-
‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’Molula-Qhooa—2012 | June 1
-
-
BOIKOKOBETSO ke tšobotsi e ratehang. Hangata re rata batho ba ikokobelitseng. Leha ho le joalo, ka masoabi, lefatšeng kajeno ho thata ho fumana batho ba nang le boikokobetso e le kannete—haholo-holo haeba e le ba boholong kapa batho ba nang le bolaoli. Ho thoe’ng ka Jehova Molimo, e leng Motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng? Na o ikokobelitse? A re ke re hlahlobe mantsoe a moprofeta Jeremia a ho Lillo Tsa Jeremia 3:20, 21.—E Bale.
-
-
‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’Molula-Qhooa—2012 | June 1
-
-
Jeremia o kholisehile hore Jehova o tla ‘inamela’ bathong ba bakang e le kannete. Mantsoe ana a re thusa hore re hlokomele hore Jehova o mosa. Ho joalokaha eka Jehova, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” oa inama, o phahamisa barapeli ba hae o ba ntša boemong bo tlotlollang boo ba leng ho bona ’me o ba amohela hape. (Pesaleme ea 83:18) Le hoja Jeremia a utloile bohloko, tšepo ena ea mo tiisa ’me e etsa hore a tšelisehe e le kannete. Moprofeta enoa ea tšepahalang o ikemiselitse ho leta ka mamello ho fihlela ho fihla nako eo Jehova a e khethileng ea ho lopolla batho ba Hae ba bakileng.—Temana ea 21.
-