Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 2
Tsoang Babylona!
Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.
SEHLOOHONG se fetileng letotong la lihlooho tsena, re ile ra hlahloba liketsahalo tse tharo tsa boprofeta bo ka Bibeleng bo amanang le litloholo tsa Abrahama. Bopaki bo bontša hore Molimo o ile a phethahatsa litšepiso tseo ka sechaba sa Iseraele ea boholo-holo, seo e neng e le leloko la Abrahama.
Sechaba sa Babylona ea boholo-holo le sona se ile sa phetha karolo ea bohlokoa historing ea Bibele, haholo-holo lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. A re hlahlobeng liketsahalo tse tharo tse profetiloeng ka Bibeleng ka ’muso oa sechaba sena, ’me re bone hore na re tla fumana bopaki bo bontšang hore lintho tse profetiloeng li ne li bululetsoe ke Molimo kapa che.
Moprofeta Moshe o ile a lemosa Baiseraele ba boholo-holo a re: “Haeba le lebala Jehova Molimo oa lōna ’me le . . . latela melimo e meng ’me le e sebeletsa ’me le e inamela, . . . le tla timela ka ho feletseng.” (Deuteronoma 8:19; 11:8, 9) Leha ho le joalo, Baiseraele ba ne ba fetohela Molimo ka makhetlo ka hore ba rapele melimo ea litšoantšo.—1 Marena 14:22-24.
Ha nako e ntse e ea, mamello ea Molimo e ile ea fela, ’me a lumella hore Bababylona ba hape sechaba seo sa hae se sa tšepahaleng. Tlas’a puso ea Morena Nebukadnezare—eo hape e ngoloang e le Nebukadrezare—mabotho a Babylona a ile a futuhela Iseraele, ka ho thibella Jerusalema. Na ho thibella ha eona Jerusalema e ne e le ntho ea bohlokoa? A re hlahlobeng seo moprofeta Jeremia a ileng a se ngola lilemo tse ka bang 20 pele seo se etsahala.—Jeremia 25:1.
Boprofeta ba pele: “Ka lebaka la hore ha lea ka [Baiseraele] la mamela mantsoe a ka [a Molimo], bonang! kea romeletsa . . . Nebukadrezare morena oa Babylona, . . . ’me ke tla ba tlisa [Bababylona] khahlanong le naha ena le khahlanong le baahi ba eona . . . Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng, ntho e makalloang, ’me lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.”—Jeremia 25:8-11.
Ho phethahala ha bona: Ka mor’a hore Nebukadnezare a thibelle Jerusalema ka nako e telele, o ile a e tlatlapa ka 607 B.C.E. O ile a boela a hlōla metse e meng ea Juda, e akarelletsang Lakishe le Azeka. (Jeremia 34:6, 7) Nebukadnezare o ile a isa baphonyohi ba bangata Babylona, moo e ileng ea e-ba batlamuoa ka lilemo tse 70.
Seo histori e se senolang:
● Bibele e re Nebukadnezare e ne e le morena oa Babylona ka nako eo Jerusalema e ileng ea felisoa ka eona. Lintho tsa khale tse epolotsoeng li fana ka bopaki bo tšehetsang seo Bibele e se buang ka ho ba teng ha morena eo. Setšoantšo se betliloeng lejoeng la onyxe se behiloeng Florence e Italy, se na le mongolo oo karolo e itseng ea oona e reng: “Ho tlotla Merodake, morena oa hae Nebukadnezare, e leng morena oa Babylona eo setšoantšo sena se ileng sa etsoa ka taelo ea hae.” Nebukadnezare o ile a busa ho tloha ka 624 ho ea ho 582 B.C.E.
● Buka ea The Bible and Archaeology e re lintho tse epolotsoeng le lipatlisiso tse entsoeng Lakishe, li tiisa ntlha e latelang: “Thipitlo ea ho qetela e ne e le mabifi, ’me mollo o ileng oa chesa motse oo [oa Lakishe] o ne o le bohale hoo lejoe la mokoetla la mehaho le ileng la fetoha kalaka.”
Boprofeta ba bobeli: “Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla [Jehova] lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna [Bajuda ba botlamuoeng], ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena [naheng ea Juda].”—Jeremia 29:10.
Ho phethahala ha bona: Ka mor’a hore Bajuda ba be botlamuoeng ka lilemo tse 70, ho tloha ka 607 ho ea ho 537 B.C.E., Morena Cyruse oa Persia o ile a lokolla baholehuoa ba Bajuda ’me a ba lumella hore ba khutlele naheng ea habo bona e le hore ba tsosolose tempele e Jerusalema.—Esdrase 1:2-4.
Seo histori e se senolang:
● Na Baiseraele ba ile ba e-ba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70 joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele? Hlokomela se builoeng ke setsebi se ka sehloohong sa Moiseraele sa thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e leng Ephraim Stern. Se ile sa re: “Ho tloha ka 604 B.C.E. ho ea ho 538 B.C.E.—ha ho na bopaki bo bontšang hore ho ne ho e-na le batho ba lulang Iseraele ka nako eo. Nakong eo eohle, ha ho motse le o mong ho e sentsoeng ke Bababylona o ileng oa lokisoa.” Nako eo ho thoeng Iseraele ha ea ka ea e-ba le baahi kapa ha lokisoa motse oo o hlōtsoeng, e lumellana hantle le eo Baiseraele ba ileng ba isoa botlamuoeng ka eona Babylona ho tloha ka 607 ho ea ho 537 B.C.E.—2 Likronike 36:20, 21.
● Lichaba tsa boholo-holo ho pholletsa le Mesopotamia li ne li ngolla matlapeng a entsoeng ka letsopa le bonolo. Moqomo o mong o thata oa letsopa, o tsejoang ka hore ke Moqomo oa Cyruse, ke oa hoo e ka bang ka 539 B.C.E., e leng selemo se tšoanang le seo Morena Cyruse oa Persia a ileng a hlōla ’Muso oa Bababylona ka sona. Mantsoe a mang a ngotsoeng moqomong oo a re: “Ke ’na Cyruse, . . . morena oa Babylona.” Mongolo oona oo o tsoela pele ho re: “Ke ile ka khutlisetsa [metse e itseng eo pele e neng e bitsoa] metse e halalelang e ka lehlakoreng le leng la Tigris, e leng libaka tseo e ’nileng ea e-ba lesupi ka nako e telele, litšoantso tse neng li lula sebakeng seo. . . Ke ile (ka boela) ka bokella baahi bohle (bao pele) ba neng ba lula metseng eo ’me (ka ba) khutlisetsa metseng ea habo bona.”
Libuka tse ling tseo e seng tsa Bibele li lumellana le boprofeta boo bo bolelang hore batlamuoa ba Bajuda ba ne ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona—e leng boprofeta bo tlalehiloeng lilemo tse ka bang 200 esale pele.
Boprofeta ba boraro: “Babylona, mokhabiso oa mebuso, botle ba khanya ea Bakalde, e tla ba joalokaha Molimo a ne a liha Sodoma le Gomora. E ke ke ea hlola e e-ba le baahi.”—Esaia 13:19, 20.
Ho phethahala ha bona: Maemo a ile a fetoha habohloko ha ’muso o matla oa Babylona o hlōloa ke mabotho a ikopantseng a Bamede le Bapersia ka 539 B.C.E.a Motse oo ha oa ka oa hlola o tsosolosoa. Ho e-na le hoo, o ile oa senyeha hanyane ka hanyane ho fihlela o fetoha lesupi ‘le se nang baahi.’—Jeremia 51:37.
Seo histori e se senolang:
● Babylona e ile ea felisoa ka ho feletseng hoo setsebi sa Bibele, e leng Tom Boiy se ileng sa re “Bo-rahistori le bahahlauli ba linaheng tsa Bophirimela ba lekholong la bo16 ho ea ho la bo18 la lilemo” ba ne ba tseba kamoo motse oo o neng o le molemo kateng empa ba sa tsebe hantle moo “motse oo o neng o le teng.”
● Ka 1919, H. R. Hall, e leng mohlokomeli oa Lintho Tse Khabisang tsa Baegepeta le Baassyria Musiamong oa Brithani, o ile a hlalosa Babylona tjena: “Ke qubu ea mabota a helehileng . . . a tletseng lehlabathe.”
Re ka etsa qeto efe ka mor’a ho hlahloba ho phethahala ha boprofeta boo? Ho lokela ho hlaka hore nako le nako Bibele e ipakile hore ke buka ea boprofeta bo nepahetseng. Boprofeta bo mabapi le Juda le Babylona, bo ile ba phethahala hantle feela joalokaha bo ne bo boletsoe!
Jerusalema e ile ea timetsoa hobane baahi ba eona ba ile ba hana ho mamela temoso ea Molimo ea hore ba qobe ho itšoara ka tsela e sa mo khahliseng. Ka mor’a hore Baiseraele ba qete lilemo tse 70 tse neng li boletsoe esale pele ba le botlamuoeng Babylona, ba ile ba lumelloa hore ba khutlele naheng ea habo bona e leng Jerusalema. Motse oa boholo-holo oa Babylona o ile oa timetsoa ka tsela e neng e hlalositsoe, ’me o ntse o se na baahi ho tla fihlela kajeno. Empa liketsahalo tsena ke tse ’maloa feela ho tse ngata tse profetiloeng ka Bibeleng.
Makasine e latelang e tla tšohla kamoo liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo C.E., li ileng tsa boleloa nako e telele esale pele. Ho phethahala ha boprofeta boo ho boetse hoa re kholisa hore Bibele e nepahetse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba ea hore Bamede ba ne ba tla phetha karolo e ka sehloohong ho hlōleng Babylona, e ile ea profetoa ke Esaia lilemo tse ka bang 200 esale pele.—Sheba Esaia 13:17-19; 21:2.
[Chate e maqepheng a 12, 13]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TATELLANO EA LIKETSAHALO TSA BABYLONA
c. 732 B.C.E.: Esaia
o bolela esale pele ka
ho timetsoa ha Babylona
(B.C.E.)
647 Jeremia o fuoa
mosebetsi oa ho profeta
632 Babylona e hlōla
Assyria
625 Nebukadnezare
o qala ho busa
617 Daniele le Ezekiele
ba isoa Babylona
607 Nebukadnezare Bajuda e-ba
o timetsa Jerusalema batlamuoa Babylona
ka lilemo tse 70
582 Puso ea
Nebukadnezare ea fela
539 Babylona e hlōloa
ke Bamede
le Bapersia
537 Batlamuoa ba Bajuda
ba lumelloa ho khutlela
Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mangolo a Selakishe a tšehetsa tlhaloso ea Jeremia ea kamoo Bababylona ba ileng ba hlōla Bajuda kateng
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Moqomo oa Cyruse oo ho oona ho ngotsoeng leano la Cyruse la ho khutlisetsa batlamuoa naheng ea habo bona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]
Page 12, Lachish Letter: Photograph taken by courtesy of the British Museum; page 13, Cyrus Cylinder: © The Trustees of the British Museum