Jehova—Matla a Rōna
“Jah, Jehova ke matla a ka.”—ESAIA 12:2, NW.
1. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li fapane hakaana? (b) Esaia 12:2 e hlalosa joang seo Jehova a se etselitseng batho ba hae?
NA U ba teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova? Mono u bona batho ba fapaneng hōle le batho bafe kapa bafe! Batho bana ke bo-mang, hona ba fapane ka lebaka lefe? Re batho ba Molimo, ’me re fapane kahobane re jere lebitso le leholohali ho ’ohle—la ’Mōpi ea khanyang oa meeka eohle ea bokahohle bo re potolohileng. Re bitsoa ka lebitso la hae. Re bokana ka thabo lebitsong la hae ho ja lijo tsa moea tse fanoeng “ka nako e tšoanelang” ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Luka 12:42) Joaloka Lipaki tsa Jehova ka teboho re phahamisa lebitso la hae le leholohali ka mantsoe a Esaia khaolo ea 12, temana ea 2, a balehang tjena ho ea ka New World Translation: “Bonang! Molimo ke poloko ea ka. Ke tla mo tšepa nke ke ka tšaba letho; hobane Jah, Jehova ke matla a ka, o ikentse ’Moloki oa ka.” Molimo oa rōna o re fetisitse litekong tse ngata. ’Me joale poloko ea rōna ea ho qetela ea atamela—hape e letsohong la Jah Jehova!
2. (a) Polelo “Jah Jehova” e hlaha ka makhetlo a makae ka Bibeleng, hona ho hokae? (b) Litlhaloso tse ling tsa “matla” a boleloang ho Esaia 12:2 ke life, ’me ke hobane’ng ha le tsona li loketse?
2 Poleloana ena “Jah, Jehova,” e leng ho phetoa habeli ha lebitso la Molimo, e hlaha habeli feela ka Bibeleng, mona le ho Esaia 26:4. Esita le bafetoleli ba King James Version ba ile ba bona ho loketse ho e ngola e le “MORENA JEHOVA.” Ho latela mantsoe a leng botlaaseng ba leqephe ho New World Translation Reference Bible, litlhaloso tse ling tsa “matla” ho Esaia 12:2 ke “pina” le “thoriso.” Ke ’nete hakaakang hore Jah, Jehova ea matla ’ohle, ea neang barapeli ba hae matla a maholohali, o tšoaneloa ke lipina tsa rōna tse monate tsa thoriso!—Esaia 40:28-31.
3. (a) Jah Jehova o butse tsela ea eng, hona motheong oa eng? (b) Bohlokoa ba mantsoe a Pauluse ho Ba-Roma 11:33-36 ho Lipaki tsa Jehova ke bofe?
3 Matla a maholohali a Jehova a leka-lekanngoa ke bohlale ba hae, toka, le lerato. Ka ho sebelisa litšoaneleho tsena tsa bomolimo, Jah, Jehova o butse tsela ea poloko bakeng sa batho ba nang le tumelo motheong oa sehlabelo sa Jesu sa topollo. Mabapi le sena, moapostola Pauluse o boletse: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang! Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae? Kapa ke mang ea mo fileng pele, ho tle ho busetsoe ho eena? Hobane ntho tsohle li tsoa ho eena, li eme ka eena, ’me li etsetsoa eena. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng. Amen!” (Ba-Roma 11:33-36) Ka hona, ho loketse hakaakang hore re itšoarelle ka matla le ho tsebahatsa tšepo ea rōna e feletseng ho Jah, Jehova, joaloka Molimo oa rōna o matla ’ohle le Morena ea Phahameng!—Bapisa Ba-Heberu 3:14.
4. (a) Ke hobane’ng ha moprofeta Esaia a ne a e-na le lebaka le letle la hore ‘ke tla tšepa ’me nke ke ka tšoha’? (b) Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba e-na le lebaka le letle la ho tšepa Jah Jehova lekholong lena la bo20 la lilemo?
4 Esaia o ne a e-na le lebaka le letle la hore, ‘Ke tla mo tšepa ’me nke ke ka tšoha.’ Hamorao moprofeta o ile a tseba hantle liketso tsa Molimo tsa ho pholosa. Ebile paki e boneng ka mahlo ha Jehova a phethahatsa lentsoe la Hae ka ho kokobetsa Assyria le morena oa eona ea ikhohomosang, Sankeribe. Ka bosiu bo le bong, masole a Assyria a 185 000 a ile a bolaoa ke lengeloi le leng feela le rometsoeng ke Molimo o matla ’ohle, Jehova! Poloko eo e khōlō e etsahetse kahobane Morena Ezekiase le Juda eohle ba ne ba tšepile Jah Jehova ka ho feletseng. (Esaia 37:6, 7, 21, 36-38) Lekholong lena la bo20 la lilemo, Jehova o boetse a loela batho ba hae likhatellong, lithibelong, mahlorisong le likampong tsa mahloriso. Ho tšoana le Baassyria bao ba ikhohomosang ba mehleng ea Esaia, ’musi oa Nazi Adolf Hitler o ile a hlapaola Lipaki tsa Jehova, ka lekhetlo le leng a phasoloha ka hore, “Mokha ona o tla felisoa mona Jeremane.” Empa ke Hitler le Manazi a hae ba ileng ba felisoa. ’Me hona joale sehlotšoana sa Lipaki tsa Majeremane se neng se tšepile Jehova se eketsehile ho feta tse 121 200!—Pesaleme ea 27:1, 2; Ba-Roma 8:31, 37.
5. Mantsoe a Esaia 12:3-5 a sebetsa joang ho batho ba tšepileng Molimo kajeno?
5 Hohle moo mahloriso a hlahang teng, batho ba Jehova ba nang le tšepo ba khatholloa le ho matlafatsoa ke ho noa metsi a phelisang a ’nete. Ho feela joalokaha moprofeta oa Molimo a boletse ho Esaia 12:3-5: “Le tla ikhella metsi ka thabo lilibeng tsa poloko; ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng. Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kholo; li ke li tsejoe lefatšeng lohle.” E se e ka re ka tsoela pele ho noa haholo ’nete ea ’muso ’me ka teboho re phahamise lebitso la Morena oa rōna ea Phahameng, Jehova. Re e-na le tšepo e feletseng ho Jehova, a re ‘boleleng lentsoe, re phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe.’ (2 Timothea 4:2) Ho sa tsotellehe seo bahanyetsi ba ka ’nang ba se etsa, Jah, Jehova, ka lerato o tla re tsamaisa tseleng ea poloko!
‘Metse ea Lichaba tse Matla’
6, 7. (a) Tumellanong le Esaia 25:1, ke hobane’ng ha barapeli ba Jehova ba lokela ho mo tlotlisa? (b) Esaia 25:2, 3 e hlalosa motse o mong joang? (c) Mohlomong moprofeta o ne a bua ka motse ofe, hona hobane’ng?
6 A re phetleng Esaia khaolo ea 25. Temaneng ea 1 rea bala: “Jehova, u Molimo oa ka, ke tla u holisa, ke tumise lebitso la hao, hobane u entse liketso tse mehlolo; tseo u li rerileng khale li bonahetse hoba ke ’nete le ho tiea.” Barapeli ba Jehova ba nang le tšepo ba mo tumisa ka lebaka la mesebetsi ea hae e babatsehang eo a e entseng har’a bona. Empa Esaia o bontša phapang e khōlō, o re ho Jehova: “Hobane o entse motse sefika sa majoe, qhobosheane e se e le qubu ea lesupi; meaho ea basele ha e sa le motse, ha e sa tla hlola e tsosoa. . . . Metse ea lichaba tse matla e u hlonephe [Jehova].”—Esaia 25:2, 3.
7 Motse o sa boleloang lebitso oa sechaba se matla ke ofe? Mohlomong Esaia o ne a bua ka motse-moholo oa Moabe, oo kamehla e neng e le sera sa batho ba Molimo. Empa mantsoe a potolohileng taba ena a bonahala a tšoanela hantle mokhatlo o mong o hlophisitsoeng oa Satane—sera se seholo Babylona. Ka nako ea teng, Babylona e ne e tla ripitla Juda le Jerusalema, e senye ntlo ea Jehova ea borapeli, ’me e ise baphonyohi botlamuoeng. Esaia o qotsa morena oa Babylona eo ka boikhohomoso a itseng: “Ke tla hloella leholimong, ke bee terone ea ka ka holim’a linaleli tsa Molimo, ke lule thabeng ea phutheho. . . . Ke be ke tšoane le Mookameli ea phahameng!” Empa Jehova o ne a tla hlahisa Cyruse oa Persia ho liha Babylona le ho khutlisetsa batho ba Molimo naheng ea bona. Joalokaha ho profetiloe, Babylona e setse e le “sefika sa majoe” le “qhobosheane ea lesupi.”—Esaia 14:12-14; 13:17-22.
8, 9. (a) Ke Babylona efe e ’ngoe eo barapeli ba Jehova ba lokelang ho e mamella ’me e bile teng joang? (b) Esaia o e hlalosa joang, ’me hobane’ng ha lentsoe lena le loketse?
8 Leha ho le joalo, lilemo tse fetang 2 500 hoba Babylona e lihuoe, barapeli ba Jehova ba sa ntsane ba tlameha ho loana le Babylona e mong—“Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le manyala a lefatše.” (Tšenolo 17:5) Ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. O qalehile hang kamor’a Moroallo oa mehla ea Noe, ha Nimrode a ne a haha Babylona ea pele, eo e fetohileng setsi sa bolumeli ba bohata, bo arohaneng. Hoba Bokreste bo hlongoe ke Jesu le baapostola ba hae, bakoenehi ba ile ba silafatsa ’nete ea Bibele ka ho tlisa lithuto tsa bohetene tsa boBabylona “lithuto tsa bademona,” ’me tsamaiso ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana e ile ea ata. (1 Timothea 4:1) Bokreste bona ba nketsisane bo fetohile karolo e khōlō ea “Babylona e Moholo,” e akaretsang lefatšeng lohle le batho ba lichaba tsohle. Esaia o mo hlalosa e le ‘motse oa lichaba tse matla.’
9 Ka lilemo tse fetang likete tse ’nè, ho tloha ha Babylona ea pele e theoa ho fihlela hona joale, babusi ba sehlōho ba sebelisitse baruti ba matla e le lisebelisoa ho hatella batho le ho busa batho ba tloaelehileng. Kahoo, “motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi.” (Moeklesia 8:9, NW) Jesu o ile a utloela batho bohloko hobane “ba ne ba khathetse, ’me ba saretsoe” ke balisa ba joalo ba bolumeli ba bohata. Kajeno, sehlopha se nyatsuoang haholo se tsejoa e le “motho oa sebe,” ea entsoeng ka baruti ba Bokreste-’mōtoana ba iphahamisa, ba bileng ka sehloohong ho hanyetsa le ho hlorisa Lipaki tsa Jehova.—Mattheu 9:36; 2 Ba-Thessalonika 2:3, 4.
10. (a) Tumellanong le Esaia 25:3, ke joang ‘motse oa lichaba tse matla’ o ileng oa qobelloa ho tlotlisa Jehova, le ho mo tšaba? (b) Ho Esaia 25:4, 5, Esaia o bolela joang ka Jehova, mabapi le “ea fokolang” le “bahlorisi”?
10 Selemong sa 1919 Jehova o ile a lokolla batho ba hae ba ’nete taolong ea “Babylona e Moholo.” ‘Motse oo oa lichaba tse matla’ o ile oa tlameha ho tlotlisa Jehova kahobane ho ile ha hlokahala hore a shebelle ka pelo e bohloko “liketso tse mehlolo” tseo Jehova a li entseng ha a tsosolosa borapeli ba hae ho kena mosebetsing o matlahali. Balumeli ba bohata le bona ba qobelloa ho tšaba Jehova, ka baka la se larileng ka pele bakeng sa bona. Ka makholo a lilemo, baruti ba bahatelli ba iphahamiselitse balumeli ’moho le bona. Empa joale Esaia o bua ka Jehova, o re: “Hobane u bile setšabelo sa ea fokotseng, le qhobosheane ea ea malimabe matsoalong a hae, le tširelo mohl’a sefefo, le lesoiti ha ho chesa letsatsi; hobane moea oa bahlorisi o no o tle joaloka sefefo se thulanang le lerako. U kokobelitse lerata la basele joalo ka ha u kokobetsa lebatama la letsatsi naheng e cheleng; u felisitse lipina tsa hlōlo tsa bahlorisi, joalo ka ha lebatama la letsatsi le felisoa ke lesoiti la leru.”—Esaia 25:4, 5.
Ha ho Pina ea Thabo ho “Babylona”!
11. Ke hobane’ng ha ho se pina ea thabo sebakeng sohle sa “Babylona e Moholo,” ’me sena se bontšitsoe joang sebokeng sa malumeli a fapa-fapaneng Assisi Italy?
11 Boo, ka sebele, ke boemo ba kajeno sebakeng sohle sa “Babylona e Moholo.” Ha ho pina ea thabo e fumanoang teng. Baetapele ba eona ba bolumeli ba ferekantsoe ke hore na ba tlameha ho rapela melimo efe. Sena se bonahetse hantle sebokeng sa malumeli a fapa-fapaneng Assisi, Italy, ka la 27 Mphalane, 1986. Moo, mabapi le Selemo sa Machaba sa Khotso sa Machaba a Kopaneng, Mopapa John Paul II o ile a bokella baetapele ba malumeli a maholo a “Babylona e Moholo.” Kaofela ba ile ba rapella khotso, baitlami ba bang ba Mabuddha ba rapela ka nako e ka etsang lihora tse 12 ka letsatsi le le leng. Empa ba ne ba rapela mang? Na ba ne ba rapela Maria? Kapa Boraro-bo-bong bo halalelang ba Bokreste-’mōtoana? Kapa boraro-bo-bong ba Hindu? Kapa melimo e likete-kete ea Bobuddha? Kapa Allah? Kapa phoofotsoana e bitsoang phokojoe, eo Mashinto a e rapelang? Kapa lithapelo tse ileng tsa amoheloa ka ho fetisisa ebile tsa Moindia oa Amerika oa leloko la Crow? Ho tlalehoa hore o ‘ne a khanya ka moqhaka oa hae o khabane,’ ha a hotetsa peipi ea khotso ’me a etsa lithapelo tsa hae “ka har’a mosi ha o nyoloha joaloka libano har’a moea o batang.”
12. Balumeli bao ha ba tšehetse mantsoe afe a Esaia le Mikea?
12 ’Nete ke hore: Ha ho le ea mong ho balumeli bao, ho tloha ka Dalai Lama oa Buddha ho ea ho “Mohlomphehi” Methodius oa Kereke ea Orthodox ea Magerike, ea tšehetsang mantsoe a Bibele ho Mikea 4:5: “Empa rōna re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” Ha ba tšehetse ’nete ea mantsoe a Esaia a bululetsoeng khaolong ea 42, litemaneng tsa 5 le 8 : “Ho itsoe ke Molimo Jehova, ea entseng maholimo, ea a phuthulotseng, ea anehileng lefatše le limela tsa lona; ea neileng batho ba ho lona phefomoloho, le moea ho ba tsamaeang teng: Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka neha e mong khanya ea ka, nke ke ka neha litšoantšo thoko e ntšoanelang.”
13. Hantle-ntle ho etsahetse’ng Assisi, ’me sena se nyatsitsoe joang ke Jesu ha a le lefatšeng?
13 Seboka se majaba-jaba sa Assisi, meaparo e khethehileng, le lithapelo tse pheta-phetoang ebile tsela ea ho etsa ketsahalo e khōlō hore e bonoe ke bohle. Ke seo Mora oa Jehova Jesu a se nyatsitseng ha a le mona lefatšeng. O itse ka baetapele ba bolumeli ba mehleng ea hae. “Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho,” o buile le bona ka ho tobileng, a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’muso oa maholimo; athe lōna, ha le kene teng, ’me ba ratang ho kena ha le ba lumelle ho kena.” (Mattheu 23:5, 13; bona hape Mattheu 6:1-8.) Hase ponahalo ea ka ntle kapa sebaka sa borapeli seo e leng sa bohlokoa ho Molimo. Joalokaha Jesu a boletse: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:21, 24.
Mohloli oa Khotso ea ’Nete
14. (a) Ke hobane’ng ha lithapelo tsa malumeli a lefatše tsa khotso e le tsa boikaketsi? (b) Kahlolo ea Molimo bakeng sa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ke efe?
14 Ha ho talingoa pherekano e malumeling a lefatše, na ho na le motho eo ka bothoto a ka nahanang hore lithapelo tsa baeta-pele ba bolumeli li ka tlisa khotso ea lefatše? Ba ’nile ba rapela ka boikaketsi ka makholo a lilemo ’me ka nako e tšoanang ba kopanela ka ho feletseng lintoeng tsa lichaba, Lintoeng tsa Bolumeli, le mahlorisong a sehlooho. Moprofeta oa Jehova o botsitse: “Na mo-Ethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba joalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemalelitseng ho etsa hampe.” (Jeremia 13:23) E le karolo e ka pele ea “Babylona e Moholo”—’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ka ho khethehileng bo beiloe sekaleng sa bomolimo ’me ka masoabi bo fumanoe bo fokola. Bo ahlotsoe!—Jeremia 2:34, 35, 37; 5:29-31; Daniele 5:27.
15. Jehova o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng joang, ’me ba mo tšepileng ba sebeletsa khotso joang?
15 Jehova, “Molimo oa khotso,” o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng ka ho timetsa bohle ba molato oa mali ’me a tlatse lefatše ka batho bao ka sebele ba ratang ’nete le ho loka. (Ba-Filipi 4:9) Ho latela Morena Davida, ke ba bonolo ba ‘tšepang Jehova ’me ba etsa ho hotle’ ba “tla rua lefatše” ’me “ba iketle khotsong e khōlō.” (Pesaleme ea 37:3, 11) Ba ‘tšepileng Jehova kamehla le ba etsang ho hotle’ ba sebeletsa khotso ka tsela e ke keng ea finyelloa ke lithapelo tse tsoakaneng tse isoang ho liemahale tse loantšanang, melimo, le litšoantšo.—Pesaleme ea 115:2-8; Esaia 44:14-20.
16. Ke mokete ofe oo Jehova a o etsetsang ba bonolo ba bokelloang “motseng oa lichaba tse matla”?
16 Ke phapang e kaakang e leng pakeng tsa lithapelo tsa batho ba Molimo le tsa batšehetsi ba “Babylona e Moholo”! Re ananela haholo hakaakang hore “o felisitse lipina tsa hlōlo tsa bahlorisi”! (Esaia 25:5) Empa Esaia ha a bolela ka ba bonolo ba bokelloang ‘motseng oa lichaba tse matla,’ o tsoela pele ka hore: “Thabeng ena, Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.” (Esaia 25:6) Mokete oa moea oo ba tlang ho rapela Jehova kajeno ba kopanelang ho oona o khotsofatsa ka ho thabisang, ka sebele ke mokete oa semetletsa! Lipelo tsa rōna li matlafatsoa hore li mamelle ’me thabo ea rōna ea khapatseha ha re sebeletsa Jehova ka cheseho re lebelletse nchafatso le mokete oa lintho tse monate tseo Jehova a li tšepisitseng bakeng sa lefatše le lecha.—Pesaleme ea 104:1, 14, 15; Mattheu 19:28, KJ.
17. Ke ‘liketso life tse mohlolo’ tseo Jehova a tla li etsa, ’me li tlisa thabo efe?
17 Haufinyane, Jah, Jehova o tla etsa “liketso tse mohlolo” e seng feela ka ho tlosa “Babylona e Moholo” empa hape a tlose le “kobo” ea thohako e apesitsoeng batho ka baka la sebe sa Adama. (Esaia 25:7) E, motheong oa sehlabelo sa Jesu, Molimo oa rōna o tla phethahatsa boprofeta ba Esaia 25:8: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle, a felise sekhobo sa sechaba sa hae lefatšeng lohle, hobane Jehova o boletse.” E tla ba thabo e khōlō hakaakang ho bona ho felisoa ha sebe sa Adama le lefu le ho amohela baratuoa ha ba ntse ba khutla litleneng tsa lefu! Ke thabo e kaakang ho tseba hore lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li fane ka karabelo e feletseng ho Mosomi e Moholo, Satane Diabolose! (Liproverbia 27:11) Ha ho sa tla ba le ea tla hlola a li rohaka, hobane li tla be li hlōtse botšepehing ba tsona. “Ka ’nete le tieo,” Jehova ka boeena o tla be a phethahalitse lintho tse profetiloeng—‘tseo a li rerileng khale.’ Lefatše lohle le tla fetoha paradeise e lokileng, e tletseng batho ba lokileng. Ka sebele eo ke tebello e khōlō!
18. Ho sa tsotellehe likhatello, re ikemiselitse ho etsa eng, tumellanong le Esaia 25:9?
18 Ho tšepa ha rōna Jehova kamehla mehleng ena e lefifi ho tla ba le moputso oa sebele. Ho sa tsotellehe likhatello tseo re loanang le tsona bophelong ba letsatsi le leng le le leng—ebang ke ho hlokomela malapa a rōna, ho khomarela melao-metheo ea Bibele sekolong, kapa ho fana ka bopaki masimong a thata—e se eka kamehla re ka tšepa Jehova. Ho boloka botsoalle bo haufi le Jehova joaloka “ea utloang merapelo” ho tla re tiisetsa polokeho. (Pesaleme ea 65:2) Ka baka leo, a re ikemisetseng ho lula har’a ba bolelang mantsoe a Esaia 25:9: “Bonang, ke oona Molimo oa rōna, oo re o tšepileng hoba o tla re boloka; ke eena Jehova eo re mo tšepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ea hae.”
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ke joang Jah Jehova e leng matla a rōna?
◻ “Motse oa lichaba tse matla” ke eng?
◻ ‘Motse oa lichaba tse matla’ o qobelletsoe joang ho tlotlisa Jehova, le ho mo tšaba?
◻ Ke eng se bontšang hore ha ho pina ea thabo ho “Babylona e Moholo”?
◻ Ke ‘liketso life tse mohlolo’ tseo Jehova a sa ntsaneng a tla li etsetsa batho ba hae?