le leruo la bona le boemo—e tla ba tsa nakoana. Ba bang e tla ba batšoaruoa ba ntoa, ‘ba iname,’ kapa ba khumame, har’a batšoaruoa ba bang, ha ba bang kaofela ba ntse ba bolaoa, litopo tsa bona li koahetsoe ke tsa ba bolailoeng ntoeng. “Khanya” ea bona e boetse e akarelletsa maruo a fumanoeng ka bolotsana, ao lira li tlang ho a nka ka mahahapa.
21. Ha ho talingoa likotlo tseo Iseraele e li fumaneng, na Jehova o khaolitse ho e halefela?
21 Esaia o phethela serapa sena sa ho qetela ka temoso e tšosang: “Ka lebaka la sena sohle [bomalimabe bohle boo sechaba se seng se fetile ho bona ho tla fihlela joale] bohale bohle ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.” (Esaia 10:4b) E, Jehova o na le ho hongata hoo a lokelang ho ho bolella Iseraele. Jehova a ke ke a khutlisa letsoho la hae le otlolohileng ho fihlela a fane ka kotlo ea ho qetela, e timetsang ho ’muso o ka leboea o tletseng borabele.
Le ka Mohla U se ke Ua ba Phofu ea Thetso le Boithati
22. Re ka ithuta thuto efe ho se ileng sa hlahela Iseraele?
22 Lentsoe la Jehova le tlang ka Esaia le ile la ama Iseraele ka matla ’me ‘ha lea ka la khutlela ho eena le se na litholoana.’ (Esaia 55:10, 11) Histori e tlaleha qetello e bohloko ea ’muso o ka leboea oa Iseraele, ’me re ka inahanela hore na e tlameha ebe baahi ba oona ba ile ba lokela ho mamella mahlomola a makaakang. Ka sebele, lentsoe la Molimo le tla fela le phethahale tsamaisong ea kajeno ea lintho, haholo-holo Bokreste-’mōtoaneng ba bokoenehi. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore Bakreste ba se ke ba mamela liphatlalatso leha e le life tse tletseng leshano, tse loantšang Molimo! Ka thuso ea Lentsoe la Molimo, ke khale maqiti a Satane a senotsoe, e le hore re se ke ra qhekelloa ke ’ona joaloka batho ba Iseraeleng ea boholo-holo. (2 Bakorinthe 2:11) E se eka kaofela ha rōna le ka mohla re ke ke ra khaotsa ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ha re etsa joalo, letsoho la hae le otlolohileng le ke ke la otla barapeli ba hae joalokaha le ile la otla Efraime ea lerabele; o tla ba kopa ka matsoho ka mofuthu, ’me o tla ba thusa tseleng e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Jakobo 4:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esaia 9:8–10:4 e entsoe ka lirapa tse ’nè (litemana tse nang le mantsoe a nang le molumo o tšoanang), se seng le se seng se fella ka mantsoe ana a pheta-phetoang a lemosang ka tlokotsi: “Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.” (Esaia 9:12, 17, 21; 10:4) Ho ngola ka tsela ena ho momahanya Esaia 9:8–10:4 hore e be “lentsoe” le le leng le nang le likarolo tse ngata. (Esaia 9:8) Hape, hlokomela hore ‘letsoho la Jehova le sa ntse le otlolohile,’ eseng bakeng sa ho fana ka monyetla oa poelano, empa bakeng sa ho liha kahlolo.—Esaia 9:13.
b Baprofeta ba Jehova ’musong o ka leboea oa Iseraele ba akarelletsa Jehu (eseng oa morena), Elia, Mikaia, Elisha, Jonase, Odede, Hosea, Amose le Mikea.
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Bokhopo le pefo li puputla Iseraele joaloka mollo oa moru
[Setšoantšo se leqepheng la 141]
Jehova o tla nka ba etsang ba bang hampe ba ikarabella