Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 10. Jehova o tla sebelisa mang ho hlōla Babylona?

      10 Jehova o tla sebelisa ’muso ofe ho liha Babylona? Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Jehova o senola karabo: “Bonang! ke hlahisa Bamede khahlanong le bona, ba nkang silevera e se letho le ba sa khahloeng ke khauta. Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana. Ba ke ke ba hauhela litholoana tsa mpa; mahlo a bona a ke ke a utloela bara bohloko. Babylona, mokhabiso oa mebuso, botle ba khanya ea Bakalde, e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora.” (Esaia 13:17-19) Babylona e khanyang e tla oa, ’me kofuto ea Jehova ea ho etsa sena e tla ba mabotho a tsoang naheng e hōle, e lithaba ea Media.a Qetellong, Babylona e tla fetoha lesupi joaloka metse e tletseng boitšoaro bo hlephileng haholo ea Sodoma le Gomora.—Genese 13:13; 19:13, 24.

  • Jehova o Kokobetsa Motse o Iphahamisang
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 13, 14. (a) Le hoja ba sa thahaselle khapo, ke eng seo bahlabani ba Bamede le Bapersia ba batlang botumo ka sona? (b) Cyruse o hlōla tšireletso eo Babylona e ithorisang ka eona joang?

      13 Le hoja bahlabani ba Bamede le Bapersia ba se na takatso e kaalo ea khapo, ba batla botumo. Ha baa ikemisetsa ho ba ka tlaase ho sechaba leha e le sefe se seng lefatšeng. Ho feta moo, Jehova o kenya “ho tlatlapa” lipelong tsa bona. (Esaia 13:6) Kahoo, ka liqha tsa bona tsa tšepe—tse ke keng tsa sebelisetsoa ho fula metsu feela empa le ho otla le ho ripitla masole a lireng, e leng bana ba bo-’mè ba Bababylona—ba ikemiselitse ho hlōla Babylona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela