Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Re Kōpa ho Khutlela Lapeng”
    Molula-Qhooa—2012 | April 1
    • “Ruri ke Tla mo Hauhela”

      Jehova o ne a e-na le kamano e khethehileng le Baiseraele. O ile a re: “Ke fetohile Ntate ho Iseraele; ha e le Efraime, ke letsibolo la ka.” (Jeremia 31:9) Ke joang ntate ea lerato a ka hanang ho amohela mora oa hae ha a bontša hore kannete oa ikoahlaea? Hlokomela kamoo Jehova a bontšang kateng hore ke Ntate ea lerato ho batho ba hae.

      “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato? Etsoe ka tekanyo eo ke buileng khahlanong le eena ka eona ruri ke tla mo hopola ka ho eketsehileng.” (Temana ea 20) Ao ke mantsoe a mofuthu hakaakang! Joaloka motsoali ea tiileng empa a le lerato, Molimo o ile a tlameha ho bua “khahlanong” le bana ba hae a ba lemosa ka ho pheta-pheta ka libe tsa bona. Ha ka manganga ba hana ho mamela, o ile a ba tlohela hore ba ee botlamuoeng—ha e le hantle, o ile a ba leleka lapeng. Empa le hoja a ile a tlameha ho ba khalemela, ha aa ka a ba lebala. O ne a ke ke a etsa joalo. Ntate ea lerato ha a lebale bana ba hae. Jehova o ile a ikutloa joang ha a bona hore bana ba hae ba bakile e le kannete?

      “Mala a ka a lubehile ka lebaka la hae.b Ruri ke tla mo hauhela.” (Temana ea 20) Jehova o ne a hlolohetsoe bana ba hae haholo. Ho baka ha bona e le kannete ho ile ha mo ama maikutlo ’me o ile a ikutloa a labalabela ho ba bona ba khutletse ho eena. Joaloka ntate ea papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa, Jehova o ile “a susumetsoa ke khauho” ’me a labalabela hore bana ba hae ba khutlele lapeng.—Luka 15:20.

      “Jehova ke Kōpa ho Khutlela Lapeng!”

      Mantsoe a ho Jeremia 31:18-20 a etsa hore re utloisise hore Jehova o na le qenehelo ebile o mohau. Molimo ha a lebale batho ba kileng ba mo sebeletsa. Ho thoe’ng haeba ba batla ho khutlela ho eena? Molimo o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) A ke ke a furalla batho ba bakileng ba batlang ho khutlela ho eena. (Pesaleme ea 51:17) Ho e-na le hoo, o ba amohela a thabile ha ba khutlela lapeng.—Luka 15:22-24.

  • “Re Kōpa ho Khutlela Lapeng”
    Molula-Qhooa—2012 | April 1
    • b Buka e tataisang bafetoleli ba Bibele ha e bua ka papiso ea ho lubeha mala e hlalosa tjena: “Ho Bajuda likahare e ne e le moo maikutlo a tsoang teng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela