Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e ’Meli
Esaia o Bolela ‘Ketso e Makatsang’ ea Jehova Esale Pele
1, 2. Ke hobane’ng ha Iseraele le Juda li ikutloa li sireletsehile?
KA NAKOANA, Iseraele le Juda li ikutloa li sireletsehile. Baeta-pele ba tsona ba entse lilekane tsa bopolotiki le lichaba tse khōloanyane, tse matla haholoanyane, e le ho leka ho fumana tšireletseho lefatšeng le kotsi. Samaria, motse-moholo oa Iseraele, e retelehetse ho Syria e ahisaneng le eona, ha Jerusalema eona, motse-moholo oa Juda, e tšepile Assyria e sehlōhō.
2 Ho phaella tabeng ea hore ba behile tšepo ea bona lilekaneng tse ncha tsa bopolotiki, e ka ’na eaba ba bang ’musong o ka leboea ba lebeletse hore Jehova a ba sireletse—le hoja ba ntse ba tsoela pele ho sebelisa manamane a khauta borapeling. Juda le eona e kholisehile hore e ka itšetleha ka tšireletso ea Jehova. Etsoe, na tempele ea Jehova ha e Jerusalema, motse-moholo oa eona? Empa liketsahalo tse sa lebelloang li sa ntse li larile ka pel’a lichaba tsena tse peli. Jehova o bululela Esaia hore a bolele esale pele liketsahalo tseo ka sebele li tla bonahala li makatsa ho batho ba hae ba tsoileng tseleng. ’Me mantsoe a hae a tšoere thuto ea bohlokoa bakeng sa e mong le e mong kajeno.
“Matahoa a Efraime”
3, 4. ’Muso oa Iseraele o ka leboea o ithorisa ka eng?
3 Esaia o qala boprofeta ba hae ka mantsoe a tšosang: “Ho malimabe moqhaka o phahameng oa matahoa a Efraime, le thunthung e ponneng ea mokhabiso o motle o qalong ea phula e nonneng ea ba hlōtsoeng ke veine! Bonang! Jehova o na le ea matla le ea mahlahahlaha. Joaloka sefefo sa sealuma sa sefako, . . . ka sebele o tla lahlela fatše ka matla. Meqhaka e phahameng ea matahoa a Efraime e tla hatakeloa ka maoto.”—Esaia 28:1-3.
4 Efraime, moloko o hlaheletseng ka ho fetisisa ho e leshome e ka leboea, e emela ’muso oohle oa Iseraele. Motse-moholo oa eona, Samaria, o sebakeng se setle le se ipiletsang se “qalong ea phula e nonneng.” Baeta-pele ba Efraime ba ithorisa ka “moqhaka o phahameng” oa ho se busoe ke borena ba lesika la Davida bo Jerusalema. Empa ke “matahoa,” ba tahiloe moeeng ka lebaka la selekane sa bona le Syria sa ho loantša Juda. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e nkang e le ea bohlokoa e haufi le ho hatakeloa ka maoto ke ba hlaselang.—Bapisa le Esaia 29:9.
5. Iseraele e boemong bofe bo sa tsitsang, empa Esaia o fana ka tšepo efe?
5 Efraime ha e hlokomele boemo ba eona bo sa tsitsang. Esaia o tsoela pele: “Palesa e ponneng ea mokhabiso oa eona o motle e qalong ea phula e nonneng e tla tšoana le feiga e butsoang pele e bang teng pele ho lehlabula, hore ha seboni se e bona, se e metse, ha e sa ntse e le letsohong la sona.” (Esaia 28:4) Efraime e tla oela letsohong la Assyria, e le sengoathoana se monate se ka kometsoang ka mothamo o le mong feela. Na joale ha ho sa na tšepo? Ha e le hantle, joalokaha ho atisa ho ba joalo, boprofeta ba Esaia ba kahlolo bo boetse bo fana ka tšepo. Esita le hoja sechaba se oa, batho ka bomong ba tšepahalang ba tla phela, ka thuso ea Jehova. “Ka letsatsi leo Jehova oa mabotho o tla ba joaloka moqhaka o khabisang le moqhaka o motle oa lipalesa ho ba setseng sechabeng sa hae, le joaloka moea oa toka ho ea lutseng kahlolong, le joaloka matla ho ba lelekang ntoa hekeng.”—Esaia 28:5, 6.
“Ba Khelohile”
6. Iseraele e timetsoa neng, empa ke hobane’ng ha Juda e sa lokela ho thabela bomalimabe boo?
6 Letsatsi la ho ahlola Samaria le tla ka 740 B.C.E. ha Baassyria ba etsa naha eo lesupi ’me ’muso o ka leboea o khaotsa ho ba teng e le sechaba se ipusang. Ho thoe’ng ka Juda? Naha ea eona e tla hlaseloa ke Assyria, ’me hamorao Babylona e tla timetsa motse-moholo oa eona. Empa nakong ea bophelo ba Esaia, tempele ea Juda le baprista ba eona ba tla tsoela pele ho sebetsa ’me baprofeta ba eona ba tla tsoela pele ho profeta. Na Juda e lokela ho thabela bomalimabe ba timetso e tlelang moahisani oa eona ea ka leboea? Le hanyenyane! Jehova o tla boela a lokise litaba le Juda le baeta-pele ba eona ka lebaka la ho se mamele le ho hloka tumelo ha bona.
7. Ke ka tsela efe baeta-pele ba Juda ba tahiloeng, hona e le ka liphello life?
7 Ha a lebisa molaetsa oa hae ho Juda, Esaia o tsoela pele: “Le bana—ba khelohile ka lebaka la veine ’me ba lelerile ka lebaka la joala bo tahang. Moprista le moprofeta—ba khelohile ka lebaka la joala bo tahang, ba ferekane ka lebaka la veine, ba lelerile ka lebaka la joala bo tahang; ba khelohile ponong ea bona, ba thekesetse mabapi le qeto. Etsoe litafole tsohle li tletse mahlatsa a litšila—ha ho sebaka se se nang ’ona.” (Esaia 28:7, 8) Ke ho nyonyehang hakaakang! Botahoa ba sebele ka tlung ea Molimo bo ne bo tla ba bobe ka ho lekaneng. Empa baprista le baprofeta bana ba tahiloe moeeng—likelello tsa bona li siriloe ke ho tšepa lilekane tsa batho ka ho feteletseng. Ba ithetsitse ka ho nahana hore tsela ea bona ke eona feela e molemo, mohlomong ba lumela hore hona joale ba na le morero o tla ba tšehetsa haeba ho ka etsahala hore tšireletso ea Jehova e bonahale e sa lekana. Boemong ba bona ba ho tahoa moeeng, baeta-pele bana ba bolumeli ba hlatsa lipolelo tse nyonyehang, tse litšila tse senolang hore ba hloka tumelo ea ’nete litšepisong tsa Molimo ka tsela e tebileng.
8. Karabelo e ba efe molaetseng oa Esaia?
8 Baeta-pele ba Juda ba arabela joang temosong ea Jehova? Ba soma Esaia, ba mo qosa ka hore o bua le bona joalokaha eka ke masea: “Ke mang eo motho a tla mo rupela ka tsebo, ’me ke mang eo motho a tla etsa hore a utloisise se utloiloeng? Na ke ba khoesitsoeng, ba tlositsoeng matsoeleng? Etsoe ke ‘taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, hanyenyane mona, hanyenyane mane.’” (Esaia 28:9, 10) Esaia o utloahala a pheta-pheta ntho e tšoanang le e makatsang hakaakang ho bona! O ntse a pheta-pheta ntho e le ’ngoe, a re: ‘Seo Jehova a se laetseng ke sena! Seo Jehova a se laetseng ke sena! Tekanyetso ea Jehova ke ena! Tekanyetso ea Jehova ke ena!’a Empa haufinyane Jehova o tla “bua” le baahi ba Juda ka ho nka khato. O tla ba romella mabotho a Babylona—basele bao ka sebele ba buang puo esele. Ka sebele mabotho ao a tla phethahatsa ‘taelo ea Jehova holim’a taelo,’ ’me Juda e tla oa.—Bala Esaia 28:11-13.
Matahoa a Moea Kajeno
9, 10. Ke neng hona ke joang mantsoe a Esaia a bileng le seo a se bolelang melokong e latelang?
9 Na boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ho Iseraele le Juda tsa boholo-holo feela? Che! Jesu hammoho le Pauluse ba ile ba qotsa mantsoe a hae ’me ba a sebelisa sechabeng sa mehleng ea bona. (Esaia 29:10, 13; Matheu 15:8, 9; Baroma 11:8) Le kajeno, boemo bo tšoana le ba mehleng ea Esaia.
10 Lekhetlong lena, ke baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba behileng tšepo ea bona lipolotiking. Baa thekesela, joaloka matahoa a Iseraele le Juda, ba itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki, ba thabela ho kōpuoa likeletso ke bao ho thoeng ke bo-nkokonono ba lefatše lena. Ho fapana le ho bua ’nete e hloekileng ea Bibele, ba bua litšila. Pono ea bona ea moea e lerootho, ’me hase batataisi ba ka tšeptjoang ba moloko oa batho.—Matheu 15:14.
11. Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba arabela joang litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo?
11 Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba arabela joang ha Lipaki tsa Jehova li lebisa tlhokomelo ea bona tšepong e le ’ngoe feela ea ’nete, e leng ’Muso oa Molimo? Ha ba utloisise. Ho bona, Lipaki li bonahala li bebera ntho e le ’ngoe, joaloka bana. Baeta-pele bana ba bolumeli ba khella manģosa ana fatše ’me baa a soma. Joaloka Bajuda ba mehleng ea Jesu, ha ba batle ’Muso oa Molimo ebile ha ba batle leha mehlape ea bona e ka utloa ka oona. (Matheu 23:13) Kahoo, baa hlokomelisoa hore hase kamehla Jehova a tlang ho bua le bona a sebelisa manģosa a hae a se nang kotsi. Nako e tla tla eo ka eona ba sa ikokobeletseng ’Muso oa Molimo ba tlang ho ‘rojoa ’me ba tšoasoe ba be ba tšoaroe,’ e, ba timetsoe ka ho feletseng.
“Selekane le Lefu”
12. “Selekane le Lefu” seo Juda e nahanang hore e se hlabile ke eng?
12 Esaia o tsoela pele ka phatlalatso ea hae: “Le itse: ‘Re hlabile selekane le Lefu; ’me re entse pono le Sheole; moroallo o phoroselang, haeba o ka feta, o ke ke oa tla ho rōna, etsoe re entse leshano setšabelo sa rōna ’me re ipatile leshanong.’” (Esaia 28:14, 15) Baeta-pele ba Juda ba ithorisa ka hore lilekane tsa bona tsa bopolotiki lia ba sireletsa hore ba se ke ba hlōloa. Ba na le boikutlo ba hore ba hlabile “selekane le Lefu” hore le ba tlohele. Empa setšabelo-’mōtoana sa bona ha se na ho ba sireletsa. Lilekane tsa bona ke leshano, ke tsa bohata. Ka ho tšoanang le kajeno, kamano e haufi-ufi ea Bokreste-’mōtoana le baeta-pele ba lefatše ha e na ho bo sireletsa ha nako ea Jehova ea hore bo ikarabelle e fihla. Ka sebele, e tla ipaka e le tšenyo ho bona.—Tšenolo 17:16, 17.
13. “Lejoe le lekiloeng” ke mang, hona Bokreste-’mōtoana bo le lahlile joang?
13 Joale, baeta-pele baa ba bolumeli ba lokela ho tšepela kae? Joale Esaia o tlaleha tšepiso ea Jehova: “Bonang! ke beha lejoe e le motheo Sione, lejoe le lekiloeng, sekhutlo sa bohlokoa sa motheo o tiileng. Ha ho ea bontšang tumelo ho lona ea tla tšoha. Ke tla etsa hore toka e be khoele ea ho lekanya ’me ho loka e be kofuto e tsitsisang; sefako se tla hohola setšabelo sa leshano, metsi a pupetse sebaka seo ho ipatoang ho sona.” (Esaia 28:16, 17) Nakoana ka mor’a hore Esaia a bue mantsoe ana, Morena Ezekiase ea tšepahalang o behoa teroneng Sione, ’me ’muso oa hae ha o sireletsoe ke lilekane tse entsoeng le baahisani, empa o sireletsoa ke ho kenella ha Jehova litabeng. Leha ho le joalo, mantsoe ana a bululetsoeng ha a phethahale ho Ezekiase. Ha moapostola Petrose a qotsa mantsoe a Esaia, o ile a bontša hore Jesu Kreste, ea hlahang morao lesikeng la Ezekiase, ke eena “lejoe le lekiloeng” le hore ha ho ea bontšang tumelo ho Eena ea lokelang ho tšoha ntho leha e le efe. (1 Petrose 2:6) Ke ho utloisang bohloko hakaakang hore ebe le hoja baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ipitsa Bakreste, ba entse seo Jesu a ileng a hana ho se etsa! Ba ipatletse bophahamo le matla lefatšeng lena ho fapana le ho letela Jehova hore a tlise ’Muso oa hae tlas’a Morena Jesu Kreste.—Matheu 4:8-10.
14. ‘Selekane sa Juda le Lefu’ se tla felisoa neng?
14 Ha “moroallo o phoroselang” oa mabotho a Babylona o pholletsa le naha, Jehova o tla pepesa setšabelo sa Juda sa bopolotiki e le leshano joalokaha ho hlile ho le joalo. Jehova o re: “Ka sebele selekane sa lōna le Lefu se tla felisoa . . . Moroallo o phoroselang, ha o feta—le tla fetoha sebaka seo o se hatakelang. Nako le nako ha o feta, . . . e tla ba lebaka la ho thothomela ho etsa hore ba bang ba utloisise se utloiloeng.” (Esaia 28:18, 19) E, ho na le thuto e matlahali eo ho ka ithutoang eona ho se etsahallang ba ipolelang hore ba sebeletsa Jehova empa ho e-na le hoo ba tšepile lilekane tseo ba li entseng le lichaba tse ling.
15. Esaia o tšoantša ho haella ha tšireletso ea Juda joang?
15 Nahana ka boemo boo baeta-pele bana ba Juda joale ba iphumanang ba le ho bona. “Setulo se kang bethe se sekhutšoanyane haholo hore motho a paqame ho sona, le lakane e lohiloeng e nyenyane haholo ha motho a ithatela ka eona.” (Esaia 28:20) Ekare ba ne ba ka paqama hore ba ke ba phomole, empa ha ho thuse letho. Ho etsahalang ke hore maoto a bona a tsoela ka ntle serameng kapa ha ba a fina joale lakane e ba nyenyane haholo hoo ba sitoang ho ithatela ka eona hore ba futhumale. Bona e ne e le boemo bo sa thabiseng mehleng ea Esaia. ’Me kajeno ke boemo boo leha e le bafe ba tšepileng setšabelo sa bohata sa Bokreste-’mōtoana ba leng ho bona. Ke ho nyonyehang hakaakang hore ebe ka lebaka la ho itšunya-tšunya lipolotiking, baeta-pele ba bang ba bolumeli Bokreste-’mōtoaneng ba iphumane ba nkha lefotha liketsong tsa masetla-libete tse kang tsa tlhoekiso ea merabe le lintoeng tse reretsoeng ho timetsa morabe o mong ka ho feletseng!
‘Ketso e Makatsang’ ea Jehova
16. ‘Ketso e makatsang’ ea Jehova ke eng, hona ke hobane’ng ha mosebetsi oo e le o sa tloaelehang?
16 Qetellong boemo ba litaba bo tla fapana ka ho feletseng le seo baeta-pele ba Juda ba bolumeli ba se lebeletseng. Jehova o tla etsa ho hong ho makatsang ho matahoa a Juda a moea. “Jehova o tla ema joaloka Thabeng ea Perazime, o tla halefa joaloka khohlong e haufi le Gibeone, e le hore a etse ketso ea hae—ketso ea hae ea makatsa—le hore a sebetse mosebetsi oa hae—mosebetsi oa hae ha oa tloaeleha.” (Esaia 28:21) Mehleng ea Morena Davida, Jehova o ile a fa batho ba hae tlhōlo e ikhethang ha ba loana le Bafilista Thabeng ea Perazime le khohlong ea Gibeone. (1 Likronike 14:10-16) Mehleng ea Joshua, o bile a etsa hore letsatsi le eme sebakeng sa Gibeone e le hore Iseraele e hlōle Baamore ka ho feletseng. (Joshua 10:8-14) Seo se ne se hlile se sa tloaeleha! Hona joale Jehova o tla boela a loana empa lekhetlong lena o tla be a loantša ba ipolelang hore ke batho ba hae. Na ho ka ba le ntho e makatsang kapa e sa tloaelehang ho feta seo? Eseng ha ho nahanoa ka ’nete ea hore Jerusalema ke setsi sa borapeli ba Jehova le motse oa morena ea tlotsitsoeng oa Jehova. Ho tla fihlela joale, ntlo ea Davida ea borena e Jerusalema ha e e-s’o ka e heletsoa. Leha ho le joalo, ka sebele Jehova o tla etsa ‘ketso ea hae e makatsang.’—Bapisa le Habakuke 1:5-7.
17. Ho soma ho tla ba le phello efe phethahatsong ea boprofeta ba Esaia?
17 Ka hona, Esaia oa lemosa: “Le se ke la ba basomi, e le hore marapo a lōna a se ke a tiea, etsoe ho na le pheliso, ntho e etselitsoeng qeto, eo ke e utloileng ho ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, bakeng sa naha eohle.” (Esaia 28:22) Le hoja baeta-pele ba soma, molaetsa oa Esaia ke ’nete. O o nkile ho Jehova, eo baeta-pele bao ba leng kamanong ea selekane le eena. Ka ho tšoanang le kajeno, baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana baa soma ha ba utloa ka ‘ketso e makatsang’ ea Jehova. Ba bile baa halefa le ho kharuma. Empa molaetsa oo Lipaki tsa Jehova li o phatlalatsang ke ’nete. O fumanoa ka Bibeleng, e leng eona buka eo baeta-pele bana ba bolelang hore baa e emela.
18. Esaia o tšoantša ho leka-lekana ha Jehova joang ha a fana ka taeo?
18 Ha e le batho ka bomong ba tšepahalang ba sa lateleng baeta-pele bao, Jehova o tla ba khutlisetsa tseleng ’me a boele a ba amohele. (Bala Esaia 28:23-29.) Feela joalokaha sehoai se sebelisa mekhoa e hlokolosi ha se pola lithollo tse ka senyehang habonolo, tse kang kumine, ka ho tšoanang Jehova o fetola taeo ea hae ho latela batho ka bomong le maemo a bona. Ha ho mohla a hatellang kapa a khahlapetsang empa o nka khato ka pono ea hore bafosi ba ka ’na ba khutlisetsoa tseleng. E, haeba batho ka bomong ba arabela boipiletsong ba Jehova, tšepo e teng. Ka ho tšoanang le kajeno, le hoja qetello ea Bokreste-’mōtoana ka kakaretso e se e tiisitsoe, motho leha e le ofe ea ikokobelletsang ’Muso oa Jehova a ka qoba kahlolo e bohloko e tlang.
Ho Malimabe Jerusalema!
19. Jerusalema e tla fetoha “leifo la aletare” ka tsela efe, hona see se etsahala neng hona joang?
19 Leha ho le joalo, Jehova o bua ka eng joale? “Ho malimabe Ariele, Ariele, motse oo Davida a hlommeng litente ho oona! Eketsang selemo ho selemo; mekete e ke e tsoele pele ka tlhahlamano. Ke lokela ho thatafaletsa Ariele lintho, ’me ho tla ba le ho siama le sello, ’me ho ’na e tla tšoana le leifo la aletare ea Molimo.” (Esaia 29:1, 2) Mohlomong “Ariele” e bolela “Leifo la Aletare ea Molimo,” ’me kamoo ho bonahalang kateng e bolela Jerusalema mona. Ke hona moo tempele le aletare ea eona ea sehlabelo li leng hona teng. Bajuda ba latela kemiso ea ho tšoara mekete le ho etsa mahlabelo moo, empa Jehova ha a khahlisoe ke borapeli ba bona. (Hosea 6:6) Ho e-na le hoo, o laela hore motse ka booona e be “leifo la aletare” ka kutloisiso e fapaneng. Joaloka aletare, o tla phalla mali ’me o chesoe ka mollo. Jehova o bile o hlalosa kamoo sena se tlang ho etsahala kateng: “Ke tla hloma liahelo ka mahlakoreng ’ohle khahlanong le uena, ke tla u thibella ka lekhoakhoa la lithupa tse nchocho ’me ke emise lintho tse thibellang khahlanong le uena. U tla kokobela hoo u tla bua u le fatše, ’me lipolelo tsa hao li tla utloahalla tlaase joalokaha eka li tsoa lerōleng.” (Esaia 29:3, 4) Sena se phethahala Juda le Jerusalema ka 607 B.C.E. ha lebotho la Babylona le thibella motse ’me le o senya le bile le chesa tempele. Jerusalema e theoleloa fatše lerōleng leo e hahiloeng holim’a lona.
20. Qetello ea lira tsa Molimo e tla ba efe?
20 Pele ho nako eo e mahlonoko, nako le nako Juda e ba le morena ea mamelang Molao oa Jehova. Joale ho etsahala’ng? Jehova o loantša batho ba hae. Le hoja sera se ka ’na sa aparela naha, se ba joaloka “phofo e thumisehileng” le “’mōkō.” Ka nako ea hae e loketseng, Jehova o se qhalakanya “ka sealuma le tšisinyeho le molumo o moholo, moea oa sefefo le sefefo se matla, le lelakabe la mollo o timetsang.”—Esaia 29:5, 6.
21. Hlalosa papiso e ho Esaia 29:7, 8.
21 Mohlomong ka tabatabelo mabotho a tletseng bora a letetse ho tlatlapa Jerusalema le ho hahara se hapiloeng ntoeng. Empa a tla phaphama habohloko! Joaloka monna ea lapileng haholo ea lorang a le moketeng a ntan’o phaphama a bile a lapile ho feta leha e le neng pele, lira tsa Juda ha li na ho thabela mokete oo li o letetseng ka tabatabelo hakana. (Bala Esaia 29:7, 8.) Nahana ka se etsahallang lebotho la Assyria le eteletsoeng pele ke Sankeribe ha le sokela Jerusalema mehleng ea Morena Ezekiase ea tšepahalang. (Esaia, khaolo ea 36 le 37) Ka bosiu bo le bong, ho se motho le ea mong ea kileng a phahamisa letsoho, lebotho le matla la Assyria la ntoa le khutlisetsoa morao—bahlabani ba lona ba 185 000 ba shoele! Litoro tsa tlhōlo li tla boela li nyopa ha mabotho a matla a Gogo oa Magogo a itokisetsa ho hlasela batho ba Jehova nakong e tlang e haufinyane.—Ezekiele 38:10-12; 39:6, 7.
22. Botahoa ba Juda ba moea bo e ama joang?
22 Nakong eo ka eona Esaia a bolelang karolo ena ea boprofeta ba hae, baeta-pele ba Juda ha ba na tumelo e kang ea Ezekiase. Ba ikentse matahoa a moea ka ho etsa lilekane le lichaba tse sa tšabeng Molimo. “Liehang, ’me le makale; iphoufatseng, ’me le foufale. Ba tahiloe, empa eseng ke veine; baa therekela, empa eseng ka lebaka la joala bo tahang.” (Esaia 29:9) Kaha ba tahiloe moeeng, baeta-pele bana ba sitoa ho utloisisa se boleloang ke pono ena e filoeng moprofeta oa Jehova oa ’nete. Esaia o re: “Jehova o le tšetse moea oa boroko bo tebileng; o koala mahlo a lōna, baprofeta, ’me o koahetse lihlooho tsa lōna, ba bonang lipono. Ho lōna pono ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tšoana le mantsoe a buka e tiisitsoeng, eo ba e fang motho ea tsebang mongolo oo, ba re: ‘Ka kōpo, balla sena holimo,’ ebe o re: ‘Ha ke khone, kaha se tiisitsoe’; ebe buka eo e fuoa e mong ea sa tsebeng mongolo oo, ho thoe: ‘Ka kōpo, balla sena holimo,’ ebe o re: ‘Ho hang ha ke tsebe mongolo ona.’”—Esaia 29:10-12.
23. Ke hobane’ng ha Jehova a tla bitsa Juda hore e tl’o ikarabella, hona o tla etsa hoo joang?
23 Baeta-pele ba Juda ba bolumeli ba ipolela hore ba seli moeeng, empa ba furaletse Jehova. Ho e-na le hoo ba ruta likhopolo tsa bona tse sothehileng mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng, ba lokafatsa mesebetsi ea bona e hlokang tumelo le ea boitšoaro bo litšila ’me ba etsa hore batho ba se ke ba amoheloa ke Molimo. Ka “ho hong ho hlollang”—‘ketso ea hae e makatsang’—Jehova o tla ba bitsetsa ho tla ikarabella ka boikaketsi ba bona. O re: “Ka lebaka la hore batho bana ba atametse ka melomo ea bona, ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela, ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hōle le ’na, ’me tšabo ea bona ho ’na e fetohile taelo ea batho e rutoang, ka hona ke ’na enoa, Ea tla boela a sebetsane le sechaba sena ka ho hlollang, ka mokhoa o hlollang le ka ho hong ho hlollang; bohlale ba banna ba bona ba bohlale bo tla timela, ’me kutloisiso ea banna ba bona ba masene e tla ipata.” (Esaia 29:13, 14) Bohlale le kutloisiso tseo Juda e ipolelang hore e na le tsona li tla fela ha Jehova a tsamaisa lintho e le hore tsamaiso eohle ea eona ea bolumeli ba bokoenehi e felisoe ke ’Muso oa Lefatše oa Babylona. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang lekholong la pele la lilemo ka mor’a hore baeta-pele ba Bajuda ba neng ba ipolela hore ba bohlale ba khelose sechaba. Ho tla etsahala ntho e tšoanang ka Bokreste-’mōtoana mehleng ea rōna.—Matheu 15:8, 9; Baroma 11:8.
24. Bajuda ba bontša joang hore ha ba tšabe ea Molimo?
24 Leha ho le joalo, hajoale baeta-pele ba Juda ba ithorisang ba lumela hore ba bohlale hoo ba ka tsoelang pele ho sotha borapeli ba ’nete. Na ho joalo? Esaia o tlosa lekoko leo ba ikoahetseng ka lona, o ba pepesa e le ba se nang tšabo ea sebele ea Molimo ’me ka tsela eo e le ba se nang bohlale ba sebele: “Ho malimabe ba tebelang tlaase bakeng sa ho patela Jehova morero, le bao liketso tsa bona li etsahetseng sebakeng se lefifi, ha ba ntse ba re: ‘Ke mang ea re bonang, ’me ke mang ea tsebang ka rōna?’ Le khelohile hakaakang! Na sebōpi se ka lekanngoa le letsopa? Etsoe na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: ‘Ha kea etsoa ke eena’? Na ntho e entsoeng e ka re ho moetsi oa eona: ‘Ha aa ka a bontša kutloisiso’?” (Esaia 29:15, 16; bapisa le Pesaleme ea 111:10.) Ho sa tsotellehe hore na ba nahana hore ba patehile hakae, ba lutse ba ‘hlobotse ’me ba pepesitsoe phatlalatsa’ mahlong a Molimo.—Baheberu 4:13.
“Ba sa Utloeng Litsebeng ba Tla Utloa”
25. Ke ka kutloisiso efe “ba sa utloeng litsebeng” ba tlang ho utloa?
25 Leha ho le joalo, poloko e teng bakeng sa batho ka bomong ba bontšang tumelo. (Bala Esaia 29:17-24; bapisa le Luka 7:22.) “Ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa mantsoe a buka,” e leng molaetsa o tsoang Lentsoeng la Molimo. E, ena hase pholiso ea ho se utloe ha sebele litsebeng. Ke pholiso ea moea. Esaia o boetse o supa ho hlongoeng ha ’Muso oa Bomesia le ho tsosolosoeng ha borapeli ba ’nete lefatšeng ke puso ea Mesia. Sena se etsahetse mehleng ea rōna, ’me ba limilione ba tšepahalang ba lumela ho khalemeloa ke Jehova ba bile ba ithuta ho mo rorisa. Ke phethahatso e hlollang hakaakang! Qetellong, letsatsi le tla tla leo ka lona e mong le e mong, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang, e tlang ho rorisa Jehova le ho halaletsa lebitso la hae le halalelang.—Pesaleme ea 150:6.
26. Ke likhopotso life tsa moea tseo “ba sa utloeng litsebeng” ba li utloang kajeno?
26 Ke’ng seo bao “ba sa utloeng litsebeng” ba utloang Lentsoe la Molimo kajeno ba ithutang sona? Ba ithuta hore Bakreste bohle, haholo-holo bao phutheho e ba nkang e le mehlala, ba tlameha ho qoba ka hohle-hohle ho ‘kheloha ka lebaka la joala bo tahang.’ (Esaia 28:7) Ho feta moo, le ka mohla ha rea lokela ho khathala ho utloa likhopotso tsa Molimo, tse re thusang hore re be le pono ea moea linthong tsohle. Le hoja ka nepo, Bakreste ba ikokobelletsa ba nang le matla a ho laela pusong ’me ba tšepela ho bona hore ba fane ka litšebeletso tse itseng, poloko ha e tsoe tsamaisong ea lefatše, empa e tsoa ho Jehova Molimo. Hape, le ka mohla re se ke ra lebala hore ho tšoana le kahlolo ea Jerusalema ea bokoenehi, kahlolo ea Molimo ho moloko ona e ke ke ea qojoa. Ka thuso ea Jehova, re ka tsoela pele re phatlalatsa temoso ea hae ho sa tsotellehe khanyetso, joalokaha Esaia a ile a etsa.—Esaia 28:14, 22; Matheu 24:34; Baroma 13:1-4.
27. Bakreste ba ka ithuta lithuto life boprofeteng ba Esaia?
27 Baholo le batsoali ba ka ithuta tseleng eo Jehova a fanang ka taeo ka eona, kamehla ba batle ho khutlisetsa bafosi tseleng ea ho amoheloa ke Molimo, eseng feela ho ba fa kotlo. (Esaia 28:26-29; bapisa le Jeremia 30:11.) ’Me kaofela ha rōna, ho akarelletsa le bacha, re hopotsoa hore ke habohlokoa hore re sebeletse Jehova ho tsoa pelong, eseng feela ho phetha molao oa ho ba Bakreste e le hore re khahlise batho. (Esaia 29:13) Re lokela ho bontša hore ho fapana le baahi ba Juda ba se nang tumelo, re tšaba Jehova ka ho loketseng re bile re mo hlompha ka ho tebileng. (Esaia 29:16) Ho feta moo, re lokela ho bontša hore re ikemiselitse ho khalemeloa ke Jehova le ho rutoa ke eena.—Esaia 29:24.
28. Bahlanka ba Jehova ba talima liketso tsa hae tse pholosang joang?
28 Ke habohlokoa hakaakang ho ba le tumelo ho Jehova le tseleng ea hae ea ho etsa lintho le ho mo tšepa! (Bapisa le Pesaleme ea 146:3.) Ho ba bangata, molaetsa oa temoso oo re o bolelang o tla utloahala eka ke o etselitsoeng bana. Ho timetsoa ho lebeletsoeng ha mokhatlo, oa Bokreste-’mōtoana, o ipolelang hore o sebeletsa Molimo ke khopolo e makatsang le e sa tloaelehang. Empa Jehova o tla etsa ‘ketso ea hae e makatsang.’ Ha ho pelaelo ka seo. Kahoo, matsatsing ana a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho, bahlanka ba Molimo ba beha tšepo ea bona e feletseng ’Musong oa hae le ho Morena oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste. Baa tseba hore liketso tsa Jehova tse pholosang—hammoho le ‘mosebetsi oa hae o sa tloaelehang’—li tla tlisetsa moloko oohle oa batho o mamelang litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Seheberung sa pele, Esaia 28:10 ke thothokiso e nang le morethetho o ipheta-phetang, e batlang e tšoana le thothokiso ea bana e phetang pale. Kahoo, baeta-pele ba bolumeli ba utloa eka molaetsa oa Esaia ke o pheta-phetang ntho e le ’ngoe le o etselitsoeng bana.
[Litšoantšo tse leqepheng la 289]
Bokreste-’mōtoana bo itšetlehile ka lilekane tse entsoeng le babusi ba batho ho fapana le Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 290]
Jehova o etsa ‘ketso ea hae e makatsang’ ha a lumella Babylona ho timetsa Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 298]
Bao ka tsela ea moea ba neng ba sa utloe litsebeng pele ba ka “utloa” Lentsoe la Molimo