Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
    Molula-Qhooa—1989 | January 1
    • Haeba ho joalo, nahana hore na ho ba Mokreste ho bolela eng. Ho latela Bibele, ho ba Mokreste ho akarelletsa ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu Kreste. (1 Petrose 2:21) Hona joale, le hoja ho se pelaelo hore Jesu o ne a rata Molimo, Bibele e totobatsa haholo hore o ne a boetse a o tšaba. Esaia, ha a bua ka mokhoa oa boprofeta ka Jesu, o itse o ne a tla ba le “moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2) Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang tšabo ena e ne e se moroalo ho Jesu. Ha rea lokela ho nahana ka eona e le, tsela e kang eo ngoana a tšabang ntat’ae ea khopo ka eona kapa sechaba se tšosoang ke ’musi ea hatellang ka eona. Ha e le hantle, Esaia o ile a boela a profeta ka Jesu: “O tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:3) U ka thabisoa joang ke ho tšaba motho e mong?

      ’Nete ke hore, ka Bibeleng lentsoe “tšabo” le na le meelelo e mengata e fapaneng hanyenyane. Ho na le tšabo ea sebele kapa ho tlakasela hoo re ho utloang haeba e mong a batla ho re ntša kotsi. Ka hona, makhotla a Baiseraele a ne a ‘tšaba Goliathe haholo.’ (1 Samuele 17:23, 24) Ho boetse ho na le tšabo e bang teng ha ho hlaha ntho e sa lebelloang kapa e sa tsebjoeng, e kang eo Zakaria a ileng a e utloa ha a ne a khahlana ka tšohanyetso le lengeloi la Jehova ka tempeleng. (Luka 1:11, 12) Leha ho le joalo, tšabo eo Jesu a neng a e utloa ho Ntate oa hae e ne e sa tšoane le e ’ngoe ho tsena.

      Ho e-na le hoo, mantsoe a pele-pele a Seheberu le Segerike a sebelisitsoeng ka Bibeleng bakeng sa “tšabo” hangata a bolela tlhompho e tebileng le boikokobetso ho Molimo. Eo ke eona tšabo ea bomolimo eo Jesu a neng a e-na le eona le eo lengeloi le neng le khothaletsa e mong le e mong kajeno ho e hlaolela. Boikokobetso bona ba ho hlompha, kapa tšabo, bo mela ka lipelong tsa rōna ha re thuisa ka boholo le matla tsa Jehova ’me re li bapisa le kamoo re leng lefeela kateng. Boa hōla ha re nahana ka mesebetsi ea hae e matla, ’me bo boetse bo hōlisoa ke ha re nahanisisa ka thapelo ka ’nete ea hore ke Moahloli ea Phahameng, ea nang le matla a ho fana ka bophelo haesita le ho fana ka kotlo ea lefu la ka ho sa feleng.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
    Molula-Qhooa—1989 | January 1
    • Ho Pesaleme ea 19:10 (TLP) rea rutoa: “Ho tšaba Morena ke ntho e hloekileng, e ke keng ea fetoha ho isa khale; likahlolo tsa Morena ke tsa ‘nete, li lōkile tsohle.” Ka hona ha ho letho le fosahetseng ka tšabo ea Molimo. E hloekile ea sireletsa, ’me e etsa hore mohlanka oa Molimo a be matla ho feta lira tsa hae. Joaloka Jesu, Mokreste o fumana khotsofalo tšabong ena ka tsela a tšoanang feela leha a thabela mahlohonolo a mang kaofela a tsoang ho Jehova.—Esaia 11:3.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela