Khaolo ea Mashome a Mabeli a Motso o Mong
Letsoho la Jehova Lea Phahama
1. Ke hobane’ng ha Esaia a ananela Jehova?
ESAIA o rata Jehova ka ho tebileng ’me o thabela ho mo rorisa. Oa hooa: “Jehova, u Molimo oa ka. Kea u phahamisa, ke roka lebitso la hao.” Ke’ng se thusang moprofeta enoa hore a be le kananelo e mofuthu joalo bakeng sa ’Mōpi oa hae? Ntlha e ka sehloohong e mo susumetsang ke seo a se tsebang ka Jehova le mesebetsi ea hae. Mantsoe a latelang a Esaia a senola tsebo ena: “Etsoe u entse lintho tse hlollang, merero ho tloha linakong tsa pele, ka botšepehi, ka ho ba ea ka tšeptjoang.” (Esaia 25:1) Joaloka Joshua ea bileng teng pele ho eena, Esaia oa tseba hore Jehova oa tšepahala ’me ke ea ka tšeptjoang le hore “merero” eohle ea hae—lintho tseo a li rerileng—ea phethahala.—Joshua 23:14.
2. Ke morero ofe oa Jehova oo joale Esaia a o phatlalatsang, hona e ka ’na eaba sepheo sa morero oo ke sefe?
2 Merero ea Jehova e akarelletsa liphatlalatso tsa hae tsa kahlolo khahlanong le lira tsa Iseraele. Joale Esaia o phatlalatsa e ’ngoe ea tsona: “U entse motse qubu ea majoe, ua etsa motse o etselitsoeng qhobosheane lithako tse helehang, ua etsa hore tora ea bolulo ea basele e se ke ea e-ba motse, o ke keng oa tsosolosoa esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 25:2) Ke ofe motse oo o sa boleloeng ka lebitso? Mohlomong Esaia o bua ka Are ea Moabe—Moabe e ’nile ea e-ba sera sa batho ba Molimo ka nako e telele.a Kapa mohlomong o bua ka motse o mong, o matlanyana—Babylona.—Esaia 15:1; Sofonia 2:8, 9.
3. Lira tsa Jehova li mo tlotlisa ka tsela efe?
3 Lira tsa Jehova li tla itšoara joang ha morero oa hae khahlanong le motse oa tsona o matla o phethahala? “Bao e leng sechaba se matla ba tla u tlotlisa; motse oa lichaba tse hatellang, o tla u tšaba.” (Esaia 25:3) Ke ho utloahalang hore ebe lira tsa Molimo ea matla ’ohle li tla mo tšaba. Leha ho le joalo, li mo tlotlisa joang? Na li tla furalla melimo ea tsona ea bohata ’me li amohele borapeli bo hloekileng? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, joaloka Faro le Nebukadnezare, li tlotlisa Jehova ha li qobelloa ho ela hloko bophahamo ba hae bo hlollang.—Exoda 10:16, 17; 12:30-33; Daniele 4:37.
4. Ke ‘motse ofe oa lichaba tse hatellang’ o teng kajeno, hona ke joang le oona o tlamehang ho tlotlisa Jehova?
4 Kajeno, “motse oa lichaba tse hatellang” ke “motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše,” e leng “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5, 18) Karolo e ka sehloohong ea ’muso ona ke Bokreste-’mōtoana. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba tlotlisa Jehova joang? Ka ho amohela ka lipelo tse bohloko lintho tse babatsehang tseo a li etselitseng Lipaki tsa hae. Haholo-holo ka 1919 ha Jehova a khutlisetsa bahlanka ba hae tšebetsong e matla ka mor’a hore ba lokolloe botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo, baeta-pele bana ba ile “ba tšoha ’me ba tlotlisa Molimo oa leholimo.”—Tšenolo 11:13.b
5. Jehova o sireletsa ba mo tšepileng ka ho feletseng joang?
5 Le hoja a bonahala a tšabeha ho lira tsa hae, Jehova ke tširelo ho ba bonolo le ba ikokobelitseng ba batlang ho mo sebeletsa. Bahatelli ba bolumeli le ba lipolotiki ba ka ’na ba leka ho etsa sohle se matleng a bona ho senya tumelo ea barapeli ba ’nete, empa baa hlōleha hobane bana ba tšepile Jehova ka ho feletseng. Qetellong, o khutsisa bahanyetsi ba hae habonolo, o etsa seo joalokaha eka o koahela letsatsi le chesang la lehoatateng ka leru kapa o thiba pula e nang ka sefefo ka lerako.—Bala Esaia 25:4, 5.
‘Mokete o Etsetsoang Lichaba Tsohle’
6, 7. (a) Jehova o etsa mokete oa mofuta ofe, hona o o etsetsa bo-mang? (b) Mokete o profetiloeng ke Esaia o tšoantšetsa eng?
6 Joaloka ntate ea lerato, Jehova ha a sireletse bana ba hae feela empa o boetse oa ba fepa, haholo-holo ka tsela ea moea. Ka mor’a hore a lokolle batho ba hae ka 1919, o ile a ba etsetsa mokete oa tlhōlo, oa lijo tse ngata tsa moea: “Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle, thabeng ena, mokete oa lijo tse nang le oli e ngata, mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko, oa veine e nang le litšifa, e tlhotliloeng.”—Esaia 25:6.
7 Mokete o etsetsoa “thabeng” ea Jehova. Thaba ee ke eng? Ke “thaba ea ntlo ea Jehova” eo lichaba tsohle li phallelang ho eona “karolong e qetellang ea matsatsi.” Ke ‘thaba e halalelang’ ea Jehova, eo ho eona barapeli ba hae ba tšepahalang ba sa etseng letho le kotsi leha e le hona ho baka tšenyo. (Esaia 2:2; 11:9) Sebakeng sena se phahameng sa borapeli, Jehova o etsetsa batho ba hae ba tšepahalang mokete oa semetletsa. ’Me matletsetletse a lintho tsa moea a fanoang hona joale a tšoantšetsa lintho tse ntle tsa nama tseo ho tla fanoa ka tsona ha ’Muso oa Molimo e se e le oona feela o busang moloko oa batho. Ka nako eo tlala ha e sa tla hlola e e-ba teng. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:8, 16.
8, 9. (a) Ke lira life tse peli tse khōlō tsa moloko oa batho tse tla felisoa? Hlalosa. (b) Molimo o tla etsa’ng ho tlosa nyeliso ho batho ba hae?
8 Bao hona joale ba kopanelang moketeng oa moea o lokiselitsoeng ke Molimo ba na le tebello e khanyang. Mamela mantsoe a latelang a Esaia. Ha a bapisa sebe le lefu le “moloho o loheletsoeng hammoho,” kapa “sekoahelo” se bipetsang, o re: “Ka sebele thabeng ena [Jehova] o tla metsa sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle, le moloho o loheletsoeng hammoho holim’a lichaba tsohle. O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:7, 8a.
9 E, sebe le lefu ha li sa tla hlola li e-ba teng! (Tšenolo 21:3, 4) Ho feta moo, nyeliso ea bohata eo esale bahlanka ba Jehova ba e mameletse ka lilemo tse likete le eona e tla felisoa. “O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle, etsoe Jehova o boletse hoo.” (Esaia 25:8b) See se tla etsahala joang? Jehova o tla tlosa mohloli oa nyeliso eo, e leng Satane le peō ea hae. (Tšenolo 20:1-3) Hase ho makatsang hore ebe batho ba Molimo ba tla susumelletseha ho hooa: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna. Re mo tšepile, ’me o tla re pholosa. Enoa ke Jehova. Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.”—Esaia 25:9.
Ba Ikhohomosang Baa Kokobetsoa
10, 11. Jehova o bolokela Moabe tšoaro efe e sehlōhō?
10 Jehova o sireletsa batho ba hae ba bonahatsang boikokobetso. Leha ho le joalo, moahisani oa Iseraele, e leng Moabe, oa ikhohomosa, ’me Jehova o hloile boikhohomoso. (Liproverbia 16:18) Ka hona, Moabe e lokela ho kokobetsoa. “Letsoho la Jehova le tla lula thabeng ena, ’me Moabe e tla hatakeloa sebakeng sa eona joalokaha qubu ea joang e hatakeloa sebakeng sa moiteli. O tla otlolla matsoho ka har’a eona joalokaha sesesi se a otlolla hore se sese, ’me o tla kokobetsa boikhohomoso ba eona ka motsamao o qhekellang oa matsoho a hae. Motse o etselitsoeng qhobosheane, le marako a hao a phahameng a tšireletso, o tla o rapalatsa; o tla o kokobetsa, a o kopanye le lefatše, lerōleng.”—Esaia 25:10-12.
11 Letsoho la Jehova le tla “lula” thabeng ea Moabe. Ka phello efe? Moabe e ikhohomosang e lokela ho otloa le ho hatakeloa joalokaha eka e “sebakeng sa moiteli.” Mehleng ea Esaia, joang boa hatakeloa hore e be liqubu tsa moiteli o etsang monontša; kahoo Esaia o bolela esale pele ka ho kokobetsoa ha Moabe, ho sa tsotellehe bophahamo ba eona le marako a eona a bonahalang eka a sireletsehile.
12. Ke hobane’ng ha Moabe e qoolloa phatlalatsong ea kahlolo ea Jehova?
12 Ke hobane’ng ha Jehova a qoolla Moabe bakeng sa morero o sehlōhō joalo? Bamoabe ke litloholo tsa Lota, mochana oa Abrahama eo e neng e bile e le morapeli oa Jehova. Kahoo, hase feela hore ke baahisani ba sechaba sa Molimo sa selekane empa ba boetse ba amana le sona. Ho sa tsotellehe sena, ba amohetse melimo ea bohata ’me ba bonahalitse lehloeo le tebileng ho Baiseraele. Ba tšoaneloa ke qetello e tla ba hlahela. Ho sena, Moabe e tšoana le lira tsa bahlanka ba Jehova kajeno. Ka ho khetheha e tšoana le Bokreste-’mōtoana, bo ipolelang hore bo thehiloe phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo empa boo, joalokaha re bone pejana, e leng karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo.
Pina ea Poloko
13, 14. Batho ba Molimo ba na le ‘motse ofe o matla’ kajeno, hona ke bo-mang ba lumeletsoeng ho kena ho oona?
13 Ho thoe’ng ka batho ba Molimo? Kaha ba thabetse ho fumana kamohelo ea Jehova le tšireletso ea hae, ba phahamisa mantsoe a bona baa bina. “Letsatsing leo ho tla binoa pina ena naheng ea Juda: ‘Re na le motse o matla. O beha poloko bakeng sa marako le ’mōtōmōtō. Bulang liheke, hore sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang se kene.’” (Esaia 26:1, 2) Le hoja ho se pelaelo hore mantsoe ana a ile a phethahala mehleng ea boholo-holo, a boetse a phethahala ka ho hlaka kajeno. “Sechaba se lokileng” sa Jehova, e leng Iseraele ea moea, se hlomeletsoe ka mokhatlo o hlophisitsoeng o matla, o kang motse. Ke lebaka le lekaakang la ho thaba le ho bina!
14 Ke batho ba mofuta ofe ba kenang ‘motseng’ oo? Pina eo e fana ka karabo: “Tšekamelo e tšehelitsoeng hantle u [Molimo] tla e sireletsa ka khotso e sa khaotseng, kahobane motho o etsoa hore a u tšepe. Tšepang Jehova ka ho sa feleng, etsoe Jah Jehova ke Lefika ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Esaia 26:3, 4) “Tšekamelo” eo Jehova a e tšehetsang ke takatso ea ho utloa melao-motheo ea hae e lokileng le ea ho mo tšepa, eseng ea ho tšepa tsamaiso ea lefatše lena e thekeselang ea khoebo, ea lipolotiki le ea bolumeli. “Jah Jehova” ke eena feela eo e leng Lefika la tšireletso le ka tšeptjoang. Ba tšepileng Jehova ka ho feletseng ba fumana tšireletso ea hae ’me ba thabela “khotso e sa khaotseng.”—Liproverbia 3:5, 6; Bafilippi 4:6, 7.
15. ‘Motse o phahameng’ o kokobelitsoe joang kajeno, hona ke ka tsela efe “maoto a ea hlorileng” a o hatakelang?
15 Hoo ho fapane hakaakang le ho etsahallang lira tsa batho ba Molimo! “O rapalalitse ba ahileng phahameng, motseng o phahameng. Oa o kokobetsa, o o kokobeletsa fatše; o o tlisa lerōleng. Leoto le tla o hatakela, maoto a ea hlorileng, mehato ea ba tlaase.” (Esaia 26:5, 6) Mohlomong le mona Esaia o bua ka ‘motse o phahameng’ oa Moabe, kapa mohlomong o bua ka motse o mong, o kang Babylona, eo ka sebele e leng e phahameng ka boikhohomoso ba eona. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Jehova o fetotse boemo ba ‘motse oo o phahameng,’ ’me batho ba hae ‘ba tlaase le ba hlorileng’ baa o hatakela. Kajeno boprofeta bona bo tšoanela Babylona e Moholo hantle, haholo-holo Bokreste-’mōtoana. Ka 1919, ‘motse ona o phahameng’ o ile oa qobelloa hore o lokolle batho ba Jehova—e leng ho oa ho tlotlollang—’me bona, ka lehlakoreng le leng, ba qalile ho hatakela moholehi oa bona oa khale. (Tšenolo 14:8) Joang? Ka ho tsebahatsa phatlalatsa phetetso ea Jehova e o tlelang.—Tšenolo 8:7-12; 9:14-19.
Ho Lakatsa ho Loka le “Sehopotso” sa Jehova
16. Esaia o beha mohlala ofe o motle oa boinehelo?
16 Ka mor’a pina ena ea tlhōlo, Esaia o senola ho teba ha boinehelo ba hae le meputso ea ho sebeletsa Molimo ea lokileng. (Bala Esaia 26:7-9.) Moprofeta o beha mohlala o motle oa ho ‘tšepa Jehova’ le ho rata “lebitso” la Jehova le “sehopotso” sa hae ka ho teba. Sehopotso sa Jehova ke eng? Exoda 3:15 e re: “Jehova . . . ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” Esaia o nka lebitso la Jehova le sohle seo le se emelang e le tsa bohlokoa, ho akarelletsa litekanyetso le litsela tsa Hae tse lokileng. Ba hlaolelang ho rata Jehova ka ho tšoanang ba tiisetsoa hore ba tla fumana tlhohonolofatso ea hae.—Pesaleme ea 5:8; 25:4, 5; 135:13; Hosea 12:5.
17. Ke litokelo life tse ke keng tsa fuoa ba khopo?
17 Leha ho le joalo, hase bohle ba ratang Jehova le litekanyetso tsa hae tse phahameng. (Bala Esaia 26:10.) Esita le ha ba mengoa, ka manganga ba khopo ba hana ho ithuta ho loka e le hore ba kene “naheng ea ho loka,” e leng naha eo ho eona ho lulang bahlanka ba Jehova ba khabane boitšoarong le moeeng. Ka hona, ea khopo “a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.” Ba ke ke ba phelela ho thabela litlhohonolofatso tse tla phallela ho moloko oa batho ka mor’a hore lebitso la Jehova le halaletsoe. Esita le lefatšeng le lecha, ha lefatše lohle e tla be e le ‘naha ea ho loka,’ ba bang ba ka ’na ba hlōleha ho arabela hamolemo moseng o lerato oa Jehova. Mabitso a ba joalo a ke ke a ngoloa bukeng ea bophelo.—Esaia 65:20; Tšenolo 20:12, 15.
18. Ba bang mehleng ea Esaia ba ikhethetse ho ba lifofu joang, hona ba tla qobelloa ho ‘bona’ Jehova neng?
18 “Jehova, letsoho la hao le phahame, empa ha ba le bone. Ba tla bona ’me ba hlajoe ke lihlong ka lebaka la cheseho bakeng sa batho ba hao. E, ba tla chesoa ke mollo o etselitsoeng bahanyetsi ba hao.” (Esaia 26:11) Mehleng ea Esaia, letsoho la Jehova le iponahalitse le phahame ha Jehova a sireletsa batho ba hae ka ho nkela lira tsa bona khato. Empa ba bangata ha baa ka ba hlokomela sena. Batho ba joalo, ba ikhethetseng ho ba lifofu tsa moea, qetellong ba tla qobelloa hore ba “bone,” kapa ba ele Jehova hloko ha ba qetoa ke mollo oa cheseho ea hae. (Sofonia 1:18) Hamorao Molimo o re ho Ezekiele: “[Ba] tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”—Ezekiele 38:23.
“Jehova o Laea eo a mo Ratang”
19, 20. Ke hobane’ng ha Jehova a file batho ba hae taeo hona o entse hoo joang, ’me ke bo-mang ba ruileng molemo taeong eo?
19 Esaia oa tseba hore khotso le katleho leha e le life tseo batho ba habo ba li thabelang li teng ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova. “Jehova, u tla ahlola hore re be le khotso, kahobane u re etselitse mesebetsi eohle ea rōna.” (Esaia 26:12) Ho sa tsotellehe sena le hore Jehova o file batho ba hae monyetla oa ho ba “’muso oa baprista le sechaba se halalelang,” Juda e ’nile ea e-ba le pale e feto-fetohang. (Exoda 19:6) Khafetsa, batho ba eona ba ’nile ba retelehela borapeling ba melimo ea bohata. Ka lebaka leo, ba ’nile ba fuoa taeo khafetsa. Leha ho le joalo, taeo e joalo ke pontšo ea lerato la Jehova hobane “Jehova o laea eo a mo ratang.”—Baheberu 12:6.
20 Hangata, Jehova o laea batho ba hae ka ho lumella lichaba tse ling, “benghali ba bang,” ho ba hatella. (Bala Esaia 26:13.) Ka 607 B.C.E., o lumella Bababylona hore ba ba ise botlamuoeng. Na see se ba tsoela molemo? Ho utloa bohloko ka bohona ha ho tsoele motho molemo. Leha ho le joalo, haeba motho ea utloang bohloko a ithuta ho hong ho se etsahalang, a baka, ’me a inehela ho Jehova a ’notši, joale o rua molemo. (Deuteronoma 4:25-31) Na ho na le Bajuda leha e le bafe ba bontšang pako ea bomolimo? E! Esaia o re ka tsela ea boprofeta: “Ka thuso ea hao feela re tla bolela lebitso la hao.” Ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng ka 537 B.C.E., khafetsa Bajuda ba hloka taeo bakeng sa libe tse ling, empa ha ho mohla ba boelang ba oela lerabeng la ho rapela melimo ea lejoe.
21. Ho tla etsahala eng ka ba ’nileng ba hatella batho ba Molimo?
21 Ho thoe’ng ka baholehi ba Juda? “Ha ba na matla lefung, ba ke ke ba ema. Ka hona u etse hloko e le hore u ka ba felisa le ho timetsa ho boleloa hohle ha bona.” (Esaia 26:14) Babylona e tla hlokofatsoa ka lebaka la ho tšoara sechaba sa Jehova se khethiloeng ka sehlōhō. A sebelisa Bamede le Bapersia, Jehova o tla liha Babylona e ikhohomosang ’me a lokolle batho ba hae botlamuoeng. Motse oo o moholo, Babylona, o tla fetoloa o se nang matla, feela joaloka o shoeleng. Qetellong, o tla khaotsa ho ba teng.
22. Mehleng ea kajeno, batho ba Molimo ba ’nile ba hlohonolofatsoa joang?
22 Phethahatsong ea kajeno, masala a Iseraele ea moea a hloekisitsoeng a ile a lokolloa Babylona e Moholo ’me a tsosolosetsoa tšebeletsong ea Jehova ka 1919. Ba tsositsoe molota, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa bona oa boboleli. (Matheu 24:14) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ba hlohonolofalitse ka keketseho, a ba a tlisa le bongata bo boholo ba “linku tse ling” hore bo tl’o sebeletsa le bona. (Johanne 10:16) “U ekelitse sechaba; Jehova, u ekelitse sechaba; u itlotlisitse. U atoloselitse meeli eohle ea naha hōle. Jehova, ba lebisitse tlhokomelo ea bona ho uena nakong ea mahlomola; ba hoeshelitse thapelo ha ba lauoa ke uena.”—Esaia 26:15, 16.
“Li Tla Tsoha”
23. (a) Ke ponahatso efe e ikhethang ea matla a Jehova e bang teng ka 537 B.C.E.? (b) Ke ponahatso efe e tšoanang le eo e ileng ea e-ba teng ka 1919 C.E.?
23 Esaia o khutlela boemong boo Juda e tobaneng le bona ha e ntse e le botlamuoeng Babylona. O bapisa sechaba le mosali ea bohlokong ba pelehi empa a sitoa ho beleha hobane ho se ea mo thusang. (Bala Esaia 26:17, 18.) Thuso eo e fihla ka 537 B.C.E., ’me batho ba Jehova ba khutlela naheng ea habo bona, ba chesehela ho tsosolosa tempele le borapeli ba ’nete. Ha e le hantle, sechaba se tsosoa bafung. “Bafu ba hao ba tla phela. Litopo tsa rōna—li tla tsoha. Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng! Kaha phoka ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse, ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.” (Esaia 26:19) Ke ponahatso e kaakang ea matla a Jehova! Ho feta moo, ho bile le ponahatso e khōlō hakaakang ha mantsoe ana a ne a phethahala ka kutloisiso ea moea ka 1919! (Tšenolo 11:7-11) ’Me re lebeletse ka thabo e kaakang nako eo ka eona mantsoe aa a tla phethahala ka tsela ea sebele lefatšeng le lecha ha ba se nang matla lefung ba ‘utloa lentsoe la Jesu ’me ba tsoa’ mabitleng a khopotso!—Johanne 5:28, 29.
24, 25. (a) E ka ’na eaba Bajuda ba ile ba mamela taelo ea Jehova ea ho ipata joang ka 539 B.C.E.? (b) E ka ’na eaba ‘likamore tse ka hare’ li bontša eng mehleng ea kajeno, hona ke boikutlo bofe boo re tlamehang ho bo hlaolela ka tsona?
24 Leha ho le joalo, hore ba tšepahalang ba thabele litlhohonolofatso tsa moea tse tšepisitsoeng ka Esaia, ba tlameha ho mamela litaelo tsa Jehova: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta. Etsoe, bonang! Jehova o tloha sebakeng sa hae hore a batle boikarabello bakeng sa phoso eo moahi oa naha a e entseng khahlanong le eena, ’me ka sebele naha e tla pepesa tšollo ea eona ea mali ’me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.” (Esaia 26:20, 21; bapisa le Sofonia 1:14.) Mohlomong litemana tsena li ile tsa phethahala ka lekhetlo la pele ha Bamede le Bapersia, ba eteletsoeng pele ke Morena Cyruse, ba hlōla Babylona ka 539 B.C.E. Ho latela rahistori oa Mogerike Xenophon, ha Cyruse a kena Babylona, o laela hore e mong le e mong a lule ka tlung ea hae hobane bapalami ba hae ba lipere “ba laetsoe hore ba bolaee bohle bao ba ba fumanang ba le ka ntle.” Kajeno, ‘likamore tse ka hare’ tsa boprofeta bona li ka amahanngoa haufi-ufi le liphutheho tsa batho ba Jehova tse mashome a likete ho pota lefatše. Liphutheho tse joalo li tla tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba rōna, esita le ho phunyelletsa “matšoenyehong a maholo.” (Tšenolo 7:14) Ke habohlokoa hakaakang hore re lule re e-na le boikutlo bo botle ka phutheho le ho kopanela le eona kamehla!—Baheberu 10:24, 25.
25 Haufinyane bofelo ba lefatše la Satane bo tla tla. Hajoale ha re e-s’o tsebe hore na Jehova o tla sireletsa batho ba hae joang nakong eo e bakang tšabo. (Sofonia 2:3) Leha ho le joalo, rea tseba hore pholoho ea rōna e tla itšetleha ka tumelo ea rōna ho Jehova le botšepehi ba rōna ho eena le ho mo mamela.
26. Mehleng ea Esaia “Leviathane” ke eng ’me mehleng ea rōna ke eng, hona ho etsahala’ng ka ‘phoofolo ee ea tonanahali ea leoatle’?
26 Ha a bua ka nako eo, Esaia oa profeta: “Letsatsing leo Jehova, ka sabole ea hae e thata le e khōlō le e matla, o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho Leviathane, noha e lelemelang, Leviathane, noha e khopameng, ’me ka sebele o tla bolaea phoofolo ea tonanahali ea leoatle e leoatleng.” (Esaia 27:1) Phethahatsong e qalang, “Leviathane” e bolela linaha tseo Iseraele e qhalakanyelitsoeng ho tsona, tse kang Babylona, Egepeta le Assyria. Linaha tsena li ke ke tsa khona ho thibela batho ba Jehova ho khutlela naheng ea habo bona ka nako e loketseng. Leha ho le joalo, Leviathane ea kajeno ke mang? Ho bonahala e le Satane—“noha ea pele”—le tsamaiso ea hae e khopo ea lintho e mona lefatšeng, e leng kofuto eo a e sebelisang ho loantša Iseraele ea moea. (Tšenolo 12:9, 10; 13:14, 16, 17; 18:24) “Leviathane” e ile ea sitoa ho ema batho ba Molimo pele ka 1919, ’me haufinyane e tla nyamella ruri ha ‘ka sebele Jehova a bolaea phoofolo ea tonanahali ea leoatle.’ Hajoale, ha ho letho leo “Leviathane” e ka lekang ho le etsa khahlanong le batho ba Jehova le tla hle le atlehe.—Esaia 54:17.
“Serapa sa Morara sa Veine e Phophomang”
27, 28. (a) Serapa sa Jehova sa morara se tlatsitse lefatše lohle ka eng? (b) Jehova o sireletsa serapa sa hae sa morara joang?
27 Ka pina e ’ngoe, joale ka bokhabane Esaia o tšoantša kamoo batho ba Jehova ba lokolotsoeng ba behang litholoana kateng: “Letsatsing leo mo bineleng: ‘Serapa sa morara sa veine e phophomang! ’Na, Jehova, kea mo sireletsa. Ke tla mo nosetsa kamehla. E le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla lebisa tlhokomelo ea hae khahlanong le eena, ke tla mo sireletsa bosiu le motšehare.’” (Esaia 27:2, 3) Masala a Iseraele ea moea le metsoalle ea ’ona e sebetsang ka thata ka sebele ba tlatsitse lefatše lohle lihlahisoa tsa moea. Leo ke lebaka le utloahalang hakaakang la ho keteka—ka pina! Thoriso eohle e ea ho Jehova, eo ka lerato a hlokomelang serapa sa hae sa morara.—Bapisa le Johanne 15:1-8.
28 Ka sebele, khalefo ea Jehova ea pejana e nketsoe sebaka ke thabo! “Ha kea halefa. Ke mang ea tla mpha lihlahla tse meutloa le litlama-tlama ntoeng? Ke tla li hata. Ke tla li chesa ka nako e tšoanang. Ho seng joalo a ke a tšoare qhobosheane ea ka, a ke a etse khotso le ’na; a ke a etse khotso le ’na.” (Esaia 27:4, 5) Ho tiisa hore lifate tsa hae tsa morara li tsoela pele ho hlahisa “veine e phophomang” ka bongata, Jehova o silakanya tšusumetso leha e le efe e kang ea litlama-tlama e ka senyang serapa sa hae sa morara le ho e felisa joalokaha eka o e chesa ka mollo. Kahoo, a ho se ke ha e-ba le ea mong ea behang boiketlo ba phutheho ea Bokreste kotsing! Ho e-na le hoo, bohle a ba ‘tšoareng qhobosheane ea Jehova,’ ba batle kamohelo ea hae le tšireletso tsa hae. Ka ho etsa joalo, ba bōpa khotso le Molimo—e leng ntho ea bohlokoa hoo Esaia a e bolelang habeli. Ka phello efe? “Matsatsing a tlang Jakobo e tla mela ka metso, Iseraele e tla hlahisa lithunthung ’me e hlōmele; ’me ba tla tlatsa lihlahisoa holim’a naha e behang.” (Esaia 27:6)c Phethahatso ea temana ena ke bopaki bo babatsehang hakaakang ba matla a Jehova! Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlatsitse lefatše ka “lihlahisoa,” e leng lijo tsa moea tse hahang. Ka lebaka leo, ba kopane le linku tse ling tse tšepahalang tse limilione, tseo hammoho le bona ‘ba etsetsang [Molimo] tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Tšenolo 7:15) Lefatšeng lena le bolileng, ka thabo ba boloka litekanyetso tsa hae tse phahameng. ’Me Jehova o tsoela pele ho ba hlohonolofatsa ka keketseho. E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala tokelo e babatsehang ea ho kopanela ho jeng “lihlahisoa” le ho li abeleng ba bang ka mohoo oa rōna oa thoriso!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong lebitso Are le bolela “Motse.”
c Esaia 27:7-13 e tšohloa lebokoseng le leqepheng la 285.
[Lebokose se leqepheng la 285]
“Lenaka le Leholo” le Phatlalatsa Tokoloho
Ka 607 B.C.E., bohloko ba Juda boa eketseha ha Jehova a laea sechaba sa hae se tsoileng tseleng ka kotlo ea ho isoa botlamuoeng. (Bala Esaia 27:7-11.) Phoso ea sechaba e tebile hoo e ke keng ea koaheloa ke mahlabelo a liphoofolo. Kahoo, joalokaha motho a ka ’na a qhalakanya linku kapa lipoli ka “mohoo o tšosang” kapa mohlomong a hasanya matlakala ka “pululo” ea sefefo se matla, Jehova o leleka Iseraele joalo naheng ea habo eona. Ka mor’a moo, esita le batho ba fokolang, ba tšoantšetsoang ke batho ba basali, ba khona ho tlatlapa se setseng naheng.
Leha ho le joalo, ho fihla nako ea hore Jehova a lopolle batho ba hae botlamuoeng. O ba lokolla joalokaha sehoai se ka ’na sa lokolla litholoana tsa mohloaare tse tšoeroeng ke lifate joalokaha eka ke batšoaruoa, ha re bua ka tsela ea tšoantšetso. “Letsatsing leo Jehova o tla hlohlora litholoana, ho tloha molapong o phallang oa Nōka [ea Eufrate] ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta, ’me le tla nkoa ka ho latellana, Lōna bara ba Iseraele. Letsatsing leo ho tla letsoa lenaka le leholo, ’me ka sebele ba timelang naheng ea Assyria le ba qhalakaneng naheng ea Egepeta ba tla tla ’me ba inamele Jehova thabeng e halalelang Jerusalema.” (Esaia 27:12, 13) Ka mor’a ho hlōla ha hae ka 539 B.C.E., Cyruse o ntša taelo e lokollang Bajuda bohle ba ’musong oa hae, ho akarelletsa le ba Assyria le Egepeta. (Esdrase 1:1-4) Ho joalokaha eka ho ile ha letsoa “lenaka le leholo,” ha binoa pina ea thoriso ea ho lokoloha ha batho ba Molimo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 275]
“Mokete oa lijo tse nang le oli e ngata”
[Setšoantšo se leqepheng la 277]
Babylona e hatakeloa ka maoto ke bao e neng e le batšoaruoa
[Setšoantšo se leqepheng la 278]
“Kena likamoreng tsa hao tse ka hare”