-
Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
1, 2. (a) Baruke o ile a thulana le bothata bofe selemong sa bone sa puso ea Jojakime? (b) Jehova o ile a thusa Baruke joang?
MONGOLI ea tšepahalang oa Jeremia, e leng Baruke, o ne a tepeletse. E ne e le selemong sa bone sa puso ea Morena Jojakime ea khopo kapa hoo e ka bang ka 625 B.C.E. Jeremia o ile a bolella mongoli eo oa hae hore a ngole moqolong oa buka mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile a sebelisa Jeremia mabapi le Jerusalema le Juda, e leng mantsoe a neng a builoe ka lilemo tse 23 tseo Jeremia e neng e se e bile moprofeta ka tsona ho fihlela nakong eo. (Jer. 25:1-3; 36:1, 2) Baruke ha aa ka a balla Bajuda se ngotsoeng moqolong oo ka eona nako eo. O ne a tla etsa joalo selemong se latelang. (Jer. 36:9, 10) Empa na ho ne ho e-na le se neng se tšoenya Baruke?
2 Baruke o ile a tletleba a re: “Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka.” Ho ka etsahala hore ebe u kile ua bua mantsoe a bontšang hore u tepeletse, ebang u ne u buela holimo kapa ka pelong. Ho sa tsotellehe hore na Baruke o ne a buela holimo kapa ka pelong, Jehova o ne a mametse. Mohlahlobi oa lipelo tsa batho o ne a tseba hore na ke eng e neng e entse hore Baruke a khathatsehe, ’me Molimo o ile a sebelisa Jeremia ho khalemela Baruke. (Bala Jeremia 45:1-5.) Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Baruke a ne a ikutloa a tepeletse hakaalo. Ebe o ne a tepelelitsoe ke mosebetsi oo a neng a o filoe kapa mohlomong ke maemo ao a neng a sebetsa tlas’a ’ona? Pelo ea hae e ne e le eona e nang le bothata. Taba ke hore Baruke o ne a “ipatlela lintho tse khōlō.” Lintho tseo e ne e le eng? Jehova o ile a mo tiisetsa eng haeba a ne a ka amohela keletso ea Molimo a ba a latela tataiso ea Hae? Hona se etsahalletseng Baruke se re ruta’ng?
-
-
Qoba ho “Ipatlela Lintho Tse Khōlō”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
5 U ka utloisisa hore motho ea neng a tloaetse ho sebeletsa boemong bo phahameng o ne a ka ’na a tepelletsoa ke ho ngola melaetsa ea kahlolo e latellanang khahlanong le Juda. Ha e le hantle, kaha Baruke o ne a tšehetsa moprofeta oa Molimo, seo se ne se ka ’na sa beha boemo ba hae le mosebetsi oa hae ka mosing. Ho feta moo, nahana hore na litholoana e ne e tla ba life haeba Jehova a ne a ka felisa seo A neng a se hahile joalokaha re bala ho Jeremia 45:4. “Lintho tse khōlō” tseo Baruke a neng a nahanne ka tsona—ebang e ne e le ho fumana boemo bo phahameng le ho feta lelapeng la borena kapa ho fumana maruo—li ne li ka ’na tsa fetoha lefeela. Haeba Baruke o ne a batla boemo bo sireletsehileng tsamaisong ea ka nako eo ea Sejuda, e neng e tlil’o timetsoa, Molimo o ne a e-na le lebaka la hore a mo thibele hore a be le maikutlo a joalo.
-