Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baruke—Mongoli ea Tšepahalang oa Jeremia
    Molula-Qhooa—2006 | August 15
    • U se ke Ua Batla “Lintho Tse Khōlō”

      Ha ho ne ho ngoloa moqolo oa pele, Baruke o ile a feta linakong tsa mahlomola. O ile a hooa a re: “Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka, ’me ha kea fumana sebaka sa phomolo.” Lebaka la tlokotsi ee e ne e le lefe?—Jeremia 45:1-3.

      Ha rea fuoa karabo e tobileng. Empa ak’u leke ho nahana ka boemo ba Baruke. E tlameha ebe ho bua le sechaba sa Iseraele le sa Juda ka litemoso tse nkileng lilemo tse 23 ho ile ha etsa hore bokoenehi ba sona le ho lahla ha sona Jehova ho totobale haholo. E tlameha ebe Baruke o ile a tšosoa ke qeto ea Jehova ea hore o tla timetsa Jerusalema le Juda le ho isa sechaba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70—e leng boitsebiso boo Jehova a ileng a bo senola selemong sona seo le boo mohlomong a ileng a bo akarelletsa moqolong oo. (Jeremia 25:1-11) Ho feta moo, Baruke o ne a le kotsing ea hore ho tšehetsa ha hae Jeremia ka tieo ho ne ho ka etsa hore a lahleheloe ke boemo ba hae le mosebetsi oa hae.

      Ho sa tsotellehe se ileng sa etsahala, Jehova ka boeena o ile a kenella e le hore a thuse Baruke ho hopola kahlolo e tlang. Jehova o ile a re: “Ke qhaqha seo ke se hahileng, ’me ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha eohle.” Joale o ile a eletsa Baruke a re: “Empa ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.”—Jeremia 45:4, 5.

      Jehova ha aa ka a bolela ka ho toba hore na ‘lintho tsena tse khōlō’ e ne e le eng, empa e tlameha ebe Baruke o ne a tseba hore na ebe e ne e le litakatso tsa boithati, bophahamo, kapa ho atleha linthong tse bonahalang. Jehova o ile a mo eletsa hore a talime lintho ka tsela ea sebele ’me a hopole se neng se larile ka pele: “Bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.” Letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo Baruke a neng a e-na le lona, e leng bophelo ba hae, le ne le tla sireletsoa kae kapa kae moo a neng a ka ea teng.—Jeremia 45:5.

  • Baruke—Mongoli ea Tšepahalang oa Jeremia
    Molula-Qhooa—2006 | August 15
    • Kamoo ho bonahalang kateng, ha Baruke a ne a hopotsoa hore ho ne ho se na nako ea ho ipatlela “lintho tse khōlō” matsatsing a ho qetela a Juda, o ile a mamela, hobane o ile a bolokeha. Ho loketse hore re sebelise keletso ena, hobane le rōna re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ea lintho. Jehova o re tšepisitse ntho e tšoanang—re tla bolokeha. Na le rōna re ka ela likhopotso tse joalo hloko joaloka Baruke?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela