Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka Bongata
    Molula-Qhooa—1996 | January 1
    • “Ke tla ba folisa ’me ke ba hlahisetse khotso le ’nete ka bongata.”—JEREMIA 33:6, NW.

  • Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka Bongata
    Molula-Qhooa—1996 | January 1
    • 3. Phethahatsong ea mantsoe a Jehova ka Jeremia, ke liketsahalo life tsa histori tse ileng tsa ruta Baiseraele thuto ea bobeli ea bohlokoa mabapi le khotso?

      3 Leha ho le joalo, pele Jerusalema e e-oa, Jehova o ne a se a senotse hore Baiseraele ba tla tlisetsoa khotso ea sebele ke eena, e seng Egepeta. Ka Jeremia o ile a tšepisa: “Ke tla ba folisa ’me ke ba hlahisetse khotso le ’nete ka bongata. Ke tla khutlisa batlamuoa ba Juda le batlamuoa ba Iseraele, ’me ke ba hahe joaloka qalong.” (Jeremia 33:6, 7, NW) Tšepiso ea Jehova e ile ea qala ho phethahala ka 539 B.C.E. ha Babylona e ne e haptjoa ’me Baiseraele ba batlamuoa ba lokolloa. (2 Likronike 36:22, 23) Karolong e qetellang ea 537 B.C.E., sehlopha sa Baiseraele se ile sa keteka Mokete oa Metlotloane naheng ea Iseraele ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 70! Ka mor’a mokete oo, ba ile ba qala ho haha tempele ea Jehova. Ba ile ba ikutloa joang ka see? Tlaleho e re: ‘Ba etsa litlatse tse khōlō tsa ho rorisa Jehova ka taba ea hobane ho theoa metheo ea ntlo ea Jehova.’—Esdrase 3:11.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela