-
Na U Tla Tsamaea le Molimo?Molula-Qhooa—2005 | November 1
-
-
11. Ho ea ka Jeremia 6:16, Jehova o ile a etsetsa batho ba hae papiso efe e ipiletsang, empa ba ile ba etsa’ng?
11 Na ruri re lumella Lentsoe la Molimo hore le re tataise haufi-ufi joalo? Ho loketse hore ka linako tse ling re ke re nahane ka ho teba ’me re itlhahlobe ka botšepehi. Nahana ka temana ena e tla re thusa ho etsa joalo: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Emang litseleng, ’me le bone, ’me le botse ka litsela tsa khale, moo, joale, ho nang le tsela e ntle; le tsamaee ho eona, ’me le fumanele meea ea lōna boiketlo.’” (Jeremia 6:16) Mantsoe ana a ka ’na a re hopotsa motsamai ea emang hanyenyane mateanong a litsela a botsa hore na a nke tsela efe. Ka kutloisiso ea moea, batho ba Jehova ba neng ba mo fetohetse ba Iseraele ba ne ba lokela ho etsa ntho e tšoanang. Ba ne ba lokela ho khutlela morao ba fumane “litsela tsa khale.” “Tsela e ntle” e ne e le tsela eo baholo-holo ba bona ba tšepahalang ba neng ba tsamaile ho eona, e leng tsela eo ka booatla sechaba se neng se e khelohile. Ka masoabi, ka manganga Iseraele e ile ea hana ho amohela khopotso ena e lerato e tsoang ho Jehova. Temana eona eo e tsoela pele ho re: “Empa ba ’na ba re: ‘Re ke ke ra tsamaea ho eona.’” Leha ho le joalo, mehleng ea kajeno batho ba Molimo ba nkile bohato bo fapaneng ha ba utloa keletso eo.
12, 13. (a) Balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba nkile bohato bofe ka keletso ea Jeremia 6:16? (b) Re ka ’na ra itlhahloba ka tsela efe mabapi le mokhoa oo re tsamaeang ka oona kajeno?
12 Ho tloha bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ile ba sebelisa keletso ea Jeremia 6:16. E le sehlopha, ba eteletse pele ho khutlela ka pelo eohle ‘litseleng tsa khale.’ Ho fapana le Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi, ba tšoareletse ka botšepehi ‘mohlaleng oa mantsoe a phelisang hantle’ o ileng oa thehoa ke Jesu Kreste ’me oa tšehetsoa ke balateli ba hae ba tšepahalang lekholong la pele la lilemo C.E. (2 Timothea 1:13) Ho fihlela kajeno, batlotsuoa baa thusana esita le ho thusa metsoalle ea bona ea “linku tse ling” hore ba phehelle tsela ea bophelo e phelisang hantle, e thabisang eo Bokreste-’mōtoana bo e lahlileng.—Johanne 10:16.
13 Ka ho lokisetsa lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se thusitse ba limilione ho fumana “litsela tsa khale” le ho tsamaea le Molimo. (Matheu 24:45-47) Na u e mong oa bao ba limilione? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng ho qoba hore u se ke ua hoholeha, ’me ua latela tsela ea hao? Ke bohlale hore nako le nako u ke u eme ’me u hlahlobe kamoo u tsamaeang kateng bophelong. Haeba ka botšepehi u bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ’me u e-ba teng mananeong a taeo a lokiselitsoeng ke batlotsuoa kajeno, joale u koetlisetsoa hore u tsamaee le Molimo. Haeba ka boikokobetso u sebelisa keletso eo u e fuoang, ruri u tsamaea le Molimo, u latela “litsela tsa khale.”
-
-
Na U Tla Tsamaea le Molimo?Molula-Qhooa—2005 | November 1
-
-
Hoo ho Tla Tlisa Litlhohonolofatso Life?
17. Haeba re tsamaea tseleng ea Jehova, re tla fumanela meea ea rōna “boiketlo” bofe?
17 Ho tsamaea le Jehova Molimo ke ho phela ka tsela e khotsofatsang. Hopola seo Jehova a ileng a se tšepisa batho ba hae mabapi le ho batla “tsela e ntle.” O ile a re: “Le tsamaee ho eona, ’me le fumanele meea ea lōna boiketlo.” (Jeremia 6:16) “Boiketlo” boo bo bolela’ng? Na bo bolela bophelo ba boiketlo ba menyaka le mabothobotho? Che. Jehova o lokisetsa ho hong ho molemo le ho feta, ntho eo le batho ba ruileng ka ho fetisisa har’a moloko oa batho ba sa atiseng ho e fumana. Ho fumanela moea oa hao boiketlo ke ho fumana khotso ea kelello, nyakallo, khotsofalo le ho thaba moeeng. Boiketlo bo joalo bo bolela hore u ka kholiseha hore u khethile tsela e molemohali bophelong. Khotso e joalo ea kelello ke tlhohonolofatso e sa atiseng ho fumaneha lefatšeng lena le tletseng mathata!
-