Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Malimabe Marabele!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • Borapeli ba Bohata bo Tsoala Pefo

      14, 15. (a) Borapeli ba bademona bo hlahisa liphello life? (b) Esaia o profeta hore Iseraele e tla feta mahlomoleng afe a tsoelang pele?

      14 Ha e le hantle, borapeli ba bohata ke borapeli ba bademona. (1 Bakorinthe 10:20) Joalokaha ho ile ha totobala pele ho Moroallo, tšusumetso ea bademona e lebisa pefong. (Genese 6:11, 12) Kahoo, ha ho makatse hore ha Iseraele e koeneha ’me e qala ho rapela bademona, pefo le bokhopo li tlala naha.—Deuteronoma 32:17; Pesaleme ea 106:35-38.

      15 Esaia o hlalosa ho ata ha bokhopo le pefo Iseraele ka papiso e hlakileng: “Bokhopo bo tuka joaloka mollo; bo tla qeta lihlahla tse meutloa le litlama-tlama. Bo tla tuka moferong oa moru, ’me o tla nyoloha joaloka topallo ea mosi. Naha e chesitsoe khalefong ea Jehova oa mabotho, ’me batho ba tla ba joaloka lijo tsa mollo. Ha ho ea tla hauhela esita le mor’abo. Motho o tla seha ka ho le letona ’me ka sebele a lape; motho o tla ja ka ho le letšehali, ’me ka sebele ba ke ke ba khora. E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae, Manase a je Efraime, le Efraime a je Manase. Ba tla loantša Juda ba le hammoho. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.”—Esaia 9:18-21.

      16. Mantsoe a Esaia 9:18-21 a phethahala joang?

      16 Joaloka lelakabe le tlohang sehlahleng se seng se meutloa le laimela ho se seng, pefo e tsoa taolong joalo ’me e potlakela ho fihla “moferong oa moru,” e hlahisa khabo ea pefo. Bahlalosi ba Bibele Keil le Delitzsch ba hlalosa boemo ba pefo e le “ho itimetsa ho sehlōhō ka ho fetisisa nakong ea ntoa ea lehae e sa laoleheng. Ba se na boikutlo leha e le bofe bo mosa, ba ne ba felisana ba sa khotsofale.” Mohlomong mona ho qoolloa moloko oa Efraime le oa Manase hobane e le eona e ka sehloohong e emetseng ’muso o ka leboea, ’me kaha ke litloholo tsa bara ba babeli ba Josefa, ke eona e amanang haufi-ufi haholo le meloko e meng e leshome. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sena, ba khaotsa ho bolaeana ka mabifi e le bana ba motho feela ha ba loantša Juda e ka boroa.—2 Likronike 28:1-8.

  • Ho Malimabe Marabele!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • [Setšoantšo se leqepheng la 139]

      Bokhopo le pefo li puputla Iseraele joaloka mollo oa moru

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela