-
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?Molula-Qhooa—2013 | March 15
-
-
8, 9. Bajuda ba bangata ba ne ba lokela ho etsa’ng mabapi le lipelo tsa bona?
8 Re fumana leseli la hore na ho se ‘bolle pelong’ ho bolela’ng ho seo Molimo a ileng a khothalletsa Bajuda hore ba se etse ha a ne a re: “Le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna, lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa . . . ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.” Empa mesebetsi ee ea bona e mebe e ne e simolohile hokae? E ne e simolohile ka hare, lipelong tsa bona. (Bala Mareka 7:20-23.) A sebelisa Jeremia, Molimo o ile a bolela hore na mesebetsi e mebe ea Bajuda e ne e simolohile hokae. Lipelo tsa bona li ne li le manganga li tletse borabele. Merero ea bona le menahano ea bona e ne e sa mo khahlise. (Bala Jeremia 5:23, 24; 7:24-26.) Molimo o ile a re ho bona: “Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna.”—Jer. 4:4; 18:11, 12.
9 Kahoo, Bajuda ba mehleng ea Jeremia ba ne ba hloka ho etsoa opereishene ea pelo ea tšoantšetso—ba ‘bolle lipelong’—feela joalokaha batho ba mehleng ea Moshe ba ile ba etsa. (Deut. 10:16; 30:6) Ho ‘bolotsa matlalo a lipelo tsa bona’ ho ne ho bolela hore ba lokela ho tlosa lintho tse neng li etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa mamela—e leng menahano ea bona, lintho tseo ba neng ba li rata kapa merero ea bona e neng e le khahlanong le ea Molimo.—Lik. 7:51.
-
-
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?Molula-Qhooa—2013 | March 15
-
-
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha e mong le e mong oa rōna a lokela ho hlahloba pelo ea hae? (b) Molimo a ke ke a etsa’ng?
11 Jehova o batla hore e mong le e mong oa rōna a be boemong boo A bo amohelang a be a lule a le ho bona. Mabapi le motho ea lokileng, Jeremia o ile a re: “Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng; u bona liphio le pelo.” (Jer. 20:12) Haeba ea Matla ’Ohle o hlahloba le lipelo tsa batho ba lokileng, na rōna ha rea lokela ho itlhahloba ka botšepehi? (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ha re ntse re etsa joalo, re ka hlokomela boikutlo, sepheo kapa boikutlo bo tebileng boo re lokelang ho nka bohato ka bona. Re ka ’na ra hlokomela ntho e ka ’nang eaba e etsa hore lipelo tsa rōna li se ke tsa mamela, seo re ka reng ke ‘matlalo a lipelo tsa rōna,’ ao re hlokomelang hore a lokela ho tlosoa. Seo e tla be e le ho etsa opereishene ea pelo ea tšoantšetso. Haeba u lumela hore e ka ba hantle hore u hlahlobe pelo ea hao ea tšoantšetso, ke eng eo u ka e shebang? Hona u ka etsa liphetoho tse hlokahalang joang?—Jer. 4:4.
-