Ho Thabela ba Tsamaeang Leseling
“Tloong re tsamaeeng leseling la Jehova.”—ESAIA 2:5.
1, 2. (a) Leseli ke la bohlokoa hakae? (b) Ke hobane’ng ha temoso ea hore lefifi le ka koahela lefatše e le e tebileng hakaale?
JEHOVA ke Mohloli oa leseli. Bibele e mo bitsa “Ea Fanang ka letsatsi bakeng sa leseli motšehare, litaelo tse hlomamisitsoeng tsa khoeli le linaleli bakeng sa leseli bosiu.” (Jeremia 31:35; Pesaleme ea 8:3) Ke eena Ea bōpileng letsatsi la rōna leo e leng sebōpi se seholohali se ntšetsang matla a mangata haholo sepakapakeng, a mang a ’ona a theoha e le khanya le mocheso. Karolo e nyenyane haholo ea matla ao, e fihlang ho rōna e le khanya ea letsatsi, e etsa hore ho be le bophelo lefatšeng lena. Kantle ho khanya ea letsatsi, re ka be re sa phele. Lefatše e ne e tla ba polanete e se nang bophelo.
2 Re hopotse mantsoe ao, re ka utloisisa botebo ba boemo bo hlalosoang ke moprofeta Esaia. O itse: “Bona! lefifi le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba.” (Esaia 60:2) Ke ’nete hore lefifi le boletsoeng mona hase la sebele. Esaia o ne a sa bolele hore ka letsatsi le leng letsatsi, khoeli le linaleli li ne li sa tl’o hlola li khanya. (Pesaleme ea 89:36, 37; 136:7-9) Ho e-na le hoo, o ne a bua ka lefifi la moea. Empa lefifi la moea lea bolaea. Ha e le hantle, re ke ke ra phela ntle ho leseli la moea joalokaha re ke ke ra phela ntle ho leseli la sebele.—Luka 1:79.
3. Ha ho nahanoa ka mantsoe a Esaia, Bakreste ba lokela ho etsa’ng?
3 Ka lebaka lena, ke ntho ea bohlokoa ho hlokomela hore le hoja mantsoe a Esaia a ile a phethahala ho Juda ea boholo-holo, a phethahala haholoanyane mehleng ena. E, mehleng ea rōna lefatše le koahetsoe ke lefifi la moea. Boemong bo kotsi tjena, leseli la moea ke la bohlokoa ka ho fetisisa. Ke ka lebaka leo Bakreste ba lokelang ho ela hloko khothatso ea Jesu, e reng: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho.” (Matheu 5:16) Bakreste ba tšepahalang ba ka khantša lefifi hore ba bonolo ba bone, kahoo ba ba neha monyetla oa ho fumana bophelo.—Johanne 8:12.
Linako Tsa Lefifi Iseraeleng
4. Mantsoe a boprofeta a Esaia a ile a phethahala neng ka lekhetlo la pele, empa ke boemo bofe bo neng bo se bo ntse bo le teng mehleng ea hae?
4 Mantsoe a Esaia a buang ka lefifi le koahetseng lefatše a phethahetse ka lekhetlo la pele ha Juda e ne e le lesupi le batho ba eona ba ne ba le kholehong Babylona. Leha ho le joalo, le pele ho moo, mehleng ea Esaia, boholo ba sechaba bo ne bo se bo ntse bo koahetsoe ke lefifi la moea, e leng ’nete e ileng ea mo susumelletsa hore a phehelle batho ba naha ea habo, a re: “Lōna ba ntlo ea Jakobo, tloong re tsamaeeng leseling la Jehova”!—Esaia 2:5; 5:20.
5, 6. Ke mabaka afe a ileng a khothalletsa lefifi mehleng ea Esaia?
5 Esaia e ne e le moprofeta Juda “matsatsing a Uzia, Jothame, Akaze le Ezekiase, marena a Juda.” (Esaia 1:1) E ne e le nako ea pherekano eo ho eona ho neng ho e-na le merusu ea lipolotiki, boikaketsi ba bolumeli, bobolu tsamaisong ea toka le khatello ea bafutsana. Esita le nakong ea puso ea marena a tšepahalang, a kang Jothame, litlhōrōng tsa maralla a mangata ho ne ho bonahala lialetare tsa melimo ea bohata. Boemo bo ne bo le bobe haholo tlas’a marena a sa tšepahaleng. Ka mohlala, Morena Akaze ea khopo o ile a etsa lintho tse feteletseng hoo a bileng a etsetsa molimo Moloke mahlabelo a neano ka bana ba hae. Ka sebele ho ne ho le lefifi!—2 Marena 15:32-34; 16:2-4.
6 Lichaba tse ling le tsona li ne li le lefifing. Moabe, Edomo le Filistia li ne li eme meeling ea Juda li e sokela. Le hoja ’muso o ka leboea oa Iseraele e ne e le ngoan’a thari le oa Juda, o ne o boletse phatlalatsa hore ke sera sa oona. Ho elella ka leboea, Syria e ne e sokela khotso ea Juda. Assyria eo kamehla e neng e ntse e batla menyetla ea ho atolosa ’muso oa eona, ke eona e neng e bile e le kotsi haholoanyane. Nakong ea ha Esaia a ntse a profeta, Assyria e ile ea hapa sechaba sa Iseraele ’me ea batla e timetsa Juda. Ka nako e ’ngoe Assyria e ile ea hapa metse eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane, ha sala Jerusalema feela.—Esaia 1:7, 8; 36:1.
7. Baiseraele le Bajuda ba ile ba khetha tsela efe, ’me Jehova o ile a arabela joang?
7 Batho ba selekane ba Molimo ba ile ba oeloa ke litlokotsi tse joalo hobane Baiseraele le Bajuda ba ne ba sa tšepahale ho eena. Joaloka ba boletsoeng bukeng ea Liproverbia, ba ile ba ‘furalla litsela tse lokileng hore ba tsamaee litseleng tsa lefifi.’ (Liproverbia 2:13) Empa, le hoja Jehova a ne a halefetse batho ba hae, ha aa ka a ba lahla ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, o ile a hlahisa Esaia le baprofeta ba bang hore ba fane ka leseli la moea bakeng sa bohle ba neng ba ntse ba batla ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Leseli le ileng la fanoa ka baprofeta bana ka sebele e ne e le la bohlokoa. Le ne le phelisa.
Linako Tsa Lefifi Mehleng Ena
8, 9. Ke mabaka afe a khothalletsang hore lefatše le be lefifing mehleng ee?
8 Boemo ba mehleng ea Esaia bo ne bo tšoana hantle le maemo a mehleng ena. Nakong ena ea rōna, baeta-pele ba batho ba furaletse Jehova le Jesu Kreste, Morena eo a mo behileng teroneng. (Pesaleme ea 2:2, 3) Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba thetsitse mehlape ea bona. Baeta-pele bao ba bolela hore ba sebeletsa Molimo, empa ’nete e le hore boholo ba bona bo buella melimo ea lefatše lena—e leng bochaba, sesole, maruo le batho ba hlahelletseng—ha re sa bale ho rutoa ha lithuto tsa bohetene.
9 Libakeng tse sa tšoaneng, malumeli a Bokreste-’mōtoana a ’nile a ameha lintoeng le likhohlanong tsa lehae tse reretsoeng ho hloekisa merabe le linthong tse ling tse tšabehang. Ho feta moo, ho e-na le hore likereke li emele boitšoaro bo thehiloeng Bibeleng, tse ngata li hlokomoloha mekhoa ea boitšoaro bo bobe e kang bohlola le bosodoma kapa lia e tšehetsa. Ka lebaka la ho hana melao ea Bibele ka tsela e joalo, mehlape ea Bokreste-’mōtoana e tšoana le batho bao mopesaleme oa boholo-holo a ileng a bua ka bona, a re: “Ha baa tseba, ’me ha ba utloisise; ba ntse ba tsamaea lefifing.” (Pesaleme ea 82:5) Ke ’nete hore Bokreste-’mōtoana, joaloka Juda ea boholo-holo, bo lefifing le letšo.—Tšenolo 8:12.
10. Mehleng ee leseli le khanya joang lefifing, ’me ba bonolo ba rua molemo joang?
10 Har’a lefifi le joalo, Jehova o etsa hore leseli le khanye molemong oa ba bonolo. E le hore a finyelle sena, o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” e leng bahlanka ba tlotsitsoeng ba hae ba lefatšeng, ’me ba ‘khanya [joaloka] maseli lefatšeng.’ (Matheu 24:45; Bafilipi 2:15) Sehlopha seo sa lekhoba, se tšehelitsoeng ke metsoalle e limilione ea “linku tse ling,” se khantša leseli la moea le thehiloeng Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. (Johanne 10:16) Lefatšeng lena le lefifing, leseli le joalo le fa ba bonolo tšepo, le ba thusa ho ba le kamano le Molimo, ’me le ba thusa ho qoba maraba a moea. Ke la bohlokoa, ’me lea phelisa.
“Ke Roka Lebitso la Hao”
11. Jehova o ile a etsa hore ho fumanehe boitsebiso bofe mehleng ea Esaia?
11 Mehleng ea lefifi eo Esaia a neng a phela ho eona le mehleng ea lefifi le leholoanyane ka mor’a moo ha Bababylona ba isa sechaba sa Jehova kholehong, Jehova o ile a fana ka tataiso ea mofuta ofe? Ntle ho ho fana ka tataiso ea boitšoaro, o ile a bolela ka ho hlaka esale pele hore na o ne a tla phethahatsa merero ea hae mabapi le batho ba hae joang. Ka mohlala, a re hlahlobeng boprofeta bo hlollang bo bukeng ea Esaia khaolo ea 25 ho ea ho ea 27. Mantsoe a likhaolong tsena a bontša kamoo Jehova a ileng a sebetsana le boemo kateng mehleng eo le kamoo a sebetsanang le bona kateng mehleng ena.
12. Ke polelo efe e mofuthu e boleloang ke Esaia?
12 Esaia o qala ka ho re: “Jehova, u Molimo oa ka. Kea u phahamisa, ke roka lebitso la hao.” Eo ke polelo e mofuthu hakaakang ea thoriso! Empa ke eng se ileng sa susumelletsa moprofeta eo ho etsa thapelo e joalo? Lebaka la sehlooho le senoloa karolong e qetellang ea temana ena, moo teng re balang: “Etsoe [Jehova] u entse lintho tse hlollang, merero ho tloha linakong tsa pele, ka botšepehi, ka ho ba ea ka tšeptjoang.”—Esaia 25:1.
13. (a) Ke tsebo efe e ileng ea matlafatsa kananelo ea Esaia bakeng sa Jehova? (b) Re ka ithuta joang mohlaleng oa Esaia?
13 Mehleng ea Esaia, Jehova o ne a etselitse Baiseraele lintho tse hlollang tse ngata, ’me li ne li tlalehiloe ka ho ngoloa. Ho hlakile hore Esaia o ne a tseba lingoliloeng tsena. Ka mohlala, o ne a tseba hore Jehova o ntšitse batho ba hae bokhobeng Egepeta le hore o ile a ba pholosa khalefong ea lebotho la Faro Leoatleng le Lefubelu. O ne a tseba hore Jehova o tsamaisitse batho ba hae lefeelleng ’me a ba kenya Naheng e Tšepisitsoeng. (Pesaleme ea 136:1, 10-26) Litlaleho tsa histori tse kang tseo li bontšitse hore Jehova Molimo oa tšepahala le hore a ka tšeptjoa. “Merero” ea hae—e leng lintho tsohle tseo a li rerileng—ea phethahala. Tsebo e nepahetseng eo Molimo a faneng ka eona e ile ea matlafatsa Esaia hore a ’ne a tsamaee leseling. Kahoo, e ne e le mohlala o motle bakeng sa rōna. Haeba re le hlokolosi ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ’me re le sebelisa bophelong ba rōna, le rōna re tla lula leseling.—Pesaleme ea 119:105; 2 Bakorinthe 4:6.
Motse oa Senngoa
14. Ho profetoa eng ka motse, ’me e ka ’na eaba e ne e le motse ofe?
14 Mohlala oa morero oa Molimo o fumanoa ho Esaia 25:2, moo teng re balang: “U entse motse qubu ea majoe, ua etsa motse o etselitsoeng qhobosheane lithako tse helehang, ua etsa hore tora ea bolulo ea basele e se ke ea e-ba motse, o ke keng oa tsosolosoa esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Motse oo ke ofe? E ka ’na eaba Esaia o ne a profeta ka Babylona. Ka sebele, nako e ile ea fihla ea hore Babylona e fetohe qubu ea majoe.
15. “Motse o moholo” oa mehleng ee ke ofe, ’me ho tla etsahala’ng ka oona?
15 Na mehleng ea kajeno ho na le motse o tšoanang le oo Esaia a buileng ka oona? E, o teng. Buka ea Tšenolo e bua ka “motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” (Tšenolo 17:18) Motse oo o moholo ke “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5) Mehleng ena, karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo ke Bokreste-’mōtoana, boo baruti ba bona ba eteletseng pele ho hanyetseng mosebetsi oa batho ba Jehova oa boboleli ba ’Muso. (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, joaloka Babylona ea boholo-holo, Babylona e Moholo e tla tloha e timetsoa, ’me e se hlole e e-ba teng.
16, 17. Lira tsa Jehova li mo tlotlisitse joang linakong tsa boholo-holo le hona joale?
16 Ke eng hape eo Esaia a e profetang ka “motse o etselitsoeng qhobosheane”? Ha Esaia a bua le Jehova, o re: “Bao e leng sechaba se matla ba tla u tlotlisa; motse oa lichaba tse hatellang, o tla u tšaba.” (Esaia 25:3) Ke joang motse oo o tletseng bora, “motse oa lichaba tse hatellang,” o tlang ho tlotlisa Jehova? Hopola se ileng sa etsahalla Nebukadnezare, morena ea matla ka ho fetisisa oa Babylona. Ka mor’a phihlelo e bohloko e bontšang bofokoli ba hae, o ile a qobelloa ho lumela hore Jehova o moholo le hore O matla ’ohle. (Daniele 4:34, 35) Ha Jehova a sebelisa matla a hae, esita le tsona lira tsa hae li qobelloa ho ela hloko mesebetsi ea hae e matla, le haeba e le ka lekhonono.
17 Na Babylona e Moholo e kile ea qobelloa ho ela hloko mesebetsi ea Jehova e matla? Hantle haholo. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova ba ne ba bolela har’a matšoenyeho. Ka 1918 ba ile ba kena kholehong ea moea ha bahlanka ba etellang pele ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ne ba kentsoe chankaneng. Mosebetsi o hlophisitsoeng oa ho bolela o ile oa batla o emisa. Joale, ka 1919, Jehova o ile a ba tsosolosa ’me a ba matlafatsa hape ka moea oa hae, ’me ba ile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mareka 13:10) Sena sohle, hammoho le phello ea sona ho bahanyetsi ba bona, se ile sa profetoa bukeng ea Tšenolo. Bana ba ile “ba tšoha ’me ba tlotlisa Molimo oa leholimo.” (Tšenolo 11:3, 7, 11-13) Hase hore ba ne ba sokolohile kaofela, empa ba ile ba qobelloa ho hlokomela mosebetsi oa Jehova o matla ketsahalong ena, feela joalokaha Esaia a ne a boletse esale pele.
“Qhobosheane ho ea Tlaase”
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha bahanyetsi ba hlōtsoe ho senya botšepehi ba batho ba Jehova? (b) ‘Pina ea thoriso ea bahatelli’ e tla hatelloa joang?
18 Esaia joale o lebisa tlhokomelo tseleng e mosa eo ka eona Jehova a sebelisanang le ba tsamaeang leseling, o re ho Jehova: “U fetohile qhobosheane ho ea tlaase, qhobosheane ho mofutsana mahlomoleng a hae, setšabelo puleng e nang ka sefefo, moriti ha ho chesa, ha pululo ea bahatelli e tšoana le pula e nang ka sefefo lerakong. Joaloka mocheso naheng e se nang metsi, u kokobetsa lerata la basele, mocheso ka moriti oa leru. Pina ea thoriso ea bahatelli ea hatelloa.”—Esaia 25:4, 5.
19 Ho tloha ka 1919, bahatelli ba lekile ka hohle ho senya botšepehi ba barapeli ba ’nete, empa ba hlōlehile. Hobane’ng? Hobane Jehova ke qhobosheane le setšabelo sa batho ba hae. O hlahisa moriti o pholileng mochesong o bataolang oa mahloriso le ho ema joaloka lebota le tiileng khahlanong le pula e nang ka sefefo ea khanyetso. Rōna ba tsamaeang leseling la Molimo re lebeletse ka kholiseho nako ea ha ‘ho tla hatelloa pina ea thoriso ea bahatelli.’ E, re letetse ka tabatabelo letsatsi leo ka lona lira tsa Jehova li tlang ho felisoa.
20, 21. Jehova o etsa mokete ofe, ’me mokete oo o tla akarelletsa eng lefatšeng le lecha?
20 Jehova ha a sireletse bahlanka ba hae feela. O ba hlokomela joaloka Ntate oa bona ea lerato. Ka mor’a ho lokolla batho ba hae Babylona e Moholo ka 1919, o ile a ba etsetsa mokete oa tlhōlo, mokete oa semetletsa oa lijo tsa moea. Sena se ile sa boleloa esale pele ho Esaia 25:6, moo teng re balang: “Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle, thabeng ena, mokete oa lijo tse nang le oli e ngata, mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko, oa veine e nang le litšifa, e tlhotliloeng.” Ke tlhohonolofatso e kaakang hore ebe re kopanela moketeng oo! (Matheu 4:4) Ha ho pelaelo hore “tafoleng ea Jehova” ho tekiloe lijo tse monate. (1 Bakorinthe 10:21) Ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” re fuoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e hlokang moeeng.
21 Mokete ona oa moea oo Molimo a o lokiselitseng o na le ho hongata. Mokete oa moea oo re o thabelang hona joale o re hopotsa ka lijo tse ngata tsa sebele tse tla ba teng lefatšeng la Molimo le lecha le tšepisitsoeng. Joale, “mokete oa lijo tse nang le oli e ngata” o tla akarelletsa lijo tsa sebele tse ngata. Ha ho motho eo ho tla hlokahala hore a lape nameng kapa moeeng. Batho ba tšepahalang ba hlokofatsoang ke “likhaello tsa lijo” tse boletsoeng esale pele, tseo e leng karolo ea “pontšo” ea boteng ba Jesu, ba tla lopoloha hakaakang! (Matheu 24:3, 7) Ho bona, mantsoe a mopesaleme ke matšeliso a sebele. O itse: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
22, 23. (a) Ho tla tlosoa “moloho” ofe, kapa “sekoahelo” sefe, hona li tla tlosoa joang? (b) ‘Nyeliso ea batho ba Jehova’ e tla tlosoa joang?
22 Joale mamela tšepiso e bileng e hlollang haholoanyane. Esaia o bapisa sebe le lefu le “moloho,” kapa “sekoahelo,” o re: “Ka sebele thabeng ena [Jehova] o tla metsa sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle, le moloho o loheletsoeng hammoho holim’a lichaba tsohle.” (Esaia 25:7) Ak’u nahane ka sena! Sebe le lefu tse ’nileng tsa hatella moloko oa batho joaloka kobo e bipetsang, ha li sa tla hlola li e-ba teng. Re labalabela hakaakang letsatsi leo ka lona melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu e tlang ho sebelisoa ka ho feletseng molemong oa moloko oa batho o mamelang le o tšepahalang!—Tšenolo 21:3, 4.
23 Ha a bua ka nako eo e babatsehang, moprofeta ea bululetsoeng oa re tiisetsa: “[Molimo] o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle. O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle, etsoe Jehova o boletse hoo.” (Esaia 25:8) Ha ho motho ea tla shoa lefu la tlhaho kapa a llisoe ke ho shoeloa ke moratuoa oa hae. E tla ba phetoho e thabisang hakaakang! Ho feta moo, ha ho kae kapa kae lefatšeng moo ho tla utloahala nyeliso le leshano tseo Molimo le bahlanka ba hae ba ’nileng ba li mamella ka nako e telele hakana. Hobane’ng? Hobane Jehova o tla tlosa mohloli oa tsona—e leng ntate oa leshano, Satane Diabolose, hammoho le peō eohle ea Satane.—Johanne 8:44.
24. Ba tsamaeang leseling ba arabela joang mesebetsing ea Jehova e matla molemong oa bona?
24 Ha ba nahana ka pontšo e joalo ea matla a Jehova, ba tsamaeang leseling ba susumelletseha hore ba hooe ka thabo ba re: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna. Re mo tšepile, ’me o tla re pholosa. Enoa ke Jehova. Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.” (Esaia 25:9) Haufinyane, moloko oa batho o lokileng o tla ba le mabaka a feletseng a ho thaba. Lefifi le tla felisoa ka ho feletseng, ’me ba tšepahalang ba tla apareloa ke leseli la Jehova ka ho sa feleng. Na ho na le tšepo e babatsehang ho feta ee? Ka sebele ha e eo!
Na U ka Hlalosa?
•Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tsamaea leseling mehleng ee?
•Ke hobane’ng ha Esaia a ile a roka lebitso la Jehova?
•Ke hobane’ng ha ho se mohla lira li tla senya botšepehi ba batho ba Molimo?
•Ke litlhohonolofatso life tse enneng tse letetseng ba tsamaeang leseling?
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Baahi ba Juda ba ne ba etsetsa Moloke mahlabelo ka bana
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho tseba liketso tse matla tsa Jehova ho ile ha susumetsa Esaia hore a roke lebitso la Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ba lokileng ba tla apareloa ke leseli la Jehova ka ho sa feleng