Khaolo ea Leshome le Metso e ’Meli
Le se ke la Tšoha Moassyria
1, 2. (a) Ho ea ka pono ea motho, ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala eka Jonase o ne a e-na le lebaka la ho ba leqe ho amohela thōmo ea ho bolela ho Baassyria? (b) Baninive ba ile ba arabela joang molaetseng oa Jonase?
BOHARENG ba lekholo la borobong la lilemo B.C.E., moprofeta oa Moheberu Jonase, mor’a Amitai, o ile a iteta sefuba ho kena Ninive, e leng motse-moholo oa ’Muso oa Assyria. O ne a tšoere molaetsa o matla oo a neng a lokela ho fana ka oona. Jehova o ne a itse ho eena: “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse khahlanong le eona hore bobe ba bona bo nyolohetse ka pel’a ka.”—Jonase 1:2, 3.
2 Qalong ha Jonase a fuoa thōmo eo, o ile a baleha a nka tsela e eang hosele, nģa ea Tarshishe. Ho ea ka pono ea motho, Jonase o ne a e-na le lebaka la ho ba leqe. Baassyria e ne e le batho ba khopo. Hlokomela kamoo morena e mong oa Assyria a neng a sebetsana le lira tsa hae kateng: “Ke khaotse balaoli maoto le matsoho . . . Ba bangata ba bona ba botlamuoeng ke ba chesitse ka mollo, ’me ba bang ba bangata ka ba isa botlamuoeng ba ntse ba phela. Ba bang ba bona ke ba khaotse matsoho le menoana, ’me ba bang ka ba khaola linko.” Leha ho le joalo, qetellong ha Jonase a phatlalatsa molaetsa oa Jehova, Baninive ba ile ba bakela libe tsa bona ’me nakong eo Jehova o ile a boloka motse oo.—Jonase 3:3-10; Matheu 12:41.
Jehova o Nka “Molamu”
3. Karabelo ea Baiseraele litemosong tse fanoang ke baprofeta ba Jehova e fapana joang le ea Baninive?
3 Na Baiseraele, bao le bona Jonase a ileng a ba bolella molaetsa, ba arabela hantle? (2 Marena 14:25) Che. Ba furalla borapeli bo hloekileng. Ha e le hantle, ba ea bohōleng ba ho “inamela makhotla ’ohle a maholimo le ho sebeletsa Baale.” Ho feta moo, “ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong le ho sebelisa bonohe le ho batla lipontšo tsa se tlang, ’me ba ’na ba ithekisetsa ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa.” (2 Marena 17:16, 17) Ho fapana le Baninive, Iseraele ha e arabele ha Jehova a romela baprofeta ho e lemosa. Kahoo Jehova o ikemisetsa ho nka mehato e matla haholoanyane.
4, 5. (a) Ho boleloa’ng ka “Moassyria,” hona Jehova o tla mo sebelisa e le “molamu” joang? (b) Samaria e oa neng?
4 Ka mor’a hore Jonase a etele Ninive, ka nakoana mabifi a Assyria a ile a fokotseha.a Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., Assyria e boela e iponahatsa e le lebotho le matla la sesole, ’me Jehova o e sebelisa ka tsela e hlollang. Moprofeta Esaia o fetisetsa temoso ea Jehova ho ’muso o ka leboea oa Iseraele: “Eke! Moassyria, molamu oa bohale ba ka, le thupa e matsohong a bona bakeng sa nyatso ea ka! Ke tla mo romela khahlanong le sechaba sa bokoenehi, ’me ke tla mo fa taelo khahlanong le batho bao ke ba halefetseng, hore a nke thepa e ngata e hapuoeng le hore a nke se tlatlapuoeng ’me a se etse sebaka sa ho hatakeloa joaloka letsopa literateng.”—Esaia 10:5, 6.
5 Ke ho tlotlollang hakaakang ho Baiseraele! Molimo o sebelisa sechaba sa bahetene—“Moassyria”—e le “molamu” ho ba otla. Ka 742 B.C.E., Morena Shalmanesere V oa Assyria o thibella Samaria, motse-moholo oa sechaba sa bakoenehi sa Iseraele. E lutse botleng bakeng sa ntoa, leralleng le bophahamo ba limithara tse ka bang 90, Samaria e thibela sera ka lilemo tse ka bang tharo. Empa ha ho leqheka le entsoeng ke batho le ka sitisang morero oa Molimo. Ka 740 B.C.E., Samaria ea oa, e hatakeloa ke Moassyria.—2 Marena 18:10.
6. Moassyria o fetela ka nģ’ane ho seo Jehova a se rerileng ka eena joang?
6 Le hoja Jehova a ba sebelisitse ho ruta batho ba hae thuto e itseng, Baassyria ka bobona ha ba natse Jehova. Ke ka lebaka leo a tsoelang pele ho re: “Le hoja e ka ’na eaba [Moassyria] ha a joalo, o tla ikutloa a batla; le hoja e ka ’na eaba pelo ea hae ha e joalo, o tla rera, kahobane ho felisa ho ka pelong ea hae, le ho felisa lichaba eseng ba seng bakae.” (Esaia 10:7) Jehova o reretse Moassyria hore e be kofuto e letsohong la Molimo. Empa Moassyria o ikutloa a batla ho ba ho hong hosele. Pelo ea hae e mo susumelletsa hore a rere ho hong ho hoholoanyane—ho hlōla lefatše le neng le tsejoa ka nako eo!
7. (a) Hlalosa polelo e reng “Na likhosana tsa ka hase marena ka nako e tšoanang?” (b) Ke eng seo ba lahlang Jehova kajeno ba lokelang ho se hlokomela?
7 Metse e mengata eo e seng ea Baiseraele eo Moassyria a ileng a e hlōla e ne e busoa ke marena pele. Bana bao pele e neng e le marena joale ba lokela ho ikokobeletsa morena oa Assyria e le likhosana tse taolong ea hae, kahoo a ka ithorisa e le ka ’nete: “Na likhosana tsa ka hase marena ka nako e tšoanang?” (Esaia 10:8) Melimo ea bohata ea metse e hlaheletseng ea lichaba e ne e ke ke ea pholosa barapeli ba eona timetsong. Melimo eo baahi ba Samaria ba e rapelang, e kang Baale, Moloke le manamane a khauta, e ke ke ea sireletsa motse oo. Kaha e lahlile Jehova, Samaria ha e na tokelo ea ho lebella hore a e namolele. Leha e le bafe ba lahlang Jehova kajeno ba ke ba hlokomele phello e bohloko ea Samaria! Ruri Moassyria a ka ithorisa ka Samaria le metse e meng eo a e hlōtseng: “Na Kalno ha e tšoane le Karkemishe? Na Hamathe ha e tšoane le Arpade? Na Samaria ha e tšoane le Damaseka?” (Esaia 10:9) Kaofela ha eona ea tšoana ho Moassyria—ke khapo eo a ka inkelang eona.
8, 9. Ke hobane’ng ha Moassyria a nka mehato e feteletseng ha a rera ho hapa Jerusalema?
8 Leha ho le joalo, Moassyria o ithorisa ka ho feteletseng. O re: “Neng kapa neng ha letsoho la ka le fihletse mebuso ea molimo oa lefeela eo litšoantšo tsa hae tse betliloeng li fetang tse Jerusalema le Samaria, na ho ke ke ha etsahala hore feela joalokaha ke entse ho Samaria le ho melimo ea eona ea lefeela, ke etse le ho Jerusalema le ho melimo ea eona ea litšoantšo tse rapeloang?” (Esaia 10:10, 11) Mebuso eo Moassyria a seng a e hlōtse e ne e e-na le litšoantšo tse rapeloang tse ngata ho feta tseo Jerusalema kapa esita le Samaria li neng li e-na le tsona. Oa nahana, ‘Ke’ng e ka nthibelang ho etsa Jerusalema seo ke se entseng Samaria?’
9 O ithorisa hakaakang! Jehova a ke ke a mo lumella ho hapa Jerusalema. Ke ’nete hore Juda ha e na tlaleho e hloekileng ea ho tšehetsa borapeli ba ’nete. (2 Marena 16:7-9; 2 Likronike 28:24) Jehova o lemositse hore ka lebaka la ho se tšepahale ha eona, Juda e tla hlokofatsoa habohloko nakong ea tlhaselo ea Moassyria. Empa Jerusalema e tla pholoha. (Esaia 1:7, 8) Nakong ea ha Moassyria a hlasela, Ezekiase ke morena Jerusalema. Ezekiase ha a tšoane le ntat’ae, Akaze. Ka khoeli ea pele feela ea ho busa ha hae, Ezekiase o boetse o bula mamati a tempele ’me o tsosolosa borapeli bo hloekileng!—2 Likronike 29:3-5.
10. Jehova o tšepisa eng mabapi le Moassyria?
10 Kahoo Jehova ha a amohele morero oa Assyria oa ho hlasela Jerusalema. Jehova o tšepisa hore ’muso oo o matla oa lefatše o nyefolang o tla ikarabella: “Etlare ha Jehova a felisa mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.”—Esaia 10:12.
O Fetela Juda le Jerusalema!
11. Ke hobane’ng ha Moassyria a nahana hore ho tla ba bonolo ho hlasela Jerusalema?
11 Lilemo tse robeli ka mor’a hore ’muso o ka leboea o oe ka 740 B.C.E., morena e mocha oa Assyria, Sankeribe, o futuhela Jerusalema. Ka mokhoa oa thothokiso, Esaia o hlalosa morero oa Sankeribe oa boikhohomoso: “Ke tla tlosa meeli ea lichaba, ’me lintho tsa tsona tse bolokiloeng ke tla li nka ka mahahapa, ’me ke tla liha baahi joaloka ea matla. Joalokaha eka ke sehlaha, letsoho la ka le tla fihlela maruo a lichaba; joalokaha motho a bokella mahe a tlohetsoeng, ke tla bokella lefatše lohle, ’me ka sebele ho ke ke ha e-ba le ea phuphutsang mapheo kapa ea ahlamisang molomo kapa ea llang joaloka nonyana.” (Esaia 10:13, 14) Sankeribe o nahana hore kaha metse e meng e oele le Samaria ha e sa le eo, joale ho tla ba bonolo ho hapa Jerusalema! Motse oo o ka ’na oa leka ho loana ka monyebe, empa ka sello se kang sa nonyana feela, kapele-pele baahi ba oona ba tla hlōloa, matlotlo a bona a nkuoe joaloka mahe a sehlaheng se tlohetsoeng.
12. Jehova o bontša tsela e nepahetseng ea ho talima lintho mabapi le boithoriso ba Moassyria joang?
12 Leha ho le joalo, Sankeribe o lebala ho hong. Samaria e tletseng bokoenehi e ne e lokeloa ke kotlo eo e e fumaneng. Leha ho le joalo, tlas’a Morena Ezekiase, Jerusalema e boetse e fetohile qhobosheane ea borapeli bo hloekileng. Mang le mang ea batlang ho ama Jerusalema o tla lokela ho ikarabella ho Jehova! Ka khalefo, Esaia oa botsa: “Na selepe se tla iphahamisetsa ea rathang ka sona, kapa sakha e ikhōlisetse ea e isang pele le morao, joalokaha eka lere ke lona le isang ba le phahamisetsang holimo pele le morao, joalokaha eka molamu o phahamiselitse eo e seng lehong holimo?” (Esaia 10:15) ’Muso oa Assyria ke kofuto feela e letsohong la Jehova, feela joalokaha selepe, sakha, lere kapa molamu li ka sebelisoa ke ’metli, motho ea sakhang lifate kapa molisa. Ke tello e kaakang hore ebe joale molamu o iphahamisetsa ea o sebelisang!
13. Bolela hore na ke eng se emeloang ke tse latelang u be u hlalose hore na li hlaheloa ke eng (a) “ba nonneng.” (b) ‘litlama-tlama le lihlahla tse meutloa.’ (c) “khanya ea moru oa eona.”
13 Ho tla etsahala’ng ka Moassyria? “Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tla ’ne a romele ho ba hae ba nonneng lefu le senyang, ’me tlas’a khanya ea hae ho tuka ho tla ’ne ho tuke joaloka ho tuka ha mollo. Khanya ea Iseraele e tla fetoha mollo, ’me Mohalaleli oa eona e be lelakabe; o tla tuka o chese litlama-tlama tsa eona le lihlahla tsa eona tse meutloa ka letsatsi le le leng. O tla felisa khanya ea moru oa eona le ea serapa sa eona sa lifate tsa litholoana, ho tloha moeeng ho ea fihla nameng, ’me e tla tšoana le ho fokola ha ea kulang. Lifate tse ling kaofela tsa moru oa eona—palo ea tsona e tla ba eo moshanyana feela a tla khona ho e ngola fatše.” (Esaia 10:16-19) E, Jehova o tla roba “molamu” oo oa Assyria likoto! “Ba nonneng” ba lebotho la Assyria, masole a eona a linatla, a tla otloa ka “lefu le senyang.” Ba ke ke ba bonahala ba le matla hakaalo! Joaloka litlama-tlama tse ngata le lihlahla tse meutloa, masole a eona a tsamaeang fatše a tla chesoa ke Khanya ea Iseraele, Jehova Molimo. “Khanya ea moru oa eona,” e leng balaoli ba eona ba sesole, e tla fela. Ka mor’a hore Jehova a qete ka Moassyria, ho tla sala balaoli ba seng bakae feela hoo le moshanyana feela a tla khona ho ba bala ka menoana!—Bona le Esaia 10:33, 34.
14. Hlalosa khatelo-pele ea Moassyria naheng ea Juda ka 732 B.C.E.
14 Ho ntse ho le joalo, e tlameha ebe Bajuda ba lulang Jerusalema ka 732 B.C.E. ba fumana ho le thata ho lumela hore Moassyria o tla hlōloa. Lebotho le leholohali la Assyria le ntse le atamela ka phehello. Mamela lethathamo la metse ea Juda e seng e oele: “O futuhetse Ajathe . . . Migrone . . . Mikmashe . . . Geba . . . Rama . . . Gibea ea Saule . . . Galime . . . Laisha . . . Anathothe . . . Madmena . . . Gebime . . . Nobe.” (Esaia 10:28-32a)b Qetellong bahlaseli bana ba fihla Lakishe, lik’hilomithara tse 50 feela ho tloha Jerusalema. Ka mor’a nakoana lebotho le leholo la Assyria le sokela motse. “O tsoka letsoho ka ho soka thabeng ea morali oa Sione, leralla la Jerusalema.” (Esaia 10:32b) Ke’ng e ka thibang Moassyria?
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha Morena Ezekiase a hloka tumelo e matla? (b) Ho na le motheo ofe oa hore Ezekiase a be le tumelo ea hore Jehova o tla mo thusa?
15 A le ntlong ea hae ea borena e motseng, Morena Ezekiase o qala ho tšoenyeha. O hahola liaparo tsa hae ’me o ikoahela ka lesela la mokotla. (Esaia 37:1) O romela banna ho moprofeta Esaia hore a botsisise Jehova lebitsong la Juda. Ka potlako ba khutla le karabo e tsoang ho Jehova: “U se ke ua tšoha . . . Ka sebele ke tla sireletsa motse ona.” (Esaia 37:6, 35) Leha ho le joalo, Baassyria baa tšosa ebile ba itšepa ka ho fetisisa.
16 Tumelo—ke eona e tla matlafatsa Morena Ezekiase hore a fete tlokotsing ena. Tumelo ke “bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) E akarelletsa ho talima ka nģ’ane ho se totobetseng. Empa tumelo e thehiloe tsebong. Mohlomong Ezekiase oa hopola hore Jehova o ile a bua mantsoe ana a tšelisang esale pele: “Le se ke la tšoha, Lōna sechaba sa ka se lulang Sione, ka lebaka la Moassyria . . . Etsoe ka mor’a nakoana e seng kae—nyatso e tla be e felile, le bohale ba ka, ha ba fela. Ka sebele Jehova oa mabotho o tla mo tsokela sephali joaloka nakong ea ha Midiane e hlōloa ke lefika Orebe; lere la hae le tla ba leoatleng, ’me ka sebele o tla le phahamisa ka tsela eo a ileng a etsa ka eona ho Egepeta.” (Esaia 10:24-26)c E, batho ba Molimo ba ’nile ba feta maemong a thata pele ho moo. Baholo-holo ba Ezekiase ba ne ba bonahala ba fetoa ke lebotho la Egepeta ka tsela e nyahamisang Leoatleng le Lefubelu. Lilemo tse makholo pele ho moo, Gideone o ne a hlile a fetoa ke Midiane le Amaleke ha li ne li hlasela Iseraele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a lopolla batho ba hae liketsahalong tseo ka bobeli.—Exoda 14:7-9, 13, 28; Baahloli 6:33; 7:21, 22.
17. Joko ea Assyria e “senyeha” joang, hona hobane’ng?
17 Na Jehova o tla pheta seo a ileng a se etsa liketsahalong tseo tse fetileng? E. Jehova oa tšepisa: “Letsatsing leo mojaro oa hae o tla tloha lehetleng la hao, le joko ea hae e tlohe molaleng oa hao, ’me ka sebele joko e tla senyeha ka lebaka la oli.” (Esaia 10:27) Joko ea Assyria e tla tlosoa lehetleng le molaleng oa batho ba Molimo bao a entseng selekane le bona. Ka sebele, joko eo e tla “senyeha”—’me e fela e senyehile! Ka bosiu bo le bong, lengeloi la Jehova le bolaea Baassyria ba 185 000. Tšokelo eo ea tlosoa, ’me Baassyria ba tlohela ruri naheng ea Juda. (2 Marena 19:35, 36) Hobane’ng? “Ka lebaka la oli.” E ka ’na eaba sena se bolela oli e ileng ea sebelisoa ho tlotsa Ezekiase hore e be morena oa lesika la Davida. Kahoo, Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae: “Ka sebele ke tla sireletsa motse ona ho o pholosa ka lebaka la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.”—2 Marena 19:34.
18. (a) Na boprofeta ba Esaia bo phethahala ka makhetlo a fetang le le leng? Hlalosa. (b) Ke mokhatlo ofe oa kajeno o tšoanang le Samaria ea boholo-holo?
18 Tlaleho ea Esaia e tšohloang khaolong ena e bua ka lintho tse etsahetseng Juda lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng. Empa liketsahalo tseo ke tsa bohlokoa haholo kajeno. (Baroma 15:4) Na see se bolela hore mehleng ea kajeno ho na le ba tšoanang le ba phethang karolo e hlaheletseng tlalehong ee e hlollang—e leng baahi ba Samaria le Jerusalema hammoho le Baassyria? E, ho joalo. Joaloka Samaria e rapelang litšoantšo, Bokreste-’mōtoana bo ipolela hore bo rapela Jehova, empa bo koenehile ka ho feletseng. Ho An Essay on the Development of Christian Doctrine, mok’hadinale John Henry Newman oa Roma e K’hatholike, oa lumela hore lintho tseo Bokreste-’mōtoana bo ’nileng ba li sebelisa ka lilemo tse makholo, tse kang libano, likerese, metsi a halalelang, liaparo tsa baruti le litšoantšo, “kaofela ha tsona li simolohile boheteneng.” Jehova ha a khahlisoe ke borapeli ba bohetene ba Bokreste-’mōtoana feela joalokaha a sa ka a khahlisoa ke borapeli ba litšoantšo ba Samaria.
19. Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba lemosoa ka eng, hona bo lemosoa ke bo-mang?
19 Ka lilemo tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lemosa Bokreste-’mōtoana ka lintho tse sa khahliseng Jehova. Ka mohlala, ka 1955, lefatšeng ka bophara ho ile ha fanoa ka puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng “Bokreste-’mōtoana Kapa Bokreste—Ke Hofe Hoo e Leng ‘Leseli la Lefatše’?” Puo eo e ile ea hlalosa ka ho hlaka kamoo Bokreste-’mōtoana bo neng bo khelohile thutong le tšebelisong ea Bokreste ba ’nete kateng. Ka mor’a moo, likopi tsa puo ena e matla li ile tsa romelloa baruti linaheng tse ngata ka poso. E le mokhatlo, Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ho ela hloko temoso eo. Bo etsa hore Jehova a se ke a ba le boikhethelo haese ho bo laea ka “molamu.”
20. (a) Ke eng seo e tla ba Moassyria oa kajeno, hona se tla sebelisoa e le molamu joang? (b) Bokreste-’mōtoana bo tla lauoa ho isa bohōleng bofe?
20 Jehova o tla sebelisa mang hore a laee Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi? Re fumana karabo khaolong ea 17 ea Tšenolo. Moo re tsebisoa ka seotsoa, “Babylona e Moholo,” se emelang malumeli ’ohle a lefatše a bohata, ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana. Seotsoa sena se palame sebata se ’mala o sekareleta se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. (Tšenolo 17:3, 5, 7-12) Sebata sena se emela mokhatlo oa Machaba a Kopaneng.d Feela joalokaha Moassyria oa boholo-holo a ile a timetsa Samaria, sebata sena se ’mala o sekareleta ‘se tla hloea seotsoa ’me se tla se ripitla le ho se hlobolisa, se tla ja linama tsa sona ’me se tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.’ (Tšenolo 17:16) Kahoo, Moassyria oa kajeno (lichaba tse selekaneng le Machaba a Kopaneng) o tla futuhela Bokreste-’mōtoana ’me a bo felise bo se hlole bo e-ba teng.
21, 22. Ke mang ea tla susumelletsa sebata hore se hlasele batho ba Molimo?
21 Na Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li tla timetsoa hammoho le Babylona e Moholo? Che. Molimo o khahlisoa ke tsona. Borapeli bo hloekileng bo tla tsoela pele ho ba teng. Leha ho le joalo, sebata se timetsang Babylona e Moholo se boetse se sheba batho ba Jehova ka meharo. Ka ho etsa joalo, sebata se phethahatsa monahano oa e mong, eseng monahano oa Molimo. Ke mang eena eo? Ke Satane Diabolose.
22 Jehova o senola morero oa Satane oa boikhohomoso: “Letsatsing leo lintho li tla hlaha ka pelong ea hao [Satane], ’me ka sebele u tla nahana morero o mobe; ’me u tla re: ‘Ke tla . . . kena ho ba se nang khathatso, ba lutseng ba sireletsehile, bao kaofela ha bona ba lutseng ho se lerako [le sireletsang] . . . ’ E tla ba bakeng sa ho hapa thepa e ngata le ho tlatlapa haholo.” (Ezekiele 38:10-12) Satane o tla nahana, ‘E, ke hobane’ng ha ke sa hlohlelletse lichaba hore li hlasele Lipaki tsa Jehova? Li ka hlaseleha habonolo, ha lia sireletseha, ebile ha li na tšusumetso ea lipolotiki. Li ke ke tsa e-ba le khanyetso ea letho. Ho tla ba bonolo hakaakang ho li hloibila joaloka mahe sehlaheng se sa sireletsoang!’
23. Ke hobane’ng ha Moassyria oa kajeno a tla sitoa ho etsa batho ba Molimo seo a se etsang ho Bokreste-’mōtoana?
23 Empa, hlokomelang lōna lichaba! Tsebang hore haeba le ama batho ba Jehova, le tla lokela ho ikarabella ho Molimo ka boeena! Jehova o rata batho ba hae, ’me o tla ba loanela feela joalokaha ka sebele a ile a loanela Jerusalema mehleng ea Ezekiase. Ha Moassyria oa kajeno a leka ho felisa bahlanka ba Jehova, ka sebele o tla be a hlile a loantša Jehova Molimo le Konyana, Jesu Kreste. Eo ke ntoa eo Moassyria a ke keng a e hlōla. Bibele e re: “Konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena.” (Tšenolo 17:14; bapisa le Matheu 25:40.) Joaloka Moassyria oa boholo-holo, sebata se ’mala o sekareleta se tla ‘ea timetsong.’ Ha se sa tla hlola se tšajoa.—Tšenolo 17:11.
24. (a) Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa eng bakeng sa ho lokisetsa bokamoso? (b) Esaia o shebela lintho pele haholo joang? (Bona lebokose le leqepheng la 155.)
24 Bakreste ba ’nete ba ka talima bokamoso ba se na tšabo haeba ba boloka kamano ea bona le Jehova e le matla le haeba ba etsa hore ho etsa thato ea hae e be eona ntho e ka sehloohong eo ba amehileng ka eona bophelong. (Matheu 6:33) Joale ha ho hlokahale hore ba “tšabe letho le lebe.” (Pesaleme ea 23:4) Ka mahlo a bona a tumelo, ba tla bona letsoho le matla la Molimo le phahamela holimo, eseng ho ba ahlola, empa ho ba sireletsa ho lira tsa hae. ’Me litsebe tsa bona li tla utloa mantsoe ana a khothatsang: “Le se ke la tšoha.”—Esaia 10:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 203.
b E le hore taba e hlake, ho tšohloa Esaia 10:28-32 pele ho Esaia 10:20-27.
c Bakeng sa ho tšohloa ha Esaia 10:20-23, bona “Esaia o Shebela Lintho Pele Haholo,” leqepheng la 155.
d Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho tsebahatsoa ha seotsoa le sebata se ’mala o sekareleta bo fumaneha khaolong ea 34 le ea 35 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 155, 156]
ESAIA O SHEBELA LINTHO PELE HAHOLO
Khaolo ea 10 ea Esaia e lebisa tlhokomelo ka ho khetheha tseleng eo ka eona Jehova a tlang ho sebelisa tlhaselo ea Assyria ho liha kahlolo holim’a Iseraele le tšepisong ea hae ea ho sireletsa Jerusalema. Kaha temana ea 20 ho ea ho temana ea 23 li fumaneha bohareng ba boprofeta bona, ka kakaretso li ka talingoa e le tse ileng tsa phethahala nakong eona eo. (Bapisa le Esaia 1:7-9.) Leha ho le joalo, mantsoe a sebelisitsoeng ho tsona a bontša hore litemana tsena li sebetsa ka ho khethehileng haholoanyane linakong tsa morao ha Jerusalema le eona e ne e tla lokela ho ikarabella bakeng sa libe tsa baahi ba eona.
Morena Akaze o leka ho fumana tšireletso ka ho retelehela ho Assyria ho kōpa thuso. Moprofeta Esaia o bolela esale pele hore nakong e tlang, baphonyohi ba ntlo ea Iseraele ba ke ke ba hlola ba phehella tsela e se nang kelello joalo. Esaia10:20 e re ba tla “itšetleha ka Jehova, Mohalaleli oa Iseraele, ka ’nete.” Leha ho le joalo, temana ea 21 e bontša hore ke ba seng bakae feela ba tla etsa joalo: “Ho tla khutla masala feela.” Sena se re hopotsa mor’a Esaia, Sheare-jashube, eo e leng pontšo Iseraeleng le eo lebitso la hae le bolelang “Ho Tla Khutla Masala Feela.” (Esaia 7:3) Temana ea 22 khaolong ea 10 e lemosa ka “pheliso” e tlang eo ho entsoeng qeto ka eona. Pheliso e joalo e tla ba e lokileng kahobane ke kotlo e loketseng batho ba marabele. Ka hona, sechabeng se nang le baahi ba bangata se “joaloka lehlabathe la leoatle,” ho tla khutla masala feela. Temana ea 23 e lemosa hore pheliso ena e tlang e tla ama naha eohle. Lekhetlong lena Jerusalema e ke ke ea qeneheloa.
Litemana tsena li hlalosa hantle se ileng sa etsahala ka 607 B.C.E. ha Jehova a ne a sebelisa ’Muso oa Babylona e le “molamu” oa hae. Naha eohle, ho akarelletsa le Jerusalema, e ile ea oela ho mohlaseli eo. Bajuda ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, ba bang—esita le hoja e ne e le “masala feela”—ba ile ba khutla ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema.
Boprofeta bo ho Esaia 10:20-23 bo ile ba phethahala ka ho eketsehileng lekholong la pele la lilemo, joalokaha Baroma 9:27, 28 e bontša. (Bapisa le Esaia 1:9; Baroma 9:29.) Pauluse o hlalosa hore ka kutloisiso ea moea, “masala” a Bajuda a ile a ‘khutlela’ ho Jehova lekholong la pele la lilemo C.E., kaha Bajuda ba seng bakae ba tšepahalang e ile ea e-ba balateli ba Jesu Kreste ’me ba qala ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Hamorao, Balichaba ba lumelang ba ile ba ikopanya le bona, ba etsa sechaba sa moea, “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Mantsoe a ho Esaia 10:20 a ile a phethahala ketsahalong ena: Sechaba se inehetseng ho Jehova ha sea ka sa “hlola” se mo furalla ho ea batla tšehetso mehloling ea batho.
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Sankeribe o nahana hore ho bokella lichaba ho bonolo joaloka ho bokella mahe a ka sehlaheng