Poloko ea ba Khethang Leseli
“Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang?”—PESALEME EA 27:1.
1. Jehova o etsa litokisetso life tse phelisang?
JEHOVA ke Mohloli oa khanya ea letsatsi e etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng. (Genese 1:2, 14) E boetse ke ’Mōpi oa leseli la moea, le lelekang lefifi le bolaeang la lefatše la Satane. (Esaia 60:2; 2 Bakorinthe 4:6; Baefese 5:8-11; 6:12) Ba khethang leseli ba ka etsisa mopesaleme, ba re: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang?” (Pesaleme ea 27:1a) Leha ho le joalo, joalokaha ho ile ha etsahala mehleng ea Jesu, ba khethang lefifi ba ka lebella kahlolo e sa rateheng.—Johanne 1:9-11; 3:19-21, 36.
2. Mehleng ea boholo-holo ho ile ha etsahala’ng ka ba ileng ba hana leseli la Jehova le ba ileng ba mamela lentsoe la hae?
2 Mehleng ea Esaia, boholo ba batho ba selekane ba Jehova ba ne ba hana leseli. Ka lebaka leo, Esaia o ile a bona ha ho timetsoa sechaba sa Iseraele sa ’muso o ka leboea. Ka 607 B.C.E., ho ile ha timetsoa Jerusalema le tempele ea eona ’me baahi ba Juda ba isoa kholehong. Leha ho le joalo, ba ileng ba mamela lentsoe la Jehova ba ile ba matlafatsoa hore ba hane bokoenehi ba mehleng eo. Mabapi le 607 B.C.E., Jehova o ile a tšepisa hore ba mo mamelang ba ne ba tla pholoha. (Jeremia 21:8, 9) Kajeno, rōna ba ratang leseli re ka ithuta ho hongata ka se etsahetseng nakong eo.—Baefese 5:5.
Thabo ea ba Leseling
3. Kajeno, re ka kholiseha ka eng, “sechaba se lokileng” seo re se ratang ke sefe, ’me “motse o matla” oo “sechaba” seo se nang le oona ke ofe?
3 “Re na le motse o matla. [Molimo] o beha poloko bakeng sa marako le ’mōtōmōtō. Bulang liheke, hore sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang se kene.” (Esaia 26:1, 2) Mantsoe ana ke a thabo a batho ba neng ba tšepile Jehova. Bajuda ba tšepahalang ba mehleng ea Esaia ba ne ba sa kōpe thuso ho melimo ea bohata ea batho ba naha ea habo bona, ba ne ba e kōpa ho Jehova e le eena Mohloli o le mong feela oa tšireletseho. Kajeno, re kholisehile ka tsela e tšoanang. Ho feta moo, re rata “sechaba se lokileng” sa Jehova—e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Matheu 21:43) Jehova le eena o rata sechaba sena ka lebaka la boitšoaro bo tšepahalang ba sona. Ka tlhohonolofatso ea hae, Iseraele ea Molimo e na le “motse o matla,” mokhatlo o hlophisitsoeng o kang motse o e tšehetsang le ho e sireletsa.
4. Ho hotle hore re hlaolele boikutlo bofe ba kelello?
4 Ba ka hare ho “motse” ona ba hlokomela hore “tšekamelo e tšehelitsoeng hantle [Jehova o] tla e sireletsa ka khotso e sa khaotseng, kahobane motho o etsoa hore a . . . tšepe [Jehova].” Jehova o tšehetsa bao likelello tsa bona li sekametseng ho mo tšepeng le ba lumellanang le melao-motheo ea hae e lokileng. Kahoo, ba tšepahalang ba neng ba le Juda ba ile ba ela hloko khothatso ea Esaia e reng: “Tšepang Jehova ka ho sa feleng, etsoe Jah Jehova ke Lefika ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Esaia 26:3, 4; Pesaleme ea 9:10; 37:3; Liproverbia 3:5) Ba nang le boikutlo boo ba kelello, ba tšepa “Jah Jehova” joalokaha e le eena Lefika le le leng feela le sireletsehileng. Ba thabela “khotso e sa khaotseng” le eena.—Bafilipi 1:2; 4:6, 7.
Lira Tsa Molimo Lia Kokobetsoa
5, 6. (a) Babylona ea boholo-holo e ile ea tlotlolloa joang? (b) “Babylona e Moholo” e ile ea tlotlolloa ka tsela efe?
5 Ho etsahala’ng haeba ba tšepang Jehova ba oeloa ke matšoenyeho? Ha ho hlokahale hore ba tšabe. Jehova o lumella lintho tse joalo ka nakoana, empa qetellong o tlisa topollo, ’me a ahlole ba bakang matšoenyeho. (2 Bathesalonika 1:4-7; 2 Timothea 1:8-10) Nahana ka taba ea ‘motse o mong o phahameng.’ Esaia o re: “[Jehova] o rapalalitse ba ahileng phahameng, motseng o phahameng. Oa o kokobetsa, o o kokobeletsa fatše; o o tlisa lerōleng. Leoto le tla o hatakela, maoto a ea hlorileng, mehato ea ba tlaase.” (Esaia 26:5, 6) Motse o phahameng o boleloang mona e ka ’na eaba ke Babylona. Ka sebele motse oo o ile oa hlorisa batho ba Molimo. Empa ho ile ha etsahala’ng ka Babylona? Ka 539 B.C.E., e ile ea oela ho Bamede le Bapersia. E ile ea kokobetsoa hakaakang!
6 Mehleng ea rōna mantsoe a boprofeta a Esaia a hlalosa se ileng sa etsahalla “Babylona e Moholo” ho tloha ka 1919. Motse oo o phahameng o ile oa oa ka tsela e tlotlollang selemong seo ha o ne o qobelloa ho lokolla batho ba Jehova botlamuoeng ba moea. (Tšenolo 14:8) Se ileng sa etsahala ka mor’a moo e ile ea e-ba se tlotlollang le ho feta. Sehlotšoana seo sa Bakreste se ile sa “hatakela” moholehi oa sona oa khale. Ka 1922 se ile sa qala ho phatlalatsa bofelo bo tlang ba Bokreste-’mōtoana, sa tsebahatsa melaetsa ea literompeta ea mangeloi a mane e ho Tšenolo 8:7-12 le bomalimabe bo hararo bo boletsoeng esale pele ho Tšenolo 9:1–11:15.
“Tsela ea ea Lokileng ke ho Loka”
7. Ba retelehelang leseling la Jehova ba fumana tataiso efe, tšepo ea bona e ho mang, ’me ke eng eo ba e nkang e le ea bohlokoa?
7 Jehova o boloka ba retelehelang leseling la hae, ’me o ba tsamaisa tseleng ea bona, joalokaha sena se bontšoa ke mantsoe a latelang a Esaia: “Tsela ea ea lokileng ke ho loka. Kaha u lokile, u tla batalatsa tsela ea ea lokileng. E, ka lebaka la tsela ea likahlolo tsa hao, Jehova, re u tšepile. Takatso ea moea e bile bakeng sa lebitso la hao le bakeng sa sehopotso sa hao.” (Esaia 26:7, 8) Jehova ke Molimo ea lokileng, ’me ba mo rapelang ba lokela ho boloka litekanyetso tsa hae tse lokileng. Ha ba etsa joalo, Jehova oa ba tataisa, o batalatsa tsela ea bona. Ka ho ela hloko tataiso ea hae, bana ba bonolo ba bontša hore ba tšepile Jehova le hore ka pelo eohle ba nka lebitso la hae e le la bohlokoa—e le “sehopotso” sa hae.—Exoda 3:15.
8. Esaia o ile a bontša boikutlo bofe bo behang mohlala?
8 Esaia o ne a nka lebitso la Jehova e le la bohlokoa. Sena se totobala mantsoeng a hae a latelang: “Ke u lakalitse ka moea oa ka bosiu; e, ka moea oa ka ke ntse ke u batla; hobane, ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho uena bakeng sa lefatše, ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Esaia o ile a batla Jehova ka ‘moea oa hae’—ka botho ba hae bohle. Bona ka kelello ha moprofeta enoa a sebelisa linako tse khutsitseng tsa bosiu ho rapela Jehova, a hlalosa maikutlo a hae a tebileng ka ho fetisisa ’me ka cheseho a batla tataiso ea Jehova. Ke mohlala o motle hakaakang! Ho feta moo, Esaia o ile a ithuta ho loka likahlolong tse etsoang ke Jehova. Ho sena, o re hopotsa hore ho hlokahala hore re lule re falimehile, re le seli ho lemoha thato ea Jehova.
Ba Bang ba Khetha Lefifi
9, 10. Jehova o ile a etsetsa sechaba sa hae se sa tšepahaleng liketso life tsa mosa, empa se ile sa arabela joang?
9 Jehova o ile a bontša mosa o lerato haholo ho Juda, empa ka masoabi hase bohle ba ileng ba o amohela. Hangata, boholo bo ne bo khetha bofetoheli le bokoenehi ho e-na le leseli la ’nete ea Jehova. Esaia o itse: “Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka. O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.”—Esaia 26:10.
10 Mehleng ea Esaia ha letsoho la Jehova le ne le sirelelitse Juda ho lira tsa eona, bongata bo ile ba iphapanyetsa sena. Ha a ba hlohonolofatsa ka khotso, sechaba se ne se sa bontše teboho. Kahoo, Jehova o ile a ba tlohela hore ba sebeletse “benghali ba bang,” qetellong a tlohella Bajuda hore ba isoe kholehong Babylona ka 607 B.C.E. (Esaia 26:11-13) Leha ho le joalo, qetellong masala a sechaba a ile a khutlela naheng ea habo ’ona, a hloekisitsoe.
11, 12. (a) Baholehi ba Juda ba ne ba e-na le bokamoso bofe? (b) Ka 1919 moholehi oa khale oa bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng o ne a e-na le bokamoso bofe?
11 Ho thoe’ng ka baholehi ba Juda? Esaia o araba ka ho profeta, o re: “Ba shoele; ba ke ke ba phela. Ha ba na matla lefung, ba ke ke ba ema. Ka hona u etse hloko e le hore u ka ba felisa le ho timetsa ho boleloa hohle ha bona.” (Esaia 26:14) E, Babylona ha ea ka ea hlola e e-ba le bokamoso ka mor’a hore e oe ka 539 B.C.E. Ka mor’a nako, motse ona o ne o ke ke oa hlola o e-ba teng. O ne o sa ‘tl’o ba le matla lefung,’ ’me ’muso oa oona o moholo o ne o tla felisoa. Ke temoso e kaakang ho ba tšepileng batho ba matla ba lefatše lee!
12 Likarolo tsa boprofeta bona li phethahetse ha Molimo a tlohella bahlanka ba tlotsitsoeng ba hae hore ba ee kholehong ea moea ka 1918 ’me ka mor’a moo a ba lokolla ka 1919. Ho tloha ka nako eo, bokamoso ba moholehi oa bona oa khale, eo ka sehloohong e neng e le Bokreste-’mōtoana, bo ne bo sa tšepise. Empa litlhohonolofatso tse letetseng batho ba Jehova li ne li le ngata haholo.
“U Ekelitse Sechaba”
13, 14. Bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova ba thabetse litlhohonolofatso life tse ngata haholo ho tloha ka 1919?
13 Molimo o ile a hlohonolofatsa moea oa pako oa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ka 1919 eaba oa ba eketsa. Ntho ea pele, thahasello e ile ea lebisoa ho bokelleng litho tsa ho qetela tsa Iseraele ea Molimo, ’me ka mor’a moo “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ile ba qala ho bokelloa. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Litlhohonolofatso tsena li ile tsa boleloa esale pele boprofeteng ba Esaia, ha ho thoe: “U ekelitse sechaba; Jehova, u ekelitse sechaba; u itlotlisitse. U atoloselitse meeli eohle ea naha hōle. Jehova, ba lebisitse tlhokomelo ea bona ho uena nakong ea mahlomola; ba hoeshelitse thapelo ha ba lauoa ke uena.”—Esaia 26:15, 16.
14 Kajeno, meeli ea Iseraele ea Molimo e atoloselitsoe hohle lefatšeng, ’me bongata bo boholo boo e ekelitsoeng ka bona hona joale bo balloa ho limilione tse tšeletseng tsa ba kopanelang ka cheseho mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 24:14) Ke tlhohonolofatso e kaakang e tsoang ho Jehova! See se tlisetsa lebitso la hae thoriso e kaakang! Kajeno lebitso leo le utloahala linaheng tse fetang 235—e leng phethahatso e hlollang ea tšepiso ea hae.
15. Ke tsoho efe ea tšoantšetso e ileng ea etsahala ka 1919?
15 Bajuda ba ne ba hloka thuso ea Jehova hore ba tsoe kholehong Babylona. Ba ne ba ke ke ba intša teng. (Esaia 26:17, 18) Ka ho tšoanang, ho lokolloa ha Iseraele ea Molimo ka 1919 e ne e le bopaki ba tšehetso ea Jehova. Ho ne ho ke ke ha etsahala ntle ho eena. Phetoho ea boemo ba bona e ne e le e tsotehang hoo Esaia a e tšoantšitseng le tsoho, a re: “Bafu ba hao ba tla phela. Litopo tsa rōna—li tla tsoha. Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng! Kaha phoka ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse, ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.” (Esaia 26:19; Tšenolo 11:7-11) E, ba se nang matla lefung, ho ka boleloa hore ba tla tsoaloa hape ho tla kena temeng bocha!
Tšireletso Linakong Tse Kotsi
16, 17. (a) Ka 539 B.C.E., ho ne ho hlokahala hore Bajuda ba etse eng e le hore ba pholohe ha Babylona e oa? (b) Ho bonahala eka ‘likamore tse ka hare’ ke eng kajeno, ’me li re tsoela molemo joang?
16 Kamehla bahlanka ba Jehova ba hloka tšireletso ea hae. Leha ho le joalo, haufinyane o tla otla lefatše la Satane ka lekhetlo la ho qetela, ’me barapeli ba hae ba tla hloka thuso ea hae ho feta neng kapa neng. (1 Johanne 5:19) Mabapi le nako eo e kotsi, Jehova oa re lemosa, o re: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta. Etsoe, bonang! Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena, ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.” (Esaia 26:20, 21; Sofonia 1:14) Temoso ena e ile ea bontša Bajuda tsela ea ho pholoha ha Babylona e e-oa ka 539 B.C.E. Ba neng ba e etse hloko ba ne ba tla be ba lutse ka matlung a bona, ba sireletsehile masoleng a hapang a ka ntle literateng.
17 Kajeno, ho bonahala eka ‘likamore tse ka hare’ tsa boprofeta bona li tšoantšetsa liphutheho tsa batho ba Jehova tse mashome a likete tse lefatšeng lohle. Liphutheho tse joalo ke tšireletso le hona joale, ke libaka tseo Bakreste ba sireletsehang ho tsona har’a barab’abo bona, tlas’a tlhokomelo e lerato ea baholo. (Esaia 32:1, 2; Baheberu 10:24, 25) Sena ke ’nete haholo ka lebaka la hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi, ’me ke nako eo ka eona ho pholoha ho tla itšetleha ka ho mamela.—Sofonia 2:3.
18. Jehova o tla tloha a “bolaea phoofolo ea tonanahali ea leoatle” joang?
18 Mabapi le nako eo, boprofeta ba Esaia bo re: “Letsatsing leo Jehova, ka sabole ea hae e thata le e khōlō le e matla, o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho Leviathane, noha e lelemelang, Leviathane, noha e khopameng, ’me ka sebele o tla bolaea phoofolo ea tonanahali ea leoatle e leoatleng.” (Esaia 27:1) “Leviathane” ea mehleng ee ke eng? Kamoo ho bonahalang kateng ke “noha ea pele,” e leng Satane ka boeena, hammoho le tsamaiso ea hae e khopo ea lintho, eo a e sebelisetsang ho loantša Iseraele ea Molimo. (Tšenolo 12:9, 10, 17; 13:14, 16, 17) Ka 1919, Leviathane e ile ea lesa batho ba Molimo. Ka nako ea teng, e tla timetsoa. (Tšenolo 19:19-21; 20:1-3, 10) Kahoo, Jehova o tla bolaea “phoofolo ea tonanahali ea leoatle.” Ho sa le joalo, ha ho letho leo Leviathane e tla le leka khahlanong le batho ba Jehova le tla atleha ka ho sa feleng. (Esaia 54:17) Ho tšelisa hakaakang ho kholiseha ka seo!
“Serapa sa Morara sa Veine e Phophomang”
19. Boemo ba masala ke bofe kajeno?
19 Ha re nahana ka leseli lena lohle le tsoang ho Jehova, na ha re na mabaka a feletseng a ho nyakalla? Ka sebele re na le ’ona! Esaia o hlalosa ka bokhabane thabo ea batho ba Jehova ha a ngola, a re: “Letsatsing leo mo bineleng: ‘Serapa sa morara sa veine e phophomang! ’Na, Jehova, kea mo sireletsa. Ke tla mo nosetsa kamehla. E le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla lebisa tlhokomelo ea hae khahlanong le eena, ke tla mo sireletsa bosiu le motšehare.’” (Esaia 27:2, 3) Jehova o hlokometse “serapa sa morara” sa hae, e leng masala a Iseraele ea Molimo, le metsoalle ea sona e sebetsang ka thata. (Johanne 15:1-8) Phello ke litholoana tse tlisetsang lebitso la hae khanya le tse tlisetsang bahlanka ba hae ba lefatšeng thabo e khōlō.
20. Jehova o sireletsa phutheho ea Bokreste joang?
20 Re ka thabela hore bohale boo Jehova a neng a halefetse bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ka bona pejana—boo ka lebaka la bona a ileng a ba tlohella hore ba ee kholehong ea moea ka 1918—bo felile. Jehova ka boeena o re: “Ha kea halefa. Ke mang ea tla mpha lihlahla tse meutloa le litlama-tlama ntoeng? Ke tla li hata. Ke tla li chesa ka nako e tšoanang. Ho seng joalo a ke a tšoare qhobosheane ea ka, a ke a etse khotso le ’na; a ke a etse khotso le ’na.” (Esaia 27:4, 5) Ho tiisa hore lifate tsa hae tsa morara li tsoela pele ho hlahisa “veine e phophomang,” Jehova o silakanya le ho senya tšusumetso efe kapa efe e kang lehola e ka li senyang. Kahoo, ho se ke ha e-ba le ea mong ea behang kotsing boiketlo ba phutheho ea Bokreste! Bohle ba ke ba ‘tšoare qhobosheane ea Jehova,’ ba batle mohau oa hae le tšireletso. Ha re etsa joalo, re bōpa khotso le Molimo—e leng ntho ea bohlokoa hoo Esaia a e bolelang habeli.—Pesaleme ea 85:1, 2, 8; Baroma 5:1.
21. Ke ka tsela efe naha e behang e tlatsitsoeng “lihlahisoa”?
21 Litlhohonolofatso li tsoela pele: “Matsatsing a tlang Jakobo e tla mela ka metso, Iseraele e tla hlahisa lithunthung ’me e hlōmele; ’me ba tla tlatsa lihlahisoa holim’a naha e behang.” (Esaia 27:6) Temana ena e phethahetse ho tloha ka 1919, e fana ka bopaki bo babatsehang ba matla a Jehova. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlatsitse lefatše ka “lihlahisoa,” e leng lijo tsa moea tse matlafatsang. Lefatšeng lena le tletseng bobolu, ba thabela ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa Molimo. Jehova o tsoela pele ho ba hlohonolofatsa ka keketseho. Ka lebaka leo, metsoalle ea bona e limilione ea linku tse ling, e “etsetsa [Molimo] tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.” (Tšenolo 7:15) E se eka re ke ke ra hlokomoloha tokelo ea ho ja “lihlahisoa” le ho li abela ba bang!
22. Ba amohelang leseli ba tleloa ke litlhohonolofatso life?
22 Mehleng ena e mahlonoko, ha lefifi le aparetse lefatše le lichaba tsa lefatše li le lefifing la bo-nka-ntjana, na ha re lebohe hore ebe Jehova o chabiselitse batho ba hae leseli la moea? (Esaia 60:2; Baroma 2:19; 13:12) Ho bohle ba le amohelang, leseli le joalo le bolela khotso ea kelello le thabo hona joale esita le bophelo bo sa feleng ka moso. Kahoo, ke ka lebaka le utloahalang ha rōna ba ratang leseli re hlasimoloha lipelong ka thoriso e lebisoang ho Jehova ’me re bina le mopesaleme ha a re: “Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka. Ke tla tšoha mang? Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla. E, u tšepe Jehova.”—Pesaleme ea 27:1b, 14.
Na Ua Hopola?
•Ba hatellang batho ba Jehova ba na le bokamoso bofe?
•Ho profetoa keketseho efe ho Esaia?
•Re lokela ho lula ka ‘likamoreng life tse ka hare,’ hona hobane’ng?
•Ke hobane’ng ha boemo ba batho ba Jehova bo mo tlisetsa thoriso?
[Lebokose le leqepheng la 22]
BUKA E NCHA
Boholo ba taba e tšohliloeng lihloohong tsena tse peli tse ithutoang bo fanoe e le puo lenaneong la kopano ea setereke la 2000/2001. Qetellong ea puo eo, ho ile ha lokolloa buka e ncha e bitsoang Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho Moqolo I. Bukeng ena e maqephe a 416 ho tšohloa temana ka ’ngoe ea likhaolo tsa pele tse 40 tsa buka ea Esaia.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ba lokileng ke bona feela ba lumelloang ka ‘motseng o matla’ oa Jehova kapa mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Esaia o batlile Jehova “bosiu”
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Jehova o sireletsa “serapa sa morara” sa hae ’me o se etsa se behang