Khaolo ea Leshome le Metso e Mene
Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
1. Buka ea Esaia e shebela lintho pele hakae?
BUKA ea Esaia ea boprofeta e ngotsoe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. nakong ea ha Assyria e hlasela Naha e Tšepisitsoeng. Joalokaha re bone likhaolong tse fetileng tsa buka ea hae, Esaia o bolela esale pele tsela eo liketsahalo li tlang ho etsahala ka eona ka ho nepahala ho hlollang. Leha ho le joalo, buka ena e fetela ka nģ’ane ho nako ea taolo ea Assyria. E bolela esale pele ka ho khutla ha batho ba Jehova ba selekane botlamuoeng linaheng tse ngata, ho akarelletsa le Shinare, e leng sebaka seo Babylona e leng ho sona. (Esaia 11:11) Ho Esaia khaolo ea 13, re fumana boprofeta bo babatsehang boo ho phethahala ha bona ho tlang ho bula tsela bakeng sa ho khutla ho joalo. Boprofeta bona bo kenyelletsoa ka mantsoe ana: “Phatlalatso eo Esaia mora oa Amoze a e boneng ponong khahlanong le Babylona.”—Esaia 13:1.
“Ke Tla Kokobetsa Boikhohomoso”
2. (a) Ezekiase o itsoakanya le Babylona joang? (b) “Pontšo” e tla phahamisoa ke eng?
2 Juda e itsoakanya le Babylona nakong ea bophelo ba Esaia. Morena Ezekiase o kula hampe ’me hamorao oa hlaphoheloa. Manģosa a tsoang Babylona aa tla ho tla mo lebohela ha a hlaphohetsoe, mohlomong ka sekhukhu a rerile ho hoka-hoka Ezekiase hore a etse selekane le ’ona ha a loantša Assyria. Ka booatla, Morena Ezekiase o a bontša matlotlo ’ohle a hae. Ka hona, Esaia o bolella Ezekiase hore ka mor’a lefu la morena, leruo leo lohle le tla isoa Babylona. (Esaia 39:1-7) Sena se phethahala ka 607 B.C.E. ha Jerusalema e ripitloa ’me sechaba se isoa botlamuoeng. Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba khethiloeng ha ba na ho lula Babylona ka ho sa feleng. Jehova o bolela esale pele kamoo a tlang ho bula tsela ea hore ba khutlele ha habo bona kateng. Oa qala: “Phahamisang pontšo holim’a mafika a se nang letho. Ba phahamisetseng mantsoe, tsokang matsoho, hore ba tle menyakong ea bahlomphehi.” (Esaia 13:2) “Pontšo” ke ’muso oa lefatše o hlahellang o tlang ho tlosa Babylona sebakeng sa eona se phahameng. E tla phahamisoa “holim’a mafika a se nang letho”—moo e bonahalang ntle ho tšitiso motho a sa le thōko. ’Muso oo o mocha oa lefatše o bitselitsoeng ho ea hlasela Babylona, o tla kena ka mahahapa “menyakong ea bahlomphehi,” e leng likhorong tsa motse oo o moholo, ’me o tla o hlōla.
3. (a) Ke bo-mang “ba halalelitsoeng” bao Jehova a tlang ho ba phahamisa? (b) Ke ka kutloisiso efe mabotho a bohetene a “halalelitsoeng”?
3 Joale Jehova o re: “Ke ntšitse taelo e eang ho ba halalelitsoeng ba ka. Ke boetse ke bitsitse ba matla ba ka bakeng sa ho bontša bohale ba ka, ba thabileng ba ka ka tsela e totobetseng. Mamelang! Bongata lithabeng, ho hong ho kang batho ba bangata! Mamelang! Moferefere oa mebuso, oa lichaba tse bokaneng! Jehova oa mabotho o khobokanya lebotho la ntoa.” (Esaia 13:3, 4) Ke bo-mang baa “ba halalelitsoeng” ba khethetsoeng ho kokobetsa Babylona e ikhohomosang? Ke mabotho a ikopantseng a lichaba, “lichaba tse bokaneng.” Ba futuhela Babylona ba tsoa sebakeng se hōle se lithaba. “Ba tsoa naheng e hōle, pheletsong ea maholimo.” (Esaia 13:5) Ke ka kutloisiso efe ba halalelitsoeng? Ka sebele hase ka kutloisiso ea hore baa halalela. Ke mabotho a bohetene a se nang thahasello ea ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ka Mangolong a Seheberu, ‘ho halaletsoa’ ho bolela “ho khetheloa ho sebelisoa ke Molimo.” Jehova a ka halaletsa mabotho a lichaba ’me a sebelisa litakatso tsa tsona tsa boithati ho bonahatsa khalefo ea hae. O ile a sebelisa Assyria ka tsela ena. O tla sebelisa Babylona ka tsela e tšoanang. (Esaia 10:5; Jeremia 25:9) ’Me o tla sebelisa lichaba tse ling hore li otle Babylona.
4, 5. (a) Jehova o bolela eng esale pele ka Babylona? (b) Ba hlaselang Babylona ba tla lokela ho sebetsana le eng?
4 Babylona ha e e-s’o be ’muso o hlaheletseng oa lefatše. Leha ho le joalo, ha Jehova a sebelisa Esaia ho fana ka phatlalatso, o bona esale pele nako eo ka eona e tla ba boemong boo, ’me o bolela ho oa ha eona esale pele. O re: “Bokollang, kaha letsatsi la Jehova le haufi! Le tla tla joaloka ho tlatlapa ha Ea Matla ’Ohle.” (Esaia 13:6) E, ho ithorisa ha Babylona ho tla nkeloa sebaka ke seboko sa mahlomola. Hobane’ng? Ka lebaka la “letsatsi la Jehova,” letsatsi leo ka lona Jehova a lihang kahlolo khahlanong le eona.
5 Leha ho le joalo, Babylona e tla tlatlapuoa joang? Ha nako ea Jehova ea hore sena se etsahale e fihla, motse o tla bonahala o sireletsehile. Mabotho a hlaselang a tla lokela ho sebetsana pele le Nōka ea Eufrate e fanang ka tšireletso ea tlhaho, e phallang har’a motse ’me e kheloha ho tlatsa foro e khōlōhali e fanang ka tšireletso le ho fepela motse ka metsi a nooang. Joale ho tla be ho setse marako a maholohali a Babylona a hlahlamantsoeng, a bonahalang e le a sa keneheng. Ho feta moo, ho tla bokelloa lijo tse ngata motseng. Buka e reng Daily Bible Illustrations e bolela hore Naboniduse—e leng morena oa ho qetela oa Babylona—“o ne a ikitlaelitse ka matla ho bokella lijo motseng, ’me ho ne ho nahanoa hore ho na le [lijo] tse lekaneng ho fepa baahi ka lilemo tse mashome a mabeli.”
6. Ke eng e tla etsahala ka tšohanyetso ha Babylona e hlaseloa joalokaha ho boletsoe esale pele?
6 Leha ho le joalo, ponahalo e ka ba e thetsang. Esaia o re: “Ke ka lebaka leo matsoho ’ohle a tla tepella, ’me pelo eohle ea motho ea shoang e tla qhibiliha. Batho ba khathatsehile. Ba tšoeroe ke ho tsitsipana le bohloko ba pelehi; ba na le bohloko ba pelehi ho tšoana le mosali ea belehang. Ba shebana ka ho makala. Lifahleho tsa bona ke lifahleho tse fubileng.” (Esaia 13:7, 8) Ha mabotho a hlōlang a hlasela motse, boiketlo ba baahi ba oona bo tla nkeloa sebaka ke bohloko bo tlang ka tšohanyetso le bo tebileng joaloka ba mosali ea belehang. Lipelo tsa bona li tla qhibilihisoa ke tšabo. Ba robehile litho, matsoho a bona a tla tepella, ba sitoe ho itšireletsa. Lifahleho tsa bona e tla ba tse “fubileng” ka lebaka la tšabo le tsieleho. Ba tla shebana ka ho makala, ba ipotsa hore na ke joang motse oa bona o moholo o ka oang.
7. “Letsatsi la Jehova” le tlang ke lefe, hona liphello e tla ba life ho Babylona?
7 Leha ho le joalo, ruri e tla oa. Babylona e tla tobana le letsatsi la ho ikarabella, “letsatsi la Jehova,” leo ka sebele e tlang ho ba le mahlonoko. Moahloli ea phahameng ka ho fetisisa o tla bonahatsa khalefo ea hae ’me o tla tlisa kahlolo e loketseng holim’a baahi ba Babylona ba baetsalibe. Boprofeta bo re: “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla, le sehlōhō ka lebaka la khalefo le bohale bo tukang, e le ho etsa hore naha e be ntho e makalloang, le hore le ka felisa baetsalibe ba naha eo.” (Esaia 13:9) Tebello ea Babylona ke e lerootho. Ho joalokaha eka letsatsi, khoeli le linaleli kaofela li khaotsa ho hlahisa leseli. “Etsoe linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona tsa linaleli tsa Kesile li ke ke tsa khanya; letsatsi le tla fifala ha le hlaha, le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona.”—Esaia 13:10.
8. Ke hobane’ng ha Jehova a laela hore Babylona e oe?
8 Ke hobane’ng ha motse oo o ikakasang o tleloa ke qetello e joalo? Jehova o re: “Ka sebele ke tla tlisa tefetso naheng bakeng sa bobe ba eona, ’me ke tlise tefetso ho ba khopo bakeng sa bobe ba bona. Ke tla felisa boikakaso ba ba iketelletsang pele, ’me ke tla kokobetsa boikhohomoso ba bahatelli.” (Esaia 13:11) Ho tšolloa ha khalefo ea Jehova e tla ba kotlo bakeng sa sehlōhō seo Babylona e se bontšitseng ho batho ba Molimo. Naha eohle e tla hlokofatsoa ka lebaka la bobe ba Bababylona. Bahatelli bana ba ikakasang ha ba sa tla hlola ba hlompholla Jehova pepenene!
9. Babylona e letetsoe ke eng letsatsing la Jehova la kahlolo?
9 Jehova o re: “Ke tla etsa hore motho ea shoang a fumanehe ka seoelo joaloka khauta e hloekisitsoeng, le motho oa lefatše a fumanehe ka seoelo joaloka khauta ea Ofire.” (Esaia 13:12) E, motse o tla fetoha lesupi, o hloke baahi. Jehova o tsoela pele: “Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore leholimo le tsukutlehe, ’me lefatše le tla reketla sebakeng sa lona ka lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho le letsatsing la bohale ba hae bo tukang.” (Esaia 13:13) “Leholimo” la Babylona, e leng melimo le melimotsana ea eona e mengata, le tla tsukutleha, le sitoe ho thusa motse oo nakong eo ka eona o hlokang thuso. “Lefatše,” e leng ’Muso oa Babylona, le tla tlosoa sebakeng sa lona ke ho reketla, le sale e le pale feela ea ’muso o mong o kileng oa e-ba teng. “Joaloka tšephe e lelekoang le joaloka mohlape oo ho seng ea o bokellang, ba tla khutla, e mong le e mong a ee ho batho ba habo; ’me ba tla baleha, e mong le e mong a ee naheng ea habo.” (Esaia 13:14) Linaha tse ling kaofela tse tšehetsang Babylona li tla e furalla li balehe, li tšepile ho theha likamano tse ncha le ’muso o hlōlang oa lefatše. Qetellong Babylona e tla utloa mahlomola a ho ba motse o hlōtsoeng, e leng mahlomola ao e ’nileng ea a bakela metse e meng e mengata matsatsing a khanya ea eona: “E mong le e mong ea fumanoang o tla hlajoa, ’me e mong le e mong ea tšoaroang o tla oa ka lerumo; bana ba bona ba tla robakanngoa ka pel’a mahlo a bona. Matlo a bona a tla nkeloa thepa ka mahahapa, le basali ba bona ba tla betoa.”—Esaia 13:15, 16.
Kofuto ea Molimo ea Timetso
10. Jehova o tla sebelisa mang ho hlōla Babylona?
10 Jehova o tla sebelisa ’muso ofe ho liha Babylona? Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Jehova o senola karabo: “Bonang! ke hlahisa Bamede khahlanong le bona, ba nkang silevera e se letho le ba sa khahloeng ke khauta. Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana. Ba ke ke ba hauhela litholoana tsa mpa; mahlo a bona a ke ke a utloela bara bohloko. Babylona, mokhabiso oa mebuso, botle ba khanya ea Bakalde, e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora.” (Esaia 13:17-19) Babylona e khanyang e tla oa, ’me kofuto ea Jehova ea ho etsa sena e tla ba mabotho a tsoang naheng e hōle, e lithaba ea Media.a Qetellong, Babylona e tla fetoha lesupi joaloka metse e tletseng boitšoaro bo hlephileng haholo ea Sodoma le Gomora.—Genese 13:13; 19:13, 24.
11, 12. (a) Media e fetoha ’muso oa lefatše joang? (b) Ke tšobotsi efe e sa tloaelehang eo boprofeta bo e bolelang ka mabotho a Media?
11 Mehleng ea Esaia, Media le Babylona ka bobeli li tlas’a khatello ea Assyria. Lilemo tse ka bang lekholo hamorao, ka 632 B.C.E., Media le Babylona lia ikopanya ’me li liha Ninive, e leng motse-moholo oa Assyria. Sena se bulela Babylona monyetla oa hore e fetohe ’muso oa lefatše o hlaheletseng. Ha e hlokomele hore lilemo tse ka bang 100 hamorao, Media e tla e timetsa! Ke mang haese Jehova Molimo feela ea ka bolelang seo ka sebete se joalo esale pele?
12 Ha a tsebahatsa kofuto eo a khethileng ho timetsa ka eona, Jehova o re mabotho a Media ‘a nka silevera e se letho hape ha a khahloe ke khauta.’ Ke tšobotsi e sa tloaelehang hakaakang ho masole a seng a tiile lipelo ke ntoa! Setsebi sa Bibele Albert Barnes se re: “Ka sebele, e bile mabotho a seng makae feela a hlaselang a neng a sa susumetsoe ke tebello ea khapo.” Na mabotho a Media a pakahatsa Jehova e le ea buileng ’nete tabeng ee? E. Nahana ka tlhaloso ena e fumanoang ho The Bible-Work, e hlophisitsoeng ke J. Glentworth Butler: “Ho fapana le lichaba tse ling tse ngata tse kileng tsa loana, Bamede, ’me ka ho khetheha Bapersia, ba ne ba sa nke khauta e le ea bohlokoa joaloka ho fumana tlhōlo le khanya.”b Ha ho talingoa sena, hase ho makatsang hore ebe ha ’musi oa Persia, Cyruse, a lokolla Baiseraele botlamuoeng Babylona, o ba buseletsa lijana tse likete tsa khauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a li hapile tempeleng e Jerusalema.—Esdrase 1:7-11.
13, 14. (a) Le hoja ba sa thahaselle khapo, ke eng seo bahlabani ba Bamede le Bapersia ba batlang botumo ka sona? (b) Cyruse o hlōla tšireletso eo Babylona e ithorisang ka eona joang?
13 Le hoja bahlabani ba Bamede le Bapersia ba se na takatso e kaalo ea khapo, ba batla botumo. Ha baa ikemisetsa ho ba ka tlaase ho sechaba leha e le sefe se seng lefatšeng. Ho feta moo, Jehova o kenya “ho tlatlapa” lipelong tsa bona. (Esaia 13:6) Kahoo, ka liqha tsa bona tsa tšepe—tse ke keng tsa sebelisetsoa ho fula metsu feela empa le ho otla le ho ripitla masole a lireng, e leng bana ba bo-’mè ba Bababylona—ba ikemiselitse ho hlōla Babylona.
14 Moeta-pele oa mabotho a Medo-Persia, Cyruse, ha a nyahamisoe ke tšireletso ea Babylona. Bosiung ba la 5/6, October, 539 B.C.E., o laela hore metsi a Nōka ea Eufrate a khelosoe. Ha metsi a ntse a theoha, bahlaseli ba kena ka lenyele motseng, ba tsamaea ka har’a nōka metsi a ba khutla linokeng. Baahi ba Babylona ba hlahuoa lesumatha, ’me Babylona ea oa. (Daniele 5:30) Jehova Molimo o bululela Esaia ho profeta liketsahalo tsena, o tlosa khoao eohle ea hore ke Eena ea laolang litaba.
15. Babylona e letetsoe ke bokamoso bofe?
15 Timetso ea Babylona e tla ba e feletseng hakaakang? Mamela phatlalatso ea Jehova: “E ke ke ea hlola e e-ba le baahi, kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong. Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae moo, ’me ha ho balisa ba tla bothisa mehlape ea bona moo. Ka sebele baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla robala teng, ’me matlo a bona a tla tlala bo-makhohlo. Limpshe li tla lula teng, ’me bademona ba nang le sebōpeho sa pōli ba tla tlōla-tlōla teng. Liphokojoe li tla lla litoreng tsa eona tsa bolulo, ’me noha e khōlō e be matlong a ’muso a thabo e phethehileng. Nako ea eona e haufi, ’me matsatsi a eona a ke ke a chechisetsoa morao.” (Esaia 13:20-22) Motse oo o tla fetoha lesupi ka ho feletseng.
16. Boemo ba Babylona hona joale bo re kholisa ka eng?
16 Sena ha sea ka sa etsahala hang-hang ka 539 B.C.E. Leha ho le joalo, kajeno ho hlile ho hlakile hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Esaia a ileng a e bolela esale pele ka Babylona e bile ’nete. Mohlalosi e mong oa Bibele o bolela hore Babylona “hona joale, ebile e se e le ka lilemo tse makholo, ke lesupi le nammeng le qubu ea lithako.” Joale oa phaella: “Ha ho kamoo motho a ka bonang pono ena ’me a se ke a hopola kamoo boprofeta ba Esaia le Jeremia bo phethahetseng ka nepo kateng.” Ka ho hlakileng, ha ho motho mehleng ea Esaia ea neng a ka bolela ho oa ha Babylona esale pele le ho qetella ha eona e le lesupi. Ho feta moo, ho oela ha Babylona ho Bamede le Bapersia ho etsahetse lilemong tse ka bang 200 ka mor’a hore Esaia a ngole buka ea hae! ’Me e ile ea qetella e fetohile lesupi lilemo tse makholo hamorao. Na see ha se matlafatse tumelo ea rōna ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng? (2 Timothea 3:16) Ho feta moo, kaha Jehova o ile a phethahatsa boprofeta nakong e fetileng, re ka ba le kholiseho e feletseng ea hore boprofeta ba Bibele bo e-s’o phethahale bo tla phethahala ka nako ea Molimo e loketseng.
“Phomolo Bohlokong ba Hao”
17, 18. Ho hlōloa ha Babylona ho tla bolela litlhohonolofatso life ho Iseraele?
17 Ho oa ha Babylona e tla ba thuso ho Iseraele. Ho tla bolela ho lokolloa botlamuoeng le ho ba le monyetla oa ho khutlela Naheng e Tšepisitsoeng. Kahoo, joale Esaia o re: “Jehova o tla bontša Jakobo mohau, ’me o sa ntse a tla khetha Baiseraele; o tla ba fa phomolo naheng ea bona, ’me mojaki o tla kopanngoa le bona, ’me ba ikamahanye le ntlo ea Jakobo. Lichaba li tla ba nka li ba tlise sebakeng sa bona, ’me ntlo ea Iseraele e tla inkela tsona e le leruo naheng ea Jehova e le bahlanka le makhabunyane; ba tla fetoha baholehi ba ba ba tšoereng e le baholehuoa, ’me ba tla laola ba neng ba ba qobella ho sebetsa.” (Esaia 14:1, 2) Mona “Jakobo” e bolela Iseraele ka kakaretso—meloko eohle e 12. Jehova o tla bontša “Jakobo” mohau ka ho lumella sechaba ho khutlela naheng ea habo sona. Ba tla tsamaea le basele ba likete, bao ba bangata ba bona ba tlang ho sebeletsa Baiseraele e le bahlanka tempeleng. Baiseraele ba bang ba tla be ba laole bao e neng e le baholehi ba bona pele.c
18 Mahlomola a ho phela botlamuoeng a tla be a felile. Ho e-na le hoo, Jehova o tla fa batho ba hae “phomolo bohlokong ba [bona] le pherekanong ea [bona] le bokhobeng bo boima boo [ba] neng [ba] entsoe [makhoba] tlas’a bona.” (Esaia 14:3) E imolotsoe boimeng ba mesebetsi ea bokhoba, Iseraele ha e sa tla hlola e utloisoa bohloko le hona ho ferekanngoa ke ho phela har’a barapeli ba melimo ea bohata. (Esdrase 3:1; Esaia 32:18) Ha e bua ka sena, buka e reng Lands and Peoples of the Bible e re: “Ho Mobabylona melimo ea hae e ne e tšoana le eena, litšobotsing tsohle tse mpe tsa botho ba hae. Melimo eo e ne e le makoala, matahoa e bile e fokola kelellong.” Ke ho khathollang hakaakang ho tsoa tikolohong e mpe joalo ea bolumeli!
19. Ho hlokahala eng e le hore Iseraele e tle e fumane tšoarelo ea Jehova, ’me re ithuta eng ho see?
19 Leha ho le joalo, mohau oa Jehova o na le moeli. Batho ba hae ba tlameha ho bontša hore ba soabetse bokhopo ba bona, bo entseng hore Molimo a ba fe kotlo e boima joalo. (Jeremia 3:25) Boipolelo ba ’nete, bo tlohang pelong bo tla tlisa tšoarelo ea Jehova. (Bona Nehemia 9:6-37; Daniele 9:5.) Molao-motheo ona o ntse o sebetsa le kajeno. Kaha “ha ho na motho ea sa etseng sebe,” kaofela ha rōna re hloka mohau oa Jehova. (2 Likronike 6:36) Ka lerato, Jehova, Molimo ea mohau o re mema hore re ipolele libe ho eena, re bake, ’me re khaotse tsela leha e le efe e fosahetseng, e le hore re ka fola. (Deuteronoma 4:31; Esaia 1:18; Jakobo 5:16) Sena ha se re thuse feela hore re boele re be ba amohelehang ho eena empa se boetse sea re tšelisa.—Pesaleme ea 51:1; Liproverbia 28:13; 2 Bakorinthe 2:7.
‘Polelo ea Maele’ Khahlanong le Babylona
20, 21. Baahisani ba Babylona ba thabela ho oa ha eona joang?
20 Lilemo tse fetang 100 pele Babylona e phahama ho ba ’muso oa lefatše o hlaheletseng, Esaia o bolela esale pele kamoo lefatše le tlang ho itšoara kateng ha e oa. Ka boprofeta, o laela Baiseraele ba lokolotsoeng ho beng batlamuoa ba hae: “U tla hlahisa polelo ena ea maele khahlanong le morena oa Babylona ’me u re: ‘Ea qobellang ba bang ho sebetsa o khaolitse hakaakang, khatello e khaolitse hakaakang! Jehova o robile molamu oa ba khopo, lere la babusi, ea otlang lichaba ka khalefo ka chapo a sa phetse, ea kokobetsang lichaba ka bohale bo feletseng ka mahloriso a sa thijoeng.’” (Esaia 14:4-6) Babylona e ikahetse botumo ba ho ba mohlōli, mohatelli ea etsang batho ba lokolohileng makhoba. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe ho oa ha eona ho ketekoa ka ‘polelo ea maele’ e lebisitsoeng ka ho khetheha lesikeng la babusi la Babylona—ho qala ka Nebukadnezare ho isa ho Naboniduse le Belshazare—le ileng la rena mehleng ea khanya ea motse oo o moholo!
21 Ho oa ha eona ho tla etsa phapang e kaakang! “Lefatše lohle le phomotse, ha le khathatsoe. Batho ba nyakaletse ka mehoo ea thabo. Le lifate tsa junipere li u thabetse, likedare tsa Lebanone, li re, ‘Haesale u robala, ha ho moremi oa lehong ea re futuhetseng.’” (Esaia 14:7, 8) Ho babusi ba Babylona, marena a lichaba tse e potolohileng a ne a tšoana le lifate tse lokelang ho rengoa le ho sebelisetsoa merero ea bona. Ha e le hantle, tseo tsohle li felile. Moremi oa Babylona o remile sefate sa hae sa ho qetela!
22. Ka kutloisiso ea thothokiso, Sheole e angoa ke ho oa ha lesika la babusi la Babylona joang?
22 Ho oa ha Babylona ke ho makatsang hoo lebitla ka bolona le makalang: “Esita le Sheole ka tlaase e tsukutlehile ka lebaka la hao e le hore e u khahlanyetse ha u kena. Ka lebaka la hao e tsositse ba se nang matla lefung, baeta-pele bohle ba lefatše ba kang lipōli. E entse hore marena ’ohle a lichaba a eme literoneng tsa ’ona. Kaofela ha ’ona aa bua a re ho uena, ‘Na le uena u fokolisitsoe joaloka rōna? Na u entsoe hore u tšoane le rōna? Khanya ea hao e theoletsoe Sheole, molumo o moholo oa liletsa tsa hao tse likhoele. Tlas’a hao, tšenyane e phutholotsoe joaloka setulo se kang bethe; ’me libōkō ke seaparo sa hao.’” (Esaia 14:9-11) Ke setšoantšo se matla hakaakang sa thothokiso! Ho joalokaha eka lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho le ka tsosa bafung marena ’ohle a eteletseng pele lesika la babusi la Babylona lefung hore a khahlametse enoa e mocha ea fihlang. A soma ’muso o busang oa Babylona, oo hona joale, o rapaletseng betheng e nang le tšenyane ho fapana le betheng e theko e boima, e koahetsoeng ke libōkō ho fapana le lilakane tse theko e boima.
“Joaloka Setopo se Hataketsoeng”
23, 24. Marena a Babylona a bontša ho iphahamisa ho feteletseng joang?
23 Esaia o tsoela pele ka polelo ea maele: “U oele hakaakang leholimong, uena ea khanyang, mora oa mafube! U lihetsoe hakaakang lefatšeng, uena ea neng a holofatsa lichaba!” (Esaia 14:12) Boikhohomoso ba boithati bo susumelletsa marena a Babylona ho iphahamisetsa a mang a a potolohileng. Joaloka naleli e khanyang ka ho hlaka sepakapakeng ka meso, a khantša matla a ’ona le bolaoli ba ’ona. Lebaka le ka sehloohong la boikhohomoso bona ke hobane Nebukadnezare o hlōtse Jerusalema, e leng seo Assyria e ileng ea sitoa ho se finyella. Polelo ea maele e hlalosa ha lesika la babusi le ikhohomosang la Babylona le re: “Ke tla nyolohela maholimong. Ke tla phahamisetsa terone ea ka holim’a linaleli tsa Molimo, ’me ke tla lula thabeng ea pokano, likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea. Ke tla nyolohela libakeng tse phahameng tsa maru; ke tla iketsa hore ke tšoane le Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Esaia 14:13, 14) Na ho na le ntho leha e le efe e bontšang tello e fetang eo?
24 Ka Bibeleng marena a lesika la Davida a tšoantšoa le linaleli. (Numere 24:17) Ho qala ka Davida ho ea pele, “linaleli” tseo li ile tsa busa li le Thabeng ea Sione. Ka mor’a hore Solomone a hahe tempele Jerusalema, lebitso Sione le ile la sebelisoa ho bolela motse oohle. Tlas’a selekane sa Molao, Baiseraele bohle ba batona ba ne ba tlameha ho ea Sione hararo ka selemo. Ka hona, e ile ea fetoha ‘thaba ea pokano.’ Ka ho ikemisetsa ho kokobetsa marena a Juda le ho a tlosa thabeng eo, Nebukadnezare o phatlalatsa hore o ikemiselitse ho ipeha ka holimo ho “linaleli” tseo. Ha a tlotlise Jehova ka ho li hlōla ha hae. Ho e-na le hoo, ha e le hantle ka boiphahamiso o ipeha sebakeng sa Jehova.
25, 26. Lesika la babusi la Babylona le tleloa ke qetello e tlotlollang joang?
25 Lesika le ikhohomosang la babusi ba Babylona le letetsoe ke phetoho e kaakang! Babylona e hōle haholo le ho phahamisetsoa ka holimo ho linaleli tsa Molimo. Ho fapana le hoo, Jehova o re: “U tla theoleloa Sheole, likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa sekoti. Ba u bonang ba tla u talima; ba tla u hlahlobisisa, ba re, ‘Na enoa ke eena monna ea neng a ferekanya lefatše, ea neng a etsa hore mebuso e reketle, ea entseng hore naha e behang e be joaloka lefeella le ea lihileng metse ea eona, ea sa kang a bulela batšoaruoa ba hae tsela e lebang hae?’” (Esaia 14:15-17) Lesika leo la babusi le batlang botumo le tla theohela Hadese (Sheole), joaloka motho leha e le ofe.
26 Joale, o tla be o le kae ’muso o ileng oa hlōla mebuso, oa senya naha e behang litholoana le ho liha metse e se nang palo? O tla be o le kae ’muso oa lefatše o ileng oa isa batho botlamuoeng ’me ho se mohla o ba lumellang ho khutlela ha habo bona? Ka hona, lesika la babusi la Babylona ha le na ho etsetsoa le lepato le hlomphehang feela! Jehova o re: “Marena a mang ’ohle a lichaba, e, kaofela ha ’ona, a robetse ka khanya, e mong le e mong ka tlung ea hae. Empa ha e le uena, u lahliloe ho se sebaka sa lepato bakeng sa hao, joaloka lehlōmela le hloiloeng, u apesitsoe banna ba bolailoeng ba hlabiloeng ka sabole ba theohelang majoeng a sekoti, joaloka setopo se hataketsoeng. U ke ke ua kopanngoa le bona lebitleng, hobane u sentse naha ea heno, u bolaile batho ba heno. Bana ba baetsi ba bobe ba ke ke ba e-ba le mabitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 14:18-20) Lefatšeng la boholo-holo, ho ne ho nkoa e le ntho e hlabisang lihlong hore morena a se ke a patoa ka tsela e hlomphehang. Kahoo, ho thoe’ng ka lesika la borena la Babylona? Ke ’nete hore mohlomong marena a mang a patiloe ka tsela e hlomphehang, empa lesika le busang la marena a tsoileng ho Nebukadnezare le lahloa “joaloka lehlōmela le hloiloeng.” Ho tšoana le ha lesika leo la babusi le lahleloa ka lebitleng le sa tšoauoang—joaloka lesole feela tjee le tsamaeang ka maoto le bolaoang ntoeng. Ke tlotlollo e kaakang!
27. Ke ka tsela efe meloko e tlang ea Bababylona e utloang bohloko ka lebaka la phoso ea baholo-holo ba eona?
27 Polelo ea maele e phethela ka ho fana ka litaelo tsa ho qetela ho Bamede le Bapersia ba hlōlang: “Lokisang lehong leo ho bolaeloang ho lona bakeng sa bara ba hae ka lebaka la phoso ea baholo-holo ba bona, e le hore ba se ke ba phahama ’me ba rua lefatše ’me ba tlatsa naha e behang ka metse.” (Esaia 14:21) Ho oa ha Babylona e tla ba ha ka ho sa feleng. Lesika la babusi la Babylona le tla fotholoa ka metso. Le ke ke la hlola le tsosolosoa. Meloko e tlang ea Bababylona e tla utloa bohloko ka lebaka la ‘phoso ea baholo-holo ba eona.’
28. Motso oa sebe sa marena a Babylona e ne e le ofe, hona re ithuta eng ho see?
28 Kahlolo e fanoang khahlanong le lesika la babusi la Babylona e re ruta thuto ea bohlokoa. Motso oa sebe sa marena a Babylona e ne e le ho tsoela botumo pelo. (Daniele 5:23) Lipelo tsa ’ona li ne li tletse takatso ea ho ba le matla. A ne a batla ho hatella ba bang. (Esaia 47:5, 6) ’Me a ne a labalabela tlotla e tsoang ho batho, eo ka tšoanelo e lokelang ho isoa ho Molimo. (Tšenolo 4:11) Ena ke temoso ho leha e le mang ea nang le matla a ho laela—esita le ka phuthehong ea Bokreste. Ho rata botumo le boikhohomoso ba boithati ke litšobotsi tseo Jehova a ke keng a li mamella, ebang ke ho batho ka bomong kapa ho lichaba.
29. Boikhohomoso le ho rata botumo ha babusi ba Babylona ho ile ha bonahatsa eng?
29 Boikhohomoso ba babusi ba Babylona bo ile ba bonahatsa moea oa “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” e leng Satane Diabolose. (2 Bakorinthe 4:4) Le eena o labalabela matla ’me o batla ho ipeha ka holimo ho Jehova Molimo. Joalokaha ho bile joalo boemong ba morena oa Babylona le ba batho bao a neng a ba laola, ho rata botumo ho sa hloekang ha Satane ho tliselitse moloko oohle oa batho mesarelo le mahlomola.
30. Ke Babylona efe e ’ngoe e boletsoeng ka Bibeleng, hona e bontšitse moea ofe?
30 Ho feta moo, bukeng ea Tšenolo, re bala ka Babylona e ’ngoe—“Babylona e Moholo.” (Tšenolo 18:2) Mokhatlo ona, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, le oona o bonahalitse moea oa boikhohomoso, oa khatello le sehlōhō. Ka hona, le eona e lokela ho talimana le “letsatsi la Jehova” le timetso ka nako ea Molimo e loketseng. (Esaia 13:6) Ho tloha ka 1919 ho ’nile ha fanoa ka molaetsa lefatšeng ho pota: “Babylona e Moholo o oele!” (Tšenolo 14:8) Ha e se e sitoa ho boloka batho ba Molimo ba le botlamuoeng, e ile ea oa. Haufinyane e tla timetsoa ka ho feletseng. Ka Babylona ea boholo-holo, Jehova o ile a laela: “E buseletseng ho ea ka mosebetsi oa eona. Ho ea ka sohle seo e se entseng, le e etse joalo. Etsoe e iketelelitse pele khahlanong le Jehova, khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele.” (Jeremia 50:29; Jakobo 2:13) Babylona e Moholo e tla fumana kahlolo e tšoanang.
31. Ho tla etsahala eng haufinyane ka Babylona e Moholo?
31 Kahoo, mantsoe a Jehova a qetellang boprofeteng bona ba buka ea Esaia ha a sebetse ho Babylona ea boholo-holo feela empa a boetse a sebetsa le ho Babylona e Moholo: “Ke tla ba tsohela matla, . . . Ke tla tlosa lebitso le masala le bana le litloholo Babylona . . . Ke tla mo etsa se ruiloeng ke linōkō le matamo a nang le lehlaka, ’me ke tla mo fiela ka lefielo la pheliso.” (Esaia 14:22, 23) Lithako tsa Babylona ea boholo-holo tseo e seng e le lesupi li bontša seo Jehova a tlang ho se etsa haufinyane ka Babylona e Moholo. Hoo ke ho tšelisang hakaakang ho ba ratang borapeli ba ’nete! Ke khothatso e kaakang ea hore re loanele hore le ka mohla re se lumelle litšobotsi tsa bosatane tsa boikhohomoso, boiphahamiso, kapa ho ba sehlōhō ho hōla ka hare ho rōna!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Esaia o qoolla Bamede feela ka lebitso, empa lichaba tse ling tse ’maloa li tla kena selekaneng ho loantša Babylona—Media, Persia, Elame le lichaba tse ling tse nyenyane. (Jeremia 50:9; 51:24, 27, 28) Lichaba tse ling tsa boahisani li bitsa Bamede hammoho le Bapersia “Bamede.” Ho feta moo, mehleng ea Esaia, Media ke ’muso o hlaheletseng. Ke feela tlas’a puso ea Cyruse moo Persia e fetohang ’muso o hlaheletseng.
b Leha ho le joalo, ho bonahala eka hamorao Bamede le Bapersia ba ile ba e-ba le lerato le matla la mabothobotho.—Esthere 1:1-7.
c Ka mohlala, Daniele o ile a khetheloa ho ba ofisiri e khōlō Babylona tlas’a puso ea Bamede le Bapersia. ’Me lilemo tse ka bang 60 hamorao, Esthere e ile ea e-ba mofumahali oa Morena Assueruse oa Persia, ’me Mordekai ea e-ba tona-khōlō ea ’Muso oohle oa Persia.
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Babylona e oeleng e tla fetoha sebaka seo liphoofolo tsa lehoatateng li sollang ho sona
[Litšoantšo tse leqepheng la 186]
Joaloka Babylona ea boholo-holo, Babylona e Moholo e tla fetoha qubu ea lithako