Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 6 Esaia o tsoela pele: “U ne u tletse moferefere, motse o morusu, motse o thabileng. Batho ba hao ba bolailoeng hase ba bolailoeng ka sabole, kapa ba shoeletseng ntoeng.” (Esaia 22:2) Matšoele-tšoele a khobokane motseng, ’me o tletse pherekano. Literateng batho ba entse lerata ’me ba tšohile. Leha ho le joalo, ba bang ba thabile, mohlomong hobane ba ikutloa ba sireletsehile kapa ba nahana hore kotsi eo ea feta.a Empa ho thaba ka nako ena ke booatla. Ba bangata motseng ba tlil’o shoa lefu le sehlōhō ho feta la ho bolaoa ka bohale ba sabole. Motse o thibeletsoeng o khaohantsoe le mehloli ea lijo e ka thōko. Pokello e ka hare ho motse ea qepha. Ho lapa ha batho le sepenya ho lebisa mafung a seoa. Ka hona, ba bangata Jerusalema ba tla bolaoa ke tlala ea bo-ja-likata le mafu a seoa. Sena se etsahala ka 607 B.C.E. esita le ka 70 C.E.—2 Marena 25:3; Lillo tsa Jeremia 4:9, 10.b

  • Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Ka 66 C.E., Bajuda ba bangata ba ile ba thaba ha mabotho a Baroma a neng a thibeletse Jerusalema a khutlela morao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela