Khaolo ea Mashome a Mabeli
Jehova ke Morena
1, 2. (a) Ke bo-mang ba tla latsoa bohale ba Jehova? (b) Na Juda e tla phema kotlo, hona re tseba joang?
BABYLONA, Filistia, Moabe, Syria, Ethiopia, Egepeta, Edomo, Tyre, Assyria—kaofela li tla latsoa bohale ba Jehova. Esaia o boletse esale pele litlokotsi tse tla oela lichaba le metse ena e tletseng bora. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Juda? Na baahi ba Juda ba tla phema kotlo bakeng sa litsela tsa bona tse khopo? Tlaleho ea histori e araba ka che e hlakileng!
2 Nahana ka se ileng sa etsahalla Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. Sechaba seo se ile sa roba selekane sa sona le Molimo. Ha sea ka sa lula se arohile mekhoeng e litšila ea lichaba tse se potolohileng. Ho e-na le hoo, baahi ba Samaria “ba ’na ba etsa lintho tse mpe ho siteloa Jehova . . . Ka hona Jehova a tukela Baiseraele ka bohale, hoo a ileng a ba tlosa ponong ea hae.” Ba qobeletsoe ho tloha naheng ea bona, “Baiseraele ba tloha naheng ea bona ho ea kholehong Assyria.” (2 Marena 17:9-12, 16-18, 23; Hosea 4:12-14) Se ileng sa etsahalla Iseraele se ne se bontša tlokotsi e tlelang ngoan’abo eona, Juda.
Esaia o Bolela ho Etsoa Lesupi ha Juda Esale Pele
3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a furalla ’muso oa Juda oa meloko e ’meli? (b) Jehova o rerile ho etsa eng?
3 Marena a mang a Juda a ne a tšepahala, empa boholo ba ’ona a ne a sa tšepahale. Esita le tlas’a puso ea morena ea tšepahalang, joaloka Jothame, batho ha baa ka ba furalla borapeli ba bohata ka ho feletseng. (2 Marena 15:32-35) Bokhopo ba Juda bo fihla sehlohlolong nakong ea puso ea Morena Manase oa senoamali, eo ho latela neano ea Sejuda, a bolaeang moprofeta Esaia ea tšepahalang ka ho laela hore a sakhoe likoto. (Bapisa le Baheberu 11:37.) Morena enoa ea khopo o ile “a ’na a eka Bajuda le baahi ba Jerusalema hore ba etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.” (2 Likronike 33:9) Tlas’a puso ea Manase naha e silafala le ho feta nakong eo ka eona e neng e busoa ke Bakanana. Kahoo Jehova oa phatlalatsa: “Bonang! ke tlisa tlokotsi holim’a Jerusalema le Juda, eo haeba mang kapa mang a utloa ka eona litsebe tsa hae ka bobeli li tlang ho hlohlona. . . . Ke tla hlakola Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sekotlolo se se nang mohele, a se hlakola ’me a se ribeha. Ka sebele ke tla furalla masala a lefa la ka ’me ke nehelane ka ’ona matsohong a lira tsa ’ona, ’me a tla fetoha se tlatlapuoeng le se nkiloeng ka mahahapa ho lira tsohle tsa ’ona, ka lebaka la hore a entse se sebe mahlong a ka ’me a ne a ntšiteloa ka ho tsoelang pele.”—2 Marena 21:11-15.
4. Jehova o tla etsa’ng ka Juda, hona boprofeta boo bo phethahala joang?
4 Joaloka sekotlolo se ribehiloeng, e le hore se tšolle tsohle tse ka har’a sona, naha e tla horuloa baahi bohle ba eona. Boprofeta ba Esaia bo boetse bo tšohla ho etsoa lesupi hona ho tlang ha Juda le Jerusalema. O qala ka ho re: “Bonang! Jehova o horula naha ’me o e fetola lesupi, ’me o e sothile sefahleho a hasanya baahi ba eona.” (Esaia 24:1) Boprofeta bona bo phethahala ha Jerusalema le tempele ea eona li senngoa ke mabotho a hlaselang a Babylona tlas’a Morena Nebukadnezare le ha baahi ba Juda ba bolaoa ka lerumo, tlala le lefu la seoa. Bajuda ba bangata ba phonyohileng ba isoa botlamuoeng Babylona, ’me ba seng bakae ba setseng ba balehela Egepeta. Kahoo naha ea Juda ea harasanngoa ’me e sala e se na baahi ka ho feletseng. Esita le ho liphoofolo tse ruuoang lapeng ha ho e salang. Naha e se nang baahi e fetoha lefeella le se nang thuso leo ho lulang libatana le linonyana feela ho lona.
5. Na ho na le motho leha e le ofe ea tla phema kahlolo ea Jehova? Hlalosa.
5 Na ho na le motho leha e le ofe Juda ea tla tšoaroa ka tsela e khethehileng nakong eo ea kahlolo e tlang? Esaia oa araba: “Ho batho ho tla tšoana le ho moprista; ho mohlanka ho tla tšoana le ho mong’a hae; ho lekhabunyane ho tla tšoana le ho mong’a lona oa mosali; ho moreki ho tla tšoana le ho morekisi; ho motho ea alimanang ho tla tšoana le ho ea alingoang; ho ea amohelang phaello ho tla tšoana le ho ea lefang phaello. Ruri naha e tla horuloa, ’me ruri e tla tlatlapuoa, etsoe Jehova o buile lentsoe lena.” (Esaia 24:2, 3) Leruo le litokelo tsa ho sebeletsa tempeleng ha li na ho etsa phapang ea letho. Ha ho na ho ba le mekhelo. Naha ena e bolile hoo e mong le e mong ea phelang—baprista, bahlanka le beng ba bona, bareki le barekisi—ba tlamehang ho ea botlamuoeng.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a amoha naha tlhohonolofatso ea hae?
6 E le ho qoba hore ho se utloisisanoe, Esaia o hlalosa kamoo tlokotsi ena e tlang ho ba e phethahetseng kateng ’me o hlalosa lebaka la seo: “Naha e siame, e nyametse. Naha e behang e ponne, e nyametse. Ba phahameng ho batho ba naha ba tepeletse. Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona, kaha ba hlokomolohile melao, ba fetotse molao oa tsamaiso, ba tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang. Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha, ’me ba ahileng ho eona ba nkoang ba le molato. Ke ka lebaka leo palo ea baahi ba naha e fokotsehileng, ’me ho setse batho ba shoang ba ’maloa haholo.” (Esaia 24:4-6) Ha Baiseraele ba ne ba fuoa naha ea Kanana, ba ile ba e fumana e le “naha e phallang lebese le mahe a linotši.” (Deuteronoma 27:3) Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova. Haeba ba ne ba boloka melao ea hae le litaelo tsa hae ka botšepehi, naha e ne e tla “fana ka lihlahisoa tsa eona,” empa haeba ba ne ba tlōla melao ea hae le litaelo tsa hae, boiteko ba bona ba ho lema naha bo ne bo tla be bo “sebelisetsoa lefeela” ’me lefatše le ne le sa tl’o ‘fana ka lihlahisoa tsa lona.’ (Levitike 26:3-5, 14, 15, 20) Thohako ea Jehova e ne e tla ‘ja naha.’ (Deuteronoma 28:15-20, 38-42, 62, 63) Joale Juda e tlameha ho lebella thohako eo.
7. Selekane sa Molao e ne e tla ba tlhohonolofatso ho Baiseraele joang?
7 Lilemo tse ka bang 800 pele ho mehla ea Esaia, ka boithatelo Baiseraele ba ile ba kena kamanong ea selekane le Jehova ’me ba lumela ho e boloka. (Exoda 24:3-8) Litumellano tsa selekane sa Molao li ile tsa qaqisa hore haeba ba ne ba ka mamela litaelo tsa Jehova, ba ne ba tla fumana tlhohonolofatso ea hae e enneng empa haeba ba ne ba ka roba selekane seo, ba ne ba tla lahleheloa ke tlhohonolofatso ea hae ’me lira tsa bona li ne li tla ba isa botlamuoeng. (Exoda 19:5, 6; Deuteronoma 28:1-68) Selekane sena sa Molao, se ileng sa fanoa ka Moshe, se ne se lokela ho lula se sebetsa ka nako e sa lekanyetsoang, e sa beheloang moeli. Se ne se tla sireletsa Baiseraele ho fihlela Mesia a hlaha.—Bagalata 3:19, 24.
8. (a) Batho ba “hlokomolohile melao” le ho ‘fetola molao oa tsamaiso’ joang? (b) Ke ka litsela life “ba phahameng” e bang bona ba pele ba ho ‘pona’?
8 Empa batho ba “tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” Ba tlōtse melao e fanoeng ke Molimo, ba e hlokomolohile. Ba “fetotse molao oa tsamaiso,” ba latetse litsela tse ling tsa tsamaiso ea molao tse fapaneng le tseo Jehova a faneng ka tsona. (Exoda 22:25; Ezekiele 22:12) Kahoo, batho ba tla tlosoa naheng. Ha ho mohau o tla bontšoa kahlolong e tlang. Har’a ba pele ba tla ‘pona’ ha Jehova a ba amoha tšireletso ea hae le kamohelo ea hae e tla ba “ba phahameng,” ba hlomphehang. Phethahatsong ea sena, ha timetso ea Jerusalema e atamela, Baegepeta ba qala ho etsa marena a Juda bahlanka ba bona ’me Bababylona le bona baa latela. Ka lebaka leo, Morena Jojakine le litho tse ling tsa lelapa la borena e ba ba bang ba batho ba pele ba isoang botlamuoeng Babylona.—2 Likronike 36:4, 9, 10.
Thabo ea Fela Naheng
9, 10. (a) Temo e phetha karolo efe Iseraeleng? (b) Ke eng e tšoantšetsoang ke hore e mong le e mong o ‘lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa feiga’?
9 Sechaba sa Iseraele se phela ka temo. Ho tloha nakong ea ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba se ba tloaetse ho phela ka temo le ho rua mehlape. Kahoo, temo e nka sebaka sa bohlokoa molaong o filoeng Iseraele. Ho fanoe ka taelo ea hore naha e be le phomolo ea sabatha e tlamang ka mor’a selemo se seng le se seng sa bosupa e le ho lumella mobu hore o khone ho boela o fumana matla. (Exoda 23:10, 11; Levitike 25:3-7) Mekete e meraro ea selemo le selemo eo sechaba se laetsoeng hore se e keteke e ketekoa ka linako tse lumellanang le linako tsa selemo tsa temo.—Exoda 23:14-16.
10 Lirapa tsa morara li teng hohle ho pholletsa le naha. Mangolo a thathamisa veine, e etsoang ka morara, e le mpho e tsoang ho Molimo e “thabisang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:15) Hore e mong le e mong o ‘lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa feiga’ ho tšoantšetsa nala, khotso le tšireletseho tlas’a puso ea Molimo e lokileng. (1 Marena 4:25; Mikea 4:4) Nako ea kotulo ea chai ea morara e nkoa e le tlhohonolofatso ’me e ba sesosa sa ho bina le ho thaba. (Baahloli 9:27; Jeremia 25:30) Boemo e ka boela ea e-ba bo fapaneng. Ha lifate tsa morara li pona kapa li sa behe morara ’me lirapa tsa morara li fetoha nahathothe e tletseng meutloa, hoo ke bopaki ba hore Jehova o tlositse tlhohonolofatso ea hae—ke nako ea mesarelo e meholo.
11, 12. (a) Esaia o tšoantša maemo a tlang ho tlisoa ke kahlolo ea Jehova joang? (b) Esaia o hlalosa tebello efe e lerootho?
11 Kahoo, ka ho loketseng Esaia o sebelisa lirapa tsa morara le litholoana tsa tsona ho tšoantšetsa maemo a tlang ho ba teng ha Jehova a amoha naha tlhohonolofatso ea hae: “Veine e ncha e siame, sefate sa morara se ponne, bohle ba lipelo li nyakaletseng ba fehetsoe. Thabo e khaphatsehang ea meropa e menyenyane e felile, lerata la ba nyakaletseng haholo le khaolitse, thabo e khaphatsehang ea harepa e felile. Ba noa veine ho se pina; joala bo tahang bo fetohile bo babang ho ba bo noang. Motse o tlohetsoeng o sentsoe; ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e koetsoe hore ho se ke ha kenoa ho eona. Literateng ho na le mohoo ka lebaka la ho hloka veine. Ho thaba hohle ho felile; thabo e khaphatsehang ea naha e felile. Motseng ho siiloe boemo bo makatsang; heke e pshatliloe hore e be qubu feela ea likotoana.”—Esaia 24:7-12.
12 Meropa e menyenyane le harepa ke liletsa tse khathollang tse sebelisetsoang ho rorisa Jehova le ho bontša thabo. (2 Likronike 29:25; Pesaleme ea 81:2) ’Mino oa tsona ha o na ho utloahala nakong ena ea kotlo ea bomolimo. Ha ho na ho ba le kotulo e thabisang ea morara. Ha ho na ho ba le melumo ea thabo lithakong tse se nang baahi tsa Jerusalema, eo heke ea eona e ‘pshatliloeng hore e be qubu feela ea likotoana’ le eo matlo a eona a ‘koetsoeng,’ e le hore ho se ke ha e-ba le ea kenang. Ke tebello e lerootho hakaakang ho baahi ba naha eo ha e le hantle e leng naha e nonneng!
Masala a “Hoeletsa ka Thabo”
13, 14. (a) Melao ea Jehova ke efe tabeng ea kotulo? (b) Esaia o sebelisa melao e mabapi le kotulo joang ho bontša hore ba bang ba tla phonyoha kahlolo ea Jehova? (c) Le hoja ho e-tla linako tse lefifi tsa teko, ke eng seo Bajuda ba tšepahalang ba ka kholisehang ka sona?
13 E le hore ba kotule litholoana tsa mohloaare, Baiseraele ba pola lifate ka melamu e le hore litholoana li hlohlorehe. Ho latela Molao oa Molimo, ba thibetsoe hore ba hloelle makaleng a lifate ho kha litholoana tse setseng tsa mohloaare. Hape ha baa lokela ho khoahlapisa morara o setseng ka mor’a ho kotula lirapa tsa bona tsa morara. Masalla a kotulo a lokela ho salla bafutsana—‘mojaki, moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali’—hore ba khoahlapise. (Deuteronoma 24:19-21) A sebelisa melao ena e tsebahalang haholo, Esaia o tšoantša ’nete e khothatsang ea hore ho tla ba le baphonyohi kahlolong e tlang ea Jehova: “Etsoe ho tla ba joalo har’a naha, har’a lichaba, joaloka ho hlohloroa ha sefate sa mohloaare, joaloka se khoahlapisitsoeng ha ho bokelloa ha morara ho felile. Ba tla phahamisa mantsoe, ba tla hoeletsa ka thabo. Bophahamong ba Jehova ka sebele ba tla tlerola litlatse leoatleng. Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova sebakeng sa khanya, lihlekehlekeng tsa leoatle ba tlotlise lebitso la Jehova, Molimo oa Iseraele. Re utloile lipina tsa thoriso lipheletsong tsa naha: ‘Mokhabiso oa Ea Lokileng!’”—Esaia 24:13-16a.
14 Feela joalokaha litholoana tse ling li salla sefateng kapa sefateng sa morara ka mor’a kotulo, kahoo ho tla ba le ba bang ba tla sala ka mor’a hore Jehova a lihe kahlolo—ba tla ‘khoahlapisoa ha ho bokelloa ha morara ho felile.’ Joalokaha ho tlalehiloe temaneng ea 6, moprofeta o se a ntse a buile ka bana, ha a re “ho setse batho ba shoang ba ’maloa haholo.” Leha ho le joalo, ba ntse ba le ’maloa joalo, ho tla ba le ba tla phonyoha timetso ea Jerusalema le Juda, ’me hamorao masala a tla khutla botlamuoeng ho ea tlatsa naha baahi. (Esaia 4:2, 3; 14:1-5) Le hoja ba lipelo li lokileng ba tla feta linakong tse bohloko tsa teko, ba ka kholiseha hore ho larile topollo le thabo ka pele. Baphonyohi ba tla bona lentsoe la Jehova la boprofeta le phutholoha ’me ba tla hlokomela hore Esaia e bile moprofeta oa ’nete oa Molimo. Ba tla tlala thabo e khaphatsehang ha ba bona bopaki ba ho phethahala ha boprofeta ba tsosoloso. Ho sa tsotellehe moo ba qhalakanyelitsoeng teng—ebang ke lihlekehlekeng tsa Mediterranean tse ka Bophirimela, Babylona e leng “sebakeng sa khanya” (bochaba-tsatsi, kapa Bochabela), kapa sebakeng leha e le sefe se seng se hōle—ba tla rorisa Molimo kahobane ba bolokiloe, ’me ba tla bina: “Mokhabiso oa Ea Lokileng!”
Ha ho ea ka Phonyohang Kahlolo ea Jehova
15, 16. (a) Esaia o ikutloa joang ka se tlang ho etsahalla batho ba habo? (b) Baahi ba sa tšepahaleng ba naha ba tla hlaheloa ke eng?
15 Leha ho le joalo, hona joale ha e e-s’o be nako ea ho thaba. Esaia o khutlisetsa batho ba mehleng ea hae boemong bo teng ka nako eo, o re: “Empa ke re: ‘Ke otile, ke otile! Ho malimabe ’na! Basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana. Ka bolotsana basebetsi ba bolotsana ba sebelitse ka bolotsana.’ Tšabo le sekoti le sefi li ho uena, uena moahi oa naha. Mang kapa mang ea balehang molumo oa ntho e tšajoang o tla oela ka sekoting, ’me mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi. Etsoe ka sebele likhoro tse phahameng tsa moroallo li tla buloa, ’me metheo ea naha e reketle. Naha e phatlohile ka ho feletseng, naha e sisintsoe ka ho feletseng, naha e reketlisitsoe ka ho feletseng. Naha e therekela ka ho feletseng joaloka motho ea tahiloeng, ’me e tsokotsehile joaloka motlotloane oa ho lebela. E imetsoe ke tlōlo ea eona, ’me e tla oa, hoo e ke keng ea boela ea phahama.”—Esaia 24:16b-20.
16 Esaia o aparetsoe ke mesarelo ka lebaka la se tla hlahela batho ba habo. Boemo ba litaba bo mo potolohileng bo etsa hore a ikutloe a kula a bile a le malimabe. Ba sebetsang ka bolotsana ba tletse hohle ’me ba tšosa baahi ba naha. Ha Jehova a ba amoha tšireletso ea hae, baahi ba Juda ba sa tšepahaleng ba tla phela ka tšabo motšehare le bosiu. Ha ba na ho kholiseha hore na ho tla etsahala’ng ka bophelo ba bona. Ha ho ea tla phonyoha tlokotsi e tlang ho ba hlahela ka lebaka la ho furalla litaelo tsa Jehova le ho hlokomoloha bohlale ba bomolimo. (Liproverbia 1:24-27) Tlokotsi e tla tla le hoja ba sebetsang ka bolotsana naheng ba leka ho kholisa batho hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka, ba sebelisa bohata le thetso ho ba lebisa tseleng ea timetso. (Jeremia 27:9-15) Lira tse tsoang ka thōko li tla tla ’me li ba tlatlape li be li ba ise botlamuoeng. Sena sohle se tepeletsa Esaia haholo.
17. (a) Ke hobane’ng ha ho se ea tla phonyoha? (b) Ha Jehova a lokolla matla a hae a kahlolo maholimong, ho tla etsahala’ng ka naha?
17 Leha ho le joalo, moprofeta o tlameha ho phatlalatsa hore ha ho na ba tla phonyoha. Kae le kae moo batho ba lekang ho balehela teng, ba tla tšoaroa. Ba bang ba ka ’na ba phonyoha tlokotsi e ’ngoe, empa ba tla oeloa ke e latelang—ha ho na ho ba le tšireletseho. Ho tla ba feela joalokaha phoofolo e tsongoang e phonyoha ho oela ka mokoting empa e tšoasoa ke leraba. (Bapisa le Amose 5:18, 19.) Jehova o tla lokolla matla a hae a kahlolo maholimong ’me a tla sisinya metheo ea naha ka boeona. Joaloka motho ea tahiloeng, naha ea thekesela ’me ea oa, e imetsoe ke boikutlo ba ho ba molato ’me e sitoa ho boela e phahama. (Amose 5:2) Kahlolo ea Jehova ke ea makhaola-khang. Naha e tla tleloa ke timetso le tšenyo e feletseng.
Jehova o Tla Busa ka Khanya
18, 19. (a) E ka ’na eaba “lebotho le phahameng” le bolela bo-mang, hona baa ba bokelloa “chankaneng e ka tlas’a mohaho” joang? (b) Mohlomong ho tla lebisoa tlhokomelo ho “lebotho le phahameng” joang “ka mor’a matsatsi a mangata”? (c) Jehova o lebisa tlhokomelo ho “marena a lefatše” joang?
18 Joale boprofeta ba Esaia bo atoloha haholoanyane, bo supa phethahatso ea ho qetela ea morero oa Jehova: “Letsatsing leo Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lebotho le phahameng le leng moo ho phahameng, le ho marena a lefatše a leng lefatšeng. Ka sebele ba tla bokelloa joaloka ha ho bokelleloa batšoaruoa ka sekoting, ’me ba koalloe chankaneng e ka tlas’a mohaho; ka mor’a matsatsi a mangata ba tla eloa hloko. Khoeli e tolokileng e soabile, ’me letsatsi le khanyang le hlabiloe ke lihlong, etsoe Jehova oa mabotho ke morena ka khanya Thabeng ea Sione le Jerusalema le ka pel’a banna ba hae ba hōlileng.”—Esaia 24:21-23.
19 “Lebotho le phahameng” le ka ’na la bolela “babusi [ba bademona] ba lefatše ba lefifi lena, . . . makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Ba ’nile ba e-ba le tšusumetso e matla mebusong ea lefatše. (Daniele 10:13, 20; 1 Johanne 5:19) Pakane ea bona ke ho etsa hore batho ba furalle Jehova le borapeli ba hae bo hloekileng. Ba atleha hakaakang ho khelosa Iseraele hore e latele mekhoa e bolileng ea lichaba tse e potolohileng ’me ka tsela eo e lokeloe ke kahlolo ea Molimo! Empa Satane le bademona ba hae ba tlameha ho ikarabella ho Molimo qetellong ha a lebisa tlhokomelo ea hae ho bona le ho babusi ba lefatše, “marena a lefatše a leng lefatšeng,” ao ba a susumellelitseng ho furalla Molimo le ho tlōla melao ea hae. (Tšenolo 16:13, 14) Ha a bua ka puo ea tšoantšetso, Esaia o re ba tla bokelloa ’me “ba koalloe chankaneng e ka tlas’a mohaho.” “Ka mor’a matsatsi a mangata,” mohlomong ha Satane le bademona ba hae (empa eseng “marena a lefatše a leng lefatšeng”) ba lokolloa ka nakoana qetellong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete, Molimo o tla ba tlisetsa kotlo ea ho qetela e ba loketseng.—Tšenolo 20:3, 7-10.
20. Mehleng ea boholo-holo esita le ea kajeno, Jehova o fetoha “morena” joang hona neng?
20 Ka hona karolo ena ea boprofeta ba Esaia e ile ea siea Bajuda ba e-na le tiiso e babatsehang. Ka nako ea Jehova e loketseng o ne a tla liha Babylona ea boholo-holo ’me a khutlisetse Bajuda naheng ea habo bona. Ka 537 B.C.E., ha a bonahatsa matla a hae le bobusi ba hae ka tsela ena molemong oa batho ba hae, ka sebele ho ne ho ka thoe ho bona: “Molimo oa [lōna] ke morena!” (Esaia 52:7) Mehleng ea kajeno, Jehova o ile a fetoha “morena” ka 1914 ha a hlomamisa Jesu Kreste e le Morena oa ’Muso oa Hae oa leholimo. (Pesaleme ea 96:10) O ile a boela a fetoha “morena” ka 1919 ha a bonahatsa matla a hae a borena ka ho lokolla Iseraele ea moea botlamuoeng ba Babylona e Moholo.
21. (a) Ke joang ‘khoeli e tolokileng e tlang ho soaba ’me letsatsi le khanyang le hlajoe ke lihlong’? (b) Ke mohoo ofe o tla utloahala ka ho hlakileng?
21 Jehova o tla fetoha “morena” hape ha a timetsa Babylona e Moholo le tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho. (Zakaria 14:9; Tšenolo 19:1, 2, 19-21) Ka mor’a moo, puso ea ’Muso oa Jehova e tla khanya ka tsela e hlollang hoo esita le khoeli e tolokileng e khanyang bosiu leha e le letsatsi le khanyang har’a mpa ea motšehare li ke keng tsa tšoana le eona ka khanya. (Bapisa le Tšenolo 22:5.) Ka puo ea tšoantšetso, li tla hlajoa ke lihlong ha li ipapisa le Jehova ea khanyang oa mabotho. Jehova o tla busa e le ea phahameng ka ho fetisisa. Matla a hae a sa sitoeng ke letho le khanya ea hae li tla totobala ho bohle. (Tšenolo 4:8-11; 5:13, 14) Ke tebello e babatsehang hakaakang! Ka nako eo, mohoo o ho Pesaleme ea 97:1 o tla utloahala ka ho hlakileng lefatšeng lohle: “Jehova ke morena! Lefatše le ke le thabe. Lihlekehleke tse ngata li nyakalle.”
[Setšoantšo se leqepheng la 262]
’Mino le ho thaba ha li sa tla hlola li utloahala naheng
[Setšoantšo se leqepheng la 265]
Ba bang ba tla phonyoha kahlolo ea Jehova, feela joalokaha litholoana tse ling li sala sefateng ka mor’a kotulo
[Setšoantšo se leqepheng la 267]
Esaia o aparetsoe ke mesarelo ka lebaka la se tlang ho hlahela batho ba habo
[Setšoantšo se leqepheng la 269]
Esita le letsatsi le eona khoeli li ke ke tsa tšoana le Jehova ka khanya