Ho Sebetsa le Molebeli
“Jehova, ke eme holim’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.”—ESAIA 21:8, NW.
1. Jehova ka boeena ke paki ea litšepiso life tse hlollang?
JEHOVA ke Moreri e Moholo. Lengeloi la lerabele le ileng la fetoha Satane Diabolose le ke ke la etsa letho ho sitisa morero oa Hae o moholo oa ho halaletsa lebitso la Hae le ho hloma puso ea ’Muso e khanyang lefatšeng la paradeise. (Matheu 6:9, 10) Tlas’a puso eo, moloko oa batho o tla hlohonolofatsoa e le ka ’nete. Molimo o “tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” Batho ba kopaneng, ba thabileng ba tla thabela khotso le nala kamehla le mehla. (Esaia 25:8; 65:17-25) Jehova ke paki ka boeena mabapi le litšepiso tsena tse hlollang!
2. Jehova o hlahisitse lipaki life tsa batho?
2 Leha ho le joalo, ’Mōpi e Moholo o boetse o na le lipaki tsa batho. Mehleng ea pele ho Bokreste, ‘leru la lipaki’ ho tloha ho Abele, le ile la ba peisong ea ho mamella, hangata le talimane le maemo a sithabetsang. Mohlala oa tsona o ikhethang o khothatsa Bakreste ba tšepahalang kajeno. Kreste Jesu ke mohlala o ipabolang oa bopaki bo etsoang ka sebete. (Baheberu 11:1–12:2) Ka mohlala, hopola bopaki ba hae ba ho qetela ka pel’a Ponse Pilato. Jesu o ile a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Ho tloha ka 33 C.E. ho fihlela selemong sena sa 2000 C.E., Bakreste ba chesehang ba ’nile ba latela mohlala oa Jesu ’me ba tsoetse pele ho paka, ka sebete ba bolela “lintho tse hlollang tsa Molimo.”—Liketso 2:11.
Sehlopha sa Bokhelohi sa Babylona
3. Satane o hanyelitse bopaki bo fanoeng ka Jehova le thato ea hae joang?
3 Ho theosa le likete tsa lilemo Sera se seholo, Satane Diabolose, ka bokhopo se batlile ho nyelisa polelo ea phatlalatsa ea lipaki tsa Molimo. E le “ntate oa leshano,” “drakone [ena] e khōlō . . . , noha ea pele,” e ’nile ea ‘khelosa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’ O ’nile a phehella ho loantša “ba bolokang litaelo tsa Molimo,” haholo-holo mehleng ena ea qetello.—Johanne 8:44; Tšenolo 12:9, 17.
4. Babylona e Moholo e simolohile joang?
4 Lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng, ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, Satane o ile a hlahisa Nimrode, “setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” (Genese 10:9, 10, NW) Motse o moholo ka ho fetisisa oa Nimrode, e leng Babylona (Babele), e ile ea e-ba setsi sa bolumeli ba bodemona. Ha Jehova a ne a ferekanya puo ea baahi ba tora ea Babele, batho ba ile ba qhalana ho pota lefatše, ’me ba ile ba tsamaea le bolumeli ba bona ba bohata. Kahoo, Babylona e ile ea e-ba mohloli oa ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata, o bitsoang Babylona e Moholo bukeng ea Tšenolo. Buka eo e bolela esale pele ka timetso ea tsamaiso ena ea boholo-holo ea bolumeli.—Tšenolo 17:5; 18:21.
Sechaba sa Lipaki
5. Jehova o ile a hlophisa sechaba sefe hore e be paki ea hae, empa ke hobane’ng ha a ile a lumella hore se ee botlamuoeng?
5 Hoo e ka bang lilemo tse 500 ka mor’a mehla ea Nimrode, Jehova o ile a hlophisa leloko la Abrahama ea tšepahalang ho ba sechaba sa Iseraele se tla sebeletsa e le paki ea Hae lefatšeng. (Esaia 43:10, 12) Batho ba bangata ba sechaba seo ba ne ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Leha ho le joalo, ho theosa le makholo a lilemo, litumelo tsa bohata tsa lichaba tsa boahisani li ile tsa silafatsa Iseraele, ’me batho ba selekane sa Jehova ba ile ba mo furalla ba rapela melimo ea bohata. Kahoo, ka 607 B.C.E., mabotho a Babylona, motse o neng o busoa ke Morena Nebukadnezare, a ile a timetsa Jerusalema le tempele ea eona ’me a isa Bajuda ba bangata botlamuoeng Babylona.
6. Molebeli oa Jehova oa boprofeta o ile a bolela litaba life tse molemo, ’me li ile tsa phethahala neng?
6 Eo e bile tlhōlo e kaakang ea bolumeli ba bohata! Leha ho le joalo, ho phahama ha Babylona e ne e le ha nakoana. Lilemo tse ka bang 200 pele ho ketsahalo ena, Jehova o ile a laela: “E-ea, beha molebeli hore a bolele seo a se bonang.” Molebeli eo o ne a tlameha ho phatlalatsa litaba life? “E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona o li robile a li lahlela fatše!” (Esaia 21:6, 9, NW) Ka sebele, ka 539 B.C.E., polelo ena ea boprofeta e ile ea phethahala. Babylona e matla e ile ea oa, ’me kapele batho ba selekane sa Molimo ba ile ba khona ho khutlela naheng ea habo bona.
7. (a) Bajuda ba ile ba ithuta eng taeong ea Jehova? (b) Bajuda ba khutlileng botlamuoeng ba ile ba oela lifing life, hona e le ka liphello life?
7 Bajuda ba khutlang ba ne ba fumane thuto e lekaneng hore ba ka furalla borapeli ba litšoantšo le ba tšebelisano le meea. Leha ho le joalo, ho theosa le lilemo, ba ile ba oela marabeng a mang. Ba bang ba ile ba tšoasoa ke filosofi ea Bagerike. Ba bang ba ile ba beha khatiso neanong ea batho ho feta Lentsoeng la Molimo. Ba bang hape ba khelosoa ke moea oa bochaba. (Mareka 7:13; Liketso 5:37) Ha Jesu a hlaha, sechaba sena se ne se boetse se furalletse borapeli bo hloekileng. Le hoja Bajuda ka bomong ba arabetse litabeng tse molemo tseo Jesu a neng a li bolela, sechaba ka kakaretso se ile sa mo hana, ka lebaka leo, Molimo a se hana. (Johanne 1:9-12; Liketso 2:36) Iseraele e ne e se e se paki ea Molimo, ’me ka selemo sa 70 C.E., Jerusalema le tempele ea eona e ile ea boela ea etsoa lesupi, lekhetlong lena ke lebotho la Roma.—Matheu 21:43.
8. Ke mang eo e ileng ea e-ba paki ea Jehova, ’me ke hobane’ng ha temoso ea Pauluse ho paki ee e ne e le nakong?
8 Ka nako eona eo, “Iseraele ea Molimo” ea Bokreste e ne e tsoetsoe, joale e ne e sebeletsa e le paki ea Molimo ho lichaba. (Bagalata 6:16) Kapele-pele, Satane o ile a rera ho silafatsa sechaba sena se secha sa moea. Qetellong ea lekholo la pele la lilemo, litšusumetso tsa lihlopha tsa bokhelohi li ne li le teng ka liphuthehong. (Tšenolo 2:6, 14, 20) Temoso ea Pauluse e ne e le nakong: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
9. Hantle feela joalokaha Pauluse a ne a lemositse, ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa ho hlaheng ha Bokreste-’mōtoana?
9 Qetellong, filosofi ea Bagerike, likhopolo tsa bolumeli tsa Babylona, ’me hamorao “bohlale” ba batho bo kang khopolo ea ho iphetola ha lintho le tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele li ile tsa silafatsa bolumeli ba ba bangata ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. Ho bile joalokaha Pauluse a ne a boletse esale pele: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me ha li na ho tšoara mohlape ka bonolo, ’me har’a lōna ka bolōna batho ba tla hlaha ’me ba bue lintho tse sothehileng ho ikhulela barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:29, 30) Ka lebaka la bokoenehi bona, Bokreste-’mōtoana bo ile ba hlaha.
10.Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore ho totobale hore hase e mong le e mong ea neng a inehetse borapeling bo litšila ba Bokreste-’mōtoana?
10 Bao ka sebele ba inehetseng e le kannete borapeling bo hloekileng ba ile ba tlameha hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.” (Jude 3) Na bopaki bo mabapi le borapeli bo hloekileng le Jehova bo ne bo tla nyamela lefatšeng? Che. Ha nako ea timetso ea lerabele Satane le mesebetsi eohle ea lona e ntse e atamela, ho ile ha totobala hore hase e mong le e mong ea neng a inehetse borapeling ba bokoenehi ba Bokreste-’mōtoana. Ho ea mafelong a lekholo la bo19 la lilemo, Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., ho ile ha hlophisoa sehlopha sa liithuti tsa Bibele tse tšepahalang, ’me e ile ea e-ba mokokotlo oa sehlopha sa kajeno sa lipaki tsa Molimo. Bakreste bana ba ne ba lebisa tlhokomelo bopaking ba Mangolo ba hore bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lefatše bo haufi. Tumellanong le boprofeta ba Bibele, “qetello” ena ea lefatše e ile ea qala ka 1914, ’me e ile ea tšoauoa ka ho qhoma ha ntoa ea pele ea lefatše. (Matheu 24:3, 7) Ho na le bopaki bo matla ba hore Satane le letšoele la hae la bademona ba ne ba lahletsoe ka ntle ho leholimo ka mor’a selemo seo. Lekholo la bo20 la lilemo le tletseng likhathatso le fane ka bopaki bo hlakileng ba mosebetsi oa Satane le phethahatso e babatsehang ea pontšo ea ho ba teng ha Jesu matleng a borena ba ’Muso oa leholimo.—Matheu, khaolo ea 24 le ea 25; Mareka, khaolo ea 13; Luka, khaolo ea 21; Tšenolo 12:10, 12.
11.Satane o ile a leka ho etsa eng, empa boiteko ba hae bo ile ba hlōleha joang?
11 Ka June 1918, Satane ka lehlaphahlapha o ile a leka ho timetsa ka ho feletseng liithuti tsa Bibele, tseo ka nako eo li neng li bolela linaheng tse ’maloa. O ne a boetse a batla ho felisa mokhatlo oa tsona o lumelletsoeng ka molao, e leng Watch Tower Bible and Tract Society. Ba boholong Mokhatlong ona ba ile ba kenngoa teronkong, ka bohata ba qosoa ka ho fetohela ’muso, joalokaha se tšoanang se ile sa etsahalla Jesu lekholong la pele la lilemo. (Luka 23:2) Empa ka 1919, bana ba boholong ba ile ba lokolloa, e leng se ileng sa ba nolofalletsa ho tsoela pele ka tšebeletso ea bona. Hamorao, ba ile ba hlakoloa molato ka ho feletseng.
“Molebeli” ea Lebetseng ka Hloko
12.Kajeno ke bo-mang bao e leng litho tsa sehlopha sa “molebeli” oa Jehova, ’me ba bile le boikutlo bofe?
12 Ka lebaka leo, qalong ea ‘nako ea bofelo,’ Jehova o ile a boela a ba le molebeli, ea hlokomelisang batho liketsahalo tse amanang le ho phethahala ha merero ea Hae. (Daniele 12:4; 2 Timothea 3:1) Ho fihlela kajeno, sehlopha seo sa molebeli—Bakreste ba tlotsitsoeng, Iseraele ea Molimo—se ’nile sa etsa lintho tumellanong le tlhaloso ea Esaia ea molebeli oa boprofeta: “O ela hloko ka tieo, ka ho mamelisisa. Eaba o hoeletsa joaloka tau: ‘Jehova, ke eme holim’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.’” (Esaia 21:7, 8, NW) Enoa ke molebeli ea nkang mosebetsi oa hae ka ho teba!
13.(a)Molebeli oa Jehova o ’nile a bolela molaetsa ofe? (b) Ho ka boleloa joang hore Babylona e Moholo o oele?
13 Molebeli eo o ile a bona eng? Molebeli oa Jehova, sehlopha sa lipaki tsa hae, o ile a boela a phatlalatsa: “E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona [Jehova] o li robile a li lahlela fatše!” (Esaia 21:9, NW) Nakong ena ea ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ke Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e lihiloeng boemong ba eona bo phahameng ba bolaoli. (Jeremia 50:1-3; Tšenolo 14:8) Ha ho makatse hore ebe seo ka nako eo ho neng ho thoe ke Ntoa e Khōlō, e ile ea qala Bokreste-’mōtoaneng, moo baruti ka mahlakoreng a mabeli ba ileng ba rotetsa ntoa ka ho khothalletsa bahlankana ho ea ntoeng. Ke mahlabisa-lihlong a makaakang! Ka 1919, Babylona e Moholo e ile ea sitoa ho thibela Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, hore li tlohe boemong ba tsona ba ho se pake le ho qalisa letšolo la ho paka le ntseng le tsoela pele lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:14) Seo se ile sa tšoaea ho oa ha Babylona e Moholo, hantle feela joalokaha ho lokolloa ha Iseraele lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ho ile ha tšoaea ho oa ha Babylona ea boholo-holo.
14.Sehlopha sa molebeli oa Jehova se sebelisitse makasine efe ka ho hlaheletseng, ’me Jehova o hlohonolofalitse tšebeliso ea eona joang?
14 Sehlopha sa molebeli kamehla se ’nile sa etsa mosebetsi oa sona ka cheseho le ka takatso e matla ea ho etsa se nepahetseng. Ka July 1879, Liithuti tsa Bibele li ile tsa qala ho hatisa makasine ena, eo ka nako eo e neng e bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Sekoahelong sa tokollo ka ’ngoe ho tloha ka ea 1879 ho fihlela ho ea December 15, 1938, e ne e e-na le mantsoe a reng “ ‘Molebeli, bosiu bo tla sa neng?’—Esaia 21:11, NW.”a Ka botšepehi, ka lilemo tse 120 Molula-Qhooa o ’nile oa lebela liketsahalo tsa lefatše le seo li se bolelang boprofeteng. (2 Timothea 3:1-5, 13) Sehlopha sa molebeli oa Molimo le “linku tse ling” tsa metsoalle ea sona se ’nile sa sebelisa makasine ena bakeng sa ho bolella moloko oa batho ka matla hore ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka ’Muso oa Kreste ho haufi. (Johanne 10:16) Na Jehova o hlohonolofalitse paki ee? Ha e le hantle, ho tloha tokollong ea pele ea likopi tse 6 000 ka 1879, palo ea likopi tsa Molula-Qhooa tse abuoang lefatšeng ka bophara e nyolohetse ho likopi tse fetang 22 000 000 ka lipuo tse 132—tse 121 ho tsona li hatisoa ka nako e le ’ngoe. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe makasine ea bolumeli e abuoang lefatšeng ka bophara e tlotlisa lebitso la Molimo oa ’nete, Jehova!
Tlhoekiso e Tsoelang Pele
15.Ke tlhoekiso efe e tsoelang pele e qalileng esita le pele ho 1914?
15 Lilemong tse ka bang 40 le ho feta pele puso ea Kreste ea leholimo e qala ka 1914, Liithuti tsa Bibele li ne li lokolotsoe lithutong tsa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana tseo eseng tsa Bibele, tse kang kolobetso ea masea, ho se shoe ha moea oa motho, pelekatori, tlhokofatso ea mollo oa lihele le Molimo oa Boraro-bo-bong. Empa ho ile ha nka nako e eketsehileng ho tlosa likhopolo tsohle tse fosahetseng. Ka mohlala, ka bo-1920, Liithuti tsa Bibele tse ngata li ne li hloma sepele se nang le letšoao la sefapano le moqhaka, ’me li ne li keteka Keresemese le matsatsi a mang a phomolo a bohetene. Leha ho le joalo, e le hore borapeli bo ka hloeka, mesaletsa eohle ea borapeli ba litšoantšo e tlameha ho tlosoa. Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, e tlameha ho ba lona feela motheo oa tumelo ea Bokreste le tsela ea bophelo. (Esaia 8:19, 20; Baroma 15:4) Ho fosahetse ho eketsa Lentsoe la Molimo kapa ho tlosa ho hong ho lona.—Deuteronoma 4:2; Tšenolo 22:18, 19.
16, 17.(a)Sehlopha sa molebeli se bile le khopolo efe e fosahetseng ka lilemo tse mashome? (b) Tlhaloso e nepahetseng ea “aletare” le “sefika” “Egepeta” ke efe?
16 Mohlala o le mong o tla hatisa hore na molao-motheo ona o bohlokoa hakae. Ka 1886 ha C. T. Russell a ne a hatisa buka e ileng ea bitsoa The Divine Plan of the Ages, moqolo ona o ne o fupere chate e kopanyang mehla ea moloko oa batho le Phiramide e Khōlō ea Egepeta. Ho ne ho nahanoa hore sehopotso sena sa Faro Khufu e ne e le sefika seo ho buuoang ka sona ho Esaia 19:19, 20, NW: “Letsatsing leo ho tla ba le aletare ea Jehova har’a naha ea Egepeta, sefika sa Jehova ka thōko ho moeli oa eona. ’Me e tla ba pontšo le bopaki ho Jehova oa mabotho naheng ea Egepeta.” Phiramide ee e ne e ka ba le kamano efe le Bibele? Ha e le hantle, e le mohlala, ho ne ho nahanoa hore bolelele ba liphaseje tse itseng Phiramideng eo e Khōlō bo ne bo bontša nako ea ho qala ha “matšoenyeho a maholo” ao ho buuoang ke ’ona ho Matheu 24:21, kamoo ho neng ho utloisisoa kateng ka nako eo. Liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa ameha ka botebo ho lekanyetseng likarolo tse sa tšoaneng tsa phiramide ena e le hore li ka lekanyetsa litaba tse kang letsatsi leo ba neng ba tla ea leholimong ka lona!
17 Sena seo ho neng ho thoe ke Bibele e Lejoeng se ile sa hlomphuoa ka lilemo tse mashome, ho fihlela tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 15 le December 1, 1928, li hlakisa hore Jehova ha a hloke sefika sa lejoe se hahiloeng ke bo-faro ba bahetene le se nang le litšoantšo tsa bodemona tsa bonohe ba linaleli ho tiisa bopaki boo Bibele e faneng ka bona. Ho e-na le hoo, ho ne ho utloisisoa hore boprofeta ba Esaia bo sebetsa ka tsela ea moea. Joaloka ho Tšenolo 11:8, “Egepeta” e tšoantšetsa lefatše la Satane. “Aletare ea Jehova” e re hopotsa ka mahlabelo a amohelehang a etsoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng ha e sa ntse e le baahi ba nakoana lefatšeng lena. (Baroma 12:1; Baheberu 13:15, 16) Sefika se “ka thōko ho moeli [oa Egepeta]” se bolela phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e leng “tšiea le setšehetso sa ’nete” se emang e le paki “Egepeta,” lefatše leo ba seng ba tla le siea.—1 Timothea 3:15.
18.(a)Jehova o tsoetse pele ho hlakisetsa liithuti tsa Bibele tse tšepahalang litaba joang? (b) Haeba Mokreste a thatafalloa ho utloisisa tlhakiso e itseng ea Mangolo, ke boikutlo bofe boo ho leng bohlale hore a be le bona?
18 Ha lilemo li ntse li feta, Jehova o tsoela pele ho re hlakisetsa ’nete, ho akarelletsa le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea lentsoe la hae la boprofeta. (Liproverbia 4:18) Lilemong tsa morao tjena—har’a lintho tse ling—re ’nile ra khothalletsoa hore re boele re shebe ka kutloisiso e tebileng haholoanyane moloko o ke keng oa feta pele bofelo bo e-tla, papiso ea linku le lipōli, ntho e nyonyehang le nako eo ka eona e tla ema sebakeng se halalelang, selekane se secha, ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang le pono ea tempele ea buka ea Ezekiele. Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata ho utloisisa litlhaloso tse joalo tse nakong, empa mabaka a tsona a hlaka haholoanyane ha nako e ntse e feta. Haeba Mokreste a sa utloisise ka ho feletseng tlhaloso e ncha ea temana e itseng, ke hantle ha ka boikokobetso a pheta mantsoe a moprofeta Mikea: “Ke tla bontša boikutlo ba ho leta bakeng sa Molimo oa poloko ea ka.”—Mikea 7:7, NW.
19.Masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona ea linku tse ling a bontšitse sebete se kang sa tau joang mehleng ee ea qetello?
19 Hopola hore molebeli o ile a “hoeletsa joaloka tau: ‘Jehova, ke eme holim’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle.’” (Esaia 21:8, NW) Masala a batlotsuoa a bontšitse sebete se kang sa tau ha a pepesa bolumeli ba bohata le ho bontša batho tsela e isang tokolohong. (Tšenolo 18:2-5) E le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” a lokiselitse Libibele, limakasine le lingoliloeng tse ling ka lipuo tse ngata—‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45) A eteletse pele ho bokelloa ha “bongata bo boholo . . . lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” Bana le bona ba hloekisitsoe ka mali a Jesu a rekollang ’me ba iponahatsa ba le sebete ha ba etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu.” (Tšenolo 7:9, 14, 15) Sehlopha se senyenyane se ntseng se phela sa Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng le metsoalle ea sona, bongata bo boholo, se ’nile sa beha litholoana life selemong see se fetileng? Sehlooho sa rōna se latelang se tla bontša.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tloha ka la 1 January, 1939, e ile ea fetoloa hore e be, “‘Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’—Ezekiele 35:15, NW.”
Na U sa Hopola?
• Ke lipaki life tseo Jehova a li hlahisitseng ho theosa le lilemo?
• Babylona e Moholo e simolohile joang?
• Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Jerusalema, motse-moholo oa sechaba sa hae sa lipaki, hore e felisoe ka 607 B.C.E.? le ka 70 C.E.?
• Sehlopha sa molebeli oa Jehova le metsoalle ea sona se bontšitse moea ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Upon the watchtower, O Jehovah, I am standing constantly”
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Jehovah’s watchman class take their task seriously