Jehova o Hlohonolofatsa le ho Sireletsa ba Mamelang
“Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—LIPROVERBIA 1:33.
1, 2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho mamela Molimo? Etsa papiso.
LITSUONYANA tse masiba a bonolo a masehla li ntse li nokola lijo har’a joang bo bokhutšoanyane, ’me ho hang ha li lemohe phakoe e ntseng e ōkaōkela holimo mane. Hang-hang, ’malitsuonyana o hlaba mokhosi ka lentsoe le thothomelang le phahameng, ’me o phukalatsa mapheo a hae. Litsuonyana lia mo mathela, ’me ka ho panya ha leihlo li sireletsehile ha li patiloe ka tlas’a masiba a hae. Phakoe ea tela.a Re ithuta thuto efe moo? Re ithuta hore ho mamela ho boloka bophelo!
2 Thuto ena ke ea bohlokoa ka ho khetheha ho Bakreste kajeno, hobane Satane o leka sohle ho hlasela batho ba Molimo. (Tšenolo 12:9, 12, 17) Pakane ea hae ke ho senya bomoea ba rōna e le hore Jehova a se hlole a re amohela ’me re se hlole re lebella bophelo bo sa feleng. (1 Petrose 5:8) Leha ho le joalo, haeba re lula haufi le Molimo ’me re nka khato ka potlako tataisong eo re e fumanang Lentsoeng la hae le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng, re ka kholiseha hore o tla re sireletsa ka tlhokomelo. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ka masiba a hae o tla thibela hore u se ke ua atameloa, u tla tšabela tlas’a mapheo a hae.”—Pesaleme ea 91:4.
Sechaba se sa Mameleng Sea Hlaseloa
3. Phello ea ho se mamele ha Iseraele ka makhetlo-khetlo e bile efe?
3 Ha sechaba sa Iseraele se ne se mamela Jehova, kamehla se ne se rua molemo tlhokomelong ea hae e seli. Leha ho le joalo, hangata sechaba sena se ne se tlohela Moetsi oa sona ’me se fetohela melimong ea lehong le lejoe—“lintho tseo e seng tsa sebele tse se nang molemo le tse sa lopolleng.” (1 Samuele 12:21) Ka mor’a ho etsa borabele bona ka makholo a lilemo, sechaba ka kakaretso se ile sa khelella bokoenehing hoo ho ileng ha e-ba thata hore se bo tlohele. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a se utloela bohloko, a re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.”—Matheu 23:37, 38.
4. Ka 70 C.E. ho ile ha totobala joang hore Jehova o lahlile Jerusalema?
4 Ka 70 C.E. ho ile ha totobala ka tsela e bohloko hore Jehova o lahlile sechaba se koenehileng sa Iseraele. Ka selemo seo, mabotho a Roma a phahamisitseng lifolakha tsa ’ona tse nang le setšoantšo sa ntsu, a ile a ubella Jerusalema ka polao e tšabehang. Ka nako eo motse o ne o tletse batho ba ketekang Paseka. Mahlabelo a bona a mangata a ile a sitoa ho etsa hore Molimo a ba amohele. Sena se ile sa ba hopotsa habohloko mantsoe a Samuele ho Morena Saule ea sa mameleng: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo, ho ela hloko ho molemo ho feta mafura a lipheleu.”—1 Samuele 15:22.
5. Jehova o batla hore re mo mamele joang, hona re tseba joang hore hoa khoneha hore re mo mamele joalo?
5 Ho sa tsotellehe hore Jehova o tsitlella hore a mameloe, o elelloa ka ho feletseng mefokolo ea batho ba sa phethahalang. (Pesaleme ea 130:3, 4) O batla pelo e tiileng le ho mo mamela ho thehiloeng tumelong, leratong le tšabong e loketseng ea ho mo halefisa. (Deuteronoma 10:12, 13; Liproverbia 16:6; Esaia 43:10; Mikea 6:8; Baroma 6:17) ‘Leru le leholo la lipaki tsa pele ho mehla ea Bokreste,’ tse ileng tsa khomarela botšepehi ba tsona ho sa tsotellehe liteko tse thata esita le lefu, le ile la bontša hore ho ka khoneha hore re mo mamele joalo. (Baheberu 11:36, 37; 12:1) Lipaki tsee li ile tsa thabisa pelo ea Jehova hakaakang! (Liproverbia 27:11) Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba qala ba tšepahala empa ba hlōleha ho mamela kamehla. E mong oa bona ke Morena Joase oa Juda ea boholo-holo.
Morena ea Sentsoeng ke Litloaelano Tse Mpe
6, 7. Joase e ne e le morena oa mofuta ofe ha Jehojada a sa phela?
6 Morena Joase o ile a phonyoha lefu ka lesoba la nale ha e sa le lesea. Ha Joase a le lilemo li supileng, Moprista e Moholo Jehojada ka sebete o ile a mo ntša moo a patiloeng teng ’me a mo etsa morena. Kahobane Jehojada ea tšabang Molimo a ile a iketsa ntate le moeletsi oa Joase, ’musi enoa e monyenyane o ile “a ’na a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova ka matsatsi ’ohle a moprista Jehojada.”—2 Likronike 22:10–23:1, 11; 24:1, 2.
7 Mesebetsi e metle ea Joase e ne e akarelletsa ho tsosolosa tempele ea Jehova, e leng ketso e neng e le “takatso ea pelo ea Joase.” O ile a hopotsa Moprista ea Phahameng Jehojada hore ho hlokahala hore a bokelle lekhetho la tempele Juda le Jerusalema, joalokaha “ho laetsoe ke Moshe,” e le hore ho lefelloe mosebetsi oa ho e lokisa. Ho hlakile hore Jehojada o ile a atleha ho khothalletsa morena enoa e monyenyane hore a ithute a be a mamele Molao oa Molimo. Ka lebaka leo, mosebetsi oa ho lokisa tempele le lisebelisoa tsa tempele o ile oa phethoa ka potlako.—2 Likronike 24:4, 6, 13, 14; Deuteronoma 17:18.
8. (a) Ntho ea sehlooho e ileng ea etsa hore Joase a oe moeeng ke efe? (b) Qetellong ho se mamele ha morena ho ile ha etsa hore a etse’ng?
8 Ka masoabi, Joase ha aa ka a mamela Jehova ka nako e telele. Hobane’ng? Lentsoe la Molimo lea re bolella: “Ka mor’a lefu la Jehojada likhosana tsa Juda tsa kena ’me tsa inamela morena. Ka nako eo morena a li mamela. Qetellong ba tlohela ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba qala ho sebeletsa lipalo tse halalelang le litšoantšo tse rapeloang, hoo Bajuda le ba Jerusalema ba ileng ba halefeloa ka lebaka la molato ona oa bona.” Hape, tšusumetso e mpe ea likhosana tsa Juda e ile ea etsa hore morena a se ke a mamela baprofeta ba Molimo, bao e mong oa bona e neng e le mora oa Jehojada, Zakaria, eo ka sebete a ileng a khalemela Joase le sechaba ka ho se mamele ha bona. Ho e-na le ho baka, Joase o ile a laela hore Zakaria a tlepetsoe ka majoe. Joase o ne a se a fetohile monna ea pelo e thata, ea sa mameleng hakaakang—feela ka lebaka la hore o ile a inehella tšusumetso ea litloaelano tse mpe!—2 Likronike 24:17-22; 1 Bakorinthe 15:33.
9. Qetello ea Joase le likhosana e bontša booatla ba ho se mamele joang?
9 Kaha o ne a lahlile Jehova, ho ile ha etsahala joang ka Joase le metsoalle ea hae ea likhosana tse khopo? Lebotho la Syria—e le feela “banna ba fokolang ka palo”—le ile la futuhela Juda ’me la “timetsa likhosana tsohle tsa sechaba har’a batho.” Bafutuhi bana ba ile ba boela ba qobella morena hore a nehelane ka maruo a hae esita le khauta le silevera ea sehalalelo. Le hoja Joase a ile a pholoha, o ile a sala a fokola a bile a kula. Nakoana hamorao, o ile a bolaoa ke bahlanka ba hae ba fetohileng mahlaba-phio. (2 Likronike 24:23-25; 2 Marena 12:17, 18) Mantsoe a Jehova ho Iseraele e ne e le ’nete hakaakang: “Haeba u sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng . . . , bomalimabe bona bohle bo tla tla holim’a hao ’me bo u fihlele”!—Deuteronoma 28:15.
Mongoli ea Ileng a Pholosoa ke ho Mamela
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahana ka keletso eo Jehova a ileng a e fa Baruke? (b) Jehova o ile a fa Baruke keletso efe?
10 Na ka linako tse ling u nyahamisoa ke hore ke batho ba seng bakae feela ho bao u kopanang le bona tšebeletsong ea Bokreste ba bontšang thahasello litabeng tse molemo? Na ka linako tse ling u ikutloa u le mōnanyana ka barui le hore ba khona ho ikhotsofatsa bophelong? Haeba ho joalo, ak’u nahane ka Baruke, mongoli oa Jeremia le keletso e lerato eo Jehova a ileng a mo fa eona.
11 Baruke o ne a ntse a ngola molaetsa oa boprofeta ha Jehova a lebisa tlhokomelo ea hae ho eena ka boeena. Ka lebaka lefe? Hobane Baruke a ne a qalile ho ingamangama ka boemo ba hae bophelong ’me a lakatsa se molemonyana ho feta tokelo ea hae e khethehileng ea ho sebeletsa Molimo. Ha Jehova a hlokomela hore boikutlo ba Baruke bo fetohile, o ile a mo fa keletso e hlakileng empa e le mosa, a re: “U ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.”—Jeremia 36:4; 45:5.
12. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ipatlela “lintho tse khōlō” tsamaisong ea hona joale ea lintho?
12 Na mantsoeng a Jehova ho Baruke u lemoha kameho ea Hae e tebileng ka monna eo ea molemo, ea neng a mo sebelelitse ka botšepehi le ka sebete hammoho le Jeremia? Le kajeno Jehova o amehile ka botebo ka ba lekoang ke hore ba iphumanele seo ba nahanang hore ke makhulo a matalana tsamaisong ena ea lintho. Hoa thabisa hore ebe joaloka Baruke, ba bangata ba bona ba ile ba amohela ha barab’abo rōna ba moea ba hōlileng tsebong ba ba khutlisetsa tseleng ka lerato. (Luka 15:4-7) E, e se eka bohle re ka lemoha hore ba ipatlelang “lintho tse khōlō” tsamaisong ena ha ba na bokamoso. Ba joalo ha ba hlōlehe ho fumana thabo ea ’nete feela, empa ho hobe le ho feta ke hore haufinyane ba tla feta le lefatše lena hammoho le litakatso tsohle tsa lona tsa boithati.—Matheu 6:19, 20; 1 Johanne 2:15-17.
13. Tlaleho ea Baruke e re ruta thuto efe ea boikokobetso?
13 Tlaleho ea Baruke e boetse e re ruta thuto e ntle ea boikokobetso. Hlokomela hore Jehova ha aa ka a eletsa Baruke ka ho toba empa o ile a bua ka Jeremia, eo mohlomong Baruke a neng a tseba hantle ho se phethahale ha hae le mekhoanyana ea hae. (Jeremia 45:1, 2) Leha ho le joalo, Baruke ha aa ka a hlōloa ke boikhohomoso; ka boikokobetso o ile a lemoha hore keletso eo e tsoa ho Jehova. (2 Likronike 26:3, 4, 16; Liproverbia 18:12; 19:20) Kahoo haeba re ‘nka mohato o fosahetseng pele re o hlokomela’ ’me re fuoa keletso e hlokahalang ea Lentsoe la Molimo, a re etsiseng ho hōla kelellong ha Baruke, temoho ea hae ea moea le boikokobetso ba hae.—Bagalata 6:1.
14. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re mamele ba eteletseng pele har’a rōna?
14 Ho ikokobetsa joalo ho thusa le ba re fang keletso. Baheberu 13:17 e re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” Ke hangata hakaakang baholo ba rapelang Jehova ka tieo, ba rapella sebete, bohlale le masene a hlokahalang hore ba phethe tšobotsi ee e boima mosebetsing oa bona oa bolisa! A re ‘eleng banna ba mofuta ona hloko.’—1 Bakorinthe 16:18.
15. (a) Jeremia o ile a bontša joang hore o tšepa Baruke? (b) Baruke o ile a putsetsoa ho mamela ha hae ka boikokobetso joang?
15 Ho totobetse hore Baruke o ile a fetola mohopolo oa hae, hobane ka mor’a moo Jeremia o ile a mo fa kabelo e thata ka ho fetisisa ea hore a ee tempeleng le ho balla holimo molaetsa oa kahlolo oo Jeremia a neng a mo boleletse hore a o ngole. Na Baruke o ile a mamela? E, o ile a etsa “sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona.” Ha e le hantle, o bile a balla likhosana tsa Jerusalema molaetsa oo, e leng seo ntle ho pelaelo se ileng sa hloka sebete. (Jeremia 36:1-6, 8, 14, 15) Ha motse o hapuoa ke Bababylona lilemo tse ka bang 18 hamorao, inahanele kamoo e tlamehang ebe Baruke o ile a thaba kateng ha a bolokiloe kahobane a ile a utloa temoso ea Jehova ’me a khaotsa ho ipatlela “lintho tse khōlō”!—Jeremia 39:1, 2, 11, 12; 43:6.
Ho Mamela Nakong ea Phutuho ho Pholosa Bophelo
16. Jehova o ile a bontša kutloelo-bohloko joang ho Bajuda ba Jerusalema ha ba futuheloa ke Babylona ka 607 B.C.E.?
16 Ha Jerusalema e felisoa ka 607 B.C.E., kutloelo-bohloko ea Molimo ho ba mamelang e ile ea boela ea totobala. Sehlohlolong sa phutuho ena, Jehova o ile a re ho Bajuda: “Bonang! ke beha tsela ea bophelo le tsela ea lefu ka pel’a lōna. Ea lutseng a khutsitse motseng ona o tla shoa ka sabole le ke tlala le ka lefu la seoa; empa ea tsoang ’me a oela ho Bakalde ba le thibeletseng o tla lula a phela, ’me ka sebele moea oa hae e tla ba oa hae e le thepa e hapuoeng.” (Jeremia 21:8, 9) Le hoja baahi ba Jerusalema ba ne ba lokeloa ke timetso, Jehova o ile a bontša kutloelo-bohloko ho ba mo mamelang, esita le nakong eo e mahlonoko ea ho qetela.b
17. (a) Ho mamela ha Jeremia ho ile ha lekoa ka litsela life tse peli ha Jehova a mo laela hore a bolelle Bajuda ba futuhetsoeng hore ‘ba oele ka ho Bakalde’? (b) Re ka rua molemo joang mohlaleng oa Jeremia oa ho mamela ka sebete?
17 Ha ho pelaelo hore ho bolella Bajuda hore ba inehele le hona ho ile ha leka ho mamela ha Jeremia. Lebaka le leng ke hore o ne a boulella lebitso la Molimo. O ne a sa batle hore le rohakoe ke lira tse neng li tla nka hore li filoe tlhōlo ke melimo ea litšoantšo e sa pheleng. (Jeremia 50:2, 11; Lillo Tsa Jeremia 2:16) Ho phaella moo, Jeremia o ne a tseba hore ha a bolella batho hore ba inehele, o ne a beha bophelo ba hae kotsing e khōlō, kaha ba bangata ba ne ba tla nka hore mantsoe a hae a hlohlelletsa bofetoheli. Leha ho le joalo, ha aa ka a ikhula ke tšabo, empa ka boikokobetso o ile a bolela liphatlalatso tsa Jehova. (Jeremia 38:4, 17, 18) Joaloka Jeremia, le rōna re bolela molaetsa o sa ratoeng. Ke oona molaetsa o ileng oa etsa hore Jesu a nyelisoe. (Esaia 53:3; Matheu 24:9) Kahoo, a re se keng ra ‘thothometsoa ke batho,’ empa joaloka Jeremia, a re mameleng Jehova ka sebete, re mo tšepe ka ho feletseng.—Liproverbia 29:25.
Ho Mamela ho sa Tsotellehe Tlhaselo ea Gogo
18. Bahlanka ba Jehova ba tla tobana le liteko life tse tlang tsa ho mamela?
18 Haufinyane, tsamaiso eohle e khopo ea Satane e tla felisoa ‘matšoenyehong a maholo’ ao ho seng mohla a kileng a e-ba teng. (Matheu 24:21) Ha ho pelaelo hore batho ba Molimo ba tla hlaheloa ke liteko tse khōlō tsa tumelo ea bona le ho mamela ha bona pele ho nako eo esita le hona nakong eo. Ka mohlala, Bibele e re bolella hore Satane, e le “Gogo oa naha ea Magogo,” o tla loana hore ho khaohe moo ho khoehlang khahlanong le bahlanka ba Jehova, a sebelisa mabotho a hlalosoang hore ke “lebotho le leholo la sesole . . . , joaloka maru a koahelang naha.” (Ezekiele 38:2, 14-16) Kaha batho ba Molimo ba tla be ba fokola ka palo ba bile ba sa hlomela, ba tla tšabela ‘mapheong’ a Jehova, ao a a phukalatsang ho sireletsa ba mamelang.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha ho mamela ha Baiseraele ho ne ho le bohlokoa haholo ha ba le Leoatleng le Lefubelu? (b) Ho nahana ka thapelo ka tlaleho ea Leoatleng le Lefubelu ho ka re tsoela molemo joang kajeno?
19 Boemo bona bo re hopotsa ka Ho Falla ha Baiseraele Egepeta. Ha Jehova a qeta ho otla Egepeta ka likotlo tse senyang tse leshome, ha aa ka a tsamaisa batho ba hae ka tsela e khutšoanyane e eang Naheng e Tšepisitsoeng, empa o ile a etsa hore ba lebe Leoatleng le Lefubelu, e leng moo ba neng ba ka hlahuoa lesumatha kapa ba hlaseloa. Ho motho ea nahanelang ntoa, khato ena e ne e bonahala e le kotsi. Haeba u ne u le moo, na u ka be u ile ua mamela lentsoe la Jehova leo a le buileng ka Moshe ’me ua leba Leoatleng le Lefubelu u kholisehile haholo, le hoja u tseba hore Naha e Tšepisitsoeng ha e lehlakoreng leo?—Exoda 14:1-4.
20 Ha re ntse re bala Exoda khaolo ea 14, re bona kamoo Jehova a ileng a lopolla batho ba hae ka pontšo e hlollang ea matla kateng. Litlaleho tse joalo li ka matlafatsa tumelo ea rōna hakaakang ha re ipha nako ea ho ithuta le ho thuisa ka tsona! (2 Petrose 2:9) Tumelo e matla le eona e re matlafalletsa ho mamela Jehova, esita leha seo a se hlokang se bonahala se sa lumellane le maikutlo a rōna. (Liproverbia 3:5, 6) Kahoo, ipotse, ‘Na ke etsa boiteko ba ho haha tumelo ea ka ka ho khothalla ho ithuta Bibele, ho rapela le ho thuisa, esita le ka ho kopana kamehla le batho ba Molimo?’—Baheberu 10:24, 25; 12:1-3.
Ho Mamela ho Fana ka Tšepo
21. Ke litlhohonolofatso life, tsa hona joale le tsa nakong e tlang, tse tla tlela ba mamelang Jehova?
21 Bao ho mamela Jehova e leng tsela ea bona ea bophelo ba fumana hore esita le hona joale Liproverbia 1:33 ea phethahala, ha e re: “Ha e le ea ’mamelang [ka boikokobetso], o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.” Mantsoe aa a khothatsang a tla sebetsa ka ho hlollang hakaakang letsatsing le tlang la Jehova la phetetso! Ha e le hantle, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.” (Luka 21:28) Ka ho hlakileng, ke feela ba mamelang Molimo ba tlang ho kholiseha ho ela mantsoe ana hloko.—Matheu 7:21.
22. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba e-na le lebaka la ho kholiseha? (b) Ho tla tšohloa lintlha life sehloohong se latelang?
22 Lebaka le leng la kholiseho ke hore “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” (Amose 3:7) Kajeno, Jehova ha a bululele baprofeta joaloka nakong e fetileng, ho e-na le hoo, o file sehlopha sa lekhoba le tšepahalang taelo ea ho fana ka lijo tsa moea ho ba ntlo ea hae. (Matheu 24:45-47) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re mamele “lekhoba”! Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, ho mamela ho joalo ho boetse ho bontša tsela eo re ikutloang ka eona ka Jesu, monghali oa ‘lekhoba’ lena. Ke Eena eo “lichaba li tla mo mamela.”—Genese 49:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sengoliloeng sa mokhatlo o amehileng ka tšireletseho ea liphoofolo se bolela hore le hoja hangata a hlahisoa eka o boi, “’malitsuonyana a ka loana ho fihlela a e-shoa ha a sireletsa litsuonyana tsa hae kotsing.”
b Jeremia 38:19 e bontša hore Bajuda ba bangata ‘ba ile ba oela’ ka ho Bakalde ’me ba se ke ba bolaoa le hoja ba ile ba isoa kholehong. Ha re bolelloe hore na ba ile ba inehela ka lebaka la mantsoe a Jeremia kapa che. Leha ho le joalo, ho pholoha ha bona ho ile ha tiisa mantsoe a moprofeta.
Na U sa Hopola?
• Phello ea ho se mamele ha Baiseraele ka makhetlo-khetlo e bile efe?
• Morena Joase o ile a angoa ke metsoalle ea hae joang, ha a sa le mocha le ha a se a hōlile?
• Re ithuta lithuto life ho Baruke?
• Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore batho ba Jehova ba mamelang ba tšabe ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e atamela bofelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Tlas’a tataiso ea Jehojada, Joase e monyenyane o ile a mamela Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Metsoalle e mebe e ile ea susumetsa Joase hore ho bolaoe moprofeta oa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Na u ka be u ile ua mamela Jehova ’me ua bona matla a hae a tšabehang a poloko?