Ho se Nke Lehlakore
Tlhaloso: Boemo ba ba sa sekamelang kapa ba sa tšehetseng lehlakore leha e le lefe ho a mabeli kapa ho feta a hlōlisanang. Ke ’nete historing ea boholo-holo le ea kajeno hore sechabeng se seng le se seng le tlas’a maemo ’ohle Bakreste ba ’nete ba lekile ho lula ba sa nke lehlakore ho hang likhohlanong tse pakeng tsa mekha ea lefatše. Ha ba kena-kenane le se etsoang ke ba bang ha ba kopanela litšebeletsong tsa ho rata naha, ha ba sebeletsa mabothong a hlometseng, ha e e-ba litho tsa mokha oa lipolotiki, ba ipatlela litulo tsa lipolotiki, kapa ha ba khetha. Empa bona ba rapela feela Jehova, Molimo oa Bibele; bophelo ba bona ba bo nehetse kahohle ho eena ’me ba tšehetsa ’Muso oa hae ka ho feletseng.
Boikutlo ba Bakreste bo tšehelitsoe ke mangolo afe mabapi le mebuso ea lefatše?
Ba-Roma 13:1, 5-7: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena [babusi], hobane ha ho borena bo sa tsoeng ho Molimo, . . . Ke hona le tšoanetseng ho ipea ka tlas’a borena, e seng ka baka la ho tšaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letsoalo. . . . Neang batho bohle se ba tšoanelang: ea tšoaneloang ke lekhetho, le mo nee lekhetho; ea tšoaneloang ke seabo, le mo nee seabo; ea tšoaneloang ke tšabo, le mo tšabe: ea tšoaneloang ke hlompho, le mo hlomphe.” (Ha ho ’muso o neng o ka ba teng ntle ho tumello ea Molimo. Ho sa tsotellehe boitšoaro ba batho ka bomong ba boholong, Bakreste ba ’nete ba ’nile ba ba hlompha ka lebaka la setulo seo ba se lutseng. Ka mohlala, ho sa tsotellehe hore na mebuso e ’nile ea sebelisa chelete ea lekhetho joang, barapeli ba Jehova ba ’nile ba lefa makhetho a bona ka botšepehi molemong oa litšebeletso tseo e mong le e mong a ka ruang molemo ho tsona.)
Mar. 12:17: “Eaba Jesu o ba araba, a re: Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Ka hona Bakreste ba ’nile ba hlokomela hore ha baa tlameha ho ‘ntšetsa’ mebuso ea lefatše chelete ka sebopeho sa makhetho feela empa hape ba phetha litlameho tse phaha-phahameng tseo ba nang le tsona ho Molimo.)
Lik. 5:28, 29: “[’Muelli oa lekhotla le phahameng la Bajode] a re: Na ha rea ka ra le [baapostola] laela haholo-holo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo [la Jesu Kreste] na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna, ’me le rata ho tlisa mali a motho eo holim’a rōna. Empa Petrose le baapostola ba bang ba fetola, ba re: E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Ha ho bile le khohlano e tobileng pakeng tsa litaelo tsa babusi ba batho le se hlokoang ke Molimo, Bakreste ba ’nete ba ’nile ba etsisa mohlala oa baapostola ka ho utloa Molimo pele.)
Boikutlo ba Bakreste ba ’nete bo ’nile ba tšehetsoa ke mangolo afe kamehla mabapi le ho se kopanele ntoeng e hlometseng ka libolaea?
Matt. 26:52: “Eaba Jesu o re ho eena: Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Na ho ne ho ka ba le sesosa leha e le sefe se phahameng ho feta ho sireletsa Mora oa Molimo? Empa, mona Jesu o bontšitse hore barutuoa bao ba ne ba sa lokela ho tšabela lihlomong tsa ntoa ea nama.)
Esa. 2:2-4: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, . . . o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Batho ka bomong ba lichaba tsohle ba tlameha ho iketsetsa qeto ea hore na ba nka tsela efe. Ba etseng hloko kahlolo ea Jehova ba fana ka bopaki ba hore ke Molimo oa bona.)
2 Ba-Kor. 10:3, 4: “Leha re tsamaea re le nameng, ha re loane ka nama; hobane libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li le matla ka Molimo ho liha liqhobosheane.” (Mona Pauluse o bontša hore ha ho mohla a kileng a tšabela lihlomong tsa nama, tse kang bolotsana, puo e khahlang batho, kapa libolaea, ho sireletsa phutheho lithutong tsa bohata.)
Luka 6:27, 28: “Ke [Jesu Kreste] re ho lōna ba mamelang: Ratang bao e leng lira ho lōna; ba le hloeang le ba etse hantle. Hlohonolofatsang le ba le rohakang, ’me le rapelle ba le tsohelang matla.”
Na hase ’nete hore Jehova o ile a lumella Iseraele ea boholo-holo ho loana?
Jehova o ile a laela Iseraele ea boholo-holo hore e rue ka ntoa naha eo eena ka boeena a ileng a e bitsa lefa la bona le hore ba bolaee lichaba tseo mekhoa ea tsona e hlephileng le ho nyelisa hoa tsona Molimo oa ’nete li neng li entse hore Jehova a li nke li se li sa tšoanele ho phela. (Deut. 7:1, 2, 5; 9:5; Lev. 18:24, 25) Leha ho le joalo, Rahaba le Bagibione ba ile ba hauheloa hobane ba ile ba bontša tumelo ho Jehova. (Josh. 2:9-13; 9:24-27) Selekaneng sa Molao Molimo o ile oa bea melao bakeng sa ntoa eo o neng o tla e amohela, o qaqisa mekhelo le mokhoa oo ntoa ena e neng e lokela ho loanoa ka oona. Tseo ruri e ne e le lintoa tse halalelang tsa Jehova. Hoo hase ’nete ka lintoa tsa bolefatše tsa sechaba leha e le sefe kajeno.
Ka ho theoa hoa phutheho ea Bokreste, ho ile hoa hlaha boemo bo bocha. Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe. Balateli ba Kreste ba ne ba tlameha ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle; ka hona qetellong barapeli ba Molimo oa ’nete ba ne ba tla fumanoa lichabeng tseo kaofela. Leha ho le joalo, lichaba tseo li ea ntoeng ka sepheo sefe? Na ke ho ea phethahatsa thato ea ’Mōpi oa lefatše lohle kapa ke ho ea ntšetsa pele lithahasello tse itseng tsa bochaba? Haeba Bakreste ba ’nete ba sechabeng se seng ba ne ba ka ea loana le sechaba se seng, ba ne ba tla be ba loantša balumeli bahabo bona, ba loantša batho ba rapelletseng thuso ho Molimo oo le bona ba o rapetseng. Ka nepo, Kreste o laetse balateli ba hae hore ba bee marumo fatše. (Matt. 26:52) Eena ka boeena, a tlotlisitsoe maholimong, joale o ne a tla phethahatsa polao ea ba bontšang ho tella Molimo oa ’nete le thato ea Oona.—2 Ba-Thess. 1:6-8; Tšen. 19:11-22.
Tabeng ea ho sebeletsa mabothong a hlometseng, histori ea lefatše e senola eng ka boikutlo ba Bakreste ba pele?
“Ho hlahloba ka hloko boitsebiso bohle bo teng ho bontša hore, ho fihlela mehleng ea Marcus Aurelius [’musisi oa Roma ho tloha ka 161 ho ea ho 180 C.E.], ha ho Mokreste eo e bileng lesole; ’me ha ho lesole, leo kamor’a hore ebe Mokreste, le ileng la tsoela pele tšebeletsong ea sesole.”—The Rise of Christianity (London, 1947), E. W. Barnes, leq. 333.
“Rōna ba neng ba tletse ntoa, le ho bolaeana, le bokhopo bohle, e mong le e mong ho rōna lefatšeng lohle re fetotse lihlomo tsa rōna tse kang tsa ntoa,—lisabole tsa rōna lisekele, le marumo a rōna mehoma ea ho lema,—’me re hlaolela boinehelo ba borapeli, ho loka, botsoalle, tumelo, le tšepo, tseo re nang le tsona li e-tsoa ho Ntate ka Seqo ka Ea ileng a thakhisoa.”—Justin Martyr ho “Dialogue With Trypho, a Jew” (lekholo la bo2 la lilemo C.E.), The Ante-Nicene Fathers (Grand Rapids, Mich.; khatiso e phetiloeng ea khatiso ea 1885 ea Edinburgh), e hlophisitsoeng ke A. Roberts le J. Donaldson, Moq. I, leq. 254.
“Ba ne ba hana ho kopanela karolong leha e le efe ea tsamaiso ea sechaba kapa tšireletso ea sesole ea ’muso. . . . ho ne ho se bonolo hore Bakreste, ba ne ba ka nka tšobotsi ea masole, bo-’maseterata, kapa mahosana eba ha ba latole tšoanelo e halalelang ea bohlokoa haholoanyane.”—History of Christianity (New York, 1891), Edward Gibbon, maq. 162, 163.
Boikutlo ba Bakreste ba ’nete bo ’nile ba tšehetsoa ke mangolo afe kamehla mabapi le ho kena-kenana le likhang le liketso tsa lipolotiki?
Joh. 17:16: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na [Jesu] ke se oa lefatše.”
Joh. 6:15: “Jesu ha a tseba hobane ba [Bajode] se ba ea mo nka ka matla ba tle ba ’mee morena, a boela a ea thabeng a ’notši.” Hamorao, a re ho ’musisi oa Roma: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Joh. 18:36.
Jak. 4:4: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Ke hobane’ng ha taba ee e tebile hakaale? Hobane, joalokaha 1 Johanne 5:19 e bolela, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Ho Johanne 14:30, Jesu o itse Satane ke “morena oa lefatše.” Ka hona, ho sa tsotellehe hore na motho o tšehetsa mokha ofe oa lefatše, o tla be a hlile a le tlas’a taolo ea mang?)
Mabapi le ho kena-kenana le lipolotiki, bo-rahistori ba lefatše ba tlaleha hore boikutlo ba ba neng ba tsejoa e le Bakreste ba pele e ne e le bofe?
“Bokreste ba pele bo ne bo sa utloisisoe hantle ’me babusi ba lefatše la bohetene ba ne ba sa bo thabele hakaalo. . . . Bakreste ba ne ba hana ho kopanela litšoanelong tse itseng tsa baahi ba Roma. . . . Ba ne ba sa lule litulo tsa lipolotiki.”—On the Road to Civilization, A World History (Philadelphia, 1937), A. Heckel le J. Sigman, maq. 237, 238.
“Bakreste ba ne ba emelletse thōko le ka ho khethollehileng ho naha, joaloka morabe oa boprista le oa moea, ’me ho ne ho bonahala Bokreste bo tseba ho susumetsa bophelo sechabeng ka mokhoa oo ho ke keng hoa latoloa hore e ne e le o hloekileng, ka hore ho hang bo leke ho kenya boikutlo bo eketsehileng ba khalalelo ho baahi ba naha.”—The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries (New York, 1848), Augustus Neander, e fetoletsoe ho tloha Sejeremaneng ke H. J. Rose, leq. 168.
Boikutlo ba Bakreste ba ’nete bo ne bo tšehetsoa ke mangolo afe kamehla mabapi le litšebeletso tse amang lifolaga le lipina tsa sechaba?
1 Ba-Kor. 10:14: “Le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.” (Le Exoda 20:4, 5)
1 Joh. 5:21: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata.”
Luka 4:8: “Jesu a mo fetola, a re: . . . ho ngoliloe, ho thoe: U tla khumamela Morena, Molimo oa hao, u sebeletse eena feela.”
Bona le Daniele 3:1-28.
Na litšoantšetso le litšebeletso tse joalo tsa bochaba li hlile li kenyelletsa bolumeli?
“[Rahistori] Carlton Hayes khale a ile a supa hore tšebeletso ea borapeli ba folaga le ho nka likano sekolong sa Amerika ke tšebeletso ea bolumeli. . . . le hore litšebeletso tsena tsa letsatsi le letsatsi ke tsa bolumeli, Lekhotla le Phahameng le qetelletse le ho tiisitse letotong la linyeoe.”—The American Character (New York, 1956), D. W. Brogan, maq. 163, 164.
“Sebopeho sa lifolaga tsa pele e ne e batla e le sa bolumeli ho hang. . . . Ka makholo-kholo a lilemo folaga ea naha ea Engelane—sefapano se sefubelu sa Mohalaleli George—e ne e le ea bolumeli; haele hantle ho bonahala hore haesale ho batloa thuso ea bolumeli ho halaletsa lifolaga tsa lichaba, ’me tse ngata qaleho ea tsona ke folaga e halalelang.”—Encyclopædia Britannica (1946), Moq. 9, leq. 343.
“Tšebeletsong ea pontšeng e neng e okametsoe ke motlatsi oa mookameli oa Lekhotla [le Phahameng la Sesole], ka la 19 Pulungoana, ho ile hoa hlompshoa folaga ea Brazil. . . . Hoba folaga e nyolloe, Letona Kakaretso la Sesole Tristao de Alencar Araripe a itlhalosa ka tsela ena maloka le boikhopotso: ‘ . . . lifolaga li fetohile bolumeli bo halalelang ba ho rata naha bo qobellang borapeli . . . Folaga e-ea hlomphuoa ebile e-ea rapeloa . . . Folaga e-ea rapeloa, joalokaha ho rapeloa Lefatše la bo-ntata rōna.’”—Diario da Justiça (Federal Capital, Brazil), February 16, 1956, leq. 1906.
Mabapi le litšebeletso tsa bochaba, histori ea lefatše e re’ng ka boikutlo ba ba neng ba tsejoa e le Bakreste ba pele?
“Bakreste ba ne ba hana ho . . . etsa mahlabelo bakeng sa lengeloi la mosireletsi la ’musisi—hoo kajeno ho ka thoeng ho lekana le ho hana ho lumelisa folaga kapa ho pheta kano ea botšepehi. . . . Ke Bakreste ba fokolang haholo ka palo ba neng ba latola tumelo, le hoja aletare ea mollo o tukang e ne e atisa ho beoa ka lebaleng molemong oa bona. Sohle seo motlamuoa a neng a lokela ho se etsa e ne e le ho fafatsa libanonyana tse seng kae mollong ’me a neoe Lengolo la Bopaki ba Sehlabelo ebe o-oa lokolloa. Hape o ne a hlalosetsoa ka hloko hore ha a rapele ’musisi; o mpa a lumela feela tšobotsi ea bomolimo ea ’musisi e le hlooho ea ’muso oa Roma. Ho ntse ho le joalo, ho hang ho ne ho batla ho se Bakreste ba neng ba ipha monyetla oa ho phonyoha.”—Those About to Die (New York, 1958), D. P. Mannix, maq. 135, 137.
“Ketso ea ho rapela ’musisi e ne e akarelletsa ho fafatsa lithollo tse seng kae tsa libano kapa ho rothetsa marotholi a seng makae a veine aletareng e neng e eme kapele ho setšoantšo sa ’musisi. Mohlomong kaha ke khale re suthetse hole le boemo boo ha re bone ho e-na le letho le fapaneng le . . . ho phahamisa letsoho ho lumelisa folaga kapa ’musisi e mong ea khethehileng oa naha, pontšo ea mekhoa e metle, tlhompho le ho rata naha. Mohlomong batho ba bangata lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikutloa ka eona tsela eo empa Bakreste ba ne ba sa ikutloe joalo. Ba ne ba talima taba eohle e le borapeli ba bolumeli, ho nka ’musisi e le molimo ’me ka lebaka leo e le ho se tšepahale ho Molimo le Kreste, ’me ba ne ba hana ho ho etsa.”—The Beginnings of the Christian Religion (New Haven, Conn.; 1958), M. F. Eller, maq. 208, 209.
Na ho se nke lehlakore hoa Bakreste ho boletse hore ha ba thahaselle boiketlo ba baahelani ba bona?
Che. Ba tsebisisa ’me ka bohlale ba leka ho sebelisa molao o ileng oa phetoa ke Jesu: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Matt. 22:39) Le keletso e ngotsoeng ke moapostola Pauluse: “A re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” (Ba-Gal. 6:10) Ba kholisehile hore molemo o moholohali oo ba ka o etsetsang baahelani ba bona ke ho kopanela le bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, o tlang ho rarollela ruri mathata a tobaneng le batho le o bulelang ba o amohelang tebello e babatsehang ea bophelo bo sa feleng.