Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • Kofuto ea Molimo ea Timetso

      10. Jehova o tla sebelisa mang ho hlōla Babylona?

      10 Jehova o tla sebelisa ’muso ofe ho liha Babylona? Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Jehova o senola karabo: “Bonang! ke hlahisa Bamede khahlanong le bona, ba nkang silevera e se letho le ba sa khahloeng ke khauta. Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana. Ba ke ke ba hauhela litholoana tsa mpa; mahlo a bona a ke ke a utloela bara bohloko. Babylona, mokhabiso oa mebuso, botle ba khanya ea Bakalde, e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora.” (Esaia 13:17-19) Babylona e khanyang e tla oa, ’me kofuto ea Jehova ea ho etsa sena e tla ba mabotho a tsoang naheng e hōle, e lithaba ea Media.a Qetellong, Babylona e tla fetoha lesupi joaloka metse e tletseng boitšoaro bo hlephileng haholo ea Sodoma le Gomora.—Genese 13:13; 19:13, 24.

  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 11, 12. (a) Media e fetoha ’muso oa lefatše joang? (b) Ke tšobotsi efe e sa tloaelehang eo boprofeta bo e bolelang ka mabotho a Media?

      11 Mehleng ea Esaia, Media le Babylona ka bobeli li tlas’a khatello ea Assyria. Lilemo tse ka bang lekholo hamorao, ka 632 B.C.E., Media le Babylona lia ikopanya ’me li liha Ninive, e leng motse-moholo oa Assyria. Sena se bulela Babylona monyetla oa hore e fetohe ’muso oa lefatše o hlaheletseng. Ha e hlokomele hore lilemo tse ka bang 100 hamorao, Media e tla e timetsa! Ke mang haese Jehova Molimo feela ea ka bolelang seo ka sebete se joalo esale pele?

      12 Ha a tsebahatsa kofuto eo a khethileng ho timetsa ka eona, Jehova o re mabotho a Media ‘a nka silevera e se letho hape ha a khahloe ke khauta.’ Ke tšobotsi e sa tloaelehang hakaakang ho masole a seng a tiile lipelo ke ntoa! Setsebi sa Bibele Albert Barnes se re: “Ka sebele, e bile mabotho a seng makae feela a hlaselang a neng a sa susumetsoe ke tebello ea khapo.” Na mabotho a Media a pakahatsa Jehova e le ea buileng ’nete tabeng ee? E. Nahana ka tlhaloso ena e fumanoang ho The Bible-Work, e hlophisitsoeng ke J. Glentworth Butler: “Ho fapana le lichaba tse ling tse ngata tse kileng tsa loana, Bamede, ’me ka ho khetheha Bapersia, ba ne ba sa nke khauta e le ea bohlokoa joaloka ho fumana tlhōlo le khanya.”b Ha ho talingoa sena, hase ho makatsang hore ebe ha ’musi oa Persia, Cyruse, a lokolla Baiseraele botlamuoeng Babylona, o ba buseletsa lijana tse likete tsa khauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a li hapile tempeleng e Jerusalema.—Esdrase 1:7-11.

      13, 14. (a) Le hoja ba sa thahaselle khapo, ke eng seo bahlabani ba Bamede le Bapersia ba batlang botumo ka sona? (b) Cyruse o hlōla tšireletso eo Babylona e ithorisang ka eona joang?

      13 Le hoja bahlabani ba Bamede le Bapersia ba se na takatso e kaalo ea khapo, ba batla botumo. Ha baa ikemisetsa ho ba ka tlaase ho sechaba leha e le sefe se seng lefatšeng. Ho feta moo, Jehova o kenya “ho tlatlapa” lipelong tsa bona. (Esaia 13:6) Kahoo, ka liqha tsa bona tsa tšepe—tse ke keng tsa sebelisetsoa ho fula metsu feela empa le ho otla le ho ripitla masole a lireng, e leng bana ba bo-’mè ba Bababylona—ba ikemiselitse ho hlōla Babylona.

      14 Moeta-pele oa mabotho a Medo-Persia, Cyruse, ha a nyahamisoe ke tšireletso ea Babylona. Bosiung ba la 5/6, October, 539 B.C.E., o laela hore metsi a Nōka ea Eufrate a khelosoe. Ha metsi a ntse a theoha, bahlaseli ba kena ka lenyele motseng, ba tsamaea ka har’a nōka metsi a ba khutla linokeng. Baahi ba Babylona ba hlahuoa lesumatha, ’me Babylona ea oa. (Daniele 5:30) Jehova Molimo o bululela Esaia ho profeta liketsahalo tsena, o tlosa khoao eohle ea hore ke Eena ea laolang litaba.

  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Esaia o qoolla Bamede feela ka lebitso, empa lichaba tse ling tse ’maloa li tla kena selekaneng ho loantša Babylona—Media, Persia, Elame le lichaba tse ling tse nyenyane. (Jeremia 50:9; 51:24, 27, 28) Lichaba tse ling tsa boahisani li bitsa Bamede hammoho le Bapersia “Bamede.” Ho feta moo, mehleng ea Esaia, Media ke ’muso o hlaheletseng. Ke feela tlas’a puso ea Cyruse moo Persia e fetohang ’muso o hlaheletseng.

  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • b Leha ho le joalo, ho bonahala eka hamorao Bamede le Bapersia ba ile ba e-ba le lerato le matla la mabothobotho.—Esthere 1:1-7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela