Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa—1995 | March 15
    • 14, 15. (a) Ha a bolela esale pele ka ho tsosolosoa ha Iseraele botlamuoeng Babylona, Jehova o ile a tšepisa ho fa batho ba hae eng? (b) Jehova o ile a etsa eng mabapi le ho kenya tšabo ea Molimo lipelong tsa batho ba hae? (c) Ke hobane’ng ha Iseraele e ile ea furalla litsela tsa Jehova?

      14 Jehova o tšepisitse hore o ne a tla neha batho ba hae pelo e joalo e tšabang Molimo. O ile a bolela esale pele ka ho tsosolosoa ha Iseraele ’me a re, joalokaha re bala ho Jeremia 32:37-39: “Ke tla ba busetsa nģalong ena, ke ba ahise ka boiketlo. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona. Ke tla ba nea pelo e le ’ngoe le mokhoa o le mong oa ho ntšaba ka mehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona ka mora’ bona.” Temaneng ea 40 tšepiso ea Molimo ea tiisoa: “Ke tla bea tšabo ea ka lipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkoenehela.” Ka 537 B.C.E., Jehova o hlile a ba khutlisetsa Jerusalema joalokaha a ne a tšepisitse. Empa ho thoe’ng ka tšepiso eo kaofela—ea hore o ne a tla ba neha ‘pelo e le ’ngoe e le hore ba mo tšabe ka mehla’? Ke hobane’ng ha sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ile sa furalla Jehova ka mor’a hore a se late Babylona, moo phello e bileng ho timetsoa ha tempele ea sona ka 70 C.E., hoo e sa kang ea hahuoa hape le ka mohla?

  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa—1995 | March 15
    • 16. Jehova o kentse tšabo ea bomolimo lipelong tsa bo-mang?

      16 Leha ho le joalo, tšepiso ea Jehova ea ho kenya tšabo ea bomolimo lipelong tsa batho ba hae ha e ea ka ea hlōleha. O ile a etsa selekane se secha le Iseraele oa moea, e leng Bakreste bao a ba nehileng tšepo ea leholimo. (Jeremia 31:33; Ba-Galata 6:16) Ka 1919, Molimo o ile a ba ntša botlamuoeng ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Lipelong tsa bona o kentse ho mo tšaba ka ho tiileng. Sena se ba tliselitse litlhohonolofatso tse enneng bona le ba “bongata bo boholo,” bo nang le tšepo ea bophelo e le bafo ba lefatšeng ba ’Muso. (Jeremia 32:39; Tšenolo 7:9) Tšabo ea Jehova e kene le lipelong tsa bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela